Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/08 maq. 23-25
  • Paua—Lehakoe la Leoatleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Paua—Lehakoe la Leoatleng
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pōpo e Hlollang
  • Litsela Tse Ngata Tseo Paua e Sebelisoang ka Tsona
  • Liperela Tsa Paua
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Khetla ea Mollusk
    Tsoha!—2009
  • Khetla ea Khofu ea Clusterwink
    Tsoha!—2012
  • Khetla ea Khofu e Maoto a Makhekhebu
    Tsoha!—2011
Tsoha!—2008
g 12/08 maq. 23-25

Paua—Lehakoe la Leoatleng

KA MONGOLI OA TSOHA! NEW ZEALAND

Ka tlas’a leoatle, khofu e khōlō e tsamaea butle majoeng, e ntse e fula boleleng ba leoatle bo sekamang ho ea le maqhubu a mabōpong a leoatle. Khetla ea eona e lerootho, e koahetsoeng ke mokoetla le liphoo- fotsoana tse phelang leoatleng, e patile mebala e kang ea mookoli—e akarelletsang boputsoa bo hlakileng, botala bo isitseng boputsoeng, bopherese bo lefifi, bo kopaneng le bosehla bo sa loeang le bopinki, haesita le ho phatsima khauta le silevera.

KHOFU ena e ikhethang ke paua, e leng abalone e fumanehang New Zealand feela. Eona hammoho le mefuta e meng ea liabalone li phela ka tlas’a metsi haufi le mabōpo a nang le majoe. Le hoja paua e ratoa ka lebaka la khetla ea eona eo ka hare e nang le mebala e khanyang, eo ho ka etsoang mabenyane a matle ka eona, batho ba bangata ba rata nama ea eona e hlabosang. Ho phaella moo, ho ka etsoa hore liperela li hōlele ka ho eona ’me li tsoe li phatsima.

Paua ke o mong oa mefuta e fetang 100 ea liabalone tse teng lefatšeng lohle. Ho na le mefuta e fumanehang Afrika Boroa le California, U.S.A. feela. Japane, abalone e bitsoa awabi, Australia, e bitsoa muttonfish, ’me sehlekehlekeng sa Guernsey se English Channel, e bitsoa ormer. Leha ho le joalo, ke metsing a batang a karolong e ka boroa ea Leoatle la Pacific Boroa feela moo ho fumanehang abalone e ’mala o khanyang ea New Zealand e bitsoang paua (Haliotis iris).

Pōpo e Hlollang

Ka har’a khetla ea paua, ho na le mealo e bokellang liprotheine le k’halsiamo ebe e hlahisa mebala e metle e tšoanang le e hlahisoang ke mahakoe. Ke kahoo ho ’nileng ha thoe paua ke lehakoe la leoatleng. Ha ho bata leoatleng liabalone lia “ipata” kapa lia robala. Nakong eo, likhetla tsa tsona li lieha ho hōla. Setsebi se seng se ithutileng ka paua se lumela hore mebala ena e sa tšoaneng e hlahisoa ke limatlafatsi tse metsing hammoho le mebala e sa tšoaneng ea bolele boo liabalone li bo jang.

Li-paua ha li je ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li kopanang le eona ebile li khetha ka hloko liphoofolo tseo li ka phelisanang le tsona. Li ke ke tsa phela le liphoofotsoana tsa leoatleng tse hlabang, tse bitsoang li-urchin kapa kina, hobane le tsona li ja bolele. Ho feta moo, sera se seng sa tsona se kotsi ke tlhapi e bitsoang starfish. Li-starfish tse seng kae feela li ka bolaea li-paua tse ngata. Ka bolotsana, starfish e sebelisa lenakana la eona ho koala masobana ao paua e hemang ka ’ona, ebe ea e bipetsa. Joale ha paua e oa lefikeng leo e ntseng e le ho lona, starfish e iphumanela lijo.

Litsela Tse Ngata Tseo Paua e Sebelisoang ka Tsona

Le hoja bokantle bo botšo ba khetla ea paua bo sa ipiletse hakaalo, ho se ho fetile lilemo tse makholo joale matsoalloa a New Zealand a bitsoang Maori a rata nama ea eona. Karolo e jeoang ea paua ke mosifa o moholo, kapa leoto leo e tsamaeang ka lona mafikeng ao e phelang ho ’ona. Maori a boetse a sebelisa likhetla tsa tsona ho cheha litlhapi le ho khabisa esita le ho etsa mabenyane le mahlo a litšoantšo tseo a li betlileng.

Hona joale, paua e ratoa ho feta leha e le neng pele. Hangata ha batho ba etetse New Zealand ba tla ba rekile mabenyane a entsoeng ka likhetla tsa paua.

Kajeno, batho ba qoelang ba sa kenya lintho tse ba thusang ho hema ha ba le ka metsing ba tšoasa li-paua ka bongata. Ena ke khoebo e kenyang chelete e ngata ha li rekisoa linaheng tse ling. E le ho tiisa hore li-paua li lula li le teng metsing a New Zealand, ’muso o lumeletse hore ka selemo ho tšoasoe palo e itseng feela ea tsona. Boholo ba nama ea tsona bo kenngoa ka makotikoting hore e rekisoe linaheng tsa Asia, ’me e ’ngoe ea hoamisoa ebe e romeloa Singapore le Hong Kong, moo paua e leng sejo se ratoang haholo ke barui. E atisa ho khabeloa le ho jeoa e sa phehoa, joaloka sushi. Le hoja li-paua li fumaneha ka bongata New Zealand, batho ba bangata ba moo ha ba e-s’o ka ba ja nama ea tsona kaha e rekoa haholo linaheng tse ling.

