Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 6 maq. 4-6
  • Itšireletsa Khahlanong le Mafu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itšireletsa Khahlanong le Mafu
  • Tsoha!—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 METSI
  • 2 LIJO
  • 3 LIKOKOANYANA
  • 4 LIPHOOFOLO
  • 5 BATHO
  • Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2015
  • Tsela ea 4—Sireletsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2011
  • Kokoana-hloko—E Bolaeang e Hlasela Zaire
    Tsoha!—1996
  • Ke Hobane’ng ha a Boile Sekoele?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 6 maq. 4-6

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITŠIRELETSA JOANG KHAHLANONG LE MAFU?

Itšireletse Khahlanong le Mafu

METSE e mengata ea mehleng ea khale e ne e sirelelitsoe ka mabota a phahameng. Haeba sera se ne se ka thuha esita le karolo e nyenyane feela ea lebota, motse oohle o ne o e-ba kotsing. ’Mele oa hao o tšoana le motse o sirelelitsoeng ka mabota. Tsela eo u hlokomelang masole a hao a ’mele ka eona e ka etsa hore u kule kapa u se ke oa kula. Nahana ka lintho tse hlano tse ka u bakelang mafu le hore na u ka itšireletsa joang khahlanong le ’ona.

’Mè le morali oa hae ba tsamaea ka ’marakeng

1 METSI

KOTSI: Metsi a litšila a na le likokoana-hloko, kahoo a ka u bakela mafu.

U KA ITŠIRELETSA JOANG?: U ka itšireletsa ka hore u noe metsi a tsoang mohloling o hloekileng. Haeba u tseba kapa u belaella hore metsi ao u a sebelisang ha aa hloeka, u ka a hloekisa lapeng e le hore a se ke a u kulisa.a Boloka metsi ka nkhong e koetsoeng ’me u a khe ka lebekere le mohele o motelele kapa u a khe pompong. U se ke ua kenya matsoho ka metsing a hloekileng. Haeba ho khoneha, lula sebakeng se nang le litšebeletso tsa likhoerekhoere le metsi a hloekileng.

2 LIJO

KOTSI: Lijo tseo u li jang li ka ba le likokoana-hloko.

U KA ITŠIRELETSA JOANG?: Lijo tse sa hloekang li ka ’na tsa bonahala li le ntle li bile li loketse ho jeoa. Kahoo, itloaetse ho hlatsoisisa litholoana le meroho. Netefatsa hore likhaba, litafole le matsoho a hao a hloekile ha u lokisetsa ho pheha lijo le ha u li ngoatha. Lijo tse ling li lokela ho phehoa ka mocheso o itseng e le hore likokoana-hloko tse ho tsona li shoe. Lijo tse lahlileng ’mala le tse nkhang hampe kapa tse nang le tatso e sa tloaelehang ke pontšo ea hore li na le likokoana-hloko. Kenya lijo tseo le sa li jang ka forijing ka pele kamoo ho ka khonehang. U se ke ua etsetsa batho lijo ha u kula.b

3 LIKOKOANYANA

KOTSI: Likokoanyana tse ling li na le likokoana-hloko ’me li ka u tšoaetsa ka tsona.

U KA ITŠIRELETSA JOANG?: Etsa sohle seo u ka se khonang hore u qobe likokoanyana tse jereng mafu ka hore u lule ka tlung ha li le kantle kapa u apare liaparo tse matsoho a matelele le marikhoe a matelele. Robala ka har’a nete e nang le moriana oa likokoanyana kapa u sebelise moriana o li lelekang. U se ke ua beha metsi a sa koaheloa kaha menoang e ka qhotsetsa ka ho ’ona.c

4 LIPHOOFOLO

KOTSI: Likokoana-hloko tse phelang ka har’a liphoofolo li ka u kulisa. Haeba u lonngoe kapa u ngoapuoe ke phoofolo, kapa u thetsitse mantle a eona, u ka ba kotsing ea ho ba le mafu.

