LENGOLO LA BOBELI LE EANG HO BAKORINTHE
1 ’Na Pauluse moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo le ngoan’abo rona Timothea,+ re romella phutheho ea Molimo e Korinthe hammoho le bana ba bo rona* bohle ba Akaia lengolo lena.+
2 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.
3 Ho rorisoe Molimo, Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste.+ Ke Ntate ea mohau le ea bonolo haholo+ ebile o tšelisa batho maemong ’ohle.+ 4 O re tšelisa* mathateng ’ohle a rona+ e le hore ka matšeliso a tsoang ho eena+ re ka khona ho tšelisa ba bang+ mathateng ’ohle a bona. 5 Kaha re balateli ba Kreste, re ba le mathata a mangata+ empa hape ka lebaka la Kreste re fumana matšeliso a mangata. 6 Ha re hlaheloa ke mathata, ke ka morero oa hore le tšelisoe le ho pholosoa. Haeba re tšelisoa, ke ka morero oa hore le tšelisehe. Matšeliso ao a tla le thusa ho mamella mathata a tšoanang le a rona. 7 Tšepo eo re nang le eona ka lona e tiile. Rea tseba hore feela joalokaha le utloa bohloko joaloka rona, le tla tšelisoa joaloka rona.+
8 Bana beso, re batla hore le tsebe ka mathata a ileng a re hlahela ha re ntse re le Asia.+ Mathata a neng a re hlahela a ne a le ka holim’a matla a rona, re ne re bile re sa kholiseha hore na re tla phela kapa che.+ 9 Ha e le hantle, re ne re nahana hore re tl’o shoa. Lintho tsena li re rutile hore re se ke ra itšepa empa re tšepe Molimo+ ea tsosang bafu. 10 Molimo o re pholositse boemong bo kotsi ’me o tla boela a re pholose. Re kholisehile hore o tla lula a ntse a re pholosa.+ 11 Le lona le ka re thusa ka ho re rapella ka matla.+ Ha batho ba bangata ba re rapella, Molimo o tla utloa a be a re thuse ’me seo se tla etsa hore batho ba bangata ba lebohe Molimo.+
12 Re ithorisa ka hore re na le matsoalo a khutsitseng hobane ha re ne re le har’a batho ba lefatše lena, haholo-holo ha re le har’a lona, boitšoaro ba rona bo ne bo halalela ebile re tšepahala feela joalokaha Molimo a tšepahala. Ha rea ka ra tšepa bohlale ba batho+ empa re ne re tšepile mosa oa Molimo. 13 Re le ngolla lintho tseo le ka khonang ho li bala* le ho li utloisisa ’me ke tšepa hore le tla ’ne le li utloisise haholoanyane* 14 feela joalokaha ba bang ba lona ba se ba ntse ba li utloisisa. Ba bang ba lona baa utloisisa hore le ithorisa ka lebaka la rona, le rona re tla ithorisa ka lebaka la lona ka letsatsi la Morena oa rona Jesu.
15 Kaha ke ne ke kholisehile ka taba ena, ke ne ke rerile ho tla ho lona ka lekhetlo la bobeli e le hore le ka thaba hape.* 16 Ke ne ke rerile ho pota ho lona ha ke ea Macedonia le ha ke tsoa teng ebe lea mphelehetsa ha ke ea Judea.+ 17 Na morero oo ke ile ka o nka hanyenyane? Na ke ne ke rerile ho etsa lintho ho ea ka thato ea ka hoo nka reng “E” ebe hamorao ke se ke re “Che”? 18 Feela joalokaha Molimo a ka tšeptjoa, le rona le ka re tšepa ha re re “E” ea rona ha se “Che.” 19 Mora oa Molimo Kreste Jesu eo ’na, Silvanase* le Timothea+ re ileng ra le bolella ka eena, ha a re “E” ebe oa khutla o re “Che” empa “E” ea hae e tla lula e le “E.” 20 Litšepiso tsohle tsa Molimo li phethahetse* ka Jesu.+ Ke kahoo ha re rapela re reng “Amen” ka lebitso la Jesu e le ho rorisa Molimo.+ 21 Molimo ke eena ea netefatsang hore lona le rona re ba Kreste ebile ke eena ea re tlotsitseng.+ 22 O re tšoaile ka letšoao la hae+ ’me o re file moea o halalelang+ ka lipelong tsa rona. Ka ho etsa joalo, o ne a re tiisetsa hore re tla fumana litlhohonolofatso ka moso.
23 Ke ikana ka bophelo ba ka, le Molimo a ka mpakela hore ha ke e-s’o tle Korinthe hobane ke sa batle ho le utloisa bohloko le ho feta. 24 Ha se hore re laola tumelo ea lona+ empa re sebetsa ’moho le lona e le hore le thabe hobane le eme le tiile ka lebaka la tumelo ea lona.
2 Ke entse qeto ea hore ha ke tla ho lona hape ke se ke ka le utloisa bohloko. 2 Haeba ke le utloisa bohloko, ke mang ea tla nthabisa? 3 Ke le ngoletse lengolo e le hore ha ke tla ho lona ke se ke ka utloa bohloko ka lebaka la lona empa ke thabe hobane ke kholisehile hore lintho tse nthabisang ke tse le thabisang le lona. 4 Ke le ngoletse ke lla haholo, ke tšoenyehile ebile pelo ea ka e utloile bohloko haholo. Morero e ne e se ho le utloisa bohloko+ empa e ne e le hore le tsebe hore ke le rata haholo.
5 Haeba ho na le motho ea le utloisitseng bohloko,+ ha a utloisa ’na bohloko empa o utloisitse lona kaofela bohloko. Ha se hore ke batla ho le hlaba ka mantsoe. 6 Le mo khalemetse ho lekane, 7 joale le mo tšoarele ho tsoa pelong le be le mo tšelise+ e le hore a se ke a utloa bohloko haholo ebe oa nyahama.+ 8 Ke le eletsa hore le mo kholise hore lea mo rata.+ 9 Ke le ngoletse hobane ke batla ho bona hore na le batho ba mamelang. 10 Motho eo le mo tšoarelang le ’na kea mo tšoarela. Haeba ke tšoaretse motho, ke etsa joalo molemong oa lona ebile Kreste ke paki ea hore ke entse joalo. 11 Re lokela ho etsa joalo e le hore re se ke ra qhekelloa ke Satane+ hobane re tseba maqheka a hae.*+
12 Ha ke fihla Troase+ ho ea bolela litaba tse monate tse mabapi le Kreste, ke ile ka ba le monyetla o moholo oa ho etsa mosebetsi oa Morena. 13 Ke ile ka khathatseha ha ke sa fumane ngoan’eso Tite.+ Kahoo, ke ile ka ba salisa hantle eaba ke ea Macedonia.+
14 A re leboheng Molimo eo kamehla a re etellang pele re e-na le Kreste joalokaha eka o etella pele masole a khutlileng ntoeng a hlotse. Litaba tse mabapi le Molimo li tšoana le monko o monate ’me mosebetsi oo re o etsang o etsa hore batho bohle ba utloe monko ona. 15 Ha re bolella batho ka Kreste, re tšoana le monko o monate ho Molimo. Monko ona o fihla ho batho ba pholosoang le ba timelang. 16 Ho ba timelang, monko oo ke monko oa lefu o bolaeang+ empa ho ba pholosoang, monko oo ke monko oa bophelo o phelisang. Ke mang ea tšoanelehang bakeng sa mosebetsi oo? 17 Ke rona ba tšoanelehang hobane ha re rekise lentsoe la Molimo+ joalokaha batho ba bangata ba etsa empa re bua ka botšepehi joaloka balateli ba Kreste. Re ronngoe ke Molimo ebile re etsa mosebetsi ona Molimo a ntse a re shebile.
3 Na ho hlokahala hore re itlhalose hore na re bo-mang hape? Kapa na re hloka mangolo a re buellang joalokaha ba bang le bona ba a hloka? Kapa na lona le lokela ho re ngolla mangolo ao? 2 Lona ka bolona le mangolo a rona+ a ngotsoeng lipelong tsa rona ’me a tsejoa ke batho bohle ebile baa a bala. 3 Ho hlakile hore le mangolo a Kreste a ngotsoeng ke rona basebeletsi ba Molimo,+ a ngotsoeng ka moea oa Molimo ea phelang eseng ka enke. A ngotsoe lipelong+ eseng matlapeng.+
4 Re bua lintho tsena ka kholiseho ka pel’a Molimo ka lebaka la Kreste. 5 Ha re bolele hore re khona ho etsa mosebetsi ona ka borona empa ke Molimo ea re thusang hore re o etse.+ 6 Ke eena ea re thusang hore re be basebeletsi ba selekane se secha+ le ba moea o halalelang eseng ba molao o ngotsoeng+ hobane molao o ngotsoeng o tlisa lefu+ empa moea o halalelang o fana ka bophelo.+
7 Molao o tlisang lefu le o ngotsoeng matlapeng+ o tlile ka khanya e kholo hoo Baiseraele ba neng ba sitoa ho sheba sefahleho sa Moshe hobane se ne se khanya haholo+ empa khanya eo e ne e tl’o felisoa. 8 Na moea o halalelang+ o ke ke oa fanoa ka khanya e fetang?+ 9 Haeba molao o tlisang bomalimabe+ o ne o khanya haholo,+ mosebetsi o tlisang ho loka o tla khanya le ho feta.+ 10 Ha e le hantle, khanya ea molao ha se letho ha e bapisoa le khanya ea selekane se secha.+ 11 Haeba molao o ngotsoeng o ileng oa felisoa o tlile ka khanya e kholo,+ selekane se secha se ntseng se le teng se tla fumana khanya e kholo le ho feta.+
12 Kaha re na le tšepo eo,+ re bua ka bolokolohi. 13 Hape ha re etse seo Moshe a ileng a se etsa ha a ne a ikoahela sefahleho ka lesira+ e le hore bara ba Iseraele ba se ke ba bona khanya ea molao o neng o tl’o felisoa. 14 Empa ba ne ba sa khone ho utloisisa.+ Ho tla fihlela letsatsing lena, ha ba khone ho utloisisa ha selekane sa khale se baloa+ hobane ekare ba koahetsoe ka lesira. Lesira leo le ka tlosoa feela ka thuso ea Kreste.+ 15 Lipelo tsa bona li ntse li koahetsoe ka lesira le kajeno.+ Kahoo, ha ba utloisise mangolo a Moshe.+ 16 Empa ha motho a fetola mekhoa ea hae e le hore a sebeletse Jehova,* lesira leo lea tlosoa.+ 17 Jehova* ke Moea,+ moo moea oa Jehova* o leng teng, ho na le tokoloho.+ 18 Rona kaofela ba tlositseng lesira lifahlehong tsa rona, re tšoana le liipone tse bontšang khanya ea Jehova.* Re etsoa hore re tšoane le Molimo e le hore re bonahatse khanya ea hae le ho feta joalokaha Jehova* eo e leng Moea* a batla.+
4 Rea mamella kaha re fuoe mosebetsi ona ka lebaka la mohau oa Molimo. 2 Re hloile lintho tse etsetsoang lekunutung le tse hlabisang lihlong. Ha re khelose ba bang kapa hona ho sotha* lentsoe la Molimo+ empa re bontša batho seo lentsoe la Molimo le hlileng le se buang. Ha re etsa joalo, re hlaha ho Molimo re le batho ba etsang lintho tse ntle ka pel’a motho e mong le e mong.*+ 3 Haeba litaba tse monate tseo re li bolelang li patiloe ka lesira, li patetsoe batho ba tl’o felisoa, 4 bao e seng balumeli, bao molimo oa lefatše lena+ a foufalitseng likelello tsa bona+ e le hore ba se ke ba khantšetsoa ke leseli la litaba tse monate tse khanyang tse mabapi le Kreste eo e leng setšoantšo sa Molimo.+ 5 Ha re ruta, ha re rute ka rona empa re ruta hore Jesu Kreste ke eena Morena le hore rona re basebeletsi ba lona ka lebaka la Jesu. 6 Molimo ke eena ea itseng: “Leseli le ke le khanye lefifing”+ ’me ka sefahleho sa Kreste, o khantšitse lipelo tsa rona+ ka tsebo ea hae e khanyang.
7 Re fuoe mosebetsi ona o ikhethang+ le hoja re tšoana feela le lijana tsa letsopa+ tse tšetseng letlotlo le khethehileng e le hore ho ka hlaka hore matla a sa tloaelehang ao re nang le ’ona a tsoa ho Molimo eseng ho rona.+ 8 Re petelitsoe ka hohle empa ha rea petetsoa hoo re ke keng ra sisinyeha, re tsielehile empa ha se hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa.*+ 9 Rea hlorisoa empa ha rea lahloa kherehloa,+ re imetsoe ke mathata* empa rea mamella.*+ 10 Re lula re le kotsing ea ho bolaoa feela joaloka Jesu ’me seo se bontša batho hore re hlorisoa joaloka eena.+ 11 Rona ba phelang re lula re le kotsing ea ho bolaoa+ ka lebaka la Jesu ’me seo se bontša batho hore re hlorisoa joaloka eena. 12 Le hoja re le kotsing ea ho bolaoa, qetellong ke lona ba tl’o fumana bophelo.
13 Mangolo a re: “Ke buile hobane ke e-na le tumelo”+ le rona re bua hobane re e-na le tumelo. 14 Rea tseba hore ea ileng a tsosa Jesu o tla re tsosa hore re be ’moho le Jesu ’me o tla re isa ka pel’a Jesu.+ 15 Lintho tsena li etsahala bakeng sa lona e le hore batho ba bangata le ho feta ba ka fumana mosa* oa Molimo ebe baa mo rorisa ka ho mo leboha.+
16 Ka hona ha re tele. Le haeba ’mele ea rona e ntse e senyeha, lipelo le likelello tsa rona li ntse li nchafatsoa letsatsi le letsatsi. 17 Le hoja mathata e le a nakoana ebile a le bobebe, re tla fumana moputso o moholo ka ho fetisisa le o tla ba teng ka ho sa feleng.+ 18 Re lule re nahana ka lintho tseo re sa li boneng eseng tseo re li bonang.+ Lintho tseo re li bonang ke tsa nakoana empa tseo re sa li boneng ke tsa ka ho sa feleng.
5 Rea tseba hore haeba ntlo ea rona e mona lefatšeng e leng ’mele ona o kang tente e ka senngoa,+ Molimo o tla re fa ntlo leholimong e sa hahoang ka matsoho,+ e ke keng ea senyeha. 2 Ntlong ena e lefatšeng re utloa bohloko haholo, re labalabela ho fumana ntlo ea rona e leholimong+ 3 e le hore ha re kena* re se ke ra fumana ho se na moo re lulang.* 4 Ha e le hantle, rona ba ka ntlong ena re utloa bohloko haholo, re imetsoe hobane ha re batle ho tsoa ka ntlong ena empa re batla ho kena ka ntlong eane e ’ngoe+ e le hore bophelo bo sa feleng bo ka nkela ’mele o shoang sebaka.+ 5 Molimo ke eena ea re lokiselitseng bophelo bona,+ o ile a re fa moea oa hae e le pontšo ea se tlang.+
6 Re kholisehile hore hafeela re ntse re le ntlong ena, re hole le Morena.+ 7 Re tseba sena hobane re tataisoa ke tumelo eseng ke lintho tseo re li bonang. 8 Re kholisehile hore ha re batle ho phela ka har’a ’mele ona empa re batla ho phela le Morena.+ 9 Kahoo, ebang re lula le eena kapa re hole le eena, re leka ka thata hore re lule re amoheleha ho eena. 10 Kaofela ha rona re tla ema ka pel’a setulo sa Kreste sa kahlolo e le hore e mong le e mong a fuoe moputso ho ea ka lintho tseo a ileng a li etsa ha a sa ntse a e-na le ’mele ebang li ne li le ntle kapa li le mpe.+
11 Kaha rea tseba hore re lokela ho hlompha Morena, re ntse re susumetsa batho hore ba lumele seo re se buang. Molimo o re tseba hantle, re tšepa hore le lona le hlokometse hore na re batho ba mofuta ofe. 12 Ha re ithorise empa re bua lintho tsena ho le khothatsa e le hore le ka ithorisa ka rona le hore le ka araba ba ithorisang ka seo ba se bonang+ eseng se ka pelong. 13 Haeba re ne re ka etsa lintho joaloka motho ea se nang kelello,+ e ne e tla be e le bakeng sa Molimo. Haeba re ne re ka li etsa ka tsela e hlaphohetsoeng, ho ne ho tla tsoela lona molemo. 14 Lerato leo Kreste a nang le lona lea re susumetsa hobane re ile ra utloisisa hore motho a le mong o ile a shoela batho bohle+ hobane kaofela ba ne ba shoele. 15 O ile a shoela batho bohle e le hore ba se ke ba hlola ba iphelela+ empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.
16 Ho tloha hona joale ha re sa ahlola batho ho ea ka seo re se bonang.+ Haeba re ne re sheba Kreste joalo pele, ha re sa etsa joalo.+ 17 Ha motho a e-ba bonngoeng le Kreste, o boptjoa bocha.+ Lintho tsa khale li fetile ’me ho se ho e-na le lintho tse ncha. 18 Empa lintho tsohle li tsoa ho Molimo ea ileng a re boelanya le eena a sebelisa Kreste+ ’me a re fa mosebetsi oa hore re thuse batho ba bang hore ba boelane le eena.+ 19 Ho bolelang hore Molimo o sebelisa Kreste hore a boelane le batho+ ’me o ba tšoaretse libe tsa bona.+ Molimo o re file mosebetsi oa ho bolella batho hore ba ka boelana le eena.+
20 Kaha re baemeli+ ba Kreste+ ’me Molimo o re romme hore re etse kopo e tiileng ho batho, rea le kopa: “Boelanang le Molimo.” 21 Kreste ha aa ka a etsa sebe.+ Leha ho le joalo, Molimo o ile a fana ka eena e le sehlabelo bakeng sa libe tsa rona e le hore Molimo a ka re nka re lokile ka lebaka la hae.+
6 Kaha re basebetsi-’moho le Molimo,+ re le kopa hore le se ke la amohela mosa* oa Molimo ebe ha le etse letho ka oona+ 2 kaha Molimo o re: “Ke ile ka u utloa ka nako ea hore ke u bontše mosa ’me ka u thusa ka letsatsi la poloko.”+ Hona joale ke nako ea hore a re bontše mosa, ke letsatsi la poloko.
3 Ha re khopise motho leha e le ofe e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea buang hampe ka mosebetsi oo re o etsetsang Molimo+ 4 empa rea bontša hore re basebeletsi ba Molimo ka litsela tsohle.+ Re mameletse lintho tse ngata, matšoenyeho, ho hloka le mathata.+ 5 Re ne re otloa, re koalloa literonkong,+ re hlaseloa ke matšoele a batho, re sebetsa ka thata, re sa robale bosiu ebile re hloka lijo.+ 6 Re phela bophelo bo hloekileng, re tseba ’nete, rea mamella,+ re mosa,+ re lumella moea o halalelang hore o re tataise hape re ratana ho tsoa pelong.+ 7 Re bolella batho ’nete, re tšepa matla a Molimo,+ re tšoara libetsa tsa ho loka+ ka letsohong le letona* le le letšehali.* 8 Rea hlomphuoa ebile rea hlompholloa, re buuoa hampe ebile rea rorisoa, batho ba re re bua leshano empa re bua ’nete. 9 Batho ba re nka re sa tsejoe empa Molimo oa re tseba, ho bona re bonahala eka rea shoa* empa re ntse re phela,+ ba re fa kotlo empa ha ba re bolaee.+ 10 Batho ba nahana hore ha rea thaba empa re lula re thabile, ba nahana hore re futsanehile empa re fa batho ba bangata lintho tse molemo, ba nahana hore ha re na letho empa re na le lintho tsohle.+
11 Bana beso ba Korinthe, re bua le lona re phutholohile ’me re le rata haholo.* 12 Leha ho le joalo, lona ha le re rate ka tsela eo re le ratang ka eona.+ 13 Ke bua le lona joalokaha ke bua le bana ba ka, le re rate joalokaha le rona re le rata, le eketse lerato leo le re ratang ka lona.+
14 Le se ke la kena jokong* le batho bao e seng balumeli.+ Ho loka le tlolo ea molao li kopana hokae?+ Hona leseli le lefifi li kopana hokae?+ 15 Na ho na le ntho eo Kreste le Beliale*+ ba ka lumellanang ka eona? Kapa na ho na le ntho eo motho ea lumelang ho Kreste* le ea sa lumeleng ho Kreste ba tšoanang ka eona?+ 16 Na hoa khoneha hore litšoantšo tse rapeloang li be ka tempeleng ea Molimo?+ Re tempele ea Molimo ea phelang+ joalokaha Molimo a itse: “Ke tla lula le bona+ ’me ke tsamaee har’a bona. Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba sechaba sa ka.”+ 17 “‘Ka hona tsoang har’a bona, le ikarole ho bona,’ ke Jehova ea chong,* ‘le khaotse ho tšoara ntho e sa hloekang’”+ “‘’me ke tla le amohela.’”+ 18 “‘Ke tla ba ntate oa lona+ ’me le tla ba bana ba ka,’+ ke Jehova* Ea Matla ’Ohle ea chong.”
7 Baratuoa, kaha Molimo o re tšepisitse lintho tsena,+ a re itlhoekiseng ’meleng le kelellong+ e le hore re halalele le ho feta hobane re hlompha Molimo.
2 Re amoheleng.+ Ha ho motho eo re mo foselitseng, ha ho eo re mo khelositseng ebile ha ho eo re nkileng monyetla ka eena.+ 3 Ha se hore kea le ahlola. Ke le boleletse hore rea le rata ho sa tsotellehe hore na rea phela kapa rea shoa. 4 Ke khona ho bua ka bolokolohi le lona. Ke motlotlo ka lona ebile ke khothetse haholo. Le hoja re hlaheloa ke mathata, ke thabile haholo.+
5 Ha re fihla Macedonia+ ha rea ka ra phomola, re ile ra ’na ra hlorisoa ka litsela tsohle. Batho ba ne ba re hanyetsa ’me rona re ne re tšoenyehile ka liphutheho. 6 Molimo ea tšelisang batho ba nyahameng+ o ile a re tšelisa ka hore Tite a re etele. 7 Ha rea tšelisoa feela ke hore ebe Tite o ne a le teng, re tšelisitsoe hape le ke hore o khutlile a khothetse ha a tsoa ho lona. O re boleletse hore le itse le nkhopotse haholo le hore le soabile ebile le tšoenyehile ka ’na haholo.* Kahoo, ke ile ka thaba le ho feta.
8 Le haeba ke ile ka le utloisa bohloko ka lengolo la ka,+ ha ke ikoahlaee. Le haeba pele ke ile ka ikoahlaea kaha ke bone hore lengolo leo le ile la le utloisa bohloko ka nakoana, 9 hona joale ke thabile eseng hobane le ile la utloa bohloko empa hobane bohloko boo bo entse hore le bake. Le ne le utloile bohloko ka tsela e khahlisang Molimo ’me seo se le thusitse, ke kahoo seo re se buileng se sa kang sa le lematsa. 10 Kamehla ho utloa bohloko ka tsela e khahlisang Molimo ho re tsoela molemo hobane ho re susumeletsa ho baka hape hoa re pholosa.+ Leha ho le joalo, ho utloa bohloko joaloka batho ba lefatše ho lebisa lefung. 11 Ho hlakile hore le ile la utloa bohloko ka tsela e khahlisang Molimo, ka lebaka leo le ile la leka kahohle ho etsa se nepahetseng. Le ile la bontša hore ha le na molato, la utloa bohloko ka lebaka la phoso eo le e entseng, la hlompha Molimo, la etsa boiteko bo matla ba ho lokisa bothata ba lona, la sebeletsa Molimo ho tsoa pelong la ba la lokisa liphoso tsa lona.+ Le ile la etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle e le hore le lokise bothata bona. 12 Ha ke ne ke le ngolla, ke ne ke sa ngolle motho ea entseng sebe+ kapa ea foselitsoeng empa ke ne ke le ngolla e le hore ke bone hore na le tla bontša Molimo hore le batla ho re mamela. 13 Ke kahoo re khothetseng.
Empa re khothetse le ho feta ha re bona Tite a fihla a thabile haholo hobane le ile la mo khothatsa. 14 Ke ile ka ithorisa ka lona ho Tite ’me ha lea ka la mphoqa. Feela joalokaha lintho tseo re le boleletseng tsona e ne e le ’nete le lintho tseo re li boleletseng Tite ka lona ke ’nete. 15 O le rata haholo ha a hopola kamoo kaofela ha lona le ileng la mamela kateng+ le ho mo amohela ka tlhompho e kholo. 16 Kea thaba hobane nka le tšepa* linthong tsohle.
