Tsa Mona le Mane
◼ Lilemong tse 20 tse fetileng, palo ea likoluoa tsa tlhaho lefatšeng ka bophara, e eketsehile ka makhetlo a mane. Batho ba fetang limilione tse 250 baa ameha selemo le selemo.—EL UNIVERSAL, MEXICO.
◼ “Meea e fokang ka matla leoatleng la Pacific e ’nile ea bokella qubuhali ea litšila ka lilemo tse ngata.” Sebaka se koahetsoeng ke litšila tsena, joale se se se lekana le naha ea Australia ka boholo.—LA DÉPÊCHE DE TAHITI, TAHITI.
◼ E le hore ho hlahisoe lilithara tse 50 tsa peterole e etsoang ka limela bakeng sa koloi e le ’ngoe feela, ho hlokahala poone ea boima ba lik’hilograma tse 200—e leng poone “e lekaneng ho fepa motho a le mong selemo kaofela!”—GAZETA WYBORCZA, POLAND.
Ho Hatisoa Libibele Chaena
Ye Xiaowen, eo e leng hlooho ea Lefapha la Tsamaiso ea Litaba Tsa Bolumeli, o re: “Chaena e se e le e ’ngoe ea linaha tse hatisang Libibele ka bongata lefatšeng.” K’hamphani e ’ngoe ea khatiso e Nanjing, e leng motse-moholo o Profinseng ea Jiangsu, Chaena, e hatisitse Libibele tse feletseng tse limilione tse 50. Ho latela se tlalehiloeng ho People’s Daily Online, k’hamphani eo “e hatisitse Libibele tse ka bang limilione tse tharo ka selemo, lilemong tsa morao tjena.” Ho tlalehoa hore palo ea batho ba ipolelang hore ke Bakreste e ntse e eketseha Chaena.
Litšoantšo Tsa Bolumeli Lia Utsuoa
Russky Newsweek e tlaleha hore “lilemong tse hlano tse fetileng, likereke tse fetang 1 000 li ’nile tsa utsoetsoa, Russia.” Lefapha la Litaba Tsa Lehae la Russia le tlalehetsoe hore ho utsoitsoe litšoantšo tse ka bang 40 000. Hona joale Lefapha leo le entse tumellano le Kereke ea Orthodox ea Russia hore litšoantšo tsohle tsa kereke li tla kenngoa letšoao le khethehileng le li khethollang, le tla bonahala feela ha le bonesoa ka khanya ea mahlaseli a ikhethang. Sena se tla thusa mafokisi hore a tsebe hore na litšoantšo tse fumanoeng ke tsa kereke efe. Russky Newsweek e re ofisi ea mopatriareka e Moscow e amohetse qeto ena, “kaha letšoao lena ‘la lefatše’ ha le na ho ama matla a setšoantšo a ho etsa mehlolo.”
Lintoa li Qeta Matlotlo a Afrika
Koranta e bitsoang International Herald Tribune e re: “Pakeng tsa 1990 le 2005, lichaba tse 23 tsa Afrika li ne li loana, ’me ka kakaretso li sebelisitse liranta tse ka bang limilione tse likete tse 2,3.” Mopresidente oa Liberia, e leng Ellen Johnson-Sirleaf, o re: “Chelete eo Afrika e e senyang e ne e ka lefella litšenyehelo tsa ho rarolla tlokotsi ea HIV le AIDS Afrika, kapa ea sebelisetsoa ho fana ka thuto le metsi haesita le ho phekola lefuba le malaria. Ha e le hantle e ne e ka sebelisetsoa ho haha lipetlele tse likete, likolo le litsela.” Koranta eo e phetha ka ho re ha e ne e se ka ntoa, “mohlomong [Afrika] e ka be e le k’honthinente e ruileng, eseng e futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng.”
Ho re Shoa! Hanyenyane ho ka ’na ha E-ba Molemo
Phuputsong e entsoeng ho banna le basali ba Bagerike ba fetang 23 000, ho fumanoe hore ho robala ho se hokae motšehare ka makhetlo a mararo ka beke ho ka ’na ha fokotsa monyetla oa hore motho a bolaoe ke lefu la pelo ka liphesente tse 37. Dimitrios Trichopoulos, e leng mofuputsi le setsebi se sebetsanang le maloetse sechabeng, Setsing sa Bophelo bo Botle sa Harvard, U.S.A, o re: “Ho na le bopaki bo matla bo bontšang hore ho sithabela maikutlong le ho ba le khatello ea maikutlo e sa khaotseng ho ka baka lefu la pelo.” O re: “Ho re shoa! ho se hokae motšehare oa mantsiboea ho ka ’na ha thusa ho fokotsa khatello ea maikutlo [’me] ha fokotsa monyetla oa ho bolaoa ke lefu la pelo.”