Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 22-23
  • Bukana ea ka e Pinki

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bukana ea ka e Pinki
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lipotso Tse Tharo Tse Ileng Tsa Fetola Bophelo ba ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Letša le ’Mala o Mopinki?
    Tsoha!—2005
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2007
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 22-23

Bukana ea ka e Pinki

Joalokaha ho boletse Cynthia Newell

HA KE le lilemo li supileng, ngoanana e mong eo ke neng ke tsamaea le eena ka bese ha re ea sekolong Shreveport, Louisiana, U.S.A., o ile a mpontša bukana e ’ngoe tjena e pinki e bitsoang Ho Mamela Mosuoe e Moholo. O ile a re o tla mpha eona ka lisente tse 50. Kahoo o ile a tla lapeng, ’me ra bala lipeni tse 50.

Ke ne ke rata bukana eo e pinki haholo. Nakoana ka mor’a hore ke e fumane, ke ile ka kula ’me ka kena sepetlele. Ba lapeng ba ne ba ntšelisa ka ho mpalla buka ena eo ke neng ke e rata. Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke se ke sa bale buka ena khafetsa joaloka pele, kaha e ne e ngoletsoe bana ka ho khetheha. Buka eo e ne e nthutile lintho tsa bohlokoa, empa ke ne ke hloka ho ba le kutloisiso e tebileng. Ke ile ka etsa qeto ea ho ea likerekeng tse sa tšoaneng beke ka ’ngoe e le ha ke ntse ke batla likarabo tsa Bibele lipotsong tseo ke neng ke e-na le tsona. Empa ha kea ka ka fumana litlhaloso tse khotsofatsang.

Nakong eo ke leng sekolong se phahameng, ke ne ke se ke sa nke bolumeli e le ba bohlokoa, le hoja ke ne ke ntse ke labalabela ho tseba Bibele ’me ke lula ke e bala. Ka letsatsi le leng ke ile ka hlokomela hore ngoana e mong ka tlelaseng oa itholela ha ho etsoa kano ea ho tšepahalla naha. Ke ile ka mo botsa ka taba eo, ’me a re, “Ke se ke ntse ke ikanetse ho tšepahala ho Jehova, kahoo ke joang nka ikanang ho tšepahala ho Molimo le ho folakha ka nako e le ’ngoe?” Taba ea hae e ne e utloahala! Empa ke ile ka ipotsa: ‘Ebe Jehova ke mang?’

O ne a araba lipotso tsohle tseo ke neng ke mo botsa tsona, a sebelisa Bibele. Ke ile ka ipotsa: ‘O tsebeletse lintho tsee kaofela hokae? Re li thaka; empa eena o tseba Bibele haholo!’ O ile a ntlhalosetsa, a re, “Ke ithuta Bibele Holong ea ’Muso.” Ke ile ka lumela ke sa tsilatsile ha a ’memela ho ea sebokeng ka Sontaha. Ke ne ke ile likerekeng tsohle motseng moo, empa ke ne ke e-s’o ka ke ea Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Sontaheng seo, ke ile ka tseba hore ke fumane moo ho rutoang ’nete ea Bibele.

Ha liboka li tsoa, ke ile ka ea k’haontareng ea libuka, ’me ka fumana ho e-na le bukana e kang ea ka e pinki moo! Ho ne ho se ho fetile lilemo tse leshome ngoanana eo a mphile eona, ’me ke se ke bile ke lebetse hore na ke e filoe ke mang. Empa joale ke ile ka hopola hore ke ne ke e filoe ke Nancy—e leng eena ea neng a ’memetse ho tla sebokeng seo!

Ka mor’a moo, ke ile ka khanneloa thuto ea Bibele beke le beke ’me ka tsoela pele ka potlako. Ke ne ke ithutile lintho tse ngata bukaneng ea ka e pinki hoo ke ileng ka utloisisa kapele lintho tseo ke ithutang tsona Bibeleng. Ka mor’a nakoana, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka kolobetsoa ka 1985 ke le lilemo li 18. Ho sa le joalo, Nancy o ile a fallela Florida, eaba rea khaohana.

Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka nyaloa. Ka 1991, ’na le monna oa ka, Drew, re ile ra qala tšebeletso ea nako e tletseng re le bo-pula-maliboho motsaneng o mong o ka bochabela ho Texas. Empa ke ne ke sa tsebe hore na ho etsahetse’ng ka Nancy. Eaba ka le leng bosiu ha ke ntse ke bala Molula-Qhooa oa December 1, 1992, kea hooa, ke re: “Ke fumane Nancy! Ke fumane Nancy!” O ne a le setšoantšong sa baromuoa ba Gileade ba qetang ho fuoa mangolo. Eena le monna oa hae, Nick Simonelli, ba ne ba abetsoe ho ea Ecuador, Amerika Boroa.

Ka 2006, ’na le monna oa ka re ile ra kenya kōpo ea ho ba baithaopi mererong ea kaho ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra thaba haholo ha re utloa hore kabelo ea rōna ea pele e tla ba ho ea katolosong ea lekala la Ecuador! Letsatsing la pele ke le moo lekaleng la Ecuador, Nancy o ile a kena! O ne a mpa a etetse lekaleng feela letsatsing leo. Re ile ra bonana ’me ra hakana—ka mor’a lilemo tse 32 ke fumane bukana ea ka e pinki! Ruri ke leboha Jehova ka buka eo le ka ngoananyana ea ileng a mpha eona!

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

LI FETOTSE BOPHELO BA BA LIMILIONE

Ka 2003, ka mor’a hore ho fete lilemo tse 32 buka ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo e hatisitsoe, ho ile ha hatisoa tokollo e ntlafalitsoeng. Eona e bitsoa Ithute ho Mosuoe e Moholo. Ho tla fihlela kajeno, ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse 65 tsa libuka tsena tse hlalosang lithuto tsa Jesu ’me li hatisitsoe ka lipuo tse fetang 100. U ka iphumanela buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Litšoantšo tse ka hare: Ha re ne re tsebana, re sa le bana

Cynthia

Nancy

Se ka morao: Lilemo hamorao, ha re le lekaleng la Ecuador

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela