Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 leq. 30
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 9/08 leq. 30

Maikutlo a Babali

Mehato e Supileng ea ho Hōlisa Bana Hantle (August 2007) Makasine ena e bile karabelo lithapelong tsa ka. Ke na le morali ea lilemo li ’nè ea ratang Jehova, empa ke tšohile hore ke se ke ka hlōleha ho mo hōlisa hantle. Kahoo, letsatsi le letsatsi ke kōpa Jehova hore a nthuse ho mo koetlisa. Ke le leboha haholo ha e le mona le amehile ka rōna batsoali.

Y.M.A., Mexico

E ne eka lihlooho tsena li ngoletsoe lelapa la rōna ka ho khetheha e le ho le tataisa, li tšohlile lintho tse ngata tse neng li ntšoenya maikutlong! Li ile tsa boela tsa ntiisetsa kamoo Jehova a hlokomelang batho ba hae kateng. O utloile lithapelo tsa ka le ho bona meokho ea ka ’me o tseba kamoo ke neng ke hlile ke hloka boitsebiso bona kateng.

J. M., United States

Maqepheng a seng makae feela, le khonne ho ngola boitsebiso bo fanang ka tataiso ea bohlokoa le taeo e sebetsang e le kannete. Joale seo re lokelang ho se etsa feela ke hore re latele tataiso ena!

E. L., Finland

Na ho ba le Boikutlo bo Botle ho ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao? (September 2007) Sehlooho sena se nthusitse haholo, hobane ke ne ke atisa ho ipeha molato ha ke hlaheloa ke mathata. Kahoo, ke ne ke nahana hore ha ke ’mè ea molemo ’me ke ne ke lula ke nyahame. Le hoja ho se bonolo hore ke lule ke e-na le boikutlo bo botle, boitsebiso bona bo nthusitse ho fokotsa lintho tseo ke tšoenyehang ka tsona. Ke leboha ho menahane ka thahasello eo le re bontšang eona ka lihlooho tse kang sena.

A. S., Ecuador

Ho Opeloa ke Leino—Bohloko bo ’Nileng ba Theosa le Lilemo (September 2007) Ke ngaka ea meno ebile ke ruta bongaka ba meno. Ke ile ka khahloa haholo ke sehlooho sena se babatsehang seo le se ngotseng ka bokhabane. Se ne se akaretsa histori ea bongaka ba meno ka tsela e babatsehang. Ke se bontšitse metsoalle ea ka e mengata le basebetsi-’moho le ’na.

C. R., United States

Na Molimo oa Ikarabella? (September 2007) ’Na le metsoalle ea ka re ile ra etsa ’moka ho tšohla litsela tseo re ka itokisetsang boemo ba tšohanyetso ka tsona. Re ile ra thabela lijo tse bobebe, ra hlahloba lintlha tsa bohlokoa tse fanoeng lebokoseng le reng, “Na le se le Itokiselitse ho Baleha?” le hlahang sehloohong se boletsoeng ka holimo, ’me ra sheba lintho tseo ba seng ba kae ba rōna ba li hlophisitseng e le hore ba ka li nka maemong a tšohanyetso. Re ile ra boela ra tšohla bohlokoa ba ho ba le pono e loketseng ka ho itokisetsa maemo a tšohanyetso. Rea utloisisa hore mosebetsi o ka sehloohong oo re lokelang ho o etsa re le bahlanka ba Molimo hase ho bokella lintho tseo re tla li sebelisa nakong ea koluoa. Ho e-na le hoo, ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho bolella ba bang ka tšepiso e babatsehang ea Molimo ea lefatše leo ho lona ho ke keng ha e-ba le koluoa leha e le efe—ebang ke ea tlhaho kapa e bakiloeng ke batho.

R. G., United States

Sireletsa Bana ba Hao! (October 2007) Ke ile ka hlekefetsoa ha ke sa le monyenyane haholo. Ke ntse ke thatafalloa ho bolella batsoali ba ka se ileng sa etsahala. Kahoo, lihlooho tsena li ile tsa ntšelisa haholo. Ke lakatsa eka batsoali ba ka bala makasine ena ’me ba sireletsa bana ba bona. Ke leboha Jehova haholo ha a re file boitsebiso bona ba bohlokoa. Rōna ba kileng ba hlekefetsoa ka thobalano, ka sebele lihlooho tsena li re tšelisitse haholo.

R. I., Japane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela