Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/10 maq. 10-13
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo sa ka ke Sefe?
  • Na ke se Itokisitse?
  • Ke Leba Hokae?
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Bophelo ba Hao bo Lebile Hokae?
    Le Lule le Lebetse!
  • Ha u Khutlela Lapeng
    Tsoha!—2015
  • Nka Eetsa’ng Hore ke Sebelise Chelete Hantle?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 7/10 maq. 10-13

Bacha Baa Botsa

Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?

“Ka linako tse ling, ke nka hore batho ba nkhella fatše, kaha ke lilemo li 19 ’me ke ntse ke lula lapeng, ba bona eka ha ke hōle.”—Katie.a

“Ke habile lilemo tse 20, ’me ke hloile taba ea hore ha ke khone ho iketsetsa seo ke se ratang. Ke ’nile ka nahana hore ke tlohe lapeng kaha ke khathetse ke hore ebe batsoali ba ka ba hlokomoloha seo ke lakatsang ho se etsa ’me ba mpolella hore ba tseba lintho ho mpheta.”—Fiona.

NAKO e telele pele u lokela ho tloha lapeng, u ka ’na ua qala ho ba le takatso ea ho ba le bolokolohi. Ke ntho ea tlhaho hore u ikutloe ka tsela eo. Lebaka ke hore morero oa Molimo oa qalong e ne e le hore bacha ba hōle ’me qetellong ba siee batsoali ba bona e le hore ba thehe malapa a bona. (Genese 2:23, 24; Mareka 10:7, 8) Empa na taba ea hore u batla bolokolohi bo eketsehileng e bolela hore ke nako ea hore u tlohe lapeng? Mohlomong. Empa u ka tseba joang ha u se u hlile u loketse ho tloha lapeng? Ak’u nahane ka lipotso tse tharo tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li araba. Ea pele e re . . .

Sepheo sa ka ke Sefe?

Ho u thusa ho utloisisa sepheo sa hao, sheba lethathamo le latelang. Tšoaea ka ho latellana mabaka ao u batlang ho tloha lapeng ka ’ona, u qale ka a bohlokoa.

․․․ Ho baleha mathata lapeng

․․․ Ho fumana bolokolohi bo eketsehileng

․․․ Ho fumana maemo metsoalleng

․․․ Ho thusa motsoalle ea hlokang motho ea lulang le eena

․․․ Ho ithaopela ho thusa sebakeng se seng

․․․ Ho ba le phihlelo

․․․ Ho fokoletsa batsoali moroalo oa ho ntlhokomela ka lichelete

․․․ Mabaka a mang ․․․

Mabaka a boletsoeng ka holimo hase hore a hlile a fosahetse. Empa sepheo seo u tlohang lapeng ka sona se ka tlatsetsa haholo tabeng ea hore na u tla thaba kapa che ha u se u sa lule le batsoali. Ka mohlala, haeba u tloha lapeng hobane feela u baleha mathata kapa u batla bolokolohi bo eketsehileng, u ka ’na ua makala!

Danielle ea ileng a tloha lapeng ha a le lilemo li 20, o ile a ithuta ho hongata ho se mo etsahaletseng. O re: “Kaofela ha rōna re lokela ho phela ka har’a meeli e itseng. Ha u lula u le mong, mosebetsi kapa maemo a lichelete a tla khina seo u ka se etsang.” Carmen ea ileng a qeta likhoeli tse tšeletseng a le naheng e ’ngoe, o re: “Ke ne ke thabela phihlelo eo, empa hangata ke ne ke se na nako ea ho iketla! Ke ne ke tlameha ho etsa mesebetsi ea lapeng—ke hloekisa ntlo, ke lokisa lintho, ke fothola lehola, ke hlatsoa, ke koropa le ho etsa lintho tse ling tse joalo.”

Ke ’nete hore ho tloha lapeng ho ka ’na ha u fa bolokolohi bo eketsehileng ha ba ha u fa maemo a itseng metsoalleng ea hao. Empa ke uena ea tlamehang ho lefella likoloto, ho pheha, ho hloekisa ntlo le ho itlosa bolutu ha metsoalle le ba lelapa ba le sieo. Kahoo u se ke ua lumella ba bang hore ba u susumelletse ho etsa qeto ka lepotlapotla. (Liproverbia 29:20) Esita le haeba u e-na le mabaka a utloahalang a ho tloha lapeng, ha ho hlokahale feela hore u be le sepheo se setle. U lokela hore u tsebe ho itlhokomela—e leng se re lebisang potsong ea bobeli . . . 

Na ke se Itokisitse?

Ho tloha lapeng ho tšoana le ho hahlaula naha-thote. Na u ne u ka ea hlatheng feela empa u sa tsebe ho hloma tente, ho besa mollo, ho pheha kapa hona ho bala ’mapa? Che! Empa bacha ba bangata ba tloha malapeng ba se na tsebo e hlokahalang, e le hore ba itlhokomele ha ba se ba lula ba le bang.

Morena Solomone ea bohlale o ile a re “ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Ho u thusa hore u itlhahlobe haeba u se u itokiselitse ho lula u le mong, nahana ka lihloohoana tse latelang. Tšoaea ✔ pel’a lintho tseo u seng u ntse u li tseba le X pel’a tseo u lokelang ho sebeletsa ho tsona.

◯ Ho sebelisa chelete Serena ea lilemo li 19 o re: “Ha ho mohla nkileng ka lefella ntho leha e le efe. Ke tšaba ho tloha lapeng le ho tlameha ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete.” Nka ithuta ho sebelisa chelete joang?

Maele a Bibele a re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng.” (Liproverbia 1:5) Kahoo, ke hobane’ng ha u sa botse batsoali ba hao hore na ka khoeli, e ka ba bokae ho lefella rente, ho reka lijo, ho lefella litšenyehelo tsa koloi kapa lipalangoang? Ebe u kōpa batsoali ba hao hore ba u bontše ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete le tsela ea ho lefella likoloto. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u ithute ho phela ka moralo oa tšebeliso ea chelete? Kevin ea lilemo li 20 o re: “Ha u se u lula u le mong, ho na le litšenyehelo tse ngata tse hlahang u sa lebella. Haeba u se hlokolosi, u ka sebetsa ua ba ua khathala u ntse u leka ho lefella likoloto.”

Ke hobane’ng ha u sa leke ho bona hore na lintho li tla tsamaea joang pele u itlama? Haeba ua sebetsa, qeta likhoeli tse itseng u fa batsoali ba hao chelete ea lijo, bolulo le litšenyehelo tse ling. Haeba u sa khone kapa u sa batle ho lefella litšenyehelo tseo ha u ntse u le lapeng, u ke ke ua khona ho itokisetsa ho lula u le mong.—2 Bathesalonika 3:10, 12.

◯ Ho etsa mesebetsi ea lapeng Brian ea lilemo li 17 o re ntho eo a e tšabang ka ho fetisisa ka ho tloha lapeng ke hore o tla tlameha ho itlhatsoetsa. U ka tseba joang hore u se u loketse ho itlhokomela? Aron ea lilemo li 20, o fana ka tlhahiso ena: “Leka ho qeta beke u phela joalokaha eka u lula u le mong. Ja feela lijo tseo u itokiselitseng tsona, tseo u itheketseng tsona le hona e le ka chelete ea hao. Apara liaparo tseo u itlhatsoelitseng tsona le ho ikaenela tsona. Hloekisa ka tlung. ’Me u leke ho ikisa hohle moo u eang teng, u sa latoe kapa hona ho isoa.” Ho latela tlhahiso ena ho tla u etsetsa lintho tse peli: Ho tla (1) u ruta thuto ea bohlokoa ’me (2) ho etse hore u ananele le ho feta seo batsoali ba hao ba se etsang.

◯ Ho phelisana hantle le batho Na u phelisana hantle le batsoali ba hao le bana beno? Haeba ha ho joalo, u ka ’na ua nahana hore ho tla ba bonolo ha u se u lula le motsoalle. Mohlomong ho ka ’na ha e-ba joalo. Empa nahana ka seo Eve ea lilemo li 18 a se buileng, o re: “Metsoalle ea ka e ’meli e ne e lula hammoho. E ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo pele ba lula hammoho, empa ba ne ba sa khone ho phelisana. E mong o ne a le makhethe, e mong a le bohlasoa. E mong e ne e le motho oa moea, e mong a se matla hakaalo moeeng. Ba ne ba sitoa ho lula hammoho!”

Erin ea lilemo li 18, o batla ho tloha lapeng. Empa o re: “U ka ithuta ho hongata tabeng ea ho phelisana hantle le batho ha u ntse u lula lapeng. U ithuta ho rarolla mathata le ho tenyetseha. Ke hlokometse hore bacha ba tlohang malapeng hobane ba qoba ho ngangisana le batsoali ba bona ha ba ithute ho lokisa likhohlano, empa baa li baleha.”

◯ Kemiso ea lintho tsa moea Bacha ba bang ba tloha malapeng ka sepheo se tobileng sa ho baleha kemiso ea bolumeli ea batsoali ba bona. Ba bang ba tloha ba ikemiselitse ho tsoela pele ba e-na le kemiso e tsitsitseng ea thuto ea Bibele le ea borapeli, empa ka mor’a nakoana ba qala mekhoa e seng metle. U ka qoba joang ho “senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng”?—1 Timothea 1:19.

U se ke ua amohela feela seo batsoali ba hao ba se lumelang. Jehova Molimo o batla hore kaofela ha rōna re kholisehe ka seo re se lumelang. (Baroma 12:1, 2) Kahoo e-ba le kemiso e tsitsitseng ea thuto ea Bibele le ea borapeli ’me u e khomarele. Re u khothalletsa hore u ngole kemiso ea lintho tsa moea k’halendareng ’me u leke ho qeta khoeli u e khomaretse, batsoali ba hao ba sa u hopotse.

Qetellong, potso ea boraro eo u lokelang ho nahana ka eona ke e reng . . . 

Ke Leba Hokae?

Bacha ba bang ba tlohang malapeng ba baleha mathata kapa ba batla ho tsoa tlas’a taolo ea batsoali. Ba amehile ka hore na ba siea’ng, eseng ka hore na ba ea hokae. Empa ho etsa seo ho tšoana le ho leka ho khanna motho a shebile ka seiponeng. Ha mokhanni a amehile ka lintho tse ka morao, a ke ke a bona tse ka pele. U ithuta’ng ho see? E le hore u atlehe, u se ke ua ameha feela ka seo u se sieang lapeng—tsepamisa mohopolo pakaneng ea bohlokoa.

Bacha ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba falletse libakeng tse ka thōko linaheng tsa habo bona kapa linaheng tse ling e le hore ba etse mosebetsi oa boboleli moo. Ba bang ba falla ho ea thusa ho haha libaka tsa borapeli kapa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Empa ba bang ba nka hore ba lokela ho lula ba le bang pele ba kena lenyalong.b

Moleng o ka tlaase, ngola seo u ka ratang ho se finyella ha u tloha lapeng. ․․․․․

Ho ka etsahala hore maemong a mang, u lule lapeng nako e telele haholo ebe u sitoa ho hōla tsebong le ho ithuta lintho tse hlokahalang e le hore u lule u le mong. Leha ho joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto. Nahana lintho ka hloko. Maele a Bibele a re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Mamela keletso ea batsoali ba hao. (Liproverbia 23:22) Rapella taba ena. ’Me ha u etsa qeto, nahana ka melao-motheo ea Bibele eo re sa tsoa e tšohla.

Potso ea bohlokoa hase hore Na ke se ke loketse ho tloha lapeng? empa ke hore Na ke se ke loketse ho lula ke le mong? Haeba u arabela ka e, potsong eo ea ho qetela, joale e ka ’na eaba ke nako ea hore u lule u le mong.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Meetlong e meng, ho tloaelehile hore ngoana, haholo-holo oa ngoanana, a lule lapeng ho fihlela a nyaloa. Bibele ha e fane ka keletso e tobileng tabeng ena.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

● Esita le haeba lapeng heno ho na le mathata, ho lula teng ka nakoana ho ka u tsoela molemo joang?

● Ha u ntse u le lapeng, u ka etsa’ng e tla tsoela ba lelapa leno molemo le ho u lokiselletsa ho lula u le mong?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ha batsoali ba hao ba u abela mosebetsi o itseng—o kang oo u tla tlameha ho o etsa ha u se u lula u le mong—joale ho lula lapeng e ba tsela e sireletsehileng ea ho ithuta ho itjara nakong e tlang.”

“Ke ntho ea tlhaho hore motho a batle ho ba le bolokolohi. Empa haeba sepheo sa hao sa ho tloha lapeng ke feela hore u balehe melao, seo se bontša hore ha u e-s’o lokele ho lula u le mong.”

[Litšoantšo]

Sarah

Aron

[Lebokose le leqepheng la 13]

MOLAETSA O EANG HO BATSOALI

Serena ea qotsitsoeng sehloohong sena, o tšaba ho tloha lapeng. Lebaka ke lefe? O re: “Leha ke batla ho ithekela ntho e itseng ka chelete ea ka, Ntate oa hana. O re boo ke boikarabelo ba hae. Kahoo taba ea hore ke tla tlameha ho lefella likoloto ea ntšosa.” Ha ho pelaelo hore ntate oa Serena o etsa seo ka sepheo se setle, empa na le nahana hore o thusa morali oa hae ho itokisetsa hore a tle a lule a le mong?—Liproverbia 31:10, 18, 27.

Na le sirelelitse bana ba lōna ho feta tekano hoo ba seng boemong ba hore ba ka lula ba le bang? Le ka tseba see joang? Nahanang ka lintho tse ’nè tse boletsoeng sehloohong sena, empa ho ea ka pono ea motsoali.

Ho sebelisa chelete. Na bana ba seng ba hōlile ba tseba ho tlatsa lipampiri tsa lekhetho kapa seo ba lokelang ho se etsa e le ho ba boloke melao ea lekhetho? (Baroma 13:7) Na ba tseba ho sebelisa mokitlane ka tsela e nang le boikarabelo? (Liproverbia 22:7) Na ba ka iketsetsa moralo oa tšebeliso ea chelete ’me ba phela ka chelete eo ba nang le eona? (Luka 14:28-30) Na ba tseba thabo e tlisoang ke ho ithekela ntho ka chelete eo ba e sebelelitseng? Na ba latsoitse thabo e fetang e tlisoang ke ho fana ka nako ea bona le matlotlo a bona e le hore ba thuse ba bang?—Liketso 20:35.

Ho etsa mesebetsi ea lapeng. Na bara le barali ba lōna ba tseba ho pheha? Na le ba rutile ho hlatsoa le ho aena? Haeba ba tseba ho khanna, na ba ka etsa lintho tse bonolo joaloka ho chencha fuse, oli kapa thaere ’me ba etsa seo ka tsela e sireletsehileng?

Ho phelisana hantle le batho. Na ha bana ba seng ba hōlile ba qabana, kamehla le ba baahloli, ba ba qobellang ho rarolla bothata ka tsela e itseng? Kapa na le ba rutile hore ba rarolle mathata ka tsela e nang le khotso ba ntan’o le bolella hore na ba entse’ng?—Matheu 5:23-25.

Kemiso ea lintho tsa moea. Na le bolella bana seo ba lokelang ho se lumela kapa lea ba susumetsa? (2 Timothea 3:14, 15) Ho e-na le ho lula le arabela lipotso tseo ba li botsang tabeng ea bolumeli le ea boitšoaro, na le ba ruta hore ba hlaolele “matla a ho nahana” le ‘ho koetlisa matla a bona a ho lemoha e le hore ba khetholle se nepahetseng le se fosahetseng’? (Liproverbia 1:4; Baheberu 5:14) Na le ka rata hore ba etsise tsela eo le ithutang Bibele ka eona, kapa le ka rata hore ba etse ho hong ho molemo ho feta?

Ha ho pelaelo hore ho koetlisa bana lintlheng tse boletsoeng ka holimo ho nka nako ebile ho hloka boiteko bo matla. Empa liphello e ba tse thabisang mohla ba tlohang lapeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ho tloha lapeng ho tšoana le ho hahlaula naha-thote—u lokela hore u tsebe ho itlhokomela pele u qala leeto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela