LEVITIKE
1 Jehova a bitsa Moshe mme a bua le yena tenteng ya pokano+ a re: 2 “Ere ho Baiseraele,* ‘Haeba e mong wa lona a tlisetsa Jehova nyehelo e tswang diphoofolong tse ruuwang, e lokela ho tswa mohlapeng+ wa dikgomo, wa dinku kapa wa dipodi.
3 Haeba nyehelo ya hae e le nyehelo ya setjheso e tswang mohlapeng wa dikgomo, a tlise e tona e phetseng hantle.+ A e tlise ka ho rata+ ka pela Jehova monyako wa tente ya pokano. 4 A behe letsoho hloohong ya nyehelo ya setjheso mme e tla amohelwa e le hore a tshwarelwe dibe.
5 Pohwana e hlajwe ka pela Jehova. Bara ba Arone e leng baprista,+ ba tla hlahisa madi ka pela Modimo mme ba a fafatse mahlakoreng ohle a aletare+ e monyako wa tente ya pokano. 6 Nyehelo ya setjheso e lokela ho buuwa mme e kgabelwe dikotwana.+ 7 Bara ba Arone e leng baprista ba behe mashala a tukang aletareng+ ebe ba beha patsi hodima ona. 8 Bara ba Arone e leng baprista ba tla beha dikotwana tseo tsa nyehelo+ ha mmoho le hlooho le mafura a potolohileng diphio* hodima patsi e mollong o aletareng. 9 Mala a yona le ditlhakwana tsa yona di tla hlatsuwa ka metsi. Moprista a etse hore kaofela ha yona e kubelle aletareng e le nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+
10 Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e tswa mohlapeng+ wa dinku le dipodi, diramong tse nyenyane kapa dipoding, a tlise e tona e phetseng hantle.+ 11 E hlabelwe lehlakoreng le ka leboya la aletare ka pela Jehova. Bara ba Arone e leng baprista ba fafatse madi a yona mahlakoreng ohle a aletare.+ 12 E kgabelwe dikotwana mme moprista a e behe hodima patsi e mollong o aletareng ha mmoho le hlooho le mafura a yona a potolohileng diphio.* 13 Mala le ditlhakwana tsa yona di hlatsuwe ka metsi, moprista a e hlahise kaofela ka pela Modimo mme a etse hore e kubelle aletareng. Ke nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*
14 Empa haeba a fana ka dinonyana e le nyehelo ya setjheso ho Jehova, a fane ka maebana kapa maebanakgorwana.+ 15 Moprista a a hlahise aletareng mme a a phunye molaleng. A etse hore a kubelle aletareng empa madi a ona a ntshetswe lehlakoreng la aletare. 16 A ntshe kila le masiba a ona mme a di lahlele ka thoko ho aletare, ka botjhabela moo ho qhallwang molora.*+ 17 A a sehe pela mapheo empa a sa a arole dikarolo tse pedi. Moprista a etse hore a kubelle aletareng hodima patsi e mollong. Ke nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*
2 Haeba motho a tlisa nyehelo ya dijo*+ ho Jehova, a tlise phofo e sitsweng hantle, a tshele oli hodima yona mme a behe dibano tse tshweu hodima yona.+ 2 A e tlise ho bara ba Arone e leng baprista. Moprista a nke phofo e sitsweng hantle e tletseng seatla, e kopantsweng le oli le dibano tsa yona tse tshweu. A etse hore e kubelle aletareng e le karolo e emelang nyehelo yohle*+ e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.* 3 Ntho le ha e le efe e setseng nyehelong ya dijo tse kotutsweng ke ya Arone le bara ba hae.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ dinyehelong tse tjhesetswang Jehova.
4 Haeba o hlahisa nyehelo ya dijo e bakilweng ka ontong, e be ya phofo e sitsweng hantle, ya mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli kapa diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli.+
5 Haeba o hlahisa nyehelo ya dijo e tswang paneng,+ e be ya phofo e sitsweng hantle e se nang tomoso, e kopantsweng le oli. 6 O e qhetsole mme o tshele oli hodima yona.+ Ke nyehelo ya dijo.
7 Haeba nyehelo ya hao e le nyehelo ya dijo e etswang ka pane, e etswe ka phofo e sitsweng hantle le oli. 8 O tlise nyehelo ya dijo e entsweng ka dintho tsena ho Jehova, e tla tliswa ho moprista mme yena o tla e atametsa pela aletare. 9 Moprista a nke e nngwe ya nyehelo ya dijo e le karolo e emelang nyehelo yohle.*+ A etse hore e kubelle aletareng e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+ 10 Ntho le ha e le efe e setseng nyehelong ya dijo tse kotutsweng ke ya Arone le bara ba hae. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa dinyehelong tse tjhesetswang Jehova.+
11 Ho se ke ha eba le nyehelo ya dijo e hlahiswang ho Jehova e nang le tomoso+ hobane ha le a lokela ho etsa hore hlama e bodila kapa mahe a dinotshi a kubelle e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.
12 Le ka di hlahisa ho Jehova e le nyehelo ya dihlahiswa tsa pele+ empa di se ke tsa tliswa aletareng e le nyehelo e monko o monate.*
13 Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo tse kotutsweng eo o e etsang e nokwe ka letswai. O etse bonnete ba hore e dula e ena le letswai la selekane* sa Modimo wa hao. Ha o e tlisa, o e tlise le letswai.+
14 Haeba o hlahisetsa Jehova nyehelo ya dijo ya dihlahiswa tsa pele tse butswitseng, o hlahise tse kotutsweng tse besitsweng, e leng ditlhaku tsa dijo tse sa tswa kguwa. Ke nyehelo ya dijo ya dihlahiswa tsa hao tsa pele tse butswitseng.+ 15 O tshele oli hodima yona mme o behe dibano tse tshweu hodima yona. Ke nyehelo ya dijo. 16 Moprista o tla etsa hore e kubelle e le karolo e emelang nyehelo yohle*+ e leng tse ding tsa ditlhaku tsa dijo tse kotutsweng, oli le dibano tsohle tsa yona tse tshweu. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova.
3 Haeba nyehelo ya hae e le sehlabelo se kopanetsweng*+ mme e tswa mohlapeng wa dikgomo, ebang ke e tona kapa ke e tshehadi, a hlahise phoofolo e phetseng hantle ka pela Jehova. 2 A behe letsoho hloohong ya nyehelo ya hae mme e hlabelwe monyakong wa tente ya pokano. Bara ba Arone e leng baprista ba tla fafatsa madi a yona mahlakoreng ohle a aletare. 3 A hlahise ho Jehova karolo e nngwe ya sehlabelo se kopanetsweng e le nyehelo e tjheswang ka mollo+ e leng mafura+ a kwahelang mala, mafura ohle a potolohileng mala, 4 diphio tse pedi le mafura ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 5 Bara ba Arone ba etse hore e kubelle aletareng hodima nyehelo ya setjheso e hodima patsi e mollong.+ Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+
6 Haeba nyehelo ya hae ya sehlabelo se kopanetsweng sa Jehova e tswa mohlapeng wa dinku le dipodi, a hlahise phoofolo e tona kapa e tshehadi e phetseng hantle.+ 7 Haeba a fana ka ramo e nyenyane e le nyehelo ya hae, a e tlise ka pela Jehova. 8 A behe letsoho hloohong ya nyehelo ya hae mme e hlabelwe ka pela tente ya pokano. Bara ba Arone ba fafatse madi a yona mahlakoreng ohle a aletare. 9 A hlahise mafura a tswang sehlabelong se kopanetsweng e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.+ A tlose mafura ohle a mohatleng a haufi le lesapo la mokokotlo, mafura a kwahelang mala, mafura ohle a potolohileng mala, 10 diphio tse pedi le mafura ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 11 Moprista a etse hore e kubelle aletareng e le dijo.* Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova.+
12 Haeba nyehelo ya hae e le podi, a e hlahise ka pela Jehova. 13 A behe letsoho hloohong ya yona mme e hlabelwe ka pela tente ya pokano. Bara ba Arone ba fafatse madi a yona mahlakoreng ohle a aletare. 14 Karolo eo a e hlahisang e le nyehelo ya hae e tjhesetswang Jehova e be mafura a kwahelang mala, mafura ohle a potolohileng mala,+ 15 diphio tse pedi le mafura a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong. 16 Moprista a etse hore di kubelle aletareng e le dijo.* Ke nyehelo e tjheswang e monko o monate.* Mafura ohle ke a Jehova.+
17 Ho hang le se ke la ja mafura kapa madi.+ Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko ya lona, dibakeng tsohle tseo le dulang ho tsona.’”
4 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ere ho Baiseraele, ‘Haeba motho a etsa sebe a sa ikemisetsa+ ka ho etsa e nngwe ya dintho tseo Jehova a laetseng hore di se ke tsa etswa:
3 Haeba moprista ya tlotsitsweng+ a etsa sebe+ mme a tlisetsa setjhaba molato, a hlahise pohwana e phetseng hantle ho Jehova e le nyehelo ya sebe seo a se entseng.+ 4 A tlise poho monyako wa tente ya pokano+ ka pela Jehova, a behe letsoho hodima hlooho ya yona ebe o e hlabela ka pela Jehova.+ 5 Moprista ya tlotsitsweng+ o tla nka madi a poho a a tlise ka tenteng ya pokano. 6 Moprista a qopetse madi ka monwana+ mme a fafatse madi a mang ka makgetlo a supileng+ ka pela Jehova e leng ka pela kgaretene ya sebaka se halalelang. 7 Hape moprista a tlotse madi a mang hodima manaka a aletare ya dibano tse nkgang ha monate+ e ka pela Jehova ka tenteng ya pokano. A tshele madi a mang kaofela a poho karolong e ka tlase ya aletare ya nyehelo ya setjheso+ e monyako wa tente ya pokano.
8 Ka mora moo, a tlose mafura ohle a poho ya nyehelo ya sebe, mafura a kwahelang mala, mafura a potolohileng mala, 9 diphio tse pedi le mafura a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 10 A tlose dintho tsena jwalo ka ha ho etswa ka poho ya sehlabelo se kopanetsweng.+ Moprista a etse hore di kubelle aletareng ya nyehelo ya setjheso.
11 Empa letlalo la poho, nama yohle, hlooho, ditlhakwana, mala le bolokwe ba yona+ 12 e leng poho yohle, a e ntshetse ka ntle ho diahelo sebakeng se hlwekileng moo ho qhallwang molora* teng mme a e tjhese mollong hodima patsi.+ E tjhesetswe moo ho qhallwang molora teng.
13 Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se le molato ka ho etsa sebe se sa ikemisetsa+ e leng ntho eo Jehova a laetseng hore e se ke ya etswa+ 14 e be sebe seo se a tsebahala, setjhaba se hlahise pohwana bakeng sa nyehelo ya sebe mme se e tlise ka pela tente ya pokano. 15 Baholo ba Iseraele ba behe matsoho hodima hlooho ya yona ka pela Jehova mme poho e hlabelwe ka pela Jehova.
16 Moprista ya tlotsitsweng a tlise madi a poho ka tenteng ya pokano. 17 Moprista a qopetse madi ka monwana mme a fafatse madi a mang ka makgetlo a supileng ka pela Jehova ka pela kgaretene.+ 18 A tlotse madi a mang hodima manaka a aletare+ e ka pela Jehova, e tenteng ya pokano. Madi a mang kaofela a a qhalle karolong e ka tlase ya aletare ya nyehelo ya setjheso e monyako wa tente ya pokano.+ 19 A tlose mafura ohle a yona mme a etse hore a kubelle aletareng.+ 20 A etse seo a se entseng ka poho e nngwe ya nyehelo ya sebe. Moprista a ba etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ mme ba tla tshwarelwa. 21 A ntshetse poho ka ntle ho diahelo mme a e tjhese feela jwalo ka ha a tjhesitse poho ya pele.+ Ke nyehelo ya sebe bakeng sa setjhaba.+
22 Ha kgosana+ e etsa sebe e sa ikemisetsa ka ho etsa e nngwe ya dintho tseo Jehova Modimo a laetseng hore di se ke tsa etswa mme e le molato 23 kapa haeba kgosana e hlokomela sebe seo e se entseng ka ho se mamele taelo, e tlise nyehelo ya potsanyane e tona e phetseng hantle. 24 Kgosana e behe letsoho hodima hlooho ya potsanyane mme e e hlabele sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona ka pela Jehova.+ Ke nyehelo ya sebe. 25 Moprista a qopetse madi a mang a nyehelo ya sebe ka monwana mme a a tlotse hodima manaka+ a aletare ya nyehelo ya setjheso. A tshele madi a mang a yona kaofela karolong e ka tlase ya aletare ya nyehelo ya setjheso.+ 26 A etse hore mafura ohle a yona a kubelle aletareng jwalo ka mafura a sehlabelo se kopanetsweng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa kgosana mme e tla tshwarelwa.
27 Haeba e mong wa batho ba naha a etsa sebe a sa ikemisetsa mme a ba molato ka ho etsa e nngwe ya dintho tseo Jehova a laetseng hore di se ke tsa etswa+ 28 kapa haeba a hlokomela sebe seo a se entseng, a tlise potsanyane e tshehadi e phetseng hantle e le nyehelo ya hae bakeng sa sebe seo a se entseng. 29 A behe letsoho hodima hlooho ya nyehelo ya sebe mme a hlabele nyehelo ya sebe sebakeng se tshwanang le sa nyehelo ya setjheso.+ 30 Moprista a qopetse madi a mang a yona ka monwana mme a a tlotse hodima manaka a aletare ya nyehelo ya setjheso. A tshele madi a mang a yona kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 31 A tlose mafura ohle+ a yona feela jwalo ka ha mafura a tloswa sehlabelong se kopanetsweng.+ Moprista a etse hore a kubelle aletareng e le monko o monate* ho Jehova. A etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa motho eo mme o tla tshwarelwa sebe sa hae.
32 Empa haeba a fana ka konyana bakeng sa nyehelo ya hae ya sebe, a tlise e tshehadi e phetseng hantle. 33 A behe letsoho hodima hlooho ya nyehelo ya sebe mme a e hlabe e le nyehelo ya sebe sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona.+ 34 Moprista a qopetse madi a mang a nyehelo ya sebe ka monwana mme a a tlotse manakeng a aletare ya nyehelo ya setjheso.+ A tshele madi a mang a yona kaofela karolong e ka tlase ya aletare. 35 A tlose mafura ohle a yona ka tsela e tshwanang le eo mafura a ramo e nyenyane ya sehlabelo se kopanetsweng a tloswang ka yona. Moprista a etse hore di kubelle aletareng hodima dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng mme o tla tshwarelwa.+
5 Haeba motho a bone motho e mong a etsa sebe kapa a tsebile ka sona mme a utlwa hore ho batlwa paki*+ empa a sa bue, o tla ba molato ebile o tla ikarabella ka sebe seo.
2 Kapa haeba motho a tshwara ntho e sa hlwekang ebang ke setopo sa phoofolo e hlaha e sa hlwekang, sa phoofolo e sa hlwekang e ruuwang le ditopo tsa dibopuwa tse sa hlwekang tse tsamayang e le sehlopha,+ ha a hlweka mme o molato le hoja a sa hlokomele. 3 Kapa haeba motho a tshwara motho ya sa hlwekang ka phoso+ kapa ntho e sa hlwekang e ka mo silafatsang mme ha morao a tseba ka yona, o molato.
4 Kapa haeba motho a potlakela ho ikana hore o tla etsa ntho le ha e le efe, ebang e ntle kapa e mpe ebe ha morao o hlokomela hore o ile a potlakela ho ikana o ba molato.*+
5 Haeba a eba molato mabapi le e nngwe ya dintho tsena, a bolele+ hore na o entse sebe ka tsela efe. 6 Hape a tlise nyehelo ya hae ya molato ho Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng+ e leng phoofolo e tshehadi ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi, ebang ke konyana e tshehadi kapa potsanyane e tshehadi bakeng sa nyehelo ya sebe. Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.
7 Haeba a sa kgone ho fana ka nku, a tlise maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ ho Jehova e le nyehelo ya molato bakeng sa sebe sa hae. Le leng e be la nyehelo ya sebe mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.+ 8 A a tlise ho moprista mme moprista a hlahise la nyehelo ya sebe a be a le phunye molaleng karolong e ka pele empa a se ke a le kgaola molala. 9 A fafatse madi a mang a nyehelo ya sebe lehlakoreng la aletare empa madi a setseng a tla ntshetswa karolong e ka tlase ya aletare.+ Ke nyehelo ya sebe. 10 A etse nyehelo ya setjheso ka le leng ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng mme o tla tshwarelwa.+
11 Haeba a sa kgone ho fana ka maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi, a tlise dilithara tse ka bang pedi*+ tsa phofo e sitsweng hantle e le nyehelo ya hae ya sebe. A se ke a tshela oli ho yona kapa a beha dibano tse tshweu hodima yona ka ha ke nyehelo ya sebe. 12 A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo yohle* mme a etse hore e kubelle aletareng hodima dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ke nyehelo ya sebe. 13 Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka lebaka la sebe seo a se entseng ebang ke sebe le ha e le sefe ho tseo ho builweng ka tsona mme o tla tshwarelwa.+ Se setseng nyehelong eo e tla ba sa moprista+ jwalo ka nyehelong ya dijo.’”*+
14 Jehova a re ho Moshe: 15 “Haeba motho a sa tshepahale mme a etsa sebe a sa ikemisetsa kgahlanong le dintho tse halalelang tsa Jehova,+ a tlisetse Jehova ramo e phetseng hantle e tswang mohlapeng wa dinku le dipodi e le nyehelo ya molato.+ Boleng ba yona ba silevera* bo behwa ho ya ka tekanyo* e sebediswang sebakeng se halalelang.+ 16 A patalle sebe seo a se entseng kgahlanong le sebaka se halalelang a be a eketse ka karolo e le nngwe ho tse ding le tse ding tse hlano ka hodimo ho seo a lokelang ho se patala.+ A di fe moprista e le hore a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ ka ramo ya nyehelo ya molato mme o tla tshwarelwa.+
17 Haeba motho a etsa sebe ka phoso ka hore a etse e nngwe ya dintho tseo Jehova a laetseng hore di se ke tsa etswa, o ntse a le molato mme o tla arabella phoso ya hae.+ 18 A tlise ramo e phetseng hantle e tswang mohlapeng ho moprista ho ya ka boleng bo behilweng bakeng sa nyehelo ya molato.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ka phoso mme o tla tshwarelwa. 19 Ke nyehelo ya molato. Motho eo o molato hobane o foseditse Jehova.”
6 Jehova a re ho Moshe: 2 “Haeba motho a etsa sebe mme a sa tshepahalle Jehova+ ka ho thetsa moahisani wa hae ka ntho eo a neng a mo boloketse yona+ kapa ka ntho eo a neng a mo adimme yona kapa a mo utswetsa 3 kapa a fumana ntho e lahlehileng mme a bua leshano ka yona, haeba a hlapanya ka leshano ka sebe seo a ka se etsang ho tsena,+ sena ke seo a lokelang ho se etsa: 4 Haeba a entse sebe mme a le molato, o lokela ho kgutlisa ntho eo a e utswitseng, eo a e nkileng ka mahahapa, eo a e nkileng ka bolotsana, e bolokilweng ho yena kapa ntho e lahlehileng eo a e fumaneng 5 kapa ntho le ha e le efe eo a hlapantseng ka leshano ka yona. A e kgutlise e feletse+ a be a eketse ka karolo e le nngwe ho tse ding le tse ding tse hlano ka hodimo ho seo a lokelang ho se kgutlisa. A di fe monga yona ka letsatsi leo ho pakwang hore o molato. 6 A tlise ho moprista ramo e phetseng hantle e tswang mohlapeng e le nyehelo ya hae ya molato ho Jehova, ho ya ka boleng bo behilweng bakeng sa nyehelo ya molato.+ 7 Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa motho eo ka pela Jehova mme o tla tshwarelwa sebe le ha e le sefe seo e ka nnang yaba se entse hore a be molato.”+
8 Jehova a re ho Moshe: 9 “Ere ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao wa nyehelo ya setjheso:+ Nyehelo ya setjheso e be hodima leifo aletareng bosiu bohle ho fihlela hoseng mme mollo o dule o tuka aletareng. 10 Moprista a apare seaparo sa hae sa line+ sa mosebetsi le borikgwe bo bokgutshwanyane*+ ba line. A ntshe molora*+ wa nyehelo ya setjheso e tjhesitsweng ke mollo hodima aletare mme a o behe ka thoko ho aletare. 11 A hlobole diaparo tsa hae,+ a apare tse ding mme a ntshetse molora sebakeng se hlwekileng ka ntle ho diahelo.+ 12 Mollo o dule o tuka aletareng. O se ke wa tima. Moprista a behe patsi hodima wona+ hoseng ho hong le ho hong mme a behe nyehelo ya setjheso hodima wona, a etse hore mafura a mahlabelo a kopanetsweng a kubelle hodima wona.+ 13 Mollo o dule o tuka aletareng. Ha o a lokela ho tima.
14 Ona ke molao wa nyehelo ya dijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pela Jehova ka pela aletare. 15 E mong wa bona a nke phofo e sitsweng hantle, e tletseng seatla ya nyehelo ya dijo le oli e nngwe ya yona le dibano tsohle tse tshweu tse hodima nyehelo ya dijo. A etse hore di kubelle hodima aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo yohle* ho Jehova.+ 16 Arone le bara ba hae ba je e setseng+ jwalo ka ha ba ja mahobe a se nang tomoso sebakeng se halalelang. Ba e jelle lebaleng la tente ya pokano.+ 17 Ha e a lokela ho bakwa le ntho le ha e le efe e nang le tomoso.+ Ke fane ka yona e le karolo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ jwalo ka nyehelo ya sebe le nyehelo ya molato. 18 Bohle ba batona hara bara ba Arone ba e je.+ Ke kabelo ya bona ya ka ho sa feleng melokong yohle ya lona dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo.+ Ntho e nngwe le e nngwe e thetsang dinyehelo e tla halalela.’”
19 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 20 “Ena ke nyehelo eo Arone le bara ba hae ba tla e hlahisa ho Jehova letsatsing leo Arone a tlotswang ka lona:+ Dilithara tse ka bang pedi*+ tsa phofo e sitsweng hantle e le nyehelo ya ka mehla ya dijo,+ halofo ya yona hoseng le halofo ya yona mantsiboya. 21 E etswe ka oli hodima pane.+ E tliswe e bakilwe e tswakilwe hantle le oli mme e hlahiswe e qhetsotswe bakeng sa nyehelo ya dijo e tlisetswang Jehova, e monko o monate.* 22 Moprista ya tlotsitsweng ya hlahlamang Arone ho tswa ho bara ba hae,+ a e etse. E etswe e le nyehelo e feletseng hore e kubelle ho Jehova. Ona ke molao o tla dula o le teng. 23 Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo ya moprista e lokela ho ba nyehelo e feletseng. Ha e a lokela ho jewa.”
24 Jehova a boela a re ho Moshe: 25 “Ere ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao wa nyehelo ya sebe:+ Nyehelo ya sebe le yona e hlabelwe sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona+ ka pela Jehova. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 26 Moprista ya e nyehelang bakeng sa sebe a e je.+ E jellwe sebakeng se halalelang lebaleng la tente ya pokano.+
27 Ntho e nngwe le e nngwe e thetsang nama ya nyehelo e tla halalela mme ha mang kapa mang a fafatsa madi a yona seaparong sa hae, seaparo seo se lokela ho hlatswetswa sebakeng se halalelang. 28 Sejana sa letsopa seo ho neng ho phehetswe ka ho sona se lokela ho pshatlwa. Empa haeba e phehetswe ka sejaneng sa koporo, se hohlwe mme se hlatsuwe ka metsi.
29 Bohle ba batona hara baprista ba e je.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 30 Empa ha ho nyehelo ya sebe e lokelang ho jewa haeba madi a mang a yona a tlisitswe ka tenteng ya pokano ho etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe sebakeng se halalelang.+ E tjheswe ka mollo.
7 Ona ke molao wa nyehelo ya molato:+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 2 Ba hlabele nyehelo ya molato moo ba hlabelang nyehelo ya setjheso teng mme madi a yona+ a fafatswe mahlakoreng ohle a aletare.+ 3 A hlahise mafura ohle a yona,+ mohatla o mafura, mafura a kwahelang mala, 4 diphio tse pedi le mafura ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 5 Moprista a etse hore di kubelle aletareng e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.+ Ke nyehelo ya molato. 6 Bohle ba batona hara baprista ba e je,+ ba e jelle sebakeng se halalelang. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 7 Molao wa nyehelo ya sebe o sebetsa le ho nyehelo ya molato. Ka hoo, phoofolo eo moprista a etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka yona e tla ba ya hae.+
8 Ha moprista a hlahisa nyehelo ya setjheso bakeng sa motho, letlalo+ la nyehelo eo e tla ba la moprista eo.
9 Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo* e bakilweng ka ontong kapa e etseditsweng ka hara pane+ e tla ba ya moprista ya e hlahisang.+ 10 Empa nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo e kopantsweng le oli+ kapa e ommeng+ e tla ba ya bara bohle ba Arone, kaofela ba tla fumana karolo e lekanang.
11 Ona ke molao wa sehlabelo se kopanetsweng+ seo motho a ka se hlahisang ho Jehova: 12 Haeba a se hlahisa e le pontsho ya ho leboha, a se hlahise le sehlabelo sa ho leboha+ sa mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli, diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli le mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a entsweng ka phofo e sitsweng hantle, e kopantsweng hantle le oli. 13 A tlise nyehelo ya hae ha mmoho le mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a bohobe bo nang le tomoso le sehlabelo sa diteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsweng. 14 Ho tswa ho sona a hlahise bohobe bo le bong ba mofuta o mong le o mong e le karolo e halalelang ho Jehova mme moprista a fafatse madi a mahlabelo a kopanetsweng.+ 15 Nama ya sehlabelo sa diteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsweng e jewe letsatsing leo a e nyehelang ka lona. Ha a lokela ho boloka le ha e le efe ya yona ho fihlela hoseng.+
16 Haeba sehlabelo sa nyehelo ya hae e le nyehelo ya boitlamo+ kapa ya boithaopo,+ se jewe letsatsing leo a hlahisang sehlabelo sa hae ka lona mme se salang se ka jewa ka letsatsi le hlahlamang. 17 Nama le ha e le efe ya sehlabelo e setseng, e tjheswe ka letsatsi la boraro.+ 18 Empa haeba nama ya sehlabelo sa hae se kopanetsweng e jewa letsatsing la boraro, ya e hlahisang a ke ke a amoheleha. E ke ke ya amohelwa ke Modimo, ke ntho e nyonyehang mme motho ya e jang o tla arabella phoso ya hae.+ 19 Nama e thetsang ntho e sa hlwekang e se ke ya jewa. E lokela ho tjheswa ka mollo. Batho bohle ba hlwekileng ba ka ja nama e hlwekileng.
20 Empa motho le ha e le ofe ya sa hlwekang ya jang nama ya sehlabelo se kopanetsweng sa Jehova, a bolawe setjhabeng sa habo.+ 21 Haeba motho a thetsa ntho e sa hlwekang ebang ke motho ya sa hlwekang+ kapa phoofolo e sa hlwekang+ kapa ntho le ha e le efe e nyonyehang+ e sa hlwekang mme a ja e nngwe ya nama ya sehlabelo se kopanetsweng sa Jehova, motho eo o lokela ho bolawa setjhabeng sa habo.’”
22 Jehova a re ho Moshe: 23 “Bua le Baiseraele o re, ‘Le se ke la ja mafura+ le ha e le afe a poho kapa a ramo e nyenyane kapa a podi. 24 Mafura a phoofolo e fumanwang e shwele le mafura a phoofolo e bolailweng ke phoofolo e nngwe a ka sebedisetswa ntho le ha e le efe empa ho hang le se ke la a ja.+ 25 Mang kapa mang ya jang mafura a phoofolo eo a e hlahisang e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, a bolawe setjhabeng sa habo.
26 Le se ke la ja madi+ a ntho le ha e le efe dibakeng tseo le dulang ho tsona ebang ke a dinonyana kapa a diphoofolo. 27 Mang kapa mang ya jang madi, a bolawe+ setjhabeng sa habo.’”
28 Jehova a bua le Moshe a re: 29 “Bolella Baiseraele o re, ‘Mang kapa mang ya hlahisang sehlabelo sa hae se kopanetsweng ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova karolo e nngwe ya nyehelo ya hae e tswang sehlabelong sa hae se kopanetsweng.+ 30 A tlise mafura+ le sefuba ka matsoho a hae e le nyehelo e tjhesetswang Jehova mme o tla e tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ 31 Moprista o tla etsa hore mafura a kubelle hodima aletare+ empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.+
32 Le tla fa moprista leoto le letona e le karolo e halalelang e tswang mahlabelong a lona a kopanetsweng.+ 33 Mora wa Arone ya hlahisang madi a mahlabelo a kopanetsweng le mafura, o tla nka leoto le letona e le kabelo ya hae.+ 34 Mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele, ke nka sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang mme ke di fa moprista Arone le bara ba hae. Ke molao o tla dula o le teng bakeng sa Baiseraele.+
35 Ena e ne e le karolo e tswang dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo e lokelang ho behellwa ka thoko bakeng sa baprista, e leng Arone le bara ba hae, letsatsing leo ka lona ba hlahiswang ho sebeletsa Jehova e le baprista.+ 36 Jehova o laetse Baiseraele hore ba bafe karolo ena letsatsing leo ba tlotswang ka lona.+ Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko ya bona.’”
37 Ona ke molao wa nyehelo ya setjheso,+ nyehelo ya dijo,+ nyehelo ya sebe,+ nyehelo ya molato,+ sehlabelo sa tlhomamiso+ le sehlabelo se kopanetsweng+ 38 feela jwalo ka ha Jehova a laetse Moshe Thabeng ya Sinai,+ letsatsing leo a laetseng Baiseraele hore ba hlahise dinyehelo tsa bona ho Jehova lefeelleng la Sinai.+
8 Jehova a re ho Moshe: 2 “Tsamaya le Arone le bara ba hae,+ o nke diaparo,+ oli e halalelang,*+ poho ya nyehelo ya sebe, diramo tse pedi le baskete ya mahobe a se nang tomoso+ 3 mme o bitse setjhaba sohle hore se bokane monyako wa tente ya pokano.”
4 Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse mme setjhaba sa bokana monyako wa tente ya pokano. 5 Moshe a re ho setjhaba: “Ena ke ntho eo Jehova a re laetseng yona.” 6 Moshe a atametsa Arone le bara ba hae mme a ba hlatswa ka metsi.+ 7 Ka mora moo, a apesa Arone seaparo se selelele+ yaba o mo tlama ka lebanta.+ A mo apesa le seaparo se se nang matsoho+ yaba o mo apesa efoda*+ mme o e tlama ka lebanta le lohilweng+ la efoda, a le tlamella ho yena ka thata. 8 A mo apesa mokotlana wa sefuba+ mme a kenya Urime le Thumime+ ka hara wona. 9 A mo rwesa tuku+ mme karolong e ka pele ya tuku a beha lesenke le benyang la kgauta e le pontsho e halalelang ya boinehelo*+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
10 Moshe a nka oli e halalelang, a tlotsa tabernakele le dintho tsohle tse ka ho yona+ mme a di halaletsa. 11 A fafatsa e nngwe ya yona ka makgetlo a supileng aletareng yaba o tlotsa aletare le disebediswa tsohle tsa yona, beisine le sedulwana sa yona e le hore a di halaletse. 12 Qetellong a tshela Arone hloohong ka e nngwe ya oli e halalelang yaba o a mo tlotsa e le hore a mo halaletse.+
13 Moshe a atametsa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse telele tsa ka hodimo mme a ba tlama ka mabanta yaba o ba rwesa* masela a rwalwang hloohong+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
14 A tlisa poho ya nyehelo ya sebe mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya poho eo.+ 15 Moshe a e hlaba mme a kgwatha madi+ ka monwana yaba o a tlotsa manakeng a aletare mahlakoreng ohle, a hlwekisa aletare sebeng. Madi a mang kaofela a a tshela karolong e ka tlase ya aletare, e le hore a e halaletse hore ho tle ho etswe sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe hodima yona. 16 Moshe a nka mafura ohle a hodima mala, karolo e mafura ya sebete, diphio tse pedi le mafura a tsona yaba o etsa hore di kubelle aletareng.+ 17 A nka poho yohle e setseng, letlalo la yona, nama ya yona le bolokwe ba yona mme a di tjhesetsa ka ntle ho diahelo+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
18 A atametsa ramo ya nyehelo ya setjheso mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya yona.+ 19 Moshe a e hlaba mme a fafatsa madi mahlakoreng ohle a aletare. 20 A kgabela ramo dikotwana mme a etsa hore hlooho, dikotwana le mafura a potolohileng diphio* di kubelle. 21 Moshe a hlatswa mala le ditlhakwana ka metsi mme a etsa hore ramo kaofela e kubelle aletareng. E ne e le nyehelo ya setjheso e monko o monate.* E ne e le nyehelo e tjhesetswang Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
22 A tlisa ramo ya bobedi e leng ya tlhomamiso+ mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya yona.+ 23 Moshe a e hlaba yaba o nka madi a mang a yona mme o a tlotsa ntlheng ya tsebe e tona ya Arone le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona. 24 Ka mora moo, Moshe a atametsa bara ba Arone yaba o ba tlotsa ka madi dintlheng tsa ditsebe tsa bona tse tona le menwaneng e metona ya matsoho a bona a matona le menwaneng e metona ya maoto a bona a matona. A fafatsa madi a mang kaofela mahlakoreng ohle a aletare.+
25 A nka mafura, mohatla o mafura, mafura ohle a hodima mala, karolo e mafura ya sebete, diphio tse pedi le mafura a tsona le leoto le letona.+ 26 Ka hara baskete ya bohobe bo se nang tomoso bo neng bo le ka pela Jehova, a ntsha bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo se nang tomoso,+ bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo nang le oli+ le sephaphatha se le seng. A di beha hodima dikarolo tse mafura le hodima leoto le letona. 27 Ka mora moo, kaofela ha tsona a di beha hodima diatla tsa Arone le diatla tsa bara ba hae yaba o di tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. 28 Moshe a di nka matsohong a bona yaba o etsa hore di kubelle aletareng hodima nyehelo ya setjheso. E ne e le sehlabelo sa tlhomamiso se monko o monate.* E ne e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.
29 Moshe a nka sefuba mme a se tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ E ile ya eba kabelo ya Moshe e tswang ramong ya tlhomamiso feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.+
30 Moshe a nka e nngwe ya oli e halalelang+ le a mang a madi a hodima aletare yaba o fafatsa Arone le diaparo tsa hae ka tsona. A boela a fafatsa bara ba hae le diaparo tsa bona. Ka lebaka leo, a halaletsa Arone le diaparo tsa hae le bara ba hae+ le diaparo tsa bona.+
31 Moshe a re ho Arone le bara ba hae: “Phehang+ nama monyako wa tente ya pokano. Le e jelle moo le bohobe bo ka basketeng ya tlhomamiso feela jwalo ka ha ke filwe taelo e reng, ‘Arone le bara ba hae ba e je.’+ 32 Nama le bohobe tse setseng le di tjhese ka mollo.+ 33 Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano ka matsatsi a supileng, ho fihlela matsatsi a tlhomamiso ya lona a fedile hobane ho tla nka matsatsi a supileng ho le beha hore le be baprista.*+ 34 Jehova o laetse hore re etse seo re se entseng kajeno e le ho le etsetsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+ 35 Le dule monyako wa tente ya pokano bosiu le motshehare ka matsatsi a supileng+ mme le etse seo Jehova a le laetseng sona+ e le hore le se ke la shwa hobane ke laetswe jwalo.”
36 Arone le bara ba hae ba etsa dintho tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe.
9 Ka letsatsi la borobedi,+ Moshe a bitsa Arone le bara ba hae le baholo ba Iseraele. 2 A re ho Arone: “Inkele namane e nyenyane ya nyehelo ya sebe+ le ramo ya nyehelo ya setjheso, ebe tse phetseng hantle mme o di hlahise ka pela Jehova. 3 Empa o re ho Baiseraele, ‘Nkang phooko* ya nyehelo ya sebe mme bakeng sa nyehelo ya setjheso le nke namane le ramo e nyenyane. Ka bobedi e be tse nang le selemo, tse phetseng hantle. 4 Le nke le poho le ramo bakeng sa mahlabelo a kopanetsweng+ hore ho etswe sehlabelo ka tsona ka pela Jehova le nyehelo ya dijo*+ e kopantsweng le oli hobane kajeno Jehova o tla bonahala ho lona.’”+
5 Ba tlisa tsohle tseo Moshe a laetseng hore ba di tlise ka pela tente ya pokano. Setjhaba sohle sa atamela mme sa ema ka pela Jehova. 6 Moshe a re: “Jehova o laetse hore le etse sena e le hore kganya ya Jehova e ka bonahala ho lona.”+ 7 Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng o hlahise nyehelo ya hao ya sebe+ le ya setjheso mme o etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa hao+ le ba lelapa la hao. O hlahise nyehelo ya setjhaba+ o be o se etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ feela jwalo ka ha Jehova a laetse.”
8 Kapelepele Arone a atamela aletareng yaba o itlhabela namane ya nyehelo ya sebe.+ 9 Bara ba Arone ba tlisa madi+ ho yena yaba o a qopetsa ka monwana mme o a tlotsa manakeng a aletare. A tshela madi a mang kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 10 A etsa nyehelo ya sebe ka ho tjhesa mafura, diphio le mafura a sebeteng aletareng feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 11 A tjhesetsa nama le letlalo la namane eo ka ntle ho diahelo.+
12 Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso yaba bara ba hae ba mo fa madi a yona mme a a fafatsa mahlakoreng ohle a aletare.+ 13 Ba mo fa nama ya nyehelo eo le hlooho ya yona mme a di tjhesetsa aletareng hore di kubelle. 14 A hlatswa mala le ditlhakwana mme a di tjhesetsa aletareng le nyehelo ya setjheso e le hore di kubelle.
15 A hlahisa nyehelo ya setjhaba yaba o nka podi ya nyehelo ya sebe bakeng sa setjhaba, a e hlaba mme a etsa nyehelo ya sebe ka yona jwalo ka ha a entse ka nyehelo ya pele. 16 A boela a hlahisa nyehelo ya setjheso mme a e etsa ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng.+
17 A hlahisa nyehelo ya dijo,+ a tlatsa e nngwe ya yona letsohong la hae mme a e tjhesa e le hore e kubelle aletareng, ho ekelletsa nyehelong ya setjheso ya hoseng.+
18 A hlaba poho le ramo ya sehlabelo se kopanetsweng seo e neng e le sa setjhaba. Bara ba Arone ba mo fa madi a tsona mme a a fafatsa mahlakoreng ohle a aletare.+ 19 Ha e le dikarolo tse mafura tsa poho,+ mohatla o mafura wa ramo, mafura a kwahetseng mala, diphio le mafura a sebeteng,+ 20 ba di beha hodima difuba tsa poho le ramo yaba Arone o di tjhesa aletareng e le hore di kubelle.+ 21 Empa difuba le leoto le letona Arone a di tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova feela jwalo ka ha Moshe a ne a laetse.+
22 Arone a phahamisetsa matsoho ho setjhaba a se hlohonolofatsa+ yaba o theoha aletareng ka mora ho etsa nyehelo ya sebe, nyehelo ya setjheso le mahlabelo a kopanetsweng. 23 Qetellong Moshe le Arone ba kena ka tenteng ya pokano yaba ba a tswa mme ba hlohonolofatsa setjhaba.+
Setjhaba sohle sa bona kganya ya Jehova.+ 24 Ha setjhaba sohle se bona mollo o tswang ho Jehova+ o tjhesa nyehelo ya setjheso le mafura a aletareng, sa hweletsa mme sa kgumama.*+
10 Bara ba Arone e leng Nadabe le Abihu+ ba nka dipane tsa bona tsa mollo yaba ba tshela mashala a hlenneng ka hara tsona mme ba beha dibano+ hodima ona. Ba etsetsa Jehova nyehelo ya mollo e seng molaong.+ 2 Mollo o tswang ho Jehova wa ba tjhesa+ yaba ba shwella ka pela Jehova.+ 3 Moshe a re ho Arone: “Jehova o itse o tla halaletswa hara batho ba haufi le yena+ mme a tlotliswe ka pela setjhaba sohle.” Arone a thola.
4 Moshe a bitsa Mishaele le Elzafane, bara ba Uziele+ e leng rangwane wa Arone mme a re ho bona: “Tlosang bana ba bo lona ka pela sebaka se halalelang le ba ise ka ntle ho ditente.” 5 Ba tla yaba ba tlosa banna bao ba shweleng ba ntse ba apere diaparo tsa bona, ba ba isa ka ntle ho ditente feela jwalo ka ha Moshe a ne a ba boleletse.
6 Moshe a re ho Arone le ho bara ba bang ba hae e leng Eleazare le Ithamare: “Le se ke la tlohela moriri wa lona o sa kangwa ebile o se makgethe kapa la tabola diaparo tsa lona+ e le hore le se ke la shwa le hore Modimo a se ke a halefela setjhaba sohle. Bana ba bo lona ba ntlo yohle ya Iseraele ba tla llela bao Jehova a ba bolaileng ka mollo. 7 Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho seng jwalo le tla shwa ka ha oli e halalelang* ya Jehova e hodima lona.”+ Ba etsa ho ya ka moo Moshe a neng a ba boleletse.
8 Jehova a re ho Arone: 9 “Wena le bara ba hao le se ke la nwa veine kapa dino tse ding tse tahang ha le kena ka tenteng ya pokano+ e le hore le se ke la shwa. Ke taelo e tla dula e le teng melokong ya lona. 10 Le etse sena e le hore le kgetholle pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng, pakeng tsa ntho e sa hlwekang le e hlwekileng+ 11 le ho ruta Baiseraele melao yohle eo Jehova a ba boleletseng yona a sebedisa Moshe.”+
12 Moshe a bua le Arone le Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba neng ba setse a re: “Nkang dijo tse setseng nyehelong ya dijo* dinyehelong tse tjhesetswang Jehova mme le di je e le bohobe bo se nang tomoso haufi le aletare+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 13 Le di jelle sebakeng se halalelang+ hobane ke kabelo ya lona le ya bara ba lona dinyehelong tse tjhesetswang Jehova ka ha sena ke seo ke se laetsweng. 14 Lona le bara le baradi ba lona+ le je sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang+ sebakeng se hlwekileng hobane dintho tsena di fanwe e le kabelo ya lona le ya bara ba lona mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele. 15 Ba tlise leoto la karolo e halalelang, sefuba sa nyehelo e tsokwang le dinyehelo tsa mafura tse tjheswang ka mollo e le hore ba di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. E be kabelo ya ka ho sa feleng bakeng sa lona le bara ba lona+ feela jwalo ka ha Jehova a laetse.”
16 Moshe a batlana le podi ya nyehelo ya sebe+ mme a fumana hore e tjhesitswe. A halefela Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba setseng a re: 17 “Ke hobaneng ha le sa ja nyehelo ya sebe sebakeng se halalelang+ ka ha ke ntho e halalelang ka ho fetisisa ebile le e filwe e le hore le ka ikarabella bakeng sa phoso ya setjhaba le hore le etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa sona ka pela Jehova? 18 Ha ho na motho ya tlisitseng madi a yona ka hara sebaka se halalelang.+ Le ka be le e jelletse sebakeng se halalelang feela jwalo ka ha ke ne ke laetswe.” 19 Arone a re ho Moshe: “Kajeno setjhaba se hlahisitse nyehelo ya sona ya sebe le nyehelo ya sona ya setjheso ka pela Jehova.+ Empa ka mora dintho tsee tse nketsahalletseng, na Jehova o ne a tla thaba haeba ke ne ke jele nyehelo ya sebe kajeno?” 20 Moshe a kgotsofala ha a utlwa seo.
11 Jehova a re ho Moshe le Arone: 2 “Ereng ho Baiseraele, ‘Tsena ke dibopuwa tse phelang tsa lefatshe* tseo le ka di jang:+ 3 Le ka ja phoofolo e nngwe le e nngwe e nang le tlhako e arohaneng ka ho feletseng ebile e thuisa.
4 Empa le se ke la ja diphoofolo tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng e leng kamele hobane e a thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha e a hlweka.+ 5 Le se ke la ja le pela+ hobane e a thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha e a hlweka. 6 Mmutla hobane o a thuisa empa ha o na tlhako e arohaneng. Ha o a hlweka. 7 Kolobe+ hobane e na le tlhako e arohaneng ka ho feletseng empa ha e thuise. Ha e a hlweka. 8 Le se ke la ja nama le ha e le efe ya tsona kapa la tshwara ditopo tsa tsona. Ha di a hlweka.+
9 Sena ke seo le ka se jang hara dibopuwa tsohle tsa metsing: Ntho le ha e le efe e ka metsing e nang le maphewana le makgakgapha ebang e mawatleng kapa dinokeng.+ 10 Empa ntho le ha e le efe e mawatleng le e dinokeng e se nang maphewana le makgakgapha ho dibopuwa tsohle tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha le sebopuwa se seng le se seng se phelang ka metsing, ke ntho e nyonyehang ho lona. 11 Le se ke la di ja.+ Le di nyonye le be le nyonye le ditopo tsa tsona. 12 Ntho e nngwe le e nngwe e ka metsing e se nang maphewana le makgakgapha ke ntho e nyonyehang ho lona.
13 Tsena ke dibopuwa tse fofang tseo le lokelang ho di nyonya, ha di a lokela ho jewa ka ha di a nyonyeha: ntsu,+ phakwe e jang ditlhapi, lenong le letsho,+ 14 mmankgodi o mofubedu le mefuta yohle ya mmankgodi o motsho, 15 mefuta yohle ya lekgwaba, 16 mpshe, sephooko, nonyana ya metsing, mefuta yohle ya phakwe, 17 sephooko se senyenyane, seinodi, sephooko se ditsebe di telele, 18 kgantshi, letata le jang ditlhapi, lenong, 19 mokotatsie, mefuta yohle ya kokolofitwe, popopo le mmankgane. 20 Dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamayang e le sehlopha mme di tsamaya ka maoto ohle a tsona a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona.
21 Hara dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamayang e le sehlopha mme di tsamaya ka maoto a mane, le ka ja feela tse nang le maoto ao di qhomang ka ona.* 22 Ho tsona le ka ja tse latelang: mefuta e fapaneng ya ditsie tse sa duleng sebakeng se le seng, mefuta ya ditsie tse ding tse jewang,+ ya matjeketjane* le ya marutle. 23 Dibopuwa tse ding tsohle tse nang le mapheo tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha tse nang le maoto a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 24 Di tla le silafatsa. E mong le e mong ya thetsang ditopo tsa tsona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 25 Mang kapa mang ya nkang ditopo tsa tsona a hlatswe diaparo tsa hae+ mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.
26 Phoofolo le ha e le efe e nang le tlhako e arohaneng empa e se ka ho feletseng ebile e sa thuise, ha e a hlweka. E mong le e mong ya e thetsang o tla dula a sa hlweka.+ 27 Dibopuwa tsohle tse tsamayang ka maro* hara dibopuwa tse tsamayang ka maoto ohle a mane ha di a hlweka. E mong le e mong ya thetsang ditopo tsa tsona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 28 Motho ya nkang ditopo tsa tsona a hlatswe diaparo tsa hae+ mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ Ha di a hlweka.
29 Tsena ke dibopuwa tse nyenyane tse sa hlwekang ho lona: Kgwiti, tweba,+ mofuta o mong le o mong wa mokgodutswane, 30 tjhetjheiki, mokgodutswane o moholo, polometsi, sefelekwane le lempetje. 31 Dibopuwa tsena ha di a hlweka.+ E mong le e mong ya di thetsang ha di shwele o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+
32 Ntho le ha e le efe eo di welang hodima yona ha di shwa e tla dula e sa hlweka ebang ke sesebediswa sa lepolanka, seaparo, letlalo la phoofolo kapa lesela le hwashang.* Sesebediswa le ha e le sefe se sebediswang se lokela ho kenngwa ka metsing mme e tla ba se sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Ka mora moo, se tla be se hlwekile. 33 Haeba di wela ka hara sejana se entsweng ka letsopa, le se pshatle. Ntho le ha e le efe e neng e le ka hara sona e tla dula e sa hlweka.+ 34 Dijo tsa mefuta yohle tse ka kopanang le metsi a tswang ka sejaneng seo e tla ba tse sa hlwekang mme seno sefe kapa sefe se ka hara sejana seo se ke ke sa hlweka. 35 Ntho le ha e le efe eo ditopo tseo di welang hodima yona e tla dula e sa hlweka. E lokela ho pshatlwa ebang ke onto kapa setofo se senyenyane. Ha e a hlweka mme e tla dula e sa hlweka. 36 Ke sediba le sekoti se bolokang metsi feela tse tla dula di hlwekile. Empa mang kapa mang ya thetsang ditopo tseo o tla dula a sa hlweka. 37 Haeba ditopo tseo di wela hodima peo ya semela e lokelang ho jalwa, peo eo e hlwekile. 38 Empa haeba peo e tshetswe ka metsi mme karolo e nngwe ya ditopo tseo e wela hodima yona, peo eo ha e a hlweka.
39 Haeba phoofolo le ha e le efe eo le e jang e shwa, mang kapa mang ya tshwarang setopo sa yona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 40 Motho ya jang nama ya yona a hlatswe diaparo tsa hae mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ Motho ya nkang setopo sa phoofolo eo a hlatswe diaparo tsa hae. O tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 41 Dibopuwa tsohle tse sa hlwekang tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha lefatsheng ke ntho e nyonyehang.+ Di se ke tsa jewa. 42 Ha le a lokela ho ja dibopuwa tsohle tse hahabang ka mpa, tse tsamayang ka maoto ohle a mane kapa dibopuwa tse nyenyane tse nang le maoto a mangata tse tsamayang e le sehlopha hobane ke ntho e nyonyehang.+ 43 Le se ke la iketsa ba nyonyehang ka lebaka la dibopuwa le ha e le dife tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha mme le se ke la itshilafatsa yaba le ba ba sa hlwekang ka lebaka la tsona.+ 44 Ke nna Jehova Modimo wa lona.+ Ka hoo, le dule le hlwekile mme le halalele+ hobane ke a halalela.+ Le se ke la itshilafatsa ka dibopuwa le ha e le dife tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha. 45 Ke nna Jehova, ya le etellang pele ho tswa Egepeta hore ke be Modimo ho lona,+ le halalele+ hobane ke a halalela.+
46 Ona ke molao o mabapi le diphoofolo, dibopuwa tse fofang, dibopuwa tsohle tse tsamayang ka metsing le dibopuwa tsohle tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha 47 e le hore le tsebe ho kgetholla pakeng tsa tse sa hlwekang le tse hlwekileng le pakeng tsa dibopuwa tse phelang tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.’”+
12 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Baiseraele hore haeba mosadi a ima* mme a ba le ngwana wa moshanyana, o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng feela jwalo ka ha a sa hlweka ha a le matsatsing.+ 3 Ka letsatsi la borobedi ngwana eo a bolotswe.+ 4 Mosadi eo a qete matsatsi a 33 a itlhwekisa. A se ke a tshwara ntho le ha e le efe e halalelang mme a se ke a kena sebakeng se halalelang ho fihlela a qeta ho itlhwekisa.
5 Haeba a eba le ngwana wa ngwanana o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a 14 feela jwalo ka ha a sa hlweka ha a le matsatsing. A qete matsatsi a 66 a itlhwekisa. 6 Ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fela ka mora hore a be le mora kapa moradi, a nke ramo e nyenyane e nang le selemo, a e tlise ho moprista monyako wa tente ya pokano hore ho etswe nyehelo ya setjheso.+ A tlise le leeba kapa leebanakgorwana hore ho etswe nyehelo ya sebe ka lona. 7 Moprista a e tlise ka pela Jehova mme a etsetse mosadi eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, o tla hlweka phallong ya hae ya madi. Ona ke molao bakeng sa mosadi ya bang le ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana. 8 Empa haeba a ke ke a kgona ho fana ka nku, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi,+ le leng bakeng sa nyehelo ya setjheso le le leng bakeng sa nyehelo ya sebe. Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe mme o tla hlweka.”
13 Jehova a re ho Moshe le Arone: 2 “Haeba motho a ruruha, a hlaha kgoo* kapa setlapedi mme di fetoha lefu la lepera*+ letlalong la hae, a tliswe ho moprista Arone kapa ho e mong wa bara ba hae e leng baprista.+ 3 Moprista a hlahlobe leqeba le letlalong la hae. Ha mohwete o leqebeng o le mosweu mme leqeba le keneletse letlalong, ke lefu la lepera. A le hlahlobe mme a bolele hore ha a hlweka. 4 Empa haeba setlapedi se letlalong la hae se le sesweu ebile se sa kenella letlalong mme mohwete o se mosweu, moprista o tla behella motho eo ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 5 Moprista a mo hlahlobe ka letsatsi la bosupa. Haeba ho bonahala hore leqeba le fodile mme ha le a namela letlalong, a mo behelle ka thoko ka matsatsi a mang a supileng.
6 Moprista a mo hlahlobe hape ka letsatsi la bosupa, haeba leqeba le ntse le fola ebile le sa namela letlalong, a bolele hore o hlwekile,+ e ne e le kgoo feela. Motho eo a hlatswe diaparo tsa hae mme a hlweke. 7 Empa haeba ntle ho pelaelo kgoo e nametse letlalong ka mora hore moprista a tiise hore o hlwekile, a hlahe hape* ka pela hae. 8 Moprista a e hlahlobe. Haeba kgoo e nametse letlalong, a bolele hore ha a hlweka. Ke lepera.+
9 Haeba lefu la lepera le hlaha ho motho, a tliswe ho moprista 10 mme a mo hlahlobe.+ Haeba ho ena le ho ruruha ho hosweu letlalong mme ho entse hore mohwete o be mosweu ebile ho ena le seso+ moo ho ruruhileng, 11 ke lepera le sa foleng letlalong la hae mme moprista o tla bolela hore ha a hlweka. A se ke a mo behella ka thoko+ hobane ha a hlweka. 12 Haeba lepera le hlaha motho mmele wohle ho tloha hloohong ho ya maotong, hoo moprista a kgonang ho le bona 13 mme moprista a mo hlahlobile, a bone hore lepera le tletse mmele wohle, a bolele hore motho eo o hlwekile.* Kaofela ha lona le se le le lesweu mme o hlwekile. 14 Empa neng kapa neng ha seso se hlaha letlalong, o tla dula a sa hlweka. 15 Ha moprista a bona seso, a bolele hore ha a hlweka.+ Seso seo ha se a hlweka. Ke lepera.+ 16 Empa haeba seso se eba sesweu hape, a ye ho moprista. 17 Moprista a mo hlahlobe+ mme haeba leqeba le le lesweu, a bolele hore motho eo o hlwekile.
18 Haeba motho a tswa lethopa mmeleng mme le fola, 19 moo ho neng ho tswile lethopa teng, ho hlahile ho ruruha ho hosweu kapa setlapedi se bofubedu bo bosweu, a ye ho moprista. 20 Moprista a hlahlobe setlapedi seo.+ Haeba se bonahala se keneletse letlalong mme mohwete wa sona o le mosweu, a bolele hore motho eo ha a hlweka. Ke lefu la lepera le tswileng lethopeng. 21 Empa haeba moprista a se hlahloba mme a bona hore ha ho na mohwete o mosweu ho sona le hore ha se a kenella letlalong ebile se a fola, a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 22 Haeba se nametse letlalong, moprista a bolele hore ha a hlweka. O na le lepera. 23 Haeba setlapedi se sa nama, ke ho ruruha ha lethopa feela. Moprista a bolele hore o hlwekile.+
24 Kapa haeba motho a ena le lebadi la ho tjha mme nama e ka hare ya lebadi e eba setlapedi se bofubedu bo bosweu kapa setlapedi se sesweu, 25 moprista a mo hlahlobe. Haeba mohwete o setlapeding o se o le mosweu mme se bonahala se kenelletse letlalong, ke lepera le tswileng lebading, moprista a bolele hore ha a hlweka. Ke lefu la lepera. 26 Empa haeba moprista a mo hlahloba mme a bona hore ha ho na mohwete o mosweu setlapeding ebile ha se a kenella letlalong mme se a fola, moprista a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 27 Moprista a mo hlahlobe ka letsatsi la bosupa. Haeba se nametse letlalong, moprista a bolele hore ha a hlweka. Ke lefu la lepera. 28 Haeba setlapedi se sa namela letlalong ebile se fola, ke ho ruruha ha lebadi feela. Moprista a bolele hore o hlwekile hobane ke ho ruruha ha lebadi.
29 Ha monna kapa mosadi a tswa leqeba hloohong kapa seledung, 30 moprista a hlahlobe leqeba leo.+ Haeba le bonahala le keneletse letlalong mme moriri o le mosehla ebile o fefoha, moprista a bolele hore motho eo ha a hlweka, ke leqeba le letlalong la hlooho kapa le ditedung. Ke lepera la hlooho kapa la seledu. 31 Empa haeba moprista a bona hore leqeba ha le a kenella letlalong mme ha ho na moriri o motsho ho lona, a behelle motho ya nang le leqeba ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 32 Moprista a hlahlobe leqeba leo ka letsatsi la bosupa. Haeba le sa nama mme ho sa hlaha moriri o mosehla ho lona ebile le bonahala le sa kenella letlalong, 33 motho eo a kute empa a se ke a kuta moo a tswileng leqeba. Moprista a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.
34 Moprista a hlahlobe leqeba hape ka letsatsi la bosupa. Haeba leqeba le hloohong le le seledung le sa namela letlalong mme le sa kenella letlalong, moprista a bolele hore o hlwekile. Motho eo a hlatswe diaparo tsa hae mme a hlweke. 35 Empa haeba leqeba le namela letlalong ka mora hore a hlwekiswe, 36 moprista a mo hlahlobe. Haeba leqeba le nametse letlalong, ha ho hlokahale hore moprista a shebe hore na o na le moriri o mosehla, motho eo ha a hlweka. 37 Empa haeba ha a mo hlahloba a bona hore leqeba ha le a nama le hore moriri o motsho o hlahile hodima lona, leqeba leo le fodile. O hlwekile mme moprista o tla bolela hore o hlwekile.+
38 Haeba monna kapa mosadi a tswa ditlapedi letlalong* mme ditlapedi tseo di le tshweu, 39 moprista a di hlahlobe.+ Haeba bosweu ba ditlapedi tseo bo se bo fela, ke makgopho a masesaane a seng kotsi. Motho eo o hlwekile.
40 Haeba moriri wa monna o hloohong o fela mme a hlaha lefatla, o hlwekile. 41 Haeba moriri o ka pele hloohong ya hae o fela mme a hlaha lefatla moo, o hlwekile. 42 Empa haeba a tswa seso se bofubedu bo bosweu lefatleng kapa phatleng, ke lepera le hlahang hloohong ya hae kapa phatleng ya hae. 43 Moprista a mo hlahlobe mme haeba ho ruruha ho leqebeng ho le bofubedu bo bosweu lefatleng kapa phatleng mme ho bonahala eka ke lepera, 44 ke molepera. Ha a hlweka, moprista a bolele hore ha a hlweka ka lebaka la lefu le hloohong. 45 Ha e le molepera ya nang le lefu leo, diaparo tsa hae di tabolwe mme moriri wa hae o tlohelwe o sa kangwa ebile o se makgethe. Hape a kwahele ditedu tsa hae tse hodima molomo mme a hweletse a re, ‘Ha ke a hlweka, ha ke a hlweka!’ 46 Nakong yohle eo a nang le lefu lena, o tla dula a sa hlweka. Ka ha ha a hlweka, a dule a ikarotse ho batho ba bang. A dule ka ntle ho diahelo.+
47 Haeba lefu la lepera le silafatsa seaparo ebang ke seaparo sa boya kapa sa line 48 ebang ke dikgweleng tse lohilweng tsa line kapa tsa boya kapa letlalong kapa nthong le ha e le efe e entsweng ka letlalo 49 mme bosehla bo botala kapa letheba le lefubedunyana la leqeba le silafatsa seaparo, letlalo, dikgwele tse lohilweng kapa ntho le ha e le efe ya letlalo, ke ntho e silafaditsweng ke lepera mme e bontshwe moprista. 50 Moprista a hlahlobe lefu leo mme a behelle ntho e nang le lefu leo ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 51 Ha a hlahloba lefu leo letsatsing la bosupa mme a bona hore le nametse seaparong, dikgweleng tse lohilweng kapa letlalong (ho sa tsotellehe hore na letlalo leo le sebedisetswang), lefu leo ke lepera le tshwaetsanwang mme ntho eo ha e a hlweka.+ 52 A tjhese seaparo kapa dikgwele tse lohilweng tsa boya kapa line kapa ntho le ha e le efe ya letlalo eo lefu leo le hlahileng ho yona hobane ke lepera le tshwaetsanwang. Ntho eo e tjheswe.
53 Empa haeba moprista a e hlahloba mme lefu leo le sa namela seaparong kapa dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo, 54 moprista a laele hore ba hlatswe ntho eo e silafetseng mme a e behelle ka thoko ka matsatsi a mang a supileng. 55 Ka mora hore e hlatsuwe hantle, moprista a e hlahlobe. Haeba ho ntse ho bonahala hore e silafetse le lefu leo le sa nama, ha e a hlweka. E tjheswe hobane e tabohile ebang ke ka ntle kapa ka hare.
56 Haeba moprista a se a e hlahlobile mme karolo e silafetseng e se e sa bonahale ka mora hore e hlatsuwe hantle, a tabole karolo eo ya seaparo, ya letlalo kapa ya dikgwele tse lohilweng e silafetseng. 57 Le ha ho le jwalo, ha ho ena le karolo e nngwe e silafetseng seaparong, dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo, lefu leo le a nama mme dintho tsena tse silafetseng di tjheswe.+ 58 Haeba ho silafala ho nyamela seaparong, dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo e hlatsuwang, e hlatsuwe ka lekgetlo la bobedi mme e tla hlweka.
59 Ona ke molao wa lefu la lepera seaparong sa boya, sa line, dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo bakeng sa ho phatlalatsa hore e hlwekile kapa ha e a hlweka.”
14 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ona e tla ba molao wa molepera ho tloha letsatsing leo a qalang ho hlwekiswa ka lona ha a tliswa ho moprista.+ 3 Moprista a ye ka ntle ho diahelo mme a mo hlahlobe. Haeba molepera a fodile, 4 moprista a mo laele hore a tlise dinonyana tse pedi tse hlwekileng tse phelang, patsi ya kedare, lesela le lefubedu* le hisopa bakeng sa hore a hlwekiswe.+ 5 Moprista a laele hore nonyana e nngwe e bolaelwe ka hara sejana sa letsopa se tshetseng metsi a sa tswa kguwa. 6 A nke nonyana e phelang, patsi ya kedare, lesela le lefubedu* le hisopa a di kenye ka hara madi a nonyana e ileng ya bolaelwa ka metsing a sa tswa kguwa. 7 A fafatse madi ka makgetlo a supileng ho motho ya itlhwekisang lepera mme a bolele hore o hlwekile ebe o lokolla nonyana e phelang.+
8 Motho ya itlhwekisang a hlatswe diaparo tsa hae, a kute moriri wohle, a itlhatswe ka metsi mme o tla hlweka. Ka mora moo, a ka kena diahelong empa a dule ka ntle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng. 9 Letsatsing la bosupa, a kute moriri wohle o hloohong, ditedu le dintshi tsa hae. Ka mora hore a kute moriri wohle o mmeleng, a hlatswe diaparo tsa hae le ho itlhatswa ka metsi mme o tla hlweka.
10 Letsatsing la borobedi, a nke diramo tse pedi tse nyenyane tse phetseng hantle, konyana e le nngwe e phetseng hantle e tshehadi,+ e selemong sa yona sa pele, phofo e sitsweng hantle ya dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo* e kopantsweng le oli ha mmoho le kopi e le nngwe* ya oli+ e le nyehelo ya dijo.*+ 11 Moprista ya bolelang hore motho eo o hlwekile, a mo hlahise le dinyehelo tsa hae ka pela Jehova monyako wa tente ya pokano. 12 Moprista a nke ramo e le nngwe e nyenyane mme a fane ka yona e le nyehelo ya molato+ le kopi e le nngwe* ya oli. A di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ 13 A hlabele ramo e nyenyane sebakeng seo ka tlwaelo nyehelo ya sebe le nyehelo ya setjheso di hlabelwang ho sona+ e leng sebakeng se halalelang hobane jwalo ka nyehelo ya sebe, nyehelo ya molato le yona ke ya moprista.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+
14 Moprista a nke a mang a madi a nyehelo ya molato a a tlotse ntlheng ya tsebe e tona ya motho ya itlhwekisang le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona. 15 Moprista a nke tekanyo e itseng ya kopi* ya oli+ a e tshele seatleng sa hae se setshehadi. 16 Moprista a qopetse oli e seatleng sa hae se setshehadi ka monwana wa letsoho le letona mme a fafatse e nngwe ya oli eo ka monwana ka makgetlo a supileng ka pela Jehova. 17 Moo moprista a tlotsitseng madi a nyehelo ya molato teng, o tla tlotsa e nngwe ya oli e setseng ka seatleng sa hae ntlheng ya tsebe e tona ya motho ya itlhwekisang le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng o motona wa leoto le letona. 18 Moprista a tlotse hlooho ya motho ya itlhwekisang ka oli e setseng seatleng sa hae mme moprista a mo etsetse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ka pela Jehova.+
19 Moprista a etse nyehelo ya sebe+ mme a etse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa motho ya itlhwekisang. Ka mora moo, a hlabe nyehelo ya setjheso. 20 Moprista a fane ka nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo+ aletareng mme moprista a etse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa motho eo+ mme o tla hlweka.+
21 Le ha ho le jwalo, haeba e le mofutsana mme a kolla ntsi hanong, jwale a nke ramo e le nngwe e nyenyane e le nyehelo ya molato bakeng sa nyehelo e tsokwang e le hore a iketsetse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ha mmoho le khilokramo e le nngwe* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo, tekanyo ya kopi e le nngwe* ya oli 22 le maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi, ho latela ka moo a kgonang. Le leng e be la nyehelo ya sebe mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.+ 23 Letsatsing la borobedi,+ a di tlise ho moprista hore a hlwekiswe monyako wa tente ya pokano ka pela Jehova.+
24 Moprista a nke ramo e nyenyane ya nyehelo ya molato+ le kopi e le nngwe* ya oli mme moprista a di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ 25 Ka mora moo, a hlabe ramo e nyenyane ya nyehelo ya molato, a nke madi a mang a nyehelo ya molato mme a a tlotse ntlheng ya tsebe e tona ya motho ya itlhwekisang le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng wa hae o motona wa leoto le letona.+ 26 Moprista a tshele oli e nngwe seatleng sa hae se setshehadi+ 27 mme a fafatse oli eo e seatleng sa hae se setshehadi ka monwana wa letsoho le letona ka makgetlo a supileng ka pela Jehova. 28 Moo moprista a tlotsitseng madi a nyehelo ya molato teng, o tla tlotsa oli e nngwe e seatleng sa hae ntlheng ya tsebe e tona ya motho ya itlhwekisang le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng o motona wa leoto le letona. 29 Moprista a tlotse oli e setseng seatleng sa hae hloohong ya motho ya itlhwekisang e le hore a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka pela Jehova.
30 A fane ka le leng la maebanakgorwana kapa le leng la maebana ho latela ka moo a kgonang,+ 31 a ka fana ka leo a le kgonang e le nyehelo ya sebe mme le leng e le nyehelo ya setjheso+ ha mmoho le nyehelo ya dijo mme moprista o tla etsetsa motho ya itlhwekisang ka pela Jehova sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+
32 Ona ke molao bakeng sa motho ya neng a ena le lefu la lepera empa a sa kgone ho fana ka dintho tse hlokahalang hore a hlwekiswe.”
33 Jwale Jehova a re ho Moshe le Arone: 34 “Ha le kena naheng ya Kanana+ eo ke le fang yona+ mme ke silafatsa ntlo ka lefu la lepera naheng ya lona+ 35 jwale monga ntlo o lokela ho tla mme a bolelle moprista a re, ‘Ho na le letheba leboteng la ntlo ya ka. Ho bonahala eka ke lefu la lepera.’ 36 Moprista a fane ka ditaelo tsa hore ho ntshwe dintho tsohle tse ka tlung pele a ka tla ho tla hlahloba letheba leo e le hore a se ke a bolela hore ntho e nngwe le e nngwe e ka tlung ha e a hlweka mme ka mora moo, moprista o tla kena ho tla hlahloba ntlo. 37 A hlahlobe sebaka seo letheba le leng ho sona, jwale haeba mabota a ntlo a silafaditswe ke matheba a botala bo bosehla kapa a mafubedunyana mme a bonahala a keneletse leboteng, 38 jwale moprista a ye monyako wa ntlo mme a fane ka taelo ya hore ho se ke ha eba le motho ya kenang ka matsatsi a supileng.+
39 Moprista a kgutle ka letsatsi la bosupa mme a e hlahlobe. Haeba karolo e silafetseng e nametse maboteng a ntlo, 40 jwale moprista o tla fana ka ditaelo mme majwe a silafetseng a lokela ho ntshwa mme a lahlelwe ka ntle ho motse sebakeng se sa hlwekang. 41 Ka mora moo, a tlose letsopa le seretse se ommeng se ditsweng ka hare leboteng mme di lahlelwe ka ntle ho motse sebakeng se sa hlwekang. 42 Ba kenye majwe a mang moo ba ntshitseng a mang teng mme a sebedise seretse se seng mme ntlo e dilwe.
43 Haeba ho silafala ho kgutla hape ka mora hore majwe a ntshwe le ka mora hore karolo e ka hare ya lebota e tloswe mme e dilwe hape, 44 moprista a kene ka tlung mme a e hlahlobe. Haeba karolo e silafetseng e nametse ka tlung, ntlo eo e na le lepera le bolayang.+ Ha e a hlweka. 45 A heletse ntlo eo e leng majwe a yona, mapolanka a yona, letsopa le seretse se ommeng mme di iswe ka ntle ho motse sebakeng se sa hlwekang.+ 46 Empa mang kapa mang ya kenang ka tlung matsatsing ao ho thibetsweng hore ho kenwe ho yona,+ o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya+ 47 mme mang kapa mang ya robalang ka tlung eo o lokela ho hlatswa diaparo tsa hae mme mang kapa mang ya jellang ka tlung eo o lokela ho hlatswa diaparo tsa hae.
48 Le ha ho le jwalo, haeba moprista a kena mme a bona hore karolo e silafetseng ha e a nama ka mora hore ntlo e dilwe hape, moprista a bolele hore ntlo eo e hlwekile hobane karolo e silafetseng e se e hlwekile. 49 E le hore a hlwekise ntlo ditshileng* tsa yona, o tla nka dinonyana tse pedi, patsi ya kedare, lesela le lefubedu* le hisopa.+ 50 A bolaele nonyana e nngwe ka hara sejana sa letsopa se tshetseng metsi a sa tswa kguwa. 51 Ka mora moo, a nke patsi ya kedare, hisopa, lesela le lefubedu* le nonyana e phelang mme a di kenye ka hara madi a nonyana e ileng ya bolaelwa ka hara metsi a sa tswa kguwa mme a fafatse madi ao ntlong ka makgetlo a supileng.+ 52 A hlwekise ntlo ditshileng* tsa yona ka madi a nonyana, metsi a sa tswa kguwa, nonyana e phelang, patsi ya kedare, hisopa le lesela le lefubedu.* 53 A lokolle nonyana e phelang a le ka ntle ho motse mme a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa ntlo eo mme e tla hlweka.
54 Ona ke molao mabapi le lefu le ha e le lefe la lepera, leqeba le letlalong la hlooho kapa le ditedung,+ 55 lepera la seaparo+ kapa la ntlo+ 56 le mabapi le ho ruruha, dikgoo* le ditlapedi+ 57 e le hore ho bonwe ha ntho e sa hlweka le ha e hlwekile.+ Ona ke molao mabapi le lepera.”+
15 Jehova a re ho Moshe le Arone: 2 “Buang le Baiseraele le re ho bona, ‘Haeba setho sa botona* sa monna se dutla, ho dutla hoo ho etsa hore a se ke a hlweka.+ 3 Ha a hlweka ka lebaka la ho dutla ebang ho dutla ho tswa sethong sa hae sa botona kapa se thibane, o ntse a sa hlweka.
4 Bethe le ha e le efe eo monna eo setho sa hae se dutlang a robalang ho yona, e tla dula e sa hlweka le ntho le ha e le efe eo a dulang ho yona e tla dula e sa hlweka. 5 Motho ya thetsang bethe ya monna eo a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 6 Mang kapa mang ya dulang hodima ntho eo monna ya dutlang a neng a dutse hodima yona, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 7 Mang kapa mang ya thetsang monna ya dutlang a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 8 Haeba monna eo a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, motho eo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 9 Sale le ha e le efe eo monna ya dutlang a dulang hodima yona ha a palame phoofolo, e tla dula e sa hlweka. 10 Motho ya thetsang ntho le ha e le efe eo monna eo a neng a dutse hodima yona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya mme motho ya nkang dintho tseo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 11 Haeba monna eo ya dutlang+ a sa hlapa matsoho ka metsi mme a thetsa motho e mong, motho eo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 12 Sejana le ha e le sefe sa letsopa seo monna eo ya dutlang a se tshwarang, se pshatlwe empa sa lepolanka se hlatsuwe ka metsi.+
13 Haeba ho dutla ho emisa mme monna eo a hlweka, a bale matsatsi a supileng bakeng sa tlhwekiso ya hae, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi a sa tswa kguwa mme o tla hlweka.+ 14 Letsatsing la borobedi, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ mme a tle monyako wa tente ya pokano ka pela Jehova, a a fe moprista. 15 Moprista a fane ka ona e le nyehelo, le leng e le nyehelo ya sebe mme le leng e le nyehelo ya setjheso mme moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka pela Jehova mabapi le ho dutla ha hae.
16 Haeba monna a tswa peo, a hlatswe mmele wohle wa hae ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 17 Seaparo le ha e le sefe le ntho le ha e le efe e entsweng ka letlalo e tshetsweng ke peo, a e hlatswe ka metsi mme e tla dula e sa hlweka ho fihlela mantsiboya.
18 Ha monna a robala le mosadi mme a ntsha peo, ba itlhatswe ka metsi mme ba tla dula ba sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+
19 Haeba mosadi a le matsatsing, o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng.+ Mang kapa mang ya mo thetsang o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 20 Ntho le ha e le efe eo a robalang hodima yona ha a le matsatsing e tla dula e sa hlweka mme ntho e nngwe le e nngwe eo a dulang hodima yona e tla dula e sa hlweka.+ 21 Mang kapa mang ya thetsang bethe ya mosadi eo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 22 Mang kapa mang ya thetsang ntho le ha e le efe eo mosadi eo a neng a dutse hodima yona, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 23 Haeba mang kapa mang a thetsa bethe kapa ntho le ha e le efe eo mosadi eo a neng a dutse hodima yona, o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 24 Haeba monna a robala le mosadi eo ebe o silafatswa ke madi a ho ba matsatsing ha mosadi eo,+ monna eo o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng mme bethe le ha e le efe eo monna eo a robalang ho yona e tla dula e sa hlweka.
25 Ha mosadi a le matsatsing ka matsatsi a mangata+ mme e se nako ya hae e tlwaelehileng+ kapa a ya nako e telele ho feta nako e tlwaelehileng, o tla dula a sa hlweka nako yohle ya ha a le matsatsing jwalo ka ha a sa hlweka nakong e tlwaelehileng ha a le matsatsing. 26 Bethe le ha e le efe eo a robalang ho yona ha a le matsatsing e tla dula e sa hlweka jwalo ka bethe ya hae eo a robalang ho yona ha a le matsatsing+ mme ntho le ha e le efe eo a dulang hodima yona ha a le matsatsing e tla dula e sa hlweka. 27 Mang kapa mang ya di thetsang o tla dula a sa hlweka mme a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+
28 Le ha ho le jwalo, haeba a emisitse ho ya matsatsing, a ipalle matsatsi a supileng ho tloha letsatsing leo a emisitseng ho ya matsatsing ka lona mme ka mora moo o tla hlweka.+ 29 Letsatsing la borobedi, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ mme a a tlise monyako wa tente ya pokano ho moprista.+ 30 Moprista a etse le leng nyehelo ya sebe mme le leng e be nyehelo ya setjheso, moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka pela Jehova malebana le ho se hlweke ha hae ha a le matsatsing.+
31 Le thuse Baiseraele e le hore ba hlweke mme ba se ke ba shwa ka lebaka la ho silafatsa tabernakele ya ka e leng hara bona.+
32 Ona ke molao mabapi le monna eo setho sa hae sa botona se dutlang, monna ya sa hlwekang hobane a tswa peo,+ 33 mosadi ya sa hlwekang ka lebaka la ho ba matsatsing,+ monna kapa mosadi ya dutlang mmeleng wa hae+ le monna ya robalang le mosadi ya sa hlwekang.’”
16 Jehova a bua le Moshe ka mora lefu la bara ba babedi ba Arone ba shweleng ka lebaka la ho atamela Jehova ka tsela eo a sa e amoheleng.+ 2 Jehova a re ho Moshe: “Bolella abuti wa hao Arone hore a se ke a tla sebakeng se halalelang+ ka hara kgaretene+ ka pela sekwahelo se Arekeng neng kapa neng ha a batla e le hore a se ke a shwa+ hobane ke tla hlaha hodima sekwahelo+ ka leru.+
3 Ha Arone a tla sebakeng se halalelang, a tle le dintho tse latelang: Pohwana bakeng sa nyehelo ya sebe+ le ramo bakeng sa nyehelo ya setjheso.+ 4 A apare seaparo se selelele sa ka hodimo se halalelang sa line+ mme borikgwe bo bokgutshwanyane* ba line+ bo kwahele mmele* wa hae, a itlame ka lebanta la line+ mme hloohong a ithatele ka tuku ya line.+ Ke diaparo tse halalelang.+ A itlhatswe ka metsi+ ebe o a di apara.
5 Setjhaba sa Baiseraele se mo fe+ dipodi tse pedi tse tona tse nyenyane bakeng sa nyehelo ya sebe le ramo e le nngwe bakeng sa nyehelo ya setjheso.
6 Jwale Arone a hlahise poho ya nyehelo ya sebe bakeng sa hae mme o tla etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa hae+ le ba lelapa la hae.
7 A nke dipodi tseo tse pedi mme a di emise ka pela Jehova monyako wa tente ya pokano. 8 Arone a lahle lotho bakeng sa dipodi tseo tse pedi, lotho e nngwe bakeng sa Jehova le lotho e nngwe bakeng sa Azazele.* 9 Arone a hlahise podi eo lotho e wetseng ho yona+ bakeng sa Jehova mme a e etse nyehelo ya sebe. 10 Empa podi eo lotho e wetseng ho yona bakeng sa Azazele e tliswe e phela ka pela Jehova e le hore ho etsetswe sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe hodima yona hore e romelwe lefeelleng+ bakeng sa Azazele.
11 Arone a hlahise poho ya nyehelo ya sebe bakeng sa hae e le hore dibe tsa hae le tsa ba lelapa la hae di ka tshwarelwa. Ka mora moo, a hlabe poho ya nyehelo ya sebe bakeng sa hae.+
12 Jwale a nke pane ya mollo+ e tletseng mashala a tukang ho tswa aletareng+ ka pela Jehova le dibano tse sitsweng hantle tse nkgang ha monate+ tse tletseng diatla tse pedi mme o tla di tlisa ka hara kgaretene.+ 13 A boele a tshele dibano hodima mollo ka pela Jehova+ mme mosi wa dibano o tla kwahela sekwahelo sa Areka+ se hodima Bopaki+ e le hore a se ke a shwa.
14 A nke a mang a madi+ a poho a a fafatse ka monwana ka pela sekwahelo se lehlakoreng le ka botjhabela. A etse sena ka makgetlo a supileng.+
15 A hlabe podi ya nyehelo ya sebe bakeng sa setjhaba+ mme a tlise madi a yona ka hara kgaretene+ mme ka madi a yona+ a etse se tshwanang le seo a se entseng ka madi a poho, a a fafatse ka pela sekwahelo.
16 A etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa sebaka se halalelang ka lebaka la diketso tsa ho se hlweke tsa Baiseraele le ka lebaka la ditlolo le dibe tsa bona.+ Ke seo a lokelang ho se etsa bakeng sa tente ya pokano e hara Baiseraele ba etsang dintho tse sa hlwekang.
17 Ha ho motho e mong ya lokelang ho ba ka hara tente ya pokano ho tloha nakong eo a kenang ho ya etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe sebakeng se halalelang ho fihlela a tswa. A etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe molemong wa hae le wa ntlo ya hae+ le molemong wa setjhaba sohle sa Iseraele.+
18 Ka mora moo, a tswe a ye aletareng+ e ka pela Jehova, a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa setjhaba mme a nke madi a poho le madi a podi, a a tlotse manakeng a aletare mahlakoreng ohle. 19 A boele a fafatse a mang a madi hodima yona ka monwana ka makgetlo a supileng mme a e hlwekise diketsong tse sa hlwekang tsa Baiseraele.
20 Ha a qetile ho etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ bakeng sa sebaka se halalelang, bakeng sa tente ya pokano le bakeng sa aletare,+ a hlahise le podi e phelang.+ 21 Arone a behe matsoho a hae hloohong ya podi e phelang mme a bolele diphoso tsohle tsa Baiseraele le melato yohle ya bona le dibe tsohle tsa bona hodima yona, a di behe hloohong ya podi+ mme motho ya kgethilweng a e lokolle hore e ye lefeelleng. 22 Podi eo e tla jara diphoso tsohle tsa bona+ mme o tla e lokolla hore e ye lefeelleng.+
23 Arone a kene ka tenteng ya pokano mme a hlobole diaparo tsa line tseo a ileng a di apara ha a kena sebakeng se halalelang mme a di behe fatshe moo. 24 A itlhatswe ka metsi+ sebakeng se halalelang mme a apare diaparo tsa hae.+ A tswe mme a fane ka nyehelo ya hae ya setjheso+ le nyehelo ya setjheso ya setjhaba+ mme a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe molemong wa hae le wa setjhaba.+ 25 A etse hore mafura a nyehelo ya sebe a kubelle aletareng.
26 Motho ya ileng a lokolla podi hore e tsamaye bakeng sa Azazele,+ a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi. Ka mora moo, a ka kena diahelong.
27 Poho ya nyehelo ya sebe le podi ya nyehelo ya sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa sebakeng se halalelang e le ho etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, di ntshetswe ka ntle ho diahelo mme matlalo a tsona le nama ya tsona le bolokwe ba tsona di tjheswe.+ 28 Motho ya di tjhesang a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi. Ka mora moo, a ka kena diahelong.
29 Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le bontshe hore le utlwile bohloko* mme le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe,+ ho sa tsotellehe hore na motho ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke moditjhaba ya dulang le lona. 30 Letsatsing lena ho etswe sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ bakeng sa lona e le hore ho bolelwe hore le hlwekile. Le tla hlweka dibeng tsohle tsa lona ka pela Jehova.+ 31 Ke sabatha ya lona ya ho phomola ka ho feletseng mme le lokela ho bontsha hore le utlwile bohloko.+ Ke taelo e tla dula e le teng.
32 Moprista ya tlotsitsweng+ le ya kgethilweng* hore a sebeletse e le moprista+ sebakeng sa ntate wa hae,+ a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe mme a apare diaparo tsa line+ e leng diaparo tse halalelang.+ 33 A etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa sehalalelo,+ tente ya pokano+ le aletare+ hape a etsetse baprista le setjhaba sohle sa Iseraele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+ 34 Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona+ e le ho etsetsa Baiseraele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsohle tsa bona hanngwe ka selemo.”+
Ka hoo, Arone a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
17 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle mme o re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se laetseng:
3 “Haeba motho le ha e le ofe wa ntlo ya Iseraele a hlabela poho kapa ramo e nyenyane kapa podi diahelong kapa a e hlabela ka ntle ho diahelo, 4 a sa e tlise monyako wa tente ya pokano ho e hlahisa e le nyehelo ho Jehova ka pela tabernakele ya Jehova, motho eo o tla ba molato wa madi. Ka ha o bolaile phoofolo ka tsela e seng molaong, a bolawe. 5 Ho etswe jwalo e le hore mahlabelo ao Baiseraele ba a etsetsang Jehova naheng, ba tle ba a tlise monyako wa tente ya pokano ho moprista. Ba etse mahlabelo ana e le mahlabelo a kopanetsweng ho Jehova.+ 6 Moprista a fafatse madi aletareng ya Jehova monyako wa tente ya pokano mme a etse hore mafura a kubelle e le monko o monate* ho Jehova.+ 7 Ka hoo, ba se ke ba hlola ba etsa mahlabelo bakeng sa bademona ba kang dipodi,*+ bao ba etsang botekatse* le bona ka ho ba rapela.+ Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona le melokong yohle ya lona.”’
8 O re ho bona, ‘Motho le ha e le ofe wa ntlo ya Iseraele kapa moditjhaba le ha e le ofe ya dulang le lona ya tlisang nyehelo ya setjheso kapa sehlabelo 9 empa a sa di tlise monyako wa tente ya pokano ho Jehova, a bolawe hara batho ba habo.+
10 Haeba motho le ha e le ofe wa ntlo ya Iseraele kapa moditjhaba ya dulang le lona a ja madi+ a ntho le ha e le efe, ke tla mo halefela mme ke tla mo bolaya hara batho ba habo. 11 Etswe bophelo bo mading+ mme ke fane ka ona aletareng+ hore le iketsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe hobane ka lebaka la bophelo bo ho ona, madi a kwahela dibe.+ 12 Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Ha ho le ya mong wa lona ya lokelang ho ja madi ebile ha ho moditjhaba ya dulang le lona+ ya lokelang ho ja madi.”+
13 Haeba e mong wa Baiseraele kapa moditjhaba ya itseng ya dulang le lona a tsoma mme a tshwasa phoofolo e hlaha kapa nonyana e ka jewang, a ntshe madi a yona+ mme a a kwahele ka mobu. 14 Bophelo ba nama ya mofuta o mong le o mong ke madi a yona ka ha bophelo bo mading. Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Le se ke la ja madi a nama ya mofuta le ha e le ofe hobane bophelo ba nama ya mofuta le ha e le ofe ke madi a yona. Mang kapa mang ya a jang o tla fediswa.”+ 15 Haeba le ha e le mang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke moditjhaba, a ja phoofolo e fumanweng e shwele kapa e bolailweng ke phoofolo e hlaha,+ a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi, o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya,+ ka mora moo o tla hlweka. 16 Empa haeba a sa di hlatswe mme a sa itlhatswe, o tla arabella phoso ya hae.’”+
18 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Ke nna Jehova Modimo wa lona.+ 3 Le se ke la itshwara ka mokgwa oo batho ba itshwarang ka wona naheng ya Egepeta moo le neng le dula teng mme le se ke la etsa dintho tseo ba di etsang naheng ya Kanana, moo ke le isang teng.+ Le se ke la etsa dintho tseo ba di etsang. 4 Le latele melao ya ka mme le phethe ditaelo tsa ka.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona. 5 Le latele ditaelo tsa ka le melao ya ka mme motho ya di latelang o tla phela.+ Ke nna Jehova.
6 Ha ho motho le ha e le ofe hara lona ya lokelang ho etsa thobalano* le mang kapa mang wa leloko la hae.+ Ke nna Jehova. 7 O se ke wa etsa thobalano le ntate wa hao hape o se ke wa etsa thobalano le mme wa hao. Ke mme wa hao ka hoo, o se ke wa etsa thobalano le yena.
8 O se ke wa etsa thobalano le mosadi wa ntate wa hao+ hobane hoo ke ho tlotlolla ntate wa hao.*
9 O se ke wa etsa thobalano le kgaitsedi ya hao ebang ke moradi wa ntate wa hao kapa wa mme wa hao ebang o hlahetse lapeng leno kapa ka ntle ho lona.+
10 O se ke wa etsa thobalano le moradi wa mora wa hao kapa moradi wa moradi wa hao hobane ba amana le wena ka madi.
11 O se ke wa etsa thobalano le moradi wa mosadi wa ntate wa hao, ngwana wa ntate wa hao hobane ke kgaitsedi ya hao.
12 O se ke wa etsa thobalano le rakgadi wa hao. O amana le ntate wa hao ka madi.+
13 O se ke wa etsa thobalano le mmangwane wa hao kapa nkgono e leng ausi wa mme wa hao hobane o amana le mme wa hao ka madi.
14 O se ke wa tlotlolla* ngwanabo ntate wa hao ka ho etsa thobalano le mosadi wa hae. Ke mosadi wa ngwanabo ntate wa hao.+
15 O se ke wa etsa thobalano le ngwetsi ya hao.+ Ke mosadi wa mora wa hao ka hoo, o se ke wa etsa thobalano le yena.
16 O se ke wa etsa thobalano le mosadi wa ngwaneno+ hobane o tla be o tlotlolla ngwaneno.*
17 O se ke wa etsa thobalano le mosadi le moradi wa hae+ hape o se ke wa etsa thobalano le moradi wa mora wa hae kapa le moradi wa moradi wa hae. Ke boitshwaro bo bobe* ka ha ba amana le yena ka madi.
18 O se ke wa nka ngwanabo mosadi wa hao hore e be mosadi wa hao wa bobedi+ ha mosadi wa hao a ntse a phela ka ha ba tla lwantshana.
19 O se ke wa etsa thobalano le mosadi ha a le matsatsing.+
20 O se ke wa etsa thobalano le mosadi wa monna e mong* ka ha hoo ke ho itshilafatsa.+
21 O se ke wa fana* ka ngwana wa hao ho Moloke.+ O se ke wa hlompholla lebitso la Modimo wa hao ka tsela eo.+ Ke nna Jehova.
22 O se ke wa robala le monna e mong jwalo ka ha o robala le mosadi.+ Ke ketso e nyonyehang.
23 Monna a se ke a etsa thobalano le phoofolo hobane e tla mo silafatsa, le mosadi a se ke a leka ho etsa thobalano le phoofolo.+ Ha se ntho ya tlhaho.
24 Le se ke la itshilafatsa ka ntho le ha e le efe ya tsena hobane ditjhaba tseo ke di lelekang ka pela lona di itshilafaditse ka tsona.+ 25 Ka hoo, naha ha e a hlweka mme ke tla tlisetsa baahi ba naha kotlo ka lebaka la phoso ya bona mme ba tla lelekwa naheng ya bona.+ 26 Empa lona le latele ditaelo tsa ka le melao ya ka+ mme le se ke la etsa le ha e le efe ya dintho tsena tse nyonyehang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa moditjhaba ya dulang le lona.+ 27 Ka ha dintho tsena tsohle tse nyonyehang di ile tsa etswa ke batho ba neng ba dula naheng eo pele ho lona,+ naha eo ha e a hlweka. 28 Jwale le ke ke la tlameha ho lelekwa naheng ka lebaka la ho e silafatsa, ka mokgwa o tshwanang le oo ditjhaba tse bileng teng pele ho lona di tla lelekwa ka wona. 29 Haeba mang kapa mang a etsa le ha e le efe ya dintho tsena tse nyonyehang, a bolawe hara setjhaba sa habo. 30 Le mamele ditaelo tsena ka hore le se ke la etsa le ha e le efe ya ditlwaelo tse nyonyehang tse neng di etswa pele ho lona+ e le hore le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Jehova Modimo wa lona.’”
19 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le setjhaba sohle sa Iseraele mme o re ho sona, ‘Le halalele hobane nna Jehova Modimo wa lona, ke a halalela.+
3 E mong le e mong wa lona a hlomphe* mme wa hae le ntate wa hae+ mme le boloke disabatha tsa ka.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona. 4 Le se ke la latela medimo e se nang thuso+ kapa la iketsetsa medimo e entsweng ka tshepe.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.
5 Haeba le tlisa nyehelo ya sehlabelo se kopanetsweng ho Jehova,+ le se nyehele ka tsela e tla etsa hore a le amohele.+ 6 Se jewe letsatsing leo le fanang ka sona le letsatsing le hlahlamang empa se setseng ho fihlela letsatsing la boraro se lokela ho tjheswa mollong.+ 7 Haeba karolo e nngwe ya sona e jewa letsatsing la boraro, ke ntho e silafetseng e ke keng ya amoheleha. 8 Ya se jang o tla arabella phoso ya hae hobane o silafaditse sehlabelo se kopanetsweng sa Jehova mme motho eo a bolawe hara setjhaba sa habo.
9 Ha le kotula dijalo tshimong ya lona, le se ke la kotula moedi wa tshimo ya lona ka ho feletseng mme ha le a lokela ho thonaka se setseng.*+ 10 Hape, le se ke la bokella morara o setseng dirapeng tsa lona tsa morara kapa la thonaka o hasaneng. Le o siele ba futsanehileng+ le baditjhaba. Ke nna Jehova Modimo wa lona.
11 Le se ke la utswa,+ le se ke la bua leshano+ hape le se ke la etsetsana bolotsana. 12 Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso+ la ka yaba le hlompholla lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Jehova. 13 O se ke wa etsetsa motho e mong bolotsana+ mme o se ke wa tlatlapa.+ Ha o a lokela ho dula ka moputso wa mohiruwa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+
14 O se ke wa rohaka* motho ya sa utlweng ditsebeng kapa wa beha ntho e ka kgopang sefofu,+ o lokela ho tshaba Modimo wa hao.+ Ke nna Jehova.
15 Le ahlole ka toka. Le se ke la ba leeme ho batho ba futsanehileng kapa la nkela ba ruileng hodimo.+ Le ahlole motho e mong le e mong ka toka.
16 O se ke wa tsamaya o ntse o jala mashano ka sepheo sa ho senya ba bang lebitso hara batho ba heno.+ O se ke wa batla hore bophelo* ba motho e mong bo fediswe.*+ Ke nna Jehova.
17 O se ke wa hloya ngwaneno ka pelong ya hao.+ O mo kgalemele+ e le hore o se ke wa ba molato wa sebe jwalo ka yena.
18 O se ke wa iphetetsa+ kapa wa tshwara batho ba bang ka pelo hape o rate motho e mong jwalo ka ha o ithata.+ Ke nna Jehova.
19 Le latele ditaelo tsena tsa ka: Le se ke la kopanya diphoofolo tsa lona tse ruuwang tsa mefuta e mmedi hore di tlolelane. Le se ke la jala mefuta e mmedi ya peo masimong a lona+ mme le se ke la apara diaparo tse entsweng ka mefuta e mmedi ya kgwele e lohelletsweng ha mmoho.+
20 Jwale haeba monna a etsa thobalano le mosadi mme mosadi eo e le mosebeletsi ya tshepisitsweng monna e mong empa a eso lokollwe, ba fuwe kotlo. Le ha ho le jwalo, ba se ke ba bolawa hobane mosadi eo o ne a eso lokollwe. 21 Monna eo a tlise ramo e le nyehelo ya hae ya molato+ ho Jehova monyako wa tente ya pokano. 22 Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka ramo ya nyehelo ya molato ka pela Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng mme o tla se tshwarelwa.
23 Ha le fihla naheng eo mme le lema sefate le ha e le sefe bakeng sa dijo, le nke ditholwana tsa sona e le tse sa hlwekang le tse sa lokelang ho jewa. Sefate seo se tla thibelwa* ka dilemo tse tharo bakeng sa lona. Ha se a lokela ho jewa. 24 Empa selemong sa bone, ditholwana tsohle tsa sona e tla ba tse halalelang mme le fane ka tsona ho Jehova ka thabo.+ 25 Jwale selemong sa bohlano, le ka ja ditholwana tsa sona e le hore le eketse dihlahiswa dijong tsa lona tse kotutsweng. Ke nna Jehova Modimo wa lona.