8 Bana beso, re batla hore le tsebe ka mosa* oo Molimo a o bontšitseng liphutheho tsa Macedonia.+ 2 Nakong eo ba neng ba le mahlomoleng ka lebaka la teko e kholo e ba hlahetseng, ba ile ba bontša hore ke batho ba ratang ho fana ka hore ba fane ba thabile le hoja ba ne ba futsanehile haholo. 3 Kea paka hore ba fane kahohle kamoo ba ka khonang+ ebile ba fane le ho feta kamoo ba neng ba ka khona.+ 4 Ba ile ba ba ba ikopela hore le bona ba fuoe monyetla oa hore ba fane le hore ba kenye letsoho ho thusa balumeli-’moho le bona.*+ 5 Ba ile ba etsa le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng kaha ba ile ba itela bakeng sa Morena le bakeng sa rona ho ea ka thato ea Molimo. 6 Kahoo, re ile ra khothaletsa Tite+ ho qetela mosebetsi oo a neng a o qalile ha a e-na le lona, oa ho bokella limpho tseo le faneng ka tsona ka ho rata. 7 Le etsa hantle linthong tsohle. Tumelo ea lona e matla, le na le bokhoni ba ho ruta lentsoe la Molimo, le na le tsebo e ngata, le etsa lintho tsohle ka mafolofolo ebile le rata batho ba bang feela joalokaha re le rata. Kahoo, e se eka le ka tsoela pele ho fana ka ho rata.+
8 Ha ke le laele hore na le etse’ng empa ke batla le bone kamoo batho ba bang ba itelang ba bileng ba sebetsang ka thata kateng. Hape ke batla ho bona hore na lerato la lona ke la ’nete. 9 Le tseba kamoo Morena oa rona Jesu Kreste a bileng mosa kateng, hore leha e ne e le morui o ile a iketsa mofutsana ka lebaka la lona,+ e le hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.
10 Ke nahana hore+ mosebetsi ona o tsoela lona molemo kaha le ile la o qala selemong se fetileng ebile e le ka ho rata. 11 Kahoo, qetang mosebetsi oo ka mafolofolo ao le neng le e-na le oona ha le ne le o qala. 12 Molimo o amohela mpho e tsoang pelong hobane o lebeletse hore motho a mo fe seo a nang le sona+ eseng seo a se nang sona. 13 Ha ke batle ho nolofalletsa batho ba bang lintho ebe lona kea le imetsa. 14 Ke batla hore le lekane, lintho tse ngata tseo le nang le tsona li tlatselletse moo ba haelloang le lintho tse ngata tseo ba nang le tsona li tlatselletse moo le haelloang 15 feela joalokaha Mangolo a re: “Ho ne ho se na motho ea nang le ho hongata haholo kapa ho honyenyane haholo.”+
16 Re leboha Molimo hore ebe Tite o amehile ka lona feela joalokaha le rona re amehile ka lona+ 17 hobane o ile a etsa seo re itseng a se etse ebile o ithaopetse ho tla ho lona hobane o ne a batla ho re thusa. 18 Re mo romela le ngoan’abo rona eo liphutheho tsohle li mo buang hantle ka lebaka la mosebetsi oo a o etsang oa ho bolela litaba tse monate. 19 Liphutheho tsohle li mo khethile hore a tsamaee le rona ha re isa mpho ena. Mpho ena e tla etsa hore Morena a tlotlisoe ’me e tla bontša hore re batla ho thusa batho ba bang. 20 Re leka ho etsa hore ho se ke ha e-ba le motho ea fumanang molato mosebetsing oa rona oa ho abela batho menehelo.+ 21 Re ‘etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka botšepehi eseng mahlong a Jehova* feela empa le mahlong a batho.’+
22 Re ba romela le ngoan’abo rona eo ka makhetlo a mangata a ileng a bontša hore oa tšepahala le hore o ikemiselitse ho etsa lintho tse ngata. O re thusitse ka lintho tse ngata ’me le lona o batla ho le thusa hobane oa tseba hore le tla etsa se nepahetseng. 23 Haeba ho e-na le motho ea nang le lipelaelo ka Tite, le tsebe hore ke sebetsa le eena ho le thusa. Haeba batho ba e-na le lipelaelo ka bana bana ba bo rona ba tsamaeang le eena, le tsebe hore ba rometsoe ke phutheho* ’me ba tlotlisa Kreste. 24 Ba bontšeng hore lea ba rata+ e le hore liphutheho li bone hore na ke hobane’ng ha re le motlotlo ka lona.
9 Ha ho hlokahale hore ke le ngolle letho mabapi le taba ea hore le thuse bana ba bo rona.+ 2 Kea tseba hore le ikemiselitse ho ba thusa ebile ke ithorisa ka lona ho Bakreste ba Macedonia. Ke ba boleletse hore lona moo Akaia, le se le e-na le selemo joale le ikemiselitse ho thusetsa. Kahobane le ikemiselitse ho thusetsa, ba bangata ba bona ba batla ho le etsisa. 3 Ke romela bana ba bo rona ho lona e le hore ho se ke ha bonahala eka re ithorisa ka ntho e sieo le hore le hle le itokise feela joalokaha ke ba boleletse hore ba tla le fumana le itokisitse. 4 Ho seng joalo, haeba bana ba bo rona ba Macedonia ba ka tla le ’na eaba ba fumana le sa itokisa, re tla soaba haholo hore ebe re ile ra le tšepa, ha re sa re letho ka hore na lona le tla be le soabile hakae. 5 Kahoo, ke bone ho hlokahala hore ke khothaletse bana ba bo rona hore ba tle ho lona esale ka nako ’me ba late mpho ea lona e le hore ho bonahale hore le fane ka mpho eo hobane le rata eseng hobane re le qobeletse.
6 Le hopole hore ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane, athe ea jalang haholo o tla kotula haholo.+ 7 Motho ka mong a ke a fane ho ea kamoo a rerileng kateng ka pelong ea hae eseng ka ho tsila-tsila* kapa ka ho qobelloa+ hobane Molimo o rata motho ea fanang a thabile.+
8 Ho feta moo, Molimo a ka khona ho le bontša hore o mosa* e le hore le se ke la hloka letho ’me le be le lintho tse ngata tseo le li hlokang bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo+ 9 hobane Mangolo a re: “O fane ka lintho tseo a nang le tsona ka pelo eohle. O li file bafutsana. Liketso tsa hae tse lokileng li ke ke tsa lebaloa.”+ 10 Molimo ea fang mojali peo e ngata le bohobe hore a je o tla le fa peo e ngata e le hore le jale ’me o tla le thusa hore le kotule haholo ka lebaka la mesebetsi ea lona e metle. 11 Molimo o le hlohonolofatsa haholo e le hore le ka fana ka litsela tsohle. Ha re fana, re etsa hore batho ba lebohe Molimo. 12 Mosebetsi ona oo re o etsetsang batho ba bang, ha re o etse feela hore re thuse balumeli-’moho le rona* ba hlokang+ empa re boetse re o etsetsa le hore batho ba bangata ba lebohe Molimo. 13 Mosebetsi ona o tla bontša batho hore na le batho ba joang. Ba tla rorisa Molimo hobane le etsa lintho tumellanong le litaba tse monate tseo le li bolelang ka Kreste ebile le fana ka pelo eohle ho balumeli-’moho le rona le ho batho ba bang kaofela.+ 14 Ba tla le rata le ho le rapella ka lebaka la mosa o moholo oo Molimo a le bontšitseng oona.
