LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w17 June leq. 32
  • Re o Lome Tsebe?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re o Lome Tsebe?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Hlwekisa Tempele
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Na o ne o Tseba?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 June leq. 32
Jesu o phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng

Re o Lome Tsebe?

Na ho ne ho nepahetse hore batho ba neng ba rekisa diphoofolo tempeleng ya Jerusalema ba bitswe “mashodu”?

TLALEHO ya buka ya Matheu e re Jesu o ile a “a kena ka tempeleng a phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng, mme a phethola ditafole tsa ba ananyang tjhelete le dibentjhe tsa ba rekisang maeba. A re ho bona: ‘Ho ngodilwe, “Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo,” empa le e etsa lehaha la mashodu.’”​—Mat. 21:12, 13.

Dibuka tsa histori ya Sejuda di bontsha hore borakgwebo bao ba ne ba ropa batho ka ho rekisa dintho ka theko e hodimo haholo. Ka mohlala, buka ya The Mishnah e re dilemong tsa bo50 maeba a mabedi, a neng a sebediswa ho etsa sehlabelo, a ne a se a rekiswa ka denare e le nngwe ya kgauta. Tjhelete eo e ne e lekana le eo motho a neng a e patalwa ha a sebeditse matsatsi a 25. Molao o ne o dumella motho ya futsanehileng ho etsa sehlabelo ka maeba kapa maebana, empa jwale le tsona dinonyana tsena di ne di se di tura haholo esita le bakeng sa mafutsana. (Lev. 1:14; 5:7; 12:6-8) Rabi e mong ya bitswang Simeon ben Gamaliel, o ile a tenwa ke boemo bona hoo a ileng a ba a fokotsa palo ya mahlabelo ao batho ba neng ba tlamehile ho a etsa.

Mabaka ao re buileng ka ona ka hodimo a re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jesu a ne a nepile ka ho bitsa borakgwebo bao “mashodu.” Ba ne ba tlatlapa batho ka lebaka la ho ba meharo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share