Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/07 maq. 22-23
  • Libetsa Tsa Ntoa Li Bonoe Esale Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Libetsa Tsa Ntoa Li Bonoe Esale Pele
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lifofane Tsa Ntoa li ne li Lebeletsoe
  • “Ka Sebele Sepakapaka se Bulehile”!
    Tsoha!—1999
  • Sefofane se BIle Teng Joang?
    Tsoha!—1999
  • Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’
    Tsoha!—1988
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 10/07 maq. 22-23

Libetsa Tsa Ntoa Li Bonoe Esale Pele

“Kelello e khopo ea motho e lula e batla litsela tsa ho sebelisa tsebo eo a nang le eona ho etsa ba bang makhoba, ho ba ripitla kapa ho ba qhekella.”—Horace Walpole, mongoli oa Lenyesemane oa lekholong la bo18 la lilemo.

HO ETSOA ha lifofane ho tliselitse batho melemo e mengata. Empa mantsoe a ka holimo a Horace Walpole a ipakile e le ’nete hakaakang! Esita le pele batho ba qala ho fofisa lifofane, ba ne ba se ba ntse ba lohotha litsela tse ngata tsa kamoo lifofane li ka sebelisoang e le libetsa tsa ntoa kateng.

Ka 1670, lilemo tse fetang 100 pele motho a qala ho fofisa balune, Mojesuite oa Motaliana ea bitsoang Francesco Lana o ile a re ho ka ’na ha etsahala hore ebe “ha ho mohla Molimo a tla lumella mochine o joalo [sefofane] hore o etsoe, e le hore a thibele mathata a mangata ao o ka a tlisang a ka ’nang a sitisa batho ho tsoela pele sechabeng le lipolotiking.” Ka ho bonela lintho pele, o ile a phaella ka ho re: “Ke mang [ea sa boneng] hore ha ho motse o ka sireletsehang litlhaselong tse sa lebelloang, kaha sefofane se ka ’na sa itlhahela ka nako leha e le efe ’marakeng ’me sa fihla sa theola ba ka ho sona? Ho ne ho tla etsahala ntho e tšoanang le malapeng a batho le likepeng tse sesang leoatleng . . . Esita le haeba se sa lule fatše, se ne se ka lihela likotoana tsa tšepe fatše tse ka phetholang likepe le ho bolaea bapalami ba ka ho tsona, ’me li ka ’na tsa chesa likepe ka mollo oa maiketsetso, likulo le libomo.”

Qetellong ha ho qaptjoa libalune tse fofang ka moea o chesang le ka khase ea haedrojene ho elella bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, Walpole o ile a tšosoa ke hore ka mor’a nakoana libalune tseo li ne li tla fetoha “libetsa tsa ntoa tse tla ripitla moloko oa batho.” Ha e le hantle, qetellong ea 1794, balaoli ba lebotho la Fora ba ne ba sebelisa libalune tse fofang ka khase ea haedrojene ho hloela naha ea ba lireng le ho tsamaisa masole. Libalune li ile tsa boela tsa sebelisoa Ntoeng ea Lehae ea Amerika le lintoeng tse neng li kupa pakeng tsa Fora le Jeremane lilemong tsa bo-1870. Lintoeng tse peli tsa lefatše tse loannoeng lekholong le fetileng la lilemo, masole a Maamerika, a Manyesemane, a Mafora le a Majeremane a ile a sebelisa libalune haholo ha a hloela ba lireng.

Ha e le hantle libalune li ile tsa sebelisetsoa ho bolaea Ntoeng ea II ea Lefatše ha lebotho la Japane le romela libalune tse 9 000 United States li nkile libomo empa li se na batho. Libalune tse fetang 280 tse nkileng libomo li ile tsa fihla Amerika Leboea.

Lifofane Tsa Ntoa li ne li Lebeletsoe

Sefofane le sona se ile sa nkoa e le sebetsa sa ntoa ho tloha qalong feela. Ka 1907, Alexander Graham Bell o ile a re: “Ke batho ba seng bakae feela ba tsebang hore na Amerika e haufi hakae le ho rarolla bothata bo tla fetola ka ho feletseng tsela eo lintoa li tla loanoa ka eona lefatšeng—ke bolela ho etsoa ha lifofane tsa ntoa.” Hona selemong seo, The New York Times e ile ea qotsa mantsoe a mofofisi oa balune ea bitsoang Motsamaisi Thomas T. Lovelace, ha a re: “Lilemong tse peli ho isa ho tse hlano tse tlang lichaba tsohle tse khōlō li tla be li e-na le lifofane tsa ntoa le tse hlaselang lifofane tsa ntoa feela joalokaha hona joale li e-na le likepe tse tsoibilang libetsa le tse hlaselang likepe tseo.”

Likhoeli tse ka bang tharo feela hamorao, bara ba ha Wright ba ile ba lumela ho hahela Signal Corps ea United States sefofane sa pele sa lebotho. Sehlooho se neng se le ho New York Times ea la 13 September, 1908, se ile sa hlalosa lebaka leo lebotho le neng le thahasella sefofane seo ka lona: “Ho ne ho ka lahleloa seqhomane chomeleng ea sekepe sa ntoa, ’me sa senya mechine le ho baka tšenyo e feletseng ka ho phatlola litanka tsa metsi a chesang.”

Ke ’nete hore joalokaha Bell a ne a boletse, lifofane li ile tsa “fetola tsela eo ho loanoang ka eona lefatšeng.” Ka 1915, bahlahisi ba lifofane ba ne ba entse sethunya se hokeletsoeng sefofaneng se neng se etselitsoe hore se betse likulo pakeng tsa mahare a potolohang a karolong e ka pele ea sefofane. Ka mor’a nakoana lifofane tsa ntoa li ile tsa lateloa ke lifofane tse lihang libomo, tse neng li le khōlō ’me li le matla le ho feta Ntoeng ea II ea Lefatše. Ka la 6 August, 1945, sefofane se bitsoang B-29 Superfortress se ile sa liha bomo ea pele ea athomo ntoeng, e ileng ea ripitla motse oohle oa Hiroshima, Japane, ’me ea bolaea batho ba 100 000.

Lilemo tse peli pejana ho moo, ka 1943, Orville Wright o ne a boletse lekunutung hore o masoabi hore ebe ho qapiloe sefofane. O ne a hlokometse lintoeng tse peli tsa lefatše hore ha e le hantle li ne li fetohile libetsa tse kotsi. Ho tloha ha ho qaptjoa limisaele tse laoloang ka matla a laser le libomo tseo ho thoeng li tseba ho khetha moo li otlang teng, lifofane li ’nile tsa e-ba kotsi le ho feta, ha ‘sechaba se tsohela sechaba se seng matla.’—Matheu 24:7.

[Litšoantšo leqepheng la 22, 23]

1. Balune e nkang libomo e se na batho

2. Balune ea tšireletso

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Library of Congress, Prints & Photographs Division, FSA/OWI Collection, LC-USE6-D-004722

3. B-29 Superfortress

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

USAF photo

4. Sefofane sa Ntoa se bitsoang F/A-18C Hornet

5. Sefofane sa Ntoa se bitsoang F-117A Nighthawk

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Department of Defense

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela