Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/13 maq. 6-9
  • Seo e Leng ’Nete ka Halloween

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo e Leng ’Nete ka Halloween
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete ka Mekete e Tloaelehileng
    Tsoha!—2001
  • Mekete e Tloaelehileng—Na ke Boithabiso bo Seng Kotsi?
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona ke sa Ketekeng “Halloween”
    Tsoha!—2006
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 9/13 maq. 6-9

SEHLOOHO SE KA NTLE

Seo e Leng ’Nete ka Halloween

Na Halloween ea ketekoa moo u lulang teng? Naheng ea United States le ea Canada, Halloween e tsejoa haholo ’me e ketekoa ka la 31 October selemo le selemo. Leha ho le joalo, meetlo ea Halloween e ka fumanoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Libakeng tse ling ho ketekoa matsatsi a phomolo ’me le hoja a bitsoa ka tsela e fapaneng, ho na le ntho eo a tšoanang ka eona: ebang ke ho buisana le meea ho akaretsang ho buisana le bafu, batho ba tšōmong, baloi haesita le diabolose le mangeloi a bademona.—Sheba lebokose le reng “Mekete e Tšoanang le Halloween e Ketekoang Lefatšeng ka Bophara.”

E KA ’na eaba uena ha u lumele boloi, ho buisana le balimo kapa meetlo le lintho tse kang tseo. E ka ’na eaba u talima Halloween le mekete e tšoanang le eona e le tsela ea ho ithabisa le ho ruta bana ba hao hore ba sebelise likelello tsa bona. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nka hore mekete eo e kotsi ka mabaka ana a latelang:

  1. Encyclopedia of American Folklore, e re: “Morero o ka sehloohong oa Halloween ke hore batho ba sebelisane le meea, eo boholo ba eona e sokelang kapa e tšosang batho.” (Sheba lebokose le reng “Ho Ketekoa ha Halloween ho Theosa le Lilemo.”) Ka ho tšoanang, mekete e mengata e tšoanang le Halloween e qalile boheteneng ’me e metse ka metso borapeling ba balimo. Esita le kajeno, ka matsatsi ana, batho lefatšeng ho pota ba ikopanya le meea eo ba nkang hore ke ea batho ba shoeleng.

  2. Le hoja batho ba bangata ba ne ba ntse ba nka Halloween e le mokete oa Maamerika, selemo le selemo batho ba linaheng tse ngata baa o keteka. Empa batho ba bangata ba qalang ho keteka mokete ona ha ba elelloe hore matšoao, mekhabiso le meetlo ea Halloween li tsoa boheteneng ’me boholo ba tsona li amana le meea le boloi.—Sheba lebokose le reng “E Qalile Hokae?”

  3. Balateli ba likete ba Mawicca, e leng bolumeli ba boloi, ba latelang meetlo ea boholo-holo ea bolumeli ba Macelt, ba ntse ba bitsa Halloween ka hore ke Samhain, e leng kamoo e neng e bitsoa kateng khale ’me ba e nka e le bosiu bo halalelang ka ho fetisisa selemong. Ha e qotsa motho e mong ea ipolelang hore ke moloi, koranta ea USA Today e re: “Bakreste ‘ha ba hlokomele, empa ba keteka letsatsi la rōna la phomolo le rōna. . . . Rea rata ha ba etsa joalo.’”

  4. Mekete e kang oa Halloween ha e lumellane le lithuto tsa Bibele. Bibele ea lemosa: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea porofeta, leha e le ea botsang bafu.”—Deuteronoma 18:10, 11, Bibele ea Sesotho; sheba le Levitike 19:31; Bagalata 5:19-21.

Malapa a ka ba le linako tse monate ntle le hore a kenelle meketeng e kotsi

Ka mabaka ana a ka holimo, ho bohlale hore u tsebe tšimoloho e mpe ea Halloween le ea mekete e tšoanang le eona. Ho ba le tsebo e feletseng ka sena ho tla u susumetsa hore le uena u se ke ua keteka matsatsi ao.

“Bakreste ‘ha ba hlokomele, empa ba keteka letsatsi la rōna la phomolo le rōna. . . . Rea rata ha ba etsa joalo.’”—Koranta ea USA Today, ha e qotsa motho e mong ea ipolelang hore ke moloi

MEKETE E TŠOANANG LE HALLOWEEN E KETEKOANG LEFATŠENG KA BOPHARA

Halloween e ’nile ea tsejoa e le letsatsi la phomolo la Maamerika. Empa letsatsi lena le ketekoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Ho ekelletsa moo, ho na le mekete e meng e tšoanang le Halloween eo ho eona meea e etsetsoang mekete. Mona ho bontšitsoe a mang a matsatsi a tšoanang le Halloween a ketekoang lefatšeng ka bophara.

  • Amerika Leboea - Letsatsi la Bafu

  • Amerika Boroa - Kawsasqanchis, letsatsi le ketekoang ka la 1 November, leo ho thoeng meea ea bafu e khutlela lapeng

  • Europe - Letsatsi la Bafu le mekete e fapaneng ea Halloween

  • Afrika - Mokete oa balimo oa Mayoruba a ikoahetseng lihlooho

  • Asia - Bon, mokete oa Mabuddha a Majapane o tlotlang balimo

E QALILE HOKAE?

Tšimoloho ea Meetlo le Matšoao a Mang a Halloween

LITHOTSELA, LINOA-MALI, BALOI LE LIPŌKŌ: Haesale libōpuoa tsena li amahanngoa le meea e mebe.

LIPOMPONG: Macelt a boholo-holo a ne a leka ho thabisa meea e khopo ka lipompong. Hamorao, kereke e ile ea khothalletsa batho ba ketekang Halloween ho ea ka ntlo le ntlo, ebe ba rapella bafu e le hore ka mor’a moo ba fuoe lijo. Tloaelo ena e ile ea qetella e le leqheka la ho tšosa batho e le hore ho fumanoe lijo tse monate ka Halloween.

LIAPARO: Macelt a ne a ikoahela ka limaske tse tšosang e le hore meea e khopo e nahane hore ba ikoahetseng le bona ke meea ebe ha e ba tšoenye. Butle-butle, kereke e ile ea kopanya meetlo ea bohetene le mokete oa Meea Eohle le oa Bahalaleli Bohle. Hamorao, ba neng ba keteka ba ne ba ea ka ntlo le ntlo ba apere liaparo tsa bahalaleli, tsa mangeloi le tsa lithotsela.

MEKOPU Lirapa tse betliloeng le tse bonesitsoeng ka likerese li ne li behoa pontšeng e le hore li leleke meea e khopo. Batho ba bang ba ne ba re kerese e ka har’a rapa e emela moea o tšoasehileng pelekatori. Hamorao, mekopu e neng e betliloe e ne e se e sebelisoa hangata.

HO KETEKOA HA HALLOWEEN HO THEOSA LE LILEMO

LEKHOLONG LA BOHLANO LA LILEMO B.C.E.

Macelt a keteka mokete o bitsoang Samhain qetellong ea October, ha a lumela hore lithotsela le bademona li tsamaea lefatšeng ho feta linakong tse ling.

LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO C.E.

Baroma ba hlōla Macelt ’me ba nka meetlo ea mokete oa Samhain.

LEKHOLONG LA BOSUPA LA LILEMO C.E.

Ho boleloa hore Mopapa Boniface oa Bone o ile a theha mokete oa selemo le selemo o bitsoang Letsatsi la Bahalaleli Bohle e le ho tlotla bashoela-tumelo.a

LEKHOLONG LA LESHOME LE MOTSO O MONG C.E.

La 2 November le khethoa e le Letsatsi la Meea Eohle la ho ikhopotsa bafu.

LEKHOLONG LA LESHOME LE METSO E ROBELI C.E.

Lebitso la letsatsi la phomolo, (Mantsiboea a Bahalaleli) moo le hlahang le ngotsoe le bitsoa Halloween.

LEKHOLONG LA LESHOME LE METSO E ROBONG C.E.

Batho ba likete ba fallang ho tloha Ireland ho ea United States ba tla le meetlo ea Halloween eo ha nako e ntse e e-ea e ileng ea kopana le meetlo e tšoanang ea batho ba tsoang Brithani, Jeremane le Afrika hammoho le likarolong tse ling tsa lefatše.

LEKHOLO LA BOMASHOME A MABELI LA LILEMO C.E.

Halloween e ba letsatsi la phomolo le ketekoang naha ka bophara United States.

LEKHOLO LA BOMASHOME A MABELI A MOTSO O MONG C.E.

Indasteri ea khoebo ea letsatsi la Halloween e hōla hoo e etsang libilione tse ngata tsa liranta.

a Hallow ke lentsoe la Senyesemane la boholo-holo le bolelang “mohalaleli.” Letsatsi la Bahalaleli Bohle ke letsatsi la ho tlotla bahalaleli ba shoeleng. Mantsiboea a pele ho letsatsi la Bahalaleli a ne a bitsoa All-hallow-even, e ileng ea khutsufatsoa ea bitsoa Halloween.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela