Litšobotsi Tse Khethollang Batho
MONNA e mong ea lilemo li 50 ea sebetsang konterakeng o ne a letetse terene seteisheneng se seng sa New York City. Empa ha terene e se e le haufi, mohlankana e mong ea neng a le haufi le eena polatefomong o ile a khothometseha eaba o oela seporong. Ka ho panya ha leihlo monna eo ea sebetsang konterakeng o ile a etsa qeto ea ho itahlela moo mohlankana eo a oetseng teng eaba oa mo tšoara hore a maname fatše ho fihlela terene e feta ka holim’a bona e sa ba ntše kotsi.
Pusong ea Manazi, Lipaki Tsa Jehova tsa Europe li ne li hana ho re “Heil Hitler!” hobane lentsoe la Sejeremane heil le bolela “poloko.” Li ne li e-na le tumelo e matla ea hore Mopholosi oa tsona ke Jesu Kreste le hore “ha ho poloko ho mang kapa mang e mong.” (Liketso 4:12) Kaha Lipaki tse ngata li ile tsa hana ho etsa Hitler molimo, li ile tsa qobelloa ho tloha mahaeng a tsona ’me tsa isoa likampong tsa mahloriso, moo li ileng tsa tsoela pele ho khomarela melao-motheo ea Bokreste.
Mehlala ena e bontša hore motho a ka itella e mong esita le ha a sa mo tsebe ho hang a ba a hlompha melao-motheo ho e-na le ho ameha ka hore a fumane bolokolohi. Na see se lumellana le boikutlo ba hore batho e mpa e le liphoofolo tse tsoetseng pele? Kapa se bontša hore re libōpuoa tse phahametseng liphoofolo hōle? Nahana ka lintlha tseo ha u ntse u thuisa ka lipotso tse latelang:
● Ke hobane’ng ha re e-na le letsoalo, e leng bokhoni ba ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng?
● Ke hobane’ng ha re ikutloa re hloletsoe ha re nahana ka limakatso tsa pōpo?
● Ke hobane’ng ha re rata ’mino, litšoantšo tse takiloeng, lithoko le mesebetsi e meng ea bonono le hoja lintho tsena e se tsa bohlokoa hore re phele?
● Ke hobane’ng ha e le hoo e batlang e le batho ba litso tsohle ba lakatsang ho tseba molimo?
● Ke hobane’ng ha re ipotsa lipotso tsee: ‘Re batla’ng lefatšeng moo?’ ‘Morero oa bophelo ke ofe?’
● Ha motho a shoa, ke hobane’ng ha ho tšoaroa litšebeletso tse fapa-fapaneng?
● Hona ke hobane’ng ha tumelo ea hore ho na le bophelo ka mor’a lefu e bonahala e tletse lefatšeng lohle? Na takatso eo re tsoetsoeng ka eona ea ho phela ka ho sa feleng ke feela mohopolo o fosahetseng oo re o futsitseng linthong tseo ho thoeng re tsoa ho tsona?
Re ka Fumana Likarabo Hokae?
Likarabo tse hlakileng ka ho fetisisa lipotsong tsena li fumaneha bukeng e halalelang e fumanehang hohle lefatšeng—e leng Bibele. Nahana ka seo e se buang lintlheng tse latelang:
Sebōpeho sa motho. Motho o bōpiloe “ka setšoantšo sa Molimo,” e leng se bolelang hore o na le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa ’Mōpi oa rōna. (Genese 1:27) Ke kahoo motho oa pele e neng e le “mora oa Molimo.”—Luka 3:38.
Re lokela ho rata ’me re hloka ho ratoa. Johanne oa Pele 4:8 e re: “Molimo ke lerato.” Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, re hloka ho ratoa ho tloha ha re belehoa ho fihlela re e-shoa. Moapostola oa Mokreste ea bitsoang Pauluse o ile a re: Ha “ke se na lerato, ha ke letho.” (1 Bakorinthe 13:2) O ile a boela a re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.”—Baefese 5:1.
Tlhoko ea rōna ea moea. “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Lipolelo tsa Molimo tse hlahang ka Bibeleng li bontša botho ba hae le morero oa hae ka rōna. Re lokela ho ba le kamano e ntle le Molimo e le hore bophelo ba rōna bo be le morero.
Ke hobane’ng ha re e-shoa? “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng.” (Baroma 6:23) Sebe ke ho se phethe melao ea Molimo ea boitšoaro le ea borapeli. Leha ho le joalo, Molimo o rerile ho felisa sebe, a khutlisetse bohle ba mo ratang le ba mo mamelang phethehong, a be a ba fe bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Luka 23:43.
Na u batla ho thabela bophelo ka botlalo, mohlomong u tsebe ho etsa mesebetsi eo ho seng mohla u kileng ua nahana hore u ka e etsa? Na u batla ho ithuta haholoanyane ka ’Mōpi oa hao le ka lintho tse babatsehang tseo a rerileng ho u etsetsa tsona? Haeba ho joalo, re kōpa hore u ithute Bibele, e leng mohloli oa ’nete ea Molimo. Ha ho letho leo u ka le etsang hona joale esita le nakong e tlang le ka u thabisang ho feta ho ithuta Bibele.—Matheu 5:3; Johanne 17:3.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
RE HLOKA LERATO HO TLOHA BOSEENG
Rasaense Gerald L. Schroeder o re: “Boko ba bana ba banyenyane bo hloka hore ba tšoaroe ka mofuthu le ka lerato.” Ka hona, ruri ke habohlokoa hore batsoali ba mamele taelo ea Bibele eo ka ho khetheha e ileng ea fuoa bo-’mè e reng “ba rate bana ba bona.”—Tite 2:4.
[Setšoantšo se maqepheng a 8, 9]
Ho na le lintho tse ngata tse ntle le tse thabisang tseo re li ratang le hoja e se tsa bohlokoa hore re phele
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Batho ha ba hloke lijo le metsi feela. Empa ba hloka le tataiso e tsoang ho ’Mōpi oa bona