15 A re leboheng Molimo hobane o re file mpho e kholo hoo re ke keng ra khona ho e hlalosa.
10 ’Na Pauluse, eo ba bang ba lona ba reng oa fokola ha a le har’a lona+ empa ha a le sieo o sebete,+ ke le kopa ka bonolo le ka mosa oo Kreste a ileng a o bontša.+ 2 Ke kopa hore ha ke fihla, batho ba nahanang hore re itšoara joaloka batho ba lefatše lena ba be ba se ba fetohile e le hore ke se ke ka tlameha ho ba khalemela ka matla. 3 Le hoja re phela lefatšeng, ha re loane joaloka batho ba lefatše lena. 4 Libetsa tseo re loanang ka tsona ha se tse sebelisoang ke batho ba lefatše lena+ empa ke tseo re li fuoang ke Molimo.+ Li matla hoo li ka fotholang lintho tse metseng ka matla. 5 Re felisa monahano o mong le o mong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sitisang batho ho tseba Molimo+ ’me re laola likelello tsa rona hore li mamele Kreste. 6 Hang ha le se le bontšitse hore le batho ba mamelang,+ re tla fana ka kotlo ho motho e mong le e mong ea sa mameleng.
7 Le ahlola lintho ho ea ka tsela eo le li bonang ka eona. Haeba mang kapa mang a kholisehile hore ke morutuoa oa Kreste, a hopole hore le rona re barutuoa ba Kreste joaloka eena. 8 Le haeba nka ithorisa haholo ka matla ao Morena a re fileng ’ona a ho le khothatsa eseng ho le nyahamisa,+ nke ke ka soabela hore ebe kea ithorisa. 9 Ha ke batle hore ho bonahale eka ke ne ke batla ho le tšosa ka mangolo a ka. 10 Ba bang ba re: “Mangolo a hae a bua litaba tsa bohlokoa le tse matla empa boteng ba hae ha bo re khahle ebile o bua lintho tse se nang thuso.” 11 Batho ba joalo ba tsebe hore lintho tseo re li buang mangolong ha re le sieo, re tla li etsa leha re le teng.+ 12 Ha re batle ho itšoantša kapa ho ipapisa le batho ba iphahamisang.+ Baa bontša hore ha ba na kutloisiso hobane ba ikahlola ho ea ka seo ba nahanang hore se nepahetse.+
13 Re ke ke ra ithorisa ka lintho tse ka thoko ho mosebetsi oo re o fuoeng empa re tla ithorisa feela ka mosebetsi oo Molimo a re fileng oona, oo le leng karolo ea oona.+ 14 Ha re ne re tla ho lona, re ne re sa etse mosebetsi oo Molimo a sa re fang oona kaha re bile ba pele ba ho fihla ho lona ka litaba tse monate tse mabapi le Kreste.+ 15 Ha re ithorise ka mosebetsi oo re sa o fuoang o entsoeng ke motho e mong empa re tšepa hore ha tumelo ea lona e ntse e eketseha le mosebetsi oo re o entseng ho lona o tla hola ebe re khona ho sebetsa haholoanyane. 16 Etsoe re batla ho ea linaheng tse ling re e’o bolela litaba tse monate e le hore re se ke ra ithorisa ka mosebetsi o entsoeng ke batho ba bang libakeng tsa bona. 17 “Empa ea ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.”*+ 18 Jehova* o rorisa motho eo a mo amohelang+ empa ha a amohele motho ea ithorisang.+
11 Ho ka ’na ha utloahala eka ntho eo ke tl’o e bua ha e na kelello empa ke kopa le se ke la mphella pelo. Ha e le hantle, le se le ntse le ’mamella. 2 Ke le tšepisitse ho le nyalisa Kreste ’me ke batla ho le fa eena le le joaloka moroetsana. Ke kahoo ke amehileng haholo ka lona feela joalokaha Molimo a amehile ka lona.+ 3 Ke tšaba hore feela joalokaha noha e ile ea khelosa Eva,+ motho e mong a ka senya menahano ea lona ka ho etsa hore le se ke la hlola le latela Kreste ka pelo eohle le hore le se ke la hloeka hobane Kreste o lebeletse hore le hloeke.+ 4 Ke cho joalo hobane le mamela motho leha e le ofe ea le rutang lintho tse fapaneng le tseo re ileng ra le ruta tsona ka Jesu kapa ea etsang hore le nahane ka tsela e fapaneng le eo le neng le nahana ka eona pele kapa ea le bolellang litaba tse monate tse fapaneng le tseo le li amohetseng.+ 5 Empa ha ke kholoe hore baapostola bao ba iketsang eka ba lokile ba mpheta ka letho.+ 6 Le haeba ke se kheleke ha ke bua,+ tsebo eona ke na le eona. Re le bontšitse tsebo eo linthong tsohle.
7 Na ke entse sebe ka hore ebe ke ile ka le bolella litaba tse monate tsa Molimo ke sa le patalise le ka hore ebe ke ile ka ikokobetsa e le hore le ka hlomphuoa?+ 8 Ke ile ka thusoa ke liphutheho tse ling e le hore ke le sebeletse ’me ho ne ho tšoana leha eka kea ba utsoetsa.+ 9 Nakong eo ke neng ke e-na le lona ’me ke hloka, ha kea ka ka le imetsa hobane bana ba bo rona ba neng ba tsoa Macedonia ba ile ba nthusa ka lintho tsohle tseo ke neng ke li hloka.+ Ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang hore ke se ke ka ba moroalo ho lona ebile ke tla tsoela pele ho etsa joalo.+ 10 Hafeela ke ntse ke le molateli oa Kreste, ha ho na letho le tla nthibela ho ithorisa+ ka sena Akaia eohle. 11 Hore ebe ha kea le kopa letho ha se hobane ke sa le rate, Molimo oa tseba hore kea le rata.