26 Le se ke la ja letho le nang le madi.+
Le se ke la batla dipontsho tsa se tlang kapa la sebedisa boselamose.+
27 Le se ke la kuta moriri o mahlakoreng a dihlooho tsa lona kapa la senya ditedu tsa lona ka mathoko.+
28 Le se ke la iphatsetsa mofu*+ kapa la ingola mmeleng.* Ke nna Jehova.
29 O se ke wa hlompholla moradi wa hao ka ho mo etsa letekatse+ e le hore naha e se ke ya etsa botekatse mme ya tlala boitshwaro bo bobe.+
30 Le boloke disabatha tsa ka+ mme le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.
31 Le se ke la batla thuso ho batho ba reng ba buisana le badimo+ mme le se ke la batla keletso ho batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele*+ e le hore ba se ke ba le silafatsa. Ke nna Jehova Modimo wa lona.
32 O hlomphe motho ya moriri o moputswa,+ o tlotle* motho ya tsofetseng+ mme o tshabe Modimo wa hao.+ Ke nna Jehova.
33 Haeba moditjhaba a dula le lona naheng ya lona, le se ke la mo sotla.+ 34 Moditjhaba ya dulang le lona a be jwalo ka Moiseraele hara lona,+ le mo rate jwalo ka ha le ithata hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.
35 Le se ke la sebedisa dintho tse qhekanyetsang ha le metha bolelele, boima kapa ntho le ha e le efe.+ 36 Le sebedise dikala tse nepahetseng, boima bo nepahetseng, tekanyo e nepahetseng ya dintho tse ommeng* le tse metsi.*+ Ke nna Jehova Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta. 37 Le latele ditaelo tsohle tsa ka le melao yohle ya ka.+ Ke nna Jehova.’”
20 Jehova a re ho Moshe: 2 “O re ho Baiseraele, ‘Motho le ha e le ofe wa Iseraele le moditjhaba ya dulang Iseraele ya fanang ka ngwana wa hae ho Moloke, a bolawe.+ Batho ba naha ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa. 3 Ke tla halefela motho eo, ke mo bolaye hara setjhaba sa habo hobane o fane ka bana ba bang ba hae ho Moloke mme o silafaditse sebaka sa ka se halalelang+ ebile o hlomphollotse lebitso la ka le halalelang. 4 Haeba batho ba naha ba etsa eka ha ba bone ha motho eo a etsa sehlabelo ka bana ba hae ho Moloke mme ba sa mo bolaye,+ 5 ke tla halefela motho eo le lelapa la hae.+ Ke tla mo bolaya hara batho ba habo ha mmoho le bohle ba etsang botekatse* le Moloke.
6 Haeba motho a sa ntshepahalle* ka hore a ye ho batho ba reng ba buisana le badimo+ le ho batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo mme ke mo bolaye hara batho ba habo.+
7 Le hlweke mme le halalele+ hobane ke nna Jehova Modimo wa lona. 8 Le latele ditaelo tsa ka mme le di phethe.+ Ke nna Jehova ya le halaletsang.+
9 Haeba ho ena le motho ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae, a bolawe.+ Ka ha o rohakile ntate wa hae kapa mme wa hae, o tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.*
10 Ena ke kotlo e tla fuwa monna ya febang le mosadi wa monna e mong: Monna ya febang le mosadi wa motho e mong a bolawe ha mmoho le mosadi eo ya febang le yena.+ 11 Motho ya robalang le mosadi wa ntate wa hae o tlotlolotse* ntate wa hae.+ Ka bobedi ba bolawe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.* 12 Haeba monna a robala le ngwetsi ya hae, ka bobedi ba bolawe. Ba entse ntho eo eseng ya tlhaho. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*+
13 Ha monna a robala le monna jwalo ka ha a robala le mosadi, ka bobedi ba entse ntho e nyonyehang.+ Ba bolawe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*
14 Haeba monna a nka mosadi le mme wa hae, o etsa ntho e nyonyehang.*+ O lokela ho tjheswa le bona mollong+ e le hore boitshwaro bo bobe bo se ke ba tswela pele hara lona.
15 Haeba monna a etsa thobalano le phoofolo, a bolawe ha mmoho le phoofolo eo.+ 16 Haeba mosadi a itlisa ho phoofolo e le hore a etse thobalano le yona,+ a bolawe ha mmoho le phoofolo eo. Monna eo le mosadi eo ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*
17 Haeba monna a etsa thobalano le kgaitsedi ya hae e leng moradi wa ntate wa hae kapa wa mme wa hae, o etsa ntho e hlabisang dihlong.+ Ba bolawe moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tlotlolotse kgaitsedi ya hae* mme o lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ya hae.
18 Haeba monna a etsa thobalano le mosadi ya matsatsing, ka bobedi ba bontsha hore ha ba hlomphe madi a hae.+ Ba bolawe hara setjhaba sa habo bona.
19 O se ke wa etsa thobalano le mmangwane wa hao kapa rakgadi wa hao hobane ho etsa jwalo e tla be e le ho tlotlolla e mong wa batho bao o amanang le bona ka madi.+ Ba lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ya bona. 20 Monna ya etsang thobalano le mosadi wa rangwane wa hae, o tlotlolotse* rangwane wa hae.+ Ba tla ikarabella bakeng sa sebe sa bona mme ba shwe ba se na bana. 21 Haeba monna a nyala mosadi wa ngwanabo, ke ntho e nyonyehang.+ O tlotlolotse* ngwanabo. Ha ba a lokela ho ba le bana.
22 Le latele ditaelo tsohle tsa ka le melao yohle ya ka+ mme le e phethe+ e le hore le se ke la lelekwa naheng+ eo ke le isang ho yona. 23 Le se ke la latela mekgwa ya ditjhaba tseo ke di lelekang ka pela lona+ hobane di entse dintho tsena tsohle mme ke di hloile.+ 24 Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: “Le tla nka naha ya tsona mme ke tla le fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona ya le arotseng ho ditjhaba.”+ 25 Le kgetholle pakeng tsa phoofolo e hlwekileng le e sa hlwekang le pakeng tsa nonyana e hlwekileng le e sa hlwekang.+ Le se ke la itshilafatsa ka phoofolo kapa nonyana kapa ntho le ha e le efe e hahabang eo ke itseng ha e a hlweka+ bakeng sa lona. 26 Le halalele ka pela ka hobane nna Jehova ke a halalela+ mme ke le arola ho ditjhaba hore le be batho ba ka.+
27 Monna kapa mosadi le ha e le ofe ya reng o buisana le badimo kapa ya reng o bolela diketsahalo esale pele a bolawe.+ Setjhaba se mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa. O tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.’”*
21 Jehova a re ho Moshe: “Bua le bara ba Arone e leng baprista mme o re ho bona, ‘Ho se ke ha eba le moprista ya itshilafatsang ka hore a thetse motho ya shweleng setjhabeng sa habo.+ 2 Empa a ka itshilafatsa ka ho thetsa motho ya amanang le yena ka madi e leng mme wa hae, ntate wa hae, mora wa hae, moradi wa hae, ngwanabo 3 le ka ho thetsa ngwanabo wa ngwanana eo e neng e le morwetsana mme a eso ka a nyalwa. 4 A se ke a itshilafatsa ka hore a thetse mosadi ya nyetsweng ke monna wa setjhaba sa habo monna eo. 5 Baprista ba se ke ba ikuta moriri+ kapa ba kuta ditedu tsa bona ka mathoko kapa ho itsheha mmeleng.+ 6 Ba halalele ho Modimo wa bona+ mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona+ hobane ke bona ba hlahisang dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo e leng bohobe* ba Modimo wa bona mme ba halalele.+ 7 Moprista a se ke a nyala letekatse,+ mosadi ya silafaditsweng kapa mosadi ya hladilweng ke monna+ hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae. 8 Le nke moprista a halalela+ hobane ke yena ya hlahisang bohobe ba Modimo wa lona. A halalele ho lona hobane nna Jehova, ya le halaletsang, ke a halalela.+
9 Jwale haeba moradi wa moprista a itshilafatsa ka ho etsa botekatse, o silafatsa ntate wa hae. A tjheswe ka mollo.+
10 Moprista ya phahameng hara baprista* e leng ya tshetsweng ka oli e halalelang* hloohong+ ebile a kgethilwe* hore a apare diaparo tsa boprista,+ a se ke a tlohela moriri wa hae o sa kangwa ebile o se makgethe kapa a tabola diaparo tsa hae.+ 11 A se ke a itshilafatsa ka hore a atamele haufi le motho ya shweleng*+ ebang ke ntate wa hae kapa mme wa hae. 12 A se ke a tswa ka sehalalelong mme a se ke a silafatsa sehalalelo sa Modimo wa hae+ hobane pontsho ya boinehelo e leng oli e halalelang ya Modimo wa hae,+ e hodima hae. Ke nna Jehova.
13 A nyale morwetsana.+ 14 A se ke a nyala mohlolohadi, mosadi ya hladilweng, ya silafaditsweng kapa letekatse empa a nyale morwetsana setjhabeng sa habo hore e be mosadi wa hae. 15 A se ke a silafatsa bana* ba hae setjhabeng sa habo+ hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.’”
16 Jehova a re ho Moshe: 17 “Ere ho Arone, ‘Ha ho le ya mong baneng* ba hao le melokong yohle ya bona ya nang le bothata bo itseng mmeleng ya ka tlang aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Modimo wa hae. 18 Haeba ho ena le monna le ha e le ofe ya nang le bothata bo itseng mmeleng, a se ke a tla aletareng e leng ya foufetseng kapa ya holofetseng kapa eo sefahleho sa hae se senyehileng* kapa eo matsoho kapa maoto a hae a fetanang, 19 ya robehileng leoto kapa letsoho, 20 ya lekgutla kapa ya bokgutshwane bo sa tlwaelehang* kapa ya nang le bothata ba mahlo kapa bolwetse ba letlalo kapa ditlapedi kapa ya pshatlehileng makwalata.+ 21 Ha ho monna wa leloko* la moprista Arone ya nang le bothata bo itseng mmeleng ya lokelang ho ya aletareng e le hore a hlahise dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ka ha o na le bothata bo itseng mmeleng, a se ke a ya aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Modimo wa hae. 22 A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo tswang dinthong tse halalelang ka ho fetisisa+ le dinthong tse halalelang.+ 23 Empa a se ke a tla haufi le kgaretene+ hape a se ke a atamela aletare+ hobane o na le bothata bo itseng mmeleng mme ha a lokela ho silafatsa sehalalelo sa ka+ ka ha ke nna Jehova, ya ba* halaletsang.’”+
24 Moshe a bolella Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle ditaba tseo.
22 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlokomele tsela eo ka yona ba tshwarang dinyehelo tse halalelang tsa Baiseraele mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang+ mabapi le dintho tseo ba di halaletsang bakeng sa ka.+ Ke nna Jehova. 3 Ere ho bona, ‘Motho le ha e le ofe melokong yohle ya lona ya atamelang dintho tse halalelang nakong eo a sa hlwekang, tseo Baiseraele ba di halaletsang bakeng sa Jehova, a bolawe ka pela ka.+ Ke nna Jehova. 4 Ha ho monna le ha e le ofe wa leloko la Arone ya nang le lepera+ kapa eo setho sa hae sa botona se dutlang+ ya lokelang ho ja dintho tse halalelang a eso hlweke+ le ha e le ya thetsang motho ya silafaditsweng ke motho ya shweleng+ kapa ya tswang peo+ 5 kapa ya thetsang dibopuwa tse sa hlwekang tse tsamayang e le sehlopha+ kapa ya thetsang motho ya sa hlwekang ka lebaka le ha e le lefe ebe o a mo silafatsa.+ 6 Motho ya thetsang le ha e le efe ya dintho tsena o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya mme a ke ke a ja le ha e le efe ya dintho tse halalelang empa o lokela ho itlhatswa ka metsi.+ 7 Ha letsatsi le se le diketse, o tla hlweka mme ka mora moo, a ka ja tse ding tsa dintho tse halalelang hobane ke dijo tsa hae.+ 8 Hape, a se ke a ja phoofolo le ha e le efe e fumanweng e shwele kapa ntho le ha e le efe e bolailweng ke phoofolo ya naheng hobane e ka mo silafatsa.+ Ke nna Jehova.
9 Ba mamele taelo ya ka e le hore ba se ke ba eba le sebe ka lebaka la ho se mamele yaba ba lokela ho shwa hobane ba silafaditse dintho tse halalelang. Ke nna Jehova, ya ba halaletsang.
10 Ha ho motho ya sa dumellwang* ya ka jang ntho le ha e le efe e halalelang ebang ke mosebeletsi ya hirilweng kapa moditjhaba ya etetseng moprista.+ 11 Empa haeba moprista a reka motho ka tjhelete ya hae, motho eo a ka ja ntho le ha e le efe e halalelang. Makgoba a hlahetseng ka tlung ya hae le ona a ka ja dijo tsa hae.+ 12 Haeba moradi wa moprista a nyalwa ke motho eo e seng moprista, a se ke a ja dinyehelo tse halalelang. 13 Empa haeba moradi wa moprista e eba mohlolohadi kapa a hladilwe mme a se na bana ebile a kgutlela ka tlung ya ntate wa hae moo a neng a dula teng ha a sa le motjha, a ka ja dijo tsa ntate wa hae+ empa ha ho motho ya sa dumellwang* ya ka di jang.
14 Haeba ka phoso motho a ja nyehelo e halalelang, a fane ka karolo e le nngwe ho tse ding le tse ding tse hlano tsa nyehelo eo mme a e fe moprista.+ 15 Ka hoo, baprista ba se ke ba silafatsa dintho tse halalelang tseo Baiseraele ba di nehelang ho Jehova+ 16 yaba ba etsa hore Baiseraele ba fumane kotlo ka lebaka la ho ba dumella ho ja dintho tse halalelang ka ha ke nna Jehova, ya ba halaletsang.’”
17 Jehova a re ho Moshe: 18 “Bua le Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle mme o re ho bona, ‘Ha monna wa Moiseraele kapa moditjhaba ya dulang Iseraele a hlahisa nyehelo ya setjheso+ ho Jehova e le ho phetha boitlamo ba hae kapa ho etsa nyehelo ya boithaopo,+ 19 a hlahise phoofolo e tona e phetseng hantle+ ho tswa mohlapeng wa diramo tse nyenyane kapa wa dipodi e le hore a amohelehe. 20 Le se ke la hlahisa phoofolo le ha e le efe e sa phelang hantle+ hobane e tla etsa hore le se ke la amohelwa.
21 Haeba motho a tlisetsa Jehova sehlabelo se kopanetsweng+ e le hore a phethe boitlamo ba hae kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be phoofolo e phetseng hantle hara mohlape wa dikgomo kapa wa dinku le dipodi e le hore a amohelehe. E be phoofolo e phetseng hantle. 22 Phoofolo eo le e nyehelang ha e a lokela ho ba e foufetseng, e robehileng, e sehilweng, e leqhutsu, e tswileng lekgwekgwe kapa setlapedi. Le se ke la hlahisa phoofolo le ha e le e fe e nang le dintho tsena ho Jehova kapa la etsetsa Jehova nyehelo ka yona aletareng. 23 Le ka fana ka poho kapa nku e nang le maoto a fetanang e le nyehelo ya boithaopo empa e ke ke ya amoheleha e le nyehelo ya boitlamo. 24 Le se ke la hlahisa phoofolo e makwalata a senyehileng ho Jehova kapa a pshatlehileng kapa a ntshitsweng kapa a ponngweng mme le se ke la fana ka diphoofolo tse jwalo e le dinyehelo naheng ya lona. 25 Le se ke la hlahisa phoofolo e jwalo e tswang ho moditjhaba e le dijo tsa Modimo wa lona hobane phoofolo e jwalo ha e a phela hantle. E ke ke ya amoheleha.’”
26 Jehova a re ho Moshe: 27 “Ha namane, ramo e nyenyane kapa potsanyane e tswalwa, e tla dula le mma yona ka matsatsi a supileng+ empa ho tloha ka letsatsi la borobedi ho ya pele ho ka fanwa ka yona e le nyehelo e amohelehang, nyehelo e tjhesetswang Jehova. 28 Le se ke la hlaba poho kapa nku ha mmoho le namane kapa konyana ya yona ka letsatsi le le leng.+
29 Haeba le etsetsa Jehova sehlabelo sa diteboho,+ le fane ka sona ka tsela e tla etsa hore le amohelehe. 30 Se jewe letsatsing lona leo. Le se ke la siya letho la sona ho fihlela hoseng.+ Ke nna Jehova.
31 Le latele ditaelo tsa ka mme le di phethe.+ Ke nna Jehova. 32 Le se ke la hlompholla lebitso la ka le halalelang+ empa ke lokela ho halaletswa hara Baiseraele.+ Ke nna Jehova, ya le halaletsang,+ 33 ya le ntshitseng naheng ya Egepeta hore ke be Modimo wa lona.+ Ke nna Jehova.”
23 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Mekete+ eo Jehova a reng le e keteke+ ke kopano ya matsatsi a halalelang bakeng sa batho bohle. Ena ke mekete ya ka e bang teng ka dinako tse itseng:
3 Mosebetsi o ka etswa ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha ya ho phomola ka ho feletseng,+ ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi wa mofuta le ha e le ofe. E be sabatha ya Jehova hohle moo le dulang teng.+
4 Ena ke mekete ya Jehova e leng dikopano tse halalelang tseo le lokelang ho di phatlalatsa ka nako ya tsona e behilweng: 5 Ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele,+ ka shwalane* ke Paseka+ ya Jehova.
6 Ka letsatsi la bo15 kgweding ena ke Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso wa Jehova.+ Le je mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 7 Letsatsing la pele, le be le kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima. 8 Empa le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.’”
9 Jehova a re ho Moshe: 10 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Ha le kena naheng eo ke le fang yona mme le se le kotutse dijalo ho yona, le tlise ngata ya ditholwana tsa pele+ tseo le di kotutseng ho moprista.+ 11 Moprista a tsokele ngata kwana le kwana ka pela Jehova e le hore le amohelwe. A e tsokele kwana le kwana letsatsi ka mora Sabatha. 12 Letsatsing leo ka lona ngata e tsokelwang kwana le kwana, le fane ka ramo e nyenyane e phetseng hantle, e selemong sa yona sa pele e le nyehelo ya setjheso ho Jehova. 13 Nyehelo ya yona ya dijo* e be dikhilokramo tse pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.* Nyehelo ya yona ya seno e be dilithara tse ka hodimo ho tse nne* tsa veine. 14 Le se ke la ja dijo tse hadikilweng, dijo tse sa tswa kotulwa kapa bohobe le ha e le bofe bo entsweng ka dijo tse sa tswa kotulwa ho fihlela letsatsing leo le tlisang nyehelo ya Modimo wa lona. Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko ya lona hohle moo le dulang teng.
15 Le bale dibeke tse supileng* ho tloha letsatsing la ka mora Sabatha, ho tloha letsatsing leo le tlisang ngata ya nyehelo e tsokwang.+ E be dibeke tse feletseng. 16 Le bale matsatsi a 50+ ho fihlela letsatsing la ka mora Sabatha ya bosupa mme ka mora moo, le hlahisetse Jehova nyehelo ya dijo tse sa tswa kotulwa.+ 17 Le tlise mahobe a mabedi a tswang matlong a lona e le nyehelo e tsokwang. A etswe ka dikhilokramo tse pedi* tsa phofo e sitsweng hantle. A bakwe a ena le tomoso+ e le ditholwana tsa pele tse butswitseng tsa Jehova.+ 18 Mahobe ao a hlahiswe le dikonyana tse tona tse phetseng hantle tse supileng, e nngwe le e nngwe e ena le selemo le pohwana e le nngwe le diramo tse pedi.+ E be nyehelo ya setjheso ya Jehova ha mmoho le nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno e le nyehelo e tjheswang, e monko o monate* ho Jehova. 19 Le fane ka potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe+ le dikonyana tse pedi tse tona, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, e le sehlabelo se kopanetsweng.+ 20 Moprista a di tsokele kwana le kwana le mahobe a ditholwana tsa pele tse butswitseng ha mmoho le dikonyana tse pedi tse tona e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. Ke ntho e halalelang ho Jehova mme ke tsa moprista.+ 21 Letsatsing lena le phatlalatse+ hore ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima. Ke taelo e tla dula e le teng dibakeng tsohle tseo le dulang ho tsona bakeng sa meloko yohle ya lona.