U KA ITŠIRELETSA JOANG?: Batho ba bang ba boloka liphoofolo kantle e le hore ba se ke ba li thetsa hangata. Hlapa matsoho ha u qeta ho tšoara phoofolo e ruuoeng lapeng ’me u se ke ua tšoara liphoofolo tse hlaha. Haeba u lonngoe kapa u ngoapuoe ke phoofolo, hlatsoa leqeba ebe u ea ngakeng kapa u batle thuso ea tsa bongaka.d

5 BATHO

KOTSI: Likokoana-hloko tse ling li ka fetisetsanoa ha motho a hohlola kapa a thimola. Li ka boela tsa fetisetsanoa ha batho ba thetsana ka letlalo, ba hakana kapa ba lumelisana ka matsoho. Likokoana-hloko tse tsoang bathong li ka lula linthong tse kang liloko tsa mamati, moo ho itšoarelletsoang, lifounong, lirimoutung kapa lik’hompheutheng.

U KA ITŠIRELETSA JOANG?: U se ke ua arolelana le batho ba bang lintho tse kang mahare, borashe ba meno le lithaole. U se ke ua tšoara lintho tse kang, bolalu, mamina kapa mali a phoofolo kapa a motho. Ho lula u hlapa matsoho khafetsa ho ka u thusa hore u qobe mafu. Ha e le hantle, ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho fokotsa ho ata ha mafu.

Haeba ho khoneha, lula hae haeba u kula. Mekhatlo ea thibelo ea mafu e khothalletsa hore ha motho a hohlola kapa a thimola, a sebelise pampiri kapa sephaka, eseng letsoho.

Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Mantsoe ao a ka re thusa haholo-holo nakong ena eo mafu a leng mangata hakana. Kahoo, e-ea litsing tsa bophelo e le hore u rue tsebo e tla u thusa hore u itšireletse khahlanong le mafu. Matlafatsa masole a hao a ’mele e le hore u fokotse menyetla ea ho tšoaroa ke mafu!

a Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o khothalletsa hore batho ba hloekise metsi ka kalaka, ba a behe letsatsing kapa ba a belise.

b E le hore u fumane litaba tse eketsehileng mabapi le lijo tse loketseng ho jeoa, sheba Tsoha! ea June 2012 leqephe 3-9.

c E le hore u tsebe mekhoa ea ho loantša lefu la malaria, sheba Tsoha! ea July 2015 leqepheng la 14-15.

d Haeba u lonngoe ke phoofolo e nang le chefo, u lokela ho potlakela ngakeng.

U ka Itšireletsa Joang Nakong ea Lefu la Seoa?

’Mè o hlapa matsoho

Ka 2014, lefu la Ebola le ile la ata ka potlako Afrika bophirimela ’me taba ena ea tsebahala lefatšeng lohle. Liofisi tsa Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng seo li ile tsa etsa letšolo la ho tsebisa batho ka seoa sena ’me seo sa thusa ho fokotsa menyetla ea ho tšoaetsoa. Baemeli ba Lipaki ba ile ba hlalosa hore na ba ile ba sebetsana le seoa sena joang.

  • Setšoantšo

    Le ile la hlokomelisa batho joang ka kotsi ea lefu lee?

    Re ile ra ba khoba matšoafo ka hore re ee libakeng tseo batho ba fumanehang ka bongata e le ho ba ruta ka lefu lena, hore na le ata joang le hore na ba ka itšireletsa joang khahlanong le lona.

  • Ho hlapa matsoho

    Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa’ng?

    Re ne re hlahloba mocheso oa batho ba tlileng libokeng tsa rōna tsa Bokreste ka lisebelisoa tse hlahlobang mocheso. Batho ba ne ba qoba ho tšoarana ka matsoho le ho hakana ho sa hlokahale ’me ba hlapa matsoho khafetsa. Metsi a libakeng tseo ho neng ho hlapeloa matsoho ho tsona, a ne a tšeloa lik’hemik’hale tse a hloekisang.

  • Fono ka tlung

    Le ne le tsoela pele joang ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho ea libokeng?

    ’Muso o ile oa laela hore batho ba se ke ba kopana sebakeng se le seng, kahoo re ile ra khaotsa hanyenyane ka liboka tsa rōna. Libakeng tseo, malapa a ne a tšoarela liboka ka matlung. Lipaki tse ling li ne li ithuta Bibele le batho ka founo.

  • K’halendara

    Ho ne ho etsoa’ng haeba motho a e-na le matšoao a Ebola?

    Re ne re tsebisa lingaka. Motho ea a ileng a ama mokuli oa Ebola, a ea lefung la mokuli oa Ebola kapa a na le matšoao a lefu leo o ne a lokela ho lula a le mong ka matsatsi a 21, e leng nako e lekaneng bakeng sa ho bona hore na motho o hlile o na le lefu lena kapa che.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela