Libaka Tsa Kolobetso—Li Fana ka Bopaki bo Khutsitseng ba Tloaelo e Seng e sa Etsoe
KA MONGOLI OA TSOHA! FORA
KORANTA e ’ngoe ea Fora ka 2001 e ne e e-na le sehlooho se reng: “O Kolobelitsoe ka ho Qoelisoa Metsing Kerekeng e Khōlō.” Empa setšoantšo se neng se tsamaisana le sehlooho seo se ne se bontša mosokolohi e mocha oa Mok’hatholike a le ka letamong le leholo la kolobetso le nang le metsi a mo khutlang mangoleng ’me mobishopo oa K’hatholike a mo tšela ka metsi hloohong. Kolobetso ea mofuta ona, e etsoang le libakeng tse ling tse ngata lefatšeng ka bophara, e bontša tloaelo e ’nileng ea lateloa ke Kereke e K’hatholike e qalileng ha ho ne ho tšoeroe Seboka sa Bobeli sa Vatican ea ho kolobetsa basokolohi ba bacha ka ho kenya karolo e itseng ea ’mele ka metsing. Ho hlaha lipotso: Kaha Mak’hatholike a mangata a kolobelitsoe e sa le masea ka ho fafatsoa ka metsi a seng makae, ke kolobetso ea mofuta ofe e lumellanang le mohlala o behiloeng ke Johanne Mokolobetsi le baapostola ba Jesu? Bakreste ba lokela ho kolobetsoa joang kajeno? Pale ea libaka tsa kolobetso e tla thusa ho araba lipotso tsena.a
Qaleho ea Kolobetso le Seo e se Bolelang
Qalong, Bakreste ba ne ba qoelisoa ka ho feletseng ha ba kolobetsoa. Tlaleho ea Bibele e buang ka ofisiri ea Moethiopia ea ileng a kolobetsoa ke Filipi e re thusa ho lemoha sena. Ka mor’a hore a ithute hore na Kreste ke mang, ofisiri eo e ile ea bona metsi a mangata ’me ea re: “Ke’ng se nthibelang hore ke qoelisoe?” (Liketso 8:26-39, The Emphatic Diaglott) Mona motso oa lentsoe la Segerike bakeng sa “ho qoelisoa” ke ba·ptiʹzo—e bolelang “ho inoa,” “ho qoelisoa”—e leng “ho kolobetsa.” Sena se bolela ho qoelisa ka ho feletseng. Taba ea hore kolobetso e tšoantšoa le ho patoa e totobatsa ntlha ena. (Baroma 6:4; Bakolose 2:12) Ke ho thahasellisang hore ebe bafetoleli ba ’maloa ba Bibele ba Mafora (ka mohlala, Chouraqui le Pernot) ba re Johanne Mokolobetsi ke Johanne Moqoelisi.—Bona Matheu 3:1.
Ha Bokreste bo qala lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba qoelisoa ka ho feletseng kae le kae moo ho nang le metsi a lekaneng—linōkeng, leoatleng, kapa malapeng ka libateng. Empa ha lenane la basokolohi le ntse le eketseha, ho ile ha hahoa mehaho ea likolobetso libakeng tse ngata ’musong oa Roma, ho tloha Dalmatia ho ea Palestina le ho tloha Greece ho ea Egepeta. Mohaho o mong oa khale ka ho fetisisa oa likolobetso o epolotsoeng ke o Syria, lebōpong la Nōka ea Eufrate, ’me e ka ’na eaba ke oa 230 C.E.
Ha ’Muso oa Roma o amohela “Bokreste” lekholong la bone la lilemo C.E., batho ba limilione ba ile ba fetoha “Bakreste” ’me ba tlameha ho kolobetsoa. Kahoo ho ile ha hahoa mehaho ea likolobetso e ileng ea haheloa morero oo hohle. Lekholong la botšelela la lilemo, Roma feela ho ne ho hahiloe mehaho e ka bang 25 ea likolobetso, ho akarelletsa o kerekeng ea St. John Lateran. Gaul ho ne ho e-na le mehaho ea likolobetso hoo e batlang e le sebakeng se seng le se seng se laoloang ke mobishopo. Ho ea ka mohloli o mong ho ne ho e-na le mehaho e ka bang 150. Mohlomong ho ne ho e-na le e meng e makholo libakeng tse ling tse ka thōko, haufi le likereke tse nyenyane, mabitla kapa matlo a baitlami.
