Letšolo la ho Batla Chelete
Ka mongolli oa Tsoha! Brithani
‘SEPHEO sa ka,’ ho lumela Julian oa Philippines, ‘e ne e le ho ba le chelete e baloang ka limillione ha ke le lilemo li 45.’ Karel, oa Afrika Boroa, oa lumela, “Ke ne ke ena le takatso ea ho rua.”
Ke ’nete hore, hase bohle ba batlang ho ba le chelete e baloang ka limillione empa batho ba lakatsa ho ba le maruo a lekaneng le chelete bakeng sa ho thabela bophelo le ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Bona e ne e le boikutlo ba rakhoebo oa Japane Kichisaburo ea boletseng, “Ke ne ke nahana hore lintho tsena li tla lebisa thabong.”
Liz, oa Canada, o ikutloile ka ho tšoanang. “Joaloka motho e mocha, ke ne ke lumela hore chelete e tlisa tokoloho likhathatsong.” Monna oa hae, Tom, o ne a tšepa hore chelete e tla mo thusa ho “tsoa likhathatsong, . . . moo ho ke keng ha eba le tlōlo ea molao, tšilafalo, le batho ba tletseng thetso.”
Ho Fallela Libakeng tse Ling—Bakeng sa Chelete
Historing eohle, batho ba batlang maruo ba ’nile ba fallela libakeng tse ling. Mehleng ea likoloni, borakhoebo ba Brithani ba ile ba sala haufi-ufi mehlala ea batho ba batlang lirafshoa tsa lefatše ho hapa ka likhoka mehloli ea linaha tsohle, tse joaloka Afrika. Joale, ka baka la ho oa ha ’muso le mathata a haufinyane a moruo, ho falla ho ile ha boela morao ha baahi ba linaha tseo pele li neng li busoa ke Manyesemane ba fallela Brithani, e seng hakaalo ho ba barui, empa ho etsa chelete e lekaneng ho tšehetsa malapa a bona.
Banna le basali ba likete ba tloha Philippines ho batla mosebetsi libakeng tse ling, ’me ba bangata ba fumana mosebetsi linaheng tse Koung ea Persia le libakeng tse ling. Baahi ba Mexico le ba bang ba bangata ba tsoang Amerika bohareng le boroa ba fallela leboea ka tšepo ea ho fumana chelete United States. Linaha tse ngata tsa Europa li amohela batho ba tsoang Afrika Bochabela bo Hare le ka Leboea.
Ho ea ka Manpower Review ea Afrika Boroa ea Pherekhong 1987, palo ea baahi ba tsoang ka ntle ho naha ba ngolisitsoeng ka molao e ne e le 371 008 ho tloha ka Phuptjane 30, 1985. Leha ho le joalo tlaleho e eketsa ka hore “ho na le batho ba lekanyetsoang ho ba limillione tse 1,5 ba sa ngolisoang ka molao ba keneng ka sekhukhu Afrika Boroa ho monya moruo oa eona.”
Ekasita le har’a lichaba tsa kajeno tse ruileng, batho ba fallela libakeng tse ling ho batla chelete. Ho joalo le Brithani. Batho ba eketsehileng ba sebetsa Boroa empa ba lula Leboea. Ho hlalosa lebaka, ntlo e le ’ngoe London bohareng (ka boroa), e hlalosoang e le “kamore e hiroang,” e boholo ba limithara tse 5,6 feela, haufinyane theko ea eona e sa tsoa nyolohela ho £36 000 [R126 000]. Leha ho le joalo, chelete ena e reka ntlo e nang le likamore tse tharo tsa ho robala sebakeng sa lik’hilomithara tse 130 ho tloha London.
Ho na le baahi ba bang ba Maasia ba ka bang 60 000 ba lulang Bradford, motse o ka leboea ho Engelane. Ba bangata ba bafalli bana ba tlile setsing sena sa lifeme ho tla sebetsa lifekethering tsa sona tsa boea. Empa joaloka ha litšibollo tsa mechine li fokolisitse palo ea basebetsi ba matsoho, joale batho ba sa sebetseng ba itšetlehile ka lichelete tseo ba li lefshoang ke ’muso hore ba iphelise. Ka baka leo, ba bangata ba fumana hore letšolo la bona la ho batla chelete le fella ka ho hloka tšepo.
Linaha tse Futsanehileng Moruong
Ka ho tšoanang, linaheng tse futsanehileng moruong, tebello ea ho fumana mosebetsi e hohela batho ba likete ba tsoang libakeng tse ka thoko ho toropo ho tla metseng. Ke ’nete, ba bangata ba fumana mesebetsi. Empa na moputso oa bona o tlisa thabo?
Moputso o monyenyane oo basebetsi ba o amohelang o lokela ho lefa pele lirente tse phahameng tsa bolulo bo tlase, mohlomong litakaneng tse ka thoko ho motse. Chelete e setseng e tlameha ho koahela litlhoko tse potlakileng tsa beng ka bona ba setseng hae. Ka mohlala, Afrika ha khoeli e felile, liposo tse ngata tsa motse li tlala ka banna ba entseng mola o molelele ba tlileng ho reka lienfelopo tse romellang chelete ho beng ka bona ba setseng hae ba leng tlhokomelong ea bona.
Ekasita leha malapa a lula hammoho metseng ea litoropo, mathata a mang a moruo a a hatella. Chelete e lokela ho lefella tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele, lipalangoang, chelete ea sekolo, lijo, le rente. Lethathama lena ha lea fella. Ke ka baka leo ho sa makatseng ha baahi ba bangata ba litoropong ba na le mesebetsi e ’meli ea boipheliso.
Na ana a utloahala e le mabaka a tlatsetsang thabong? Le hanyenyane. Ka lebaka leo, ebang oa falla kapa u lula moo u leng teng, potso ea sala, Chelete e nka karolo efe bophelong ba hao? Karabo ke ea bohlokoa bakeng sa thabo ea hao.