Batsoali Sireletsang Bana ba Lōna!
KA NEPO, batsoali ba tšoenyehileng baa botsa, “Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba rata ho sebelisa meriana eo e seng ea bona?” Likarabo lia fapana. Bacha ba bang ba mpa ba batla ho ithabisa feela. Ba bang bona ba batla ho atleha lithutong kapa ho itebatsa litsietsi. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ba bang baa kula ’meleng kapa ba imetsoe maikutlong ’me ba mpa feela ba batla ho hlaphoheloa. Ha e le hantle, bana ba bang ba lilemo li 12 ba se ba lemaletse ho sebelisa meriana ea ngakeng hampe, mohlomong ba e odara ho o mong oa mecha e likete tse makholo ea Inthanete e fanang ka meriana eo habonolo—motho a sa botsoe lipotso tsa letho. Ba bang ba reka lipilisi ho batho ba ikentseng metsoalle ea bona. Haeba u motsoali, u ka etsa’ng ho sireletsa bana ba hao?
Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang ke hore u bue le bona ka likotsi tsa ho sebelisa meriana e fanoang ke ngaka kapa lithethefatsi tse seng molaong. Hape u lokela ho beha meriana sebakeng se sireletsehileng—mohlomong moo ho bileng ho notleloang. Tseba hore na u na le meriana efe ka tlung ’me u boloke tlaleho ea hore na ho setse e mekae. Haeba moriana o itseng o se o sa hlokahale, u lahle ka tsela e sireletsehileng. Haeba ngoana a se a sa khohlele empa a ntse a noa moriana, mo botse ka taba eo. Ela hloko le tsela eo ngoana a sebelisang Inthanete le karete ea ho reka ka mokitlane ka eona le lintho tseo a li romeloang ka poso. Qetellong, ela hloko batho bao a seng a tloaelana le bona, tsela eo a seng a itlhopha ka eona le eo a itšoarang ka eona, kapa haeba ka tšohanyetso a se a sa sebetse hantle sekolong.
Haeba Ngoana a E-na le Bothata
Haeba ngoana oa hao a e-na le bothata ba ho sebelisa meriana kapa lithethefatsi, kapa u belaella hore o na le bona, u ka etsa’ng? U lokela ho buisana le eena ka lerato le ka mosa, mabapi le seo u tšoenyehileng ka sona. Bibele e re: “Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.” (Liproverbia 20:5) Hore ngoana eo u belaellang hore o na le bothata ba lithethefatsi a u bolelle ’nete, ho ka ’na ha tšoana le ho phahamisa nkho ea metsi ka ropo e khaohang habonolo. Haeba u e hula ka matla, u mo qosa kapa u mo jajabetsa ka bohale, u ka ’na ua khaola ropo ea puisano. Hopola hore u batla ho finyella lintho tse peli. Ea pele, u batla ho tseba hore na o na le bothata kapa che. Ea bobeli, haeba o na le bona, bo bakoa ke eng. Hangata ho ameha e ’ngoe ea lintlha tse latelang kapa tse ling tsa tsona.
◼ Metsoalle e mebe le khatello ea lithaka. Bakorinthe ba Pele 15:33 e re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” Ka hona, batsoali ba bohlale ba tla thusa bana ba bona hore ba bone kotsi ea ho ba le metsoalle e mebe, e ka ’nang ea e-ba le tšusumetso e matla ho bona. Ka lehlakoreng le leng, ba tla thusa bana ba bona hore ba khethe metsoalle e molemo. (Liproverbia 13:20) Mohlomong batsoali ba ka memela metsoalle e joalo lapeng kapa ba tsamaea le eona ha ba intša e le lelapa.
◼ Ho sithabela. Lefatšeng la kajeno ho na le khatello e matla ea hore batho ba atlehe, ’me ka linako tse ling batsoali ba mpefatsa boemo le ho feta ka hore ba khanne bana ka thata.a Na u tseba lintho tseo bana ba hao ba ipabolang ho tsona le tseo ba haelloang ho tsona? Na u ba behela lipakane tse utloahalang ’me u ba thusa hore ba li finyelle? Na u qoba ka hohle ho nyenyefatsa ngoana ka ho mo bapisa le ba bang, e leng se ka mo nyahamisang ’me sa etsa hore a sithabele maikutlo? Bonneteng, haeba litlhoko tsa bana tsa maikutlo li sa khotsofatsoe lapeng, ba tla leba sebakeng se seng hore ba fumane lerato le tlhokomelo tseo ba li hlokang. Batsoali ba bohlale ba boetse ba etsa ka matla ho khothalletsa lelapa hore le rate lintho tsa moea, mohlomong ka hore ba bale Bibele le bana ba bona. Jesu Kreste o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.
◼ Ho se beheloe meeli ea boitšoaro. Bacha ba bang ba sebelisa lithethefatsi hobane batsoali ba bona ba ba tlohella hore ba iketsetse borata. Liproverbia 29:15 e re: “Moshanyana [kapa ngoanana] ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.” Taba ke hore bana baa ananela ha ba beheloa meeli e hlakileng ea boitšoaro, e leng se etsang hore ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba ratoa haholoanyane—le hoja ba ka ’na ba ingamangama ka seo. Kahoo, Bibele e khothalletsa batsoali hore ba tataise bana ba bona ka tsela e molemo le hore ba ba behele mohlala o motle. (Baefese 6:4) Bibele e boetse e ba khothalletsa hore ba etse lintho ka tsela e tsitsitseng ’me ba tiise letsoho ha ho hlokahala. “E ea lōna e ke e bolele E, ’me Che ea lōna, Che.”—Jakobo 5:12.
Ho hlakile hore e tla ba bohlale hore u buisane le setsebi litabeng tsa bophelo ha u hlokomela hore ngoana oa hao o na le bothata ba ho sebelisa meriana kapa lithethefatsi hampe. Ho ka ’na ha e-ba boima hore a khaotse ho sebelisa lintho tseo ’me ha hlokahala hore a thusoe ke litsebi. Ho feta moo, haeba lelapa la hao ke karolo ea phutheho ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova, u lokela ho kōpa thuso ho baholo ba phuthehong ea heno. (Jakobo 5:13-16) Banna bana ba hōlileng moeeng ba ka u thusa hore u sebelise melao-motheo ea Bibele e tlang ho thusa ngoana hore a hlaphoheloe kapele.
Sehlooho se latelang se tla tšohla melao-motheo e meng ’me se boele se bue ka tšepo e babatsehang eo re ka bang le eona ka bokamoso bo molemo haholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Bana ba Imetsoeng Kelellong,” se leqepheng la 14.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.”—Liproverbia 20:5
[Lebokose le leqepheng la 7]
MATŠOAO A BONTŠANG HA BACHA BA LE KOTSING
◼ Haeba ka lapeng ho kile ha e-ba le motho ea sebelisang lithethefatsi kapa joala hampe
◼ Ha ba na le khatello ea maikutlo kapa ba ikhella fatše
◼ Ha ba nahana hore ba bang ha ba ba rate ’me ba nka hore ha baa tuma
◼ Ha ba ikutloa ba khathetse nako ena kaofela; ba sitoa ho robala hantle
◼ Ha ba khahlapetsa ba boholong ebile ba ba fetohelab
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Lintlha tsena li nkiloe boitsebisong bo phatlalalitsoeng ke Teen Help.