LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Esaia 1:1-66:24
  • Esaia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Esaia
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Esaia

ESAIA

1 Ena ke pono eo Esaia*+ mora wa Amoze a ileng a e bona mehleng ya Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda ka se tla etsahalla Juda le Jerusalema:+

 2 Utlwang, lona ba mahodimong le ba lefatsheng,+

Jehova o itse:

“Ke hlokometse bana le ho ba hodisa+

Empa ba mphetohetse.+

 3 Poho e tseba monga yona hantle

Le tonki e tseba hantle moo monga yona a e fepelang teng

Empa Baiseraele ha ba ntsebe,*+

Setjhaba sa ka ha se na kutlwisiso.”

 4 Ho madimabe setjhaba se nang le sebe,+

Batho ba imetsweng ke phoso,

Sehlopha sa batho ba kgopo, bana ba bodileng.

Ba lahlile Jehova,+

Ba telletse Mohalaledi wa Iseraele.

Ba mo furaletse.

 5 Le tla otlwa hokae hape ha borabele ba lona bo ntse bo ehlwa mekwalaba?+

Dihlooho tsa lona di a kula

Le dipelo tsa lona di a kula.+

 6 Ho tloha hloohong ho ya tswa leotong, ha ho letho le phetseng hantle.

Hohle le tletse maqeba, matetetso le metopa.

Ha e a fodiswa,* ha e a tlamiswa kapa hona ho thapiswa ka oli.+

 7 Naha ya lona e senyehile,

Metse ya lona e tjhesitswe ka mollo.

Basele ba ja dihlahiswa tsa naha ya lona le ntse le ba shebile.+

E ripitlilwe ekare e sentswe ke dira.+

 8 Moradi wa Sione o siilwe jwalo ka lephephe serapeng sa morara

Jwalo ka mokgoro* tshimong ya dikomkomere

Le jwalo ka motse o thibeletsweng.+

 9 Hoja Jehova wa mabotho a se ke a re siela baphonyohi ba seng bakae,

Re ka be re bile feela jwalo ka Sodoma

Hape re ka be re tshwana le Gomora.+

10 Utlwang lentswe la Jehova, lona bahatelli* ba Sodoma.+

Mamelang molao* wa Modimo wa rona, lona batho ba Gomora.+

11 Jehova o re: “Mahlabelo a lona a mangata a ntswela molemo wa eng?+

Ke kgathetse ke dinyehelo tsa lona tsa setjheso tsa diramo+ le mafura a diphoofolo tse fepehileng hantle+

Ebile ha ke kgahlwe ke madi+ a dipohwana,+ dikonyana le dipodi.+

12 Ha le tla ka pela ka,+

Ke mang ya le kopileng

Ho tla hatakela mabala a ka?+

13 Kgaotsang ho tlisa dinyehelo tsa dijo* tse se nang thuso.

Ke nyonya dibano tsa lona.+

Le keteka dikgwedi tse thwasitseng+ le disabatha+ ebile le etsa dikopano+

Empa nke ke ka mamella boloi+ ha mmoho le phutheho ya lona e hlomphehang.

14 Ke hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasitseng le mekete ya lona e meng.

Di fetohile morwalo ho nna,

Ke kgathetse ke ho di mamella.

15 Ha le otlolla matsoho,

Ke le patela mahlo.+

Le hoja le etsa dithapelo tse ngata,+

Ha ke a mamela.+

Matsoho a lona a kgenathetse madi.+

16 Itlhatsweng, itlhwekiseng,+

Tlosang mesebetsi ya lona e kgopo mahlong a ka.

Kgaotsang ho etsa bobe.+

17 Ithuteng ho etsa dintho tse lokileng, sebetsang dintho ka toka,+

Kgalemelang mohatelli,

Sireletsang ditokelo tsa kgutsana,*

Le buelle mohlolohadi nyeweng.”+

18 Jehova o re: “Tloong re lokiseng ditaba.+

Le hoja dibe tsa lona di le kgubedu,

Di tla ba tshweu jwalo ka lehlwa.+

Le hoja di le kgubedu tlere!

Di tla ba tshweu jwalo ka boya.

19 Haeba le ikemiseditse ho mamela mme le fela le mamela,

Le tla ja dintho tse monate tsa naha.+

20 Empa haeba le hana mme le mphetohela,

Le tla jewa ke sabole+

Etswe Jehova o tjho jwalo ka molomo wa hae.”

21 Motse o tshepahalang+ o fetohile mosadi wa letekatse.+

O ne a tletse toka.+

Ho loka ho ne ho dula ho yena+

Empa hona jwale ho dula babolai.+

22 Silevera ya hao e fetohile manya.*+

Jwala* ba hao bo hlapolotswe ka metsi.

23 Babusi ba hao ba manganga mme ke metswalle ya mashodu.+

Kaofela ha bona ba rata tjotjo ebile ba lelekisa dimpho.+

Ha ba ahlolele dikgutsana* ka toka.

Le nyewe ya mohlolohadi ha e fihle ho bona.+

24 Ka hona Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,

Ya Matla wa Iseraele o re:

“Ho lekane! Ke tla itokolla ho bahanyetsi ba ka

Ke be ke iphetetse ho dira tsa ka.+

25 Ke tla o tlisetsa kotlo,

Ke o qhibidihise ke o tlose manya kaofela,

Ke tla tlosa ditshila tsa hao kaofela.+

26 Ke tla o fa baahlodi hape,

Ke o fe le baeletsi jwalo ka qalong.+

Jwale o tla bitswa Motse wa ho Loka, Motse o Tshepahalang.+

27 Sione o tla lopollwa ka toka+

Le batho ba hae ba kgutlang, ba lopollwe ka ho loka.

28 Marabele le baetsadibe ba tla bolawa,+

Ba furallang Jehova ba tla fela.+

29 Ba tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la difate tse kgolo tseo o di ratang+

Mme o tla swaba ka lebaka la dirapa* tseo o di kgethileng.+

30 O tla ba jwalo ka sefate se seholo seo makgasi a sona a ponang+

Le jwalo ka serapa se se nang metsi.

31 Monna ya matla o tla fetoha thapo,*

Mosebetsi wa hae e be tlhase.

Ka bobedi ba tla tjha mmoho,

Ho se na ya ba timang.”

2 Ena ke ntho eo Esaia mora wa Amoze a ileng a e bona e neng e tla etsahalla Juda le Jerusalema:+

 2 Matsatsing a ho qetela,*

Thaba eo ntlo ya Jehova e leng ho yona

E tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba,+

E phahamele maralla.

Ditjhaba tsohle di tla phallela ho yona.+

 3 Ditjhaba tse ngata di tla ya ebe di re:

“Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova,

Ntlong ya Modimo wa Jakobo.+

O tla re ruta ditsela tsa hae

Ebe re tsamaya ditseleng tsa hae.”+

Molao o tla tswa Sione

Le lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.+

 4 O tla ahlola hara ditjhaba,

A lokise ditaba ditjhabeng tse ngata.

Ba tla etsa disabole tsa bona mehoma,

Ba etse marumo a bona dikere tse kutang dimela.+

Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole,

Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.+

 5 Tloong lona ba ntlo ya Jakobo,

Re tsamayeng leseding la Jehova.+

 6 Modimo, o furaletse batho ba hao, ba ntlo ya Jakobo+

Ka ha ba nkile meetlo e mengata ya Botjhabela.

Ba sebedisa boselamose+ jwalo ka Bafilista

Ebile ba dula le baditjhaba ba bangata.

 7 Naha ya bona e tletse silevera le kgauta,

Matlotlo a bona a mangata haholo.

Naha ya bona e tletse dipere

Le dikariki tsa bona di ngata haholo.+

 8 Naha ya bona e tletse medimo e se nang thuso.+

Ba inamela mosebetsi wa matsoho a bona,

O entsweng ka menwana ya bona.

 9 Ba a inama mme ba a tlotloloha,

O ke ke wa ba tshwarela.

10 Kenang ka lefikeng mme le ipate leroleng

Ka lebaka la ho tshaba matla a Jehova,

Boholo ba hae le kgalalelo ya hae.+

11 Motho ya ikgohomosang o tla theolelwa tlase,

Batho ba ikgohomosang ba tla kokobetswa.

Ke Jehova feela ya tla phahamiswa letsatsing leo.

12 Leo ke letsatsi la Jehova wa mabotho.+

Le tlela bohle ba ikgohomosang le ba phahameng

Le bohle, ebang ba maemong a hodimo kapa a tlase,+

13 Le dikedare tsohle tsa Lebanone tse hodimo le tse phahameng

Le difate tsa ouku* tsa Bashane.

14 Le dithaba tsohle tse phahameng

Le maralla ohle a phahameng.

15 Le ditora tsohle tse phahameng le marako ohle a tiileng.

16 Le dikepe tsohle tsa Tarshishe+

Le dikepe tsohle tse ntle.

17 Motho ya ikgohomosang o tla theolelwa tlase,

Batho ba ikgohomosang ba tla kokobetswa.

Ke Jehova feela ya tla phahamiswa letsatsing leo.

18 Medimo e se nang thuso e tla fediswa ka ho feletseng.+

19 Batho ba tla kena ka mahaheng

Le ka mekoting+

Ka lebaka la ho tshaba matla a Jehova,

Boholo ba hae le kgalalelo ya hae.+

Ha a nka kgato lefatshe le thothomela ke tshabo.

20 Letsatsing leo, batho ba tla nka medimo ya bona e se nang thuso ya silevera le kgauta,

Eo ba neng ba iketseditse yona hore ba e inamele.

Ba tla e akgella ditweba le bommankgane+

21 E le hore ba kene ka mekoting ya mafika

Ba ipate ka mapatsong a mafika,

Ka lebaka la ho tshaba matla a Jehova,

Boholo ba hae le kgalalelo ya hae.

Ha a nka kgato lefatshe le thothomela ke tshabo.

22 Le se ke la tshepa motho

Ya phediswang feela ke ho hema.*

O ka mo tshepa jwang?

3 Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,

O amoha baahi ba Jerusalema le Juda ntho e nngwe le e nngwe,

Metsi le bohobe,+

 2 Monna ya matla le mohlabani,

Moahlodi le moprofeta,+ senohe le moholo,

 3 Molaodi wa ba 50,+ mohlomphehi le moeletsi,

Setsebi sa boselamose le motho ya nang le tsebo ya ho laola dinoha.+

 4 Ke tla etsa hore bashanyana e be dikgosana tsa bona,

Ba buswe ke batho ba nkwang ke maikutlo.*

 5 Batho ba tla hatellana,

E mong a hatelle wa habo.+

Moshanyana o tla tsohela monnamoholo matla

Le motho ya kgellwang fatshe a telle ya hlomphuwang.+

 6 E mong le e mong o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntate wa hae mme a re:

“O na le seaparo sa ka hodimo. Eba molaodi wa rona,

Busa sebaka sena se senyehileng.”

 7 Empa letsatsing leo, o tla ipelaetsa a re:

“Nke ke ka ba motlamisi wa maqeba a lona.*

Ha ke na bohobe kapa diaparo ka tlung ya ka.

Le se ke la nketsa molaodi wa batho.”

 8 Baahi ba Jerusalema ba kgopilwe,

Baahi ba Juda ba wele

Hobane ba hanyetsa Jehova ka mantswe le ka diketso,

Ba etsa dintho ka ho tella ka pela mahlo a Modimo ya hlomphehang.*+

 9 Difahleho tsa bona di a bontsha hore ba molato.

Ka hoo, ba phatlalatsa sebe sa bona jwalo ka baahi ba Sodoma.+

Ha ba leke ho se pata.

Ba madimabe hobane ba ipakela tlokotsi.

10 Bolella batho ba lokileng hore dintho di tla ba tsamaela hantle.

Ba tla fumana moputso wa dintho tseo ba di etsang.*+

11 Ho madimabe motho ya kgopo.

O tla welwa ke tlokotsi,

O tla tshwarwa ka tsela eo a tshwereng ba bang ka yona.

12 Ha e le setjhaba sa ka, bahatelli* ba a se hlekefetsa,

Se buswa ke basadi.

Setjhaba sa ka, baetapele ba lona ba etsa hore le hlahlathele

Ebile ba a le kgelosa.+

13 Jehova o itokisetsa ho ahlola.

O a ema hore a dihe kahlolo hodima ditjhaba.

14 Jehova o tla ahlola baholo le dikgosana tsa batho ba hae.

“Le tjhesitse serapa sa morara,

Dintho tseo le di utsweditseng bafutsana di ka matlung a lona.+

15 Le se nka kae sebete sa ho hatella setjhaba sa ka

Le ho hatella bafutsana?”+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.

16 Jehova o re: “Ka ha baradi ba Sione ba a ikgohomosa,

Ba tsamaya ba thamotse melala,

Ba bonya ka mahlo a bona, ba a ikonka ha ba tsamaya

Hape ba llisa manyenenyene maotong,

17 Jehova o tla etsa hore basadi ba Sione ba be le dikgoo hloohong,

Jehova o tla ba phumola mafatla.+

18 Ka letsatsi leo, Jehova o tla tlosa mekgabiso ya bona ya matsohong,

E rwalwang hloohong le e bopehileng jwalo ka kgwedi,+

19 Masale, difaha tsa matsohong le masira,

20 Dintho tse rwalwang hloohong, difaha tsa maotong le mabanta a ho ikgabisa*

Le dibotlolo tse tshelang dioli tse nkgang ha monate le dirwala,*

21 Masale a monwana le masale a nko,

22 Diaparo tse telele tse hlomphehang, diaparo tse kang mese, diaparo tsa ka hodimo le dipatjhe,

23 Diipone tsa letsoho+ le diaparo tsa line,*

Dituku le masira.

24 Ho tla ba le monko wa sebodu ho ena le wa oli ya balsame,+

Ho be le ropo ho ena le lebanta,

Ho be le lefatla+ ho ena le moriri o lokisitsweng hantle,

Ho be le seaparo se entsweng ka lesela le hwashang*+ ho ena le seaparo sa boleng bo phahameng,

Ho be le letshwao* le etswang ka tshepe e tjhesang ho ena le botle.

25 Banna ba hao ba tla bolawa ka sabole,

Banna ba hao ba matla ba shwelle ntweng.+

26 Batho ba dulang haufi le moo ho kenwang le teng ba tla utlwa bohloko le ho sarelwa.+

O tla dula a se na baahi mme o tla dula fatshe a hlorile.”+

4 Letsatsing leo, basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong+ ba re:

“Re tla ipatlela bohobe,

Re ipatlele le diaparo.

Re ikopela feela hore re bitswe ka lebitso la hao

E le hore re tloswe sekgobo.”*+

2 Letsatsing leo, dijalo tseo Jehova a di medisang di tla atleha mme di tlokome. Baphonyohi ba Iseraele ba tla thaba le ho ba motlotlo ka ditholwana tsa naha.+ 3 Mang kapa mang ya setseng Sione le ya siilweng Jerusalema o tla nkwa a halalela, bohle ba Jerusalema ba ngotsweng lethathamong la ba tla phela teng.+

4 Ha Jehova a hlatswa ditshila* tsa baradi ba Sione+ mme a tlosa madi* Jerusalema ka moya wa kahlolo le moya o tjhesang,*+ 5 Jehova o tla boela a etse leru le mosi motshehare le kganare ya mollo bosiu,+ hohle Thabeng ya Sione le sebakeng sa yona seo ho kopanelwang ho sona. Ho tla ba le tshireletso sebakeng sohle se kganyang. 6 Ho tla ba le lephephe le tla etsa moriti motshehare ha letsatsi le tjhesa,+ e be setshabelo le sebaka sa ho ipatela difefo le dipula.+

5 Ke tla binela moratuwa wa ka pina.

Ke pina e buang ka moratuwa wa ka le tshimo ya hae ya morara.+

Moratuwa wa ka o ne a ena le tshimo ya morara letswapong le nang le mobu o motle.

 2 O ile a e lema mme a tlosa majwe ho yona,

A hloma sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubedu ho yona,

A haha tora hara yona

A ba a tjhekela sehatelo sa veine ho yona.+

O ne a tshepile hore sefate seo se tla hlahisa morara o monate

Empa sa hlahisa morara o mobe feela.+

 3 “Jwale lona baahi ba Jerusalema le lona banna ba Juda,

Ka kopo ahlolang pakeng tsa ka le tshimo ya ka ya morara.+

 4 Keng hape eo nka beng ke e entse bakeng sa tshimo ya ka ya morara

Eo ke sa e etsang?+

Ho tlile jwang hore e hlahise morara o mobe

Empa ke ne ke lebeletse hore e hlahise morara o monate?

 5 Jwale ke kopa ho le bolella

Hore na ke tla etsang ka tshimo ya ka ya morara:

Ke tla tlosa lekgwakgwa la yona

Mme e tla tjheswa.+

Ke tla heletsa lerako la yona

Mme e tla hatakelwa.

 6 Ke tla e etsa sebaka se lahlilweng.+

E ke ke ya hlaolwa kapa difate tsa yona tsa morara tsa pongwa makala.*

E tla mela dihlahla tse meutlwa le ditlamatlama+

Hape ke tla laela maru hore a se ke a e nesetsa pula.+

 7 Tshimo ya morara ya Jehova wa mabotho ke ntlo ya Iseraele.+

Batho ba Juda ke sefate sa morara seo a neng a se rata.

O ne a lebeletse toka+

Empa ho ne ho se na toka.

O ne a lebeletse ho loka

Empa a utlwa seboko sa batho ba sotlwang.”+

 8 Ho madimabe lona ba ikekeletsang matlo+

Le lona ba ikekeletsang masimo+

Ho fihlela ho se ho se letho le saletseng batho ba bang.

Le dula le le bang hara naha.

 9 Ke utlwile Jehova wa mabotho a hlapanya

Hore matlo a mangata e tla ba dithako,

A hloke baahi+

Le hoja a le maholo a bile a le matle.

10 Tshimo e kgolo* e tla ntsha dilithara tse 22* feela tsa veine

Le dilithara tse 220* tsa peo di ntshe dilithara tse 22* feela.+

11 Ho madimabe ba tsohellang jwala,+

Ba nwang ho fihlela ka shwalane e le hore veine e ba tahe.

12 Ba na le harepa le seletsa se dikgwele,

Moropa o monyenyane, lekodilo le veine meketeng ya bona.

Empa ha ba nahane ka mosebetsi wa Jehova

Ebile ha ba bone mosebetsi wa matsoho a hae.

13 Batho ba ka ba tla hapuwa

Ka lebaka la ho hloka tsebo.+

Banna ba bona ba hlomphehang ba tla lapa+

Le batho ba bona kaofela ba bolawe ke lenyora.

14 Lebitla* le ikatolositse,

Le ahlamisitse molomo wa lona haholo.+

Botle ba hae,* batho ba hae ba bangata ba lerata le ba ratang menate

Ba tla theohela ho lona.

15 Motho o tla inama,

Motho o tla kokobetswa

Le baikgohomosi* ba tla kokobetswa.

16 Jehova wa mabotho o tla roriswa ka lebaka la kahlolo* ya hae.

Modimo wa nnete, Mohalaledi,+ o tla ikgalaletsa ka ho loka.+

17 Dikonyana di tla fula jwalo ka ha eka di lekgulong la tsona.

Baditjhaba ba tla ja dihlahiswa tsa dibaka tse se nang baahi, tseo ho tsona ho kileng ha eba le diphoofolo tse nonneng.

18 Ho madimabe ba hulanyang phoso ya bona ka dithapo tsa bolotsana

Le ba hulanyang sebe sa bona ka diropo tsa kariki.

19 Ba re: “Ha a ke a potlakise mosebetsi wa hae.

O ke o tle kapele e le hore re o bone.

Morero* wa Mohalaledi wa Iseraele o ke o phethahale

E le hore re o tsebe.”+

20 Ho madimabe ba reng botle ke bobe, bobe ke botle,+

Ba reng lefifi ke lesedi, lesedi ke lefifi,

Ba reng ntho e babang e monate mme e monate e a baba.

21 Ho madimabe ba iponang ba le bohlale

Le ba iponang ba na le temoho.+

22 Ho madimabe ba tummeng ka ho nwa veine

Le ba tsebang ho tswaka jwala,+

23 Ba lokollang motho ya kgopo ka lebaka la tjotjo+

Le ba sa sebeletseng motho ya lokileng ka toka.+

24 Feela jwalo ka ha mollo o tjhesa ditlhaka

Mme jwang bo ommeng bo tjheswa ke lelakabe,

Metso ya bona e tla bola

Le dithunthung tsa bona di fefohe jwalo ka phofo

Hobane ba hana ho mamela molao* wa Jehova wa mabotho,

Ba telletse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.+

25 Ke ka lebaka leo Jehova a halefetseng batho ba hae haholo,

O tla phahamisa letsoho la hae a ba bolaye.+

Dithaba di tla tsukutleha,

Ditopo tsa bona di tshwane le dithole tse seterateng.+

Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.

26 O phahamiseditse batho ba hole haholo letshwao,*+

O letseditse ba dulang dipheletsong tsa lefatshe molodi.+

Ke bao ba tla ka potlako.+

27 Ha ho le ya mong wa bona ya kgathetseng kapa ya kgoptjwang.

Ha ho ya otselang kapa ya robalang.

Mabanta a mathekeng a bona a tiile

Le marapo a dieta* tsa bona ha a kgaohe.

28 Metsu ya bona kaofela e bohale

Le diqha tsohle tsa bona di kobilwe.*

Ditlhako tsa dipere tsa bona di thata jwalo ka lehakwe

Le mabidi a dikariki tsa bona a tshwana le moya wa sefefo.+

29 Ba rora jwalo ka tau,

Ba rora jwalo ka ditau tse matla.+

Ba tla rora, ba tshware phofu

Ba tsamaye ka yona mme ho ke ke ha eba le motho ya e pholosang.

30 Letsatsing leo, ka mora hore ba e tshware, ba tla e rorela

Ka lerata le kang la lewatle.+

Mang kapa mang ya shebang naha o tla bona lefifi le tshosang.

Le lehodimo le tla fifala ka lebaka la maru.+

6 Selemong seo Morena Uzia a shweleng ka sona,+ ka bona Jehova a dutse teroneng e hodimo, e phahameng.+ Seaparo sa hae se ne se le selelele se tletse ka tempeleng. 2 Dirafime di ne di eme ka hodima hae. Serafime ka seng se ne se ena le mapheo a tsheletseng. Ka a mabedi se ne se ikwahela sefahleho, ka a mabedi se ikwahela maoto mme ka a mabedi se fofa.

 3 Di ne di hweletsana di re:

“O a halalela, o a halalela, o a halalela Jehova wa mabotho.+

Lefatshe lohle le tletse kganya ya hae.”

4 Dikosene tsa menyako tsa thothomela ka lebaka la modumo wa mohoo* mme ntlo ya tlala mosi.+

 5 Ka re: “Ho madimabe nna.

Ho tshwana le ha ke shwele*

Hobane ke motho ya molomo o sa hlwekang

Mme ke dula hara batho ba melomo e sa hlwekang.+

Mahlo a ka a bone Morena, Jehova wa mabotho.”

6 Yaba se seng sa dirafime se fofela ho nna, letsohong la sona se tshwere leshala le hlenneng+ leo se le nkileng aletareng ka tong.+ 7 Sa thetsisa leshala molomong wa ka mme sa re:

“Leshala le thetsitse molomo wa hao.

Phoso ya hao e tlositswe

Le sebe sa hao se tshwaretswe.”*

8 Ka utlwa lentswe la Jehova le re: “Ke tla roma mang, ke mang ya tla ya bakeng sa rona?”+ Ka re: “Ke nna enwa. Roma nna.”+

 9 A re: “Eya mme o re ho batho bana:

‘Ho utlwa le tla utlwa ka makgetlo

Empa le ke ke la utlwisisa.

Ho bona le tla bona ka makgetlo

Empa le ke ke la tseba letho.’+

10 Etsa hore batho bana ba be dihlooho* di thata.+

O kwale ditsebe tsa bona,+

O kwale le mahlo a bona

E le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona

Le ho utlwa ka ditsebe tsa bona

E le hore ba se ke ba utlwisisa*

Le hore ba se ke ba kgutlela ho nna yaba ba a fodiswa.”+

11 Yaba ke re: “E tla ba ho fihlela neng Jehova?” A re:

“Ho fihlela metse e heleha hore e be dithako, e hloke baahi.

Ho fihlela matlo a hloka batho

Le naha e senngwa hore e be dithako.+

12 Ho fihlela Jehova a suthisetsa batho hole+

Le naha e sala e se na baahi.

13 Empa ho tla nne ho be le karolo ya leshome ho yona mme e tla boela e tjheswe jwalo ka sefate se seholo le sefate sa ouku,* tseo ha di rengwa di bang le kutu. Peo* e halalelang e tla ba kutu ya yona.”

7 Mehleng ya Akaze+ morena wa Juda, mora wa Jothame, mora wa Uzia, Morena Rezine wa Siria le Peka+ mora wa Remalia morena wa Iseraele, ba hlasela Jerusalema empa ha ba a ka ba* kgona ho e hapa.+ 2 Ha tlalehelwa ba ntlo ya Davida ha thwe: “Siria e ikopantse le Efraime.”

Pelo ya Akaze le dipelo tsa batho ba hae tsa thothomela jwalo ka difate tsa moru tse tsukutlwang ke moya.

3 Jehova a re ho Esaia: “Ke kopa wena le mora wa hao Sheare-jashube*+ le tsamaye le kgahlanyetse Akaze qetellong ya kotopo ya letamo le ka hodimo,+ pela tsela e kgolo e yang moo motho ya hlatswang a sebetsang teng. 4 O tle o re ho yena: ‘Kgoba matshwafo. O se ke wa tshoha mme o se ke wa nyahamiswa pelo ke bohale bo tukang ba Rezine morena wa Siria le mora wa Remalia.+ Ba tshwana le ditompo tse pedi tsa patsi tse tukelang fatshe. 5 Siria le Efraime le mora wa Remalia ba rerile ho o ntsha kotsi, ba re: 6 “A re futuheleng Juda, re e haraswanye,* re ikgapele yona* mme re etse mora wa Tabiele morena wa yona.”+

7 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

“Morero wa bona o ke ke wa atleha

Kapa wa phethahala.

 8 Motsemoholo wa Siria ke Damaseka

Mme morena wa Damaseka ke Rezine.

Pele ho feta dilemo tse 65,

Efraime e tla senngwa e fele mme e ke ke ya hlola e eba setjhaba.+

 9 Motsemoholo wa Efraime ke Samaria+

Mme morena wa Samaria ke mora wa Remalia.+

Ntle le hore le be le tumelo e matla,

Le ke ke la sireletseha.”’”

10 Jehova a boela a bua le Akaze a re: 11 “Kopa pontsho ho Jehova Modimo wa hao.+ E ka ba e tebileng jwalo ka Lebitla* kapa ya phahama jwalo ka lehodimo.” 12 Empa Akaze a re: “Nke ke ka e kopa ebile nke ke ka leka Jehova.”

13 Yaba Esaia o re: “Ka kopo, mamelang lona ba ntlo ya Davida. Na le utlwa ho sa lekana hore le leke mamello ya batho? Na le boetse le batla ho leka mamello ya Modimo?+ 14 Jehova o tla le fa pontsho ena: Morwetsana o tla ima, a tswale mora+ mme a mo rehe Emanuele.*+ 15 Nakong eo a kgonang ho hana bobe le ho kgetha ho lokileng, o tla be a se a ntse a ja botoro le mahe a dinotshi. 16 Le pele moshanyana eo a kgona ho hana bobe le ho kgetha se lokileng, naha ya marena a mabedi ao le a tshabang e tla be e se na baahi.+ 17 Jehova o tla bakela wena, batho ba hao le ba ntlo ya ntate wa hao mahlomola a eso ka a eba teng ho tloha mohla Efraime a arohanang le Juda+ hobane o tla tlisa morena wa Asiria.+

18 Ka letsatsi leo, Jehova o tla letsa molodi ho bitsa dintsintsi tse melatswaneng e hole ya Nile e Egepeta le dinotshi tse naheng ya Asiria. 19 Di tla tla kaofela mme di dule mapatsong a mafika, hodima dikgohlo* tse tebileng, hodima dihlahla tsohle tsa meutlwa le hodima dibaka tsohle tseo diphoofolo di nwellang ho tsona.

20 Letsatsing leo, Jehova o tla le beola dihlooho le mohwete o maotong, a be a kute le ditedu tsa lona ka lehare le hirilweng le tswang sebakeng sa Noka* e leng morena wa Asiria.+

21 Letsatsing leo, motho o tla boloka kgomo e nyenyane mohlapeng le dinku tse pedi di phela. 22 Ka lebaka la bongata ba lebese, o tla ja botoro hobane e mong le e mong ya setseng ka hara naha o tla ja botoro le mahe a dinotshi.

23 Letsatsing leo, moo ho neng ho ena le difate tsa morara tse 1 000 tse rekwang ka dikotwana tsa silevera tse 1 000, ho tla ba le dihlabahlabane le ditlamatlama feela. 24 Banna ba tla ya moo ka metsu le diqha hobane naha yohle e tla fetoha dihlahla tsa meutlwa le ditlamatlama. 25 Dithaba tsohle tse neng di hlaolwa ka mohoma, o ke ke wa di atamela ka lebaka la ho tshaba dihlabahlabane le ditlamatlama. E tla ba dibaka tseo dipoho di fulelang ho tsona le dibaka tse hatakelwang ke dinku.”

8 Jehova a re ho nna: “Nka letlapa le leholo+ mme o ngole ‘Mahere-shalale-hashe-baze’* ho lona. 2 Ke batla hore dipaki tse tshepahalang e leng moprista Uria+ le Zakaria mora wa Jeberekia, ba ngole hore ke dipaki tsa hore e ngotswe.”

3 Jwale ka robala* le moprofeta.* O ile a ima mme ka mora nako a tswala mora.+ Yaba Jehova o re ho nna: “Mo rehe Mahere-shalale-hashe-baze. 4 Le pele moshanyana eo a tseba ho re, ‘Ntate!’ le ho re, ‘Mme!’ maruo a Damaseka le thepa e hapuweng Samaria di tla iswa ka pela morena wa Asiria.”+

5 Jehova a boela a bua le nna a re:

 6 “Ka ha batho bana ba hanne metsi a Silwe* a phallang ha monate,+

Ba thabela Rezine le mora wa Remalia,+

 7 Jehova o tla tlisa

Metsi a matla le a mangata a Noka* hodima bona

E leng morena wa Asiria+ le matla ohle a hae.

O tla tlala dikotopo tsohle tsa hae,

A kwahele mabopo ohle a hae

 8 A fetele pele Juda.

O tla phalla, a fete a be a fihle molaleng.+

Mapheo a hae a phukaladitsweng a tla kwahela naha ya hao ka bophara,

Wena Emanuele.”*+

 9 Lona ditjhaba, le ka leka ho ba ntsha kotsi empa le tla rojwa dikoto.

Mamelang, lona bohle ba tswang dinaheng tse hole tsa lefatshe.

Itokisetseng ntwa* empa le tlo rojwa dikoto.+

Itokisetseng ntwa empa le tlo rojwa dikoto.

10 Etsang morero empa o tla nyopiswa.

Buang ntho e nngwe le e nngwe eo le e batlang empa e ke ke ya atleha

Hobane Modimo o na le rona.*+

11 Jehova o ile a bua le nna letsoho la hae le matla le le hodima ka, a ntemosa hore ke se ke ka latela mekgwa ya batho bana a re:

12 “Ntho eo batho bana ba reng ke morero wa bolotsana, le se ke la e bitsa morero wa bolotsana.

Le se ke la tshaba ntho eo ba e tshabang.

E se ke ya le thothometsa.

13 Jehova wa mabotho ke Yena eo le lokelang ho mo nka a halalela,+

Ke Yena eo le lokelang ho mo tshaba

Ebile ke Yena ya lokelang ho etsa hore le thothomele.”+

14 O tla ba jwalo ka sebaka se halalelang.

Empa ho matlo a Iseraele ka bobedi

O tla ba jwalo ka lejwe le kgopang+

Le jwalo ka lefika le tla ba thula.

Ho baahi ba Jerusalema

O tla ba jwalo ka sefi le leraba.

15 Ba bangata ho bona ba tla kgoptjwa, ba we mme ba robehe.

Ba tla wela lerabeng ba tshwaswe.

16 Phuthang bopaki bo ngotsweng.*

Bolokang molao o sireleditswe hara barutuwa ba ka.

17 Ke tla lebella* Jehova,+ ya patelang ba ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae+ mme ke tla tshepa yena.

18 Naheng ya Iseraele, nna le bana bao Jehova a mphileng bona+ re jwalo ka dipontsho+ le mehlolo e tswang ho Jehova wa mabotho, ya dulang Thabeng ya Sione.

19 Haeba ba ka re ho lona: “Botsang batho ba reng ba buisana le bafu kapa ba reng ba bolela diketsahalo esale pele* ba hweshetsang le ba buelang ka marameng,” na le tla be le nepa ha le etsa jwalo? Na batho ha ba a lokela ho botsa Modimo wa bona? Na ba lokela ho botsa batho ba shweleng molemong wa batho ba phelang?+ 20 Ba lokela ho mamela molao le bopaki bo ngotsweng.*

Haeba ba sa bue ho ya ka mantswe ana, ha ba na lesedi.*+ 21 E mong le e mong o tla feta naheng a le tsietsing mme a lapile.+ Ka ha o lapile ebile o halefile, o tla rohaka morena wa hae le Modimo wa hae ha a sheba hodimo. 22 O tla sheba lefatshe mme a bone feela mahlomola le lefifi, ho fifala le dinako tse thata, botsho le ho hloka kganya.

9 Le ha ho le jwalo, lefifi leo le ke ke la tshwana le la ha naha e ne e le maqakabetsing, nakong eo naha ya Zabulone le ya Nefthali di neng di nyatsuwa.+ Empa ha morao O tla tlotla Galilea ya ditjhaba e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jordane.

 2 Batho ba neng ba tsamaya lefifing

Ba bone lesedi le leholo.

Ha e le ba dulang naheng e moriti o lefifi,

Ba tjhabetswe ke lesedi.+

 3 O entse hore setjhaba se be le baahi ba bangata.

O entse hore se thabe haholo.

Ba a thaba ka pela hao

Jwalo ka batho ba thabileng ha ba arola thepa e hapuweng

Le jwalo ka ha batho ba thaba nakong ya kotulo.

 4 O robile joko eo ba jarang ka yona,

Wa roba le molamu o mahetleng a bona le lere la mohatelli

Jwalo ka letsatsing leo Midiane e hlotsweng ka lona.+

 5 Seeta se seng le se seng se sisinyang lefatshe ha se hata

Le seaparo se seng le se seng se kgenathetseng madi

E tla ba dibeso bakeng sa mollo.

 6 Re tswaletswe ngwana,+

Re filwe mora,

Puso* e tla dula lehetleng la hae.+

O tla rehwa Moeletsi ya Hlollang,+ Modimo ya Matla,+ Ntate wa ka ho sa Feleng, Kgosana ya Kgotso.

 7 Puso* ya hae e ke ke ya kgaotsa ho hola

Le kgotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

Teroneng ya Davida+ le mmusong wa hae.

E tla tsitsiswa+ le ho tshehetswa

Ka toka+ le ka ho loka,+

Ho tloha hona jwale ho ya ho ile.

Jehova wa mabotho o tla etsa sena ka tjheseho.

 8 Jehova o ile a romela molaetsa wa kahlolo ho Jakobo

Mme o tla phethahala ho Iseraele.+

 9 Batho bohle ba tla o tseba,

Efraime le baahi ba Samaria,

Bao ka boikgohomoso le ka ho tella* ba reng:

10 “Ditene di wele

Empa re tla haha ka majwe a betlilweng.+

Difate tsa sikamora di renngwe

Empa re tla sebedisa* dikedare bakeng sa tsona.”

11 Jehova o tla dumella bahanyetsi ba Rezine hore ba mo hlasele,

A hlohlelletse dira tsa hae hore di mo tsohele matla,

12 Siria e hlaha ka botjhabela le Bafilista ba hlaha ka bophirimela,*+

Ba tla bula melomo ya bona ba je Iseraele.+

Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

13 Batho ha ba a kgutlela ho Ya ba otlang.

Ha ba a batla Jehova wa mabotho.+

14 Jehova o tla kgaola

Hlooho le mohatla, lehlomela le lodi* tsa Iseraele ka letsatsi le le leng.+

15 Motho ya hodileng le ya hlomphehang haholo ke hlooho

Mme moprofeta ya rutang thuto ya bohata ke mohatla.+

16 Ba etellang batho bana pele ke bona ba etsang hore ba hlahlathele,

Ba etellwang pele ba ferekane.

17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a kgahliswa ke batjha ba bona,

A ke ke a hauhela dikgutsana* tsa bona le bahlolohadi ba bona.

Kaofela ha bona ke bakwenehi, ba etsa dintho tse kgopo,+

Kaofela ha bona ba* bua dintho tse se nang kelello.

Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

18 Bokgopo bo tuka jwalo ka mollo,

Bo qeta dihlahla tsa meutlwa le ditlamatlama.

Bo tla tjhesa mofero wa moru,

O kubelle mosi.

19 Naha e tjhesitswe

Ka lebaka la kgalefo ya Jehova wa mabotho.

Batho e tla ba dibeso bakeng sa mollo.

Ha ho ya tla hauhela esita le ngwanabo.

20 Motho o tla seha ka ho le letona

Empa o tla nne a lape.

O tla ja ka ho le letshehadi

Empa a ke ke a kgora.

E mong le e mong o tla ja nama ya letsoho la hae,

21 Manase o tla ja Efraime

Le Efraime a je Manase.

Ba tla lwantsha Juda ba le mmoho.+

Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

10 Ho madimabe ba etsang melao ya tsamaiso e kotsi+

Le ba dulang ba ngola melao e hatellang,

 2 E le hore ba hanele bafutsana ka ditokelo tsa bona tsa molao

Le hore bafutsana ba hara setjhaba sa ka, ba ba sebeletse ka ho hloka toka+

Hore ba nke thepa ya bahlolohadi

Le hore ba tlatlape dikgutsana.*+

 3 Le tla etsang letsatsing leo le fumanang kotlo,*+

Ha timetso e tla e tswa hole?+

Le tla balehela ho mang ho fumana thuso+

Mme le tla siya maruo* a lona hokae?

 4 Ha ho letho le tla etsahala haese hore motho a kokobele hara batshwaruwa

Kapa hore a wele hara ba bolailweng.

Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

 5 O re: “Bonang Moasiria,+

Ke molamu oo ke o sebedisang ho ntsha bohale ba ka,+

Ke sebedisa lere le matsohong a hae ho fana ka kotlo.

 6 Ke tla mo romela hore a lwantshe setjhaba sa bakwenehi,+

A hlasele batho ba nkgalefisitseng.

Ke tla mo laela hore a ba tlatlape, a hape thepa ya bona e ngata,

A ba hatakele jwalo ka seretse diterateng.+

 7 Empa a ke ke a batla ho etsa jwalo,

Pelo ya hae e ke ke ya rera ka tsela ena.

Ka pelong ya hae o rerile ho timetsa

Le ho fedisa ditjhaba tse ngata eseng tse fokolang”

 8 Hobane o re,

‘Na dikgosana tsa ka ha se marena kaofela?+

 9 Na Kalno+ ha e tshwane le Karkemishe?+

Na Hamathe+ ha e tshwane le Arpade?+

Na Samaria+ ha e tshwane le Damaseka?+

10 Ke hapile mebuso ya medimo e se nang thuso ka matla a ka,

Mebuso eo ditshwantsho tsa yona di neng di le ngata ho feta tse Jerusalema le Samaria.+

11 Ntho eo ke e entseng ho Samaria le medimo ya hae e se nang thuso,

Ke tla e etsa le ho Jerusalema le ditshwantsho tsa hae.’+

12 “Ha Jehova a qeta mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, O* tla otla morena wa Asiria hobane o a tella ebile o a ikgohomosa.+ 13 Hape morena wa Asiria o re,

‘Ke tla etsa jwalo ka matla a ka

Le ka bohlale ba ka hobane ke bohlale.

Ke tla tlosa meedi ya ditjhaba,+

Ke tla di nkela matlotlo ka mahahapa,+

Ke dihe baahi jwalo ka ya matla.+

14 Ke tla nka maruo a ditjhaba ka matla a ka

Jwalo ka ha motho a kenya letsoho ka hara sehlaha.

Ke tla bokella ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng

Jwalo ka ha motho a bokella mahe a setseng lepalapaleng.

Ho ke ke ha eba le ya phuphutsang mapheo kapa ya ahlamisang molomo kapa ya llang jwalo ka nonyana.’”

15 Na selepe se tla iphahamisetsa motho ya rathang ka sona?

Na sakga e tla iphahamisetsa motho ya sakgang ka yona?

Na lere+ le ka tsokotsa motho ya le phahamisang?

Kapa na molamu o ka phahamisetsa motho hodimo empa a sa etswa ka patsi?

16 Ka hona Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,

O tla otisa batho ba hae ba nonneng*+

Mme o tla besa mollo o tla tjhesa kganya ya Asiria.+

17 Kganya ya Iseraele+ e tla fetoha mollo+

Mme Mohalaledi wa yona e be lelakabe.

O tla tuka o tjhese ditlamatlama tsa hae le dihlahla tsa hae tsa meutlwa ka letsatsi le le leng.

18 Modimo o tla fedisa botle ba moru wa hae le ba tshimo ya hae ya difate.

Ho tla tshwana le ha motho ya kulang a ntse a fokola butlebutle.+

19 Difate tse ding kaofela tsa moru wa hae

Di tla ba nyenyane hoo moshanyana a tla kgona ho di bala.

20 Letsatsing leo, ba setseng ba Iseraele

Le ba phonyohileng ba ntlo ya Jakobo

Ha ba sa tla hlola ba itshetleha ka ya ba otlileng+

Empa ba tla itshetleha ka Jehova,

Mohalaledi wa Iseraele, ka botshepehi.

21 Ho tla kgutla ba setseng feela.

Ba setseng ba Jakobo ba tla kgutlela ho Modimo ya Matla.+

22 Le hoja batho ba hao

Ba le jwalo ka lehlabathe la lewatle, wena Iseraele,

Ho tla kgutla ba seng bakae feela hara bona.+

Qeto ya ho fedisa batho ba hao e se e entswe+

Mme toka* e tla ba tlela jwalo ka sekgohola.+

23 Qeto e entsweng ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho, ya ho fedisa batho ba hao

E tla phethahatswa naheng yohle.+

24 Ka hona Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho, o re: “Lona setjhaba sa ka se dulang Sione, le se ke la tshaba Baasiria ba neng ba le shapa ka thupa+ le ba neng ba le phahamisetsa lere la bona jwalo ka ha Egepeta e entse.+ 25 Ka mora nakwana e seng kae, kgalefo ya ka e tla fela. Bohale ba ka bo tla kokobela ha ba se ba timeditswe.+ 26 Jehova wa mabotho o tla ba tsokela sephadi+ jwalo ka ha a ne a hlola Midiane lefikeng la Orebe.+ Lere la Hae le tla ba hodima lewatle mme o tla le phahamisa jwalo ka ha a ile a etsa ho Egepeta.+

27 Letsatsing leo mojaro wa Baasiria o tla tloha lehetleng la hao*+

Le joko ya bona e tlohe molaleng wa hao.+

Joko e tla robeha+ ka lebaka la oli.”

28 Ba futuhetse Ajathe,+

Ba fetetse pele Migrone,

Ba beha thoto ya bona Mikmashe.+

29 Ba fetile ledibohong,

Ba robala Geba,+

Rama e a thothomela, Gibea+ ya Saule e balehile.+

30 Bokolla mme o hweletse, moradi wa Galime.

Hlokomela, wena Laisha.

Wena Anathothe,+ o otla pelo.

31 Madmena o balehile.

Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.

32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+

O tsokela baahi ba thaba ya Sione setebele

E leng leralla la Jerusalema.

33 Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,

O roba makala mme o etsa lerata le tshabehang.+

Difate tse telele ka ho fetisisa di a rengwa

Le tse phahameng di a kokobetswa.

34 O rema difate tsa moru o teteaneng ka selepe*

Mme Lebanone e tla dihuwa ke ya matla.

11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ya Jese,+

Lehlomela+ le tswang metsong ya hae le tla beha ditholwana.

 2 Moya wa Jehova o tla ba le yena,+

Moya wa bohlale+ le wa kutlwisiso,

Moya wa keletso le wa matla,+

Moya wa tsebo le wa ho tshaba Jehova.

 3 O tla thabela ho tshaba Jehova.+

A ke ke a ahlola ho ya ka ntho eo a e bonang

Kapa a kgalemela feela ho ya ka ntho eo a e utlwileng.+

 4 O tla ahlola bafutsana ka toka,*

A kgalemele ka ho loka molemong wa ba bonolo ba lefatshe.

O tla otla lefatshe ka mantswe a hae,*+

A bolaye ya kgopo ka se tswang molomong wa hae.*+

 5 Ho loka e tla ba lebanta thekeng la hae,

Botshepehi e be lebanta la letheka la hae.+

 6 Phiri e tla phomola le konyana,+

Lengau le bothe le potsanyane,

Namane, tau* le phoofolo e nonneng di be mmoho.*+

Moshanyana o tla di etella pele.

 7 Kgomo e tla fula le bere,

Manamane a tsona a bothe mmoho.

Tau e tla ja jwang jwalo ka poho.+

 8 Ngwana ya anyang o tla bapalla mokoting wa noha ya masumu,

Ngwana ya kgwesitsweng* a behe letsoho ka hodima mokoti wa noha e tjhefo.

 9 Di ke ke tsa lematsa batho+

Kapa tsa baka tshenyo thabeng yohle ya ka e halalelang+

Hobane hohle lefatsheng batho ba tla tseba Jehova,

Jwalo ka ha metsi a kwahela lewatle.+

10 Letsatsing leo, e mong ya tswang lelapeng la Jese*+ o tla ema e le pontsho* bakeng sa ditjhaba.+

Ditjhaba di tla batla tataiso ho yena*+

Mme ho tla kganya moo a dulang.*

11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontsha matla a hae ka lekgetlo la bobedi, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le dihlekehlekeng tsa lewatle.+ 12 O tla phahamisetsa ditjhaba letshwao* mme a bokelle ba qhalakantsweng ba Iseraele.+ Ba hasantsweng ba Juda o tla ba bokella ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe.+

13 Mona wa Efraime o tla fela+

Le dira tsa Juda di fediswe.

Efraime e ke ke ya monela Juda

Kapa hore Juda e hlorise Efraime.+

14 Bajuda ba tla fofela dilomo* tsa Bafilista ka bophirimela,

Ba tlatlape batho ba Botjhabela ba le mmoho.

Ba tla hlola* Edomo+ le Moabe+

Mme ba tla busa Baamone.+

15 Jehova o tla arola* kou* ya lewatle la Egepeta,+

A foke letsoho la hae hodima Noka.*+

O tla otla dinokana tsa yona* tse supileng ka moya wa hae,

A etse hore batho ba e tshele ba ntse ba rwetse dieta.*

16 Ho tla ba le tsela e kgolo bakeng sa batho+ ba hae ba setseng Asiria hore ba tswe+

Feela jwalo ka ha e ile ya eba teng mohla Iseraele e neng e tswa naheng ya Egepeta.

12 Letsatsing leo o tla re:

“Ke a o leboha, Jehova

Hobane le hoja o ne o nkgalefetse,

Butlebutle bohale ba hao bo ile ba kokobela mme wa ntshedisa.+

 2 Modimo ke poloko ya ka.+

Ke tla mo tshepa mme nke ke ka tshoha.+

Etswe Jah* Jehova ke matla a ka le bonatla ba ka

Hape e bile poloko ya ka.”+

 3 Le tla kga metsi le thabile

Didibeng tsa poloko.+

 4 Letsatsing leo le tla re:

“Lebohang Jehova, ipiletseng lebitsong la hae.

Tsebahatsang mesebetsi ya hae ditjhabeng.+

Bolelang hore lebitso la hae le phahamisitswe.+

 5 Binelang Jehova dipina tsa thoriso+ hobane o entse dintho tse kgolo.+

Le tsebise lefatshe lohle.

 6 Didietsang mme le hweletse le thabile, lona ba dulang* Sione

Hobane Mohalaledi wa Iseraele ya hara lona o moholo.”

13 Ena ke kahlolo e tobisitsweng ho Babilona+ eo Esaia+ mora wa Amoze a e boneng ponong:

 2 “Phahamisang letshwao*+ hodima mafika.

Ba bitseng, fokang matsoho

Hore ba kene menyako ya bahlomphehi.

 3 Ke laetse bao ke ba kgethileng.*+

Ke bitsitse masole a ka hore ke ntshe bohale ba ka ka ona,

Masole a ka a thabileng, a motlotlo.

 4 Utlwang! Ho na le letshwele dithabeng,

Ho utlwahala lerata la batho ba bangata.

Utlwang! Ho na le moferefere wa mebuso

Le wa ditjhaba tse bokaneng.+

Jehova wa mabotho o kgobokanya lebotho bakeng sa ntwa.+

 5 Jehova o tla le dibetsa tsa bohale ba hae

Ho tswa naheng e hole,+

Pheletsong ya mahodimo,

Ho tla timetsa lefatshe lohle.+

 6 Bokollang ka ha letsatsi la Jehova le haufi.

Le tla tla jwalo ka timetso e hlahang ho Ya Matla Ohle.+

 7 Ke ka lebaka leo matsoho ohle a tla tepella

Mme motho e mong le e mong a tshohe.*+

 8 Batho ba tshohile.+

Ba tsitsipane ebile ba a opelwa

Jwalo ka mosadi ya bohlokong ba pelehi.

Ba shebana ba tshohile.

Difahleho tsa bona di hloname.

 9 Letsatsi la Jehova le a tla,

Le tla ka sehloho, ka kgalefo le ka bohale bo tukang

E le ho etsa hore naha e be ntho e tshosang+

Le ho fedisa baetsadibe ba naha eo.

10 Dinaledi tsa mahodimo le dihlopha tsa tsona*+

Di ke ke tsa kganya.

Letsatsi le tla fifala ha le hlaha,

Le kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.

11 Ke tla etsa hore lefatshe le arabelle bobe ba lona+

Le ba kgopo ba arabelle sebe sa bona.

Ke tla fedisa boikakaso ba ba iketelletsang pele,

Ke kokobetse boikgohomoso ba bahatelli.+

12 Ke tla etsa hore motho a sokolehe ho feta kgauta e hlwekisitsweng,+

Le batho ba sokolehe ho feta kgauta ya Ofire.+

13 Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore lehodimo le thothomele

Mme lefatshe le tla reketla le tlohe madulong a lona+

Ka lebaka la kgalefo ya Jehova wa mabotho letsatsing la bohale ba hae bo tukang.

14 Jwalo ka tshephe e tsongwang le jwalo ka mohlape oo ho se nang motho ya o bokellang,

E mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo.

E mong le e mong o tla balehela naheng ya habo.+

15 Mang kapa mang ya fumanwang o tla hlajwa,

Mang kapa mang ya tshwarwang o tla bolawa ka sabole.+

16 Bana ba bona ba tla robokellwa ka pela mahlo a bona.+

Thepa e ka matlung a bona e tla nkwa ka mahahapa

Le basadi ba bona ba tla betwa.

17 Ke ba tlisetsa Bamede,+

Ba sa tsotelleng bohlokwa ba silevera

Le ba sa kgahlweng ke kgauta.

18 Diqha tsa bona di tla robakanya bahlankana.+

Ba ke ke ba hauhela bana

Kapa ba ba utlwela bohloko.

19 Babilona, e ntle ka ho fetisisa hara mebuso,*+

Ke botle le kganya ya Bakalde.*+

E tla tshwana le Sodoma le Gomora ha Modimo a ne a di fedisa.+

20 E ke ke ya hlola e eba le baahi

Ebile ha ho na moloko o sa tla dula moo.+

Moarabia a ke ke a hloma tente ya hae moo

Le badisa ba ke ke ba bothisa mehlape ya bona moo.

21 Diphoofolo tsa lehwatata di tla robala teng.

Matlo a tla tlala diphooko.

Dimpshe di tla dula teng,+

Dipodi tse hlaha* di tlolatlole teng.

22 Diphoofolo di tla lla* di le ditoreng tsa yona,

Diphokojwe di hlabe moolo di le matlong a yona a borena a matle.

Nako ya yona e haufi mme matsatsi a yona a ke ke a eketswa.”+

14 Jehova o tla hauhela Jakobo+ mme a kgethe Baiseraele hape.+ O tla ba tsitsisa* naheng ya bona+ mme baditjhaba ba ikopanye le bona. Ba tla ikamahanya le ntlo ya Jakobo.+ 2 Ditjhaba di tla ba nka di ba kgutlisetse sebakeng sa bona mme ntlo ya Iseraele e tla inkela banna le basadi ba tsona e ba etse basebeletsi+ naheng ya Jehova. Ba tla hapa ba neng ba ba entse batlamuwa mme ba laole bahatelli ba bona.*

3 Letsatsing leo Jehova a o fang phomolo bohlokong ba hao, pherekanong ya hao le bokgobeng bo sehloho boo o neng o le ho bona,+ 4 o tla bua maele ana ho* morena wa Babilona:

“Bonang ka moo mohatelli* a weleng ka teng.

Kgatello e emisitse.+

 5 Jehova o robile molamu wa ba kgopo,

Lere la babusi.+

 6 O robile ya otlang ditjhaba a sa kgaotse a bile a halefile,+

Eo ka bohale a busang ditjhaba a bile a di hlorisa a sa kgaotse.+

 7 Lefatshe lohle le phomotse mme le kgotsong.

Batho ba hweletsa ba thabile.+

 8 Le difate tsa junipere di thabetse ho bona ntho e o etsahaletseng

Ha mmoho le dikedare tsa Lebanone.

Di re, ‘Haesale o wa,

Ha ho moremi wa patsi ya re futuhelang.’

 9 Esita le tlase Lebitla* le tsukutlehile

E le hore le o kgahlanyetse ha o tla.

Ka lebaka la hao le tsositse bafu

E leng baetapele* bohle ba lefatshe ba hatellang.

Le etsa hore marena ohle a ditjhaba a raohe diteroneng tsa ona.

10 Kaofela ha ona a re ho wena,

‘Athe le wena o se o hloka matla jwalo ka rona?

O se o tshwana le rona?

11 Boikgohomoso ba hao bo theoletswe Lebitleng*

Mmoho le modumo wa diletsa tsa hao tse dikgwele.+

Tshenyane* e adilwe tlasa hao jwalo ka bethe,

Diboko ke seaparo sa hao.’

12 O wele hampe hakaakang ho tswa lehodimong,

Wena ya kganyang, mora wa mafube!

O dihetswe hampe hakaakang lefatsheng,

Wena ya hlotseng ditjhaba!+

13 O itse ka pelong, ‘Ke tla nyolohela mahodimong,+

Ke phahamisetse terone ya ka hodima dinaledi tsa Modimo,+

Ke dule thabeng eo ho bokanwang ho yona,

Dikarolong tse hole ka ho fetisisa ka leboya.+

14 Ke tla nyolohela ka hodima maru,

Ke iketse hore ke tshwane le Ya Phahameng ka ho Fetisisa.’

15 Empa o tla theolelwa Lebitleng,*

Botebong ba sekoti.

16 Ba o bonang ba tla o tonela mahlo,

Ba o hlahlobisise ba re,

‘Na eo ke yena monna ya neng a sisinya lefatshe,

Ya neng a etsa hore mebuso e thothomele,+

17 Ya entseng hore lefatshe le be jwalo ka lefeella,

Ya dihileng metse ya lona+

Le ya hanneng ho lokolla batshwaruwa ba hae hore ba ye hae?’+

18 Marena a mang ohle a ditjhaba,

Kaofela ha ona a phomotse ka tlhompho,

E mong le e mong ka lebitleng* la hae.

19 Empa wena o lahlilwe, ha o na lebitla

Jwalo ka lehlomela* le nyatsuwang.

O apesitswe ditopo tsa banna ba hlabilweng ka sabole,

Ba theohelang sekoting se majwe

Jwalo ka setopo se hataketsweng ka maoto.

20 O ke ke wa kopana le bona lebitleng

Hobane o sentse naha ya hao,

O bolaile batho ba hao.

Mabitso a bana ba batho ba kgopo a ke ke a hlola a hopolwa.

21 Lokisang sebaka seo ho tla bolaelwa bana ba hae ho sona

Ka lebaka la phoso ya baholoholo ba bona

E le hore ba se ke ba phahama, ba busa lefatshe

Yaba ba tlatsa naha ka metse ya bona.”

22 Jehova wa mabotho o re, “Ke tla ba hlasela.+

Ke tla tlosa lebitso, baphonyohi, bana le ditloholo tse teng Babilona,”+ ke Jehova ya tjhong.

23 Jehova wa mabotho o re, “Ke tla e etsa lehae la dinoko mme e be sebaka se kollang metsi. Ke tla e fiela hore ho fele ka yona.”*+

24 Jehova wa mabotho o hlapantse a re:

“Ho tla etsahala feela jwalo ka ha ke rerile.

Ho tla phethahala feela jwalo ka ha ke entse qeto.

25 Ke tla thuhakanya Moasiria naheng ya ka,

Ke mo hatakele dithabeng tsa ka.+

Joko ya hae e tla tloswa hodima bona,

Mojaro wa hae o tloswe mahetleng a bona.”+

26 Ena ke qeto e etseditsweng lefatshe lohle.

Lena ke letsoho le phahamiseditsweng* ditjhaba tsohle.

27 Jehova wa mabotho o entse qeto,

Ke mang ya ka e thibelang?+

Letsoho la hae le phahame,

Ke mang ya ka le theolang?+

28 Selemong seo Morena Akaze a shweleng+ ka sona ha etswa phatlalatso ena:

29 “Wena Filistia le bohle ba ho wena, le se ke la thaba

Hobane feela lere la ya le otlang le robehile.

Ho tla tswa noha+ e tjhefo motsong wa noha,+

Ditholwana tsa yona e tla ba noha ya mollo e fofang.*

30 Ha matsibolo a bafutsana a ja

Le batho ba hlokang ba ithoballa ba sireletsehile,

Ke tla bolaya motso wa hao ka tlala

Le ba setseng ba hao ba tla bolawa.+

31 Bokollang, lona ba keiting. Llang, lona baahi ba motse.

Kaofela ha lona le tla nyahama, lona batho ba Filistia.

Mosi o tla o tswa leboya,

Ha ho ya tlang a hulana ka morao sehlopheng sa hae.”

32 Ba lokela ho reng ha ba araba baromuwa ba setjhaba?

Hore Jehova o radile motheo wa Sione+

Le hore bafutsana ba hara batho ba hae ba tla tshabela teng.

15 Phatlalatso e tobisitsweng ho Moabe:+

Motse wa Are+ o Moabe o kgutsitse

Hobane o tlatlapuwe bosiu.

Motse wa Kire+ o Moabe o kgutsitse

Hobane o tlatlapuwe bosiu.

 2 Batho ba nyolohetse Ntlong* le ho Dibone+

Le dibakeng tse phahameng ho ya lla.

Moabe o llela Nebo+ le Medeba.+

Hlooho e nngwe le e nngwe e kutilwe lekorwana,+ ditedu tsohle di kutilwe.+

 3 Ba apere lesela le hwashang* diterateng tsa yona.

Kaofela ba bokolla ba le marulelong le dimmarakeng tsa bona,

Ba theoha ba lla.+

 4 Heshbone le Eleale+ di a lla.

Mantswe a tsona a utlwahala ho ya fihla Jahaze.+

Ke ka hoo masole a Moabe a ntseng a hweletsa.

Setjhaba se a thothomela.

 5 Pelo ya ka e llela Moabe.

Baahi ba yona ba balehile ho ya fihla Zoware+ le Eglathe-shelishia.+

Ba lla ba ntse ba nyoloha moepa wa Duhithe.

Ha ba le tseleng e yang Horonaime, ba bokolla ka lebaka la tlokotsi.+

 6 Metsi a Nimrime a pshele,

Jwang bo botala bo omeletse.

Jwang bo fedile, ha ho letho le letala le setseng.

 7 Ke ka lebaka leo ba ntseng ba nka thepa ya bona e setseng le maruo a bona,

Ba tshela kgohlo* ya dipopoliri.

 8 Mohoo o utlwahala naheng yohle ya Moabe.+

Seboko sa teng se fihla Eglaime,

Seboko sa teng se fihla Beere-elime.

 9 Metsi a Dimone a tletse madi

Empa ke hona ke sa tla tlisa koduwa ho Dimone:

Ke tla tlisa tau ho batho ba Moabe ba phonyohileng

Le ba setseng naheng.+

16 Romelang ramo ho mmusi wa naha,

Ho tloha Sela, ka mose ho lefeella,

Ho ya thabeng ya moradi wa Sione.

 2 Jwalo ka nonyana e lelekwang sehlaheng sa yona,+

Baahi ba Moabe ba tla ba jwalo madibohong a Arnone.+

 3 “Eletsang, etsang qeto.

Etsang hore seriti sa lona hara mpa ya motshehare se be lefifi jwalo ka bosiu.

Patang ba qhalakantsweng, le se ke la senola ba balehang.

 4 E se eka batho ba qhalakantsweng ba ka dula ho wena, Moabe.

Eba sebaka seo ba ipatang ho sona ka lebaka la motlatlapi.+

Mohatelli o tla fela,

Ho tlatlapa ho tla fela

Le ba hatakelang ba bang ba tla timetswa lefatsheng.

 5 Jwale morena ya tswang lelokong la Davida o tla dula teroneng.

O tla tshepahala+ mme terone ya hae e tsitsiswe ka lerato,*

A ahlole ka toka mme a potlakele ho etsa dintho tse lokileng.”+

 6 Re utlwile ka boikakaso ba Moabe. O ikakasa haholo.+

Re utlwile ka boikgohomoso ba hae, boikakaso ba hae le kgalefo ya hae+

Empa mantswe a hae a se nang thuso a ke ke a phethahala.

 7 Ka hona Moabe e tla llela Moabe,

Kaofela ba tla bokolla.+

Ba otlilweng ba tla llela morara o omisitsweng* wa Kire-haresethe.+

 8 Masimo a Heshbone+ a ponne

Le sefate sa morara sa Sibma,+

Babusi ba ditjhaba ba kgaotse makala a sona a bofubedu bo kganyang.*

A ne a namme ho ya fihla Jazere,+

A fihla lefeelleng.

Letlobo la sona le ne le namme ho ya fihla lewatleng.

 9 Ke ka hoo ke tla llela sefate sa morara sa Sibma jwalo ka ha ke llela Jazere.

Ke tla o tshela ka dikgapha, wena Heshbone le wena Eleale+

Hobane mohoo o etswang ka lebaka la ditholwana tsa hao tsa lehlabula le kotulo ya hao o fedile.*

10 Thabo le nyakallo di fedile serapeng sa difate tsa ditholwana.

Ha ho motho ya binang kapa ya hweletsang a thabile dirapeng tsa morara.+

Ha ho sa na ya hatakelang veine ka sehatelong.

Ke entse hore mohoo o fele.+

11 Ka hoo, ka lebaka la Moabe+ ke utlwa pelo ya ka e thothomela

Jwalo ka dikgwele tsa harepa,

Ke thothomela ka mpeng ka lebaka la Kire-haresethe.+

12 Le ha Moabe a sebetsa ka thata ho nyolohela sebakeng se phahameng, a tswa ho ya rapela tempeleng ya hae, a ke ke a finyella letho.+

13 Ona ke molaetsa oo Jehova a o buileng pele, o tobisitsweng ho Moabe. 14 Jehova o re: “Ka dilemo tse tharo hantle,* Moabe e ke ke ya hlola e eba le seriti mme e tla ba le meferefere e moholo. Ba setseng e tla ba ba seng bakae, ba se nang matla.”+

17 Phatlalatso e tobisitsweng ho Damaseka:+

“Damaseka ha e sa tla ba motse,

E tla fetoha qubu ya majwe.+

 2 Metse ya Aroere+ e tla siuwa ke baahi ba yona.

E tla ba dibaka tseo mehlape e bothang ho tsona

Mme ha ho na motho ya tla e tshosa.

 3 Metse e etseditsweng qhobosheane e tla fediswa Efraime+

Le puso e tla fediswa Damaseka.+

Batho ba Siria ba setseng

Ba tla ba matla jwalo ka Baiseraele,”* ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

 4 “Letsatsing leo kganya ya Jakobo e tla fokotseha

Esita le mmele wa hae o phetseng hantle* o tla ota.

 5 Ho tla tshwana le ha mokotudi a bokella koro* e ntseng e le mahlakeng

Le letsoho la hae le kotula diqwapi tsa koro

Jwalo ka ha motho a thonaka koro Kgohlong* ya Barefaime.+

 6 Ho yona ho tla sala se thonakilweng feela

Jwalo ka ha sefate sa mohlwaare se hlohlorwa:

Lekaleng le ka hodimodimo ho sale mehlwaare e mmedi kapa e meraro feela e butswitseng,

Ho sale e mene kapa e mehlano makaleng a sona a behang ditholwana,”+ ke Jehova Modimo wa Iseraele ya tjhong.

7 Letsatsing leo, motho o tla sheba Moetsi wa hae mme mahlo a hae a shebe Mohalaledi wa Iseraele. 8 A ke ke a sheba dialetare+ e leng mosebetsi wa matsoho a hae+ mme a ke ke a sheba dintho tseo menwana ya hae e di entseng ebang ke dipalo tse halalelang* kapa didulwana tsa dibano.

 9 Letsatsing leo, metse ya hae ya qhobosheane e tla ba jwalo ka sebaka se sa dulweng, se morung,+

E tla tshwana le lekala le tlohetsweng ka lebaka la Baiseraele.

E tla dula e se na baahi.

10 O lebetse Modimo,+ mopholosi wa hao.

O hlolehile ho hopola Lefika+ la qhobosheane ya hao.

Ke ka lebaka leo o lemang masimo a matle,*

O hlomang lehlomela la motho osele* ho ona.

11 Motshehare o kampela masimo a hao ka hloko,

Hoseng o lokisetsa hore peo ya hao e mele

Empa koro e tla nyamela letsatsing la mafu le la bohloko bo sa phekoleheng.+

12 Utlwang! Ho na le moferefere wa ditjhaba tse ngata,

Tse morusu jwalo ka mawatle!

Ho na le lerata la ditjhaba,

Modumo wa tsona o tshwana le wa metsi a matla!

13 Ditjhaba di tla etsa modumo o tshwanang le wa metsi a mangata.

Modimo o tla di kgalemela ka matla mme di tla balehela hole,

Di lelekiswe jwalo ka ha mmoko o dithabeng o fefolwa ke moya

Le jwalo ka hlabahlabane e fefolwang ke moya wa sefefo.

14 Ka shwalane, ho na le tlokotsi.

Pele e eba hoseng ditjhaba tseo ha di sa le yo.

Ena ke kabelo ya ba re nkelang thepa ka mahahapa

Le karolo ya ba re tlatlapang.

18 Ho madimabe naha e tletseng modumo wa mapheo a dikokwanyana a phuphuselang,

Naha e dinokeng tsa Ethiopia.+

 2 E romela baromuwa ka lewatle,

Ka dikepe tsa lodi hodima metsi, e re:

“Tsamayang, lona baromuwa ba lebelo,

Le ye setjhabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreledi,

Ho batho ba tshajwang hohle,+

Setjhaba se matla, se hlolang,*

Seo naha ya sona e hohotsweng ke dinoka.”

 3 Lona baahi bohle ba naha le lona baahi ba lefatshe,

Le tla bona ntho e jwalo ka letshwao* le phahamisitsweng dithabeng,

Le tla utlwa modumo o tshwanang le wa lenaka le letsitsweng.

 4 Jehova o itse ho nna:

“Ke tla dula ke sa kgathatswe mme ke shebe sebaka sa ka*

Jwalo ka motjheso le kganya ya letsatsi,

Jwalo ka phoka nakong ya kotulo ha ho tjhesa.

 5 Pele ho kotulo,

Ha dithunthung di fedile le palesa e fetoha morara o butswang,

Letlobo le tla kgaolwa ka sekere se kutang difate

Le makala a ithatelang a tla tloswa, a kgaolwe.

 6 Kaofela a tla sielwa dinonyana tsa dithaba tse jang nama

Le dibata tsa lefatshe.

Dinonyana tse jang nama di tla qeta lehlabula di ntse di a ja

Le dibata tsohle tsa lefatshe di tla qeta nako ya kotulo di ntse di a ja.

 7 Ka nako eo, Jehova wa mabotho o tla tlisetswa mpho

E tswang setjhabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreledi,*

Batho ba tshajwang hohle,

Setjhaba se matla, se hlolang,*

Seo naha ya sona e hohotsweng ke dinoka,

Ho e isa sebakeng se jereng lebitso la Jehova wa mabotho, Thabeng ya Sione.”+

19 Phatlalatso e tobisitsweng ho Egepeta:+

Jehova o kaletse leru le fofang ka lebelo mme o kena Egepeta.

Medimo e se nang thuso ya Egepeta e tla thothomela ka pela hae,+

Dipelo tsa Baegepeta di tla nyahama.

 2 “Ke tla qabanya Baegepeta

Mme ba tla lwantshana,

E mong le e mong o tla lwantsha ngwanabo le moahisani wa hae,

Motse o lwantshe motse, mmuso o lwantshe mmuso.

 3 Baegepeta ba tla ferekana,

Ke tla senya merero ya bona.+

Ba tla ipiletsa ho medimo e se nang thuso

Le ho batho ba nang le tsebo ya ho laola dinoha, baloi le ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.*+

 4 Ke tla nehelana ka Baegepeta ho monghadi ya thata,

Morena ya kgopo o tla ba busa,”+ ke Jehova wa mabotho, Morena wa nnete ya tjhong jwalo.

 5 Metsi a lewatle a tla psha

Le noka e pshe mme e ome.+

 6 Dinoka di tla nkga hampe.

Metsi a melatswana ya Nile e Egepeta a tla fokotseha mme a pshe.

Lehlaka le lodi di tla bola.+

 7 Dimela tse pela Noka ya Nile, moo e kopanang le lewatle

Le masimo ohle a pela Noka ya Nile+ ao ho jetsweng peo ho ona, a tla omella.+

A tla fefoha mme a ke ke a hlola a eba teng.

 8 Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla,

Bohle ba lahlelang dihuku tse tshwasang ditlhapi* Nokeng ya Nile ba tla sarelwa

Le ba alang matlowa a tshwasang ditlhapi hodima metsi ba tla fokotseha.

 9 Ba sebetsang ka semela sa folakse*+ e ohlilweng

Le ba etsang masela a masweu ka foreimi ba tla swaba.

10 Dilohi tsa hae di tla utlwa bohloko,

Basebetsi bohle ba hirilweng ba tla sarelwa.

11 Dikgosana tsa Zowane+ ke mawatla.

Baeletsi ba bohlale ka ho fetisisa ba Faro ba fane ka keletso e sa utlwahaleng.+

Ke hobaneng ha o ka re ho Faro:

“Ke setloholo sa ba bohlale,

Setloholo sa marena a kgale”?

12 Jwale ba hokae banna ba lona ba bohlale?+

Haeba ba a tseba hore na Jehova wa mabotho o rerile eng ka Egepeta, ereng ba le bolelle.

13 Dikgosana tsa Zowane di sebeditse ka bowatla,

Dikgosana tsa Nofe*+ di thetsitswe,

Marena a maloko a hae a kgelositse Egepeta.

14 Jehova o tlatsitse Egepeta ka pherekano,+

Ba entse hore e kgelohe dinthong tsohle tseo e di etsang

Jwalo ka ha motho ya tahilweng a thekesela ka hara mahlatsa a hae.

15 Egepeta e ke ke ya eba le mosebetsi oo e ka o etsang

Esita le hlooho, mohatla, letlobo kapa lodi* di ke ke tsa etsa letho.

16 Letsatsing leo Egepeta e tla tshwana le basadi, e thothomele e be e tshohe ka lebaka la letsoho le tshosang leo Jehova wa mabotho a le phahamisetsang yona.+ 17 Naha ya Juda e tla tshosa Baegepeta. Ba tla tshoha le ha ba utlwa ho buuwa ka yona feela, ka lebaka la qeto eo Jehova wa mabotho a e entseng ka bona.+

18 Letsatsing leo, ho tla ba le metse e mehlano naheng ya Egepeta e buang puo ya Kanana+ mme e hlapanya hore e tshepahalla Jehova wa mabotho. Motse o mong o tla bitswa Motse o Qhaqhang.

19 Letsatsing leo, ho tla ba le aletare ya Jehova hara naha ya Egepeta le pilara e etseditsweng Jehova moeding wa yona. 20 E tla ba pontsho le bopaki ho Jehova wa mabotho naheng ya Egepeta. Ba tla hweletsa ho Jehova ka lebaka la bahatelli mme o tla ba romela mopholosi e moholo ya tla ba lopolla. 21 Jehova o tla tsebahala ho Baegepeta. Baegepeta ba tla tseba Jehova letsatsing leo, ba tla etsa mahlabelo, ba fane ka dimpho, ba etse boitlamo ho Jehova mme ba bo phethe. 22 Jehova o tla otla Baegepeta,+ a ba otle a be a ba fodise. Ba tla kgutlela ho Jehova, o tla utlwa dikopo tsa bona tse matla mme a ba fodise.

23 Letsatsing leo, ho tla ba le tsela e kgolo+ e tswang Egepeta e yang Asiria. Asiria e tla tla Egepeta le Egepeta e ye Asiria mme Egepeta e tla sebeletsa Modimo mmoho le Asiria. 24 Ka letsatsi leo, Iseraele e tla ikopanya le Egepeta le Asiria,+ e be tlhohonolofatso lefatsheng 25 hobane Jehova wa mabotho o tla be a e hlohonolofaditse a itse: “Ho hlohonolofatswe setjhaba sa ka, Egepeta le mosebetsi wa matsoho a ka, Asiria le lefa la ka, Iseraele.”+

20 Ka selemo seo Sargone morena wa Asiria a rometseng Tartane* ho Ashdode+ ka sona, o ile a lwantsha Ashdode mme a e hapa.+ 2 Ka nako eo, Jehova a bua le Esaia+ mora wa Amoze a re: “Tsamaya, o tlose lesela le hwashang* thekeng la hao mme o role dieta.”* Yaba o etsa jwalo, a tsamaya a hlobotse,* a sa rwala letho maotong.

3 Yaba Jehova o re: “Feela jwalo ka ha mohlanka wa ka Esaia a ile a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong ka dilemo tse tharo e le pontsho+ le temoso e yang ho Egepeta+ le Ethiopia,+ 4 morena wa Asiria o tla etella pele batlamuwa ba Egepeta+ le ba Ethiopia, bashanyana le bannabaholo ba hlobotse mme ba sa rwala letho maotong le marao a le ka ntle, e le ho tlotlolla Egepeta. 5 Ba tla haroha letswalo mme ba swabele Ethiopia eo ba e tshepileng le Egepeta eo ba ikotlang sefuba ka yona.* 6 Letsatsing leo, baahi ba sebaka sena se lebopong la lewatle ba tla re, ‘Bona hore na ho etsahetseng ka bao re neng re ba tshepile, bao re neng re balehela ho bona ho fumana thuso e le hore re lopollwe ho morena wa Asiria. Jwale re tla phonyoha jwang?’”

21 Phatlalatso e tobisitsweng lefeelleng la lewatle:*+

E tla jwalo ka meya ya sefefo e hoholang ka borwa,

E hlaha lefeelleng, naheng e tshosang.+

 2 Ke boleletswe pono e tshosang:

Molotsana o sebetsa ka bolotsana

Le ya timetsang o a timetsa.

Nyoloha, wena Elame! Thibella, wena Media!+

Ke tla fedisa mahlomola ohle ao a* a bakileng.+

 3 Ke ka hoo ke utlwileng bohloko haholo.*+

Ke tshwerwe ke mahlaba

Jwalo ka mosadi ya pepang.

Ke ferekane hoo ke sa utlweng.

Ke tshwenyehile hoo ke sa boneng.

 4 Pelo ya ka e otla ha bohloko, ke a tlakasela ke letswalo.

Mantsiboya ao ke neng ke a letetse ka tjantjello a a nthothometsa.

 5 Tekang tafole le hlophise ditulo,

Jang le nwe!+

Emang, lona dikgosana, tlotsang thebe.*

 6 Jehova o itse ho nna:

“Eya, o behe molebedi hore a o tlalehele hore na o bonang.”

 7 A bona kariki ya ntwa e hulwang ke dipere,

Kariki ya ntwa e hulwang ke ditonki,

Le kariki ya ntwa e hulwang ke dikamele.

A sheba ka hloko, a mamedisisa.

 8 Jwale a hweletsa jwalo ka tau a re:

“Jehova, ke dula ke eme hodima tora ya ho lebela motshehare

Mme ke eme sebakeng seo ke lebelang ke le ho sona bosiu bo bong le bo bong.+

 9 Bonang hore na ho tlang:

Banna ba palameng dikariki tsa ntwa+ tse hulwang ke dipere.”

A hweletsa a re:

“O wele! Babilona o wele.+

Modimo o pshatletse ditshwantsho tsohle tse betlilweng tsa medimo ya hae fatshe.”+

10 Lona batho ba ka ba potsweng,

Lona dijo* tsa seotlo sa ka,+

Ke le tlalehetse hore na ke utlwileng ho Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele.

11 Phatlalatso e tobisitsweng ho Duma ke ena:*

Ho na le motho ya nkgweletsang a le Seire+ a re:

“Molebedi, bosiu bo tla sa neng?

Molebedi, bosiu bo tla sa neng?”

12 Molebedi a re:

“E tla ba hoseng, ebe e eba bosiu.

Haeba le botsa, botsang.

Tloong hape!”

13 Phatlalatso e tobisitsweng lehwatateng:

Le tla qeta bosiu le le morung, lehwatateng,

Lona dihlopha tsa batsamai tsa Dedane.+

14 Kgahlanyetsang motho ya nyorilweng ka metsi,

Lona baahi ba naha ya Tema,+

Le tlisetse motho ya balehang bohobe.

15 Ba balehile disabole, sabole e ntshitsweng selateng,

Seqha se kobilweng le ntwa e boima.

16 Jehova o itse ho nna: “Pele selemo se fela, ho ya ka dilemo tsa mohiruwa,* kganya yohle ya Kedare+ e tla fela. 17 Banna ba setseng ba fulang ka seqha ba hara bahlabani ba Kedare ba tla fokotseha hobane Jehova Modimo wa Iseraele o buile jwalo.”

22 Phatlalatso e tobisitsweng Kgohlong ya Pono:*+

Molato keng ka lona ha le hlweletse marulelong kaofela?

 2 O motse o lerata, motse o tletseng boikgohomoso,

O ne o tletse moferefere.

Batho ba hao ba bolailweng ha ba a bolawa ka sabole

Ebile ha ba a shwella ntweng.+

 3 Bahatelli bohle ba hao ba balehile mmoho.+

Ba entswe batshwaruwa ho sa hlokahale seqha.

Batho bohle ba fumanweng ba entswe batshwaruwa+

Le hoja ba ne ba balehetse hole.

 4 Ke ka lebaka leo ke itseng: “Kgaotsang ho ntjheba.

Le se ke la tsitlella ho ntshedisa.

Ke tla lla haholo+

Hobane moradi* wa setjhaba sa heso o bolailwe.+

 5 Ke letsatsi la morusu, tlholo le pherekano,+

Le tswa ho Mmusi wa Dintho Tsohle Jehova wa mabotho

Le Kgohlong ya Pono.

Lerako le a heletswa+

Mme ho na le seboko se fihlang thabeng.

 6 Elame+ o nka mokotla o tshelang metsu,

O tla ka dikariki tsa ntwa le dipere*

Mme Kire+ o ntsha* thebe.

 7 Diphula* tsa hao tse kgethehileng ka ho fetisisa

Di tla tlala dikariki tsa ntwa.

Dipere* di tla ema keiting.

 8 Lesira* la Juda le tla tloswa.

Letsatsing leo o tla sheba pokello ya dihlomo tsa Ntlo ya Moru+ 9 mme o tla bona makgalo a mangata a Motse wa Davida.+ Hape, o tla bokella metsi a letamo le ka tlase.+ 10 O tla bala matlo a Jerusalema mme o tla heletsa a mang e le ho tiisa lerako. 11 O tla etsa beisine pakeng tsa marako a mabedi bakeng sa ho kgakeletsa metsi a letamo la kgale empa o ke ke wa tshepa Moetsi wa lona e Moholo mme o ke ke wa bona Ya le entseng kgale.

12 Letsatsing leo, Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho,

O tla batla hore batho ba lle, ba hloname,+

Ba beole dihlooho le ho apara lesela le hwashang.*

13 Empa ho ena le hoo, ba thabile, ba entse mekete,

Ba hlaba dikgomo, ba hlaba dinku,

Ba ja nama, ba nwa veine.+

Ba re: ‘A re jeng, re nweng hobane hosane re tlo shwa.’”+

14 Yaba Jehova wa mabotho o senola taba ena: “‘Phoso ena ya lona e ke ke ya tshwarelwa ho fihlela le shwa,’+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.”

15 Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho o re: “Eya ho Shebna+ motsamaisi ya okametseng ntlo ya morena* mme o re ho yena, 16 ‘Ke eng eo o e thahasellang moo? O thahasella mang moo, hoo o itjheketseng lebitla?’ O tjheka lebitla la hae moo ho phahameng, o itjhekela lebitla* lefikeng. 17 ‘Wena monna, bona! Jehova o tla o tabanya fatshe mme o tla o tshwara ka thata. 18 O tla o phuthela ka thata, a o betsetse naheng e sabaletseng jwalo ka bolo. O tla shwella moo mme dikariki tsa hao tse hlomphehang di tla fella moo, ba ntlo ya monga hao ba swabe. 19 Ke tla o tlosa boemong ba hao, ke o ntshe ka ofising ya hao.

20 Letsatsing leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime+ mora wa Hilkia. 21 Ke tla mo apesa seaparo sa hao se selelele, ke mo tlame ka tiyo ka lebanta la hao+ mme ke fane ka bolaodi* ba hao letsohong la hae. E tla ba ntate wa baahi ba Jerusalema le ba ntlo ya Juda. 22 Ke tla beha senotlolo sa ntlo ya Davida+ lehetleng la hae. O tla bula mme ha ho na ya tla kwala, o tla kwala mme ha ho na ya tla bula. 23 Ke tla mo kokotela jwalo ka sepekere* sebakeng se tiileng mme o tla ba jwalo ka terone ya kganya ho ntlo ya ntate wa hae. 24 Ba tla fanyeha kganya yohle ya ntlo ya ntate wa hae hodima hae, ditloholo le bana,* dijana tsohle tse nyenyane, dikotlolo ha mmoho le dinkgo tsohle tse kgolo.’

25 Jehova wa mabotho o re, ‘Letsatsing leo, ho tla tloswa sepekere* se kokoteletsweng sebakeng se tiileng, se tla kgaolwa se we mme mojaro o hodima sona o fediswe+ hobane Jehova o buile jwalo.’”

23 Phatlalatso e tobisitsweng ho Tire:+

Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe.*+

Kou e sentswe, ha ho sa kenwa le teng.

E senotswe naheng ya Kitime.+

 2 Tholang, lona baahi ba lebopo la lewatle.

Le ruisitswe ke borakgwebo ba tswang Sidone+ ba tshelang lewatle.

 3 Koro* ya Shihore*+ e tshedisitswe metsi a mangata

Ha mmoho le dijo tse kotutsweng tsa Nile, letlotlo la Tire,

E etseditse ditjhaba tjhelete.+

 4 Swaba, wena Sidone sebaka se sireletsehileng sa lewatle

Hobane lewatle le itse:

“Ha ke a ba le bohloko ba pelehi mme ha ke a beleha,

Hape ha ke a hlokomela bahlankana kapa ho hodisa barwetsana.”+

 5 Batho ba tla utlwa bohloko haholo ka lebaka la tlaleho e buang ka Tire+

Feela jwalo ka ha ba ile ba bo utlwa ka lebaka la tlaleho e buang ka Egepeta.+

 6 Tshelelang Tarshishe!

Bokollang, lona baahi ba lebopo la lewatle.

 7 Na ke motse wa lona oo o neng o thabile ho tloha kgale, ho tloha mehleng ya wona ya pele?

Maoto a baahi ba ona a ne a ba isa dinaheng tse hole hore ba dule teng.

 8 Ke mang ya entseng qeto ee ka Tire,

Tire ya kgethang marena,

Eo borakgwebo ba hae e neng e le dikgosana,

Eo borakgwebo ba hae ba neng ba hlomphuwa lefatsheng lohle?+

 9 Jehova wa mabotho o entse qeto

Ya ho fedisa botle ba hae le boikgohomoso ba hae

Le ho tlotlolla bohle ba neng ba hlomphuwa lefatsheng lohle.+

10 Hasana hara dinaha jwalo ka Noka ya Nile, wena moradi wa Tarshishe.

Ha ho sa na sebaka seo dikepe di etswang ho sona.*+

11 Modimo o otlolletse letsoho hodima lewatle.

O sisintse mebuso.

Jehova o laetse hore dibaka tse sireletsehileng tsa Foenisia di timetswe.+

12 O re: “O ke ke wa hlola o thaba,+

Wena ya hateletsweng, moradi wa Sidone wa morwetsana.

Ema, o tshelele Kitime.+

Le hona teng o ke ke wa phomola.”

13 Bonang naha ya Bakalde.+

Ke Bakalde eseng Baasiria+

Ba mo* fetotseng sebaka sa diphoofolo tse hlaha.

Ba emisitse ditora tsa bona tse thibellang,+

Ba heleditse matlo a hae a borena,

Ba mo etsa dithako.

14 Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe

Ka ha sebaka sa lona se sireletsehileng se fedisitswe.+

15 Ho tloha letsatsing leo, Tire o tla lebalwa ka dilemo tse 70,+ tse lekanang le dilemo tsa bophelo* tsa morena a le mong. Qetellong ya dilemo tse 70, Tire o tla tshwana le letekatse le hlahang pineng ena:

16 “Nka harepa, o potolohe motse, wena letekatse le lebetsweng.

Letsa harepa ya hao ka boqhetseke,

Bina dipina tse ngata

E le hore ba o hopole.”

17 Qetellong ya dilemo tse 70, Jehova o tla hopola Tire. E tla qala ho fumana moputso hape mme e etse botekatse le mebuso yohle ya lefatshe. 18 Empa phaello ya yona le moputso wa yona o tla fetoha ntho e halalelang ho Jehova. E ke ke ya bolokwa kapa ya behwa hobane moputso wa yona e tla ba wa ba dulang ka pela Jehova e le hore ba je ba kgore mme ba apare diaparo tse ntle.+

24 Jehova o horula naha* mme o e fetola sebaka se se nang letho.+

O a e thulamisa*+ mme o hasanya baahi ba yona.+

 2 Batho kaofela ba tla hlahelwa ke ntho e tshwanang:

Setjhaba ha mmoho le moprista,

Mohlanka le monga hae,

Lekgoba le monga lona wa mosadi,

Moreki le morekisi,

Motho ya adimang le motho ya adingwang,

Motho ya kolotwang le motho ya kolotang.+

 3 Naha e tla horulwa e sale e se na letho,

E tla tlatlapuwa ho fihlela e se na letho+

Hobane Jehova o tjhulo jwalo.

 4 Naha e utlwile bohloko,*+ e ntse e fela.

Naha e mobu o motle e a pona, e ntse e senyeha.

Bahlomphehi ba naha ba a tepella.

 5 Naha e silafaditswe ke baahi ba yona+

Ka ha ha ba natse melao,+

Ba fetotse molao wa tsamaiso,+

Ba tlotse selekane sa kgalekgale.*+

 6 Ke ka lebaka leo thohako e jeleng naha+

Le ba ahileng ho yona ba nkwang ba le molato.

Ke ka lebaka leo palo ya baahi ba naha e ntseng e fokotseha.

Ho setse batho ba mmalwa feela.+

 7 Veine e ntjha ya fofa, sefate sa morara se a pona+

Le bohle ba dipelo di nyakaletseng ba a fehelwa.+

 8 Mmino wa meropa e menyenyane o fedile,

Lerata la batho ba nyakaletseng le kgaoditse

Le modumo o monate wa harepa o fedile.+

 9 Ba nwa veine ho se na pina,

Jwala bo babela ba bo nwang.

10 Motse o tlohetsweng o sentswe,+

Ntlo e nngwe le e nngwe e kwetswe hore ho se ke ha eba le ya ka kenang.

11 Ba llela veine diterateng.

Menyaka yohle e fedile,

Thabo ya naha e fedile.+

12 Motse o siilwe e le dithako,

Keiti e dihilwe mme e entswe qubu ya majwe.+

13 Batho ba ka ba tla ba tjena lefatsheng hara ditjhaba:

Ba tla tshwana le mohlwaare o salang ha ho hlohlorwa sefate+

Le morara o salang ka mora hore ho kotulwe.+

14 Ba tla phahamisa mantswe,

Ba hweletse ba thabile.

Ho tloha lewatleng,* ba tla bolela boholo ba Jehova.+

15 Ke ka lebaka leo ba tla tlotlisa Jehova ka botjhabela,*+

Dihlekehlekeng tsa lewatle ba tlotlise lebitso la Jehova Modimo wa Iseraele.+

16 Re utlwa dipina dipheletsong tsa naha:

“Tlotla* e ke e iswe ho Ya Lokileng.”+

Empa ke re: “Ke fedile, ke fedile!

Ho madimabe nna! Balotsana ba sebeditse ka bolotsana.

Balotsana ba sebeditse ka bolotsana.”+

17 Tshabo, dikoti le difi di o emetse wena moahi wa naha.+

18 Mang kapa mang ya balehang modumo o tshosang o tla wela ka sekoting

Mme mang kapa mang ya nyolohang ka sekoting o tla tshwaswa ke sefi.+

Dikgoro tsa morwallo tse hodimo di tla bulelwa

Le metheo ya naha e tla reketla.

19 Naha e phatlohile,

Naha e sisintswe,

Naha ya reketla.+

20 Naha e thekesela jwalo ka motho ya tahilweng,

E ya pele le morao jwalo ka lephephe ha ho le moya.

E imetswe ke sebe sa yona+

Mme e tla wa hoo e ke keng ya boela ya phahama.

21 Letsatsing leo, Jehova o tla ahlola lebotho le hodimo

Le marena a lefatshe.

22 Ba tla bokellwa mmoho

Jwalo ka batshwaruwa ba bokeletsweng ka sekoting

Ebe ba kwallwa teronkong.

Ka mora matsatsi a mangata ba tla ahlolwa.*

23 Kgwedi e tolokileng e tla swaba,

Letsatsi le tjhabileng le tla hlajwa ke dihlong+

Hobane Jehova wa mabotho ke Morena+ Thabeng ya Sione+ le Jerusalema.

O kganya ka pela banna ba baholo ba batho ba hae.*+

25 Jehova, o Modimo wa ka.

Ke a o phahamisa, ke rorisa lebitso la hao

Hobane o entse dintho tse hlollang,+

O di rerile* ho tloha mehleng ya kgale,+

Ka botshepehi+ le ka nnete.

 2 O entse motse qubu ya majwe,

Wa etsa hore motse o sireleditsweng ka thata o hloke baahi.

Sebaka se sireletsehileng sa baditjhaba ha e sa le motse,

O ke ke wa tsosoloswa hape.

 3 Ke ka lebaka leo setjhaba se matla se tla o tlotlisa.

Motse wa ditjhaba tse sehloho o tla o tshaba.+

 4 O fetohile sebaka se sireletsehileng ho motho ya tlase

Le ho mofutsana ya leng mahlomoleng,+

Setshabelo puleng e nang ka sefefo

Le moriti ha ho tjhesa.+

Ha bohale ba bahatelli bo tshwana le pula e nang ka sefefo ha e otla lerako

 5 Jwalo ka motjheso naheng e omeletseng,

O fedisa bohale ba basele.

Pina ya bahatelli e thodiswa

Jwalo ka motjheso o fediswang ke moriti wa leru.

 6 Thabeng ena,+ Jehova wa mabotho o tla etsetsa ditjhaba tsohle

Mokete wa dijo tsa maemo,+

Mokete wa veine ya boleng bo phahameng,*

Wa dijo tsa maemo tse tletseng moko,

Wa veine e tlhotlilweng, ya boleng bo phahameng.

 7 Thabeng ena, o tla tlosa* lesira le kwahetseng batho bohle,

Le lesela le lohilweng* le kwahetseng ditjhaba tsohle.

 8 O tla fedisa lefu ka ho sa feleng.+

Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.+

O tla etsa hore batho ba hae lefatsheng lohle ba se ke ba hlola ba tlotlollwa

Hobane ke Jehova ka boyena ya buileng jwalo.

 9 Letsatsing leo ba tla re:

“Enwa ke Modimo wa rona.+

Re mo tshepile+

Mme o tla re pholosa.+

Enwa ke Jehova.

Re mo tshepile.

A re thabeng mme re nyakalle ka ha o re pholositse.”+

10 Letsoho la Jehova le tla sireletsa* thaba ena,+

Moabe e tla hatakelwa sebakeng sa yona+

Jwalo ka jwang bo hatakelwang hore bo etswe qubu ya moitedi.

11 O tla otlolla matsoho a otle Moabe

Jwalo ka ha motho ya sesang a otla metsi ka matsoho hore a sese

Mme o tla kokobetsa boikgohomoso ba yona+

A sebedisa matsoho a hae ka tsela e hlwahlwa.

12 O tla diha motse o sireleditsweng ka thata le marako a hao a phahameng a tshireletso.

O tla o lahlela fatshe leroleng.

26 Letsatsing leo, ho tla binwa pina+ ena naheng ya Juda:+

“Re na le motse o matla.+

Modimo o etsa hore mabota le marako a ona a tshireletso e be poloko.+

 2 Bulang dikeiti+ e le hore setjhaba se lokileng se kene,

Setjhaba se etsang dintho ka botshepehi.

 3 O tla sireletsa batho ba itshetlehang ka wena ka botlalo.*

O tla ba fa kgotso e sa feleng+

Hobane ba tshepile wena.+

 4 Tshepang Jehova ka ho sa feleng+

Hobane Jah* Jehova ke Lefika ka mehla le mehla.+

 5 O kokobeditse ba ahileng phahameng, motseng o phahameng.

O o theolela fatshe,

O o kokobeletsa fatshe.

O o lahlela fatshe leroleng.

 6 O tla hatakelwa ke

Maoto a ya mahlomoleng, mehato ya bafutsana.”

 7 Tsela ya motho ya lokileng e lokile.*

Ka ha o lokile,

O tla batalatsa tsela ya motho ya lokileng.

 8 Jehova, ha re ntse re tsamaya tseleng ya hao ya ho loka,

Re tshepile wena.

Re labalabela lebitso la hao le sehopotso sa hao.*

 9 Ke o batla ka matla* bosiu,

Ke dula ke o batla ka tjheseho+

Hobane ha ho ena le dikahlolo tse tswang ho wena bakeng sa lefatshe,

Baahi ba lefatshe ba ithuta ho loka.+

10 Le haeba motho ya kgopo a ka hauhelwa,

A ke ke a ithuta ho loka.+

O tla etsa bokgopo le ha a le naheng ya ho loka+

Mme a ke ke a bona boholo ba Jehova.+

11 Jehova, letsoho la hao le phahame empa ha ba le bone.+

Ba tla bona hore o tshabana ka batho ba hao mme ba tla swaba.

Ba tla tjheswa ke mollo o etseditsweng bahanyetsi ba hao.

12 Jehova, o tla re fa kgotso+

Hobane ntho e nngwe le e nngwe eo re e entseng,

Ke wena ya re thusitseng hore re e etse.

13 Jehova Modimo wa rona, re kile ra buswa ke benghadi ba bang ntle ho wena+

Empa re bua ka lebitso la hao feela.+

14 Ba shwele, ba ke ke ba phela.

Ha ba na matla, ba ke ke ba ema+

Hobane o ba ahlotse

Hore o ba timetse e le hore batho ba se ke ba hlola ba ba hopola.

15 O ekeditse setjhaba, Jehova,

O ekeditse setjhaba.

O itlotlisitse.+

O atolositse meedi yohle ya naha haholo.+

16 Jehova, ba tlile ho wena nakong ya mahlomola.

Ha o ba kgalemela, ba rapetse ka matla ka lentswe le tlase.+

17 Feela jwalo ka mosadi wa moimana ha a le haufi le ho beleha,

A eba le mahlaba a pelehi mme a bokolla,

Le rona re bile jwalo ka lebaka la hao, Jehova.

18 Re ile ra ima, ra ba le mahlaba a pelehi

Empa e ne eka re tswetse moya.

Ha re a pholosa naha

Mme ha ho motho ya tswaletsweng ho tla phela naheng.

19 Modimo o re: “Bafu ba hao ba tla phela.

Ditopo* tsa ka di tla tsoha.+

Tsohang mme le hweletse le thabile,

Lona ba ahileng leroleng.+

Phoka ya lona e tshwana le phoka ya hoseng*

Mme lefatshe le tla etsa hore bafu ba phele.*

20 Eya, setjhaba sa ka, kena dikamoreng tsa hao tse ka hare,

O kwale mamati.+

Ipate ka nakwana

Ho fihlela kgalefo* e fetile.+

21 Jehova o tloha sebakeng sa hae

Ho bitsa baahi ba naha hore ba ikarabelle bakeng sa phoso ya bona,

Naha e tla pepesa madi a tsholotsweng ho yona

Mme ha e sa tla hlola e kwahela batho ba yona ba bolailweng.”

27 Letsatsing leo, Jehova o tla otla Leviathane,* noha e tswedipanang,

Leviathane, noha e ikgarelang,

A e otle ka sabole ya hae e bohale, e kgolo le e matla.+

O tla bolaya phoofolo ya tonanahadi e lewatleng.

 2 Letsatsing leo mo bineleng le re:*

“Serapa sa morara sa veine.+

 3 Nna, Jehova, ke a mo sireletsa.+

Ke mo nosetsa ka mehla.+

Ke mo sireletsa bosiu le motshehare

E le hore ho se ke ha eba le mang kapa mang ya mo ntshang kotsi.+

 4 Ha ke sa mo halefetse.+

Haeba motho a beha dihlahla tse meutlwa le ditlamatlama ka pela ka,

Ke tla di hatakela, ke di tjhese kaofela ke be ke mo lwantshe.

 5 Ho ena le hoo, a ke a batle setshabelo qhobosheaneng ya ka.

A ke a bope kgotso le nna,

A ke a bope kgotso le nna.”

 6 Matsatsing a tlang Jakobo o tla mela ka metso,

Iseraele o tla hlahisa dithunthung mme a hlomele.+

Ba tla tlatsa naha ka dihlahiswa.+

 7 Na o lokela ho shapuwa hampe hakaale?

Na o lokela ho bolawa jwalo ka batho ba hae ba bolailweng?

 8 O tla mo lwantsha ka mohoo o tshosang ha o mo tebela.

O tla mo leleka ka bohale bo tshosang mohla ho fokang moya wa botjhabela.+

 9 Ka hona, phoso ya Jakobo e tla kwahelwa ka tsela ena+

Mme tsena e tla ba ditholwana tse feletseng ha sebe sa hae se tloswa:

O tla etsa hore majwe ohle a aletare a be

Jwalo ka majwe a tjhoko a silakantsweng.

Ha ho na dipalo tse halalelang* kapa didulwana tsa dibano tse tla sala.+

10 Motse o sireleditsweng ka thata o tla lahlwa.

Makgulo a tla tlohelwa mme a lahlwe kgerehlwa jwalo ka lefeella.+

Namane e tla fula teng, e bothe teng.

E tla ja makala a hae.+

11 Ha makalana a hae a omeletse,

Basadi ba tla tla, ba a kgaole,

Ba bese mollo ka ona.

Batho bana ha ba na kutlwisiso.+

Ka lebaka leo, Moetsi wa bona a ke ke a ba hauhela,

Mmopi wa bona a ke ke a ba utlwela bohloko.+

12 Letsatsing leo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho tloha molapong o phallang wa Noka* ho ya kgohlong* ya Egepeta+ mme le tla nkwa ka ho latellana, lona batho ba Iseraele.+ 13 Letsatsing leo, ho tla letswa lenaka le leholo+ mme ba timelang naheng ya Asiria+ le ba qhalakaneng naheng ya Egepeta+ ba tla tla mme ba inamele Jehova thabeng e halalelang Jerusalema.+

28 Ho madimabe korone* e ikgohomosang ya matahwa a Efraime+

Le thunthung e ponang ya botle ba yona bo kganyang,

E qalong ya kgohlo e nonneng ya ba tahilweng ke veine.

 2 Jehova o na le motho ya matla.

O tla betsetsa korone eo fatshe

Jwalo ka sefako le seaduma, sefefo se senyang,

Jwalo ka sefefo se tlang ka seaduma le morwallo o matla o tsholohang.

 3 Dikorone tse ikgohomosang tsa matahwa a Efraime

Di tla hatakelwa ka maoto.+

 4 Palesa e ponang ya botle ba yona bo kganyang

E qalong ya phula e nonneng,

E tla tshwana le feie* ya pele e butswang pele lehlabula le thwasa.

Ha motho a e bona, o e kwenya hang ha e fihla ka letsohong la hae.

5 Ka letsatsi leo, Jehova wa mabotho e tla ba korone e hlomphehang le korone e ntle ya dipalesa ho ba setseng setjhabeng sa hae.+ 6 Hape o tla susumetsa ya ahlolang hore a ahlole ka toka, e be mohlodi wa matla ho ba thibang dira keiting.+

 7 Baprista le baprofeta ba tswile tseleng ka lebaka la veine.

Jwala ba bona bo etsa hore ba thekesele.

Moprista le moprofeta ba tswile tseleng ka lebaka la jwala.

Veine e a ba ferekanya,

Jwala ba bona bo etsa hore ba thekesele.

Pono ya bona e a ba kgelosa,

Ba a kgoptjwa ha ba etsa qeto.+

 8 Ditafole tsa bona di tletse mahlatsa,

Ha ho na sebaka se se nang ona.

 9 Ba re: “Ke mang eo a tla mo ruta?

Ke mang ya tla mo hlalosetsa molaetsa?

Na ke ba sa tswa kgweswa,*

Ba sa tswa tlohediswa letswele?

10 Ke ‘taelo hodima taelo, taelo hodima taelo,

Molao hodima molao, molao hodima molao,*+

Hanyenyane mona, hanyenyane mane.’”

11 Ka hoo, Modimo o tla sebedisa batho ba lehwelea* le ba buang puo e fapaneng ho bua le batho bana.+ 12 O kile a re ho bona: “Sena ke sebaka sa phomolo. Ya tepeletseng a phomole. Sena ke sebaka sa boiketlo” empa ba hana ho mamela.+ 13 Ka hoo, ho bona lentswe la Jehova e tla ba:

“Taelo hodima taelo, taelo hodima taelo,

Molao hodima molao, molao hodima molao,*+

Hanyenyane mona, hanyenyane mane”

E le hore ha ba tsamaya,

Ba kgoptjwe ba we ka mokokotlo,

Ba robehe, ba tshwasehe ba be ba tshwarwe.+

14 Ka hona, utlwang lentswe la Jehova, lona baithorisi,

Lona babusi ba batho bana ba leng Jerusalema,

15 Le re:

“Re entse selekane le Lefu,+

Re entse tumellano* le Lebitla.*

Ha morwallo o matla o feta,

O ke ke wa re fihlela

Hobane re entse leshano setshabelo sa rona,

Re ipatile leshanong.”+

16 Ka hona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

“Ke beha lejwe e le motheo Sione, lejwe le lekilweng,+

Lejwe la sekgutlo la bohlokwa+ le behilweng e le motheo o tiileng.+

Mang kapa mang ya bontshang tumelo ho lona a ke ke a tshoha.+

17 Ke tla etsa hore toka e be kgwele e methang,+

Ho loka e be sesebediswa se otlollang.*+

Sefako se tla hohola setshabelo sa bona e leng leshano

Le metsi a kwahele sebaka seo ho ipatwang ho sona.

18 Selekane seo le se entseng le Lefu se tla fediswa

Mme tumellano ya lona le Lebitla* e ke ke ya ema e tiile.+

Ha morwallo o matla o feta,

O tla le sila.

19 Nako le nako ha o feta,

O tla le hohola+

Hobane o tla feta hoseng ho hong le ho hong,

Bosiu le motshehare.

Ke letswalo feela le tla etsa hore ba utlwisise molaetsa.”*

20 Bethe e nyenyane haholo hore motho a paqame hodima yona

Le kobo e nyenyane haholo hore motho a ka ithatela ka yona.

21 Jehova o tla ema jwalo ka ha a ile a ema Thabeng ya Perazime.

O tla halefa jwalo ka ha a ile a halefa kgohlong* e haufi le Gibeone+

E le hore a etse ketso ya hae e makatsang

Le hore a etse mosebetsi wa hae o sa tlwaelehang.+

22 Jwale le se ke la soma+

E le hore diketane tsa lona di se ke tsa tiiswa le ho feta

Hobane ke utlwile hore Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho

O rerile ho timetsa naha yohle.*+

23 Thehang tsebe mme le utlwe lentswe la ka.

Mamelang ka hloko mme le utlwe hore na ke reng.

24 Na molemi o dula a lema letsatsi kaofela pele a jala peo?

Na o dula a thuha le ho haraka* mobu wa hae? Tjhe.+

25 Ho ena le hoo, ha a se a o bataladitse ka hodimo,

O jala kumine mme o hasanya kumine e ntsho

Hape o jala koro, nyalothe* le harese sebakeng sa tsona

Le mofuta o mong wa koro*+ mahlakoreng.

26 Modimo o mo ruta* tsela e nepahetseng.

Modimo wa hae o a mo rupela.+

27 Kumine e ntsho ha e polwe ka selei*+

Mme lebidi la kariki ha le tsamaiswe hodima kumine e nngwe.

Ho ena le hoo, kumine e ntsho e polwa ka molamu,

Ha kumine e nngwe e polwa ka lere.

28 Na motho a ka pola koro* hore e be phofo ya bohobe?

Tjhe, ha a di pole a sa kgaotse.+

Le ha a tsamaisa lebidi la kariki ya hae hodima tsona ka dipere tsa hae,

Ha a di sile.+

29 Mantswe ana le ona a tswa ho Jehova wa mabotho,

Eo morero* wa hae o hlollang

Le ya fihletseng dintho tse kgolo.*+

29 “Ho madimabe Ariele,* Ariele, motse oo Davida a neng a hloma ditente ho ona.+

Etsang mekete ya lona ya selemo le selemo,+

Tswelang pele selemo se seng le se seng.

 2 Empa ke tla bakela Ariele ditsietsi,+

O tla lla mme a utlwe bohloko.+

Ho nna o tla ba jwalo ka leifo la aletare ya Modimo.+

 3 Ke tla hloma diahelo ka mahlakoreng ohle kgahlanong le wena,

Ke tla o thibella ka dithupa tse motsu

Mme ke hlome dintho tse tla o thibella.+

 4 O tla theolelwa fatshe,

O tla bua o le fatshe,

Dipolelo tsa hao di tla pupetswa ke lerole.

Lentswe la hao le tla tswa fatshe+

Jwalo ka la ya reng o buisana le bafu,

Ho tla ba jwalo ka ha eka o hweshetsa o le leroleng.

 5 Letshwele la dira tsa hao* e tla ba phofo e thumisehileng,+

Letshwele la bahatelli e be mmoko o fefolwang ke moya.+

Mme ho tla etsahala hanghang, ka ho panya ha leihlo.+

 6 Jehova wa mabotho o tla o sireletsa

Ka seaduma, tshisinyeho ya lefatshe le lerata le leholo,

Ka moya o matla, sefefo le malakabe a mollo o timetsang.”+

 7 Letshwele la ditjhaba tsohle tse lwantshang Ariele,+

Bohle ba mo lwantshang,

Ba mo thibellang ka ditora

Le ba mo bakelang ditsietsi,

Ba tla ba jwalo ka toro, pono ya bosiu.

 8 Ho tla ba jwalo ka ha motho ya lapileng a lora a ja

Empa a tsoha a lapile

Le jwalo ka ha motho ya nyorilweng a lora a nwa

Empa a tsoha a kgathetse hape a nyorilwe.

Letshwele la ditjhaba tsohle tse lwantshang Thaba ya Sione+

Le tla ba jwalo.

 9 Emang le makale,+

Ipateng mahlo hore le se ke la bona.+

Ba tahilwe empa ha ba a tahwa ke veine.

Ba a thekesela empa ha se ka lebaka la jwala.

10 Jehova o le tshwarisitse boroko bo tebileng.+

O kwetse mahlo a lona, lona baprofeta,+

O kwahetse dihlooho tsa lona, lona ba bonang dipono.+

11 Ho lona pono e nngwe le e nngwe e tshwana le mantswe a buka e kwetsweng.+ Ha ba e fa motho ya tsebang ho bala ba re: “Re kopa o re balle mona.” O tla re: “Ha ke kgone ka ha e kwetswe.” 12 Ebe ha ba e fa motho ya sa tsebeng ho bala, ba re: “Re kopa o bale mona.” O tla re: “Ha ke tsebe ho bala ho hang.”

13 Jehova o re: “Batho bana ba re ba a nthapela,

Ba ntlhompha ka melomo feela+

Empa dipelo tsa bona di suthetse hole le nna.

Ba ntlhompha ba ipapisitse le ditaelo tsa batho tseo ba di rutilweng.+

14 Ka hona, ke tla boela ke etse dintho tse makatsang ka batho bana,+

Ke tla ba makatsa ke boele ke ba makatse.

Bohlale ba bahlalefi ba bona bo tla fela

Le kutlwisiso ya bahlalefi ba bona e tla patwa.”+

15 Ho madimabe ba sebetsang ka thata ho patela Jehova merero ya bona.+

Ba etsetsa diketso tsa bona lefifing,

Ba ntse ba re: “Ke mang ya re bonang?

Ke mang ya tsebang ka rona?”+

16 Le sotha dintho hakaakang!*

Na sebopi se ka nkwa se tshwana le letsopa?+

Na ntho e entsweng e ka re ka moetsi wa yona:

“Ha ke a etswa ke yena”?+

Na ntho e entsweng e ka re ka moetsi wa yona:

“Ha a tsebe letho”?+

17 Ka mora nakwana e seng kae feela, Lebanone e tla fetolwa serapa sa difate tsa ditholwana+

Mme serapa sa difate tsa ditholwana se tla nkwa e le moru.+

18 Letsatsing leo, ba sa utlweng ditsebeng ba tla utlwa mantswe a buka.

Ba sa boneng ba tla lokollwa botshong le lefifing ebe ba a bona.+

19 Ba bonolo ba tla thaba haholo ka lebaka la Jehova

Le bafutsana ba tla thaba ka lebaka la Mohalaledi wa Iseraele.+

20 Mohatelli a ke ke a hlola a eba teng,

Moithorisi o tla fediswa

Le bohle ba dulang ba le malalaalaotswe bakeng sa ho ntsha kotsi ba tla fediswa+

21 Ha mmoho le ba etselletsang batho ba bang,

Ba tjhehang leraba bakeng sa ya buellang nyewe ya hae* keiting ya motse+

Le bao ka dikgang tse se nang thuso ba hanelang ya lokileng ka toka.+

22 Ka hona, Jehova ya lopolotseng Abrahama,+ o re ho ntlo ya Jakobo:

“Jakobo a ke ke a hlola a swaba,

Sefahleho sa hae se ke ke sa hlola se pudufala.*+

23 Ha a bona bana ba hae,

Bao e leng mosebetsi wa matsoho a ka, ba ena le yena,+

Ba tla halaletsa lebitso la ka,

Ba halaletse Mohalaledi wa Jakobo

Mme ba hlomphe Modimo wa Iseraele.+

24 Ba kgelohileng ba tla fumana kutlwisiso

Le ba tletlebang ba tla fumana thupelo.”

30 Jehova o re: “Ho madimabe bana ba manganga,+

Ba phethang merero eo e seng ya ka,+

Ba etsang dilekane* empa ba sa tataiswe ke moya wa ka

E le hore ba phaelle sebe ka sebe.

 2 Ba theohela Egepeta+ ba sa bua le nna,*+

Ho batla tshireletso ho Faro*

Le ho tshabela moriting wa Egepeta.

 3 Empa tshireletso e tswang ho Faro e tla ba swabisa

Mme setshabelo moriting wa Egepeta e be sesosa sa ho tlotloloha.+

 4 Dikgosana di Zowane+

Le baromuwa ba fihlile Hanese.

 5 Kaofela ba tla swabiswa

Ke batho ba sa ba tlisetseng molemo,

Ba sa ba thuseng ka letho,

Ba tla ba hlabisa dihlong le ho ba tlotlolla feela.”+

6 Phatlalatso e tobisitsweng ho diphoofolo tsa borwa:

Naheng ya mahlomola le mathata,

Naheng ya tau, tau e rorang,

Ya marabe le noha e lebelo e tjhefo,*

Ba tlama maruo a bona hodima ditonki

Le dimpho tsa bona diloteng tsa dikamele.

Empa dintho tsena di ke ke tsa tswela batho molemo.

 7 Thuso ya Egepeta ke ya lefeela.+

Ka hoo, ke e bitsitse “Rahaba+ ya dulang a tsitsitse.”

 8 Jwale eya o ngole phatlalatso ena letlapeng ba le teng

Mme o e ngole bukeng+

E le hore e tle e sebetse nakong e tlang

E le bopaki bo tla dula bo le teng.+

 9 Ke setjhaba se sa mameleng,+ bana ba bolotsana,+

Ba sa rateng ho utlwa molao* wa Jehova.+

10 Ba re ho baprofeta, ‘Le se ke la bona’

Yaba ba re ho ba bonang dipono, ‘Le se ke la re bolella dintho tsa nnete tseo le di boneng.+

Re bolelleng dintho tse re thabisang.* Re profeteleng dintho tsa bohata.+

11 Kgelohang tsela. Fapohang tsela.

Kgaotsang ho beha Mohalaledi wa Iseraele ka pela rona.’+

12 Ka hoo, Mohalaledi wa Iseraele o re:

“Ka ha le hana ho mamela lentswe la ka,+

Le tshepa bolotsana le mano

Ebile le itshetleha ka tsona,+

13 Ka lebaka leo, phoso ya lona e tla tshwana le lerako le petsohileng.

E tshwane le lerako le phahameng le sekameng,

Le tla wa hanghang, ka tshohanyetso.

14 Le tla pshatleha jwalo ka nkgo e kgolo ya sebopi,

E pshatlehileng hoo ho ke keng ha eba le leqhetswana le salang

Leo ho ka bokellwang mollo ifo ka lona

Kapa ha kguwa metsi qanthaneng.”*

15 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, Mohalaledi wa Iseraele, o re:

“Haeba le kgutlela ho nna mme le phomola le tla pholoswa.

Haeba le kgoba matshwafo mme le ntshepa le tla ba matla.”+

Empa le hanne.+

16 Le itse: “Tjhe, re tla baleha re palame dipere.”

Ka hoo le tla baleha.

“Re tla palama dipere tse lebelo.”+

Ka hoo, ba le lelekisang ba tla tla ka potlako.+

17 Batho ba sekete ba tla thothometswa ke ditshoso tsa motho a le mong.+

Le tla baleha ka lebaka la ditshoso tsa ba bahlano

Ho fihlela ba setseng ba lona ba le jwalo ka palo e emeng e le nngwe tlhorong ya thaba

Le jwalo ka folakga leralleng.+

18 Empa Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele+

Mme o tla nka kgato, a le hauhele.+

Jehova ke Modimo wa toka.+

Ho thaba bohle ba mo letetseng.*+

19 Ha batho ba dula Sione e Jerusalema,+ ho hang o ke ke wa lla.+ Ruri o tla o hauhela ha o lla o kopa thuso. Hang ha a utlwa seboko sa hao, o tla o araba.+ 20 Le hoja Jehova Morupedi wa lona e Moholo a tla le fa bohobe ba mahlomola le metsi a kgatello,+ ha a sa tla hlola a ipata mme le tla bona Morupedi wa lona e Moholo.+ 21 Le tla utlwa lentswe ka mora lona le reng, “Tsela ke ena.+ Tsamayang ho yona,” le se ke la ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.+

22 Le tla silafatsa ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse pentilweng ka silevera le diemahale tsa tshepe tse pentilweng ka kgauta.+ Le tla di lahla jwalo ka lesela le ditshila* mme le re ho tsona, “Tlohang mona!”*+ 23 O tla le nesetsa pula bakeng sa peo eo le e jalang mobung.+ Bohobe bo hlahiswang ke lefatshe bo tla ba bongata mme bo be le dimatlafatsi.*+ Letsatsing leo, diphoofolo tseo le di ruileng di tla fula makgulong a maholo.+ 24 Dikgomo le ditonki tse lemang naha di tla ja furu e nokilweng ka sorele, e olositsweng ka kgarafu le fereko. 25 Dithabeng tsohle tse telele le maralleng ohle a phahameng, ho tla ba le melapo le diforo tsa metsi+ letsatsing la polao e kgolo ha ditora di wa. 26 Kganya ya kgwedi e tolokileng e tla tshwana le kganya ya letsatsi. Mohla Jehova a tlamisang leqeba la batho ba hae+ mme a fodisa leqeba le lebe le bakilweng ke kotlo ya hae,+ kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa jwalo ka kganya ya matsatsi a supileng.+

27 Jehova o* tla a tswa hole,

O tuka ke bohale mme o tla ka maru a matsho.

Molomo wa hae o tletse kgalefo,

Leleme la hae le tshwana le mollo o timetsang.+

28 Phefumoloho* ya hae e tshwana le molapo o phoroselang o fihlang molaleng

Hore a sisinye ditjhaba ka sefeng e bolayang.*

Batho ba tla ba le tomo mehlahareng ya bona+ e tla ba kgelosa.

29 Empa pina ya lona e tla ba jwalo ka e binwang bosiu

Ha le itokisetsa* mokete,+

Dipelo tsa lona di tla thaba jwalo ka motho

Ya tsamayang a letsitse lekodilo,

A le tseleng e lebang thabeng ya Jehova, Lefika la Iseraele.+

30 Jehova o tla etsa hore lentswe la hae le matla+ le utluwe,

A etse hore ba bone ha letsoho la hae+ le theoha le hlasela ka bohale bo tukang,+

Ka lelakabe la mollo o timetsang,+

Ka dipula tsa ditlwebelele,+ sefefo sa seaduma le sefako.+

31 Baasiria ba tla tshoswa ke lentswe la Jehova.+

O tla ba otla ka molamu.+

32 Nako le nako ha Jehova a otla Baasiria

Ka molamu wa hae o otlang,

Ho tla thoholetswa ka meropa e menyenyane le diharepa+

Ha a ntse a tsoka letsoho la hae kgahlanong le bona ntweng.+

33 Tofethe*+ ya hae e se e hlophilwe.

E boetse e hlophetswe morena.+

Sekoti seo a se entseng bakeng sa qubu ya patsi se tebile ebile se sephara,

Mollo le patsi di ngata.

Phefumoloho ya Jehova e tla tjhesa Tofethe

Jwalo ka molapo o phoroselang wa sebabole.

31 Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+

Ba tshepang dipere,+

Ba tshepang dikariki tsa ntwa hobane di le ngata

Le dipere tsa ntwa* hobane di le matla

Empa ba sa tshepe Mohalaledi wa Iseraele

Ba bile ba sa batle thuso ya Jehova.

 2 Le ha ho le jwalo, o bohlale mme o tla tlisa tlokotsi,

A ke ke a hula mantswe a hae.

O tla nkela baetsi ba bobe kgato

Le ba thusang baetsi ba bobe.+

 3 Empa Baegepeta ke batho feela, ha se Modimo

Le dipere tsa bona ke nama, ha se moya.+

Ha Jehova a otlolla letsoho la hae,

Mang kapa mang ya fanang ka thuso o tla kgoptjwa

Le ya thuswang o tla wa.

Kaofela ba tla fediswa ka nako e le nngwe.

 4 Jehova o itse ho nna:

“Feela jwalo ka ha tau e nyenyane e matla* e rorela phofu ya yona

Ha e bitseditswe sehlopha sa badisa,

E sa tshoswe ke mantswe a bona

Kapa e sa tsitsipanngwe ke moferefere wa bona,

Ka tsela e tshwanang, Jehova wa mabotho o tla theoha ho tla lwanela

Thaba ya Sione le leralla la yona.

 5 Jwalo ka dinonyana tse fofang ka lebelo, Jehova wa mabotho o tla potlakela ho sireletsa Jerusalema.+

O tla mo sireletsa mme a mo pholose,

A mo qenehele mme a mo pholose.”

6 “Kgutlelang ho Eo le mo fetohetseng haholo, lona setjhaba sa Iseraele.+ 7 Letsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae e se nang thuso ya silevera le kgauta e leng sebe seo le se entseng ka matsoho a lona.

 8 Moasiria o tla dihuwa ka sabole empa eseng ya motho.

O tla bolawa ka sabole eo eseng ya motho.+

O tla baleha sabole

Mme bahlankana ba hae ba tla qobellwa ho etsa mosebetsi o boima.

 9 Lefika la hae le tla feta ka lebaka la ho tshoha haholo,

Dikgosana tsa hae di tshohe ka lebaka la pontsho,” ke Jehova ya tjhong jwalo,

Eo kganya* ya hae e leng Sione le eo sebopi sa hae sa mollo se leng Jerusalema.

32 Morena+ o tla busa ka ho loka+

Le dikgosana di tla busa ka toka.

 2 Kgosana ka nngwe e tla ba sebaka sa ho ipatela moya

Le sebaka* sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.

E tla ba jwalo ka melapo ya metsi naheng e se nang metsi+

Jwalo ka moriti wa lefika le leholo naheng e omeletseng.

 3 Mahlo a ba bonang a ke ke a hlola a kwaleha

Le ditsebe tsa ba utlwang di tla mamela ka hloko.

 4 Dipelo tsa ba potlakang ho tlola di tla thuisa ka tsebo

Le ba lehwelea* ba tla bua ka tsela e hlakileng le e utlwahalang.+

 5 Ha ho sa tla hlola ho thwe motho ya kgopo o a fana

Le motho ya se nang boitshwaro, a ke ke a bitswa mohlomphehi.

 6 Motho ya kgopo o tla bua dintho tse se nang kelello,

Pelo ya hae e tla rera dintho tse kotsi+

E le hore a kwenehele Modimo* le ho bua mashano ka Jehova

Hore a time motho ya lapileng dijo

Le hore a time motho ya nyorilweng ntho e nowang.

 7 Ditsela tsa motho ya se nang boitshwaro di mpe.+

O kgothaletsa ba bang ho etsa boitshwaro bo hlabisang dihlong

E le hore a timetse motho ya mahlomoleng ka mashano+

Le ha mofutsana a bua se nepahetseng.

 8 Empa ya fanang o na le merero ya ho fana

Mme o dula a batla mekgwa ya ho fana.

 9 “Lona basadi ba iketlileng, emang le mamele lentswe la ka.

Lona baradi ba sa tsotelleng,+ mamelang ka hloko hore na ke reng.

10 Nakwana ka mora selemo, lona ba sa tsotelleng le tla thothomela ke letswalo

Hobane ha ho ditholwana tse tla beng di bokeletswe ha kotulo ya morara e fela.+

11 Thothomelang, lona basadi ba dutseng ba iketlile.

Ferekanang, lona ba sa tsotelleng.

Hlobolang le sale le sa apara,

Le itlame matheka ka lesela le hwashang.*+

12 Ikotleng difuba le lle,

Le llele masimo a matle le sefate sa morara se behang ditholwana tse ntle.

13 Naha ya batho ba ka e tla kwahelwa ke meutlwa le dihlabahlabane.

Di tla kwahela matlo ohle a boithabiso,

Motse wa thabo.+

14 Tora e sireleditsweng ka thata e tlohetswe,

Motse o lerata o lahlilwe kgerehlwa.+

Ofele*+ le tora ya ho lebela di fetohile dithako,

Ke moo ditonki tse hlaha di thallang* teng,

Ke lekgulo la mehlape,+

15 Ho fihlela moya o theohela ho rona o tswa hodimo+

Mme lefeella le fetoha serapa sa difate tsa ditholwana,

Le serapa sa difate tsa ditholwana se nkwa e le moru.+

16 Toka e tla ba teng lefeelleng

Le ho loka ho be teng serapeng sa difate tsa ditholwana.+

17 Ho loka ha nnete ho tla etsa hore ho be le kgotso+

Mme ditholwana tsa ho loka ha nnete e tla ba kgutso le tshireletseho e sa feleng.+

18 Setjhaba sa ka se tla dula sebakeng se nang le kgotso,

Dibakeng tse sireletsehileng le dibakeng tse nang le kgutso.+

19 Empa sefako se tla ruthutha moru

Mme motse o tla batalla.

20 Ho thaba lona ba jalang peo hohle moo ho nang le metsi,

Ba romelang* pholo le tonki.”+

33 Ho madimabe wena ya senyang o eso senngwe,+

Wena molotsana ya eso etsetswe bolotsana.

Hang ha o qeta ho senya, o tla senngwa.+

Hang ha o qeta ho etsa bolotsana, o tla etsetswa bolotsana.

 2 Jehova, re hauhele.+

Re o tshepile.

Eba matla* a rona+ hoseng ho hong le ho hong,

Re pholose nakong ya mahlomola.+

 3 Batho ba a baleha ha ba utlwa modumo o lerata.

Ditjhaba di a qhalakana ha o phahama.+

 4 Thepa ya lona e hapuweng e tla bokellwa jwalo ka ha ditsie tse senyang di bokana,

Batho ba tla e senya jwalo ka dihlopha tsa ditsie.

 5 Jehova o tla phahamiswa

Hobane o dula hodimo moo ho phahameng.

O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.

 6 O etsa hore bophelo* ba lona bo tsitse.

Poloko e kgolo,+ bohlale, tsebo le ho tshaba Jehova+

Ke letlotlo la hae.

 7 Bahale ba bona* ba lla seboko seterateng,

Baromuwa ba kgotso ba lla ha bohloko.

 8 Ditsela tse kgolo di tlohetswe feela,

Ha ho na motho ya tsamayang ditseleng.

O* tlotse selekane,

O hlompholotse metse,

Ha a tsotelle batho.+

 9 Naha e utlwile bohloko mme e omeletse.

Lebanone e swabile,+ e bodile.

Sharone e jwalo ka lehwatata,

Bashane le Karmele di hlohlora makgasi a tsona.+

10 Jehova o re, “Jwale ke tla ema,

Ke tla bontsha hore ke matla+

Mme ke tla itlotlisa.

11 Lona batho ba kgopo, merero le mesebetsi ya lona ha e na thuso, e jwalo ka jwang bo ommeng le ditlhaka.

Menahano ya lona e mebe e tla le qeta jwalo ka mollo.+

12 Ditjhaba di tla tshwana le molora wa kalaka e tjhesitsweng.

Di tla tjheswa ka mollo jwalo ka meutlwa e fothotsweng.+

13 Lona batho ba hole haholo, utlwang hore na ke tla etsang.

Le lona ba haufi, lemohang matla a ka.

14 Baetsadibe ba leng Sione ba tshohile,+

Bakwenehi ba a thothomela:

‘Ke mang ho rona ya ka dulang mollong o timetsang?+

Ke mang ho rona ya ka dulang malakabeng a sa timeng?’

15 Ke ya tswelang pele ho etsa dintho tse nepahetseng,*+

Ya buang dintho tse lokileng,+

Ya hanang ho rua ka bolotsana le ka ho qhekella,

Eo matsoho a hae a hanang tjotjo ho ena le ho e nka,+

Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa tsa tshollo ya madi

Le ya ikwalang mahlo hore a se ke a bona dintho tse mpe.

16 O tla dula phahameng,

Setshabelo sa hae se sireletsehileng* se tla ba dibakeng tse mafika.

O tla fuwa bohobe,

Metsi a hae a ke ke a fela.”+

17 Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae,

A tla bona naha e hole.

18 Ka pelong o tla hopola* ntho e tshosang:

“Mongodi o kae?

O kae ya neng a bekga lekgetho?+

O kae ya badileng ditora?”

19 O ke ke wa hlola o bona batho ba tellang,

Batho ba buang puo e sa hlakang,* eo o sa e utlwisiseng,

Ba lehwelea, bao o sa kgoneng ho utlwisisa puo ya bona.+

20 Bonang Sione, motse oo re ketekelang ho wona.+

Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka se nang le kgutso,

E le tente e ke keng ya tloswa.+

Ha ho mohla ditshepe tsa tente di tla ntshwa,

Ha ho thapo le ha e le nngwe ya yona e tla kgaolwa dikoto.

21 Empa sebakeng seo Ya Hlomphehang, Jehova

O tla re sireletsa jwalo ka ha dinoka le dinokana di sireletsa motse.

Ha ho dikepe tse tla feta moo

Ebile ha ho dikepe tse kgolo tse tla feta teng.

22 Jehova ke Moahlodi wa rona,+

Jehova ke yena ya re fang melao,+

Jehova ke Morena wa rona.+

Ke yena ya tla re pholosa.+

23 Diropo di tla leketla,

Di ke ke tsa tshehetsa dipalo tsa sekepe kapa tsa hula seile.

Ka nako eo, thepa e ngata e hapuweng e tla arolwa

Le ba holofetseng ba tla inkela thepa e ngata.+

24 Ha ho moahi ya tla re: “Ke a kula.”+

Batho ba dulang naheng eo ba tla tshwarelwa diphoso tsa bona.+

34 Atamelang le utlwe lona ditjhaba,

Mamelang ka hloko lona ditjhaba.

Lefatshe le tsohle tse ho lona le mamele

Le naha le dihlahiswa tsohle tsa yona.

 2 Jehova o halefetse ditjhaba tsohle,+

O halefetse mabotho ohle a tsona.+

O tla di fedisa,

O tla di bolaya.+

 3 Ba bolailweng hara tsona ba tla ntshetswa ka ntle,

Seputa sa ditopo tsa bona se tla nyoloha.+

Dithaba di tla qhibidiha ka lebaka la* madi a bona.+

 4 Lebotho lohle la mahodimo le tla bola

Mahodimo a tla phuthwa jwalo ka moqolo.

Lebotho lohle la ona le tla pona

Jwalo ka ha lekgasi le ponneng le wa sefateng sa morara

Le jwalo ka ha feie* e ponneng e wa sefateng sa feie.

 5 “Sabole ya ka e tla rotha madi mahodimong.+

E tla theohela Edomo ho fana ka kahlolo+

Ho batho bao ke entseng qeto ya ho ba fedisa.

 6 Jehova o na le sabole. E tla tlala madi.

E tla tlala mafura,+

Madi a diramo tse nyenyane le dipodi,

Mafura a diphio tsa diramo.

Jehova o na le sehlabelo Bozra,

O tla hlaba batho ba bangata haholo naheng ya Edomo.+

 7 Dipoho tse hlaha* di tla theoha le bona,

Dipohwana ha mmoho le ba matla.

Naha ya bona e tla tlala madi

Lerole la bona le tlale mafura.”

 8 Jehova o na le letsatsi leo a tla iphetetsa ka lona,+

Selemo seo a tla fana ka kotlo nyeweng ya Sione.+

 9 Melapo ya hae* e tla fetoha sekontiri,

Lerole la hae le fetohe sebabole,

Sebaka sa hae se tla ba jwalo ka sekontiri se tukang.

10 Edomo e ke ke ya tima bosiu kapa motshehare,

Mosi wa yona o tla kubella ka ho sa feleng.

E tla dula e se na baahi ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong,

Le ka mohla ho ke ke ha eba le ya fetang ho yona.+

11 Noko le letata le jang ditlhapi di tla dula ho yona,

Diphooko le makgwaba a tla dula ho yona.

Modimo o tla metha naha ena ka kgwele e methang le e otlollang* e le ho bontsha

Hore o tla e fedisa.

12 Ha ho bahlomphehi ba hae ba tla etswa marena

Mme dikgosana tsohle tsa hae di tla timela.

13 Meutlwa e tla mela ditoreng tsa hae tse tiileng,

Bobatsi le ditlamatlama tse meutlwa di mele diqhobosheaneng tsa hae,

O tla fetoha selao* sa diphokojwe,+

Lehae la dimpshe.

14 Diphoofolo tsa lehwatata di tla kopana le dintja tse hlaha*

Le podi e hlaha* e tla bitsa motswalle wa yona.

Semanama* se tla dula mme se iphumanele sebaka sa phomolo moo.

15 Noha e tla etsa sehlaha mme e behele mahe teng,

E tla a qhotsa mme e sireletse madinyane a yona.

Dinonyana tse jang nama di tla bokana teng, e nngwe le e nngwe le molekane wa yona.

16 Batlisisang ka bukeng ya Jehova mme le e balle hodimo:

Ha ho le e nngwe ya diphoofolo tseo e tla ba siyo.

Ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane

Hobane ke molomo wa Jehova o faneng ka taelo

Mme ke moya wa hae o di bokeletseng.

17 Ke Yena ya lahlang lotho bakeng sa tsona,

Letsoho la hae le kgethile sebaka sa tsona seo di se abetsweng.*

Di tla dula ho sona ka ho sa feleng,

Meloko yohle e tla latela e tla dula ho sona.

35 Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba+

Le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.+

 2 Jwang kapa jwang e tla thunya,+

E tla thaba e be e hweletse e thabile.

E tla fuwa kganya ya Lebanone,+

E fuwe botle ba Karmele+ le ba Sharone.+

Ba tla bona kganya ya Jehova, botle ba Modimo wa rona.

 3 Matlafatsang matsoho a fokolang

Mme le tiise mangole a tsheremang.+

 4 Ereng ho ba dipelo di tshwenyehileng:

“Ebang matla. Le se ke la tshoha.

Modimo wa lona o tla iphetetsa,

A fane ka kotlo.+

O tla tla mme a le pholose.”+

 5 Ka nako eo, mahlo a difofu a tla tutuboloha+

Le ditsebe tsa ba sa utlweng di bulehe.+

 6 Ka nako eo, ya holofetseng o tla tlolatlola jwalo ka kgama,+

Ya sa kgoneng ho bua o tla hweletsa a thabile.+

Metsi a tla kolla lefeelleng

Le melapo e phalle lehwatateng.

 7 Sebaka se tjhesitsweng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka,

Mobu o nyorilweng e be didiba tsa metsi.+

Dilaong* tseo diphokojwe di neng di phomola ho tsona+

Ho tla ba le jwang bo botala, lehlaka le lodi.

 8 Ho tla ba le tsela e kgolo,+

E bitswang Tsela ya Kgalalelo.

Motho ya sa hlwekang a ke ke a tsamaya ho yona.+

E boloketswe ya dumeletsweng ho tsamaya ho yona.

Ha ho mang kapa mang ya se nang kelello ya tla kgelohela ho yona.

 9 Ho ke ke ha eba le tau moo.

Ha ho dibata tse bohale tse tla tla ho yona.

Di ke ke tsa fumanwa moo,+

Ho tla tsamaya feela ba rekilweng kgolehong.+

10 Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla+ mme ba tle Sione ka mohoo wa thabo.+

Ba tla rwala korone ya thabo ho ya ho ile.+

Ba tla fumana thabo e kgaphatsehang le nyakallo,

Mesarelo le masisapelo e tla ba pale ya maobane.+

36 Ha Morena Ezekiase a ena le dilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena wa Asiria+ a hlasela metse yohle ya Juda e sireleditsweng ka thata mme a e hapa.+ 2 Yaba Morena wa Asiria o roma Rabshake*+ le lebotho le leholo la sesole ho tswa Lakishe+ hore ba ye Jerusalema ho Morena Ezekiase. Ba ile ba ema pela kotopo ya letamo le ka hodimo,+ tseleng e kgolo e yang moo motho ya hlatswang a sebetsang teng.+ 3 Jwale Eliakime+ mora wa Hilkia ya neng a hlokometse ba ntlo ya morena,* mongodi Shebna+ le motlalehi Jowa mora wa Asafe ba ya ho yena.

4 Ka hoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase, ‘Morena e moholo, morena wa Asiria o re: “O tshepileng?+ 5 O ipoleletse hore o na le leqheka le matla a ho lwana empa mantswe ao ha a na thuso. Ebe o tshepile mang ha o le sebete sa ho mphetohela tjee?+ 6 O tshepile hore o tla itshetleha ka Egepeta, lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ya ka itshetlehang ka lona. Faro morena wa Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepang.+ 7 Haeba o re le tshepile Jehova Modimo wa lona, na ha se wena Ezekiase ya ileng a tlosa dibaka tse phahameng le dialetare+ tsa hae yaba o re batho ba Juda le ba Jerusalema ba kgumame ka pela aletare e Jerusalema?”’+ 8 Jwale ke kopa o etse tumellano ena le kgosi ya ka morena wa Asiria:+ Ke tla o fa dipere tse 2 000 haeba o ka di fumanela bapalami. 9 Le hoja Egepeta e ka le fa dikariki tsa ntwa le bapalami ba dipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena wa rona. 10 Na o nahana hore ke hlasetse naha ee ntle ho tumello ya Jehova? Jehova ke yena ya itseng ke hlasele naha ena mme ke e fedise.”

11 Eliakime, Shebna+ le Jowa ba re ho Rabshake:+ “Re kopa o bue le rona ka puo ya Searame* hobane re a e utlwisisa. O se ke wa bua le rona ka puo ya Bajuda+ hobane batho ba lerakong ba ntse ba utlwa.”+ 12 Empa Rabshake a re: “Le nahana hore morenaka o nthometse ho bolella lona le morena wa lona feela mantswe aa? O nthomme le ho banna ba dutseng hodima lerako. Ba tla ja mantle a bona le ho nwa mosese* wa bona mme le lona le tla etsa jwalo.”

13 Rabshake a ema mme a hweletsa ka puo ya Bajuda+ a re: “Mamelang mantswe a morena e moholo, morena wa Asiria.+ 14 Morena o re, ‘Le se ke la dumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a kgona ho le pholosa.+ 15 Hape, le se ke la dumella Ezekiase ho etsa hore le tshepe Jehova+ ha a re: “Jehova o tla re pholosa mme motse ona o ke ke wa fediswa ke morena wa Asiria.” 16 Le se ke la mamela Ezekiase ka ha nna morena wa Asiria ke re: “Bopang kgotso le nna mme le inehele* e le hore kaofela le ka ja difateng tsa lona tsa morara le tsa feie* le be le nwe metsi a didiba tsa lona, 17 ho fihlela ke tla mme ke le isa naheng e tshwanang le ya lona,+ e nang le koro* le veine e ntjha, bohobe le dirapa tsa morara. 18 Le se ke la kgeloswa ke Ezekiase ha a re, ‘Jehova o tla re lopolla.’ Na ho na le setjhaba seo modimo wa sona a kileng a se pholosa ho morena wa Asiria?+ 19 E kae medimo ya Hamathe le Arpade?+ E kae medimo ya Sefarvaime?+ Na e ile ya pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 20 Ke modimo ofe hara medimo yohle ya dinaha tsee ya ileng a pholosa naha ya hae ha ke e hlasela, hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+

21 Ba thola tu! yaba ha ba mo arabe hobane Morena Ezekiase o ne a itse ba se ke ba mo araba.+ 22 Eliakime mora wa Hilkia, ya neng a hlokometse ba ntlo ya morena* le mongodi Shebna+ le motlalehi Jowa mora wa Asafe ba tla ho Ezekiase ba tabotse diaparo tsa bona mme ba mo bolella hore na Rabshake o itseng.

37 Hang ha Morena Ezekiase a utlwa ditaba tsena, a tabola diaparo tsa hae a apara lesela le hwashang* yaba o ya ntlong ya Jehova.+ 2 A romela Eliakime mohlokomedi wa ntlo ya morena,* mongodi Shebna le baholo ba baprista ho moprofeta Esaia+ mora wa Amoze. Ba ne ba apere masela a hwashang.* 3 Ba mo bolella mantswe a Ezekiase a reng: “Letsatsi lena ke la mathata, la ho kgalemelwa le la ho tlotlollwa. Re tshwana le mosadi ya haufi le ho ba le ngwana* empa a se na matla a ho beleha.+ 4 Mohlomong Jehova Modimo wa hao o tla utlwa mantswe ohle ao morena wa Asiria a a buileng a sebedisa Rabshake e le hore a some Modimo ya phelang.+ Jehova Modimo wa hao o tla mo kgalemela ka lebaka la mantswe ao a a utlwileng. Re rapelle+ rona batho ba ntseng ba setse.”+

5 Bahlanka ba Morena Ezekiase ba fihla ho Esaia.+ 6 Yaba Esaia o re ho bona: “Le lokela ho re ho morena wa lona, ‘Jehova o re: “O se ke wa tshoswa+ ke mantswe ao o utlwileng bahlanka ba morena wa Asiria+ ba nthohaka ka ona. 7 Ke kenya monahano kelellong ya hae. O tla utlwa tlaleho ebe o kgutlela naheng ya hae+ a be a bolawe ka sabole moo.”’”+

8 Ka mora hore Rabshake a utlwe hore morena wa Asiria o tlohile Lakishe, a kgutlela ho yena mme a mo fumana a ntse a lwantsha Libna.+ 9 Morena wa Asiria a utlwa ho thwe Morena Tirhaka wa Ethiopia o tlo mo lwantsha. Ha a utlwa taba ena, a roma batho hape ho Ezekiase+ a re: 10 “Le re ho Morena Ezekiase wa Juda, ‘O se ke wa dumella Modimo wa hao eo o mo tshepileng hore a o thetse, ha a re morena wa Asiria a ke ke a hlola Jerusalema.+ 11 O utlwile hore na marena a Asiria a ile a fedisa dinaha tse ding jwang.+ Hobaneng ha o nahana hore wena o tla pholoha? 12 Na medimo ya ditjhaba tseo baholoholo ba ka ba ileng ba di fedisa e ile ya di pholosa?+ Se kae setjhaba sa Gozane, Harane,+ Rezefe le batho ba Edene ba neng ba le Tel-asare? 13 O kae morena wa Hamathe, wa Arpade, wa metse ya Sefarvaime,+ wa Hena le wa Iva?’”

14 Ezekiase a nka mangolo ho baromuwa a a* bala. A ya ntlong ya Jehova yaba o a bula ka pela Jehova.+ 15 Ezekiase a rapela Jehova+ a re: 16 “Jehova wa mabotho,+ Modimo wa Iseraele, wena ya dutseng teroneng ka hodima* dikerubime, ke wena feela Modimo wa nnete mebusong yohle e lefatsheng. O entse mahodimo le lefatshe. 17 Jehova utlwa o be o mamele.+ Jehova, sheba mme o bone.+ Utlwa mantswe ohle a tswang ho Sankeribe ao a somang Modimo ya phelang ka ona.+ 18 Jehova, ke nnete hore marena a Asiria a fedisitse dinaha+ tsohle ha mmoho le naha ya ona. 19 A ile a tjhesa medimo+ ya tsona hobane e ne e le medimo e iketseditsweng,+ e entsweng ka patsi le lejwe. Ke ka hoo a ileng a kgona ho e fedisa. 20 Jehova Modimo wa rona re pholose ho morena wa Asiria e le hore mebuso yohle ya lefatshe e ka tseba hore wena Jehova o Modimo o le mong.”+

21 Esaia mora wa Amoze a romella Ezekiase molaetsa o reng: “Jehova Modimo wa Iseraele o re, ‘Ka ha o nthapetse ka lebaka la Morena Sankeribe wa Asiria,+ 22 Jehova o re ho yena:

“Morwetsana wa Sione o o hloile ebile o a o tsheha.

Moradi wa Jerusalema o sisinya hlooho ha a o bona.

23 Na o a tseba hore ke mang eo o mo rohakang+ le ho mo tella?

Ke mang eo o mo halefetseng+

Le ho mo sheba hampe?

Ke Mohalaledi wa Iseraele.+

24 O nyefotse Jehova o sebedisa bahlanka ba hao+ wa re:

‘Ka dikariki tsa ka tsa ntwa tse ngata

Ke tla hlwella ka hodima dithaba,+

Dibakeng tse hole tsa Lebanone.

Ke tla rema difate tsa yona tsa kedare tse telele le difate tsa yona tse ntle tsa junipere.

Ke tla fihla dithabeng tsa yona tse phahameng ka ho fetisisa, morung wa yona o teteaneng haholo.

25 Ke tla tjheka didiba mme ke nwe metsi.

Ke tla pshesa dinokana* tsa Egepeta ka maoto a ka.’

26 Na ha o a utlwa hore kgale ke rerile* ho etsa ntho eo?

Ke nahanne ka yona* ho tloha mehleng ya kgale.+

Jwale ke tla e phetha.+

O tla etsa hore metse e sireleditsweng ka thata e be qubu ya majwe.+

27 Baahi ba yona ba tla fellwa ke matla.

Ba tla tshoha mme ba hlajwe ke dihlong.

Ba tla ba jwalo ka dimela tsa naha le jwang bo botala

Jwalo ka jwang bo melang ka hodima ntlo bo omeleditsweng ke moya wa botjhabela.

28 Ke tseba hantle ha o dula, ha o tswa, ha o kena+

Le ha o nkgalefetse.+

29 Ke utlwile ka moo o nkwatetseng+ le ho nkgalefela ka teng.+

Ka hoo, ke tla kenya hakisi ya ka ka nkong ya hao le tomo ya ka+ pakeng tsa molomo wa hao.

Ke tla o kgutlisetsa morao ka tsela eo o tlileng ka yona.”

30 Ezekiase o tla bona ka dintho tse latelang hore sena se tla phethahala: Selemong sena le selemong sa bobedi le tla ja koro* e itlhahisitseng. Empa ka selemo sa boraro le tla lema le be le kotule mme le tla lema dirapa tsa morara le be le je ditholwana tsa tsona.+ 31 Batho ba Juda ba setseng+ ba tla tshwana le dimela tse metseng ka metso mme ba hlahise ditholwana. 32 Batho ba setseng ba tla tswa Jerusalema mme ba phonyohileng ba tswe Thabeng ya Sione.+ Jehova wa mabotho o tla etsa sena ka tjheseho.+

33 Jehova o itse ka morena wa Asiria:+

“A ke ke a kena motseng ona+

Kapa a betsetsa motsu ho wona.

A ke ke a tla ho wona a nkile thebe

Kapa a haha qubu e o thibellang.”+

34 Jehova o re: ‘Morena wa Asiria o tla kgutla ka tsela eo a tlileng ka yona.

A ke ke a kena motseng ona.

35 Ke tla sireletsa motse+ ona mme ke o pholose ka lebaka la lebitso la ka+

Le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.’”+

36 Lengeloi la Jehova la tla mme la bolaya masole a 185 000 ditenteng tsa Baasiria. Ha batho ba tsoha hoseng, ba fumana masole ao a shwele kaofela.+ 37 Morena Sankeribe wa Asiria a kgutlela Ninive+ mme a dula teng.+ 38 Ha a ntse a rapela tempeleng* ya modimo wa hae Nisroke, bara ba hae e leng Adrameleke le Sharezere ba mo bolaya ka sabole+ mme ba balehela naheng ya Ararate.+ Mora wa hae Esare-hadone+ ya eba morena.

38 Mehleng eo, Ezekiase a kulela lefu.+ Yaba moprofeta Esaia+ mora wa Amoze o fihla ho yena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka ditaelo ho ba lelapa la hao hobane o ke ke wa fola empa o tla shwa.’”+ 2 Yaba Ezekiase o sheba leboteng mme o rapela Jehova o re: 3 “Ke a o kopa hle Jehova, ke kopa o hopole+ ka moo ke o sebeleditseng ka botshepehi ka teng le ka pelo yohle+ mme ke etsa dintho tse o thabisang.” Ezekiase a lla ha bohloko.

4 Jwale Jehova a re ho Esaia: 5 “Kgutla mme o re ho Ezekiase,+ ‘Jehova Modimo wa moholoholo wa hao Davida o re: “Ke utlwile thapelo ya hao.+ Ke bone meokgo ya hao.+ Ka hoo, ke eketsa bophelo* ba hao ka dilemo tse 15.+ 6 Ke tla o pholosa ha mmoho le motse ona ho morena wa Asiria mme ke tla sireletsa motse ona.+ 7 Lena ke letshwao le tswang ho Jehova le bontshang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng:+ 8 Ke tla etsa hore moriti wa letsatsi o ntseng o theoha ho ya tlase ditepising* tsa Akaze o kgutlele morao ka mehato e leshome.”’”+ Yaba moriti wa letsatsi o kgutlela morao ka mehato e leshome ditepising moo o neng o theohile.

9 Tsena ke ditaba tse ngotsweng ke Ezekiase morena wa Juda, ka mora hore a kule a be a fole:

10 Ke itse: “Pele ke tsofala

Ke tla kena dikeiting tsa Lebitla.*

Ke tla amohuwa dilemo tsa ka tse setseng.”

11 Ke itse: “Nke ke ka bona Jah,* yena Jah naheng ya ba phelang.+

Ha ke sa tla hlola ke sheba batho

Ha ke ena le baahi ba naha e se nang bophelo.

12 Bophelo ba ka bo dihuwe mme bo tlositswe+

Jwalo ka tente ya modisa.

Ke phuthile bophelo ba ka jwalo ka seroki se rokang ka foreimi.

Modimo o nkgaola jwalo ka dikgwele tse theosang tsa lesela.

O ntse a nqeta* ho tloha motshehare ho fihlela bosiu.+

13 Ke kgoba matshwafo ho fihlela hoseng.

O ntse a roba masapo a ka jwalo ka tau,

O ntse o nqeta ho tloha motshehare ho fihlela bosiu.+

14 Ke lla jwalo ka lehaqasi kapa serobele,*+

Ke ntse ke kuruetsa jwalo ka leeba.+

Mahlo a ka a sheba lehodimong a kgathetse.+

Jehova, ke imetswe haholo,

Ntshehetse.+

15 Ke tla reng?

O buile le nna a ba a nka bohato.

Ke tla tsamaya ke ikokobeditse bophelo bohle ba ka

Ka lebaka la mahlomola a ka.*

16 ‘Jehova, e mong le e mong o phela ka dintho tsena,*

Ke a phela ka lebaka la tsona.

O tla mpusetsa bophelong bo botle mme o mpoloke ke phela.+

17 Ke fumane mahlomola a mangata ho ena le kgotso

Empa ka ha o a nthata,

O mpholositse sekoting sa timetso.+

O lahletse dibe tsohle tsa ka ka mora hao.*+

18 Lebitla* le ke ke la o tlotlisa,+

Lefu le ke ke la o rorisa.+

Ba theohelang ka sekoting ba ke ke ba hlola ba bona botshepehi ba hao.+

19 Ba phelang ke bona feela ba ka o rorisang,

Feela jwalo ka ha nka etsa letsatsing lena.

Ntate a ka fa bana ba hae tsebo malebana le botshepehi ba hao.+

20 Jehova, mpholose.

Re tla letsa dipina tsa ka ka diletsa tse dikgwele+

Ka matsatsi ohle a bophelo ba rona ka tlung ya Jehova.’”+

21 Esaia a re: “Tlisang mangangajane a difeie* mme le a tlotse lethopeng e le hore a ka fola.”+ 22 Ezekiase o ne a ile a re: “Ke letshwao lefe le tla bontsha hore ke tla ya ntlong ya Jehova?”+

39 Ka nako eo, Merodake-baladane morena wa Babilona, mora wa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase+ hobane o ne a utlwile hore Ezekiase o ile a kula empa o fodile.+ 2 Ezekiase a amohela baromuwa ba morena a thabile* yaba o ba bontsha ntlo ya hae ya matlotlo:+ Silevera, kgauta, oli ya balsame le dioli tse ding tsa bohlokwa, moo a neng a beha dihlomo tsohle tsa hae le dintho tsohle tse neng di ka fumanwa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung* ya hae le pusong yohle ya hae.

3 Ka mora moo, moprofeta Esaia a fihla ho Morena Ezekiase a re: “Banna baa ba itseng? Ba tswa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tswa hole naheng ya Babilona.”+ 4 Esaia a re: “Ba boneng ka tlung* ya hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e nngwe le e nngwe e ka tlung* ya ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontshang lona matlotlong a ka.”

5 Esaia a re ho Ezekiase: “Utlwa hore na Jehova wa mabotho o reng, 6 Jehova o re:+ ‘Matsatsi a a tla ao ka ona sohle se ka tlung* ya hao le sohle seo baholoholo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala.+ 7 Ba bang ba bara ba hao bao o tla ba le bona ba tla nkwa mme ebe balaodi ba lekgotla phaleising ya morena wa Babilona.’”+

8 Ezekiase a re ho Esaia: “Molaetsa oo o o buileng o tswang ho Jehova o a utlwahala.” A boela a re: “Ho tla ba le kgotso le kgutso* ha ke ntse ke phela.”*+

40 Modimo wa lona o re: “Tshedisang, tshedisang batho ba ka.+

 2 Tshedisang* Jerusalema,

Le mo bolelle hore nako ya mahlomola a hae e fedile,

Hore molato wa hae o lefuwe.+

Jehova o mo file kotlo e lekaneng hantle* bakeng sa dibe tsohle tsa hae.”+

 3 Ho na le motho* ya hweletsang lefeelleng a re:

“Hlekang* tsela ya Jehova!+

Etsang tsela e kgolo e otlolohileng+ bakeng sa Modimo wa rona lehwatateng.+

 4 Kgohlo e nngwe le e nngwe e ke e phahamiswe

Mme thaba e nngwe le e nngwe le leralla di ke di theolwe.

Sebaka se kgorofo se batalatswe

Le sebaka se matsaranka e be phula.+

 5 Kganya ya Jehova e tla hlahella+

Mme batho bohle* ba tla e bona+

Hobane Jehova o buile jwalo.”

 6 Mamela! E mong o re: “Hweletsa!”

E mong yena o re: “Ke hweletse ke reng?”

“Batho bohle* ke jwang bo botala.

Botshepehi* bohle ba bona bo tshwana le palesa ya naheng.+

 7 Jwang bo botala bo a omella,

Palesa e a pona+

Hobane phefumoloho* ya Jehova e foka hodima tsona.+

Ka nnete batho ba itshwanela feela le jwang bo botala.

 8 Jwang bo botala bo a omella,

Palesa e a pona

Empa lentswe la Modimo wa rona le tshwarella ka ho sa feleng.”+

 9 Nyolohela thabeng e phahameng,

Wena mosadi ya tlisetsang Sione ditaba tse monate.+

Phahamisa lentswe la hao ka matla,

Wena mosadi ya tlisetsang Jerusalema ditaba tse monate.

Le phahamise, o se ke wa tshaba.

Tsebisa metse ya Juda o re: “Modimo wa lona ke enwa.”+

10 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla tla ka matla

Mme letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae.+

Moputso wa hae o ho yena.

Moputso oo a o lefang o ka pela hae.+

11 O tla hlokomela* mohlape wa hae jwalo ka modisa.+

O tla bokella dikonyana ka letsoho la hae

Mme o tla di beha sefubeng sa hae.

Tse anyesang madinyane a tsona o tla di tsamaisa hantle.+

12 Ke mang ya methang metsi ka seatla,+

Ya methang boholo ba mahodimo ka seatla?*

Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe ka seatleng*+

Kapa a bekga dithaba

Le maralla sekaleng?

13 Ke mang ya methileng* moya wa Jehova?

Ke mang ya ka mo fang ditaelo jwalo ka moeletsi wa hae?+

14 O botsitse mang e le hore a be le kutlwisiso?

Ke mang ya mo rutang tsela ya toka,

Ya mo rutang tsebo

Kapa ya mo bontshang tsela ya kutlwisiso ya nnete?+

15 Ditjhaba di jwalo ka lerothodi ka nkgong,

Di nkwa e le lerolenyana le sekaleng.+

O phahamisa dihlekehleke jwalo ka lerole le lesesaane.

16 Esita le difate tsa Lebanone ha di a lekana bakeng sa hore mollo o dule o tuka,*

Diphoofolo tsa yona tse hlaha ha di a lekana bakeng sa nyehelo ya setjheso.

17 Ho yena ditjhaba tsohle di tshwana le ntho e siyo.+

O di nka e se letho, e le ntho e se nang thuso.+

18 Le ka tshwantsha Modimo le mang?+

Keng eo le ka reng o tshwana le yona?+

19 Setsebi sa mosebetsi wa matsoho se etsa setshwantsho,*

Motho ya sebetsang ka tshepe o se penta ka kgauta+

Ebe o tea diketane tsa silevera.

20 O kgetha sefate e le nyehelo ya hae,+

Sefate se ke keng sa bola.

O batla setsebi se hlwahlwa sa mosebetsi wa matsoho

Bakeng sa ho betla setshwantsho se ke keng sa wela.+

21 Na ha le tsebe?

Na ha le eso utlwe?

Na ha le a bolellwa ho tloha qalong?

Na ha le a utlwisisa ho tloha ha lefatshe le thehwa?+

22 Modimo o dula ka hodima sedikadikwe sa lefatshe,+

Baahi ba lona ba jwalo ka marutle.

O otlolla mahodimo jwalo ka lesela le lesesaane la boleng bo phahameng,

O a ala jwalo ka tente eo ho dulwang ho yona.+

23 O theolela balaodi ba phahameng maemong a tlase

Mme o etsa hore baahlodi* ba lefatshe e be ntho e se nang thuso.

24 Hang ka mora hore ba lengwe,

Hang ka mora hore ba jalwe,

Hang ka mora hore kutu ya bona e mele ka metso fatshe,

Ba a butswelwa ebe ba a omella.

Moya o ba fefola jwalo ka ditlhaka.+

25 Mohalaledi o re: “Le ka ntshwantsha le mang? Ke mang ya lekanang le nna?

26 Phahamisetsang mahlo lehodimong mme le bone.

Ke mang ya bopileng dintho tsee?+

Ke ya di etellang pele jwalo ka lebotho a bile a di bala kaofela,

E nngwe le e nngwe o e bitsa ka lebitso.+

Ka lebaka la matla a hae a maholo le matla a hae a hlollang,+

Ha ho le e nngwe ya tsona e siyo.

27 Wena Jakobo, wena Iseraele, ke hobaneng ha o re,

‘Tsela ya ka e patetswe Jehova

Mme ha ke a fumana toka ho tswa ho Modimo’?+

28 Na ha o tsebe? Na ha o a utlwa?

Jehova, Mmopi wa tsohle tse lefatsheng, ke Modimo ka ho sa feleng.+

Ha ho mohla a kgathalang kapa hona ho tepella.+

Kutlwisiso ya hae e ke ke ya fihlelwa.*+

29 O fana ka matla ho ya kgathetseng,

Ba se nang matla* o ba tsosa molota.+

30 Bashanyana ba tla kgathala mme ba tepelle,

Le bahlankana ba tla kgoptjwa ba we

31 Empa ba tshepileng Jehova ba tla fumana matla hape.

Ba tla fofela hodimo ka mapheo a kang a ntsu.+

Ba tla matha mme ba ke ke ba tepella,

Ba tla tsamaya mme ba ke ke ba kgathala.”+

41 “Mmameleng le kgutsitse,* lona dihlekehleke.

Ditjhaba di ke di boele di fumane matla.

Di ke di atamele, di bue.+

A re tleng ha mmoho bakeng sa kahlolo.

 2 Ke mang ya phahamisitseng motho ya tswang botjhabela?*+

Ke mang ya mo bitsetsang maotong a Hae* ka ho loka

Hore a mo fe ditjhaba

Le ho etsa hore a kokobetse marena?+

Ke mang ya a hasanyang jwalo ka lerole ka sabole ya hae

Le ya a hasanyang jwalo ka ditlhaka tse fefolwang ke moya ka seqha sa hae?

 3 O a di lelekisa, o feta a sa thijwe

Ditseleng tseo a eso ka a di tsamaya.

 4 Ke mang ya entseng hore dintho tsee di etsahale?

Ke mang ya bitsang meloko ho tloha qalong?

Nna, Jehova, ke Wa Pele+

Le ho ba ho qetela ke ntse ke tshwana.”+

 5 Baahi ba dihlekehleke ba bone mme ba tshohile.

Ba dulang dipheletsong tsa lefatshe ba ile ba qala ho thothomela.

Ba a ikopanya mme ba a atamela.

 6 E mong le e mong o thusa motswalle wa hae

Mme o re ho ngwanabo: “Eba matla.”

 7 Ka hoo, setsebi sa mosebetsi wa matsoho se matlafatsa ya sebetsang ka tshepe.+

Ya batalatsang tshepe ka hamore

O matlafatsa ya otlelang tshepe tshetlong.*

Ya batalatsang tshepe o re: “Tshepe e lokile.”

Ka mora moo, setshwantsho se kokotelwa ka dipekere hore se se ke sa ketoha.

 8 Empa Wena Iseraele, o mohlanka wa ka,+

Wena Jakobo, eo ke mo kgethileng,+

Setloholo* sa Abrahama motswalle wa ka,+

 9 Wena, eo ke mo nkileng dipheletsong tsa lefatshe+

Le wena eo ke mo bitsitseng o le dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lona.

Ke itse ho wena, ‘O mohlanka wa ka.+

Ke o kgethile, ha ke a o lahla.+

10 O se ke wa tshoha ka ha ke na le wena.+

O se ke wa tshwenyeha hobane ke nna Modimo wa hao.+

Ke tla o matlafatsa, ke tla o thusa.+

Ke tla o tshwara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’

11 Bona! Bohle ba o halefelang ba tla swaba mme ba tlotlolohe.+

Batho ba o lwantshang ba tla timela ba fetolwe lefeela.+

12 O tla batla batho ba o lwantshang empa o ke ke wa ba fumana.

Batho ba o futuhelang ba tla ba jwalo ka ntho e siyo, ba tla fetoha lefeela.+

13 Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona,

Ke nna ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’+

14 “O se ke wa tshoha, wena seboko* Jakobo,+

Lona banna ba Iseraele, ke tla le thusa,” ke Jehova, Molopolli wa lona,+ Mohalaledi wa Iseraele ya tjhong.

15 “Ke o entse selei se polang,*+

Sepolo se setjha se bohale.

O tla hatakela dithaba o di silakanye

Mme o etse hore maralla a be jwalo ka mmoko.

16 O tla di olosa

Ebe di fefolwa ke moya.

Sefefo se tla di hasanya.

O tla thaba ka lebaka la Jehova,+

O ithorise ka Mohalaledi wa Iseraele.”+

17 “Bafutsana le ba sotlehileng ba batla metsi empa ha a yo.

Maleme a bona a omeletse ke lenyora.+

Nna, Jehova, ke tla ba araba.+

Nna, Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba lahla.+

18 Ke tla etsa hore dinoka di phalle hodima maralla a se nang letho,+

Ke etse didiba hara diphula.+

Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka

Le naha e se nang metsi ke e etse didiba tsa metsi.+

19 Ke tla lema sefate sa kedare lehwatateng,

Sefate sa leoka, sa mirte le sa phaena.+

Ke tla lema sefate sa junipere lehwatateng

Ha mmoho le sefate sa molora* le sefate sa kiprese+

20 E le hore batho bohle ba ka bona le ho tseba,

Ba mamela ka hloko le ho utlwisisa

Hore letsoho la Jehova le entse dintho tsena

Mme Mohalaledi wa Iseraele ke yena moetsi wa tsona.”+

21 Jehova o re: “Tekang nyewe ya lona.”

Morena wa Jakobo o re: “Tekang bopaki ba lona.

22 Fanang ka bopaki mme le re bolelle dintho tse tla etsahala.

Re bolelleng dintho tsa kgale*

E le hore re ka nahanisisa ka tsona* mme ra tseba hore na di tla fella ka eng.

Kapa re bolelleng dintho tse tlang.+

23 Re bolelleng hore na ho tla etsahalang ka moso

E le hore re ka tseba hore le medimo.+

Etsang ho hong ebang ho hotle kapa ho hobe

E le hore re ka hlollwa ha re ho bona.+

24 Ho hang ha le letho

Hape ntho eo le e fihletseng ha se letho.+

Mang kapa mang ya le kgethang o a nyonyeha.+

25 Ke phahamisitse e mong ya tswang leboya mme o tla tla,+

Ya tlohang botjhabela,*+ ya tla ipiletsa lebitsong la ka.

O tla hatakela babusi* jwalo ka ha eka ke letsopa+

Jwalo ka sebopi se hatakelang letsopa le mongobo.

26 Ke mang ya buileng ka ntho ee ho tloha qalong e le hore re ka tseba?

Kapa ya e boletseng ho tloha kgale e le hore re ka re, ‘O nepile’?+

Ha ho na motho ya e buileng.

Ha ho na motho ya e phatlaladitseng.

Ha ho na motho ya utlwileng eng kapa eng ho lona.”+

27 Ke ne ke le wa pele wa ho re ho Sione: “Ke bana!”+

Jerusalema ke tla e romella ya tlisang ditaba tse monate.+

28 Empa ka nna ka sheba mme ho ne ho se na motho.

Ho ne ho se le ya mong hara bona ya ka fanang ka keletso.

Ka nna ka ba kopa hore ba arabe.

29 Kaofela ha bona ha ba na thuso.*

Mesebetsi ya bona ha se letho.

Ditshwantsho* tsa bona tsa tshepe ke lefeela. Di jwalo ka moya ebile ha di na thuso.+

42 Bonang mohlanka wa ka,+ eo ke mo tshehetsang.

Mokgethwa wa ka+ ya nthabisang.+

Ke mo file moya wa ka.+

O tla tlisetsa ditjhaba toka.+

 2 A ke ke a hweletsa kapa a phahamisa lentswe,

A ke ke a buela hodimo seterateng.+

 3 A ke ke a roba lehlaka le tletleraneng,

A ke ke a tima kgwele ya lebone le haufi le ho tima.+

O tla tshepahala a be a tlise toka.+

 4 A ke ke a nyahama kapa a kgathala ho fihlela a tlisitse toka lefatsheng,+

Baahi ba dihlekehleke ba tla nne ba letele molao* wa hae.

 5 Ana ke mantswe a Modimo wa nnete, Jehova,

Mmopi wa mahodimo. Ke yena E Moholo ya a otlolotseng,+

Ya adileng lefatshe le ya bopileng dintho tsohle tse ho lona,+

Ya fang baahi ba lona moya o ba phedisang+

Le bophelo ho ba phelang ho lona:+

 6 “Nna, Jehova, ke o bitsitse ka ho loka.

Ke o tshwere ka letsoho.

Ke tla o sireletsa mme ke fane ka wena hore o be selekane bakeng sa batho+

Hape o be lesedi la ditjhaba,+

 7 Hore o tutubolle mahlo a foufetseng,+

O ntshe motshwaruwa teronkong e ka tlasa mohaho

Le hore ba dutseng lefifing o ba ntshe ka teronkong.+

 8 Ke nna Jehova. Leo ke lona lebitso la ka.

Nke ke ka fa e mong tlhompho ya ka*

Kapa ka fa ditshwantsho tse betlilweng thoriso ya ka.+

 9 Bonang, dintho tsa kgale di etsahetse,

Jwale ke bolela dintho tse ntjha.

Pele di hlaha, ke le bolella ka tsona.”+

10 Binelang Jehova pina e ntjha,+

Mo roriseng ka pina ho tloha dikgutlong tsohle tsa lefatshe,+

Lona ba sesisang dikepe lewatleng le dibopuwa tsohle tse ho lona,

Lona dihlekehleke le lona ba ahileng ho tsona.+

11 Lefeella le metse ya lona di ke di phahamise mantswe a tsona,+

Metsana eo Kedare+ e dulang ho yona.

Baahi ba dibaka tse mafika ba ke ba howe ka thabo.

Ba hweletse haholo ba le ka hodima dithaba.

12 Ba ke ba ise tlhompho ho Jehova,

Ba mo rorise dihlekehlekeng.+

13 Jehova o tla tswa jwalo ka mohale wa ntwa.+

O tla tshwana le mohlabani ya ikemiseditseng ho ya ntweng.+

O tla howa, a hlabe mokgosi wa ntwa,

O tla bontsha hore o matla ho feta dira tsa hae.+

14 “Esale ke kgutsitse ka nako e telele.

Ke thotse, ke ithibile.

Empa ke tla bobola, ke hemesele ke be ke fehelwe ka nako e le nngwe

Jwalo ka mosadi ya pepang.

15 Ke tla ripitla dithaba le maralla.

Ke etse hore dimela tsohle tsa tsona di ome.

Ke tla fetola dinoka dihlekehleke.*

Ke pshese matamo a metsi a nang le lehlaka.+

16 Ke tla tataisetsa difofu tseleng eo di sa e tsebeng.+

Ke tla etsa hore di tsamaye tseleng eo di sa e tlwaelang.+

Ke tla fetola lefifi le ka pela tsona lesedi,+

Ke fetole sebaka se matsaranka sebaka se motsitsa.+

Ke tsona dintho tseo ke tla di etsetsa difofu mme nke ke ka di tlohela.”

17 Ba tshepang ditshwantsho tse betlilweng,

Ba reng ho diemahale tsa tshepe: “Le medimo ya rona”+

Ba tla kgutliswa mme ba swabe haholo.

18 Mamelang, lona ba sa utlweng ditsebeng,

Shebang mme le bone, lona ba sa boneng.+

19 Ke mang ya foufetseng haese mohlanka wa ka,

Ya sa utlweng ditsebeng jwalo ka moromuwa eo ke mo romang?

Ke mang ya foufetseng jwalo ka eo ke mo putsitseng,

Ya foufetseng jwalo ka mohlanka wa Jehova?+

20 O bona dintho tse ngata empa ha o di tsotelle.

O bula ditsebe empa ha o mamele.+

21 Jehova o thabetse ho hodisa molao* le ho o etsa hore o hlomphehe,

Molemong wa ho loka ha hae.

22 Empa batho bana ke ba tlatlapuweng le ba nketsweng thepa ka mahahapa,+

Kaofela ha bona ba tshwasitswe ka mekoting, ba kwaletswe teronkong.+

Ba tlatlapuwe, ha ho ya ba lopollang,+

Ba nketswe thepa ka mahahapa, ha ho ya reng: “Di kgutliseng!”

23 Ke mang hara lona ya tla utlwa taba ee?

Ke mang ya tla ela hloko, a mamele mme a ithute dintho tse tla etsahala nakong e tlang?

24 Ke mang ya nehetseng Jakobo hore e nkelwe thepa ka mahahapa

Le ya nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?

Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsweng?

Ba hanne ho tsamaya ditseleng tsa Hae

Le molao* wa Hae ba ne ba sa o mamele.+

25 Ka hoo, A nna a tshollela kgalefo ya hae ho yena,*

Bohale ba hae le matla a ntwa.+

Ntwa ya timetsa ntho e nngwe le e nngwe pela hae empa ha a ka a ela hloko.+

Mollo wa mo tukela empa ha ho letho leo a neng a le tebisetsa pelong.+

43 Ana ke mantswe a Jehova,

Mmopi wa hao, wena Jakobo le Moetsi wa hao, wena Iseraele:+

“O se ke wa tshoha hobane ke o lopolotse.+

Ke o bitsitse ka lebitso.

O wa ka.

 2 Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena,+

Le ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o hohola.+

Ha o tsamaya mollong, o ke ke wa tlaboha

Kapa hona hore lelakabe le o tlabole

 3 Hobane ke nna Jehova Modimo wa hao,

Mohalaledi wa Iseraele, Mopholosi wa hao.

Ke fane ka Egepeta e le topollo bakeng sa hao

Le ka Ethiopia le Seba hore ke o fumane

 4 Hobane o bile motho wa bohlokwa mahlong a ka,+

O ile wa hlomphuwa mme ke o ratile.+

Ka hoo, ke tla fana ka batho bakeng sa hao,

Le ditjhaba hore ke lopolle bophelo ba hao.

 5 O se ke wa tshoha hobane ke na le wena.+

Ke tla tlisa bana* ba hao ho tswa botjhabela,

Ke tla le bokella ho tswa bophirimela.+

 6 Ke tla re ho leboya, ‘Fana ka bona!’+

Le ho borwa, ‘O se ke wa hana ka bona.

Tlisa bara ba ka ho tswa hole le baradi ba ka ho tswa dikgutlong tsohle tsa lefatshe,+

 7 Tlisa e mong le e mong ya bitswang ka lebitso la ka+

Le eo ke mo bopileng bakeng sa thoriso ya ka,

Eo ke mo bopileng le eo ke mo entseng.’+

 8 Tlisang batho ba foufetseng le hoja ba ena le mahlo

Le ba sa utlweng ditsebeng le hoja ba ena le ditsebe.+

 9 Ditjhaba kaofela di ke di phuthehe sebakeng se le seng

Mme batho ba bokane.+

Ke mang hara tsona* ya ka bolelang dintho tsee?

Kapa na di ka etsa hore re utlwe dintho tsa pele?*+

Di ke di hlahise dipaki tsa tsona e le hore di ipake di nepile

Kapa di utlwe mme di re, ‘Ke nnete!’”+

10 Jehova o re: “Le dipaki tsa ka.+

E, wena o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng+

E le hore le tle le tsebe mme le be le tumelo ho nna*

Le hore le utlwisise hore ke nna ya tshwanang.+

Pele ho nna ha ho na Modimo ya ileng a etswa

Le ka mora ka ha ho eso be le e mong.+

11 Nna, ke nna Jehova+ mme ha ho na mopholosi ntle ho nna.+

12 Ke nna ya senotseng, ya pholositseng le ya phatlaladitseng

Ha ho ne ho se na modimo osele hara lona.+

Ka hoo, le dipaki tsa ka,” ke Jehova ya tjhong “mme ke nna Modimo.+

13 Hape, ka mehla ke nna ya tshwanang,+

Ha ho na motho ya ka nkang letho letsohong la ka.+

Ha ke nka kgato, ke mang ya ka nthibang?”+

14 Jehova, Molopolli wa lona,+ Mohalaledi wa Iseraele+ o re:

“Ke tla romela lebotho Babilona, ke dihe mekwallo yohle ya dikeiti molemong wa lona,+

Bakalde ba tla bokolla ke mahlomola+ ba le dikepeng tsa bona.

15 Ke nna Jehova Mohalaledi wa lona,+ Mmopi wa Iseraele,+ Morena wa lona.”+

16 Ana ke mantswe a Jehova,

Ya etsang tsela hara lewatle

Le tsela hara metsi a lwebehlanang,+

17 Ya tlisang kariki ya ntwa le pere,+

Lebotho ha mmoho le masole a matla:

“Ba tla robala mme ba ke ke ba tsoha.+

Ba tla fediswa, ba tingwe jwalo ka lebone la kgwele.

18 Le se ke la hopola dintho tsa kgale

Mme le se ke la nahana ka dintho tse fetileng.

19 Ke etsa ntho e ntjha.+

Le hona jwale e a hlaha.

Na ha le e bone?

Ke tla etsa tsela lefeelleng,+

Ke etse dinoka lehwatateng.+

20 Sebata sa naha se tla ntlhompha,

Diphokojwe le dimpshe

Hobane ke fana ka metsi lefeelleng

Hape ke fana ka dinoka lehwatateng+

E le hore setjhaba sa ka, mokgethwa wa ka+ a nwe.

21 Sena ke setjhaba seo ke iketseditseng sona

E le hore se ka phatlalatsa thoriso ya ka.+

22 Empa ha o a mpitsa, wena Jakobo+

Hobane o ile wa kgathala ke nna, wena Iseraele.+

23 Ha o a ntlisetsa dinku tseo o tlo nketsetsa dinyehelo tse feletseng tsa setjheso ka tsona

Kapa hona ho ntlotlisa ka mahlabelo a hao.

Ha ke a o qobella hore o ntlisetse mpho

Kapa ka o kgathatsa ka ho o batla dibano tse tshweu.+

24 Ha o a nthekela lehlaka le nkgang ha monate ka tjhelete ya hao

Ebile ha o a nkgotsofatsa ka mafura a mahlabelo a hao.+

Ho ena le hoo, o nkimeditse ka dibe tsa hao,

Wa nkgathatsa ka diphoso tsa hao.+

25 Nna, ke nna ya lebalang diphoso tsa hao*+ molemong wa ka.+

Nke ke ka hopola dibe tsa hao.+

26 Nkgopotse, a re qosane.

Bolela lehlakore la hao e le hore o pake hore o nepile.

27 Ntate wa hao wa pele* o entse sebe,

Babuelli* ba hao ba mphetohetse.+

28 Ka hoo, ke tla silafatsa dikgosana tsa tempele,

Ke tla fedisa Jakobo

Le Iseraele ke e nehelle mahlapa.+

44 Jwale mamela, wena Jakobo mohlanka wa ka,

Wena Iseraele, eo ke mo kgethileng.+

 2 Ana ke mantswe a Jehova,

Moetsi wa hao le Mmopi wa hao,+

Ya ileng a o thusa ho tloha ha o hlaha:*

‘O se ke wa tshoha, mohlanka wa ka Jakobo+

Wena, Jeshurune,*+ eo ke mo kgethileng.

 3 Ke tla hasa ya nyorilweng* ka metsi,+

Ke etse hore melapo e phalle mobung o omeletseng.

Ke tla theolela moya wa ka hodima bana* ba hao+

Le tlhohonolofatso ya ka hodima ditloholo tsa hao.

 4 Ba tla hlaha jwalo ka jwang bo botala+

Le jwalo ka dipopoliri pela melatswana ya metsi.

 5 E mong o tla re: “Nna ke wa Jehova.”+

Ha e mong yena a tla ipitsa ka lebitso la Jakobo,

E mong a ingole letsohong: “Ke wa Jehova.”

O tla ipitsa ka lebitso la Iseraele.’

 6 Ana ke mantswe a Jehova,

Morena wa Iseraele+ le Molopolli+ wa yona, Jehova wa mabotho:

‘Ke nna wa pele le wa ho qetela.+

Ha ho na Modimo ntle ho nna.+

 7 Ke mang ya kang nna?+

A ke a bue ka sebete, a tjho mme a mphe bopaki.+

Na ho na le motho ho tloha nakong eo ke neng ke theha setjhaba sa kgale,

Ya ka bolelang dintho tse tlang

Le tseo e leng hona di tla etsahala?

 8 Le se ke la tshoha,

Le se ke la bolawa ke letswalo.+

Na ha ke a le bolella kaofela ha lona le ho le tsebisa dintho tsohle esale pele?

Le dipaki tsa ka.+

Na ho na le Modimo e mong haese nna?

Tjhe, ha ho na Lefika le leng,+ ha ke tsebe le leng.’”

 9 Bohle ba etsang ditshwantsho tse betlilweng ha ba na thuso,

Ditshwantsho tsa bona tseo ba di ratang di ke ke tsa ba thusa ka letho.+

Le hoja ditshwantsho tsena e le dipaki tsa bona, ha di bone letho ebile ha di tsebe letho.+

Ka hoo, ba di entseng ba tla swaba.+

10 Ke mang ya hlokang kelello hoo a ka etsang modimo kapa a etsa setshwantsho* sa tshepe

Se ke keng sa mo thusa ka letho?+

11 Bomphato ba hae ba tla hlajwa ke dihlong,+

Ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho ke batho feela.

Ba ke ba phuthehe kaofela mme ba eme.

Kaofela ba tla tshoha ba be ba swabe.

12 Ya sebetsang ka tshepe o e besa mashaleng.

Ka letsoho la hae le matla+

O e kgoba ka hamore mme o a e lokisa.

O se a lapa, a fellwa ke matla.

Ha a nwe metsi ka hoo o a kgathala.

13 Mmetli wa lepolanka o otlolla kgwele e methang ebe o tshwaya moralo ka tjhoko e kgubedu.

O betla lepolanka ka tjhesele mme o tshwaya moralo ka thulusi e toroyang,

O etsa moralo wa setshwantsho sa motho+

Hore se be setle jwalo ka motho

E le hore se dule ka tlung.*+

14 Ho na le eo mosebetsi wa hae e leng ho rema dikedare.

O kgetha mofuta o itseng wa sefate, sefate sa ouku,*

O se tlohela hore se be seholo hara difate tsa moru.+

O lema sefate sa lorele mme pula e etsa hore se hole.

15 Ka mora moo, se fetoha patsi eo motho a ka besang mollo ka yona.

E nngwe o iphuthumatsa ka yona.

O besa mollo ebe o pheha bohobe.

Empa o boetse o etsa modimo mme o a mo inamela.

O etsa setshwantsho se betlilweng ka yona mme o a se kgumamela.+

16 Halofo ya sona o e tjhesa mollong.

Ka halofo eo o besa nama eo a e jang ebe o a kgora.

Hape o a iphuthumatsa mme o re:

“Eke! Ke futhumetse ha ke ntse ke shebile malakabe.”

17 Empa se setseng o se etsa modimo, o se etsa setshwantsho sa hae se betlilweng.

O a se kgumamela le ho se rapela.

O a se rapela o re:

“Ntopolle hobane o modimo wa ka.”+

18 Ha ba tsebe letho, ha ba utlwisise letho.+

Ka ha mahlo a bona a kwetswe, ha ba bone

Le dipelo tsa bona ha di na temoho.

19 Ha ho na ya nang le tsebo kapa kutlwisiso

Kapa ya reng ka pelong:

“Ke besitse halofo ya sona mollong,

Ka mashala a sona ka pheha bohobe, ka besa nama ka ja.

Na jwale ka se setseng ke tla etsa ntho e nyonyehang?+

Ke kgumamele sekotwana sa patsi e ommeng?”

20 O ja molora.

Pelo ya hae e thetsitsweng e mo kgelositse.

A ke ke a pholosa bophelo ba hae kapa a re:

“Ho na le leshano ka letsohong la ka le letona.”

21 “Hopola dintho tsena, wena Jakobo, wena Iseraele

Hobane o mohlanka wa ka.

Ke o entse mme o mohlanka wa ka.+

Wena Iseraele, nke ke ka o lebala.+

22 Ke tla kwahela* diphoso tsa hao jwalo ka ha eka di kwahetswe ka leru+

Le dibe tsa hao jwalo ka ha eka di kwahetswe ka leru le leholo.

Kgutlela ho nna hobane ke tla o lopolla.+

23 Hweletsang le thabile, lona mahodimo

Hobane Jehova o nkile kgato.

Hweletsang le thabile, lona dikarolo tse tlasetlase tsa lefatshe.

Hweletsang le nyakaletse, lona dithaba,+

Wena moru le difate tsohle tsa hao.

Jehova o lopolotse Jakobo,

O bontsha Iseraele botle ba hae.”+

24 Ana ke mantswe a Jehova, Molopolli wa hao+

Ya o entseng ho tloha ha o sa le ka popelong:

“Ke nna Jehova, ke entse ntho e nngwe le e nngwe,

Ke otlolotse mahodimo ke le mong,+

Ka ala lefatshe.+

Ke mang ya neng a ena le nna?

25 Ke etsa hore dipontsho tsa ba buang dintho tse siyo* di se ke tsa atleha.

Ke nna ya etsang hore dinohe di itshware jwalo ka mahlanya,+

Ya ferekanyang banna ba bohlale

Le ya fetolang tsebo ya bona bowatla.+

26 Ke nna ya etsang hore lentswe la mohlanka wa ka le phethahale

Le ya phethang boprofeta ba baromuwa ba ka ka botlalo.+

Ke nna ya reng ka Jerusalema, ‘E tla ba le baahi’+

Le ka metse ya Juda, ‘E tla tsosoloswa+

Mme ke tla tsosa dithako tsa yona.’+

27 Ke nna ya reng ho bodiba, ‘Psha!

Ke tla pshesa dinoka tsohle tsa hao.’+

28 Ke nna ya reng ka Saeruse,+ ‘Ke modisa wa ka,

O tla phetha thato ya ka ka botlalo.’+

Ke nna ya reng ka Jerusalema, ‘E tla tsosoloswa’

Le ka tempele, ‘Motheo wa hao o tla ralwa.’”+

45 Ana ke mantswe ao nna Jehova ke a boleletseng motlotsuwa wa ka, Saeruse,+

Eo ke tshwereng letsoho la hae le letona+

Hore ke hlole ditjhaba ka pela hae+

Le hore ke amohe marena matla,*

Ke bule ka pela hae menyako e nang le mamati a mabedi

E le hore dikeiti di se ke tsa kwalwa:

 2 “Ke tla tsamaya ka pela hao,+

Ke tla batalatsa maralla.

Ke tla roba mamati a koporo dikoto,

Ke pome le mekwallo ya tshepe.+

 3 Ke tla o fa matlotlo a hara lefifi

Le matlotlo a patilweng kgotjheletsaneng+

E le hore o ka tseba hore ke nna Jehova,

Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.+

 4 Molemong wa mohlanka wa ka Jakobo le wa Iseraele mokgethwa wa ka,

Ke o bitsa ka lebitso.

Ke o fa lebitso le hlomphehang le hoja o ne o sa ntsebe.

 5 Ke nna Jehova, ha ho e mong.

Ha ho Modimo ntle ho nna.+

Ke tla o fa matla* le hoja o ne o sa ntsebe,

 6 E le hore batho ba ka tseba

Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela*

Hore ha ho e mong ntle ho nna.+

Ke nna Jehova mme ha ho e mong.+

 7 Ke tlisa lesedi+ le lefifi,+

Ke bopa kgotso+ mme ke baka tlokotsi.+

Nna, Jehova, ke etsa dintho tsena tsohle.

 8 Lona mahodimo, etsang hore ho loka ho theohe jwalo ka pula+

Le maru a ke a nese ho loka.

Lefatshe le ke le bulehe le hlahise ditholwana tsa poloko,

Le hlahise le ho loka ka nako e tshwanang.+

Nna, Jehova, ke entse dintho tsena.”

 9 Ho madimabe ya phehisang Mmopi wa hae* kgang

Hobane ke leqhetswana feela

Hara maqhetswana a mang a dijana tsa letsopa a lahletsweng fatshe.

Na letsopa le ka re ho Sebopi:* “O etsang?”+

Kapa na mosebetsi wa hao o ka re: “Ha a na matsoho”?*

10 Ho madimabe ya reng ho ntate: “O ntate wa eng?”

Le ho mme: “O beleha eng?”*

11 Jehova, Moetsi le Mohalaledi wa Iseraele,+ o re:

“Na le ka mphehisa kgang ka dintho tseo e leng hona di tla etsahala

Le ho ntaela hore na ke etseng ka bana ba ka+ le mesebetsi ya matsoho a ka?

12 Ke entse lefatshe+ ka ba ka bopa motho.+

Ke otlolotse mahodimo ka matsoho a ka+

Mme ke laela makgotla ohle a ona.”+

13 “Ke susumeditse motho ho nka kgato ka ho loka,+

Ke tla otlolla ditsela tsohle tsa hae.

Ke yena ya tla haha motse wa ka+

Le ho lokolla batho ba ka botlamuweng+ ntle ho tefo kapa tjotjo,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.

14 Jehova o re:

“Phaello* ya Egepeta le thepa e rekiswang* ya Ethiopia, le Basabia, banna ba balelele,

Ba tla tla ho wena mme e tla ba ba hao.

Ba tla tsamaya ka mora hao ba tlanngwe ka diketane.

Ba tla tla, ba o inamele.+

Ba tla o rapela ba re, ‘Ka nnete Modimo o na le wena+

Mme ha ho e mong, ha ho Modimo e mong.’”

15 Ka nnete o Modimo ya patang ditsela tsa hae,

Modimo wa Iseraele, Mopholosi.+

16 Kaofela ha bona ba tla swabiswa mme ba tlotlollwe.

Baetsi ba ditshwantsho tse rapelwang ba tla tloha ba swabile kaofela.+

17 Empa Jehova o tla pholosa Iseraele ka ho sa feleng.+

Le ke ke la swabiswa kapa la tlotlollwa ho ya ho ile.+

18 Ana ke mantswe a Jehova,

Mmopi wa mahodimo,+ Modimo wa nnete,

Ya entseng lefatshe, Moetsi wa lona ya le tiisitseng ka thata,+

Ya sa kang a le bopela lefeela* empa a le etseditse hore batho ba dule ho lona:+

“Ke nna Jehova mme ha ho e mong.

19 Ha ke a bua ke le sebakeng se patehileng,+ sebakeng se lefifi.

Ha ke a re ho ditloholo* tsa Jakobo,

‘Le ha le ka mpatla, le tla be le mpatlela lefeela.’

Ke nna Jehova, ya buang dintho tse nepahetseng* le ya phatlalatsang nnete.+

20 Bokanang mme le tle.

Atamelang mmoho, lona baphonyohi ba tswang ditjhabeng.+

Ba tsamayang ba nkile ditshwantsho tse betlilweng ha ba tsebe letho,

Ba rapela modimo ya ke keng a ba pholosa.+

21 Ba ke ba* etse tlaleho ya bona, ba teke nyewe ya bona,

Ba rerisane ha mmoho ba entse ngatananngwe.

Ke mang ya ileng a profeta dintho tsee ho tloha kgale,

A di phatlalatsa ho tloha dinakong tse fetileng?

Na ha se nna, Jehova?

Ha ho Modimo e mong haese nna.

Ke Modimo ya lokileng le Mopholosi,+ ha ho e mong ntle le nna.+

22 Sokolohelang ho nna mme le pholoswe,+ lona dikgutlo tsohle tsa lefatshe

Hobane ke nna Modimo mme ha ho e mong.+

23 Ke hlapantse ka nna,

Lentswe le tswile molomong wa ka ka ho loka

Mme le tla fela le phethahale:+

Motho e mong le e mong o tla nkgumamela,

Motho e mong le e mong o tla ikana hore o tla ntshepahalla+

24 A re, ‘Ruri Jehova o dula a etsa dintho tse lokileng mme o matla.

Bohle ba mo halefelang ba tla tla ka pela hae ba swabile.

25 Ka Jehova, ditloholo* tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile,+

Di tla ithorisa ka Yena.’”

46 Bele* o a kgumama,+ Nebo* o a kotlobana.

Ditshwantsho tsa tsona tse rapelwang di bofilwe hodima diphoofolo, hodima diphoofolo tse bofshwang+

Jwalo ka thoto e imelang diphoofolo tse kgathetseng.

 2 Di a kotlobana mme di inama mmoho.

Ha di kgone ho pholosa thoto*

Mme tsona ka botsona di a hapuwa.

 3 “Mmamele, wena ntlo ya Jakobo le lona bohle ba setseng ba ntlo ya Iseraele,+

Lona bao ke ba hlokometseng ho tloha ha le hlaha le bao ke ba ntshitseng ka popelong.+

 4 Ke tla dula ke tshwana ho fihlela le tsofala.+

Ke tla nne ke le jare ho fihlela moriri wa lona o eba moputswa.

Ke tla le nka, ke le jare mme ke le pholose feela jwalo ka ha ke ile ka etsa.+

 5 Le tla ntshwantsha le mang kapa le ntekanye le mang kapa le mpapise le mang+

Jwalo ka ha eka re a tshwana?+

 6 Ho na le batho ba ntshang kgauta e ngata dipatjheng tsa bona.

Ba bekga silevera sekaleng.

Ba hira motho ya sebetsang ka tshepe ebe o etsa modimo ka silevera eo.+

Ba itihela fatshe ka difahleho, ba a o rapela.*+

 7 Ba phahamisetsa modimo eo mahetleng a bona,+

Ba a o jara, ba o behe sebakeng sa wona ebe o ikemela moo feela.

Ha o tlohe sebakeng sa wona.+

Ba a o hweletsa empa ha o arabe.

Ha o kgone ho pholosa mang kapa mang tsietsing.+

 8 Hopolang dintho tsena mme le be sebete.

Di tebisetseng pelong, lona bafosi.

 9 Hopolang dintho tse fetileng* tsa mehleng ya kgale

Hore ke nna Modimo* mme ha ho na Modimo e mong.

Ke nna Modimo mme ha ho ya tshwanang le nna.+

10 Ke profeta qetello esale qalong

Mme ho tloha kgale ke bolela dintho tse eso etswe.+

Ke re, ‘Qeto* ya ka e tla phethahala ntle ho tshitiso.+

Ke tla etsa eng kapa eng eo ke e batlang.’+

11 Ke bitsa nonyana e jang nama ho tswa botjhabela,*+

Ke bitsa motho ho tswa naheng e hole hore a phethe qeto* ya ka.+

Ke e boletse mme ke tla e phethahatsa.

Ke e entse mme ke tla e phetha.+

12 Mmameleng, lona ba dipelo di thata,*

Lona ba hole le ho loka.

13 Ke atameditse ho loka ha ka.

Ha ho hole

Mme poloko ya ka e ke ke ya dieha.+

Ke tla pholosa Sione, ke fe Iseraele botle ba ka.”+

47 Theoha mme o dule leroleng,

Wena moradi wa Babilona wa morwetsana.+

Dula fatshe moo ho se nang terone,+

Wena moradi wa Bakalde.

Ha ho sa tla ba le mohla batho ba reng o kgosatsana.

 2 Nka lelwala la letsoho mme o sile phofo.

Tlosa lesira la hao.

Hlobola mose wa hao mme o hlahise ditlhafu.

Tshela dinoka.

 3 Bofeela ba hao bo tla pepeswa.

Dihlong tsa hao di tla bonwa.

Ke tla iphetetsa+ mme ha ho motho ya tla ntshitisa.*

 4 “Lebitso la ya re lopollang

Ke Jehova wa mabotho,

Mohalaledi wa Iseraele.”+

 5 Dula moo ka kgutso mme o ye lefifing,

Wena moradi wa Bakalde.+

Ha ba sa tla hlola ba o bitsa Mofumahadi wa Mebuso.*+

 6 Ke ile ka halefela batho ba ka,+

Ka silafatsa lefa la ka+

Yaba ke fana ka bona letsohong la hao.+

Empa ha o a ka wa ba hauhela.+

O behile joko e boima esita le hodima monnamoholo.+

 7 O itse: “Ke tla dula ke le Mofumahadi ho ya ho ile.”+

Ha o a ka wa tebisetsa dintho tsena pelong.

Ha o a ka wa nahana ka hore na taba ena e tla qetella jwang.

 8 Jwale mamela, wena ya ratang monyaka,+

Ya dulang a sireletsehile, ya reng ka pelong:

“Ntle ho nna, ha ho e mong.+

Nke ke ka ba mohlolohadi,

Nke ke ka tseba ho lahlehelwa ke bana.”+

 9 Empa dintho tsena tse pedi di tla o tlela ka tshohanyetso, ka letsatsi le le leng:+

Bohlolohadi le ho lahlehelwa ke bana.

Di tla o tlela ka matla a maholo+

Ka lebaka la* boloi ba hao bo bongata le ho betsa ka mantswe a boloi a matla.+

10 O ile wa tshepa bokgopo ba hao.

O itse: “Ha ho na ya mponang.”

Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o kgelositseng

Mme o re ka pelong: “Ntle ho nna, ha ho e mong.”

11 Empa o tla welwa ke tlokotsi.

O ke ke wa kgona ho e thiba ka boloi.

O tla welwa ke tsietsi, o ke ke wa kgona ho e qoba.

Ka tshohanyetso timelo eo o sa e tsebeng e tla o wela hodimo.+

12 Ka hoo, tswela pele ka mantswe a hao a boloi le boloi ba hao bo bongata,+

Boo esale o sehla ka thata ho bona ho tloha botjheng ba hao.

Mohlomong bo ka o tlisetsa katleho,

Mohlomong o ka tshosa batho.

13 O kgathaditswe ke ho batla baeletsi ba bangata.

Ba rapelang mahodimo,* ba shebang dinaledi,+

Ba lepang kgwedi le kgwedi

Ka dintho tse tla o tlela,

Ba ke ba tle mme ba o pholose.

14 Bonang! Ba jwalo ka ditlhaka.

Mollo o tla ba tjhesa.

Ba ke ke ba pholosa bophelo ba bona matleng a lelakabe.

Ona ha se mollo o ka orwang

Mme ana ha se mashala a ho iphuthumatsa.

15 Batho ba hao ba tsherehanyang dinoha ba tla ba jwalo ho wena,

Bao o sehlileng le bona ho tloha botjheng ba hao.

Ba tla hlahlathela, e mong le e mong a inkele tsela ya hae.*

Ho ke ke ha eba le ya tla o pholosa.+

48 Utlwang, lona ba ntlo ya Jakobo,

Lona ba ipitsang ka lebitso la Iseraele+

Le ba tswang lelokong* la Juda,

Lona ba hlapanyang ka lebitso la Jehova+

Le ba ipiletsang ho Modimo wa Iseraele

Le hoja e se ka nnete le ho loka.+

 2 Ba ipitsa ka motse o halalelang,+

Ba batla thuso ho Modimo wa Iseraele,+

Eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho.

 3 “Dintho tse fetileng* ke o boleletse tsona ho tloha kgale.

Di tswile molomong wa ka,

Ke entse hore di tsejwe.+

Ka nka bohato ka ho panya ha leihlo mme tsa etsahala.+

 4 Ke tsebile ka moo o leng manganga ka teng,

Le hore mosifa wa molala wa hao ekare tshepe mme phatla ya hao ekare koporo.+

 5 Ka hoo, ke o boleletse dintho tsohle esale kgale.

Pele di etsahala, ka o bolella tsona

E le hore o se ke wa re, ‘Setshwantsho sa ka se entse tjena,

Setshwantsho sa ka se betlilweng le setshwantsho* sa ka sa tshepe se laetse tjena.’

 6 O* utlwile ebile o bone dintho tsena kaofela.

Na o ke ke wa di bolela?+

Ho tloha hona jwale ke o bolella dintho tse ntjha,+

Makunutu a patilweng, ao o sa a tsebeng.

 7 Ke hona di etsahalang hona jwale eseng kgale,

Dintho tseo ho fihlela kajeno o eso di utlwe

E le hore o se ke wa re, ‘Ke se ke ntse ke di tseba.’

 8 Tjhe, o ne o sa batle ho utlwa,+ o sa batle ho utlwisisa.

Hape nakong e fetileng o ne o ithibile ditsebe.

Ke tseba ka moo o leng molotsana ka teng+

Mme o bitsitswe mofosi ho tloha ha o hlaha.+

 9 Empa molemong wa lebitso la ka, ke tla kokobetsa bohale ba ka,+

Ka lebaka la thoriso ya ka ke tla ithiba,

Nke ke ka o fedisa.+

10 Ke o* hlwekisitse empa eseng jwalo ka silevera.+

Ke dumelletse hore o hloriswe e le hore o ka hlwekiswa jwalo ka ha tshepe e hlwekiswa mollong.*+

11 Ka lebaka la ka, ka lebaka la ka feela ke tla nka bohato+

Hobane nka tlohela jwang hore ke senngwe lebitso?+

Nke ke ka fa e mong kganya ya ka.*

12 Mmamele, wena Jakobo le wena Iseraele eo ke mo bitsitseng.

Ke nna Ya tshwanang.+ Ke nna wa pele le wa ho qetela.+

13 Letsoho la ka le radile motheo wa lefatshe,+

Letsoho la ka le letona le atolositse mahodimo.+

Ha ke di bitsa, di ema mmoho.

14 Phuthehang kaofela ha lona mme le mamele.

Ke ofe hara medimo* ya boletseng dintho tsee?

Ya ratwang ke nna Jehova,+

O tla etsa seo ke se thabelang ha a lwantsha Babilona+

Mme o tla otla Bakalde ka letsoho la hae.+

15 Ke buile hape ke mo bitsitse.+

Ke mo tlisitse mme tsela ya hae e tla atleha.+

16 Atamelang ho nna mme le mamele:

Ho tloha qalong, ha ke a ka ka buela lekunutung.+

Ho tloha ha e etsahala ke ne ke le teng.”

Jwale Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o nthomile, a ba a mpha* moya wa hae.

17 Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele o re:+

“Nna Jehova ke Modimo wa hao

Ya o rutang dintho tse tswelang wena molemo,+

Ya o tataisetsang tseleng eo o lokelang ho tsamaya ho yona.+

18 Hoja o ka mamela melao ya ka,+

Kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka,+

Ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.+

19 Bana* ba hao ba ne ba tla ba bangata jwalo ka lehlabathe

Le ditloholo tsa hao di tshwane le dithollo tsa lona.+

Lebitso la bona le ne le ke ke la tloswa kapa la fediswa ka pela ka.”

20 Tswang Babilona!+

Le balehe naheng ya Bakalde.*

Bolelang ka mohoo wa thabo, e phatlalatseng.+

Etsang hore e tsejwe dikgutlong tsohle tsa lefatshe.+

Ereng: “Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo.+

21 Ha ba a ka ba nyorwa ha a ne a ba tataisa lehwatateng.+

O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng,

A petsola lefika ho etsa hore metsi a phorosele.”+

22 Jehova o re: “Ba kgopo ba ke ke ba fumana kgotso.”+

49 Mmameleng, lona dihlekehleke,

Utlwang, lona ditjhaba tse hole.+

Jehova o mpitsitse le pele ke hlaha.*+

Ho tloha ke sa le ka popelong ya Mme, o bitsitse lebitso la ka.

 2 O entse hore molomo wa ka o be jwalo ka sabole e bohale.

O mpatile moriting wa letsoho la hae.+

O entse hore ke be lerumo le leoditsweng,

A mpata ka mokotleng wa hae o tshelang metsu.

 3 A re ho nna: “O mohlanka wa ka, wena Iseraele,+

Eo ke tla bonahatsa botle ba ka ka yena.”+

 4 Empa ka re: “Ke sehletse lefeela.

Ke sentse matla a ka bakeng sa ntho e siyo.

Empa ka nnete Jehova ke yena ya nkahlolang*

Le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.”+

 5 Jwale Jehova ya nkentseng ho tloha ka popelong ke le mohlanka wa hae,

O itse ke kgutlisetse Jakobo ho yena

E le hore Iseraele e bokellelwe ho yena.+

Ke tla tlotliswa mahlong a Jehova

Mme Modimo wa ka e tla be e le matla a ka.

 6 Yaba o re: “Ha ho a lekana hore ebe o mohlanka wa ka

Bakeng sa ho hlahisa maloko a Jakobo

Le ho kgutlisa ba sireleditsweng ba Iseraele feela.

Ke boetse ke fane ka wena o le lesedi la ditjhaba+

E le hore poloko ya ka e ka fihla dikgutlong tsa lefatshe.”+

7 Jehova, Molopolli wa Iseraele, Mohalaledi wa yona,+ o re ho ya rohakilweng,+ ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mohlanka wa babusi:

“Marena a tla bona mme a raohe

Le dikgosana di tla inama

Ka lebaka la Jehova, ya tshepahalang,+

Mohalaledi wa Iseraele, ya o kgethileng.”+

 8 Jehova o re:

“Ke ile ka o araba+ ka nako ya mosa* wa ka

Mme ka o thusa ka letsatsi la poloko.+

Ke nnile ka o sireletsa e le hore ke fane ka wena o le selekane bakeng sa batho+

Hore o etse hore naha e boele e be le baahi,

Ho etsa hore ba je mafa a bona a lahlilweng kgerehlwa.+

 9 Ho tla thwe ho batshwaruwa: ‘Tswang!’+

Le ho ba lefifing:+ ‘Itlhahiseng!’

Ba tla jella pela ditsela,

Makgulo a bona a be pela ditsela tsohle.*

10 Ba ke ke ba lapa kapa ba nyorwa,+

Ba otlwa ke motjheso o bataolang kapa letsatsi.+

Modimo ya ba hauhelang o tla ba etella pele,+

O tla ba isa didibeng tsa metsi.+

11 Ke tla etsa hore dithaba tsohle tsa ka e be tsela

Le ditsela tsa ka tse kgolo di tla phahamiswa.+

12 Batho bana ba tla ba tswa hole,+

Bana ba tswa leboya le bophirimela

Mme bana bona ba tswa naheng ya Sinime.”+

13 Hweletsang le thabile, lona mahodimo mme o thabe, wena lefatshe.+

Dithaba di ke di nyakalle, di hweletse di thabile.+

Jehova o tshedisitse batho ba hae,+

O hauhela batho ba hae ba mahlomoleng.+

14 Empa Sione o ile a nna a re:

“Jehova o ntahlile.+ Jehova o ntebetse.”+

15 Na mosadi a ka lebala ngwana wa hae ya anyang

Kapa a hloleha ho hauhela mora wa hae eo a mo tswetseng?*

Esita le haeba basadi bana ba ka lebala, nna nke ke ka o lebala.+

16 Ke o ngotse diatleng tsa ka.

Marako a hao a ka pela ka ka mehla.

17 Bana ba hao ba kgutla ba potlakile.

Ba ileng ba o qhaqha le ho o ripitla ba tla tloha ho wena.

18 Phahamisa mahlo mme o shebe hohle.

Kaofela ha bona ba a bokana.+

Ba tla ho wena.

Jehova o re: “Ha feela ke ntse ke phela,

O tla ikapesa bona kaofela jwalo ka ha eka ke mekgabiso,

Jwalo ka ha monyaduwa a rwala sefaha.

19 Le hoja dibaka tsa hao di ne di ripitlilwe le naha ya hao e le dithako,+

Hona jwale e tla ba nyenyane haholo bakeng sa ba dulang moo.+

Ba ileng ba o ripitla*+ ba tla ba hole.+

20 Bana ba hlahileng ka mora hore o shwelwe ke bana ba tla re moo o ntseng o utlwa:

‘Sebaka sena se senyenyane haholo bakeng sa rona.

Re fe sebaka e le hore re dule mona.’+

21 O tla re ka pelong:

‘Ntate wa bana baa ba ka ke mang

Ka ha ke mosadi ya shwetsweng ke bana ebile ke nyopa,

Ke hapuwe ebile ke motshwaruwa?

Ke mang ya hodisitseng bana baa?+

Ke ne ke setse ke le mong to!+

Jwale bana baa ba tswa kae?’”+

22 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

“Ke tla phahamisetsa ditjhaba letsoho la ka

Mme ke tla phahamisetsa batho letshwao* la ka.+

Ba tla tlisa bara ba hao ba ba sikile,*

Ba jare baradi ba hao mahetleng a bona.+

23 Marena e tla ba bahlokomedi ba hao+

Le dikgosatsana tsa ona e be baoki ba hao.

Ba tla o inamela difahleho di shebile fatshe,+

Ba tla ikokobeletsa wena*+

Mme jwang kapa jwang o tla tseba hore ke nna Jehova.

Ba ntshepang ba ke ke ba swaba.”+

24 Na monna ya matla a ka amohuwa ba seng ba hapilwe

Kapa na batshwaruwa ba mohatelli ba ka pholoswa?

25 Jehova o itse:

“Esita le batshwaruwa ba monna ya matla ba tla nkwa,+

Ba nkilweng ke mohatelli ba tla pholoswa.+

Ke tla lwantsha ba le lwantshang,+

Ke pholose bana ba lona.

26 Ke tla etsa hore ba le tshwarang hampe ba je nama ya bona,

Ba tahwe ke madi a bona jwalo ka ha eka ba tahilwe ke veine e monate.

Jwang kapa jwang batho bohle* ba tla tseba hore ke nna Jehova,+

Mopholosi wa hao+ le Molopolli wa hao,+

Ya Matla wa Jakobo.”+

50 Jehova o re:

“Le kae lengolo la tlhalo+ la mme wa lona, eo ke mo tebetseng?

Bana, na ke le rekisitse hobane ke ena le sekoloto?

Le rekisitswe ka lebaka la diphoso tsa lona.+

Mme wa lona o tebetswe ka lebaka la dibe tsa lona.+

 2 Ke hobaneng ha ho ne ho se na motho ha ke fihla?

Ke hobaneng ha ho ne ho se na motho ya arabang ha ke hweletsa?+

Na letsoho la ka ha le na matla a ho lopolla

Kapa na ha ke na matla a ho pholosa?+

Ke pshesa lewatle ka kgalemelo ya ka e matla.+

Ke etsa hore dinoka e be lehwatata.+

Ditlhapi tsa tsona di a bola hobane metsi a a fokola

Mme di bolawa ke lenyora.

 3 Ke apesa mahodimo lefifi,+

Ke a kwahela ka lesela le hwashang.”*

 4 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o rupetse leleme la ka*+

E le hore ke tsebe ho araba* ya kgathetseng ka mantswe a nepahetseng.*+

O ntsosa hoseng ho hong le ho hong,

O tsosa tsebe ya ka hore e mamele jwalo ka ba rutehileng.+

 5 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o butse tsebe ya ka,

Ha ke a mo hanyetsa.+

Ha ke a ka ka sheba lehlakoreng lesele.+

 6 Ke ile ka fana ka mokokotlo wa ka ho ba nkotlang,

Ka fana ka marama a ka ho ba ntlhothang ditedu.

Ha ke a ka ka pata sefahleho sa ka ha ke tlotlollwa le ha ke tshwelwa ka mathe.+

 7 Empa Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla nthusa.+

Ke ka lebaka leo nke keng ka tlotloloha.

Ke ka lebaka leo ke ikemiseditseng ho tiya.*+

Ke a tseba hore nke ke ka swaba.

 8 Ya bolelang hore ke lokile o haufi.

Ke mang ya ka nqosang?*+

A re eme mmoho* bakeng sa kahlolo.

Ke mang ya batlang ho nkisa kgotla?

A ke a tle ho nna.

 9 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla nthusa.

Ke mang ya tla phatlalatsa hore ke molato?

Kaofela ha bona ba tla ba jwalo ka seaparo se fedileng,

Se jeweng ke tshwele.*

10 Ke mang hara lona ya tshabang Jehova,

Ya mamelang lentswe la mohlanka wa Hae?+

Ke mang ya tsamaileng lefifing le letsholetsho, moo ho se nang kganya?

A ke a tshepe lebitso la Jehova mme a itshetlehe ka Modimo wa hae.

11 “Bonang! Lona bohle ba hotetsang mollo,

Ba etsang hore ditlhase di tlole,

Tsamayang kganyeng ya mollo wa lona,

Hara ditlhase tseo le di hoteditseng.

Le tla fumana kotlo ena ho tswa letsohong la ka:

Le tla robala le le bohlokong bo boholo.

51 Mmameleng, lona ba lekang ho etsa dintho tse lokileng,*

Lona ba batlang Jehova.

Hopolang lefika leo le fatilweng ho lona

Le kwari eo le ntshitsweng ho yona.

 2 Hopolang ntate wa lona Abrahama

Le Sara+ ya ileng a le tswala.*

Abrahama o ne a le mong feela ha ke mo bitsa+

Yaba ke a mo hlohonolofatsa le ho mo atisa.+

 3 Jehova o tla tshedisa Sione,+

A tshedise dithako tsohle tsa yona+

Mme o tla etsa hore lefeella la yona le be jwalo ka Edene+

Le lehwatata* la yona le be jwalo ka serapa sa Jehova.+

Thabo e kgaphatsehang le nyakallo di tla fumanwa ho yona,

Diteboho le pina e monate.+

 4 Mmameleng, lona batho ba ka,

Ntshekeheleng tsebe, lona setjhaba sa ka.+

Molao o tla tswa ho nna.+

Ke tla etsa hore toka ya ka e be lesedi ho ditjhaba.+

 5 Ho loka ha ka ho a atamela.+

Poloko ya ka e tla tswa+

Mme matsoho a ka a tla ahlola ditjhaba.+

Baahi ba dihlekehleke ba tla ntshepa,+

Ba tla letela letsoho la ka.*

 6 Phahamisetsang mahlo mahodimong,

Le shebe tlase lefatsheng.

Mahodimo a tla nyamela jwalo ka mosi.

Lefatshe le tla tsofala jwalo ka seaparo

Le baahi ba lona ba shwe jwalo ka menwang.

Empa poloko ya ka e tla dula e le teng ka ho sa feleng,+

Ho loka ha ka ho ke ke ha fela.*+

 7 Mmameleng, lona ba tsebang se lokileng,

Lona setjhaba seo molao* wa ka o leng ka dipelong tsa sona.+

Le se ke la tshaba ho nyefolwa ke batho ba nama le madi.

Le se ke la tshoswa ke ditlhapa tsa bona.

 8 Ba tla jewa ke tshwele* jwalo ka ha eka ke seaparo,

Mmoto wa diaparo* o ba je jwalo ka ha eka ke boya.+

Empa ho loka ha ka ho tla dula ho le teng ka mehla le mehla

Le poloko ya ka melokong yohle.”+

 9 Tsoha, tsoha, o ikapese matla,

Wena letsoho la Jehova!+

Tsoha jwalo ka matsatsing a kgale, jwalo ka melokong ya kgale.

Na ha se wena ya robakantseng Rahaba,*+

Ya hlabileng phoofolo ya tonanahadi ya lewatle?+

10 Na ha se wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo?+

Ya entseng bodiba ba lewatle tsela e le hore ba lopolotsweng ba tshele?+

11 Ba lopolotsweng ba Jehova ba tla kgutla.+

Ba tla tla Sione ba hweletsa ba thabile.+

Ba tla rwala korone ya thabo ho ya ho ile.+

Ba tla fumana thabo e kgaphatsehang le nyakallo.

Mesarelo le masisapelo di tla baleha.+

12 “Ke nna ya le tshedisang.+

Ke hobaneng ha o tshaba motho feela wa nama le madi ya tla itjhwella+

Le mora wa motho ya tla pona jwalo ka jwang bo botala?

13 Ke hobaneng ha o lebala Jehova Mmopi wa hao,+

Ya otlollang mahodimo+ le ya ralang motheo wa lefatshe?

O ne o tshohile kgalefo ya mohatelli* letsatsi lohle

Jwalo ka ha eka o ne a itokiseditse ho o timetsa.

E kae jwale kgalefo ya mohatelli?

14 Ya tlanngweng ka diketane o tla lokollwa haufinyane.+

A ke ke a shwa yaba o ya sekoting,

Bohobe ba hae bo ke ke ba haella.

15 Empa ke nna Jehova Modimo wa hao,

Ya fuduhang lewatle le ya etsang hore maqhubu a lona a lwebehlane.+

Lebitso la ka ke Jehova wa mabotho.+

16 Ke tla o bolella mantswe ao o lokelang ho a bua,

Ke o kwahele ka moriti wa letsoho la ka+

E le hore ke thehe mahodimo le ho rala motheo wa lefatshe+

Le hore ke re ho Sione: ‘Le setjhaba sa ka.’+

17 Tsoha, tsoha, phahama, wena Jerusalema,+

Wena ya nweleng kopi ya Jehova ya kgalefo letsohong la hae.

Le nwele kopi,

Le menyeleditse kopi e etsang hore le thekesele.+

18 Ha ho le ya mong wa bana bohle bao o ba tswetseng ya teng ho o tataisa.

Ha ho le ya mong wa bana bohle bao o ba hodisitseng ya tshwereng letsoho la hao.

19 Dintho tsena tse pedi di tla o wela hodimo.

Ke mang ya tla o utlwela bohloko?

O tla tlatlapuwa mme o fediswe. O tla lapa mme o bolawe ka sabole.+

Ke mang ya tla o tshedisa?+

20 Bana ba hao ba akgehile.+

Ba robala khoneng ya seterata se seng le se seng*

Jwalo ka dinku tse hlaha ka hara letlowa.*

Ba tletse kgalefo e tswang ho Jehova le kgalemelo e matla e tswang ho Modimo wa hao.”

21 Jwale ka kopo, mamela mona

Wena mosadi ya mahlomoleng le ya tahilweng empa o sa tahwa ke veine.

22 Morena wa hao, Jehova, Modimo wa hao, ya lwanelang batho ba hae o re:

“Ke tla tlosa kopi e etsang hore o thekesele letsohong la hao,+

Senwelo, kopi ya ka ya kgalefo.

Ha o sa tla hlola o nwella ho yona.+

23 Ke tla e beha letsohong la ba o sotlang,+

Ba itseng ho wena, ‘Paqama e le hore re tsamaye hodima hao.’

Jwale o entse mokokotlo wa hao mobu

Le seterata hore ba tsamaye teng.”

52 Tsoha, tsoha, o ikapese matla,+ wena Sione!+

Apara diaparo tsa hao tse ntle,+ wena Jerusalema, motse o halalelang!

Ya sa bollang le ya sa hlwekang ha ba sa tla hlola ba kena ho wena.+

 2 Itlhohlore lerole, ema mme o dule setulong, wena Jerusalema.

Fasolla diketane tse molaleng wa hao, wena moradi wa Sione wa motshwaruwa.+

 3 Jehova o re:

“Le rekisitswe mahala+

Mme le tla lokollwa ntle ho tefo.”+

 4 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

“Qalong batho ba ka ba ile ba theohela Egepeta ho ya dula teng e le baditjhaba+

Yaba Asiria e ba hatella ntle ho lebaka.”

 5 Jehova o re: “Jwale, ke lokela ho etsang moo?”

Jehova o boetse o re: “Setjhaba sa ka se nkilwe feela.

Ba se busang ba ntse ba ithorisa ka tlholo,+

Lebitso la ka le a tellwa ka mehla, letsatsi lohle.+

 6 Ka lebaka leo, setjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka.+

Ka lebaka lona leo, ba tla tseba letsatsing leo hore ke nna ya buang.

Ke nna ya buang!”

 7 A matle hakaakang dithabeng maoto a ya tlisang ditaba tse monate,+

Ya phatlalatsang kgotso,+

Ya tlisang ditaba tse monate tsa ho hong ho molemo,

Ya phatlalatsang poloko,

Ya reng ho Sione: “Modimo wa hao ke Morena.”+

 8 Mamela! Balebedi ba hao ba phahamisa mantswe.

Ba hweletsa ba thabile ba le mmoho

Hobane ba tla bona ka mahlo ha Jehova a kgutlisa Sione.

 9 Nyakallang, hweletsang ka thabo le le mmoho, lona dibaka tse ripitlilweng tsa Jerusalema+

Hobane Jehova o tshedisitse batho ba hae.+ O lopolotse Jerusalema.+

10 Jehova o entse hore ditjhaba tsohle di bone matla a hae a halalelang.+

Batho bohle ba lefatsheng ba tla bona hore na Modimo wa rona o entseng ho pholosa* batho ba hae.+

11 Lona ba jarang dijana tsa ntlo ya Jehova,+

Tlohang, tlohang, tswang moo,+ le se ke la tshwara letho le sa hlwekang.+

Tswang hara yona,+ le ipoloke le hlwekile.

12 Le ke ke la tswa le tshohile

Kapa la tlameha ho baleha

Ka ha Jehova o tla tsamaya ka pela lona,+

Modimo wa Iseraele e tla ba molebedi wa lona ya ka morao.+

13 Mohlanka wa ka+ o tla etsa dintho ka temoho.

O tla behwa maemong a phahameng,

A phahamiswe mme a hlomphuwe haholo.+

14 Feela jwalo ka ha ho ne ho ena le ba bangata ba neng ba mo shebile ba maketse

Hobane o ne a senyehile sebopeho ho feta mang kapa mang

Le botle ba hae bo senyehile ho feta ba batho,

15 Ka tsela e tshwanang o tla makatsa ditjhaba tse ngata.+

Marena a tla kwala melomo* ka pela hae,+

A tla bona dintho tseo a sa di bolellwang

Mme a tla nahana ka dintho tseo a sa kang a di utlwa.+

53 Ke mang ya dumetseng ntho eo re e tlalehileng?*+

Letsoho la Jehova+ lona le bonahaditswe ho mang?+

 2 Mohlanka o tla hlaha jwalo ka lehlomela+ ka pela hae,* jwalo ka motso naheng e omeletseng.

Ha a shebahale jwalo ka mohlomphehi kapa morui+

Mme ha re mo sheba, ponahalo ya hae ha e re kgahle.*

 3 O ile a nyefolwa mme a qojwa ke batho.+

O ile a tseba hore na ho jwang ho utlwa bohloko le hore na bokudi ke eng.

E ne eka re patetswe sefahleho sa hae.*

O ile a nyefolwa mme ra mo nka e se motho wa bohlokwa.+

 4 Ka nnete o ile a jara malwetse a rona,+

A jara le bohloko ba rona.+

Empa ra nka hore o a hlokofatswa, ra nka hore Modimo o a mo otla le ho mo hlorisa.

 5 Empa o ile a hlajwa+ ka lebaka la ditshito tsa rona,+

A hlokofatswa ka lebaka la diphoso tsa rona,+

A mamella kotlo hore re be le kgotso.+

Re fodisitswe ka lebaka la maqeba a hae.+

 6 Kaofela re lelerile jwalo ka dinku.+

E mong le e mong o tswile ka tsela ya hae

Empa Jehova o entse hore phoso ya rona e jarwe ke yena.+

 7 O ile a hatellwa+ mme a itumella hore a hloriswe+

Empa ha ho letho leo a ileng a le bua.

O ile a tliswa jwalo ka nku e tlo hlajwa+

Jwalo ka nku e tshehadi e kgutsitseng ka pela bakuti ba yona,

Ha ho letho leo a ileng a le bua.+

 8 O ile a tloswa ka lebaka la kahlolo e se nang toka.*

Ke mang ya tla nahanisisa ka dintlha tse qaqileng tsa moloko wa hae?*

O ile a tloswa naheng ya ba phelang.+

A shapuwa* ka lebaka la phoso ya setjhaba sa ka.+

 9 Le hoja a ne a sa etsa letho le phoso*

Ebile ho se na bolotsana ho yena,*+

O ile a fuwa lebitla* sebakeng se le seng le ba kgopo.+

Ha a shwa, a patwa le barui.*+

10 Empa e ne e le thato ya Jehova* hore a hlokofatswe mme o ile a mo tlohela hore a kule.

Haeba o tla hlahisa bophelo ba hae e le nyehelo ya molato,+

O tla bona bana* ba hae, a eketse matsatsi a hae+

Mme ka yena thato* ya Jehova e tla phethahala.+

11 Ka lebaka la mahlomola a hae,* o tla bona mme a kgotsofale.

Ka tsebo ya hae, mohlanka wa ka ya lokileng+

O tla thusa batho ba bangata hore ba fihlele ho loka+

Mme a jare diphoso tsa bona.+

12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo hara ba bangata,

O tla arolelana le ba matla thepa e hapuweng

Ka ha o fane ka bophelo ba hae*+

Mme a balellwa hara ba tlolang molao.+

O jere dibe tsa batho ba bangata+

Mme a kena dipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

54 Jehova o re: “Hweletsa ka thabo, wena mosadi ya sa kang a ba le bana.+

Thaba, o hweletse o nyakaletse,+ wena ya sa kang a ba le mahlaba a pelehi+

Hobane bara* ba mosadi ya lahlilweng ba bangata

Ho feta ba mosadi ya nang le monna.*+

 2 Etsa hore sebaka sa tente ya hao se be seholo.+

Otlolla masela a tente a tabernakele ya hao e kgolo.

O se ke wa ithiba. Eketsa bolelele ba dithapo tsa tente ya hao,

O tiise ditshepe tsa tente ya hao.+

 3 O tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi.

Bana ba hao ba tla hapa ditjhaba,

Ba dule metseng eo e seng e se na baahi.+

 4 O se ke wa tshoha+ hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong.+

O se ke wa ikutlwa o tlotlolotswe hobane o ke ke wa swetseha.

O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao

Hape ha o sa tla hopola sekgobo sa bohlolohadi ba hao.”

 5 “Moetsi wa hao e Moholo+ o jwalo ka monna wa hao,*+

Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho,

Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.+

O tla bitswa Modimo wa lefatshe lohle.+

 6 Jehova o o bitsitse jwalo ka ha eka o mosadi ya lahlilweng, ya saretsweng,+

Jwalo ka mosadi ya nyetsweng a sa le motjha yaba o a lahlwa,” ke Modimo wa hao ya tjhong.

 7 “Ke o lahlile ka nakwana

Empa ka lebaka la mohau ke tla o kgutlisa.+

 8 Ka ha ke ne ke o halefetse haholo ka nakwana, ke ile ka o patela sefahleho sa ka+

Empa ka ha lerato la ka ha le fele, ke tla o hauhela,”+ Molopolli wa hao+ Jehova ke yena ya tjhong.

 9 “Ho nna ho tshwana le mehleng ya Noe.+

Feela jwalo ka ha ke ile ka hlapanya hore metsi a mehleng ya Noe ha a sa tla hlola a kwahela lefatshe,+

Ke a hlapanya hore ha ke sa tla o halefela kapa ka o fa kotlo.+

10 Dithaba di ka tloswa

Le maralla a ka sisinyeha

Empa nna ke tla dula ke o rata ka mehla le mehla+

Le selekane sa ka sa kgotso se ke ke sa sisinyeha,”+ Jehova, ya o hauhelang o tjho jwalo.+

11 “Wena mosadi ya mahlomoleng,+ ya fefolwang ke sefefo se matla, ya sa tshediswang,+

Ke o haha ka majwe le samente e thata,

Ke tla rala motheo wa hao ka disafire.+

12 Ke tla etsa ditora tsa hao ka dirubi

Le dikeiti tsa hao ka majwe a phatsimang,*

Le meedi yohle ya hao ka majwe a bohlokwa.

13 Bana bohle ba hao ba tla rutwa ke Jehova+

Mme kgotso ya bana ba hao e tla ba ngata.+

14 O tla tiiswa ka thata ka ho loka.+

O tla ba hole le kgatello,+

O ke ke wa tshaba letho kapa ha eba le ntho e o tshosang

Ka ha e ke ke ya o atamela.+

15 Haeba mang kapa mang a ka o hlasela,

E tla be e se ka taelo ya ka.

O tla diha mang kapa mang ya o hlaselang.”+

16 “Ke nna ya bopileng setsebi sa mesebetsi ya matsoho,

Se butswelang mollo wa mashala

Ebe se etsa sebetsa.

Ke boetse ke bopile motho ya senyang ya etsang mosebetsi wa ho senya.+

17 Ha ho na sebetsa se etseditsweng ho o lwantsha se tla atleha,+

O tla ahlola leleme le ha e le lefe le lekang ho o ahlola.

Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova

Mme ho loka ha bona ho tswa ho nna,” ke Jehova ya tjhong.+

55 Tloong, lona bohle ba nyorilweng.+ Tloong metsing.+

Lona ba se nang tjhelete, tloong le reke mme le je.

Tloong, le reke veine le lebese+ ntle ho tjhelete le ntle ho tefo.+

 2 Ke hobaneng ha le ntse le ntsha tjhelete bakeng sa ntho eo e seng bohobe?

Ke hobaneng ha le sebedisa mokgolo wa lona* bakeng sa ntho e sa le kgotsofatseng?

Mmameleng ka hloko mme le je dijo tse nang le phepo.+

Le tla thaba haholo ka lebaka la dijo tse matlafatsang e le ka nnete.*+

 3 Mamelang ka hloko* mme le tle ho nna.+

Mamelang mme le tla dula le phela,

Hanghang ke tla etsa selekane se sa feleng le lona+

Tumellanong le lerato la sebele leo ke le tshepisitseng Davida. Tshepiso ena e tla phethahala.*+

 4 Ke mo entse paki+ ditjhabeng,

Moetapele+ le molaodi+ wa ditjhaba.

 5 O tla bitsa setjhaba seo o sa se tsebeng.

Batho ba setjhaba se sa kang sa o tseba ba tla mathela ho wena

Ka lebaka la Jehova Modimo wa hao,+ Mohalaledi wa Iseraele

Hobane o tla o tlotlisa.+

 6 Batlang Jehova ha a sa ntse a fumaneha.+

Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.+

 7 Motho ya kgopo a tlohele tsela ya hae,+

A tlohele ho nahana bokgopo.

A ke a kgutlele ho Jehova, ya tla mo hauhela,+

A kgutlele ho Modimo wa rona hobane o tla mo tshwarela ka pelo yohle.*+

 8 Jehova o re: “Menahano ya ka ha e tshwane le menahano ya lona,+

Ditsela tsa lona ha di tshwane le ditsela tsa ka.

 9 Jwalo ka ha mahodimo a phahametse lefatshe,

Ditsela tsa ka le tsona di phahametse ditsela tsa lona

Le menahano ya ka e phahametse menahano ya lona.+

10 Feela jwalo ka ha pula le lehlwa di theoha lehodimong,

Di sa kgutlele teng di eso nosetse lefatshe le ho etsa hore le be le dihlahiswa mme le hlomele

Le hore le hlahisetse mojadi peo le batho ba fumane dijo,

11 Lentswe la ka le tswang molomong wa ka le tla ba jwalo.+

Le ke ke la kgutlela ho nna le se na ditholwana.+

Le tla fela le etse eng kapa eng eo ke e ratang*+

Mme jwang kapa jwang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.

12 Lona batho ba ka, le tla tloha le thabile,+

Le tla kgutliswa ka kgotso.+

Dithaba le maralla di tla nyakalla ka pela lona, di hweletse di thabile.+

Difate tsohle tsa naha di tla opa diatla.+

13 Ho tla hlaha sefate sa junipere ho ena le dihlahla tse meutlwa.+

Ho tla hlaha sefate sa mirte ho ena le bobatsi.

Diphetoho tsena di tla tumisa* Jehova,+

E tla ba letshwao le ke keng la fediswa.”

56 Jehova o re:

“Ebang le toka+ mme le etse dintho tse lokileng

Hobane poloko ya ka e tla tla haufinyane

Le ho loka ha ka ho tla senolwa.+

 2 Motho ya etsang dintho tsena o a thaba

Ha mmoho le mora wa motho ya tshwarellang ho tsona,

Ya bolokang Sabatha mme a sa e silafatse+

Le ya thibang letsoho la hae hore le se ke la etsa bokgopo ba mofuta ofe kapa ofe.

 3 Moditjhaba ya ikopanyang le Jehova+ ha a lokela ho re:

‘Jwang kapa jwang, Jehova o tla ntlosa ho batho ba hae.’

Le leqhalaha* ha le a lokela ho re: ‘Nna ke sefate se omeletseng.’”

4 Jehova o re: “Maqhalaha a bolokang disabatha tsa ka, a kgethang ho etsa seo ke se thabelang le a tshwarellang selekaneng sa ka,

 5 Ke tla a fa sefika le lebitso ka tlung ya ka le ka hara marako a ka

E leng ntho e molemo ho feta bara le baradi.

Ke tla a fa lebitso le tla tshwarella ka ho sa feleng,

Le ke keng la fela.

 6 Ha e le baditjhaba ba ikopanyang le Jehova hore ba mo sebeletse,

Ba rate lebitso la Jehova,+

Le hore e be bahlanka ba hae,

Bohle ba bolokang Sabatha mme ba sa e silafatse

Le ba tshwarellang selekaneng sa ka,

 7 Ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang,+

Ke etse hore ba thabe ka hara ntlo ya ka ya thapelo.

Dinyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona a tla amohelwa aletareng ya ka.

Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle.”+

8 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ya bokellang batho ba qhalakantsweng ba Iseraele+ o re:

“Ke tla bokella ba bang ho yena ntle le ba seng ba bokeletswe.”+

 9 Lona diphoofolo tsohle tse hlaha, tloong le tlo ja,

Lona diphoofolo tsohle tse hlaha tsa moru.+

10 Balebedi ba hae ba foufetse,+ ha ho le ya mong wa bona ya hlokometseng hore na ho ka etsahalang.+

Kaofela ha bona ke dintja tse sa kgoneng ho bua, tse sa kgoneng ho bohola.+

Di a hemesela ebile di bothile. Di rata boroko.

11 Ke dintja tse meharo,

Ha ho mohla di kgorang.

Ke badisa ba se nang kutlwisiso.+

Kaofela ha bona ba tswile ka tsela ya bona,

E mong le e mong o batla phaello ka bolotsana mme o re:

12 “Tloong! Ere ke late veine,

A re itlopeng jwala.+

Hosane ho tla tshwana le kajeno empa ho be monate le ho feta.”

57 Ya lokileng ha a sa le yo*

Empa ha ho ya ho tebisetsang pelong.

Batho ba tshepahalang ba a shwa,+

Ha ho ya lemohang hore ya lokileng o shwele

Ka lebaka la tlokotsi.*

 2 O fumana kgotso.

Bohle ba tsamayang ka ho loka ba phomola mabitleng.*

 3 “Empa ha e le lona, atamelang mona,

Lona bara ba senohe sa mosadi,

Bana ba monna ya febang le ba mosadi wa letekatse:

 4 Ke mang eo le mo tshehang?

Ke mang eo le mo somang le eo le mo rohakang?

Na ha le bana ba baetsadibe,

Bana ba batho ba leshano,+

 5 Ba nang le takatso e matla ya ho etsa botekatse hara difate tse kgolo,+

Tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo,+

Ba bolaelang bana dikgohlong,*+

Dipakeng tsa mafika?

 6 O* rata majwe a boreledi a kgohlo.+

Ke ona ao o a kgethileng.

Le ona o a tshella dinyehelo tsa dino mme o a fa dimpho.+

Na nka kgotsofatswa* ke dintho tsee?

 7 O behile bethe ya hao thabeng e hodimo le e phahameng,+

O nyolohetse teng ho ya nyehela sehlabelo.+

 8 O behile setshwantsho* sa hao ka tlung ya hao.*

O mphuraletse mme o a hlobola.

Wa nyoloha, wa etsa hore bethe ya hao e be kgolo.

Wa etsa selekane le bona.

O ratile ho robala betheng ya bona+

Le ho sheba setho sa botona.*

 9 Wa theohela Meleke* ka oli

Le ka oli e ngata e nkgang ha monate.

Wa romela baromuwa ba hao hole,

Hoo o ileng wa theohela Lebitleng.*

10 O sehlile ka ho latela ditsela tsa hao tse ngata.

Empa ha o a ka wa re: ‘Ha ho na thuso!’

O hlasimolohile.

Ke ka lebaka leo o sa teleng.*

11 O tshohile mang, hona o tshaba mang

Hore o be o bue leshano?+

Ha o a ka wa nkgopola.+

Ha o a ka wa nahanisisa ka letho.+

Ka ha ke ne ke thotse, ke kgutsitse,*+

O ne o sa ntshabe.

12 Ke tla pepesa ‘ho loka’+ ha hao le mesebetsi ya hao+

Mme e ke ke ya o tswela molemo.+

13 Ha o hweletsa ho kopa thuso,

Ditshwantsho tseo o di bokeletseng di ke ke tsa o pholosa.+

Moya o tla di fefola kaofela,

Di tla nkwa ke moyanyana feela.

Empa ya tshabelang ho nna, naha ena e tla ba lefa la hae,

O tla dula thabeng ya ka e halalelang.+

14 Ho tla thwe: ‘Etsang tsela, etsang tsela. Lokisang tsela.+

Tlosang tshitiso efe kapa efe tseleng ya batho ba ka.’”

15 Ya Hodimo le Ya Phahameng,

Ya phelang*+ ka ho sa feleng, eo lebitso la hae le halalelang+ o re:

“Ke dula sebakeng se phahameng, se halalelang+

Hape ke dula le ba nyahameng le ba weleng moya

E le hore ke hlasimolle ba weleng moya

Le ho hlasimolla dipelo tsa ba nyahameng.+

16 Nke ke ka ba hanyetsa ho ya ho ile

Kapa ka dula ke halefile.+

Ka lebaka la ka motho* o ne a tla tepella+

Esita le dibopuwa tse phelang tseo ke di entseng.

17 Ke ne ke halefetse hore ebe o* ne a etsa sebe sa ho latella ho fumana phaello ya bolotsana,+

Ka hoo ka mo otla, ka pata sefahleho sa ka ka ba ka mo halefela.

Empa a nna a tsamaya jwalo ka mokwenehi,+ a tsamaya tseleng ya pelo ya hae.

18 Ke bone ditsela tsa hae

Empa ke tla mo fodisa+ le ho mo tataisa,+

Ke mo tshedise,*+ yena le batho ba hae ba utlwileng bohloko.”+

19 Jehova o re: “Ke beha mantswe a thoriso lelemeng la motho.*

Ho tla ba le kgotso e sa feleng ho motho ya hole le ya haufi+

Mme ke tla mo fodisa.”

20 “Empa ba kgopo ba jwalo ka lewatle le lwebehlanang, le ke keng la kokobela,

Leo metsi a lona a hlahisang ditlamatlama tsa lewatle le seretse.

21 Ba kgopo ba ke ke ba fumana kgotso,” ke Modimo wa ka ya tjhong.+

58 “Hweletsa, o se ke wa thola.

Phahamisa lentswe jwalo ka lenaka.

Bolella batho ba ka borabele ba bona+

Le ba ntlo ya Jakobo dibe tsa bona.

 2 Ba mpatla letsatsi le letsatsi,

Ba bontsha hore ba thabela ho tseba ditsela tsa ka

Jwalo ka ha eka ke batho ba neng ba etsa dintho tse lokileng

Le ba sa kang ba tlohela tsela e lokileng ya Modimo wa bona.+

Ba nkopa hore ke ahlole ka toka,

Ba thabela ho atamela ho Modimo.+

 3 Ba re: ‘Ke hobaneng ha o sa bone ha re itima dijo?+

Ke hobaneng ha o sa hlokomele ha re ikutlwisa bohloko?’+

Ka re: ‘Hobane ka letsatsi la ho itima dijo le etsa dintho tse batlwang* ke lona,

Le hatella basebetsi ba lona.+

 4 Ha le itima dijo le qetella ka diqabang le ntwa

Mme le otlana ka ditebele le halefile.*

Le ke ke la itima dijo ka tsela ena yaba le lebella hore mantswe a lona a utluwe lehodimong.

 5 Na tsela eo ke le laetseng ho itima dijo ka yona e lokela ho ba tjee?

Na e lokela ho ba letsatsi la hore motho a itlhokofatse,

A inamise hlooho ya hae jwalo ka lodi,

A robale hodima lesela le hwashang* le molora?

Na ee ke ntho eo le e bitsang ho itima dijo le letsatsi le thabisang Jehova?

 6 Tjhe. Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethang ke ona:

Ho fasolla ditlamo tsa bokgopo,

Ho tlamolla marapo a joko,+

Ho lokolla batho ba hateletsweng+

Le ho kgaola joko e nngwe le e nngwe dikoto tse pedi.

 7 Ke ho fa ba lapileng bohobe,+

Ho bulela ba hlokang mahae le bafutsana matlo a lona,

Ho apesa motho ya hlobotseng ha le mo bona+

Le hore le se ke la lahla bana ba bo lona.

 8 Jwale lesedi la lona le tla kganya jwalo ka mafube+

Le be le fole ka potlako.

Ho loka ho tla tsamaya ka pela lona,

Kganya ya Jehova e tla ba molebedi wa lona ya ka morao.+

 9 Jwale le tla hweletsa mme Jehova o tla araba.

Le tla hweletsa ho kopa thuso mme o tla re: ‘Ke nna enwa!’

Haeba le tlosa joko hara lona,

Le kgaotsa ho supana ka menwana le ho etselletsa,+

10 Haeba le fa motho ya lapileng ntho eo le lona le e lakatsang+

Le bile le hlokomela batho ba hateletsweng,

Ha le etsa jwalo lesedi la lona le tla kganya lefifing,

Le lefifi la lona le be jwalo ka lesedi motshehare.+

11 Ka mehla Jehova o tla le etella pele,

A le kgotsofatse* esita le ha le le naheng e otluweng ke komello.+

O tla le matlafatsa*

Mme le tla tshwana le serapa se nosetswang hantle,+

Le tshwane le sediba se dulang se ena le metsi.

12 Ba tla tsosolosa dithako tsa mehleng ya kgale ka lebaka la lona,+

Le tla tsosa metheo ya meloko ya kgale,+

Le bitswe ba lokisang marako a petsohileng,+

Ba tsosolosang ditsela e le hore batho ba dule pela tsona.

13 Haeba ka lebaka la Sabatha le qoba* ho etsa dintho tseo le di ratang* ka letsatsi la ka le halalelang+

Mme le bitsa Sabatha thabo ya lona, letsatsi le halalelang la Jehova, le hlomphehang,+

Haeba le le hlompha ho ena le ho etsa dintho tseo le di batlang le ho bua mantswe a se nang thuso,

14 Jwale nna Jehova ke tla ba mohlodi wa lona wa thabo.

Ke tla etsa hore le buse dibaka tse phahameng tsa lefatshe.+

Ke tla etsa hore le je* lefa la moholoholo wa lona Jakobo,+

Ke Jehova ya tjhong.”

59 Letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa+

Le ditsebe tsa hae ha di a kwaleha* hore di sitwe ho utlwa.+

 2 Tjhe, diphoso tsa lona di le arohantse le Modimo wa lona.+

Dibe tsa lona di entse hore a le patele sefahleho sa hae

Mme ha a batle ho le utlwa.+

 3 Matsoho a lona a silafaditswe ke madi+

Le menwana ya lona e silafaditswe ke phoso.

Le bua leshano ka melomo ya lona,+ ka maleme a lona le honotha dintho tse sa lokang.

 4 Ha ho na motho ya hweletsang ho loka+

Mme ha ho ya buang nnete ka kgotla.

Ba tshepile lefeela*+ mme ba bua dintho tse se nang thuso.

Ba emola kgathatso mme ba tswala dintho tse kotsi.+

 5 Ba qhotsa mahe a noha e tjhefo,

Ba loha tepo ya sekgo.+

Mang kapa mang ya jang mahe a bona o ne a tla shwa,

Mme lehe le pshatlehileng le qhotsa marabe.

 6 Tepo ya bona e ke ke ya eba seaparo

Le dintho tseo ba di etsang di ke ke tsa ba thusa.+

Mesebetsi ya bona e kotsi

Mme diketso tse kotsi di matsohong a bona.+

 7 Ba* mathela ho etsa bokgopo.

Ba potlakela ho tsholla madi a batho ba se nang molato.+

Menahano ya bona ke menahano e kotsi,

Ba a senyetsana, ba bakelana masisapelo.+

 8 Ha ba tsebe tsela ya ho ba le kgotso le batho ba bang.

Ditseleng tsa bona ha ho na toka.+

Ba sotha ditsela tsa bona.

Ha ho ya hatang ho tsona ya tla tseba kgotso.+

 9 Ke ka lebaka leo toka e leng hole le rona,

Le ho loka ho sa re fumaneng.

Re ntse re lebeletse lesedi empa ho lefifi.

Re lebeletse kganya empa re ntse re tsamaya lefifing.+

10 Re phopholetsa lebota jwalo ka difofu

Mme re ntse re phopholetsa jwalo ka ba se nang mahlo.+

Re kgoptjwa motshehare o moholo jwalo ka ha eka ke shwalane.

Hara ba matla re tshwana le batho ba shweleng.

11 Kaofela ha rona re ntse re rora jwalo ka dibere.

Re ntse re lla re utlwile bohloko jwalo ka maeba.

Re lebeletse toka empa ha e yo.

Re lebeletse poloko empa e hole haholo le rona.

12 Borabele ba rona bo ngatafetse ka pela hao,+

Dibe tsohle tsa rona di a re qosa.+

Re tseba borabele ba rona,

Le diphoso tsa rona re di tseba hantle.+

13 Re foseditse Jehova ebile re mo latotse.

Re furaletse Modimo wa rona.

Re buile ka kgatello le borabele,+

Re emotse mashano, ra bua mantswe ao e seng nnete ka pelong.+

14 Toka e suthiseditswe morao+

Mme ho loka ho emella hole.+

Nnete* e kgopilwe diterateng

Mme ntho e nepahetseng ha e kgone ho kena.

15 Nnete* ha e sa le yo+

Mme mang kapa mang ya furallang bobe o a tlatlapuwa.

Jehova o bone sena mme ha se a mo thabisa*

Hobane ho ne ho se na toka.+

16 A bona hore ho ne ho se na motho,

A makatswa ke hore ebe ha ho na motho ya kenang dipakeng.

Ka hoo, a lopolla* batho ka letsoho la hae,

Ho loka ha hae ha mo tshehetsa.

17 Jwale a apara ho loka jwalo ka seaparo sa tshepe,

A rwala helmete ya poloko.*+

A apara diaparo tsa phetetso+

Mme a apara tjheseho jwalo ka seaparo.*

18 O tla ba putsa ho latela mesebetsi ya bona:+

O tla halefela bahanyetsi ba hae, a iphetetse ho dira tsa hae.+

O tla fa baahi ba dihlekehleke moputso o ba loketseng.

19 Ba ka bophirimela ba tla tshaba lebitso la Jehova,

Ba ka botjhabela ba tshabe kganya ya hae.

O tla tla jwalo ka noka e bakang mahlomola,

Eo moya wa Jehova o etsang hore e phalle.

20 Jehova o re: “Molopolli+ o tla tla Sione+

Ho bana ba Jakobo ba furallang phoso.”+

21 Jehova o re: “Selekane sa ka le bona ke sena:+ Moya wa ka o leng ho wena le mantswe a ka ao ke itseng o a bue, a ke ke a tloswa molomong wa hao, molomong wa bana* ba hao kapa molomong wa ditloholo* tsa hao ho tloha hona jwale ho ya ho ile,” ke Jehova ya tjhong.

60 “Tsoha, wena Jerusalema,*+ kgantsha lesedi ka ha lesedi la hao le tlile.

Kganya ya Jehova e kganya hodima hao.+

 2 Lefifi le tla kwahela lefatshe,

Lefifi le letsholetsho le kwahele ditjhaba.

Empa Jehova o tla kganya hodima hao,

Kganya ya hae e tla bonwa ho wena.

 3 Ditjhaba di tla ya leseding la hao+

Le marena+ a ye botleng ba hao bo kganyang.*+

 4 Phahamisa mahlo mme o shebe hohle ho o potoloha.

Bara ba hao ba ntse ba tla ba tswa hole+

Le baradi ba hao ba pepilweng.

Kaofela ha bona ba phuthehile, ba tla ho wena.+

 5 Ka nako eo, o tla bona mme o thabe.+

Pelo ya hao e tla nyakalla mme e tlale thabo

Ka ha maruo a lewatle a tla lebiswa ho wena,

Maruo a ditjhaba a tle ho wena.+

 6 Mehlape ya dikamele e tla kwahela naha ya hao,*

Dikamele tse matla tsa Midiane le Efa.+

Bohle ba tswang Sheba ba tla tla.

Ba tla nka kgauta le dibano tse tshweu,

Ba phatlalatse dithoriso tsa Jehova.+

 7 Mehlape yohle ya Kedare+ e tla phuthwa, e tliswe ho wena.

Diramo tsa Nebajothe+ di tla o sebeletsa.

Di tla amohelwa jwalo ka sehlabelo aletareng ya ka+

Mme ke tla kgabisa ntlo ya ka e ntle.*+

 8 Ke bomang baa ba tlang ba fofa jwalo ka maru,

Jwalo ka maeba a yang dirobeng* tsa ona?

 9 Baahi ba dihlekehleke ba tla ntshepa+

Le dikepe tsa Tarshishe di ka pele*

Hore di tlise bana ba hao ba tswang hole+

Ha mmoho le silevera le kgauta ya bona

E le hore ba rorise lebitso la Jehova Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele

Hobane o tla o tlotlisa.*+

10 Baditjhaba ba tla o hahela marako

Mme marena a bona a tla o sebeletsa.+

Ke ile ka o otla hobane ke halefile

Empa ke tla o hauhela hobane ke o rata.+

11 Dikeiti tsa hao di tla dula di butswe.+

Di ke ke tsa kwalwa motshehare kapa bosiu

E le hore o tlisetswe maruo a ditjhaba

Mme marena a ditjhaba a tla ba ka pele.+

12 Setjhaba le mmuso le ha e le ofe o ke keng wa o sebeletsa o tla timela

Ebile ditjhaba di tla ripitlwa hampe.+

13 Kganya ya Lebanone e tla tla ho wena+

Ha mmoho le sefate sa junipere, sefate sa molora* le sa kiprese,+

Bakeng sa ho kgabisa tempele ya ka.

Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.+

14 Bara ba batho ba ileng ba o hlorisa ba tla tla mme ba o inamele.

Bohle ba o tellang ba lokela ho kgumama maotong a hao,

Ba tla lokela ho o bitsa motse wa Jehova,

Sione ya Mohalaledi wa Iseraele.+

15 Ho ena le hore o sale o lahlilwe kgerehlwa mme o hlouwe, ho se motho ya o fapohelang,+

Ke tla etsa hore o roriswe ka ho sa feleng,

O be mohlodi wa thabo melokong yohle.+

16 O tla nwa lebese la ditjhaba,+

O sebedise maruo a marena,*+

O tla fela o tsebe hore nna Jehova, ke Mopholosi wa hao,

Ya Matla wa Jakobo ke Molopolli wa hao.+

17 Ke tla tlisa kgauta ho ena le koporo,

Ke tlise silevera ho ena le tshepe.

Ke tla tlisa koporo ho ena le lehong,

Ke tlise tshepe ho ena le majwe.

Ke tla beha kgotso hore e be molebedi wa hao

Le ho loka hore ho o abele mosebetsi.+

18 Ntwa ha e sa tla hlola e utluwa naheng ya heno

Kapa timetso le tshenyo ka hara meedi ya heno.+

O tla bitsa marako a hao Poloko+ le dikeiti tsa hao Thoriso.

19 Letsatsi ha e sa tla hlola e eba lesedi la hao motshehare,

Kganya ya kgwedi ha e sa tla hlola e o fa lesedi.

Ho wena Jehova e tla ba lesedi le sa feleng,+

Modimo wa hao e be botle ba hao.+

20 Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le dikela

Kapa kgwedi ya hao e fifale

Hobane Jehova e tla ba lesedi le sa feleng bakeng sa hao+

Mme matsatsi a hao a ho utlwa bohloko a tla be a fedile.+

21 Batho ba hao kaofela e tla ba ba lokileng.

Ba tla rua naha ho ya ho ile.

Batho bana ke lehlomela leo ke le lemmeng,

Mosebetsi wa matsoho a ka+ hore ke tlotliswe.+

22 E monyenyane o tla fetoha ba sekete,

Ya fokolang e be setjhaba se matla.

Nna Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ya teng.”

61 Moya wa Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o hodima ka+

Hobane Jehova o nkgethetse* hore ke bolelle ba bonolo+ ditaba tse monate.

O nthometse hore ke tlamise dipelo tsa ba utlwileng bohloko,

Ke phatlalatse tokoloho ho batshwaruwa

Le ho tutubolla mahlo a batshwaruwa,+

 2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa mohau*

Le letsatsi la phetetso la Modimo wa rona,+

Ho tshedisa bohle ba utlwileng bohloko,+

 3 Ho hlokomela ba utlwileng bohloko ka lebaka la Sione,

Ho ba fa tuku ho ena le molora,

Ho ba fa oli hore ba thabe ho ena le ho utlwa bohloko,

Ho ba fa seaparo hore ba nthorise ho ena le ho wa moya.

Ba tla bitswa difate tse kgolo tsa ho loka,

Tse lenngweng ke Jehova e le hore di mo tlotlise.*+

 4 Ba tla tsosolosa dibaka tse ripitlilweng kgale,+

Ba tsosolose dithako tsa kgale.

Ba tla haha botjha metse e ripitlilweng,+

Dibaka tse setseng e le dithako ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong.+

 5 “Batho bao le sa ba tsebeng ba tla tla ba dise mehlape ya lona,

Baditjhaba+ e tla ba dihwai tsa lona le balemi ba lona ba morara.+

 6 Ha e le lona, le tla bitswa baprista ba Jehova,+

Ba tla le bitsa basebeletsi ba Modimo wa rona.

Le tla ja maruo a ditjhaba,+

Le ithorise ka kganya* ya tsona.

 7 Le tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habedi ho ena le ho hlajwa ke dihlong,

Le tla hweletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ya lona ho ena le ho tlotloloha.

Ba tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habedi naheng ya bona.+

Ba tla thaba ka ho sa feleng.+

 8 Nna, Jehova, ke rata toka.+

Ke hloile boshodu le dintho tse sa lokang.+

Ke tla ba fa moputso wa bona ka botshepehi,

Ke etse selekane se sa feleng le bona.+

 9 Bana* ba bona ba tla tsejwa hara ditjhaba+

Le ditloholo tsa bona hara ditjhaba.

Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba,

Ba tsebe hore ke bana* bao Jehova a ba hlohonolofaditseng.”+

10 Ke tla thaba haholo ka lebaka la Jehova.

Ke* tla thaba ka pelo yohle ka lebaka la Modimo wa ka.+

O nkapesitse diaparo tsa poloko.+

O nkapesitse seaparo se selelele* sa ho loka

Jwalo ka monyadi ya rwalang tuku e tshwanang le ya moprista+

Le jwalo ka monyaduwa ya ikgabisang ka mekgabiso ya hae.

11 Jwalo ka ha lefatshe le hlahisa mahlomela a lona

Le jwalo ka ha serapa se etsa hore dintho tse jetsweng ho sona di mele,

Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle

O tla etsa hore ho loka+ le thoriso di mele+ ka pela ditjhaba tsohle.

62 Ka lebaka la Sione nke ke ka thola,+

Ka lebaka la Jerusalema nke ke ka tsitsa

Ho fihlela ho loka ha hae ho kganya jwalo ka kganya e bohale+

Le poloko ya hae e tuka jwalo ka serumula.+

 2 “Ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, wena Jerusalema,*+

Marena ohle a bone kganya ya hao.+

O tla bitswa ka lebitso le letjha+

Leo Jehova* a tla le kgetha.

 3 O tla ba korone ya botle letsohong la Jehova,

O be tuku ya borena letsohong la Modimo wa hao.

 4 Ha o sa tla hlola o bitswa mosadi ya lahlilweng+

Ebile ha ho sa tla hlola ho thwe naha ya hao ha e na baahi.+

Empa o tla bitswa Thabo ya ka e ho Yena,+

Naha ya hao e bitswe Mosadi ya Nyetsweng.

Jehova o tla thabiswa ke wena,

Naha ya hao e tla ba jwalo ka mosadi ya nyetsweng.

 5 Feela jwalo ka ha mohlankana a nyala morwetsana,

Baahi ba naha ba tla o nyala.

Modimo wa hao o tla o thabela

Ka tsela eo monyadi a thabelang monyaduwa.+

 6 Wena Jerusalema, ke behile balebedi marakong a hao.

Ba lokela ho dula ba kgutsitse letshehare lohle le bosiu bohle.

Lona ba buang ka Jehova,

Le se ke la phomola.

 7 Le se ke la kgaotsa ho mo rapela ho fihlela a tiisa Jerusalema ka thata,

Ho fihlela a etsa hore batho ba mo rorise lefatsheng lohle.”+

 8 Jehova o hlapantse ka letsoho la hae le letona, ka letsoho la hae le matla a re:

“Ha ke sa tla hlola ke fa dira dijo* tsa hao

Hape baditjhaba ba ke ke ba nwa veine ya hao e ntjha, eo o e sehletseng.+

 9 Empa ba bokellang dijo ba tla di ja mme ba rorise Jehova,

Ba bokellang veine ba tla e nwella mabaleng a ka a halalelang.”+

10 Tswang, tswang dikeiting.

Hlekang tsela bakeng sa batho.+

Etsang tsela, etsang tsela e kgolo.

Tlosang majwe ho yona.+

Phahamisang letshwao* bakeng sa ditjhaba.+

11 Jehova o phatlaladitse ho ya fihla dikgutlong tsa lefatshe a re:

“Ereng ho moradi wa Sione,

‘Poloko ya hao e a tla.+

Moputso wa hae o ho yena.

Moputso oo a o lefang o ka pela hae.’”+

12 Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, se lopolotsweng ke Jehova,+

Wena o tla bitswa Ya Batlwang, Motse oo Modimo a sa Kang a o Lahla.+

63 Ke mang enwa ya tswang Edomo,+

Ya tswang Bozra+ a apere diaparo tse mmala o kganyang,*

Enwa eo diaparo tsa hae di hlomphehang?

Ha a tsamaya, o a bonahala hore o na le matla a maholo.

“Ke nna, ya buang dintho tse lokileng,

Ya nang le matla a maholo a ho pholosa.”

 2 Ke hobaneng ha diaparo tsa hao di le kgubedu?

Ke hobaneng ha diaparo tsa hao di tshwana le tsa motho ya tlhotlang morara ho etsa veine?*+

 3 “Ke hataketse bate ya veine ke le mong.

Ha ho na motho ya tswang ditjhabeng eo ke neng ke ena le yena.

Ka nna ka hatakela dira tsa ka ke halefile,+

Ka di hatakela ke loloma ke kgalefo.

Diaparo tsa ka di ne di qaphaleditswe ke madi a bona.

Ke tlotsitse diaparo tsa ka kaofela.

 4 Ke entse qeto ya ho tlisa letsatsi la phetetso,+

Selemo sa hore batho ba ka ba lopollwe se fihlile.

 5 Ha ke qamaka, ho ne ho se na motho ya nthusang.

Ka makatswa ke hore ebe ha ho na motho ya ntshehetsang.+

Ka hoo, ka tlisa poloko* ka letsoho la ka,

Ka tshehetswa ke kgalefo ya ka.

 6 Ka nna ka hatakela ditjhaba ke halefile,

Ka di taha ka kgalefo ya ka,+

Ka qhalla madi a tsona fatshe.”

 7 Ke tla bua ka dintho tse bontshang mohau wa Jehova,

Diketso tsa Jehova tse lokelwang ke thoriso,

Ka lebaka la tsohle tseo Jehova a re etseditseng tsona,+

Dintho tse ngata tseo a di etseditseng ba ntlo ya Iseraele

Ho ya ka mohau le lerato la hae le leholo.

 8 O itse: “Ruri ke batho ba ka, bana ba tla ntshepahalla.”*+

Ka hoo, ya eba Mopholosi wa bona.+

 9 Nakong ya mahlomola ohle a bona le yena o ile a hlomoha.+

Moromuwa wa hae* o ile a ba pholosa.+

Ka lerato le qenehelo o ile a ba lopolla+

Yaba o a ba phahamisa le ho ba hlokomela dilemo tseo kaofela.+

10 Empa ba mo fetohela+ mme ba utlwisa moya wa hae o halalelang bohloko.+

Yaba o fetoha sera sa bona,+

A ba lwantsha.+

11 Batho ba Modimo ba hopola mehleng ya kgale,

Mehleng ya mohlanka wa hae Moshe:

“O kae Ya ba ntshitseng lewatleng+ ha mmoho le badisa ba batho ba hae?+

O kae Ya theoletseng moya wa Hae o halalelang hodima Moshe?+

12 O kae Ya neng a tsheheditse Moshe ka letsoho la Hae le matla,*+

Ya arotseng metsi ka pela bona+

Ho etsa hore lebitso la hae le dule le hopolwa ho ya ho ile?+

13 O kae ya etsang hore ba tsamaye hara lewatle le tebileng*

E le hore ba tsamaye ba sa kgoptjwe ke letho

Jwalo ka pere thoteng?

14 Feela jwalo ka ha diphoofolo di theohela phuleng ho ya phomola,

Moya wa Jehova o ile wa ba phomotsa.”+

O ile wa etella batho ba hao pele ka tsela eo

E le hore o iketsetse lebitso le hlomphehang.*+

15 Sheba fatshe o le lehodimong mme o bone.

O shebe o le moo o dulang, sebakeng se phahameng sa kgalalelo le botle.*

Ke hobaneng ha o se o sa tjhesehe le ho bontsha matla a hao?

E kae kutlwelobohloko ya hao,+ o kae mohau wa hao?+

O re hanetse ka tsona.

16 O Ntate wa rona,+

Le hoja Abrahama a ke ke a re tseba

Le Iseraele a ke ke a re lemoha,

Jehova, ke wena Ntate wa rona.

Lebitso la hao ke Molopolli wa rona wa ho tloha kgale.+

17 Jehova, ke hobaneng ha o re tlohela* hore re kgelohe ditsela tsa hao?

Ke hobaneng ha o tlohela* dipelo tsa rona hore di thatafale mme re se ke ra o tshaba?+

Molemong wa bahlanka ba hao, batho bao e leng lefa la hao,

Re hauhele hape.+

18 Batho ba hao ba halalelang ba ile ba rua naha ka nakwana.

Bahanyetsi ba rona ba hataketse sehalalelo sa hao.+

19 Ho tloha kgale re bile jwalo ka bao o sa kang wa ba busa le ka mohla

Le jwalo ka bao ho seng mohla ba kileng ba bitswa ka lebitso la hao.

64 Hoja o ile wa hahola mahodimo, wa theoha

E le hore dithaba di sisinyehe ka lebaka la hao.

 2 Jwalo ka ha mollo o tjhesa dihotetso

O bile o etsa hore metsi a bele

Jwale dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao

Le ditjhaba di ne di tla thothomela ka pela hao.

 3 Nakong eo o neng o etsa dintho tse hlollang tseo re neng re ke ke ra di lebella,+

O ile wa theoha yaba dithaba di a sisinyeha ka pela hao.+

 4 Ho tloha mehleng ya kgale ha ho motho ya utlwileng kapa ya mametseng

Kapa ya boneng Modimo e mong ntle ho wena,

Modimo ya thusang batho ba dulang ba mo lebeletse.*+

 5 O kopane le ba thabelang ho etsa dintho tse lokileng,+

Ba o hopolang mme ba latela ditsela tsa hao.

O ile wa halefa ha re ntse re etsa sebe,+

Re se entse ka nako e telele.

Na re lokela ho pholoswa?

 6 Kaofela re jwalo ka motho ya sa hlwekang,

Diketso tsohle tsa rona tse lokileng di tshwana le lesela le ditshila.*+

Kaofela re tla omella jwalo ka lekgasi,

Diphoso tsa rona di tla re fefola jwalo ka moya.

 7 Ha ho na ya ipiletsang lebitsong la hao,

Ha ho na ya etsang boiteko ba hore a o batle le ho o tshwara ka tiyo.

O re patetse sefahleho sa hao.+

O etsa hore re fellwe ke matla* ka lebaka la diphoso tsa rona.

 8 Empa Jehova, o Ntate wa rona.+

Re letsopa mme o Sebopi sa rona.*+

Kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.

 9 Jehova, o se ke wa halefa haholo.+

O se ke wa dula o hopola diphoso tsa rona.

Ka kopo, hopola hore kaofela re setjhaba sa hao.

10 Metse ya hao e halalelang e fetohile dithako.

Sione e fetohile dithako,

Jerusalema ke hlathe.+

11 Tempele* ya rona e halalelang, e hlomphehang,*

Eo baholoholo ba rona ba o roriseditseng ho yona,

E tjhesitswe ka mollo+

Mme dintho tsohle tsa bohlokwa di senyehile.

12 Jehova, na o tla nne o hane ho re thusa le tlasa maemo aa?

Na o tla nne o thole mme o dumelle hore re hloriswe hampe tjee?+

65 “Ke itlhahisitse ho batho ba sa kang ba botsa ka nna.

Ke entse hore ba sa kang ba mpatla ba mphumane.+

Ke itse: ‘Ke nna enwa, ke nna enwa!’ ho setjhaba se neng se sa ipiletse lebitsong la ka.+

 2 Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa setjhaba sena se manganga,+

Se tsamayang tseleng e fosahetseng,+

Se latelang menahano ya sona.+

 3 Ke batho ba dulang ba ntshitelwa ke ntse ke shebile,+

Ba etsetsang mahlabelo dirapeng+ le ba tjhesang mahlabelo* hodima ditene.

 4 Ba dula hara mabitla,+

Ba qeta bosiu ba ipatile,*

Ba ja nama ya kolobe,+

Moro wa dintho tse silafetseng* o ka dijaneng tsa bona.+

 5 Ba re: ‘Dula moo o leng teng. O se ke wa nkatamela

Ka ha ke halalela ho o feta.’*

Batho bana ba tswela pele ho nkgalefisa* jwalo ka mollo o tukang letshehare lohle.

 6 Dibe tsa bona di ngotswe ka pela ka.

Nke ke ka ema feela

Empa ke tla ba fa moputso,+

Ke tla ba fa moputso o ba loketseng.

 7 Jehova o re: ‘Bakeng sa diphoso tsa bona le diphoso tsa baholoholo ba bona+

Ka ha ba entse sehlabelo hodima dithaba

Mme ba nthohakile hodima maralla,+

Ke tla qala ka ho ba fa moputso wa bona o feletseng.’”*

 8 Jehova o re:

“Feela jwalo ka ha veine e ntjha e fumanwa sehlahleng sa morara

Ebe motho e mong o re: ‘O se ke wa se senya hobane se sa ntse se ena le thuso,’*

Ke tla etsa jwalo molemong wa bahlanka ba ka,

Nke ke ke ba timetsa kaofela.+

 9 Ke tla hlahisa bana* ho tswa lelokong la Jakobo,

Ho tswa lelokong la Juda ke hlahise motho eo e tla ba mojalefa wa dithaba tsa ka.+

Bakgethwa ba ka ba tla di rua

Le bahlanka ba ka ba dule teng.+

10 Sharone+ e tla ba lekgulo bakeng sa dinku.

Kgohlo* ya Akore+ e be sebaka sa phomolo bakeng sa dikgomo

Molemong wa batho ba ka ba mpatlang.

11 Empa lona le hara batho ba lahlang Jehova,+

Ba lebalang thaba ya ka e halalelang,+

Ba tekang tafole bakeng sa modimo wa Mahlohonolo

Le ba tlatsang kopi ya veine e tswakilweng bakeng sa modimo ya Laolang Bokamoso.

12 Ka hoo, ke tla le nehella sabole,+

Kaofela le tla inama hore le bolawe+

Hobane ke hweleditse empa ha le a ka la araba.

Ke buile empa ha le a ka la mamela.+

Le nnile la etsa dintho tse fosahetseng mahlong a ka

Mme la kgetha ntho e sa nthabiseng.”+

13 Ka hona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

“Bahlanka ba ka ba tla ja empa lona le tla lapa.+

Bahlanka ba ka ba tla nwa+ empa lona le tla nyorwa.

Bahlanka ba ka ba tla thaba+ empa lona le tla swaba.+

14 Bahlanka ba ka ba tla hweletsa ba thabile hobane dipelo tsa bona di thabile.

Lona le tla lla ka lebaka la dipelo tse bohloko.

Le tla bokolla hobane le wele moya.

15 Le tla iketsetsa lebitso le lebe leo bakgethwa ba ka ba tla le sebedisa ha ba lakaletsa batho bomadimabe.

Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla le bolaya kaofela.

Empa o tla bitsa bahlanka ba hae ka lebitso le leng+

16 E le hore mang kapa mang ya ipatlelang tlhohonolofatso lefatsheng

A tle a hlohonolofatswe ka Modimo wa nnete*

Le hore mang kapa mang ya hlapanyang lefatsheng

A tle a hlapanye ka Modimo wa nnete.*+

Mahlomola* a fetileng a tla be a lebetswe,

A tla tloswa ka pela mahlo a ka.+

17 Ke bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha.+

Dintho tsa kgale di ke ke tsa hopolwa

Kapa tsa le utlwisa bohloko.*+

18 Ka hona thabang mme le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang.

Ke etsa hore Jerusalema e be sesosa sa nyakallo

Le batho ba yona hore e be sesosa sa thabo e kgaphatsehang.+

19 Ke tla thabiswa ke Jerusalema mme ke thabiswe ke setjhaba sa ka.+

Modumo wa ho lla kapa dillo tsa mahlomola ha di sa tla hlola di utlwahala ho yona.”+

20 “Sebakeng seo, ha ho sa tla hlola ho eba le lesea le phelang matsatsi a seng makae feela

Kapa motho ya hodileng ya tla phela nako e kgutshwanyane.

Mang kapa mang ya shwang a le dilemo di lekgolo o tla nkwa e le moshanyana feela.

Moetsadibe o tla shwa hobane a rohakilwe le hoja a phetse dilemo tse lekgolo.*

21 Batho ba tla haha matlo mme ba dule ho ona,+

Ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona.+

22 Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o dula ho ona,

Ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.

Matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwalo ka matsatsi a sefate.+

Setjhaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.

23 Ba ke ke ba sebeletsa lefeela+

Kapa ba eba le bana ba tla hlahelwa ke tlokotsi.

E tla ba bana* ba hlohonolofaditsweng ke Jehova+

Ha mmoho le ditloholo tsa bona.+

24 Le pele ba hweletsa, ke tla araba.

Ha ba sa ntse ba bua, ke tla utlwa.

25 Phiri le konyana di tla fula ha mmoho,

Tau e tla ja jwang jwalo ka poho,+

Dijo tsa noha e be lerole.

Di ke ke tsa ntsha batho kotsi kapa tsa senya ntho le ha e le efe thabeng ya ka e halalelang,”+ ke Jehova ya tjhong.

66 Jehova o re:

“Mahodimo ke terone ya ka mme lefatshe ke setulwana sa maoto a ka.+

Jwale, le ka nkahela ntlo ya mofuta ofe+

Hona ke phomole hokae?”+

 2 “Letsoho la ka le entse dintho tsena tsohle,

Ke ka moo di bileng teng,” ke Jehova ya tjhong.+

“Ke tla thabiswa ke motho

Ya ikokobeditseng, ya nyahameng le ya thothometswang* ke lentswe la ka.+

 3 Ya hlabang poho o tshwana le ya bolayang motho.+

Ya etsang sehlabelo ka nku o tshwana le ya robang molala wa ntja.+

Ya nyehelang mpho o tshwana le ya nyehelang madi a kolobe.+

Ya nyehelang dibano tse tshweu+ tsa sehopotso o tshwana le ya kopang tlhohonolofatso ka mantswe a boloi.*+

Ba ikgethetse ditsela tsa bona

Mme ba thabela dintho tse nyonyehang.

 4 Ka hoo, ke tla kgetha ditsela tsa ho ba otla,+

Ke tla ba tlisetsa dintho tse ba tshosang

Hobane ha ke hweletsa, ha ho na ya ileng a araba.

Ha ke bua, ha ho na ya ileng a mamela.+

Ba ile ba nna ba etsa dintho tse fosahetseng mahlong a ka,

Ba kgetha ho etsa ntho e sa nthabiseng.”+

 5 Utlwang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang* ke lentswe la hae:

“Bana ba bo lona ba le hloileng, ba le kgethollang ka lebaka la lebitso la ka ba itse: ‘E se eka Jehova a ka tlotliswa!’+

Empa Modimo o tla hlaha a le tlisetse thabo,

Bona ba tla swaba.”+

 6 Ho na le modumo wa moferefere motseng, modumo o hlahang tempeleng.

Ke modumo wa Jehova ha a fa dira tsa hae kotlo e di loketseng.

 7 Mosadi o bile le ngwana le pele a otlwa ke mahlaba.+

Pele mahlaba a pelehi a qala, o ile a ba le ngwana moshanyana.

 8 Ke mang ya kileng a utlwa ntho e tjee?

Ke mang ya boneng dintho tse tjee?

Na naha e tla tswalwa ka letsatsi le le leng?

Kapa na setjhaba kaofela se ka tswalwa ka nako e le nngwe?

Empa hang hoba Sione a otlwe ke mahlaba, o ile a tswala bana ba hae.

 9 Jehova Modimo wa hao o re: “Na ke tla etsa hore nako ya ho pepa e fihle ebe jwale ha ke etse hore ngwana a hlahe?

Kapa na nka etsa hore ngwana a be mothating wa ho hlaha ebe ke kwala popelo?”

10 Thabang le Jerusalema mme le nyakalle le yena,+ lona bohle ba mo ratang.+

Thabang le yena haholo, lona bohle ba mo llelang

11 Ka ha le tla anya matshediso letsweleng la hae mme le kgotsofale ka botlalo.

Le tla nwa le thabe ka lebaka la kganya ya hae e ngata.

12 Jehova o re:

“Ke mo fa kgotso e jwalo ka noka+

Le kganya ya ditjhaba e jwalo ka molapo o phoroselang,+

Le tla anya, le tla pepuwa,

Le tla koietswa le le hodima mangole.

13 Jwalo ka ha mme a tshedisa mora wa hae

Le nna ke tla nne ke le tshedise,+

Le tla tshediswa ka lebaka la Jerusalema.+

14 Le tla bona mme dipelo tsa lona di tla thaba,

Masapo a lona a tla tiya jwalo ka jwang bo botala.

Matla* a Jehova a tla tsebahala ho bahlanka ba hae

Empa o tla nyatsa dira tsa hae.”+

15 “Jehova o tla tla jwalo ka mollo+

Mme dikariki tsa hae di tshwana le moya wa sefefo,+

O tla tla ho tla fana ka kotlo a halefile haholo,

A kgalemele ka malakabe a mollo.+

16 Ka mollo Jehova o tla diha kahlolo

A ahlole batho bohle ka sabole ya hae.

Ba bolailweng ke Jehova ba tla ba bangata.

17 Ba ikgalaletsang le ba itlhwekisang bakeng sa ho kena dirapeng*+ e le ho ya rapela modimo wa bohata, ba jang nama ya kolobe,+ ditadi+ le dintho tse ding tse nyonyehang, kaofela ha bona ba tla fela,” ke Jehova ya tjhong. 18 “Ka ha ke tseba mesebetsi ya bona le menahano ya bona, ke a tla e le hore ke bokelle batho ba ditjhaba le ba dipuo tsohle mme ba tla tla, ba bone kganya ya ka.

19 Ke tla beha letshwao hara bona mme ba bang ba batho ba phonyohileng ke tla ba romela ditjhabeng ho ba hulang seqha e leng Tarshishe,+ Pule le Lude.+ Ke tla boela ke ba romele ho ba leng Tubale, Javane+ le dihlekehlekeng tse hole, ba sa kang ba utlwa tlaleho e mabapi le nna kapa ba bona kganya ya ka. Ba tla phatlalatsa kganya ya ka hara ditjhaba.+ 20 Ba tla tlisa bana ba bo lona kaofela ho tswa ditjhabeng tsohle+ e le mpho ho Jehova ba palame dipere, dikariki, dikoloi, dimmoulo le dikamele, ho nyolohela thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema feela jwalo ka ha batho ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hlwekileng ka tlung ya Jehova,” ke Jehova ya tjhong.

21 “Hape, ke tla nka ba bang hore e be baprista, ba bang e be Balevi,” ke Jehova ya buileng jwalo.

22 “Feela jwalo ka ha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha+ tseo ke di etsang di tla dula di le teng ka pela ka, le lebitso la lona le bana* ba lona ba tla dula ba le teng,” ke Jehova ya tjhong.+

23 “Kgwedi e nngwe le e nngwe le beke e nngwe le e nngwe*

Batho bohle ba tla tla hore ba tlo inama ka pela ka,”*+ ke Jehova ya tjhong.

24 “Ba tla tswa mme ba shebe ditopo tsa batho ba neng ba mphetohetse.

Diboko tse hodima tsona di ke ke tsa shwa

Le mollo o di tjhesang o ke ke wa tima+

Mme di tla fetoha ntho e nyonyehang ho batho bohle.”

E bolelang “Jehova o a Pholosa.”

Kapa: “ha ba tsebe monga bona.”

Ka Seheberu: “Ha e a pepetwa.”

Ke ntlo e ruletsweng ka jwang.

Kapa: “babusi.”

Kapa: “ditaelo.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”

E leng ditshila tse salang ha motho a qhibidihisa dintho tse kang tshepe, silevera le kgauta.

Kapa: “Jwala ba koro bo ritetsweng.”

Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Ho bonahala difate le dirapa di ne di tsamaisana le borapedi ba ditshwantsho.

Thapo e tjhang ha bonolo.

Kapa: “Karolong e qetellang ya matsatsi.”

Kapa: “eike.”

Kapa: “Eo phefumoloho ya hae e leng dinkong tsa hae.”

Kapa: “ba sa kgoneng ho etsa qeto.”

Kapa: “mofodisi wa lona.”

Ka Seheberu: “mahlong a kganya ya hae.”

Ka Seheberu: “Ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.”

Kapa: “batho ba se abelang mosebetsi.”

Kapa: “dinyepa.”

Kapa: “dikgetla tse kgabisang tse hlahisang modumo.”

Kapa: “ka hare.”

Sheba Tlhaloso.

E leng letshwao le neng le etswa mmeleng wa lekgoba kapa motshwaruwa.

Ke ho tlotlollwa ka lebaka la ho se nyalwe le ho se be le bana.

Ka Seheberu: “mantle.”

Kapa: “tshollo ya madi.”

Kapa: “hlwekisang.”

Kapa: “faolwa.”

Kapa: “dihekthere tse nne.”

Ka Seheberu: “bate e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “efa e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bahlomphehi ba hae.”

Kapa: “mahlo a baikgohomosi.”

Kapa: “toka.”

Kapa: “Qeto; Keletso.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “di kobilwe hore di fule metsu.”

Ka Seheberu: “lentswe la serafime se hweletsang.”

Ka Seheberu: “kgutsisitswe.”

Kapa: “kwahetswe.”

Kapa: “dipelo.”

Kapa: “dipelo tsa bona di se ke tsa utlwisisa.”

Kapa: “eike.”

Kapa: “Bana.”

Kapa mohlomong: “ha a ka a.”

E bolelang “Ke ba Setseng Feela ba Tla Kgutla.”

Kapa mohlomong: “tshose.”

Kapa: “phunye marako a yona.” Ka Seheberu: “e qhaqhe.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Modimo o na le Rona.”

Sheba Tlhaloso.

E leng ya Eufrate.

Mohlomong e bolela “O Potlaketse Thepeng e Hapuweng.”

Ka Seheberu: “atamela.”

E leng mosadi wa Esaia.

Silwe e ne e le kotopo ya metsi.

E leng ya Eufrate.

E bolelang “Modimo o na le Rona.”

Kapa: “Itlameng.”

Ka Seheberu, polelwana “Modimo o na le Rona” ke Emanuele. Sheba Esaia 7:14; 8:8.

Kapa: “hlakileng.”

Kapa: “letela.”

Kapa: “mathuela.”

Kapa: “hlakileng.”

Ka Seheberu: “kganya ya mafube.”

Kapa: “mmuso; puso ya bohosana.”

Kapa: “Mmuso; Puso ya bohosana.”

Kapa: “ka dipelo tsa bona tse tellang.”

Kapa mohlomong: “lema.”

Ka Seheberu: “ka morao.”

Kapa mohlomong: “lekala la sefate sa palema le lehlaka.”

Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Ka Seheberu: “molomo o mong le o mong o.”

Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Kapa: “leo le elwang hloko ka lona.”

Kapa: “kganya.”

Ka Seheberu: “Ke.”

E leng batho ba Asiria.

Kapa: “kotlo.”

E leng la batho ba Modimo.

Kapa: “sesebediswa sa tshepe.”

Kapa: “ho loka.”

Ka Seheberu: “thupa ya molomo wa hae.”

Ka Seheberu: “ka moya wa molomo wa hae.”

Kapa: “tawana e moetse.”

Kapa mohlomong: “Namane le tau di tla ja mmoho.”

E leng ha ngwana a se a tlohedisitswe ho nyanya.

Ka Seheberu: “motso wa Jese.”

Kapa: “palo.”

Kapa: “Ditjhaba di tla mo batla.”

Ka Seheberu: “sebakeng sa hae sa phomolo.”

E leng Babilonia.

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “lehetla.”

Kapa: “otlollela matsoho a bona ho.”

Kapa mohlomong: “pshese.”

Ka Seheberu: “leleme.”

E leng noka ya Eufrate.

Kapa mohlomong: “O tla e etsa dinokana.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

“Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.

Ka Seheberu: “mosadi ya dulang.” Ho sebedisitswe mokgabopuo wa thehello ha ho buuwa ka setjhaba kaofela.

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “ba halaleditsweng ba ka.”

Ka Seheberu: “Pelo ya motho e mong le e mong e tla qhibidiha ke letswalo.”

Ka Seheberu: “tsa dinaledi tsa Kesile.” Mohlomong mona ho buuwa ka sehlopha sa dinaledi se bitswang Makolobe le tse ding tse se potapotileng.

Kapa: “mokgabiso wa mebuso.”

Ke batho ba neng ba dula Babilonia.

Kapa mohlomong: “bademona ba nang le sebopeho sa podi.”

Mona ho buuwa ka ha di hlaba moolo.

Kapa: “O tla ba fa phomolo.”

Kapa: “ba neng ba ba qobella ho sebetsa.”

Kapa: “o tla soma.”

Kapa: “motho ya ba qobellang ho sebetsa.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “diphooko.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “diboko.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tlung.”

Kapa: “lekala.”

Ka Seheberu: “Ke tla e fiela ka lefielo la phediso.”

Kapa: “itokiseditseng ho otla.”

Kapa: “noha e lebelo e tjhefo.”

Kapa: “Tempeleng.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ke morara o ommeng o bopuweng hore o shebahale jwalo ka dikuku.

Kapa: “a behileng morara o mongata o mofubedu.”

Kapa mohlomong: “Hobane mohoo wa ntwa o theohetse hodima ditholwana tsa hao tsa lehlabula le kotulo ya hao.”

Kapa: “dilemo tse tharo tse badilweng hantle jwalo ka tsa mohiruwa.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “mafura a nama ya hae.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Phuleng.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a kgahlehang.”

Kapa: “modimo osele.”

Kapa: “se matla haholo, se hatakelang.”

Kapa: “palo.”

Kapa mohlomong: “ke le sebakeng sa ka.”

Ka Seheberu: “ba rafohileng le ba sotseng.”

Kapa: “se matla haholo, se hatakelang.”

Kapa: “mathuela.”

Kapa: “dilope.”

Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.

Kapa: “Memfise.”

Kapa mohlomong: “lekala la sefate sa palema kapa lehlaka.”

Kapa: “molaodi.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “a apere diaparo tsa ka hare feela.”

Kapa: “eo ba neng ba rata botle ba yona.”

E ka nna yaba ke sebaka sa mehleng ya kgale sa Babilonia.

E leng Babilona.

Ka Seheberu: “diqholo tsa ka di opang haholo.”

Kapa: “tlotsang thebe ka oli.”

Ka Seheberu: “bara ba.”

E bolelang “Kgutso.”

Kapa: “ka moo mohiruwa a neng a di bala ka hloko ka teng.” E leng selemo hantle.

Ho bonahala e le Jerusalema.

Ho sebedisitswe mokgabopuo wa mothofatso, mohlomong ho bontsha mohau kapa kutlwelobohloko.

Kapa: “banna ba dipere.”

Ka Seheberu: “kwaholla.”

Kapa: “dikgohlo.”

Kapa: “banna ba dipere.”

Kapa: “Tshireletso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “sebaka sa bodulo.”

Kapa: “matla.”

Kapa: “thakgisa.” E leng Eliakime.

Kapa: “mahlomela.”

Kapa: “thakgisa.” E leng Shebna.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Peo; Dijothollo.”

E leng nokana e tswang Nokeng ya Nile.

Kapa mohlomong: “kou.”

E ka nna yaba mona ho buuwa ka Tire.

Ka Seheberu: “matsatsi.”

Kapa: “lefatshe.”

Ka Seheberu: “o e sotha sefahleho.”

Kapa mohlomong: “e a omella.”

Kapa: “ka ho sa feleng.”

Kapa: “bophirimela.”

Kapa: “sebakeng sa kganya.”

Kapa: “Mokgabiso.”

Ka Seheberu: “elwa hloko.”

Ka Seheberu: “ka pela baholo ba hae.”

Kapa: “O kgalemetse.”

Kapa: “veine e nang le ditshifa.”

Ka Seheberu: “kwenya.”

Kapa: “lesira.”

Ka Seheberu: “phomola hodima.”

Kapa mohlomong: “bao maikutlo a bona a tsitsitseng.”

“Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.

Kapa: “bataletse.”

E leng hore batho ba hopole Modimo le lebitso la hae mme le tsebahatswe.

Kapa: “ka moya wa ka.”

Ka Seheberu: “Setopo.”

Kapa mohlomong: “phoka ya ditlama (tikamotse).”

Kapa: “le tla tswala ba se nang matla lefung.”

Kapa: “nyatso.”

Sheba Tlhaloso.

E ka nna yaba ho buuwa ka Iseraele. O tshwantshwa le serapa sa morara.

Sheba Tlhaloso.

E leng ya Eufrate.

Sheba Tlhaloso.

Mona ho buuwa ka motsemoholo Samaria.

Kapa: “feiga.”

E leng ha ngwana a tlohediswa ho nyanya.

Ka Seheberu: “Kgwele ya ho lekanya hodima kgwele ya ho lekanya, kgwele ya ho lekanya hodima kgwele ya ho lekanya.”

Ka Seheberu: “ba melomo e kokotletsang.”

Kapa: “Kgwele ya ho lekanya hodima kgwele ya ho lekanya, kgwele ya ho lekanya hodima kgwele ya ho lekanya.”

Kapa mohlomong: “re entse pono.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “kgwele e otlollang.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “Ha ba utlwisisa, ba tla tshoha haholo.”

Kapa: “phuleng.”

Kapa: “lefatshe lohle.”

Kapa: “kofola.”

Ke semela se hlahisang peo e nyenyane e sebedisetswang ho etsa bohobe. Ka Senyesemane ke millet.

Mona ho sebedisitswe lentswe la Seheberu le hlalosang koro ya boemo bo tlase e neng e lengwa Egepeta ya boholoholo.

Kapa: “laya ka; kgalemela ka.”

Sheba Tlhaloso ya Ho Pola; Seotlo.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “kgalemelo.”

Kapa: “Le ya bohlale haholo.”

Mohlomong ho bolelwa “Leifo la Aletare ya Modimo” e leng Jerusalema.

Ka Seheberu: “Batho bao o sa ba tsebeng.”

Kapa: “Le kgelohile hakaakang!”

Ka Seheberu: “ya kgalemelang.”

Ka lebaka la ho swaba le ho nyahama.

Ka Seheberu: “ho qhalla dino fatshe e le sehlabelo,” ho bonahala e le pontsho ya tumellano.

Kapa: “ba sa botsa molomong wa ka.”

Ka Seheberu: “qhobosheaneng ya Faro.”

Kapa: “noha ya mollo e fofang.”

Kapa: “taelo.”

Ka Seheberu: “tse boreledi.”

Kapa mohlomong: “sedibeng.”

Kapa: “ba mo emetseng ka tjantjello.”

Kapa: “lesela la ho ilela kgwedi.”

Kapa mohlomong: “mme le re di ditshila.”

Ka Seheberu: “mafura.”

Ka Seheberu: “Lebitso la Jehova le.”

Kapa: “moya.”

Ka Seheberu: “e sefang dintho tse se nang thuso.”

Kapa: “ikgalaletsa bakeng sa.”

Mona “Tofethe” e tshwantshetsa sebaka seo ho tjhesetswang ho sona. E bolela timetso.

Kapa: “banna ba dipere.”

Kapa: “tawana e moetse.”

Kapa: “mollo.”

Kapa: “setshabelo.”

Ka Seheberu: “maleme a ba kokotletsang.”

Kapa: “a itshware ka tsela e sa hlompheheng.”

Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ke leralla le Jerusalema.

Kapa: “di thabelang ho dula teng.”

Kapa: “lokollang.”

Kapa: “letsoho.”

Ka Seheberu: “dinako.”

Ho bonahala e le bahale ba Juda.

E leng sera.

Kapa: “tse lokileng.”

Kapa: “Sebaka sa hae se phahameng se sireletsehileng.”

Kapa: “thuisa ka.”

Ka Seheberu: “e tebileng.”

Kapa: “di tla phalla.”

Kapa: “feiga.”

Ho ka etsahala hore ebe ke diphoofolo tse tshwanang le dinare.

Ho bonahala eka ho buuwa ka Bozra e leng motsemoholo wa Edomo.

Ka Seheberu: “majwe.”

E leng moo diphokojwe di dulang.

Kapa: “diphoofolo tse hlabang moolo” e leng diphoofolo tse etsang sello se kang seo ntja e se etsang bosiu.

Kapa mohlomong: “modemona ya nang le sebopeho sa podi.”

Nonyana e tshwanang le sephooko.

Ka Seheberu: “le di aroletse tsona ka kgwele e methang.”

E leng moo ho dulang diphokojwe.

Rabshake ke tlotla eo ofisiri e kgolo ya Asiria e neng e bitswa ka yona. E bolela ‘mookamedi wa baqhatsetsi.’

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “Sesiria.”

Kapa: “moroto.”

Ka Seheberu: “Etsang selekane le nna mme le be ka lehlakoreng la ka.”

Kapa: “feiga.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Bana ba fihlile molomong wa popelo.”

Ka Seheberu: “le.”

Kapa mohlomong: “dipakeng tsa.”

Kapa: “melatswana ya Noka ya Nile.”

Ka Seheberu: “qetile.”

Kapa: “Ke e entse.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ntlong.”

Ka Seheberu: “matsatsi.”

Mohlomong di ne di sebedisetswa ho supa nako ka ho sheba moriti.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

“Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.

Kapa: “mphedisa.”

Kapa mohlomong: “motlathomo.”

Kapa: “bohloko ba moya wa ka.”

E leng mantswe a Modimo le diketso tsa hae.

Kapa: “O tlositse dibe tsohle tsa ka mahlong a hao.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “difeiga.”

Ka Seheberu: “a ba thabela.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “nnete.”

Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”

Kapa: “Buang le pelo ya.”

Kapa: “e habedi.”

Ka Seheberu: “Lentswe la.”

Kapa: “Lokisang.”

Kapa: “nama yohle.”

Kapa: “Nama yohle.”

Kapa: “lerato la bona le tshepahalang.”

Kapa: “moya.”

Kapa: “O tla disa.”

Boahlamo ba seatla. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “karolong ya boraro,” ya tekanyo e sa tsejweng.

Kapa mohlomong: “utlwisisitseng.”

Kapa: “di ke ke tsa etsa patsi e lekaneng.”

Kapa: “seemahale sa tshepe.”

Kapa: “babusi.”

Kapa: “e ke ke ya utlwisiswa.”

Kapa: “matla a maholo.”

Kapa: “Kgutsang ka pela ka.”

Kapa: “botjhabatsatsi.”

E leng hore a mo sebeletse.

Tshepe e tenya eo ho otlelwang ditshepe ho yona ha di betlwa.

Ka Seheberu: “Peo.”

E leng ho ba ya maemong a tlase le ya sa kgoneng ho itwanela.

Sheba Tlhaloso ya Ho Pola; Seotlo.

Sefate se seholo se bolelele ba dimithara tse 15 ha se hodile. Se na le makgasi a matala le makala a mmala o kang wa molora.

Ka Seheberu: “tsa pele.”

Kapa: “di tebisetsa pelong.”

Kapa: “botjhabatsatsi.”

Kapa: “batlatsi ba mmusi.”

Kapa: “ke ntho e siyo.”

Kapa: “Diemahale.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “Nke ke ka arolelana kganya ya ka le mang kapa mang.”

Kapa: “dibaka tse ommeng.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “Iseraele.”

Ka Seheberu: “peo.”

E ka nna yaba ke medimo ya bohata.

Mohlomong ho buuwa ka dintho tsa pele tseo e leng hona di tla etsahala.

Kapa: “le ntshepe.”

Kapa: “borabele ba hao.”

E leng Adama.

Mohlomong ho buuwa ka batho ba rutang Molao.

Kapa: “o sa le ka popelong.”

E bolelang “Ya Tshepahalang” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.

Kapa: “naha e omeletseng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “seemahale.”

Kapa: “tempeleng.”

Kapa: “eike.”

Kapa: “hlakola.”

Kapa: “baprofeta ba bohata.”

Ka Seheberu: “ke tlamolle dinyepa mathekeng a marena.”

Ka Seheberu: “tlamella haufiufi.”

Kapa: “Ho tloha botjhabatsatsi ho ya bophirimatsatsi.”

Kapa: “Ya mo entseng.”

Kapa: “Ya le bopileng.”

Kapa mohlomong: “Kapa na letsopa le ka re: ‘Mosebetsi wa hao ha o na mehele’?”

Kapa: “O bohlokong ba pelehi bakeng sa eng?”

Kapa mohlomong: “Basebetsi.”

Kapa mohlomong: “borakgwebo.”

Kapa mohlomong: “hore le sale le se na letho.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lokileng.” Sheba Tlhaloso, “Ho Loka.”

Kapa mohlomong ho buuwa ka batho ba ‘ditjhaba.’

Ka Seheberu: “peo.”

Ke modimo wa Bababilona.

Ke modimo wa Bababilona.

E leng ditshwantsho tse bofilweng hodima diphoofolo.

Ka Seheberu: “kgumamela.”

Ka Seheberu: “tsa pele.”

Kapa: “Modimo ya Matla.”

Kapa: “Morero.”

Kapa: “botjhabatsatsi.”

Kapa: “morero.”

Ka Seheberu: “di matla.”

Kapa mohlomong: “ha ho motho eo ke tla mo qenehela.”

Kapa: “Monga Mebuso.”

Kapa mohlomong: “Ho sa tsotellehe.”

Kapa mohlomong: “Ba arolang mahodimo; Balepi ba dinaledi.”

Ka Seheberu: “a ye sebakeng sa habo.”

Ka Seheberu: “metsing.”

Ka Seheberu: “tsa pele.”

Kapa: “seemahale.”

Ka Seheberu: “Le.”

Ka Seheberu: “le.”

Kapa mohlomong: “Ke o kgethile ha o ne o le ka seboping sa ho qhibidihisa sa mahloreho.”

Kapa: “Ha ke arolelane kganya ya ka le mang kapa mang.”

Ka Seheberu: “yona.”

Kapa: “o nthomile ha mmoho le.”

Ka Seheberu: “Peo.”

Ke batho ba neng ba dula Babilonia.

Ka Seheberu: “ke sa le ka popelong.”

Kapa: “Jehova o tla nkahlola ka toka.”

Kapa: “kamohelo.”

Kapa mohlomong: “maralla a hlobotseng.”

Kapa: “mora wa popelo ya hae?”

Kapa: “kwenya.”

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “ba le difubeng tsa bona.”

Ka Seheberu: “Ba tla nyeka lerole le maotong a hao.”

Ka Seheberu: “nama yohle.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o mphile leleme la ba rutehileng.”

Kapa mohlomong: “matlafatsa.”

Ka Seheberu: “ka lentswe.”

Ka Seheberu: “Ke entse hore sefahleho sa ka se be jwalo ka lejwe le thata.”

Kapa: “ntwantshang.”

Kapa: “A re shebane.”

Kapa: “mmoto.”

Kapa: “ba batlang ho loka.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ka bohloko ba pelehi.”

Kapa: “thota ya lehwatata.”

Kapa: “matla a ka.”

Kapa: “ho ke ke ha senngwa.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “mmoto.”

Kapa mohlomong: “seboko.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ya o potapotang.”

Ka Seheberu: “dihloohong tsa diterata tsohle.”

Ke nete e tshwasang ditlhapi.

Kapa: “hlola bakeng sa.”

Kapa: “hloka mantswe.”

Kapa mohlomong: “utlwileng?”

“Hae” e ka emela moshebelli kapa Modimo.

Kapa: “ha ho na letho ka ponahalo ya hae le re kgahlang.”

Kapa mohlomong: “E ne eka motho eo batho ba mo patelang difahleho.”

Ka Seheberu: “kgatello le kahlolo.”

Kapa: “bophelo ba hae?”

Kapa: “a bolawa.”

Kapa: “a se mabifi.”

Ka Seheberu: “molomong wa hae.”

Kapa: “Motho o tla mo fa lebitla.”

Ka Seheberu: “monna wa morui.”

Kapa: “Empa Jehova o ile a thabela.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “thabo.”

Kapa: “bohloko ba moya wa hae.”

Ka Seheberu: “o tsholotse moya wa hae ho isa lefung.”

Kapa: “bana.”

Kapa: “monga hae.”

Kapa: “monga hao.”

Kapa: “majwe a mollo.”

Kapa: “tjhelete eo le e sebeleditseng ka thata.”

Ka Seheberu: “ka lebaka la ho nona.”

Ka Seheberu: “Sekehang ditsebe.”

Kapa: “e a tshepahala.”

Kapa: “ka bolokolohi.”

Kapa: “eo e leng thato ya ka.”

Kapa: “tsebahatsa.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o timetse.”

Kapa mohlomong: “Mme o phonyohile tlokotsi.”

Ka Seheberu: “dibetheng tsa bona.”

Sheba Tlhaloso.

Ke Sione kapa Jerusalema.

Kapa: “Na nka itshedisa.”

E ka nna yaba e ne e le setshwantsho se rapelwang.

Ka Seheberu: “ka mora lemati le kosene ya monyako.”

E ka nna yaba ke borapedi ba ditshwantsho.

Kapa mohlomong: “ho morena.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathaleng.”

Kapa: “ke patile diketso tsa hao.”

Kapa: “dulang.”

Ka Seheberu: “moya wa motho.”

Ho bonahala ho buuwa ka setjhaba sa Iseraele.

Kapa: “buseletse ka matshediso.”

Ka Seheberu: “ke bopa ditholwana tsa molomo.”

Kapa: “thabelwang.”

Ka Seheberu: “ka setebele sa bokgopo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “kgotsofatse moyeng.”

Ka Seheberu: “O tla matlafatsa masapo a lona.”

Ka Seheberu: “kgutlisa maoto a lona.”

Kapa: “thabelang.”

Kapa: “thabele.”

Ka Seheberu: “ha di boima.”

Kapa: “ntho e siyo.”

Ka Seheberu: “Maoto a bona a.”

Kapa: “Botshepehi.”

Kapa: “Botshepehi.”

Ka Seheberu: “e bile ntho e mpe mahlong a hae.”

Kapa: “a hlola.”

Kapa: “tlholo.”

Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo ya peo ya hao.”

Ka Seheberu: “mosadi.”

Kapa: “kganyeng ya mafube a hao.”

Ka Seheberu: “e tla o kwahela.”

Kapa: “e kganyang.”

Kapa: “masobeng a matlo?”

Kapa: “jwalo ka pele.”

Kapa: “kgabisa.”

Sefate se seholo sa bolelele ba dimithara tse 15 ha se hodile. Se na le makgasi a matala le makala a mmala o kang wa molora.

Ka Seheberu: “anya matswele a marena.”

Ka Seheberu: “ntlotseditse.”

Kapa: “kamohelo.”

Kapa: “kgabise.”

Kapa: “maruo.”

Ka Seheberu: “Peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Moya wa ka o.”

Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”

Ka Seheberu: “mosadi.”

Kapa: “molomo wa Jehova.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “palo.”

Kapa mohlomong: “mofubedu tlere!”

Ka Seheberu: “ka sehatelong.”

Kapa: “tlholo.”

Kapa: “ba ke keng ba ntswa tlase.”

Kapa: “Lengeloi le tlang ka pela sefahleho sa hae.”

Kapa: “Ya isitseng letsoho la Hae le letle letsohong le letona la Moshe.”

Kapa: “metsi a bilohang.”

Kapa: “letle.”

Kapa: “tlhompho.”

Kapa: “etsa.”

Ka Seheberu: “etsa.”

Kapa: “ba mo letetse ka mamello.”

Kapa: “lesela la ho ilela kgwedi.”

Ka Seheberu: “re qhibidihe.”

Kapa: “ke wena ya re bopileng.”

Kapa: “Ntlo.”

Kapa: “e ntle.”

Kapa: “ba etsang hore mosi o kubelle.”

Kapa mohlomong: “ba le matlong a ho lebela.”

Kapa: “tse nyonyehang.”

Kapa mohlomong: “Hobane ke tla o bontsha kgalalelo ya ka.”

Ka Seheberu: “Batho bana ke mosi dinkong tsa ka.”

Ka Seheberu: “difubeng tsa bona.”

Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Phula.”

Kapa: “ya tshepahalang.” Ka Seheberu: “Amen.”

Kapa: “ya tshepahalang.” Ka Seheberu: “Amen.”

Kapa: “Mathata.”

Kapa: “fihla pelong.”

Kapa mohlomong: “Ya sa qeteng dilemo tse lekgolo o tla nkwa a rohakilwe.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “ya hlomphang.”

Kapa mohlomong: “ya rorisang ditshwantsho.”

Kapa: “ba hlomphang.”

Kapa: “Letsoho.”

Ke dirapa tse kgethehileng tse neng di sebedisetswa borapedi ba ditshwantsho.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “Ho tloha qalong ya kgwedi e nngwe ho ya ho e nngwe le ho tloha sabatheng e nngwe ho ya ho e nngwe.”

Kapa: “nthapela.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share