Tsebo ea Meralo ea Kaho le Phepelo ea Metsi
Mehaho ea likolobetso e ne e atisa ho ba chitja kapa e be le mahlakore a mangata, ’me e e-ba mehaho e ikhethang le e ikemetseng kapa karolo ea mohaho oa kereke. Lintho tse epolotsoeng li bontša hore mehaho ena e ne e le menyenyane (e atisa ho ba ka tlaase ho lisekoere mithara tse 200) empa e khabisitsoe hantle ka mathule, ’mabole, mekhabiso e mebala-bala le litšoantšo tse takiloeng leboteng le qetang ho liloa ’me ka linako tse ling e le tsa liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Mehaho e meng ea likolobetso, joaloka o Mariana, Corsica, e ne e bile e e-na le mokhabiso o khurumelitseng letamo. Letamo le lona le ne le bitsoa sebaka sa kolobetso, ’me le ne le ka ba sekoere, la ba chitja, la e-ba le mahlakore a tšeletseng, la ba motopo, la ba joaloka sefapano, kapa la e-ba le mahlakore a robeli. Joalokaha bophara le bophahamo ba matamo a boholo-holo a likolobetso bo bontša, ho totobetse hore a ne a etselitsoe ho kolobetsa batho ba baholo. A ne a le maholo ho lekana hore bonyane batho ba babeli ba kene ka ho ’ona. Ka mohlala, letamo le motseng oa Lyon o karolong e bochabela bo hare ea Fora, le limithara tse 3,25 ka bophara. Matamo a mangata a ne a e-na le litepisi tse theohelang ka metsing—e atisa ho ba tse supileng.
Ba etsang lipolane ba ne ba ameha haholo ka phepelo ea metsi. Mehaho e mengata ea likolobetso e ne e hahoa haufi le liliba kapa matamo a fepeloang ke liliba tse seng li sa sebelisoe tsa metsi a chesang, joaloka o motseng oa Nice, karolong e ka boroa ea Fora. Matamo a ne a atisa ho fepeloa metsi ka liphaephe le ho a ntša ka tsona. Matamong a mang ho ne ho latoa metsi a pula ka linkho lilibeng tse haufi le ’ona.
Mohaho oa likolobetso oa St. John, motseng oa Poitiers, o karolong e ka bophirimela ea Fora, o hahiloeng hoo e ka bang ka 350 C.E., o bontša hantle kamoo mohaho oa likolobetso oa “Bakreste” ba lekholong la bone la lilemo o neng o shebahala kateng. Ho ne ho e-na le letamo le leholo le mahlakore a robeli le nang le litepisi tse tharo ka tlung e ’ngoe e likhutlo li ’nè, e nang le mehaho e meng e ’maloa ka thōko. Letamo leo le botebo ba limithara tse 1,41 ’me le bophara ba limithara tse 2,15 karolong e sephara ka ho fetisisa. Le ne le e-na le kotopo e tlisang metsi motseng, a tsoa selibeng se seng se haufi.
Na ba ne ba Qoelisoa Kapa ba ne ba Kena ka Metsing Feela?
Na batho ba ne ba qoelisoa ’mele kaofela libakeng tseo tsa kolobetso? Bo-rahistori ba bang ba Mak’hatholike ba araba ka ho re che, ba re kolobetso ea ho fafatsoa ka metsi (ea ho tšeloa ka metsi hloohong) ho buuoa ka eona e le mokhoa oo e ka ’nang eaba Kereke e K’hatholike e ne e o sebelisa qalong. Ba boetse ba re matamo a mangata a ne a sa teba ho feta mithara ’me kahoo a ne a sa teba ka ho lekaneng hore motho e moholo a koaheloe ke metsi. Encyclopedia ea K’hatholike e re Poitiers, “moruti o ne a ka ema setepising sa boraro empa a sa be metsi.”
Empa le litšoantšo tsa morao haholo, li bontša hore ka tloaelo batho ba ne ba qoelisoa ’mele kaofela ha ba kolobetsoa, li hlahisa mokolobetsuoa a le ka metsing a mo fihlang sefubeng kapa esita le molaleng pele a kolobetsoa. (Bona litšoantšo tse ka holimo.) Na ho ne ho ka khoneha hore motho e moholo ea itekanetseng ka seemo a qoele ’mele kaofela ka metsing a mo khutlang thekeng? Buka e ’ngoe e fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba metsi a ne a emisoa ka nakoana hore a se ke a tsoa ho fihlela mokolobetsuoa ea khumameng kapa ea kotsometseng a qoelisoa.b Pierre Jounel, eo e leng moprofesa oa litšebeletso tse khethehileng tsa Kereke e K’hatholike, Paris o re: Mokolobetsuoa “o ne a ema ka metsing a mo khutlang thekeng. Moprista kapa modiakone o ne a mo beha letsoho hloohong ebe o mo inamisetsa ka metsing e le hore ’mele kaofela o qoele.”
A Ile a ’na a Etsoa Hore a be Manyenyane
Qetellong, tsela e bonolo eo kolobetso e neng e etsoa ka eona mehleng ea baapostola e ile ea fetoha tšebeletso e rarahaneng, batho ba apara ka tsela e khethehileng le ho etsa lintho ka tsela e khethehileng, ba etsa lithapelo ho leleka meea e litšila, ba hlohonolofatsa metsi, ba pheta-pheta thuto ea bolumeli ka hlooho ba bile ba tlotsoa. Kolobetso ea ho kenya karolo e itseng ea ’mele ka metsing e ile ea ’na ea ata. Matamo a likolobetso a ile a fokotsoa, a mang a aroloa ka lehare kapa a fokotsoa bophara le botebo hore a be ka tlaase ho halofo ea ’ona ea qalong. Ka mohlala, letamo le Cazères e karolong e ka boroa ea Fora, leo qalong le neng le le botebo ba limithara tse 1,13 le ne le se le le botebo ba lisenthimithara tse ka bang 48 feela lekholong la botšelela la lilemo. Ha nako e ntse e ea, hoo e ka bang lekholong la bo12 la lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea khaotsa ho kenya batho ka metsing ea qala ho ba fafatsa ka ’ona. Ho latela setsebi se seng sa Lefora se bitsoang Pierre Chaunu, lebaka la sena e bile hore “ho ne ho kolobetsoa bana ba bangata linaheng tse batang, ’me ho sa khonehe hore lesea le sa tsoa hlaha le qoelisoe ka metsing a batang.”
Liphetoho tsena li ile tsa etsa hore ho hahoe libaka tse nyenyane le ho feta tsa kolobetso. Ha rahistori Frédéric Buhler a hlahloba histori ea kolobetso, o re: “Lintho tsa khale tse epolotsoeng, litokomane tse ngotsoeng le litšoantšo tse takiloeng li bontša hore ha re akaretsa taba, tsela eo kolobetso e etsoang ka eona e fetohile ho tloha makholong a pele a lilemo a mehla ea Bokreste ha batho ba baholo ba ne ba qoelisoa ’mele kaofela ho fihlela ha masea a se a fafatsoa ka metsi, ’me neng-neng lipakeng batho ba baholo ba kenngoa karolo e itseng feela ea ’mele ka metsing neng-neng bana ba qoelisoa ’mele kaofela.”
Kajeno ho bonahala eka ho kenya batho ba baholo ka metsing ho ea ho ata, ’me matamo a likolobetso a ba maholo ho feta pele. Tumellanong le seo Buhler a se bitsang ho khutlela setsong sa ho qoelisa, litšebeletsong tse khethehileng tsa Kereke e K’hatholike ho khothalletsoa batho ho feta leha e le neng pele hore ba qoelisoe ’mele kaofela ha ba kolobetsoa. Ho thahasellisang ke hore haesale ho tloha khale Bibele e bontšitse hore kolobetso e loketseng bakeng sa Bakreste ke ea ho qoelisoa ’mele kaofela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hangata ha ho buuoa ka “sebaka sa kolobetso” ho boleloa mohaho oa kereke kapa karolo e itseng ea oona, moo ho tšoareloang likolobetso teng.
b Lipaki Tsa Jehova tse ngata tsa kajeno li qoelisitsoe ’mele kaofela ha li kolobetsoa matangoaneng a ho sesa esita le libateng tsa ho hlapela.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mohaho oa Likolobetso oa St. John, motseng oa Poitiers, Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mohaho o tsosolositsoeng oa likolobetso oa lekholong la bohlano la lilemo o Mariana, Corsica
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© J.-B. Héron pour “Le Monde de la Bible”/Restitution: J. Guyon and J.-F. Reynaud, after G. Moracchini-Mazel
[Litšoantšo leqepheng la 14]
LITŠOANTŠO TSA HA KRESTE A KOLOBETSOA
Metsi a Nōka ea Jordane a khutla Jesu sefubeng ’me mangeloi a mo tlisetsa lithaole hore a iphumole, setšoantšo sa lekholong la borobong la lilemo
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cristal de roche carolingien - Le baptême du Christ © Musée des Antiquités, Rouen, France/Yohann Deslandes
Jesu Nōkeng ea Jordane, a le ka metsing a mo khutlang molaleng. Ka ho le letšehali, mangeloi a mabeli a tšoere lesela, a se a loketse ho mo phumola ka lona, setšoantšo sa lekholong la bo12 la lilemo
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Musée d’Unterlinden-F 68000 COLMAR/Photo O. Zimmermann