Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Nako ea Khotso?
  • Ho Fana ho Tlisa Thabo e Khōlō
  • U ka e Fumana Inthaneteng!
  • Sekhomaretsi sa Boholo-holo se Tšoarang ka Thata
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2010
  • Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Tšepo—Tšireletso ea Bohlokoa Lefatšeng le Hlokang Tšepo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Nako ea Keresemese—Hantle-ntle ke Nako ea Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 1/09 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ “Lekholong la bo20 la lilemo, koae e bolaile batho ba limilione tse 100.”—MOKHATLO OA LEFATŠE OA BOPHELO, SWITZERLAND.

◼ “Ho bakuli ba ka bang 9 000 ba buuoeng pelo [United Kingdom] pakeng tsa 1996 le 2003, ba fuoeng lisele tse khubelu tsa mali ba ne ba le kotsing ea ho shoa selemong se latelang ka makhetlo a mararo ho feta ba neng ba sa li fuoa le ka makhetlo a ka bang a tšeletseng pele ho feta matsatsi a 30 ho feta ba neng ba sa li fuoa.”—NEW SCIENTIST, BRITHANI.

Na ke Nako ea Khotso?

Makasine oa Seswedishe o ngoletsoeng batsoali o bitsoang Vi Föräldrar, o re: “Keresemese ke o mong oa mekete ea rōna e meholohali,” empa e boetse ke “nako ea liqabang.” Ha e le hantle, ka Keresemese malapa “a atisa ho ngangisana le ho qabana ho feta ka nako leha e le efe e ’ngoe ea selemo.” Makasine oo o ile oa botsa batsoali ba fetang 1 100 ba nang le bana ba banyenyane hore na bona lintho li ba tsamaela joang nakong eo ea phomolo. Ba ka bang 88 ho ba lekholo ba ile ba re lelapa le ngangisana ka hore “na le tla keteka Keresemese joang le hore na le tla e ketekela hokae.” Ba bangata ba tenoa ke hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba senya litloholo ka ho li fa lipompong le limpho tse sa hlokahaleng.

Ho Fana ho Tlisa Thabo e Khōlō

Sehlooho se hlahileng koranteng ea The Globe and Mail ea Canada, se ne se re: “Chelete e etsa hore u thabe—haeba u fana ka eona.” Le hoja batho ba bangata bao ho buisanoeng le bona ba lumela hore ho ithekela lintho ka chelete ho etsa hore ba thabe, ba sebelisang chelete ea bona ho thusa ba bang—ho sa tsotellehe hore na ba sebelisa e kae—ba tlalehoa ba thabile le ho feta. Koranta eo e re: “Liphuputso tse ngata tse entsoeng li bontšitse hore leruo hase lona le etsang hore batho ba thabe. Hang ha batho ba e-na le chelete e lekaneng ho koahela litlhoko tsa bona tsa motheo, ho fumana e eketsehileng ha ho sa etsa hore ba thabe le ho feta.”

U ka e Fumana Inthaneteng!

Makasine oa New Scientist o re ba boholong ’musong oa United States ba ile ba etsa qeto ea ho hlahloba hore na ho ka khoneha hore ba lireng ba sebelise Inthanete “ho fumana thepa ea sesole e lokelang ho lebeloa ka thata. Ba ile ba makala ha ba hlokomela kamoo ho leng bonolo kateng.” Ba sebelisa mecha e tsebahalang ea khoebo, ha baa ka ba sokola ho reka “liaparo tsa sesole sa United States,” “seaparo sa khale se sireletsang motho lik’hemik’haleng tsa nyutlelie,” litšepe tsa lifofane tsa ntoa le “thepa e ’ngoe e lokelang ho lebeloa ka thata.” Makasine eo e re ha ho tsebahale hore barekisi bao ba fumane thepa eo joang, empa ba ’maloa “hona joale ba tjametsoe ke liqoso tsa tlōlo ea molao.”

Sekhomaretsi sa Boholo-holo se Tšoarang ka Thata

Mehleng ea boholo-holo, makhasi a silevera a khabisang a ne a khomaretsoa helmeteng ea ofisiri ea Moroma ka sekhomaretsi se tšoarang ka thata. Frank Willer, ea ikarabellang tabeng ea ho tsosolosa lintho tsa boholo-holo Musiamong oa Rhineland o Bonn, Jeremane, o ile a sibolla seo ka tšohanyetso. O ne a tlosa sekotoana e le sampole helmeteng ea tšepe ea lekholong la pele la lilemo B.C.E., e neng e qetile lilemo tse ka bang 1 500 e le ka Nōkeng ea Rhine, a sebelisa sakha e meno a masesaane. O re: “Mocheso oa sakha eo o ile oa tlosa makhasi a silevera helmeteng eo, ’me ha sala lintho tse kang likhoele tse entsoeng ke sekhomaretsi.” Ha li hlahlobisisoa ho ile ha fumaneha hore sekhomaretsi seo se ne se entsoe ka sekontiri, boka le mafura a khomo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela