LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 August maq. 8-13
  • Jehova o Batla Hore Batho Bohle ba Bake

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Batla Hore Batho Bohle ba Bake
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • JEHOVA O ILE A RENG HO BAISERAELE KA HO BAKA?
  • JEHOVA O THUSITSE BATHO JWANG HORE BA BAKE?
  • JESU O ILE A RUTA BARUTUWA BA HAE ENG KA HO BAKA?
  • Jehova o Entseng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Baholo ba Lokela ho Etsang ha ba Thusa Motho ya Entseng Sebe se Tebileng?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Kgodiseha Hore Jehova o o Tshwaretse
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Baholo ba ka Thusa Batho ba Tlositsweng ka Phuthehong Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 August maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 32

PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Ikokobeditseng

Jehova o Batla Hore Batho Bohle ba Bake

“Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”—2 PET. 3:9.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na ho baka ho bolelang, ke hobaneng ha ho le bohlokwa le hore na Jehova o thusitse batho jwang hore ba bake.

1. Motho ha a bakile o etsang?

RE LOKELA ho bakela dintho tsohle tse mpe tseo re di etsang. Ho ya ka Bibele, ha motho a fetola tsela eo a ikutlwang ka yona ka ketso e itseng e mpe, a kgaotsa ho e etsa ebile a ikemiseditse ho se e phete, ke hona ha a bakile.—Sheba Lentswe “Pako” tlasa Ditlhaloso Tsa Mantswe a Bibele.

2. Ke hobaneng ha re lokela ho baka? (Nehemia 8:​9-11)

2 Kaofela ha rona re lokela ho baka hobane re etsa dibe letsatsi le leng le le leng. Ka ha re bana ba Adama le Eva, re futsitse sebe ho bona mme re a shwa. (Bar. 3:23; 5:12) Ha ho na motho ya ka reng yena ha se moetsadibe. Esita le batho ba neng ba ena le tumelo e matla jwalo ka moapostola Pauluse ba ne ba etsa dibe. (Bar. 7:​21-24) Na see se bolela hore re lokela ho dula re utlwile bohloko ka lebaka la dibe tsa rona? Ho hang. Ka ha Jehova o mohau, o batla hore re thabe. Nahana ka Bajuda ba mehleng ya Nehemia. (Bala Nehemia 8:​9-11.) Jehova o ne a sa batle hore ba dule ba utlwile bohloko ka lebaka la dibe tseo ba di entseng nakong e fetileng empa o ne a batla hore ba dule ba thabile ha ba ntse ba mo sebeletsa. O a tseba hore ho baka ho tla etsa hore re thabe, ke ka hona a reng re lokela ho baka. Ha re bakela dibe tsa rona, re ka kgodiseha hore Ntate wa rona ya mohau o tla re tshwarela.

3. Re tlo ithuta dintho dife sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo ithuta haholwanyane ka ho baka. Re tlo hlahloba dintho tse tharo. Re tla qala pele ka ho ithuta hore na Jehova o ile a reng ho Baiseraele ka ho baka. Re tla boela re ithute hore na Jehova o ile a thusa batho jwang hore ba bake. Qetellong re tla bua ka hore na Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae eng ka ho baka.

JEHOVA O ILE A RENG HO BAISERAELE KA HO BAKA?

4. Jehova o ile a reng ho Baiseraele nakong eo a neng a ba fa melao?

4 Nakong eo Jehova a neng a fa Baiseraele melao, o ile a etsa selekane le bona. Selekane seo se ne se re haeba feela ba ka mamela melao ya hae, o ne a tla ba sireletsa le ho ba hlohonolofatsa. Ha a ne a bua le bona ka melao ya hae o ile a re: “Taelo ena eo ke le laelang yona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utlwisisa kapa la e phetha.” (Deut. 30:​11, 16) Empa haeba ba ne ba ka mo fetohela ka hore ba rapele medimo e meng, le yena o ne a tla kgaotsa ho ba hlohonolofatsa ebe ba hlahelwa ke mathata. Le ha ho le jwalo, ba ne ba ntse ba ka kgona ho lokisa ditaba le Modimo ka hore ba ‘kgutlele ho Jehova Modimo wa bona’ le ka hore ba ‘mamele lentswe la hae.’ (Deut. 30:​1-3, 17-20) Ka mantswe a mang ba ne ba ena le monyetla wa ho baka. Haeba ba ne ba ka etsa jwalo, Jehova o ne a tla ba rata a be a ba hlohonolofatse.

5. Keng e bontshang hore Jehova ha a ka a fella Baiseraele pelo? (2 Marena 17:​13, 14)

5 Baiseraele ba ile ba fetohela Jehova ka makgetlo a mangata. Ba ile ba rapela ditshwantsho le ho etsa dintho tse ngata tse nyonyehang, yaba qetellong ba utlwa ka letlalo. Empa Jehova ha a ka a ba fella pelo. O ile a romela baprofeta ka makgetlo a mangata ho ba thusa hore ba bake le ho kgutlela ho yena.—Bala 2 Marena 17:​13, 14.

6. Jehova o ile a re baprofeta ba hae ba reng ho batho ba hae ka ho baka? (Sheba setshwantsho.)

6 Jehova o ne a roma baprofeta ba hae hangata hore ba lemose le ho kgalemela batho ba hae. Ka mohlala, o ile a roma Jeremia hore a re ho bona: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi. Nke ke ka o halefela hobane ke a tshepahala . . . Nke ke ka dula ke o halefetse ho ya ho ile. Amohela feela hore o entse phoso hobane o sitetswe Jehova.” (Jer. 3:​12, 13) O ile a boela a re Joele a re ho bona: “Le kgutlele ho nna ka dipelo tsohle.” (Joele 2:​12, 13) Hape o ile a roma Esaia hore a re ho bona: “Itlhatsweng, itlhwekiseng, tlosang mesebetsi ya lona e kgopo mahlong a ka. Kgaotsang ho etsa bobe.” (Esa. 1:​16-19) O ile a ba a re Ezekiele a re: “Ha ke thabele ho bona motho ya kgopo a shwa. Nka thabela hore a fetole ditsela tsa hae tse mpe mme a tswele pele a phela. . . . Ha ke thabele ho bona motho le ha e le ofe a shwa. Ka lebaka leo, fetolang dintho tseo le di etsang e le hore le phele.” (Ezek. 18:​23, 32) Jehova o a thaba ha batho ba bakela dibe tsa bona hobane o batla hore ba phele ka ho sa feleng. Ka hoo, ha a phuthe matsoho feela, a emetse hore batho ba bake ebe ke hona a ba thusang. A re boneng mehlala e meng e tiisang taba ena.

Ditshwantsho: Baprofeta ba ileng ba rongwa ke Jehova hore ba lemose le ho kgalemela batho ba hae. 1. Joele: hoo e ka bang ka 820 B.C.E. 2. Hosea: ka mora 745 B.C.E. 3. Esaia: ka mora 732 B.C.E. 4. Ezekiele: hoo e ka bang ka 591 B.C.E. 5. Jeremia: 580 B.C.E.

Jehova o ne a roma baprofeta ba hae hangata ho thusa batho ba hae hore ba bake (Sheba serapa sa 6 le 7)


7. Jehova o ile a sebedisa mohlala wa Hosea le mosadi wa hae ho ruta batho ba hae thuto efe?

7 Jehova o ile a sebedisa mohlala wa Gomere mosadi wa moprofeta Hosea ho ruta batho ba hae thuto ya bohlokwa. Ka mora ho etsa bofebe o ile a siya Hosea yaba o ya ho banna ba bang. Na Jehova o ne a nka Gomere e se e le baehlotse? Tjhe! Ka ha Jehova o kgona ho bona dipelo, o ile a re ho Hosea: “Tsamaya hape, o rate mosadi ya ratwang ke monna e mong a bile a etsa bofebe jwalo ka ha Jehova a rata setjhaba sa Iseraele le ha se ntse se ya ho medimo e meng.” (Hos. 3:1; Diprov. 16:2) Hlokomela hore mosadi wa Hosea o ne a ntse a tswela pele ka boitshwaro bona ba hae bo bobe. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a re Hosea a ye ho yena, a mo tshwarele a be a kgutlelane le yena.a Mohlala ona o a bontsha hore Jehova o ne a sa qhalla batho ba hae matsoho. Le hoja ba ne ba ntse ba tswela pele ho etsa dintho tse mpe, o ne a ntse a ba rata. O ile a nna a leka ka ditsela tsohle ho ba thusa hore ba bake le ho fetola mekgwa ya bona. Mohlala ona o re ruta hore Jehova o ‘hlahloba dipelo’ mme o ikemiseditse ho thusa motho le ha a ntse a tswela pele ho etsa sebe se tebileng hore qetellong a bake. (Diprov. 17:3) A re bone hore na o ile a etsa seo jwang.

JEHOVA O THUSITSE BATHO JWANG HORE BA BAKE?

8. Jehova o ile a etsang ho thusa Kaine hore a bake? (Genese 4:​3-7) (Sheba setshwantsho.)

8 Kaine e ne e le mora wa letsibolo wa Adama le Eva. O ile a futsa mekgwa e mebe ho batswadi ba hae. Bibele e boetse e re ka yena: “Mesebetsi ya hae e ne e le mebe.” (1 Joh. 3:12) E ka nna yaba ke lona lebaka le entseng hore Jehova a se ke “a amohela Kaine le nyehelo ya hae.” Ho ena le hore Kaine a fetole mekgwa ya hae, o ile “a halefa haholo mme a utlwa bohloko.” Jehova o ile a etsang ka mora moo? O ile a bua le Kaine. (Bala Genese 4:​3-7.) Jehova o ile a eletsa Kaine ka mosa mme a mo bolella hore o tla mo hlohonolofatsa haeba a ka fetoha. O ile a boela a mo lemosa hore kgalefo ya hae e tla etsa hore qetellong a etse sebe. Ka maswabi Kaine o ile a hana ho mamela. Ha a ka a dumella Jehova hore a mo thuse ho baka. Empa na manganga a Kaine a ile a etsa hore Jehova a kgaotse ho thusa baetsadibe ba bang hore ba bake? Le letho!

Kaine o nkile molamu o ilo bolaya Abele. O a hetla e le hore a utlwe lentswe la Jehova le hlahang lehodimong.

Jehova o ile a eletsa Kaine ka mosa mme a mo bolella hore o tla mo hlohonolofatsa haeba a ka fetoha. O ile a boela a mo lemosa hore kgalefo ya hae e tla etsa hore qetellong a etse sebe (Sheba serapa sa 8)


9. Jehova o ile a thusa Davida jwang hore a bake?

9 Jehova o ne a rata Morena Davida haholo hoo a ileng a ba a re ke ‘monna ya mo kgahlisang.’ (Dik. 13:22) Empa Davida o ile a etsa dibe tse tebileng tse kang bofebe le ho bolaya. Ho ya ka Molao wa Moshe, Davida o ne a lokela ho bolawa. (Lev. 20:10; Num. 35:31) Empa Jehova o ile a ba mosa a batla ho thusa Davida hore a bake.b O ile a etsa seo ka hore a romele moprofeta Nathane ho Davida le hoja Davida a ne a eso ka a etsa letho le bontshang hore o bakile. Nathane o ile a bolella Davida papiso e entseng hore a bone na o entse dintho tse mpe hakae. Ka mora moo, Davida o ile a swaba haholo yaba o qetella a bakile. (2 Sam. 12:​1-14) O ile a ngola Pesaleme e amang pelo e bontshang hore o ne a bakile. (Pes. 51, sehloohwana) Pesaleme eo e kgothaditse batho ba bangata ba ileng ba etsa dibe mme ya ba susumeletsa hore ba bake. Ka nnete re thaba haholo hore ebe Jehova o ile a thusa Davida hore a bake.

10. O ikutlwa jwang ka tsela eo Jehova a re mamellang le ho re tshwarela ka yona?

10 Jehova o hloile mefuta yohle ya dibe ebile ha a dumellane le yona ka tsela le ha e le efe. (Pes. 5:​4, 5) Le ha ho le jwalo, o a tseba hore kaofela re baetsadibe mme ka ha o a re rata, o kgetha ho re thusa hore re qobe ho etsa sebe. Ho kgothatsa haholo ho tseba hore o dula a leka ho re thusa hore re bake le hore re be metswalle ya hae ho sa tsotellehe hore na re etsa dibe tse tebileng hakae. Ka hoo, ho nahanisisa ka mamello ya Jehova le tsela eo a re tshwarelang ka yona, ho re susumeletsa hore re ikemisetse ho dula re mo tshepahalla le ho potlakela ho baka ha re entse sebe. Hona jwale a re boneng hore na Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae eng ka ho baka.

JESU O ILE A RUTA BARUTUWA BA HAE ENG KA HO BAKA?

11, 12. Jesu o ile a etsa papiso efe ho ruta batho ka tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona? (Sheba setshwantsho.)

11 Nako e ile ya fihla ya hore Mesia a tle. Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova o ile a sebedisa Johanne Mokolobetsi le Jesu Kreste ho hlokomedisa batho hore na ho baka ho bohlokwa hakae.—Mat. 3:​1, 2; 4:17.

12 Ha Jesu a ntse a etsa tshebeletso ya hae, o ile a ruta batho hore Ntate wa hae o ikemiseditse ho ba tshwarela ha ba etsa dibe. O ile a ba ruta thuto ena ya bohlokwa ka ho etsa papiso ya mora ya lahlehileng. Mohlankana eo o ile a kgetha ho tloha hae yaba o phela bophelo bo ditshila. Ha morao o ile a “hlaphohelwa” yaba o kgutlela hae. Ntate wa hae o ile a mo tshwara jwang? Jesu o ile a re: “Ha a sa le hole ntate wa hae a mo bona, a mo utlwela bohloko, a matha a ya ho yena a mo haka yaba o a mo suna.” Mora eo o ile a kopa hore ntate wa hae a mo etse e mong wa bahiruwa ba hae empa ntate wa hae o ile a mo bitsa “mora enwa wa ka” a ba a mo amohela. Ntate wa hae o ile a re: “O ne a lahlehile empa o fumanwe.” (Luka 15:​11-32) Ha Jesu a ntse a le lehodimong, e tlameha ebe o ne a ile a bona ka makgetlo a mangata ha Ntate wa hae a hauhela baetsadibe ba bakileng ka tsela e tshwanang. Papiso ena ya mora ya lahlehileng e re kgothatsa haholo ebile e re ruta ka moo Ntate wa rona Jehova a leng mohau ka teng.

 Mora ya lahlehileng ya hlahang papisong ya Jesu, o kgumama ka pela ntate wa hae. Ntate wa hae o a mo mathela mme o a mo haka.

Ntate ya hlahang papisong ya Jesu ya mora ya lahlehileng, o mathela mora wa hae ya seng a kgutletse hae mme o a mo haka (Sheba serapa sa 11 le 12)


13, 14. Moapostola Petrose o ile a ithuta eng ka ho baka, hona o ile a ruta batho ba bang eng? (Sheba setshwantsho.)

13 Moapostola Petrose o ile a ithuta thuto ya bohlokwa ho Jesu ka ho baka le ho tshwarela. O ne a etsa diphoso tse ngata empa Jesu o ne a dula a mo tshwarela. Ka mohlala, ka mora hore Petrose a latole ka makgetlo a mararo hore o tseba Jesu, o ile a utlwa bohloko haholo. (Mat. 26:​34, 35, 69-75) Empa ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a hlaha ho Petrose mme ho bonahala eka o ile a hlaha ho yena moo ba leng bang. (Luka 24:​33, 34; 1 Bakor. 15:​3-5) E tlameha ebe ka nako eo Jesu o ile a mo kgodisa hore o mo tshwaretse ka ha o ne a tseba hore o bakile.—Sheba Mareka 16:7.

14 Ka ha Petrose o ne a se a ile a tshwarelwa, o ne a se a ka kgona ho ruta batho ba bang ka ho baka le ho tshwarela. Nakwana ka mora mokete wa Pentekonta, Petrose o ile a bua le letshwele la Bajuda a le bolella hore le ile la bolaya Mesia. Le ha ho le jwalo, o ile a re ho bona: “Bakang mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe e le hore Jehova a ka le kgatholla.” (Dik. 3:​14, 15, 17, 19) Ka mantswe ao, Petrose o ile a ba ruta hore ha motho a sokoloha, e leng ha a fetola tsela eo a nahanang ka yona le mekgwa ya hae e mebe mme a etsa dintho tse thabisang Modimo, ke hona ha a bakile. O ile a boela a re Jehova o ne a tla hlakola dibe tsa bona. Dilemo tse mashome ha morao o ile a re ho Bakrestemmoho le yena: “Jehova . . . ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9) Ho kgothatsa haholo ho tseba hore ho sa tsotellehe hore na re etsa dibe tse tebileng hakae, haeba feela re baka, Jehova o ikemiseditse ho re tshwarela.

Ditshwantsho: 1. Moapostola Petrose o lla ha bohloko. 2. Ka mora hore Jesu a tsoswe, o kgothatsa Petrose.

Jesu o ile a kgodisa Petrose hore o mo tshwaretse ka ha o ne a tseba hore o bakile (Sheba serapa sa 13 le 14)


15, 16. (a) Moapostola Pauluse o ile a ithutang ka tsela eo Jehova le Jesu ba tshwarelang ka yona? (1 Timothea 1:​12-15) (b) Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

15 Saule wa Tarsase ke e mong wa batho ba ileng ba etsa dintho tse mpe ka tsela e makatsang. O ne a hlorisa barutuwa ba Jesu ka sehloho. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba bangata ba ne ba bona e le motho ya ke keng a baka le ka mohla. Empa tsela eo Jesu a neng a sheba Saule ka yona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba mo sheba ka yona. Yena le Ntate wa hae ba ile ba bona makgabane ao Saule a neng a ena le wona. Jesu o ile a re: “Monna enwa ke sejana seo ke se kgethileng.” (Dik. 9:​15, nal.) Jesu o ile a ba a etsa mohlolo ho thusa Saule hore a bake. (Dik. 7:58–8:3; 9:​1-9, 17-20) Saule e ile ya eba Mokreste mme ha morao a tsejwa e le moapostola Pauluse. O ile a leboha hore ebe Jehova le Jesu ba mo hauhetse le ho ba mosa ho yena. (Bala 1 Timothea 1:​12-15.) Ha morao Pauluse o ile a re ho Bakrestemmoho le yena: ‘Ka mosa Modimo o leka ho le thusa hore le bake.’—Bar. 2:4.

16 Ka mora hore Pauluse a utlwe hore ho hlahile boemo bo tshosang phuthehong ya Korinthe ba monna ya neng a entse boitshwaro bo bobe, o ile a etsang? O ile a rarolla bothata boo ka tsela e bontshang hore Jehova o re kgalemela hobane a re rata haholo mme o batla hore le rona re hauhele ba bang ha ba bakile. Sehloohong se latelang re tla bua haholwanyane ka taba ena e ileng ya etsahala phuthehong ya Korinthe.

O KA RENG?

  • Jehova o ile a reng ho Baiseraele ka ho baka?

  • Jehova o thusitse batho jwang hore ba bake?

  • Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae eng ka ho baka?

PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova

a Boemo ba Hosea le Gomere bo ne bo ikgetha. Mehleng ena Jehova ha a tlame motho hore a dule a nyalane le molekane wa hae haeba molekane eo a entse bofebe. Jehova o ile a ba a laela Mora wa hae hore a hlalose hore haeba monna kapa mosadi a batla, a ka kgetha ho hlala molekane wa hae haeba molekane eo a entse bofebe.—Mat. 5:32; 19:9.

b Sheba sehlooho se reng: “Tšoarelo ea Jehova e U Tsoela Molemo Joang?” ho Molula-Qhooa wa November 15, 2012, maq. 21-23, dir. 3-10.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share