Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/12 leq. 3
  • Ikemisetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ikemisetse
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Thusoa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?
    Bacha Baa Botsa
  • Fumana se Molemohali Sekolong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Ithuta ka Thata Sekolong?
    Tsoha!—1992
  • Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 10/12 leq. 3

Ikemisetse

E le hore u be le boikemisetso ha u etsa mosebetsi leha e le ofe, u lokela ho bona bohlokoa ba oona..

SEKOLO se na le bohlokoa bofe? Se tla u thusa hore u fumane bohlale, ’me Bibele e re “bohlale ke tšireletso.” (Moeklesia 7:12) Ka tsela efe? Ka mohlala: Ak’u nahane u tsamaea sebakeng se kotsi. U ne u ka khetha hofe—ho tsamaea u le mong kapa ho tsamaea le metsoalle e neng e ka u sireletsa ha ho hlokahala? Thuto e ntle e tšoana le “metsoalle” e matla e tla lula e u tšehetsa. E akarelletsa:

  • Bokhoni ba ho nahana. Ho ea sekolong ho ka u thusa hore u be le seo Bibele e reng ke “ho ba le kelello le kahlolo e molemo.” (Liproverbia 3:21, Contemporary English Version) Ha u e-na le tsebo eo, seo se tla u thusa hore u khone ho itharollela mathata ho e-na le ho lula u itšetleha ka batho ba bang hore ba u rarollele ’ona.

  • Ho tseba ho phelisana le ba bang. Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba be le litšobotsi tse kang tiisetso le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Ha u kopana le batho ba fapaneng sekolong, seo se u fa monyetla o moholo oa hore u ipabole ho bontšeng litšobotsi tseo hammoho le mamello, tlhompho le kutloelo-bohloko—e leng litšobotsi tse tla u thusa ha u se u le motho e moholo.

  • Koetliso e tla u tsoela molemo. Sekolo se ka u ruta bohlokoa ba ho sebetsa ka thata, e leng ntho e tla u thusa hore u fumane mosebetsi le ho lula u e-na le oona. Hape, ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka lefatše le u potolohileng, seo se tla u thusa hore u itsebe haholoanyane le ho tseba seo u se lumelang. (Liproverbia 14:15) Ha u e-na le tsebo eo, u tla khona ho bontša ba bang tlhompho ha u bua le bona ka tumelo ea hao.—1 Petrose 3:15.

Ntlha ea bohlokoa: Kaha u hloka thuto, ho ke ke ha u thusa ka letho ho lula u nahana ka lintho tseo u sa li rateng ka sekolo. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho nahana ka lintho tse u khothatsang tse boletsoeng ka holimo. Mohlomong u ka khona le ho nahana ka tse ling tse ngata!

Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale? Nahana ka lintho tse u khothatsang haholo tse ka u atlehisang sekolong.

Matichere a Molemo aa Ananeloa!

“Tichere ea ka e nthutang economics sekolong se phahameng, e ka be e sebetsa lefapheng la lichelete, empa ho e-na le hoo, e ile ea khetha ho ruta sekolong se phahameng se toropong ea boemo bo tlaase—e leng sebaka seo ho sona bana ba bangata ba sa rateng economics. Leha ho le joalo, e ne e ruta ka tsela e bonolo le e re natefelang ’me seo se re thusa ho bona kamoo re ka sebelisang lintho tseo re ithutang tsona kateng. Ka le leng, e ile ea bitsa ’mè oa ka hore e mo bolelle kamoo ke sebelitseng hantle kateng tlhahlobong. Ha liithuti tse ling li botsa hore na ke hobane’ng ha e sebetsa sekolong sa rōna, e ile ea re ha ho na sebaka seo e kileng ea thabela ho sebetsa ho sona joaloka sekolong sa rōna. E ne e re utloisisa, e amehile ka rōna ebile e re babatsa. Ke tichere e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka ba le eona!”—Reyon, United States.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela