Qoqotho ea Hao e Boemong bo Bofe?
KA MONGOLI OA TSOHA! BRAZIL
SARA o ile a utloa bohloko haholo ha a lahleheloa ke leseanyana la hae nakoana ka mor’a hore e be moimana. Hoo e ka bang selemo hamorao, o ile a senyeheloa ke mpa hape. O ile a ea ngakeng ka makhetlo empa ho sa fumanehe hore na bothata ke eng. Ha lilemo li ntse li ea, Sara o ile a qala ho nona, le hoja a ne a le hlokolosi hore na o ja eng ’me a ikoetlisa kamehla. O ile a boela a tšoaroa ke likerempe maotong ’me o ne a se a tšaba serame haholo. Qetellong, ka mor’a hore a etsoe liteko tsa mali le ho hlahlojoa tšoelesa ea qoqotho ka ultrasound, ho ile ha fumaneha hore o na lefu le bitsoang Hashimoto’s thyroiditis, leo mohlomong e leng lona le neng le mo bakela hore a senyeheloe ke mpa.a
Joaloka batho ba bang ba bangata, Sara o ne a sa nahane hakaalo ka qoqotho ea hae. Empa bokuli ba hae bo ile ba mo bontša kamoo tšoelesa eo e leng ea bohlokoa kateng.
Tšoelesa ea Qoqotho
Tšoelesa ea qoqotho e bōpehile joaloka serurubele ’me e tlas’a kolu. Tšoelesa ena e na le likarolo tse peli tse koahetseng ’metso, ’me e ka tlaasenyana ho ligrama tse 30 ka boima. Ke se seng sa litho tsa ’mele tse hlahisang lihomone kapa lik’hemik’hale, se li bolokang le ho li fetisetsa ka ho toba maling.
Tšoelesa ea qoqotho e na le mekotlana e mengata, e nang le lero le sheqesheqe le nang le lihomone tsa qoqotho. Lihomone tsena li na le iodine e ngata. Ha e le hantle, hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea iodine e ’meleng oa motho e ka har’a tšoelesa ea qoqotho. Ho ja lijo tse se nang iodine ho ka ruruhisa qoqotho kapa ha hlahisa goiter. Ha bana ba ja lijo tse se nang iodine, seo se ka ’na sa sitisa ’mele ho hlahisa lihomone ’me ha fella ka hore ba se ke ba hōla hantle ’meleng, kelellong le lithong tsa botona kapa tsa botšehali—e leng se bitsoang cretinism.
Kamoo Lihomone Tsa Qoqotho li Sebetsang Kateng
Lihomone tsa qoqotho li bitsoa T3, RT3 (e leng T3 e sebetsang e ea morao) le T4.b Homone ea T3 le RT3 li tsoa ho T4, phetoho ena boholo e etsahala liseleng tse ling tsa ’mele eseng qoqothong. Kahoo, ha ’mele o hloka lihomone tse eketsehileng tsa qoqotho, tšoelesa ea qoqotho e ntšetsa T4 maling ’me e qala ho sebetsa ’meleng hammoho le lihomone tse tsoang ho eona.
Feela joalokaha lefura le laola lebelo la koloi, lihomone tsa qoqotho li laola sekhahla seo lisele tsa ’mele li hlahisang matla ka sona li bileng li hlahisang lisele tse ling. Kahoo, lihomone tsa qoqotho li etsa hore lisele tsa ’mele li hōle ka tsela e tloaelehileng le ho li nchafatsa, li ama sekhahla seo pelo e otlang ka sona ’me li thusa mesifa hore e be le matla le hore ’mele o futhumale.
Lihomone tsa qoqotho li boetse li etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa. Ka mohlala, li thusa sebete ho tlosa k’holeseterole e mpe maling. K’holeseterole e fetisetsoa nyookong ’me ha e tloha moo e fetela mantleng. Ka lehlakoreng le leng, khaello ea lihomone tsa qoqotho e ka eketsa k’holeseterole e mpe maling ’me ea fokotsa e ntle.
Ka maleng, lihomone tsa qoqotho li potlakisa tlhahiso ea maro a thusang ho sila lijo ebile li etsa hore lijo li theohe ka potlako. Kahoo, ho ba le lihomone tsa qoqotho tse ngata ho ka etsa hore motho a ee ntloaneng khafetsa ’me lijo li se ke tsa mo siba.
Ke Eng e Laolang Qoqotho?
Tšebetso ea tšoelesa ea qoqotho e qala karolong ea boko e bitsoang hypothalamus. Ha karolo ena e hlokomela hore ho hlokahala lihomone tse tsoang qoqothong, e romela molaetsa tšoeleseng ea pituitary e karolong e ka tlaase ea boko, ka holim’a lehano. Eona e ntšetsa maling homone e etsang hore tšoelesa ea qoqotho e sebetse.
Kahoo, lingaka li ka bona hore na tšoelesa e boemong bofe le hore na e sebetsa joang ka hore li hlahlobe homone e etsang hore tšoelesa e sebetse le lihomone tsa qoqotho tse maling. Sena ke sa bohlokoa kaha motho a ka ba le bothata ba qoqotho.
Ha Tšoelesa ea Qoqotho e sa Sebetse Hantle
Tšoelesa ea qoqotho e ka ’na ea se ke ea sebetsa hantle ka lebaka la ho ja lijo tse se nang iodine e lekaneng, ho khathala ’meleng le kelellong, ho ba le bothata liphatseng tsa lefutso, ho tšoaetsoa mafu, ho kula (hoo hangata ho bakoang ke ha masole a ’mele a hlasela ’mele ka booona), kapa liphello tsa meriana e neng e reretsoe ho folisa bohloko bo itseng.c Ha motho a e-na le qoqotho e ruruhileng kapa goiter, hoo ho ka bontša hore oa kula. Tšoelesa e ka ’na ea ruruha kapa ea etsa maqhutsu. Le hoja ka tloaelo goiter e se kotsi, motho ea nang le eona o lokela ho ea ngakeng, etsoe seo se ka ’na sa bontša hore o na le mathata a mang a tebileng a kang kankere.d
Hangata tšoelesa ea qoqotho e nang le bothata e hlahisa lihomone tse nyenyane kapa tse ngata. Ha tšoelesa ea qoqotho e hlahisa lihomone tse ngata seo se bitsoa hyperthyroidism; ha e hlahisa tse nyenyane seo se bitsoa hypothyroidism. Lefu la qoqotho le qala butle-butle le sa hlokomelehe, kahoo motho a ka qeta lilemo a e-na le lona empa a sa tsebe. Joaloka mafu a mang, le ka phekoleha hamolemo ha le fumanoe esale ka nako.
Mafu a tloaelehileng a qoqotho ke Hashimoto’s thyroiditis le Graves. Mafu ana ka bobeli a etsa hore masole a ’mele a hlasele lisele tse ling tsa ’mele, a nka hore ke tsa mofuta osele. Basali ba ba le Hashimoto’s thyroiditis ka makhetlo a tšeletseng ho feta banna ’me hangata seo se etsa hore qoqotho e hlahise lihomone tse nyenyane. Lefu la Graves lona le tšoara basali ka makhetlo a robeli ho feta banna ’me le etsa hore qoqotho e hlahise lihomone tse ngata.
Maikutlo aa fapana ka hore na batho ba lokela ho hlahlobeloa mafu a qoqotho hangata hakae, le hoja ka kakaretso ho nkoa hore ke habohlokoa ho hlahloba masea. (Bona lebokose le reng “Tlhahlobo ea Bohlokoa ho Masea.”) Haeba tlhahlobo e bontša hore e ka ’na eaba tšoelesa ea qoqotho e ntša lihomone tse nyenyane, ka tloaelo ho etsoa litlhahlobo tse ling ho bona hore na masole a ’mele ha a hlasele tšoelesa. Ka lehlakoreng le leng, haeba litlhahlobo li bontša hore e ntša lihomone tse ngata, hangata ho sebelisoa mochine o lekolang qoqotho haeba mokuli e se moimana kapa a sa antše. Haeba tšoelesa ea qoqotho e e-na le maqhutsu, ho ka ’na ha etsoa biopsy ho bona hore na boemo bo kotsi kapa che.
Ha ho Hlokahala Hore Motho a Phekoloe
Meriana e ka fokotsa matšoao a bang teng ha tšoelesa ea qoqotho e ntša lihomone tse ngata, a kang ho otla ha pelo ka sekhahla, ho teketsa ha mesifa le ho tšoenyeha. Litsela tse ling tsa phekolo li akarelletsa ho bolaea lisele tse ling tsa tšoelesa ea qoqotho e le hore e hlahise lihomone tse seng kae. ’Me ka linako tse ling tšoelesa ea qoqotho e ka tlosoa ka hore motho a buuoe.
Hangata lingaka li fa bakuli bao qoqotho ea bona e ntšang lihomone tse nyenyane kapa bao tšoelesa ea bona e tlositsoeng meriana eo ba e noang letsatsi le letsatsi e ba fang homone ea T4. E le hore lingaka li fe bakuli meriana e loketseng, lia ba lekola. Kankere ea qoqotho e ka phekoloa ka litsela tse ’maloa, tse akarelletsang ho sebelisa meriana, ho buuoa, ho phekoloa ka lik’hemik’hale le ka mahlaseli a nang le iodine.
