LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 January leq. 8
  • O ka Qadisa Moqoqo ka Dipampitshana Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Qadisa Moqoqo ka Dipampitshana Jwang?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • O ka Sebedisa Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho Jwang?
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Ka Moo o ka Sebedisang Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 January leq. 8
Moradiwabo o sebedisa pampitshana e reng ‘Na Mathata a Tla ke a Fele’ ho pakela mme ya emeng moo dibese di emang

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O ka Qadisa Moqoqo ka Dipampitshana Jwang?

Ho tloha ka January 2018, Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona e na le karolo ya mehlala ya seo re ka se buang le batho. Re ntse re kgothalletswa hore re buisane le batho ho e na le ho ba fa dingolwa feela. E le hore bahweletsi ba finyelle sena, divideo tsa mehlala ya seo re ka se buang le batho di ntse di bontsha hore na ke jwang re ka qoqang le batho re sebedisa Bibele feela. Le ha ho le jwalo, na see se bolela hore ha re a lokela ho sebedisa dingolwa ha re bolela ka ntlo le ntlo? Tjhe. Ka mohlala, dipampitshana di ka re thusa hore re qadise moqoqo ka tsela e atlehang. Re ka sebedisa mokgwa o latelang ha re sebedisa pampitshana le ha e le efe:

  1. Botsa mongantlo potso e qalang pampitshaneng, e nang le dikarabo tse sa tshwaneng.

  2. Mo bontshe karabo e hlahang ka Bibeleng e fumanehang hodimo leqepheng le latelang. Haeba nako e le teng, bala dintlha tse hlahang ka hara pampitshana mme le buisane ka tsona.

  3. Fa mongantlo pampitshana, mme o mo kgothalletse hore a e bale ha a fumana monyetla.

  4. Pele o tsamaya, mo bontshe potso e reng “O ka Nna wa Ipotsa” mme o hlophise hore le buisane ka karabo e tswang Bibeleng nakong e tlang.

Pampitshana e reng ‘O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?’ e nang le dinomoro tse nne tse bontshang dintlha tse ka sehloohong tsa yona.

Ha o kgutla, buisanang ka karabo e tswang Bibeleng mme o mo botse potso eo le tla buisana ka yona nakong e tlang. O ka kgetha potso e hlahang websaeteng ya rona kapa e hlahang sengolweng se hlahang leqepheng la ho qetela. Haeba o bona ho loketse o ka fana ka bukana ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! kapa wa fana ka sengolwa sa ho ithuta Bibele se hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share