Mohatisi oa Boholo-holo ea Kentseng Letsoho ho Hatisoeng ha Bibele
LIBUKA tse ngotsoeng ka letsoho le meqolo li qalile khale koana lilemong tse likete tse fetileng. Leha ho le joalo, libuka tse hatisitsoeng ka mochine tsona hase tsa khale hakaalo. Libuka tsa pele tse hatisitsoeng tse tsejoang ke tse entsoeng Chaena ka 868 C.E. ho sebelisoa lehong le neng le fatiloe litšoantšo le litlhaku. Jeremane, hoo e ka bang ka 1455, Johannes Gutenberg o ile a qapa mochine o hatisang litlhaku ’me a hatisa Bibele ka lekhetlo la pele ka Selatine.
Leha ho le joalo, e ile ea e-ba ka mor’a lilemo tse itseng ha indasteri ea ho hatisa libuka e se e tsitsitse moo Libibele le libuka tse ling li ileng tsa qala ho abuoa. Nuremberg e ile ea e-ba setsi sa indasteri ea ho hatisa ’me ho ka etsahala hore ebe Anton Koberger, ea neng a hlahetse motseng oo, e bile eena oa pele ea neng a hatisa Libibele ka bongata lefatšeng.
Batho ba merabe eohle ba lokela ho leboha bahatisi ba pele ba Bibele, ba akarelletsang Anton Koberger. Ka hona, a re ke re hlahlobeng mosebetsi oa Koberger hantle.
Ho “Tsotella Buka e Ikhethang—E Leng Bibele”
Ka 1470, Koberger o ile a bula setsi sa pele sa khatiso Nuremberg. Nakong eo mosebetsi o neng o le mongata haholo, feme eo e ne sebelisa mechine ea khatiso e 24 ka nako e le ’ngoe, e hirile batho ba 100 ba neng ba sebetsa mechineng eo, ba bang e le ba etsang mesebetsi e meng ea matsoho, ha ba bang ba ne ba sebeletsa ba le Basel, Strasbourg, Lyon le metseng e meng ea Europe. Koberger o ile a hatisa libuka tsa Selatine tsa mehleng e bohareng, a ba a hatisa le lingoloa tse ngata tsa saense tsa mehleng eo. Mehleng eo ea hae, o ile a hatisa mefuta e 236 ea libuka. Tse ling tsa tsona li ne li e-na le maqephe a maholo, ’me ho ne ho hatisoa leqephe ka leng mechineng e neng e tsamaisoa ka letsoho.
Mongolo oa boleng bo botle o neng o sebelisoa ke Koberger o ile oa etsa hore libuka tsa hae li tume ka lebaka le botle ba tsona le ho baleha ha tsona habonolo. Rahistori Alfred Börckel, o re: “Kamehla Koberger o ne a tsitlella hore ho sebelisoe litšepe tse entsoeng bocha le hona e be tse hlahisang mongolo ka ho hlaka. O ne a sa lumelle hore ho sebelisoe litšepe tse nang le litlhaku tse seng li sa bonahale.” Ho phaella moo, libuka le Libibele tse ngata tse hatisitsoeng ke Koberger li ne li hatisoa ho sebelisoa litšoantšo tse hlakileng tse fatiloeng holim’a lehong.
Mongoli ea ngotseng ka bophelo ba Koberger, e leng Oscar Hase, o re ho tloha ha Koberger a qala mosebetsi oa ho hatisa, “haesale ho bonahala hore o tsotella buka e ikhethang—e leng Bibele.” Koberger le bo-mphato’a hae ba ile ba etsa boiteko bo matla ba hore ba fumane litemana tsa Bibele tse fetoletsoeng ka ho nepahala. E tlameha ebe mosebetsi ona o ne o se bonolo hobane libuka tse ngata tsa letlalo tse ngotsoeng ka letsoho li ne li nkoa e le tsa bohlokoa haholo matlong a baitlami ’me haeba ho ne ho etsahala hore li alingoe batho, e ne e e-ba ka nako e khutšoanyane haholo e le hore ba ka li kopitsa.
Libibele Tsa Selatine le Tsa Sejeremane
Koberger o ile a hatisa Biblia Latina (Bibele ea Selatine) ka makhetlo a 15 ’me o ile a hatisa likopi tsa pele ka 1475. Tse ling tsa Libibele tseo a li hatisitseng li ne li e-na le litšoantšo tsa areka ea Noe, Melao e Leshome le tempele ea Solomone. Ka 1483, Koberger o ile a hatisa likopi tse 1 500 tsa Biblia Germanica (Bibele ea Sejeremane), tseo ka nako eo e neng e le palo e holimo haholo. Bibele eo e ne e akarelletsa litšoantšo tse fetang 100 tse hatisitsoeng ho sebelisoa litšoantšo tse fatiloeng holim’a lehong e le hore li hape thahasello ea babali, li hlakise se ngotsoeng le ho thusa ba sa tsebeng ho bala hore ba hopole lipale tse tloaelehileng tsa Bibele. Litšoantšo tse hlahang Bibeleng ena li ile tsa susumetsa ba bang haholo hore le bona ba etse litšoantšo Bibeleng, haholo-holo Libibeleng tsa Sejeremane.
Bibele ea Sejeremane ea Koberger, ea 1483, e ile ea tsebahala haholo, empa kamoo ho bonahalang kateng e bile eona feela Bibele ea Sejeremane e ileng ea hatisoa ke Koberger. Le hoja bahlophisi ba hae ba ne ba fetotse mantsoe ka hloko hore a lumellane le a Bibele ea Selatine ea Vulgate e neng e amoheloa ke kereke, ha e le hantle o ne a thehile phetolelo ea hae Bibeleng ea Mawaldense ea lekholong la bo14 la lilemo, e neng e thibetsoe.a Selemong se latelang, Mopapa Innocent VIII o ile a tsoa letšolo la ho felisa Mawaldense. Ka mor’a moo, kereke e ile ea hakala le ho feta tabeng ea ho thibela Libibele tse ngotsoeng ka lipuo tse ling tse tloaelehileng. Ka la 22 March, 1485, Moarekabishopo Berthold oa Mainz, Jeremane, o ile a fana ka molao o neng o hanela ho fetoleloa ha Bibele ka puo ea Sejeremane. Ka la 4 January selemong se latelang, Berthold o ile a tsosolosa molao oo oa hae. Ka lebaka la tsitsipano e ileng ea rena, Koberger ha aa ka a hlola a leka ho hatisa Bibele ea Sejeremane hape.
Leha ho le joalo, mofufutso oa Anton Koberger ha oa ka oa tsoela boeeng joaloka oa ntja. Ke pula-maliboho ea ba ileng ba sebelisa mechine e mecha ea ho hatisa e le ho etsa hore libuka tsa mefuta-futa li fumanehe Europe le hona ka chelete e tlaase. Ka tsela eo, Koberger o ile a kenya letsoho ho etsa hore Bibele e fumanoe ke batho ka kakaretso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Mawaldense—Ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng,” Molula-Qhooeng oa March 15, 2002.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: setšoantšo sa Daniele ka lemeneng la litau se hatisitsoeng ka lehong le fatiloeng; tlhaku e khōlō e qalang ea khauta; mongolo o hlakileng
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Koberger
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Likarolo tsa Libibele tsa Koberger tsa Selatine le tsa Sejeremane, tse bontšang mekhabiso e mebala le moo ho hlalositsoeng Genese 1:1
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 26]
All Bible photos: Courtesy American Bible Society Library; Koberger: Mit freundlicher Genehmigung der Linotype GmbH