Sara o fuoa homone ea T4, ’me setsebi sa phepo se mo thusitse hore a etse moralo oa ho ja ka tsela e nepahetseng. Sena se mo thusa haholo. Batho ba kang Sara ba ithutile hore e ka ’na eaba tšoelesa ea qoqotho ke setho se senyenyane, empa se bohlokoa haholo. Kahoo e hlokomele—e-ja lijo tse matlafatsang tse nang le iodine e lekaneng, ’me u leke ho qoba lintho tse u sithabetsang maikutlo nako e telele, hape u etse sohle seo u ka se khonang hore u lule u phela hantle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja tšoelesa ea qoqotho e sa hlahiseng homone e lekaneng e ka bakela baimana mathata, basali ba bangata ba nang le lefu leo ba ba le bana ba phetseng hantle. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ’mè a fuoe homone e hlahisoang ke qoqotho, kaha qalong ke eena feela ea fang lesea la hae le e-s’o tsoaloe homone eo.
b T3 e emela triiodothyronine ha T4 eona e emela thyroxine. Palo 3 le 4 li bontša liathomo tsa iodine tse homoneng ka ’ngoe. Tšoelesa ea qoqotho e boetse e hlahisa homone e ’ngoe e bitsoang calcitonin, e laolang k’halsiamo e teng maling.
c Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta leha e le ofe ka ho khetheha. Haeba u belaella hore u na le bothata ba qoqotho, bona ngaka e nang le phihlelo ea mafu a qoqotho.
d Batho ba kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke kankere ke ba kileng ba phekoloa hloohong le molaleng ho sebelisoa mechine e ntšang mahlaseli a kotsi kapa ba kileng ba tšoaroa ke kankere kapa bao beng ka bona ba kileng ba e-ba le kankere ea qoqotho.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Feela joalokaha lefura le laola lebelo la koloi, lihomone tsa qoqotho li laola sekhahla seo lisele tsa ’mele li hlahisang matla ka sona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Lefu la qoqotho le qala butle-butle le sa hlokomelehe, kahoo motho a ka qeta lilemo a e-na le lona empa a sa tsebe
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
MATŠOAO A TLOAELEHILENG
Ha tšoelesa ea qoqotho e hlahisa lihomone tse ngata: Ho ferekana haholo, ho fokola ’meleng ka tsela e sa tloaelehang, ho otla ha pelo ka sekhahla, ho hlepha ka maleng, ho se ilele khoeli kamehla, ho teneha le feela, ho tšoenyeha, ho thaba kapa ho tepella ka tsela e feteletseng, ho rotoha mahlo, ho nolofala ha mesifa, ho hlobaela hammoho le moriri o mosesaane o khaohang habonolo.e
Ha tšoelesa ea qoqotho e hlahisa lihomone tse nyenyane: Ho khathala ’meleng le kelellong, ho nona ho sa tloaelehang, ho hlotheha moriri, ho siba ka maleng, ho hatsela ka tsela e sa tloaelehang, ho se ilele khoeli kamehla, ho sithabela maikutlong, ho fetoha ha molumo oa lentsoe (le ba makherehloa kapa le ba tlaase), ho lebala le ho khathala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Matšoao a mang a ka hlahisoa ke ho kula ho patehileng, kahoo haeba u ikutloa u sa phela hantle, e ea ngakeng.
[Lebokose le leqepheng la 28]
TLAHLOBO EA BOHLOKOA HO MASEA
Ho nka mali a seng makae leseeng le sa tsoa hlaha ho ka bontša haeba tšoelesa ea qoqotho e sebetsa ka tsela e tloaelehileng kapa che. Haeba tlhahlobo ea mali e bontša hore bothata bo teng, lingaka li ka fana ka phekolo. Ho haella ha lihomone tsa qoqotho ho ka etsa hore ngoana a holofale ’meleng le kelellong, e leng se bitsoang cretinism. Kahoo, masea a atisa ho hlahlojoa ka mor’a matsatsinyana a hlahile.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]
NA U JA LIJO TSEO U LI HLOKANG ’MELENG?
Lijo tse nang le phepo e matlafatsang li ka u thusa ho thibela mathata a qoqotho. Ka mohlala, na lijo tseo u li jang li na le iodine e lekaneng, e thusang ho hlahisa lihomone tsa qoqotho? Litlhapi tse tsoang metsing a letsoai le lijo tse ling tse tsoang maoatleng ke mehloli e metle ea iodine. Iodine e bang teng merohong le nameng e itšetlehile ka lik’hemik’hale tse mobung oa moo. Mebuso e meng e laetse hore ho tšeloe iodine letsoaing e le hore e tlatsetse e haellang lijong.
K’hemik’hale e ’ngoe e hlokahalang qoqothong ke selenium. Motsoako o fetolang homone ea T4 hore e be T3 o na le k’hemik’hale ena e seng kae. Selenium e bang teng merohong, nameng le lebeseng le eona e itšetlehile ka lik’hemik’hale tse mobung. Lijo tse tsoang maoatleng le linate tsa Brazil li na le selenium e ngata. Ho hlakile hore haeba u belaella hore u na le bothata ba qoqotho, u lokela ho ea ngakeng; u se ke ua leka ho iphekola.
[Setšoantšo leqepheng la 28]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Metso
Kolu
Tšoelesa ea qoqotho
’Metso