Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na hoa hlokahala hore haeba motho a batla ho kolobetsoa le hoja a holofetse kapa a kula, a qoelisoe ka metsing empa qoeliso e joalo e ka ba thata?
Lentsoe “kolobetso” le nkiloe leetsing la Segerike baʹpto, le bolelang “ho ina.” (Johanne 13:26) Ka Bibeleng, “ho kolobetsa” ho bolela ntho e le ’ngoe le “ho qoelisa.” Ha e bua ka kolobetso ea leqhalaha la Ethiopia e ileng ea etsoa ke Filipi, The Emphasised Bible, ea Rotherham e re: “Ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha,—’me a le qoelisa.” (Liketso 8:38) Ka tsela ena, motho ea kolobetsoang e hlile o qoelisoa ka tlas’a metsi.—Matheu 3:16; Mareka 1:10.
Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.” (Matheu 28:19, 20) Tumellanong le sena, Lipaki tsa Jehova li etsa litokisetso tsa hore batho ba kolobetsoe ka har’a matangoana a ho sesa, matša, linōka le libakeng tse ling tse nang le metsi a lekaneng hore motho a ka qoelisoa ka ho feletseng. Kaha ke tlhokahalo ea Mangolo hore motho a kolobetsoe ka ho qoelisoa metsing ka ho feletseng, batho ha ba na matla a ho lokolla motho e mong tlamong ea kolobetso. Ka lebaka leo, motho o lokela ho kolobetsoa esita le haeba ho hlokahala hore ho nkoe mehato e sa tloaelehang ka lebaka la boemo ba hae. Ka mohlala, ba bang ba seng ba hōlile haholo kapa ba fokolang ka ho khethehileng ba ile ba kolobetsoa le ka har’a libate tse khōlō. Metsi a bate a ka ’na a futhumatsoa, ’me motho ea kolobetsoang a ka kenngoa ka hare hanyane ka hanyane ’me, hang ha a se a tloaetse mofuthu oa metsi a ka kolobetsoa.
Esita le batho ba holofetseng ka ho feletseng ba ’nile ba kolobetsoa. Ka mohlala, batho ba ileng ba buuoa ’metsong (tracheotomy) ’me, ka lebaka leo, ba e-na le lesoba ’metsong, kapa ba hemang ka thuso ea mechine ba ’nile ba kolobetsoa. Ho hlakile hore, ho lokela ho etsoa litokisetso tse feletseng hore ho be le likolobetso tse joalo. E ka ba ntho e bohlale hore ho be le mooki ea koetlisitsoeng kapa ngaka haufi haeba ho khoneha. Leha ho le joalo, haeba ho etsoa lintho ka tlhokomelo e khethehileng le ka ho ba hlokolosi, maemong ’ohle, kolobetso e ka etsoa. Ka lebaka leo, ho lokela hore ho etsoe boiteko bo bong le bo bong bo bontšang kahlolo e molemo ho kolobetsa motho ka har’a metsi haeba motho eo ka tieo a rata ebile a lakatsa ho amohela likotsi tse amanang le hona.