“Nkokonono ea Morung” Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše
KE ENG? Ke lengau le bitsoang jaguar, e leng katse e khōlō ka ho fetisisa linaheng tsa Amerika. U ka le fumana hokae? Likhoeng, mekhoabong, merung, mahoatateng le meferong ea Amerika Bohareng le Boroa. Ho fapana le likatse tse ling tse ngata, ena e phela naheng, lifateng esita le ka metsing.
Ak’u nahane feela u se u eme pel’a lengau le letona le hōlileng. Le ka ’na la e-ba bolelele ba limithara tse peli, ho sa kenyelletsoe mohatla ’me la e-ba boima ba lik’hilograma tse 120 kapa ho feta. Lengau ke phoofolo e ratang ho phela e le ’ngoe ’me e kopana le tse ling ha e tlōlela feela. Le letona le ba boemong ba ho tlōlela ha le le lilemo li tharo kapa li ’nè, ha le letšehali lona le ba boemong ba ho ba le malinyane ha le le lilemo li peli. Ka tloaelo le tsoala malinyane a mabeli ka mor’a ho emara likhoeli tse tharo ho isa ho tse ’nè. Mangau a mang a phela lilemo tse fetang 20 ha a le sebakeng se koaletsoeng.
Ha setsebi se seng sa baeloji se bua ka hore ha ho tsejoe hakaalo ka likatse tsena tse khōlō le hore ho thata ho li bona, se ile sa re: “Mangau a fumaneha ka thata! Ho ka etsahala hore ke eme pel’a lona, . . . empa ke se ke ka la bona.” Letlalo la lona le maroboko le etsa hore le ipate ’me le se ke la bonahala habonolo.
Setsomi se Tsomang se le Seng
Lengau ke setsomi se hloahloa, ’me le ja mefuta e ka bang 85 ea liphoofolo, e akarelletsang li-tapir, likhama le litšoene. Kaha le phela le metsing, lengau le boetse le tšoasa litlhapi le likolopata habonolo. Batho ba bang ba kile ba bona lengau le bolaea pere, le e hula limithara tse ka bang 80 moo ho omileng, ’me ka mor’a moo le tšela nōkeng le eona.
Katse ena e bohlale e atisa ho lalla phofu ea eona e le sefateng. Ha mohlape oa liphoofolo tse ling tse lebelo tse kang lifariki tse bitsoang li-peccary o feta ka tlaase o sa nahane letho, lengau lea li qhomela. Le loma e ’ngoe ea tsona hanngoe feela ebe lea e bolaea le ntan’o khutlela sefateng. Le emela mohlape oo hore o fete le ntan’o lata phofu ea lona.
Leha ho le joalo, lengau le ka ’na la se ke la hlasela batho joaloka likatse tse ling tse khōlō ’me ha ho mohla le kileng la thathamisoa har’a liphoofolo tse jang batho. Ha e le hantle, batho ke bona ba kotsi ho lengau lena ho feta kamoo le leng kotsi kateng ho bona.
Lebaka Leo ho Setseng a Seng Makae Feela
Mangau a kile a solla ho tloha karolong e ka boroa ea United States ho isa ntlheng ea Amerika Boroa. Kajeno, ha a sa le eo hoo e batlang e le halofong ea sebaka seo a neng a phela ho sona lilemong tse lekholo tse fetileng. Ho fihlela bohareng ba lilemo tsa bo-1970, litsomi li ne li bolaea mangau a likete selemo le selemo li batla matlalo a ’ona. Ka 1968 feela, linaha tsa Amerika li ile tsa romela matlalo a fetang 13 500 linaheng tse ling. Ka 2002, ho ne ho hakanyetsoa hore ho setse mangau a ka tlaase ho 50 000. Hona joale mohlomong ho setse a ka bang 15 000 feela naheng.
Phuputso e entsoeng ke Mokhatlo oa Paballo ea Liphoofolo le Limela Tsa Naha e tlaleha hore hoo e batlang e le karolo ea 40 lekholong ea sebaka seo a neng a phela ho sona, e sentsoe ke ho rengoa ha lifate. Mexico feela, ho tlalehoa hore ka motsotso ho nyamela sebaka se ka lekanang le lebala la bolo seo a phelang ho sona. Sena se etsa hore mangau a tlamehe ho ja liphoofolo tse ruiloeng e le hore a phele.
Boiteko ba ho a Sireletsa
Linaha tse ka bang 200 li tšehetsa melao e fanoeng Sebokeng sa Machaba sa Khoebo ea Liphoofolo le Limela Tse Kotsing ea ho Fela, e thibelang hore mangau a tsongoe ka sepheo sa ho etsa khoebo. Ho na le liphaka tsa sechaba tse etselitsoeng ho sireletsa tikoloho ea ’ona ea tlhaho. Ka 1986, Cockscomb Basin Wildlife Sanctuary e Belize e bile sona sebaka sa pele lefatšeng seo mangau a sirelelitsoeng ho sona. Ho feta moo, Mexico e beheletse ka thōko moru o lulang o le motala oa lihekthere tse fetang 150 000 sebakeng sa Calakmul Biosphere Reserve se Hloahloeng ea Yucatán e le ho sireletsa mangau.
Hore na boiteko boo batho ba bo etsang ho sireletsa ‘nkokonono ena ea morung’ bo tla atleha hakae ho tla bonahala ha nako e ntse e ea. Empa re ka tšelisoa ke ho tseba hore haufinyane ’Mōpi oa rōna ea lerato o tla “felisa ba senyang lefatše” le hore ha nako e ntse e ea ho tla ba le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo, joalokaha Molimo a ne a rerile.—Tšenolo 11:18; Esaia 11:6-9.
[’Mapa o leqepheng la 24, 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Moo Mangau a Fumanehang
◻ Moo a neng a fumaneha
◼ Moo a fumanehang kajeno
AMERIKA LEBOEA
AMERIKA BOHARENG
AMERIKA BOROA