22 Ha le kotula dijalo tsa naha ya lona, le se ke la kotula moedi wa tshimo ya lona ka ho feletseng mme le se ke la thonaka dijalo tse setseng.+ Le di siele motho ya futsanehileng+ le moditjhaba.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.’”
23 Jehova a re ho Moshe: 24 “Bua le Baiseraele o re, ‘Ka letsatsi la pele kgweding ya bosupa, le phomole mesebetsing yohle ya lona. Letsatsi lena le tla phatlalatswa ka modumo wa terompeta+ e le ho le hopotsa hore ke kopano e halalelang. 25 Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima mme le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova.’”
26 Jehova a re ho Moshe: 27 “Le ha ho le jwalo, ka letsatsi la leshome kgweding ena ya bosupa ke Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe.+ Le be le kopano e halalelang, le bontshe hore le utlwile bohloko*+ mme le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova. 28 Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe letsatsing lena hobane ke letsatsi leo moprista a le etsetsang sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ ka pela Jehova Modimo wa lona. 29 Mang kapa mang ya ke keng a bontsha hore o utlwile bohloko* letsatsing lena, a bolawe setjhabeng sa habo.+ 30 Ke tla bolaya motho e mong le e mong ya etsang mosebetsi le ha e le ofe ka letsatsi lena. 31 Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe. Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko yohle ya lona hohle moo le dulang teng. 32 Ke sabatha ya hore le phomole ka ho feletseng mme ka letsatsi la borobong la kgwedi ka shwalane, le bontshe hore le utlwile bohloko.+ Le boloke sabatha ya lona ho tloha mantsiboya a mang ho isa ho a mang.”
33 Jehova a re ho Moshe: 34 “Bolella Baiseraele ho re, ‘Ka letsatsi la bo15 kgweding ena ya bosupa ke Mokete wa Maphephe* wa Jehova ka matsatsi a supileng.+ 35 Ka letsatsi la pele ke kopano e halalelang ka hoo le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima. 36 Le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la borobedi, le be le kopano e halalelang+ mme le hlahise nyehelo e tjhesetswang Jehova. Ke seboka se hlomphehang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.
37 Ena ke mekete e bang ka dinako tse itseng+ ya Jehova eo le tla e phatlalatsa e le dikopano tse halalelang+ e le ho hlahisa nyehelo e tjhesetswang Jehova e leng nyehelo ya setjheso,+ nyehelo ya dijo+ ya sehlabelo le dinyehelo tsa seno+ ho ya ka lenaneo la letsatsi le letsatsi. 38 Dinyehelo tseo, ke tseo le ka di ntshang hodima tse tliswang ka disabatha tsa Jehova+ le dimpho tsa lona,+ dinyehelo tsohle tsa lona tsa boitlamo+ le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo+ tseo le tla di fa Jehova. 39 Le ha ho le jwalo, ka letsatsi la bo15 kgweding ya bosupa, ha le bokeletse dihlahiswa tsa naha, le keteke mokete wa Jehova ka matsatsi a supileng.+ Letsatsing la pele ke phomolo e feletseng le letsatsing la borobedi ke phomolo e feletseng.+ 40 Ka letsatsi la pele, le nke ditholwana tsa difate tse ntle haholo, makala a difate tsa palema,+ makala a difate tse makgasi le dipopoliri tsa kgohlo* mme le thabe+ ka pela Jehova Modimo wa lona ka matsatsi a supileng.+ 41 Le o keteke e le mokete wa Jehova ka matsatsi a supileng selemong+ mme le o keteke ka kgwedi ya bosupa. Ena ke taelo e tla dula e le teng melokong yohle ya lona. 42 Le dule maphepheng ka matsatsi a supileng.+ Baiseraele bohle ba dule maphepheng 43 e le hore meloko ya lona e tla latela e ka tseba+ hore ke ile ka etsa hore Baiseraele ba dule maphepheng ha ke ne ke ba ntsha naheng ya Egepeta.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.’”
44 Moshe a bolella Baiseraele ka mekete eo ya Jehova e bang teng ka dinako tse itseng.
24 Jehova a re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele hore ba o tlisetse oli e hlwekileng ya mohlwaare o tutsweng bakeng sa mabone e le hore a dule a tuka.+ 3 Arone a hlophise hore ka mehla mabone a dule a tuka ka ntle ho kgaretene ya Bopaki tenteng ya pokano, ho tloha mantsiboya ho fihlela hoseng ka pela Jehova. Ke taelo e tla dula e le teng melokong yohle ya lona. 4 Arone a hlophise mabone hodima sedulwana sa lebone+ sa kgauta e hlwekileng ka pela Jehova ka mehla.
5 O nke phofo e sitsweng hantle mme o etse mahobe a 12 a sedikadikwe a lesoba hare. Bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka phofo ya dikhilokramo tse pedi.* 6 O a behe ka dihlopha tse pedi, sehlopheng ka seng+ e be a tsheletseng, o a behe hodima tafole ya kgauta e hlwekileng ka pela Jehova.+ 7 O behe dibano tse tshweu tse hlwekileng hodima sehlopha ka seng mme di tla tshwantshetsa bohobe ba karolo e emelang nyehelo yohle*+ e tjhesetswang Jehova. 8 Ka Sabatha e nngwe le e nngwe, o bo hlophise ka pela Jehova ka mehla.+ Ke selekane sa ka ho sa feleng le Baiseraele. 9 Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae+ mme ba tla bo jella sebakeng se halalelang+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hae dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ke molao o tla dula o le teng.”
10 Jwale hara Baiseraele ho ne ho ena le mora wa mosadi wa Moiseraele eo ntate wa hae e neng e le Moegepeta+ yaba o lwana le monna wa Moiseraele diahelong. 11 Mora wa mosadi wa Moiseraele a qala ho hlompholla lebitso la Modimo* le ho le rohaka.*+ Ka hoo, ba mo tlisa ho Moshe.+ Mme wa hae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri wa leloko la Dane. 12 Ba ile ba mo beha ditlamong ho fihlela ba boleletswe ka ho hlaka hore na qeto ya Jehova ke efe.+
13 Jehova a re ho Moshe: 14 “Ntshetsang motho ya rohakileng lebitso la ka ka ntle ho diahelo, bohle ba mo utlwileng ba behe matsoho hloohong ya hae mme setjhaba sohle se mo tlepetse ka majwe.+ 15 Jwale ere ho Baiseraele, ‘Haeba motho le ha e le ofe a rohaka Modimo wa hae, o tla arabella sebe sa hae. 16 Ka hoo, motho ya hlomphollang lebitso la Jehova o lokela ho bolawa.+ Setjhaba sohle se mo tlepetse ka majwe. Haeba moditjhaba a hlompholla lebitso la Modimo, a bolawe jwalo ka Moiseraele.
17 Haeba motho a bolaya motho e mong, le yena a bolawe.+ 18 Motho le ha e le ofe ya otlang phoofolo e ruuwang mme a e bolaya, a e lefelle. Bophelo bakeng sa bophelo. 19 Haeba motho a ntsha motho e mong kotsi, le yena a ntshwe kotsi.+ 20 Ho robeha bakeng sa ho robeha, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino. Motho eo a ntshwe kotsi e tshwanang le eo a e ntshitseng motho e mong.+ 21 Motho ya otlang phoofolo mme a e bolaya, a e lefelle+ empa motho ya bolayang e mong le yena a bolawe.+
22 Ho tla etswa qeto e tshwanang ya boahlodi ho moditjhaba le ho Moiseraele ka tlhaho+ hobane ke nna Jehova Modimo wa lona.’”
23 Ka mora moo, Moshe a bua le Baiseraele yaba ba ntshetsa motho ya rohakileng lebitso la Modimo ka ntle ho diahelo mme ba mo tlepetsa ka majwe.+ Baiseraele ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
25 Jehova a re ho Moshe Thabeng ya Sinai: 2 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Ha le fihla naheng eo ke le fang yona,+ jwale naha e tla boloka sabatha ya Jehova.+ 3 Ka dilemo tse tsheletseng o jale peo tshimong ya hao, o be o pome makala* a difate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara mme o bokelle dihlahiswa tsa naha.+ 4 Empa selemong sa bosupa, ho be le sabatha ya phomolo e feletseng bakeng sa naha e leng sabatha ya Jehova. O se ke wa jala peo tshimong ya hao kapa wa poma makala a difate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara. 5 O se ke wa kotula dijalo tse ileng tsa itlhahisa ka mora kotulo mme o se ke wa bokella morara wa sefate sa hao se sa pongwang makala. Ho be le selemo sa phomolo e feletseng bakeng sa naha. 6 Le ha ho le jwalo, ka sabatha le ka ja dijo tse ileng tsa itlhahisa, wena le lekgoba la hao la monna le la mosadi, mosebeletsi wa hao ya hirilweng le moditjhaba ya dulang le wena 7 le phoofolo ya hao e ruuwang le ya naheng. Ntho e nngwe le e nngwe eo naha e e hlahisang e ka jewa.
8 O bale dilemo tse supileng tsa disabatha, dilemo tse supileng ka makgetlo a supileng mme matsatsi a dilemo tse supileng tsa disabatha e be dilemo tse 49. 9 Jwale ka la leshome kgweding ya bosupa, ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe,+ o letse lenaka. O etse hore modumo wa lona o utlwahale naheng yohle ya lona. 10 Le halaletse selemo sa bo50 mme le phatlalatse tokoloho ho baahi bohle ba naha.+ E be Selemo sa Tokoloho* bakeng sa lona mme e mong le e mong a kgutlele sebakeng sa hae le lelapeng la hae.+ 11 Selemo sa bo50 e tla ba Selemo sa Tokoloho bakeng sa lona. Le ke ke la jala peo kapa la kotula dijalo tse ileng tsa itlhahisa ka mora kotulo kapa la bokella morara wa difate tse sa pongwang makala.+ 12 Ke Selemo sa Tokoloho. Se halalele ho lona. Le ka ja feela seo naha e itlhahisetsang sona.+
13 Selemong sa Tokoloho, e mong le e mong a kgutlele sebakeng sa hae.+ 14 Haeba o rekisetsa motho ntho le ha e le efe kapa o reka ho yena, le se ke la qhekellana.+ 15 O reke ho ya ka hore na e se e le dilemo tse kae Selemo sa Tokoloho se fetile mme motho eo a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tse setseng tsa kotulo.+ 16 Haeba ho setse dilemo tse ngata, a ka eketsa tjhelete mme haeba ho setse dilemo tse mmalwa, a fokotse tjhelete hobane o o rekisetsa boleng ba dijo tse tla kotulwa. 17 Ho se ke ha eba le motho ya qhekellang e mong.+ Le tshabe Modimo+ wa lona ka ha ke nna Jehova Modimo wa lona.+ 18 Haeba le mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka, le tla dula le sireletsehile naheng.+ 19 Naha e tla beha ditholwana+ mme le tla ja hore le kgore le be le dule moo le sireletsehile.+
20 Empa haeba le ka re: “Re tla jang ka selemo sa bosupa haeba re sa jale peo ebile re sa kotule?”+ 21 Ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela mme naha e tla hlahisa dijo tse lekanang dilemo tse tharo.+ 22 Jwale ha le jala peo ka selemo sa borobedi, le je dijo tseo le di kotutseng selemong sa botshelela. Le je dijo tseo ho fihlela le kotula ka selemo sa borobong.
23 Naha e se ke ya rekisetswa ruri+ hobane ke ya ka.+ Lona le baditjhaba ho nna.+ 24 Naheng yohle ya lona, le fe motho ya rekisitseng sebaka sa hae tokelo ya ho se lopolla.
25 Haeba ngwaneno a futsanehile mme a lokela ho rekisa sebaka sa hae, molopolli ya amanang le yena haufi a tle mme a reke seo a se rekisitseng.+ 26 Haeba motho a se na molopolli empa a ba le tjhelete e lekaneng ya ho se lopolla, 27 a bale hore na ke dilemo tse kae a se rekisitse mme a fe motho eo ya se rekileng tjhelete ya dilemo tse setseng pele e eba Selemo sa Tokoloho. Jwale sebaka seo se ka kgutlisetswa ho monga sona.+
28 Empa haeba a sa kgone ho se reka hape, se tla dula ho motho eo ya se rekileng ho fihlela Selemo sa Tokoloho se fihla,+ se tla kgutlela ho monga sona ka Selemo sa Tokoloho mme o tla kgutlisetswa sebaka sa hae.+
29 Jwale haeba motho a ka rekisa ntlo e ka hara motse o nang le marako, o tla dula a ena le tokelo ya ho e reka hape ho tloha ha a e rekisa ho fihlela selemo se fela, o tla ba le tokelo ya ho e reka hape+ ho fihlela selemo seo se fela. 30 Empa haeba e ke ke ya rekwa hape ho fihlela selemo se fela, ntlo eo e tla dula e le ya motho ya e rekileng ho isa melokong yohle ya hae. E se ke ya kgutlela ho monga yona ka Selemo sa Tokoloho. 31 Le ha ho le jwalo, matlo a metseng e se nang marako a nkwe e le karolo ya masimo a naha. Tokelo ya ho a reka hape e tla dula e le teng mme a lokela ho kgutlela ho beng ba ona ka Selemo sa Tokoloho.
32 Ha e le matlo a Balevi a ka hara metse ya bona,+ Balevi ba tla dula ba ena le tokelo ya ho a reka hape. 33 Haeba Molevi a sa reke ntlo ya hae eo a e rekisitseng motseng oo a dulang ho ona, e tla kgutlela ho yena ka Selemo sa Tokoloho+ hobane ke matlo a metse ya Balevi hara Baiseraele.+ 34 Ho feta moo, masimo+ a potolohileng metse ya bona a se ke a rekiswa hobane ke lefa la bona la ka ho sa feleng.
35 Haeba ngwaneno ya dulang haufi le wena a futsaneha mme a sa kgone ho itlhokomela, o mo hlokomele+ e le hore a nne a phele jwalo ka ha o ne o tla hlokomela moditjhaba.+ 36 O se ke wa batla tswala kapa phaello ho yena.+ O tshabe Modimo wa hao+ mme ngwaneno o tla tswela pele a phela. 37 O se ke wa batla phaello+ ha o mo kadima tjhelete kapa wa batla tswala ha o mo fa dijo. 38 Ke nna Jehova Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta,+ ho le fa naha ya Kanana hore ke be Modimo wa lona.+
39 Haeba ngwaneno ya dulang haufi le wena a futsaneha mme a tlameha ho ithekisa ho wena hore e be lekgoba,+ o se ke wa mo qobella ho etsa mosebetsi wa makgoba.+ 40 O mo tshware jwalo ka mosebeletsi ya hirilweng+ kapa jwalo ka moditjhaba. A o sebeletse ho fihlela Selemo sa Tokoloho se fihla. 41 Jwale o tla tloha ho wena ha mmoho le bana* ba hae ba nang le yena mme a kgutlele lelapeng la hae. A kgutlele motseng wa baholoholo ba hae.+ 42 Ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta.+ Ba se ke ba ithekisa bokgobeng. 43 O se ke wa mo tshwara hampe+ mme o tshabe Modimo wa hao.+ 44 Mosebeletsi wa hao wa monna le wa mosadi ba lokela ho tswa ditjhabeng tse le potolohileng, le ka reka mosebeletsi wa monna kapa wa mosadi ho tsona. 45 Le ka boela la reka bara ba baditjhaba ba dulang le lona+ le ba malapa a bona ba hlahetseng naheng ya lona hore e be basebeletsi ba lona. 46 Le ka ba fetisetsa ho bara ba lona e le lefa hore e be ba bona ka ho sa feleng. Le ka ba sebedisa e le basebeletsi empa le se ke la tshwara bana ba bo lona ba Baiseraele hampe.+
47 Empa haeba moditjhaba ya dulang hara lona e eba morui mme ngwaneno ya dulang haufi le yena a futsaneha mme a tlameha ho ithekisa ho moditjhaba eo kapa ho setho sa lelapa la moditjhaba eo, 48 o tla dula a ena le tokelo ya ho lopollwa ka mora hore a ithekise. E mong wa bana babo a ka mo lopolla+ 49 kapa rangwane wa hae kapa mora wa rangwane wa hae a ka mo lopolla kapa le ha e le mang ya amanang le yena haufi,* e mong wa lelapa la hae a ka mo lopolla.
Kapa haeba a ka rua, le yena a ka itopolla.+ 50 Yena le motho ya mo rekileng ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona ho fihlela Selemong sa Tokoloho+ mme tjhelete ya topollo e lokela ho lekana le dilemo.+ Nako eo a e sebeditseng e tla balwa jwalo ka ya mosebeletsi ya hirilweng.+ 51 Haeba ho setse dilemo tse ngata, tjhelete eo a itopollang ka yona e lokela ho lekana le ya dilemo tse setseng. 52 Empa haeba ho setse dilemo tse seng kae pele Selemo sa Tokoloho se fihla, jwale a ipalle tjhelete ya dilemo tse setseng mme a e patale. 53 A nne a mo sebeletse selemo le selemo jwalo ka mosebeletsi ya hirilweng mme le etse bonnete ba hore ha a tshwarwe hampe.+ 54 Le ha ho le jwalo, haeba a ke ke a itopolla maemong ana, ka Selemo sa Tokoloho+ o tla lokoloha ha mmoho le bana* ba hae.
55 Baiseraele ke bahlanka ba ka. Ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.
26 Le se ke la iketsetsa medimo e se nang thuso+ mme le se ke la emisa setshwantsho+ kapa pilara e halalelang kapa setshwantsho sa lejwe+ hore le di inamele+ naheng ya lona ka ha ke nna Jehova Modimo wa lona. 2 Le boloke disabatha tsa ka mme le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.
3 Haeba le tswela pele ho latela ditaelo tsa ka mme le di phetha,+ 4 ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona+ mme naha e tla fana ka dihlahiswa tsa yona+ le difate tsa naha di fane ka ditholwana tsa tsona. 5 Nako ya lona ya ho pola e tla tswela pele ho fihlela nako ya ho kotula morara e fihla. Nako ya ho kotula morara e tla tswela pele ho fihlela nako ya ho jala e fihla. Le tla ja bohobe ba lona hore le kgore mme le tla dula le sireletsehile naheng ya lona.+ 6 Ke tla etsa hore ho be le kgotso naheng ya lona+ mme ha ho na motho ya tla le tshosa+ ha le robetse. Ke tla fedisa diphoofolo tse hlaha tse kotsi mme ha ho na motho ya tla le lwantsha. 7 Le tla lelekisa dira tsa lona mme le tla di bolaya ka sabole. 8 Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba 100 mme ba 100 ba lona ba lelekise ba 10 000 mme le tla bolaya dira tsa lona ka sabole.+
9 Ke tla le hlohonolofatsa* mme ke etse hore le ngatafale.+ Ke tla boloka selekane sa ka le lona.+ 10 Ha le ntse le ja dihlahiswa tsa selemo se fetileng, le tla lokela ho di lahla e le hore tse ntjha di be le sebaka. 11 Ke tla beha tabernakele ya ka hara lona+ mme nke ke ka le lahla. 12 Ke tla ba le lona, ke be Modimo wa lona+ mme le tla ba setjhaba sa ka.+ 13 Ke nna Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta e le hore le se ke la hlola le eba makgoba a bona, ka roba dijoko tsa lona yaba ke etsa hore le tsamaye le sa tshabe letho.*
14 Le ha ho le jwalo, haeba le sa mmamele kapa le sa mamele ditaelo tsena tsohle+ 15 mme haeba le sa mamele ditaelo tsa ka,+ le hloile melao yohle ya ka mme le sa tshepahalle selekane sa ka,+ 16 ke tla le otla ka dintho tse latelang: Ke tla le bakela mahlomola le lefuba le feberu tse tla foufatsa mahlo a lona le tse tla etsa hore le fellwe ke matla. Le tla lema empa dira tsa lona ke tsona tse tla ja dijalo tsa lona.+ 17 Ke tla le halefela mme dira tsa lona di tla le hlola.+ Ba le hloileng ba tla le hatella+ mme le tla baleha ho se na motho ya le lelekisang.+
18 Haeba le ka mora dintho tsena le ntse le sa mmamele, ke tla eketsa dikotlo tsa lona ka makgetlo a supileng ka lebaka la dibe tsa lona. 19 Ke tla etsa hore le se ke la ikgohomosa mme le se ke la ba manganga, ke etse hore mahodimo a lona a be jwalo ka tshepe+ le lefatshe la lona le be jwalo ka koporo. 20 Le tla sebeletsa lefeela ka ha naha ya lona e ke ke ya fana ka dihlahiswa tsa yona+ mme le difate tsa naha di ke ke tsa hlahisa ditholwana.
21 Empa haeba le ntse le nkganyetsa mme le sa batle ho mmamela, ke tla le otla ka makgetlo a mang a supileng ho latela dibe tsa lona. 22 Ke tla romela diphoofolo tse hlaha ho lona.+ Di tla fedisa bana ba lona+ le diphoofolo tsa lona tse ruuwang mme palo ya lona e tla fokotseha le ditsela tsa lona di tla hloka batho.+
23 Haeba le ka mora dintho tsena le ntse le sa mmamele ha ke le kgalemela+ mme le ntse le nkganyetsa, 24 jwale le nna ke tla le hanyetsa mme ke tla le otla ka makgetlo a supileng ka lebaka la dibe tsa lona. 25 Ke tla iphetetsa hobane le tlotse selekane+ seo ke se entseng le lona. Haeba le balehela metseng ya lona, ke tla romela bolwetse hara lona+ mme dira tsa lona di tla le hlola.+ 26 Ha ke senya sebaka* seo le bolokang bohobe*+ ho sona, basadi ba leshome ba tla baka bohobe ba lona ka ontong e le nngwe. Ba tla bekga bohobe ba lona ebe ba le fa bo bonyenyane.+ Le tla ja empa le ke ke la kgora.+
27 Haeba le ha ke entse dintho tsena le ntse le sa mmamele mme le ntse le nkganyetsa, 28 ke tla le halefela le ho feta+ mme ke tla eketsa dikotlo tsa lona ka makgetlo a supileng ka lebaka la dibe tsa lona. 29 Ka hoo, le tla ja nama ya bara ba lona mme le je le nama ya baradi ba lona.+ 30 Ke tla fedisa dibaka tsa lona tse phahameng tse halalelang,+ ke dihe didulwana tsa lona tsa dibano, ke lahlele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang*+ mme ke tla le lahla+ hobane le tla be le nyontsha. 31 Ke tla fedisa metse ya lona+ le dihalalelo tsa lona mme nke ke ka fofonela monko o monate* wa mahlabelo a lona. 32 Ke tla etsa hore naha ya lona e se ke ya eba le baahi+ mme dira tsa lona tse tla dula ho yona di tla e makalla.+ 33 Ke tla le hasanya hara ditjhaba,+ ke etse hore dira tsa lona di le lwantshe ka sabole.+ Naha ya lona e tla hloka baahi+ mme metse ya lona e fediswe.
34 Ka nako eo, naha e tla lefa disabatha tsa yona ka matsatsi ohle ao e se nang baahi, ha le ntse le le naheng ya dira tsa lona. Naha e tla phomola* ka ha e lokela ho lefa disabatha tsa yona.+ 35 Ka matsatsi ohle ao e se nang baahi e tla phomola hobane ha e a ka ya phomola nakong ya disabatha tsa lona ha le ne le dula ho yona.
36 Ha e le ba tla pholoha+ dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla etsa hore ba tshohe mme modumo wa lekgasi le fefohang o tla etsa hore ba balehe. Ba tla baleha jwalo ka motho ya balehang sabole mme ba we ho se ya ba lelekisang.+ 37 Ba tla hatana hodimo jwalo ka batho ba balehang sabole le hoja ho se ya ba lelekisang. Le ke ke la hlola dira tsa lona.+ 38 Le tla fediswa hara ditjhaba+ mme le shwelle naheng ya dira tsa lona. 39 Ha e le ba tla sala, ba tla bola ka lebaka la diphoso tsa bona dinaheng tsa dira tsa lona.+ Ba tla bola ka lebaka la diphoso tsa bontata bona.+ 40 Jwale ba tla bolela diphoso tsa bona+ le diphoso tsa bontata bona ha mmoho le ho se tshepahale ha bona mme ba dumele hore ha ba a ntshepahalla ka hore ba nkganyetse.+ 41 Jwale le nna ke tla ba hanyetsa+ ka ho ba tlisa naheng ya dira tsa bona.+
Mohlomong ka nako eo, dipelo tsa bona tse thata* di tla nolofala+ mme ba lefelle diphoso tsa bona. 42 Ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo+ le selekane sa ka le Isaka+ hape ke tla hopola selekane sa ka le Abrahama+ mme ke hopole le naha ena. 43 Ha ba ntse ba lahlile naha, naha e tla lefa disabatha tsa yona+ mme e sale e se na baahi. Ba tla lefella diphoso tsa bona hobane ba lahlile melao ya ka ebile ba hloile ditaelo tsa ka.+ 44 Empa le ka mora dintho tsena tsohle ha ba ntse ba le naheng ya dira tsa bona, nke ke ka ba lahla+ ka ho feletseng kapa ka ba hloya ho isa boholeng ba hore ke ba bolaye ka ha seo e tla be e le ho tlola selekane sa ka+ le bona hobane ke nna Jehova Modimo wa bona. 45 Molemong wa bona ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona,+ bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta mahlong a ditjhaba+ e le hore ke be Modimo wa bona. Ke nna Jehova.’”
46 Tsena ke ditaelo le melao eo Jehova a e fileng Baiseraele Thabeng ya Sinai ka Moshe.+
27 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Haeba motho a etsa boitlamo+ bo kgethehileng ba ho nyehela ho Jehova tjhelete e lekanngwang le boleng ba motho, 3 tjhelete e lekantsweng bakeng sa motho e motona ya dilemo di 20 ho ya ho tse 60 e tla ba dikotwana tsa silevera tse etsang boima ba dikramo tse 570* ho ya ka tekanyo* e sebediswang sebakeng se halalelang. 4 Empa haeba ke motho e motshehadi, tjhelete e lekantsweng e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 342.* 5 Haeba ke motho ya dilemo di hlano ho isa ho tse 20, tjhelete e lekantsweng bakeng sa e motona e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 228* mme bakeng sa e motshehadi e be dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 114.* 6 Haeba ke motho ya nang le kgwedi ho isa ho dilemo tse hlano, tjhelete e lekantsweng bakeng sa e motona e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 57* tsa silevera mme bakeng sa e motshehadi e be dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 34* tsa silevera.
7 Haeba ke motho ya dilemo di 60 ho ya hodimo, tjhelete e lekantsweng bakeng sa e motona e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 171* mme bakeng sa e motshehadi e be dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 114.* 8 Empa haeba a futsanehile haholo hoo a sa kgoneng ho ntsha tjhelete+ e lekantsweng, a ye ho moprista mme moprista a mo bolelle hore na a patale bokae. Moprista a mo lekanyetse tjhelete eo a lokelang ho e patala ho ya ka seo a ka kgonang ho se ntsha.+
9 Haeba a etsa boitlamo ba ho fana ka phoofolo e ka nyehelwang ho Jehova, phoofolo e nngwe le e nngwe eo a e fang Jehova e tla ba ntho e halalelang. 10 A ke ke a fana ka e nngwe bakeng sa yona kapa a fapanyetsana ka yona ka e ntle bakeng sa e mpe kapa e mpe bakeng sa e ntle. Empa haeba a fapanyetsana ka phoofolo e nngwe jwale diphoofolo tseo ka bobedi e tla ba tse halalelang. 11 Haeba e le phoofolo e sa hlwekang+ e ke keng ya tliswa e le nyehelo ho Jehova jwale a tlise phoofolo eo ka pela moprista. 12 Moprista a bolele hore na ke bokae ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Theko eo moprista a e behileng ke yona e tla ntshwa. 13 Empa haeba a se a batla ho e reka, a e reke ka tjhelete eo moprista a itseng e ntshwe.+ Ho dikotwana tse ding le tse ding tse hlano tsa silevera a eketse ka se le seng ka hodimo.
14 Jwale haeba motho a fa* Jehova ntlo ya hae, moprista a lekanye boleng ba yona ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Moprista a bolele hore na e tla ba bokae+ ho latela boleng ba yona. 15 Empa haeba motho ya faneng ka ntlo ya hae a se a e batla hape, a fane ka tjhelete e lekantsweng ebile ho ditjhelete tse hlano a boele a fane ka tjhelete e le nngwe ka hodimo mme ntlo e tla ba ya hae.
16 Haeba motho a fa Jehova karolo ya tshimo ya hae, theko ya yona e tla lekanngwa ho ya ka hore na ho hlokahala peo e kae ho e lema: Dinkgo tse leshome tse kgolohadi* tsa peo ya harese e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 570* tsa silevera. 17 Haeba a fana ka yona Selemong sa Tokoloho,*+ theko ya yona e ke ke ya fetoha. 18 Haeba a fana ka tshimo ya hae ka mora Selemo sa Tokoloho, moprista a mo lekanyetse theko ya yona ho latela hore na ho setse dilemo tse kae pele Selemo sa Tokoloho se latelang se fihla mme theko+ ya yona e lokela ho fokotswa. 19 Empa haeba ho ka etsahala hore ya faneng ka tshimo ya hae a e lopolle, a fane ka tjhelete e lekantsweng, ho ditjhelete tse hlano a boele a fane ka tjhelete e le nngwe ka hodimo mme e tla dula e le ya hae. 20 Haeba a sa lopolle tshimo ya hae mme e rekisetswa motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa. 21 Ha tshimo e lokollwa ka Selemo sa Tokoloho, e tla fuwa Jehova e le ntho e halalelang. E tla ba ya baprista.+
22 Haeba motho a fa Jehova masimo ao a a rekileng empa masimo ao e se karolo ya lefa la hae,+ 23 moprista a mo lekanyetse hore na ho fihlela Selemong sa Tokoloho masimo ao ke bokae mme hona letsatsing leo a fane ka tjhelete e lekantsweng.+ Masimo ao a a halalela ho Jehova. 24 Ka Selemo sa Tokoloho, masimo a kgutlele ho motho eo a rekilweng ho yena e leng monga masimo.+
25 Tjhelete e patalwang e lekanngwe ho ya ka tekanyo* e sebediswang sebakeng se halalelang. Tekanyo e sebediswang e be boima ba dikramo tse ka bang 11.*
26 Le ha ho le jwalo, ho se ke ha eba le motho ya fanang ka letsibolo la phoofolo ka ha letsibolo ke la Jehova.+ Ebang ke la poho kapa la nku, e se e ntse e le la Jehova.+ 27 Haeba letsibolo e le la diphoofolo tse sa hlwekang mme a le lokolla ho ya ka tjhelete e lekantsweng, a fane ka tjhelete e lekantsweng, ho ditjhelete tse hlano a boele a fane ka e le nngwe ka hodimo.+ Empa haeba le sa lopollwe le rekiswe ho ya ka tjhelete e lekantsweng.
28 Haeba motho a fa Jehova phoofolo kapa motho kapa masimo, di ke ke tsa rekiswa kapa tsa lopollwa. Ke tsa Jehova mme di a halalela ho yena.+ 29 Ho feta moo, ha ho na motho ya ahloletsweng lefu* ya ka lopollwang+ empa o lokela ho bolawa.+
30 Le fe Jehova tse ding tsa dihlahiswa tsa naha ya lona ebang ke tse tswang masimong kapa ke ditholwana tsa difate. Ho tse leshome+ le mo fe e le nngwe. Ke ntho e halalelang ho Jehova. 31 Haeba motho a batla ho reka ntho e le nngwe eo a faneng ka yona, a boele a fane ka karolwana ya yona ka hodimo. 32 Ha e le karolo e nngwe le e nngwe ya leshome ya mohlape wa dikgomo le wa dinku le dipodi e leng phoofolo* e nngwe le e nngwe ya leshome e fetang tlasa molamu wa modisa, e fuwe Jehova. 33 A se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe mme a se ke a e tjhentjha. Empa haeba a ka leka ho e tjhentjha, yona le phoofolo eo a e tjhentjhang ka yona ka bobedi di fuwe Modimo.+ Di se ke tsa lopollwa.’”
34 Tsena ke ditaelo tseo Jehova a di fileng Moshe bakeng sa Baiseraele Thabeng ya Sinai.+
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “mohlehlo.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “mohlehlo.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Kapa: “sehlabelo sa ho etsa kgotso.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “bohobe,” e leng karolo ya sehlabelo se kopanetsweng e fuwang Modimo.
Ka Seheberu: “bohobe,” e leng karolo ya sehlabelo se kopanetsweng e fuwang Modimo.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “utlwa lentswe la thohako (kano).” Mohlomong ke phatlalatso e neng e etswa mabapi le phoso e neng e akarelletsa thohako kgahlanong le mofosi kapa kgahlanong le paki haeba e sa tlalehe phoso eo.
Ho bonahala bothata e le hore ha a phethahatse kano ya hae.
Ka Seheberu: “Karolo ya leshome ya efa.” Efa e lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “shekele.”
Kapa: “diaparo tsa ka hare.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “Karolo ya leshome ya efa.” Efa e lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
Kapa: “e le korone e halalelang.”
Kapa: “tlama ka.”
Kapa: “mohlehlo.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “ho tlatsa matsoho a lona.”
Kapa: “podi e tona.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Se thetsitse fatshe ka dihlooho.
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ke diphoofolo tsa naheng.”
Ka Seheberu: “tse nang le menoto e di thusang ho qhoma ha di le fatshe.”
Kapa: “tsiritsiri.”
Maro ke karolo e ka tlase ya maoto a diphoofolo tse kang tau, katse le ntja.
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “emola peo.”
Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “lepera” le ka bolela dintho tse ngata mme le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tshwaetsanwang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanwang diaparong le ka matlung.
Kapa: “ka lekgetlo la bobedi.”
Kapa: “hore ha le tshwaetsanwe.”
Ka Seheberu: “letlalong la mmele wa hae.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”
Ka Seheberu: “dikarolo tse tharo ho tse leshome tsa efa.” Di lekana le dilithara tse 6,6. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “loge.” E lekana le dilithara tse 0,31. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “karolo ya leshome ya efa.” E lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “sebeng.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”
Ka Seheberu: “sebeng.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”
Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Ka Seheberu: “nameng ya hae.”
Kapa: “mme diaparo tsa ka hare.”
Kapa: “nama e hlobotseng.”
Mohlomong e bolela “Podi e Nyamelang.”
Taba ena e ka bolela mekgwa e fapaneng ya ho itima dintho tse itseng, e akarelletsang ho itima dijo.
Ka Seheberu: “le eo letsoho la hae le tla tlatswa matla.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “bakeng sa dipodi.”
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ho apola bofeela,” mona le ditemaneng tse latelang.
Ka Seheberu: “ke bofeela ba ntate wa hao.”
Ka Seheberu: “apola bofeela ba ngwanabo ntate wa hao.”
Ka Seheberu: “ke bofeela ba ngwaneno.”
Kapa: “mahlabisadihlong.”
Kapa: “moahisani; motswalle.”
E ka nna yaba sena se ne se akareletsa ho fana ka ngwana e le sehlabelo.
Ka Seheberu: “tshabe.”
Kapa: “se kgwahlapiswang.”
Kapa: “bitsetsa bomadimabe.”
Ka Seheberu: “madi.”
Kapa mohlomong: “O se ke wa ema feela ha bophelo ba motho e mong bo le kotsing.”
Ka Seheberu: “se tla dula se sa bolla.”
Kapa: “itsheha mmeleng.”
Kapa: “la etsa dithathu mmeleng.”
Ka Seheberu: “tshabe.”
Kapa: “mathuela.”
Kapa: “hlomphe.”
Ka Seheberu: “efa e nepahetseng.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “hine e nepahetseng.” Sheba Ntlha ya B14.
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a etsa botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mathuela.”
Kapa: “ya bitsetsang bomadimabe.”
Ka Seheberu: “madi a hae a hodima hae.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Kapa: “e hlabisang dihlong.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba kgaitsedi ya hae.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “O apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “Madi a hae a hodima hae.”
Kapa: “dijo,” e leng mahlabelo.
Ka Seheberu: “bana babo.”
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Kapa: “eo letsoho la hae le neng le tlatsitswe matla.”
Lentswe la Seheberu ne′phesh mona le amahanngwa le lentswe la Seheberu le bolelang “ho shwa.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “kapa ya nko e tabohileng.”
Kapa mohlomong: “ya otileng haholo ka lebaka la bokudi kapa tlala.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ho ka etsahala hore ho buuwa ka baprista.
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
Ka Seheberu: “pakeng tsa dishwalane tse pedi.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa.” Di lekana le dilithara tse 4,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “hine.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “disabatha tse supileng.”
Ka Seheberu: “dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Taba ena e ka bolela mekgwa e fapaneng ya ho itima dintho tse itseng, e akarelletsang ho itima dijo.
Kapa mohlomong: “ya ke keng a itima dijo.”
Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ya dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa.” Di lekana le dilithara tse 4,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Lena ke lebitso Jehova jwalo ka ha ho bontshitswe temaneng ya 15 le 16.
Kapa: “bitsetsa bomadimabe.”
Kapa: “o faole.”
Ka Seheberu: “Jubile.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “motho le ha e le ofe ya amanang le yena ka madi.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “le tshabe.”
Ka Seheberu: “Ke tla retelehela ho lona.”
Ka Seheberu: “le tsamaye le otlolohile.”
Ka Seheberu: “molamu.” Mohlomong ho buuwa ka melamu e neng e sebedisetswa ho fanyeha bohobe.
Kapa: “dijo.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “boloka sabatha.”
Ka Seheberu: “dipelo tsa bona tse sa bollang.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “shekele.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 30.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 20.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse leshome.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse tharo.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 15.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Homere e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “Jubile.”
Ka Seheberu: “shekele.”
Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ya behelletsweng ka thoko bakeng sa ho fediswa.”
Kapa: “hlooho.”