E le hore ba hlahise li-paua tse ngata hore li rekisoe ’marakeng oa machaba o ntseng o hōla, hona joale ba li rekisang ba sebelisa mekhoa ea sejoale-joale ea ho li hōlisetsa ka matangoaneng. Mokhoa ona o qapiloeng ke batho o atlehile ho atisa liabalone Australia, Japane le United States. Mekhoa ena e mecha e ba lumella hore ba hōlisetse li-paua ka litankeng tseo ho laoloang mocheso, hōle le metsi ao ka tlhaho li phelang ho ’ona.

Li-paua tse hōlisetsoang ka matangoaneng le tsona li ja haholo joaloka tse phelang maoatleng. Beke ka ’ngoe, li ka ja lijo tse lekanang le halofo ea boima ba ’mele ea tsona. Ho makatsang ke hore li-paua li boetse li mafolofolo. Haeba motho a ka li ketola, li khona ho tsoha kapele. Ho bonolo ho hlokomela li-paua tse hōlisetsoang ka matangoaneng. Setsebi se seng se re li-paua “ke liphoofolo tse babatsehang ha motho a li ruile, hobane lia mamela ebile ha li sokolise—ha ho mohla li arabisang mong’a tsona!”

Liperela Tsa Paua

Ho phaella tabeng ea hore li hlahisa likhetla tse etsang mabenyane le ho hlahisa lijo tse hlabosang, li-paua li ka hlahisa liperela tse phatsimang. Ke ka seoelo liperela li fumanehang ho li-paua tse phelang maoatleng. Empa li ka hlahisoa ho sebelisoa mokhoa a qapiloeng ke rasaense oa Mofora ea bitsoang Louis Boutan lilemong tsa bo-1890. Mokhoa ona o hlahisa lehakoe le sepapetloa ka tlaase ’me ka holimo le le chitja, le nang le mebala e metle joaloka khetla. Mokhoa oo o sebetsa joang?

Khetla ea paua ea buloa, ebe e aletsoa libakeng tse tharo—ho tse peli tse lehlakoreng le ho se le seng ka morao. Butle-butle lero la nacre kapa motsoako o hlahisang perela o nang le calcium carbonate le conchiolin o ka har’a khetla, o koahela lintho tsena tseo ho alelitsoeng ka tsona. Bonyane ka mor’a likhoeli tse 18 ho hlaha perela e nyenyane. (Sheba lebokose le ka tlaase.) Ho nka hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng hore e be lehakoe le leholo. Hoo e ka bang paua e le ’ngoe ho tse 50 e hlahisa perela e batlang e le ntle ka ho feletseng. Lena ke lehakoe le boreleli, le ’mala o benyang le le phatsimang ka tsela e ikhethang.

Bafuputsi ba ntse ba e-s’o khone ho etsa hore paua e hlahise perela e chitja. Sena se etsoa ke hore paua ha e tšoane le oyster, eona e na le mosifa ka mpeng o etsang hore e tšoele sefaha leha e le sefe se ka kenngoang ka mpeng ea eona. Mohlomong ka le leng, motho e mong o tla fumana tsela ea ho hlahisa perela e chitja eo ho leng thata ho e hlahisa.

Hajoale re ka thabela lihlahisoa tsa khofu ena e etsang lintho tse ngata—mabenyane a phatsimang, lijo tse hlabosehang le khetla e mebala e khahlang. Na ha re lebohe Molimo ka hore ebe o re file mpho e thabisang joalo?—Jakobo 1:17.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

LEHAE LE TIILENG

Karolo e khōlō e entseng khetla ea paua ke calcium carbonate. Motsoako ona ke oona oo hape ho entsoeng choko e ngolang ka oona. Leha ho le joalo, khetla ea paua e matla ho feta choko ka makhetlo a ka bang 30!

Paua e fumana calcium carbonate metsing a leoatle ’me e etsa lera le lesesaane le bōpang bokahare ba khetla. Sena se etsa hore khetla ea eona e be thata haholo hape e be mebala-bala e be e phatsime. Lera lena le tšoaroa ke sekhomaretsi sa protheine le tsoekere se bitsoang conchiolin. Sekhomaretsi sena se matla le sona se etsa hore khetla e phatsime.

Bo-rasaense ha ba khone ho etsa sekhomaretsi se tšoanang le seo kapa ho etsisa tsela eo khetla ena e entsoeng ka eona. Khetla ena e khona ho koala mapetso leha e le afe, ’me bonyane e na le litsela tse hlano tseo e thibelang ho peperana ka tsona. Ruri paua e bontša boenjiniere le boqapi bo hlollang ba Molimo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Humann/​gt photo

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]

Top left: © K.L. Gowlett-Holmes; top right: Marcus Byrne/​Photographers Direct

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Silverdale Marine Hatchery, New Zealand

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela