Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 leq. 9
  • Ke Eng e Tla Fetoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Tla Fetoha?
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
    Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
  • Ke Mang ea ka Fetolang Lefatše la Rōna?
    Tsoha!—2012
  • U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
    U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 leq. 9

Ke Eng e Tla Fetoha?

“Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole.”

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”

“Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”

HO KA bonahala eka lintho tse boletsoeng ka holimo li ke ke tsa etsahala. Empa re ka kholiseha hore ke lintho tse tla etsahala. Hobane’ng? Hobane tsena hase litšepiso tsa lefeela tsa bo-ralipolotiki ba se nang matla a ho fetola lefatše. Ho e-na le hoo, litšepiso tsena tse qotsitsoeng ka holimo li fumanoa ka Bibeleng.a

Batho ba bangata ba nahana hore Bibele ke buka ea khale e siiloeng ke nako. Na le uena u nahana joalo? Haeba ho joalo ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho hlahloba Bibele? ’Nete ke hore, Bibele ke eona feela buka e halalelang e bolelang moo histori ea batho e qalileng teng. E hlalosa lintho tse latelang:

● Kamoo batho ba ileng ba e-ba boemong ba ho hloka tšepo kateng.—Baroma 5:12.

● Kamoo Molimo a rerileng ho lokisa maemo kateng.—Johanne 3:16.

● Hore na ke hobane’ng ha mebuso e ke ke ea khona ho fetola lefatše.—Jeremia 10:23.

● Lebaka leo re lokelang ho bontša tumelo tšepisong ea Molimo ea ho fetola lefatše.—Joshua 23:14.

Na ka sebele Molimo o tla felisa tlala, ntoa, ho kula le lefu? U ke ke ua thatafalloa ho lumela litšepiso tsena haeba u kholoa se latelang:

1. Re bōpiloe ke Molimo.

2. Oa re tsotella.

3. O na le matla a ho fetola lefatše.

4. O rerile ho fetola lefatše.

Na ho na le mabaka a utloahalang a hore u lumele lintlha tsee tse ’nè? Lipaki Tsa Jehova e leng bahatisi ba makasine ena, li u mema hore u inoese ka nkho ka ho ithuta Bibele.

Mohlomong u na le Bibele empa u e bala ka seoelo kapa ha u e bale ho hang. Esita le batho ba bangata ba e balang ba fumana ho le thata ho e utloisisa. Haeba le uena ha u e utloisise, re u mema hore u ikopanye le Lipaki Tsa Jehova hore u fumane thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba rua molemo thutong eo. E sebetsa ka tsela efe?

Beke ka ’ngoe, motho a le mong kapa ba babeli bao e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ka tla lapeng la hao kapa sebakeng seo u se khethang hore le tšohle Bibele, ba sa u lefise letho. Ha u ntse u ithuta Bibele le tsona, seo se tla u thusa hore u arabe lipotso tse kang, Ke hobane’ng ha re utloa bohloko? Ke hobane’ng ha mebuso ea batho e hlōleha ho fetola lefatše? ’Muso oa Molimo ke eng, hona o tla finyella joang lintho tseo mebuso ea batho e hlōlehang ho li finyella?b

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka ruang molemo kateng thutong ea lehae ea Bibele, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno kapa u ee mocheng oa rōna oa boitsebiso Inthaneteng ho www.pr418.com. U ka boela ua ngolla atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a nkiloe ho Esaia 2:4; Esaia 33:24 le Tšenolo 21:4.

b Hape sheba sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Ke Mang ea ka Fetolang Lefatše la Rōna?” se leqepheng la 26 le 27 la makasine ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela