LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr18 November maq. 1-11
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 5-11 NOVEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 November maq. 1-11

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

5-11 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 20-21

“Na o Nthata ho Feta Tsee?”

(Johanne 21:1-3) Ka mora dintho tsena Jesu a boela a iponahatsa ho barutuwa lewatleng la Tiberiase; empa a etsa ponahatso eo ka tsela ena. 2 Simone Petrose le Thomase, ya neng a bitswa Lefahla ba ne ba le hammoho, le Nathanaele ya tswang Kana ya Galilea le bara ba Zebedea le barutuwa ba bang ba hae ba babedi. 3 Simone Petrose a re ho bona: “Ke ilo tshwasa ditlhapi.” Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tswa mme ba palama sekepe, empa bosiung boo ha ba a ka ba tshwasa letho.

(Johanne 21:4-14) Le ha ho le jwalo, hantle feela ha e e ba hoseng, Jesu a ema lebopong, empa ka ho hlakileng, barutuwa ha ba a ka ba lemoha hore ke Jesu. 5 Jwale Jesu a re ho bona: “Bana ba banyenyane, na ha le na letho le jewang?” Ha ba mo araba ba re “Tjhe!” 6 A re ho bona: “Lahlelang letlowa ka lehlakoreng le letona la sekepe mme le tla di fumana.” Jwale ba le lahlela, empa ba se ke ba hlola ba kgona ho le hula ka lebaka la ditlhapi tse ngata haholo. 7 Ka hona morutuwa yane eo Jesu a neng a mo rata a re ho Petrose: “Ke Morena!” Ka hoo ha Simone Petrose a utlwa hore ke Morena, a itlama ka seaparo sa hae sa ka hodimo, ka ha o ne a hlobotse, mme a itahlela ka lewatleng. 8 Empa barutuwa ba bang ba tla ka seketswana, ka ha ba ne ba se hole le moo ho omileng, hoo e ka bang bohole ba dimithara tse mashome a robong feela, ba hula letlowa la ditlhapi. 9 Le ha ho le jwalo, ha ba theohela moo ho omileng ba bona mollo wa mashala a patsi mme ditlhapi di le hodima ona le bohobe. 10 Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ding tsa ditlhapi tseo le sa tswa di tshwasa hona jwale.” 11 Ka hona, Simone Petrose a hlwella mme a hulela letlowa moo ho omileng le tletse ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro. Empa le hoja di ne di le ngata hakaalo letlowa ha le a ka la phatloha. 12 Jesu a re ho bona: “Tloong, le je dijo tsa lona tsa hoseng.” Ha ho le ya mong wa barutuwa ya neng a e na le sebete sa ho mo botsisisa: “O mang?” hobane ba ne ba tseba hore ke Morena. 13 Jesu a tla mme a nka bohobe a ba fa bona, a ba fa le ditlhapi. 14 Jwale lena e ne e le lekgetlo la boraro leo Jesu a ileng a bonahala ka lona ho barutuwa ka mora hore a tsoswe bafung.

(Johanne 21:15-19) Jwale, ha ba jele dijo tsa hoseng, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone mora wa Johanne, na o nthata ho feta tsee?” A re ho yena: “E, Morena, wa tseba hore ke a o rata.” A re ho yena: “Fepa dikonyana tsa ka.” 16 Hape a re ho yena, ka lekgetlo la bobedi: “Simone mora wa Johanne, na o a nthata?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” A re ho yena: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.” 17 A re ho yena ka lekgetlo la boraro: “Simone mora wa Johanne, na o a nthata?” Petrose a sarelwa ka hore o itse ho yena ka lekgetlo la boraro: “Na o a nthata?” Ka hoo a re ho yena: “Morena, o tseba dintho tsohle; o a hlokomela hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Fepa dinku tsa ka tse nyenyane. 18 Kannetenete ke re ho wena, Ha o ne o le monyenyane, o ne o itlama mme o tsamaya hohle moo o batlang teng. Empa ha o tsofala o tla otlolla matsoho mme motho e mong o tla o tlama a o ise moo o sa lakatseng.” 19 Sena o ile a se bua ho bontsha hore na o ne a tla tlotlisa Modimo ka lefu la mofuta ofe. Ka hoo, ha a buile sena, a re ho yena: “Tswela pele o ntatela.”

nwtsty study notes tse ho Joh 21:15, 17

Jesu a re ho Simone Petrose: Jesu o ile a ba le pusinano ena le Petrose nakwana ka mora hore a mo latole ka makgetlo a mararo. Jesu o ile a botsa Petrose dipotso tse tharo tse fatang maikutlo hoo ‘Petrose a ileng a sarelwa.’ (Joh 21:17) Johanne o sebedisitse maetsi a mabedi a Segerike a sa tshwaneng e leng a·ga·paʹo le phi·leʹo ao ka Sesotho a bolelang lerato. Jesu o ile a botsa Petrose ka makgetlo a mabedi a re: “Na o a nthata?” Makgetlong ao a mabedi, Petrose o ile a mo tiisetsa hore o a mo “rata.” Lekgetlong la boraro Jesu o ile a boela a botsa Petrose a re: “Na o a nthata?” Petrose o ile a mo kgodisa hore o a mo rata. Ha Petrose a ne a tiisetsa Jesu hore o a mo rata, Jesu o ile a hatisa hore lerato leo le lokela ho susumelletsa Petrose ho fepa le ho “disa” barutuwa ba Jesu, bao hape ba bitswang dikonyana kapa “dinku tse nyenyane.” (Joh 21:16, 17; 1Pe 5:1-3) Jesu o ile a dumella Petrose hore a tiise hore o a mo rata ka makgetlo a mararo yaba o mo fa boikarabelo ba hore a hlokomele dinku tsa hae. Ka tsela ena, Jesu o ile a kgodisa Petrose hore o mo tshwaretse le hoja Petrose a mo latotse ka makgetlo a mararo.

na o nthata ho feta tsee?: Ho latela melao ya sebopeho puo, polelo e reng “ho feta tsee” e ka utlwisiswa ka ditsela tse sa tshwaneng. Bangodi ba bang ba nahana hore mantswe ana a re “na o nthata ho feta ka moo o ratang barutuwa ba bang ka teng?” kapa “na o nthata ho feta barutuwa ba bang?” Le ha ho le jwalo, e ka nna ya ba mantswe ana a re “na o nthata ho feta tsee?” e leng ditlhapi tseo ba di tjhehileng kapa dintho tse amanang le kgwebo ya ditlhapi. Ka hoo, ho bonahala ntlha ya temana ee e le: ‘Na o nthata ho feta maruo? Haeba ho jwalo, fepa dikonyana tsa ka.’ Potso eo e ne e loketse ka ha Petrose e ne e le motshwasi wa ditlhapi. Le hoja Petrose e ile ya eba morutuwa wa pele wa Jesu (Joh 1:35-42) o ile a kgutlela kgwebong ya hae ya ho tshwasa ditlhapi. Empa dikgwedi hamorao, Jesu o ile a re Petrose a tlohele kgwebo ya hae ya ho tjheha ditlhapi e be ‘motshwasi wa batho.’ (Mat 4:18-20; Lu 5:1-11) Ka mora lefu la Jesu, Petrose o ile a bolella barutuwa ba bang hore o kgutlela kgwebong ya hae, yaba le bona ba a mo latela. (Joh 21:2, 3) Ho bonahala Jesu a ne a thusa Petrose ho etsa qeto ya hore na kgwebo ya hae ya ho tshwasa ditlhapi e tla tla pele bophelong ba hae kapa o ne a tla etelletsa pele ho fepa dikonyana tsa Jesu e leng balatedi ba hae.—Joh 21:4-8.

ka lekgetlo la boraro: Petrose o ile a latola Jesu ka makgetlo a mararo, ke ka hoo Jesu a ileng a mo fa menyetla e meraro ya hore a netefatse hore o a mo rata. Petrose o ile a feela a netefalletsa Jesu hore o a mo rata, yaba Jesu o re a bontshe lerato leo ka hore a etse hore tshebeletso e tle pele bophelong ba hae. Petrose le barababo ba ikarabellang ba ne ba lokela ho fepa, ho matlafatsa le ho disa mohlape wa Kreste e leng balatedi ba tshepahalang. Le hoja ba ne ba tlotsitswe, ba ne ba ntse ba lokela ho tiiswa tumelong.—Lu 22:32.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 20:17) Jesu a re ho yena: “Kgaotsa ho mmamarela. Etswe ha ke eso nyolohele ho Ntate. Empa e ya ho barabeso mme o re ho bona, ‘Ke nyolohela ho Ntate le Ntata lona le ho Modimo wa ka le Modimo wa lona.’”

nwtsty study note se ho Joh 20:17

Kgaotsa ho mmamarela: Leetsi la Segerike e leng haʹpto·mai le ka bolela “ho tshwara” kapa “ho mamarela.” Diphetolelo tse ding di re Jesu o ne a re: “O se ke wa ntshwara.” Le ha ho le jwalo, Jesu ha a ka a hana ha Maria Magdalena a mo tshwara ka ha ha a ka a thibela basadi ba neng ba tlile ho mo bona ka mora hore a tsoswe bafung ho “tshwara maoto” a hae. (Mat 28:9) Ho bonahala Maria Magdalene a ne a tshohile hore Jesu o tla nyolehela lehodimong. Ka ha o ne a sa batle ho arohana le Morena wa hae o ile a mo mamarela. Jesu o ile a re Maria a kgaotse ho mo mamarela empa a ilo bolella barutuwa ba bang hore o tsositswe bafung e le ha a mo netefalletsa hore ha e so be nako ya ho nyolohela lehodimong.

(Johanne 20:28) Ha Thomase a araba a re ho yena: “Morena wa ka le Modimo wa ka!”

nwtsty study note se ho Joh 20:28

Morena wa ka le Modimo wa ka!: Bangodi ba bang ba dumela hore ka ha Thomase o ne a hlolletswe ha a bua le Jesu, ha e le hantle mantswe a hae a ne a lebisitswe ho Modimo. Ba bang ba dumela hore ho latela Segerike, mantswe ao a ne a lebisitswe ho Jesu. Le ha ho le jwalo, e le hore re utlwisise mantswe a Thomase a reng “Morena wa ka le Modimo wa ka,” re lokela ho hlahloba seo Mangolo a se buang. Ka ha tlaleho e ho Johanne e bontsha hore Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae, “Ke nyolohela ho Ntate le Ntata lona le ho Modimo wa ka le Modimo wa lona,” ha hona lebaka la ho dumela hore Thomase o ne a nahana hore Jesu ke Modimo ya matla ohle. (Sheba study note se ho Joh 20:17.) Thomase o ile a utlwa Jesu a rapela “Ntate” wa hae a mo bitsa “Modimo a le mong feela wa nnete.” (Joh 17:1-3) Ka hoo, e ka nna ya ba Thomase o ile a re Jesu ke ‘Modimo wa hae’ ka mabaka a latelang: O ne a tadima Jesu e le “modimo” empa eseng ya Matla Ohle. (Sheba study note se ho Joh 1:1.) Jwalo ka ha Mangolo a Seheberu a bontsha, e ka nna ya ba o ile a bua mantswe ao ho latela tsela eo bahlanka ba Modimo ba neng ba bua le mangeloi ka yona. E tlameha ebe Thomase o ne a tlwaelane le ditlaleho tsa Bibele moo batho ba neng ba bua le mangeloi jwalo ka ha eka ba bua le Jehova. (Bapisa le Ge 16:7-11, 13; 18:1-5, 22-33; 32:24-30; Bhl 6:11-15; 13:20-22.) Ka hoo, e tlameha ebe Thomase o ile a re Jesu ke ‘Modimo wa hae’ ka kutlwisiso ena, a hlokomela hore Jesu ke moemedi le mmuelli wa Modimo wa nnete.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 20:1-18) Ka letsatsi la pele la beke Maria Magdalena a tla lebitleng la kgopotso hoseng, ha ho sa ntse ho le lefifi, mme a bona lejwe le se le tlositswe lebitleng la kgopotso. 2 Ka hona a matha mme a tla ho Simone Petrose le ho morutuwa e mong, eo Jesu a neng a mo rata, mme a re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng la kgopotso, mme ha re tsebe hore na ba mo behile hokae.” 3 Jwale Petrose le morutuwa eo e mong ba tswa mme ba ya lebitleng la kgopotso. 4  E, ba le babedi hammoho ba qala ho matha; empa morutuwa eo e mong a siya Petrose ka lebelo le leholo mme a fihla lebitleng la kgopotso pele. 5 Ha a nyarela, a bona masela a tlamisang fatshe, empa le ha ho le jwalo ha a ka a kena. 6 Jwale Simone Petrose le yena a tla a mo latela, mme a kena ka lebitleng la kgopotso. A bona masela a tlamisang fatshe, 7 le lesela le neng le le hloohong ya hae le ne le se fatshe le masela a tlamisang empa le phuthilwe le le ka thoko sebakeng se le seng. 8 Ka hona, ka nako eo, morutuwa eo e mong ya neng a fihlile lebitleng la kgopotso pele le yena a kena, mme a bona le ho dumela. 9 Etswe ba ne ba e so lemohe lengolo hore o tla tsoha bafung. 10 Ka hoo barutuwa ba kgutlela mahaeng a bona. 11 Le ha ho le jwalo, Maria a nna a ema ka ntle haufi le lebitla la kgopotso, a lla. Jwale, ha a ntse a lla, a nyarela ho sheba ka lebitleng la kgopotso 12 mme a bona mangeloi a mabedi a apere bosweu le leng le dutse hloohong mme le leng maotong moo setopo sa Jesu se neng se robetse teng. 13 A re ho yena: “Mosadi, o llelang?” A re ho ona: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe hore na ba mo behile hokae.” 14 Ka mora ho bua dintho tsena, a reteleha mme a bona Jesu a eme, empa a se ke a lemoha hore ke Jesu. 15 Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Yena, ka ho nahana hore e ne e le mohlokomedi wa serapa, a re ho yena: “Mohlomphehi, haeba o mo nkile, mpolelle hore na o mo behile hokae, mme ke tla mo tlosa.” 16 Jesu a re ho yena: “Maria!” Ha a reteleha, a re ho yena, ka Seheberu: “Rabboni!” (ho bolelang “Mosuwe!”) 17 Jesu a re ho yena: “Kgaotsa ho mmamarela. Etswe ha ke e so nyolohele ho Ntate. Empa eya ho barabeso mme o re ho bona, ‘Ke nyolohela ho Ntate le Ntata lona le ho Modimo wa ka le Modimo wa lona.’” 18 Maria Magdalena a tla mme a tlisa ditaba tsena ho barutuwa: “Ke bone Morena!” le hore o mo boleletse dintho tsena.

12-18 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 1-3

“Phutheho ya Bokreste e Fumana Moya o Halalelang”

(Liketso 2:1-8) Jwale ha letsatsi la mokete wa Pentekonta le ntse le tswela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng, 2 yaba ka tshohanyetso ho ba le lerata le tswang lehodimong le jwalo ka la moya o fokang ka sekgahla, mme la tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka hare ho yona. 3 Maleme a kang a mollo a bonahala ho bona mme a ajwa, mme ka leng la wona la dula hodima e mong le e mong wa bona, 4 yaba kaofela ba tlala moya o halalelang mme ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela jwalo ka ha moya o ne o etsa hore ba bue. 5 Jerusalema ho ne ho dula Bajuda, batho ba nang le tlhompho ya borapedi, ba tswang setjhabeng se seng le se seng sa tse tlasa lehodimo. 6 Ka hoo, ha modumo ona o eba teng, letshwele la phutheha mme la makala, hobane e mong le e mong o ne a utlwa ba bua ka puo ya hae. 7 Ka sebele, ba hlollwa mme ba qala ho makala ba re: “Bonang mona, bana bohle ba buang ke Bagalilea, na ha ho jwalo? 8 Le ha ho le jwalo ho tla jwang hore ebe e mong le e mong wa rona o utlwa puo ya hae eo re tswaletsweng ho yona?

(Liketso 2:14) Empa Petrose a ema le ba leshome le motso o mong yaba o phahamisa lentswe mme o ba bolella sena: “Banna ba Judea le lona bohle baahi ba Jerusalema, le ke le tsebe sena mme le mamele dipolelo tsa ka.

(Liketso 2:37, 38) Jwale ha ba utlwa sena ba hlabeha ho fihla dipelong, yaba ba re ho Petrose le baapostola ba bang kaofela: “Banna, barababo rona, re tla etsa jwang?” 38 Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a ke a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tshwarelwe dibe, mme le tla amohela mpho e sa lefellweng ya moya o halalelang.

(Liketso 2:41) Ka hona ba ileng ba amohela lentswe la hae ka pelo yohle ba kolobetswa, mme letsatsing leo ha eketswa meya e ka bang dikete tse tharo.

(Liketso 2:42-47) Ba tswela pele ho inehela thutong ya baapostola le ho arolelaneng, ho jeng dijo le dithapelong. 43 Ka sebele, tshabo ya qala ho wela moya o mong le o mong, mme dimakatso le dipontsho tse ngata tsa qala ho etsahala ka baapostola. 44 Bohle ba ileng ba fetoha badumedi ba ne ba le hammoho ho kopaneleng dintho tsohle, 45 mme ba qala ho rekisa matlotlo le thepa ya bona mme ba abela bohle tjhelete yohle ya tse rekisitsweng, hantle feela ka moo mang kapa mang a neng a hloka ka teng. 46 Letsatsi le letsatsi ba ne ba eba teng ka nako yohle tempeleng ka tumellano, mme ba ja dijo tsa bona malapeng a bona mme ba ja dijo ka thabo e kgolo le ka pelo e tshepahalang, 47 ba rorisa Modimo mme ba fumana kamohelo ho batho bohle. Ka nako e tshwanang Jehova a tswela pele ho ba eketsa letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholoswa.

w86 12/1 29 ¶4-5, 7

Menehelo e Tlisang Thabo

Ka letsatsi la pele la ho thehwa ha phutheho ya Bokreste ka selemo sa 33 C.E., batho ba sa tswa kolobetswa ba ka bang 3 000 ba ile ba ‘arolelana, ba ja dijo le ho rapela’. Ebe ke hobaneng ha ba ile ba etsa jwalo? E le hore ba matlafatse tumelo ya bona ka ho ‘tswela pele ba inehela thutong ya baapostola.’—Liketso 2:41, 42.

Bajuda le basokolohi ba neng ba tlile Jerusalema ba ne ba ikemiseditse ho dula ho fihlela Mokete wa Pentekonta o fela. Empa bao e ileng ya eba Bakreste ba ne ba batla ho dula nakwana e le hore ba matlafatse tumelo ya bona. Sena se ile sa etsa hore ho hlokahale dijo le bodulo. Ba bang ba bona ba ne e na le tjhelete empa ba bang ba sena yona. Ka hoo, ba neng ba haellwa ba ile ba thuswa ka dintho tseo ba di hlokang.—Liketso 2:43-47.

Batho ba ne ba ithaopela ho rekisa matlo a bona le ho fana ka dintho tseo ba nang leng tsona. Ba ne ba sa qobellwe hore ba rekise matlo a bona kapa ba fane ka dintho tsa bona hoo ba ka qetellang ba sena letho. Ho ena le hoo, ka lebaka la ho utlwela Bakrestemmoho le bona bohloko, ba ile ba rekisa matlo a bona mme ba nehela tjhelete eo ba e fumaneng e le hore ba etelletse Mmuso pele.—Bapisa le 2 Bakorinthe 8:12-15.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 3:15) athe le ile la bolaya Moemedi ya ka Sehloohong wa bophelo. Empa Modimo a mo tsosa bafung, e leng nnete eo re leng dipaki tsa yona.

it-2 61 ¶1

Jesu Kreste

“Moemedi ya ka Sehloohong wa bophelo.” Jesu Kreste o ile a bontsha mosa oo Ntate wa hae a nang le ona ha a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo. Sena se ile sa etsa hore balatedi ba Kreste ba kgethilweng ba be le monyetla wa ho busa le yena lehodimong, le hore ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba be tlasa Puso ya hae. (Mat 6:10; Joh 3:16; Ef 1:7; Heb 2:5.) Ka tsela eo, o ile a ba “Moemedi ya ka Sehloohong wa bophelo” bakeng sa batho bohle. (Lik 3:15) Lentswe la Segerike le sebedisitsweng mona le bolela “moetapele ya ka sehloohong,” mme le tshwana le le sebedisitsweng ho Moshe “mmusi” wa Iseraele. (Lik 7:27, 35)

(Liketso 3:19) “Ka hona, bakang, mme le sokolohe e le hore dibe tsa lona di hlakolwe, e le hore dinako tse kgathollang di ka tla ho tswa ho Jehova

cl 265 ¶14

Modimo ya ‘Ikemiseditseng ho Tshwarela’

14 Tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona e boetse e hlalositswe ho Liketso 3:19: “Ka hona, bakang, mme le sokolohe e le hore dibe tsa lona di hlakolwe.” Lentswe le qetellang la temana ena ke leetsi la Segerile le ka bolelang “ho fedisa . . . kapa ho tlosa.” Ho ya ka ditsebi tse ding, le fana ka kgopolo ya ho hlakola mongolo. Seo se ne se ka kgoneha jwang? Enke e neng e atisa ho sebediswa mehleng ya boholoholo e ne e entswe ka motswako wa khabone, boka le metsi. Kapele ka mora ho ngola ka enke eo, motho o ne a ka nka sepontjhe se mongobo a hlakola mongolo oo. Papiso ena e ntle e bontsha mohau wa Jehova. Ha a re tshwarela dibe, ho tshwana le ha a nka sepontjhe a di hlakola.

Mmalo wa Bibele

(Liketso 2:1-21) Jwale ha letsatsi la mokete wa Pentekonta le ntse le tswela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng, 2 yaba ka tshohanyetso ho ba le lerata le tswang lehodimong le jwalo ka la moya o fokang ka sekgahla, mme la tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka hare ho yona. 3 Maleme a kang a mollo a bonahala ho bona mme a ajwa, mme ka leng la wona la dula hodima e mong le e mong wa bona, 4 yaba kaofela ba tlala moya o halalelang mme ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela jwalo ka ha moya o ne o etsa hore ba bue. 5 Jerusalema ho ne ho dula Bajuda, batho ba nang le tlhompho ya borapedi, ba tswang setjhabeng se seng le se seng sa tse tlasa lehodimo. 6 Ka hoo, ha modumo ona o eba teng, letshwele la phutheha mme la makala, hobane e mong le e mong o ne a utlwa ba bua ka puo ya hae. 7 Ka sebele, ba hlollwa mme ba qala ho makala ba re: “Bonang mona, bana bohle ba buang ke Bagalilea, na ha ho jwalo? 8 Le ha ho le jwalo ho tla jwang hore ebe e mong le e mong wa rona o utlwa puo ya hae eo re tswaletsweng ho yona? 9 Baparthia le Bamede le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le Judea le Kapadosia, Pontase le setereke sa Asia, 10 le Frigia le Pamfidia, Egepeta le dikarolo tsa Libya, e ka nqa Cyrene, le baeti ba nakwana ba tswang Roma, Bajuda hammoho le basokolohi, 11 Bakreta le Maarabia, re utlwa ba bua ka maleme a rona ka dintho tse hlollang tsa Modimo.” 12 E, kaofela ba ne ba hloletswe mme ba tsielehile, ba buisana ba re: “Ntho ye e bolelang?” 13 Le ha ho le jwalo, ba bang ba ba soma mme ba qala ho re: “Ba kgotshe veine e monate.” 14 Empa Petrose a ema le ba leshome le motso o mong yaba o phahamisa lentswe mme o ba bolella sena: “Banna ba Judea le lona bohle baahi ba Jerusalema, le ke le tsebe sena mme le mamele dipolelo tsa ka. 15 Ha e le hantle, batho bana ha ba a tahwa, jwalo ka ha le nahana, ka ha ke hora ya boraro ya letsatsi. 16 Ho fapana le hoo, sena ke se ileng sa bolelwa ka moprofeta Joele, 17 ‘“Modimo o re: ‘“Matsatsing a ho qetela, ke tla tshollela o mong wa moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong, mme bara ba lona le baradi ba lona ba tla profeta mme bahlankana ba lona ba tla bona dipono le banna baholo ba lona ba tla lora ditoro; 18 ke tla tshollela o mong wa moya wa ka esita le hodima makgoba a ka le hodima makgabunyane a ka matsatsing ao, mme a tla profeta. 19 ke tla etsa dimakatso hodimo lehodimong le dipontsho tlase lefatsheng, madi le mollo le mohodi wa mosi; 20 letsatsi le tla fetoha lefifi le kgwedi e fetohe madi pele letsatsi le leholo le le kganyang haholo la Jehova le fihla. 21 E mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”’

19-25 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 4-5

“Ba ne ba Bolela Lentswe la Modimo ka Sebete”

(Liketso 4:5-13) Letsatsing le hlahlamang Jerusalema ha bokellwa babusi le banna ba baholo le bangodi ba bona 6 (le moprista ya ka sehloohong Anase le Kaifase le Johanne le Alexandere le ba bangata bao e neng e le seng sa moprista ya ka sehloohong), 7 yaba ba ba emisa hara bona mme ba qala ho botsisisa: “Ke ka matla afe kapa ka lebitso la mang le entseng see?” 8 Jwale Petrose, a tletse moya o halalelang, a re ho bona: “Babusi ba setjhaba le banna ba baholo, 9 haeba letsatsing lena re ntse re hlahlojwa, motheong wa ketso e molemo ho monna ya kulang, mabapi le hore na ke ka mang monna enwa a fodisitsweng, 10 lona kaofela le setjhaba sohle sa Iseraele le ke le tsebe hore ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha, eo le ileng la mo kgokgothela thupeng empa eo Modimo a ileng a mo tsosa bafung, monna enwa o fela a eme mona ka pela lona a phetse hantle ka lebaka la enwa. 11 Lena ke ‘lejwe leo lona dihahi le ileng la le tshwara jwalo ka leo e seng la bohlokwa le fetohileng hlooho ya sekgutlo.’ 12 Ho feta moo, ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, ka ha ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo leo ho fanweng ka lona hara batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” 13 Jwale ha ba bona Petrose le Johanne ba bua ka ho toba, mme ba lemoha hore e ne e le batho ba sa rutehang le ba tlwaelehileng, ba makala. Ba qala ho hlokomela hore ba kile ba ba le Jesu.

w08 9/1 15 lebokose

Kamoo Bakreste ba Pele ba ileng ba Ngola Ditaba Tse Neng di Builwe ka Molomo

Na Baapostola ba ne ba sa Tsebe ho Bala le ho Ngola?

Ha babusi le banna ba hodileng ba Jerusalema “ba bona Petrose le Johanne ba bua ka ho toba, mme ba lemoha hore e ne e le batho ba sa rutehang le ba tlwaelehileng, ba makala.” (Liketso 4:13) Na ka nnete baapostola ba ne ba sa ruteha, ba sa tsebe ho bala le ho ngola? The New Interpreter’s Bible ha e bua ka sena e re: “Ha re a lokela ho nka hore mantswe ana a bolela hore Petrose [le Johanne] ba ne ba sa ruteha mme ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola. A mpa a bontsha hore maemo a baapostola a ne a fapane le a babusi le banna ba hodileng.”

w08 5/15 30 ¶6

Dintlha kgolo Tsa Buka ya Liketso

4:13—Na Petrose le Johanne ba ne ba sa ruteha, ba sa tsebe ho bala le ho ngola? Tjhe, ha ho jwalo. Ba ne ba bitswa “batho ba sa rutehang le ba tlwaelehileng” hobane ba ne ba sa fumana kwetliso ya bodumedi dikolong tsa bo rabi.

(Liketso 4:18-20) Yaba ba a ba bitsa mme ba ba laela hore ho se ke ha e ba kae kapa kae moo ba buang polelo le ha e le efe kapa ba rutang ka lebitso la Jesu. 19 Empa ha Petrose le Johanne ba araba ba re ho bona: “Hore na ho lokile mahlong a Modimo ho mamela lona ho e na le Modimo, le ikahlolele. 20 Empa ha e le rona, re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”

(Liketso 4:23-31) Ka mora ho lokollwa ba ya ho batho ba habo bona mme ba tlaleha dintho tseo baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba neng ba ba boleletse tsona. 24 Ha ba utlwa sena ka tumellano ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo yaba ba re: “Mmusi Morena, ke wena Ya entseng lehodimo le lefatshe le lewatle le dintho tsohle tse ho tsona, 25 le eo ka moya o halalelang a itseng ka molomo wa moholoholo wa rona Davida, mohlanka wa hao, ‘Ke hobaneng ha ditjhaba di bile morusu mme batho ba thuisa dintho tsa lefeela? 26 Marena a lefatshe a ile a ema mme babusi ba kgobokana hammoho e le ntho e le nngwe kgahlanong le Jehova le kgahlanong le motlotsuwa wa hae.’ 27 Ho ntse ho le jwalo, Heroda le Ponse Pilato le batho ba ditjhaba le batho ba Iseraele bonneteng ba ne ba bokane motseng ona kgahlanong le mohlanka wa hao ya halalelang Jesu, eo o mo tlotsitseng, 28 e le hore ba etse dintho tseo letsoho le morero wa hao o neng o di kgethile esale pele hore di etsahale. 29 Jwale, Jehova, lebisa tlhokomelo ditshokelong tsa bona, mme o etse hore makgoba a hao a nne a bolele lentswe la hao ka sebete sohle, 30 ha o ntse o otlolla letsoho la hao bakeng sa phodiso le ha dipontsho le dimakatso di ntse di etsahala ka lebitso la mohlanka wa hao ya halalelang Jesu.” 31 Ha ba entse thapedi, sebaka seo ba neng ba bokane ho sona sa sisinyeha; yaba kaofela ba tlala moya o halalelang mme ba ne ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

it-1 128 ¶3

Moapostola

Mosebetsi Phuthehong ya Bokreste. Baapostola ba ile ba matlafatswa ke moya o halalelang oo ba ileng ba o fumana ka Pentekonta. Dikgaolo tse hlano tse qalang tsa Diketso tsa Baapostola, di bontsha kamoo baapostola ba ileng ba bolela ditaba tse molemo le tsoho ya Jesu ka sebete, ba sa tshabe ho tshwarwa, ho otlwa, le ho bolawa ke babusi ba bona. Matsatsi a mmalwa ka mora Pentekota, tjheseho eo baapostola ba neng ba ena le yona ba tataiswa ke moya o halalelang e ile ya etsa hore phutheho ya Bokreste e eketsehe ka sekgahla. (Lik 2:41; 4:4) Ba ne ba bolela Jerusalema feela, ha morao ba bolela le Samaria mme ha nako e ntse e ya ditaba tse molemo di ne di tla bolelwa lefatsheng lohle.—Lik 5:42; 6:7; 8:5-17, 25; 1:8.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 4:11) Lena ke ‘lejwe leo lona dihahi le ileng la le tshwara jwalo ka leo e seng la bohlokwa le fetohileng hlooho ya sekgutlo.’

it-1 514 ¶4

Lejwe la sekgutlo

Pesaleme ya 118:22 e bontsha hore lejwe leo dihahi di ileng tsa le lahla le fetohile “hlooho ya sekgutlo” (Seheberu, roʼsh pin·nahʹ). Jesu o ile a qotsa boprofeta bona a ba a bontsha hore ke yena “lejwe la sekgutlo le ka sehloohong” (Segerike, ke·pha·leʹ go·niʹas, hlooho ya sekgutlo). (Mat 21:42; Mar 12:10, 11; Lu 20:17) Feela jwalo ka lejwe le ka hodimo la moaho le bonahala ka ho hlaka, Jesu Kreste ke lejwe le ka sehloohong la phutheho ya Bokreste ya batlotsuwa e bapiswang le tempele ya tshwantshetso. Petrose o ile a sebedisa lengolo la Pesaleme ya 118:22 ha a bua ka Kreste, a bontsha hore Kreste ke “lejwe” leo batho ba ileng ba le hana empa e le leo Modimo a le kgethileng hore e be “hlooho ya sekgutlo.”—Lik 4:8-12; sheba le 1Pe 2:4-7.

(Liketso 5:1) Le ha ho le jwalo, monna ya itseng, eo lebitso la hae e neng e le Ananiase, hammoho le mosadi wa hae Safira, a rekisa letlotlo

w13 3/1 15 ¶4

Re ka Ithutang Leshanong Leo Petrose le Ananiase ba ileng ba le Bua?

Ananiase le mosadi wa hae ba ile ba rekisa tshimo ya bona e le hore ba fumane tjhelete ya ho thusa batho ba sa tswa kolobetswa. Ha Ananiase a tlisa tjhelete ho baapostola, o ile a re ke tjhelete yohle ya seo a se rekisitseng. Empa ha ho jwalo! O ile a inkela tjhelete e nngwe! Modimo o ile a tsebisa Petrose taba ena, yaba Petrose o re ho Ananiase: “Ha o a etsetsa batho bolotsana, empa o etseditse Modimo bolotsana.” Ha Ananiase a utlwa mantswe ao o ile a wela fatshe yaba o a shwa! Ka mora dihora tse ka bang tharo, mosadi wa hae o ile a kena. Ka ha o ne a sa tsebe se etsahetseng ka monna wa hae, le yena o ile a bua leshano, yaba o wela fatshe mme o a shwa.

Mmalo wa Bibele

(Liketso 5:27-42) Ka hoo ba ba tlisa mme ba ba emisa ka holong ya Sanhedrine. Yaba moprista ya phahameng wa ba botsa 28 o re: “Re ile ra le laela ka tiyo hore le se ke la nna la ruta ka lebitso lena, mme le ha ho le jwalo, bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ya lona, mme le ikemiseditse ho tlisa madi a motho enwa hodima rona.” 29 Ha Petrose le baapostola ba bang ba araba ba re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho. 30 Modimo wa baholoholo ba rona o tsositse Jesu, eo le mo bolaileng, la mo fanyeha thupeng. 31 Modimo o mo phahamiseditse ka letsohong la hae le letona e le Moemedi ya ka Sehloohong le Mopholosi, ho fa Iseraele pako le tshwarelo ya dibe. 32 Re dipaki tsa ditaba tsena, mme ho jwalo le ka moya o halalelang, oo Modimo a o fileng ba mo mamelang e le mmusi.” 33 Ha ba utlwa sena, ba ikutlwa ba hlabehile ka ho tebileng mme ba ne ba batla ho ba bolaya. 34 Empa monna ya itseng a ema ka hara Sanhedrine, Mofarisi ya bitswang Gamaliele, mosuwe wa Molao ya hlomphuwang ke batho bohle, yaba o laela hore banna bao ba behwe ka ntle ka nakwana. 35 A re ho bona: “Banna ba Iseraele, ikeleng hloko hore na le rera ho etsang ka banna bana. 36 Ka mohlala, pele ho matsatsi ana Theudase o ile a hlaha, a re yena ke motho wa bohlokwa, mme banna ba bangata, ba ka bang makgolo a mane, ba ikopanya le sehlopha sa hae. Empa o ile a bolawa, mme bohle ba neng ba mo mamela ba qhalakanngwa yaba ba a fela. 37 Ka mora hae Judase Mogalilea a hlaha matsatsing a ngodiso, mme a ikgulela batho ka mora hae. Le ha ho le jwalo monna eo a timela, mme bohle ba neng ba mo mamela ba hasanngwa hohle. 38 Ka hoo, tlasa maemo a hona jwale, ke re ho lona, Le se ke la kenakenana le banna bana, empa le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tswa ho batho, o tla dihuwa; 39 empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la kgona ho ba diha;) ho seng jwalo, mohlomong le ka fumanwa le lwantsha Modimo.” 40 Yaba ba mo ela hloko, mme ba bitsa baapostola, ba ba shapa, mme ba ba laela hore ba kgaotse ho bua ka lebitso la Jesu, yaba ba a ba tlohela hore ba tsamaye. 41 Ka hona, ba tloha ka pela Sanhedrine, ba thabile hobane ba ne ba nkilwe e le ba tshwanelwang ke ho hlomphollwa ka lebaka la lebitso la hae. 42 Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tswela pele ba sa kgaotse ho ruta le ho bolela ditaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.

26 NOVEMBER–2 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 6-8

“Phutheho ya Bokreste e sa Tswa Thehwa e ya Lekwa”

(Liketso 6:1) Jwale matsatsing ana, ha barutuwa ba ntse ba eketseha, ha tsoha ho korotla hara Bajuda ba buang Segerike kgahlanong le Bajuda ba buang Seheberu, hobane bahlolohadi ba bona ba ne ba hlokomolohuwa kabong ya letsatsi le leng le le leng.

bt 41 ¶17

“Re Tla Mamela Modimo e le Mmusi”

17 Phutheho ya Bokreste e sa tswa thehwa e ile ya tobana le bothata. E ne e le bothata bofe? Bongata ba barutuwa ba kolobeditsweng e ne e le baeti ba tlileng Jerusalema ba neng ba batla ho ithuta ho eketsehileng pele ba kgutlela hae. Barutuwa ba dulang Jerusalema ba ile ba ithaopela ho ntsha menehelo bakeng sa ho ba fumanela dijo le dintho tse ding. (Liketso 2:44-46; 4:34-37) Ka nako eo, ho ile ha hlaha boemo bo hlobaetsang. Bahlolohadi ba buang Segerike “ba ne ba hlokomolohuwa kabong ya letsatsi le leng le le leng” ya dijo. (Liketso 6:1) Le ha ho le jwalo, bahlolohadi ba buang Seheberu ba ne ba sa hlokomolohuwe. Ka hoo, ho bonahala bothata e ne e le kgethollo, mme ho bonolo hore kgethollo e bake karohano e kgolo.

(Liketso 6:2-7) Ka hoo ba leshome le metso e mmedi ba bitsetsa letshwele la barutuwa ho bona mme ba re: “Hase ho kgahlisang hore re tlohele lentswe la Modimo ho ya aba dijo ditafoleng. 3 Ka hoo, barababo rona, ipatleleng banna ba supileng ba pakilweng hara lona, ba tletseng moya le bohlale, e le hore re ka ba beha hore ba okamele mosebetsi ona o hlokahalang; 4 empa rona re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentswe.” 5 Ntho e builweng e ne e le e kgahlisang ho letshwele lohle, yaba ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le moya o halalelang, le Filipi le Prokore le Nikanore le Timone le Parmena le Nikolase, mosokolohi wa Antioke; 6 ba ba beha ka pela baapostola, mme, ka mora ho rapela, ba ba beha matsoho. 7 Ka lebaka leo lentswe la Modimo la tswela pele ho hola, mme palo ya barutuwa ya nna ya ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.

bt 42 ¶18

“Re Tla Mamela Modimo e le Mmusi”

18 Baapostola, bao e neng e le sehlopha se busang sa phutheho eo e ntseng e hola, ba ile ba hlokomela hore ha ho hlokahale hore ba “tlohele lentswe la Modimo ho ya aba dijo.” (Liketso 6:2) E le hore ba lokise bothata boo, ba ile ba laela barutuwa hore ba batle banna ba supileng “ba tletseng moya le bohlale” bao baapostola ba neng ba ka ba kgetha hore ba okamele “mosebetsi ona o hlokahalang.” (Liketso 6:3) Ho ne ho hlokahala banna ba tshwanelehang hobane mohlomong mosebetsi oo o ne o akarelletsa ho aba dijo, ho sebedisa tjhelete hantle, ho reka thepa le ho boloka ditlaleho ka hloko. Banna bohle ba kgethilweng ba ne ba e na le mabitso a Segerike, e leng seo mohlomong se ileng sa etsa hore ba amohelehe ho bahlolohadi bao ba utlwileng bohloko. Baapostola ba ile ba nahana ka banna bao ba buelletsweng, mme ba rapella taba eo, yaba ka mora moo ba kgetha ba supileng hore ba hlokomele “mosebetsi ona o hlokahalang.”

(Liketso 7:58–8:1) Ka mora ho mo lahlela ka ntle ho motse, ba qala ho mo betsa ka majwe. Dipaki tsa beha diaparo tsa tsona tsa ka ntle maotong a mohlankana ya bitswang Saule. 59 Ba tswela pele ho betsa Setefane ka majwe ha a ntse a etsa boipiletso mme a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka.” 60 Jwale, ha a kgumama, a hweletsa ka lentswe le matla: “Jehova, o se ke wa ba balla sebe sena.” Ka mora hore a bue sena a robala lefung.

8 Saule o ne a dumellana le polao ya hae. Letsatsing leo ha tsoha mahloriso a maholo kgahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema; bohle ntle ho baapostola ba hasana ho pholletsa le dibaka tsa Judea le Samaria.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Liketso 6:15) Ha bohle ba neng ba dutse ka hara Sanhedrine ba ntse ba mo tadimile, ba bona hore sefahleho sa hae se ne se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.

bt 45 ¶2

Setefane—“A Tletse Mosa le Matla”

2 Tsela eo Setefane a shebahalang ka yona nakong ena ya ikgetha. Ha baahlodi ba mo sheba, ba ile ba bona sefahleho sa hae se le “jwalo ka sefahleho sa lengeloi.” (Liketso 6:15) Mangeloi a phatlalatsa melaetsa e tswang ho Jehova Modimo, ka lebaka leo ho a utlwahala hore ebe ha a na tshabo le hore a na le kgotso. Baahlodi bao ba nang le lehloyo ba ile ba bona hore Setefane ha a na tshabo le hore o na le kgotso. Ho tla jwang hore e be o kgobile matshwafo?

(Liketso 8:26-30) Le ha ho le jwalo, lengeloi la Jehova la bua le Filipi, la re: “Ema mme o ye borwa tseleng e theohang Jerusalema e yang Gaza.” (Ena ke tsela e sa tsamauweng.) 27 A ema mme a ya, mme, bonang! leqhalaha la Moethiopia, monna ya neng a le pusong tlasa Kandase mofumahadi wa Baethiopia, le ya neng a okametse letlotlo lohle la hae. O ne a ile Jerusalema ho rapela, 28 empa o ne a kgutla mme a dutse ka koloing ya hae a balla hodimo moprofeta Esaia. 29 Ka hoo moya wa re ho Filipi: “Atamela mme o ikopanye le koloi ena.” 30 Filipi a mathela haufi le yona mme a utlwa a balla hodimo moprofeta Esaia, yaba o re: “Na o tseba seo o se balang?”

bt 58 ¶16

Ho Bolela “Ditaba Tse Molemo Mabapi le Jesu”

16 Kajeno Bakreste ba na le tlotla ya ho etsa mosebetsi o kang o neng o etswa ke Filipi. Hangata, ba ba le monyetla wa ho bolela molaetsa wa Mmuso ho batho bao ba kopanang le bona ba sa rera, mohlomong ha ba le leetong. Maemong a mangata, ho a hlaka hore ha se ka tshohanyetso ba kopanang le motho ya thahasellang ditaba tse molemo. Ha ho makatse, etswe Bibele e bontsha ka ho hlaka hore re tataiswa ke mangeloi mosebetsing wa boboledi e le hore molaetsa o ka fihla “ho setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšen. 14:6) Jesu o ile a profeta hore mangeloi a tla re tataisa mosebetsing wa boboledi. Papisong ya hae ya koro le mofoka, Jesu o ile a re nakong ya kotulo e leng qetellong ya tsamaiso ya dintho, “bakotudi ke mangeloi.” O ile a boela a re dibopuwa tsena tsa moya di ne di tla “bokellela ka ntle ho mmuso wa hae dintho tsohle tse bakang ho kgoptjwa le batho ba etsang tlolo ya molao.” (Mat. 13:37-41) Ka nako e tshwanang, mangeloi a ne a tla bokella bao e tla ba majalefa a Mmuso lehodimong, mme hamorao a bokelle “bongata bo boholo” ba “dinku tse ding,” bao Jehova a batlang ho ba hulela ka mokgatlong wa hae o hlophisitsweng.—Tšen. 7:9; Joh. 6:44, 65; 10:16

Mmalo wa Bibele

(Liketso 6:1-15) Jwale matsatsing ana, ha barutuwa ba ntse ba eketseha, ha tsoha ho korotla hara Bajuda ba buang Segerike kgahlanong le Bajuda ba buang Seheberu, hobane bahlolohadi ba bona ba ne ba hlokomolohuwa kabong ya letsatsi le leng le le leng. 2 Ka hoo ba leshome le metso e mmedi ba bitsetsa letshwele la barutuwa ho bona mme ba re: “Hase ho kgahlisang hore re tlohele lentswe la Modimo ho ya aba dijo ditafoleng. 3 Ka hoo, barababo rona, ipatleleng banna ba supileng ba pakilweng hara lona, ba tletseng moya le bohlale, e le hore re ka ba beha hore ba okamele mosebetsi ona o hlokahalang; 4 empa rona re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentswe.” 5 Ntho e builweng e ne e le e kgahlisang ho letshwele lohle, yaba ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le moya o halalelang, le Filipi le Prokore le Nikanore le Timone le Parmena le Nikolase, mosokolohi wa Antioke; 6 ba ba beha ka pela baapostola, mme, ka mora ho rapela, ba ba beha matsoho. 7 Ka lebaka leo lentswe la Modimo la tswela pele ho hola, mme palo ya barutuwa ya nna ya ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo. 8 Jwale Setefane, a tletse mosa le matla, o ne a etsa dimakatso le dipontsho tse kgolo hara batho. 9 Empa banna ba itseng ho ba tswang ho seo ho thweng ke Synagoge ya Banna ba Lokolotsweng, le ho Bacyrene le Baalexandria le ho ba tswang Silisia le Asia, ba ema ho phehisana le Setefane; 10 le ha ho le jwalo ba ne ba sa kgone ho ikemela kgahlanong le bohlale le moya oo a neng a bua ka ona. 11 Jwale ka sephiri ba hlohlelletsa batho ho re: “Re utlwile a bua dipolelo tse nyefolang Moshe le Modimo.” 12 Ba hlohla batho le banna ba baholo le bangodi, mme, ha ba mo kgorohela ka tshohanyetso, ba mo nka ka dikgoka mme ba mo isa Sanhedrine. 13 Ba tlisa dipaki tsa bohata ka pele, tse ileng tsa re: “Motho enwa ha a kgaotse ho bua dintho tse kgahlanong le sebaka sena se halalelang le tse kgahlanong le Molao. 14 Ka mohlala, re utlwile a re Jesu enwa Monazaretha o tla heletsa sebaka sena le ho fetola ditlwaelo tseo Moshe a di fetiseditseng ho rona.” 15 Ha bohle ba neng ba dutse ka hara Sanhedrine ba ntse ba mo tadimile, ba bona hore sefahleho sa hae se ne se le jwalo ka sefahleho sa lengeloi.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share