Mohato oa 7: E-bang le Motheo o Tiileng
Se boleloang ke sena. Ha ho iketsahalle feela hore malapa a matla a mamelle mathata, feela joalokaha ho sa iketsahalle hore ntlo e qete lilemo tse ngata e eme. Lelapa le hloka motheo o tiileng feela joalokaha mohaho o tiileng o hloka motheo o joalo. Malapa a atlehang a hahiloe motheong oa tataiso e sebetsang.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Ho na le libuka tse ngata, limakasine le mananeo a TV, tse fanang ka keletso ka bophelo ba lelapa. Baeletsi ba bang ba manyalo ba khothalletsa banyalani ba nang le mathata hore ba tsoele pele ba lula hammoho, ha ba bang bona ba ba khothalletsa hore ba arohane. Litsebi tse ling li bile li fetola maikutlo litabeng tse kang ena. Ka mohlala, ka 1994 setsebi se seng se tummeng se sebetsanang ka ho khetheha le mathata a bacha, se ile sa ngola hore qalong se ne se nahana hore “ho molemo ha bana ba hōlisoa ke motsoali a le mong ea thabileng, ho e-na le ha ba hōlisoa ke batsoali ba babeli ba nyalaneng empa ba sa thaba. Ke ne ke nahana hore ho molemo hore banyalani ba hlalane ho e-na le ho lula lenyalong le bosula.” Empa ka mor’a lilemo tse 20 setsebi sena se sebetsana le mathata a bacha, se ile sa fetola maikutlo. Se ile sa re: “Tlhalo e sithabetsa bana ba bangata.”
Maikutlo a batho a ka ’na a fetoha, empa keletso e molemo ka ho fetisisa ke e latelang melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ha u ntse u bala lihlooho tsena, e ka ’na eaba u hlokometse hore holimo leqepheng la 3 ho isa ho la 8 ho ngotsoe melao-motheo ea Bibele. Melao-motheo e kang ena e thusitse malapa a mangata hore a atlehe e le kannete. Le ’ona a ba le mathata joaloka malapa a mang ’ohle. Ntho e etsang hore a fapane le a mang ke hore Bibele e a file motheo o tiileng le tataiso ea hore na a phele joang. Ke seo re ka se lebellang ka Bibele, kaha Mongoli oa eona ke Jehova Molimo, Moqapi oa lelapa.—2 Timothea 3:16, 17.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Thathamisa litemana tse qotsitsoeng holimo leqepheng la 3 ho isa ho la 8. Thathamisa le litemana tse ling tsa Bibele tse u thusitseng. Boloka lethathamo lena, ’me u le sebelise khafetsa.
Ikemisetse. Ikemisetse ho sebelisa seo Bibele e se rutang bophelong ba lelapa la hao.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ha lelapa la lōna le e-na le motheo o tiileng oa Mangolo, le ka khona ho mamella lifefo tse le sokelang