12 Ho na le ba ithorisang ba reng ke baapostola joaloka rona. Kahoo, ke tla tsoela pele ke sa le kope letho+ e le hore ba se ke ba e-ba le lebaka la ho ithorisa. 13 Batho ba joalo ke baapostola ba bohata, ba khelosang batho, ba iketsang eka ke baapostola ba Kreste.+ 14 Ha ho makatse hobane Satane le eena o ntse a iketsa eka ke lengeloi le lokileng.+ 15 Kahoo, le rona ha ho re makatse hore ebe basebeletsi ba hae ba ntse ba iketsa eka ba sebeletsa Molimo. Empa qetellong ba tla kotula litholoana tsa mesebetsi ea bona.+
16 Ke boetse ke re: Le se ke la nahana hore ha ke na kelello. Le haeba le nahana hore ha ke na kelello, nkamoheleng ke le joalo e le hore le ’na ke tle ke ithorise hanyenyane. 17 Hona joale ha ke bua, ha ke latele mohlala oa Morena empa ke bua joaloka motho ea se nang kelello, ea itšepang le ea ithorisang. 18 Kaha ba bangata ba ithorisa ka lintho tsa lefatše, le ’na ke tla ithorisa. 19 Kaha le bohlale haholo, le ke ke la ba le bothata ba ho mamella batho ba se nang kelello. 20 Ha e le hantle, le mamella mang kapa mang ea le etsang makhoba, mang kapa mang ea le nkelang maruo le sohle seo le nang le sona, mang kapa mang ea iketsang eka o molemo ho le feta le mang kapa mang ea le otlang sefahlehong.
21 Hoa soabisa hore ebe re bua tjena hobane ho ba bang ho ka bonahala eka re tšaba ho sebelisa matla a rona hantle.
Haeba batho ba bang ba sa soabele ho ithorisa, le ’na ha ke soabele ho ithorisa le haeba ba bang ba ka bona eka ha ke na kelello. 22 Na ke Baheberu? Le ’na ke Moheberu.+ Na ke Baiseraele? Le ’na ke Moiseraele. Na ke litloholo tsa Abrahama? Le ’na ke setloholo sa hae.+ 23 Na ba sebeletsa Kreste? Ke araba joaloka lehlanya, ’na ke mo sebeletsa haholo ho ba feta: Ke entse mesebetsi e mengata,+ ka koalloa hangata,+ ka otloa hangata ’me ka makhetlo a mangata ka batla ke shoa.+ 24 Ka makhetlo a mahlano, Bajuda ba ile ba nchapa lithupa tse 39,+ 25 ka otloa ka melamu ka makhetlo a mararo,+ ka tlepetsoa ka majoe hanngoe,+ ka robeheloa ke sekepe hararo,+ ka qeta bosiu bo le bong le letšehare ke le leoatleng. 26 Ke ne ke le maetong hangata, ke tobana le likotsi linokeng, likotsi tsa masholu, tsa batho ba heso,+ tsa linaha tse ling,+ likotsi tsa motseng,+ likotsi tsa thoteng, likotsi tsa leoatleng, likotsi tsa bana beso ba bohata. 27 Ke ne ke sebetsa ka thata ke bile ke sehla, ke qeta masiu a mangata ke sa robale,+ ke bolaoa ke tlala le lenyora,+ hangata ke se na lijo,+ ke bolaoa ke serame ebile ke se na liaparo.
28 Ntle ho lintho tsena kaofela, letsatsi le leng le le leng ke lula ke tšoenyeha ka liphutheho tsohle.+ 29 Ha motho e mong a fokola kea tšoenyeha hape kea halefa ha motho e mong a khelosa ba bang tumelong.
30 Haeba ke lokela ho ithorisa, ke tla ithorisa ka lintho tse bontšang hore kea fokola. 31 Molimo le Ntate oa Morena Jesu, Ea tla rorisoa ka ho sa feleng, oa tseba hore ha ke bue leshano. 32 Ha ’musisi ea okametsoeng ke Morena Aretase a ne a katile motse oa Damaseka e le hore a tle a ntšoare, 33 bana ba bo rona ba ile ba nkenya ka basketeng,* ba ’ntša ka fensetere e lerakong la motse+ eaba kea phonyoha.
12 Ke lokela ho ithorisa. Kahoo, ke tla bua ka lipono+ tseo Morena a mpontšitseng tsona le melaetsa eo a mphileng eona+ le hoja ho etsa joalo ho sa tl’o ntsoela molemo. 2 Ke tseba monna e mong eo e leng molateli oa Kreste, eo lilemo tse 14 tse fetileng a ileng a nkeloa leholimong la boraro. Ha ke tsebe hore na o ile a nkeloa leholimong ka ’mele oa hae kapa che empa Molimo eena oa tseba. 3 Kea mo tseba monna ea joalo. Ha ke tsebe hore na o ile a nkoa ka ’mele oa hae kapa che empa Molimo ke eena ea tsebang. 4 Molimo o ile a mo nkela paradeiseng ’me o ile a utloa mantsoe ao motho a sa lokelang ho a utloa kapa ho a bua. 5 Ke tla ithorisa ka monna eo empa nke ke ka ithorisa ka ’na haese hore ke ithorise ka mefokolo ea ka. 6 Le haeba nka ithorisa, ke tla be ke se motho ea se nang kelello hobane ke tla be ke bua ’nete empa kea ithiba e le hore le nthorise feela ka lintho tseo le li bonang ho ’na le tseo le li utloang. 7 Ho se ke ha e-ba le motho ea nthorisang haholo hobane Morena a mpha melaetsa e mengata.
E le hore ke se ke ka iphahamisa, ke ile ka hlajoa ka moutloa nameng,+ lengeloi la Satane hore le lule le nkotla.* 8 Ke ile ka kopa Morena ka makhetlo a mararo hore a o tlose ho ’na. 9 Empa o ile a re ho ’na: “Mosa* oa ka o u lekane kaha matla a ka a bonahala haholo ha u fokola.”+ Kahoo, ke tla ithorisa ka mefokolo ea ka e le hore matla a Kreste a ka lula ho ’na. 10 Kea thaba ha ke fokola, ha ke rohakoa, ha ke se na letho, ha ke hlorisoa le ha ke hlaheloa ke mathata ka lebaka la Kreste hobane ha ke fokola ke hona ha ke le matla.+
11 Ke fetohile lehlanya hobane ke lona ba ntšusumelelitseng hore ke be joalo. Le ne le tšoanela hore ebe le mpueletse. Le haeba ke se letho, ke bontšitse ka litsela tsohle hore ke feta baapostola bao ba lona ba iketsang eka ba lokile.+ 12 Le iponetse bopaki ba hore ke moapostola hobane ke ne ke e-na le mamello,+ ke entse mehlolo, limakatso le lintho tse sa tloaelehang.+ 13 Tsela e le ’ngoe eo le sa tšoaneng le liphutheho tse ling ka eona ke hore ha kea ba moroalo ho lona. Na ke entse phoso?+ Haeba ho joalo, ntšoareleng.
14 Shebang, lena ke lekhetlo la boraro ke itokiselitse ho tla ho lona ’me nke ke ka ba moroalo ho lona. Ha ke batle matlotlo a lona+ empa ke batla lona hobane bana+ ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona. 15 Ke tla thabela ho sebelisa sohle seo ke nang le sona ke be ke itele bophelo bohle ba ka molemong oa lona.+ Na le ka nthata hanyenyane feela ’na ke le rata hakaale? 16 Leha ho ka ba joalo, ha kea ka ka le imetsa+ empa le re ke “molotsana” ebile ke le “qhekeletse.” 17 Ha kea ka ka sebelisa mang kapa mang eo ke mo rometseng ho lona hore ke ithuise ka lona. 18 Ke ile ka kopa Tite hore a tle ho lona a e-na le ngoan’abo rona e mong. Na Tite eena o ile a ithuisa ka lona?+ Re ile ra nahana le ho itšoara ka tsela e tšoanang.
19 Mohlomong le nahana hore rea ikemela empa ha ho joalo. Ho e-na le hoo, joaloka balateli ba Kreste re bua ’nete ka pel’a Molimo. Bana ba bo rona bao re ba ratang, lintho tsohle tseo re li etsang re li etsetsa ho le matlafatsa. 20 Ke tšaba hore e ka ’na eaba ha ke fihla, ke tla fumana le itšoara ka tsela eo ke sa e lebellang ’me le ’na ke itšoara ka tsela eo le sa e lebellang. Ho ka ’na ha e-ba le liqabang, mona, khalefo, likhang, ho hlabana ka mantsoe,* lesebo, boikhohomoso le ho hloka taolo. 21 Mohlomong ha ke tla, Molimo o tla etsa hore ke soabe ha ke le har’a lona ’me ke tla llela ba ileng ba etsa libe empa ba sa ka ba bakela liketso tsa bona tse litšila, boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* le ho etsa boitšoaro bo bobe ba sa soabe.*
13 Ke lekhetlo la boraro joale ke ntse ke re ke tla tla ho lona. “Taba e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho tiisoa ka bopaki ba lipaki tse peli kapa tse tharo.”+ 2 Le hoja ke se na le lona hona joale, le nke eka ke ne ke le teng lekhetlo la bobeli. Ke boetse ke bolella ba ileng ba etsa sebe, le lona bohle hore mohla ke tlang, ha ho na ea tla phonyoha khalemelo. 3 Ha ke le khalemela tjena, ke bontša hore Kreste o bua a ntšebelisa le hore ha a fokole har’a lona empa o bontša matla a hae. 4 Ke ’nete hore o ile a khokhotheloa palong ha a ne a fokola empa oa phela ka lebaka la matla a Molimo.+ Ke ’nete hore le rona rea fokola joalokaha le eena a ne a fokola empa re tla phela hammoho le eena+ ka lebaka la matla a Molimo a sebetsang ho lona.+
5 Le ’ne le itlhahlobe hore na tumelo ea lona e tiile, le ’ne le itlhahlobe hore na le batho ba mofuta ofe.+ Kapa na ha le elelloe hore le ntho e le ’ngoe le Jesu Kreste? Ntle le haeba ha le amohelehe ho Molimo. 6 Ke tšepa hore le tla hlokomela hore Molimo oa re amohela.
7 Re rapela Molimo hore le se ke la etsa letho le fosahetseng. Ha se hobane re batla hore batho ba re nke re amoheloa ke Molimo empa re etsa sena e le hore le etse lintho tse lokileng le haeba batho ba bang ba nahana hore Molimo ha a re amohele. 8 Ha re etse letho le khahlanong le ’nete empa re etsa lintho tse lumellanang le eona. 9 Rea thaba kamehla ha re fokola, lona le le matla ’me re rapella hore le khutlisetsoe tseleng. 10 Ke le ngoletse lintho tsena ke le sieo e le hore ha ke le teng ke se ke ka le halefela empa ke sebelise matla ao Morena a mphileng ’ona+ ho le matlafatsa tumelo eseng ho le utloisa bohloko.
11 Qetellong bana beso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng, ho tšelisoa,+ ho lumellana+ le ho phela ka khotso+ ’me Molimo ea lerato le ea fanang ka khotso+ o tla ba le lona. 12 Lumelisanang ka lerato.* 13 Bana ba bo lona* kaofela baa le lumelisa.
14 E se eka le ka ba le mosa* oa Morena Jesu Kreste le lerato la Molimo le moea oa hae o halalelang o le tsoelang molemo kaofela.
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “khothatsa.”
Kapa mohlomong: “tseo le li tsebang hantle.”
Ka Segerike: “ho fihlela qetellong.”
Kapa mohlomong: “e le hore le ka fumana molemo ka lekhetlo la bobeli.”
Lebitso le leng la hae ke Silase.
Ka Segerike: “li fetohile E.”
Kapa: “merero ea hae.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa mohlomong: “moea oa Jehova.”
Ka Segerike: “tsoaka.”
Ka Segerike: “letsoalo la e mong le e mong.”
Kapa mohlomong: “ha re felloe ke tšepo.”
Ka Segerike: “re lahleloa fatše.”
Kapa: “ha re shoe.”
Ka Segerike: “ha re se re e apere.”
Ka Segerike: “re hlobotse.”
Mohlomong bakeng sa ho hlasela.
Mohlomong ho itšireletsa.
Kapa: “re tšoaneloa ke ho shoa.”
Kapa: “re le buletse lipelo.”
Kapa: “la itsoakanya.”
E tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Ea se Nang Thuso.” Lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa ka Satane.
Kapa: “motho ea tšepahalang.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “le nchesehela haholo.”
Kapa mohlomong: “nka ba le sebete ka lebaka la lona.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ke baapostola.”
Kapa: “lekhonono.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “basketeng e lohiloeng.”
Kapa: “ntjabele.”
Kapa: “ho buana hampe.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei· a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ka kako e halalelang.”
Ka Segerike: “Bahalaleli.”