Tsa Mona le Mane
New York City e entse molao o thibelang batho ho tsubela mabōpong a leoatle, lipakeng le libakeng tseo batho ba tšelang ’mila ho tsona. Batho ba tlōlang molao oo ba tla fuoa kotlo ea ho lefa R400 lekhetlo ka leng. Ba boholong ba tšepa hore batho ka bobona ba tla “tiisa hore molao oo oa sebetsa.”—THE WALL STREET JOURNAL, EA U.S.A.
“Ho ntša mpa ka tšekeletsane [moo ho bolaoang masea a banana], haholo-holo haeba moimana a se a e-na le letsibolo la ngoanana, ho eketsehile haholo India.” Malapeng ao ho neng ho se ho e-na le letsibolo la ngoanana, palo ea banana ba hlahileng ha e bapisoa le ea bashanyana ba 1 000 e ile ea fokotseha ho tloha ho ba 906 ka 1990 ’me ea theohela ho ba 836 ka 2005.—THE LANCET, EA BRITHANI.
Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o bolela hore mahlaseli a matla a makenete, “a kang a hlahisoang ke mechine e sa sebeliseng mehala ea puisano,” a “ka ’na a bakela batho kankere.”—MOKHATLO OA MACHABA O ETSANG LIPHUPUTSO KA KANKERE, OA FORA.
Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o thabetse tlhōlo eo o bileng le eona mabapi le rinderpest, kapa lefu la seoa le tšoarang likhomo. Lena ke “lefu la pele le tšoarang liphoofolo la hore le felisoe boemong ba lona ba tlhaho ka lebaka la boiteko bo entsoeng ke batho . . . ’me ke lona feela la bobeli la hore le felisoe, ka mor’a hore ho felisoe sekholopane bathong.”—MOKHATLO OA LIJO LE TEMO OA MACHABA A KOPANENG, ITALY.
Na U Itokiselitse Tlokotsi?
Koranta ea New York Times e na le sehlooho se reng: “Bukana ea Molao e Buang ka Tlokotsi e Tlelang New York.” E tlaleha hore ho hatisitsoe bukana e molaong e tla thusa baahloli le maqoetha ho sebetsana le lipotso tse thata tsa molao, tse ka ’nang tsa etsa hore ho be le “tlhaselo e ’ngoe ea likhukhuni, e kang tšilafalo e khōlō ea mahlaseli a kotsi kapa tšilafalo ea lik’hemik’hale kapa seoa se itseng.” Bukana ena e hatisitsoeng ke makhotla a molao le mokhatlo oa ’muso oa maqoetha oa New York State e fana ka lethathamo la boitsebiso bo fumanehang habonolo la ho tseba hore na ke ka tsela efe molao o teng o laolang lintho tse kang ho behella batho ba kulang thōko le ba bang, ho fallisa batho ba bangata, ho phenya matlong a batho ntle le tumello, ho bolaea liphoofolo tse nang le mafu a itseng le ho fanyeha molao.
Ka Har’a Mesamo ea Khale
Art Tucker, eo e leng setsebi se ka sehloohong sa saense e shebaneng le litaba tsa phekolo Sepetleleng sa St. Barts, London o re ka har’a lilopo tse hloekileng e ka ’na eaba “ho na le ntho e nyontšang e le kannete.” Koranta ea The Times ea London, e ileng ea tlaleha patlisiso eo a e entseng, e re ka mor’a hore mosamo o sebelisoe ka lilemo tse peli, karolo e fetang ’ngoe borarong ea boima ba oona “ke likokoanyana tse phelang le tse shoeleng tse kang linta, mantle a tsona, letlalo le shoeleng le libaktheria.” Lintho tse bakang ho soloa, likokoana-hloko le likokoanyana tsena tse kang linta li rata ho ipata mesamong. Tharollo ke efe? The Times e re: “Likokoanyana tsena tse kang linta . . . lia omella ebile lia shoa ha li utloa letsatsi, ke hore mokhoa oa khale oa ho aneha liphate ke oona o thusang ho laola likokoanyana tsena.” Sesepa ha se khone ho li bolaea, empa li tla shoa haeba mesamo e hlatsuoa thempereichareng e fetang likhato tse 60 tsa Celsius, ’me bongata ba tsona li tla nyamela ha mesamo eo e pulutsoa.