Litšoantšo Tsa Bootsoa Tse ho Internet
LEFATŠENG KA BOPHARA, BATHO BA LIMILIONE BA sebelisa “Internet” letsatsi le leng le le leng. Ba bangata ba e sebelisetsa khoebo, ho se salle morao litabeng tsa lefatše, ho hlahloba boemo ba leholimo kapa ho bua le lelapa le metsoalle likarolong tse fapaneng tsa lefatše. Empa ba bang—ba nyetseng le masoha a seng a hōlile, hammoho le bana ba bangata ka ho makatsang—ba sebelisa “Internet” ka lebaka le fapaneng: HO SHEBA LITŠOANTŠO TSA BOOTSOA.
LITŠOANTŠO TSA BOOTSOA TSE HLAHANG K’HOMPHIEUTHENG, tseo hape li bitsoang cyberporn, li atile haholo hoo li etsang khoebo e kenyang liranta tse limilione-milione. The Wall Street Journal e ile ea hlokomela: “Ha u ka fumana Mocha oa boitsebiso o kenyang chelete e ngata [o nang le phaello], hangata u tla fumana hore khoebo ea oona le boitsebiso boo o bo fupereng ke bo litšila [ba litšoantšo tsa bootsoa].”
Journal eo e tsoetse pele ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba sheba litšoantšo tsa bootsoa ho Internet: “Bashebelli ba ka bona boitsebiso bo litšila ba sa tlamehe ho ikutsoa ho ea mabenkeleng a libuka tse litšila kapa hona ho ea kamoreng e ka morao lebenkeleng la livideo. Bashebelli ba ka hlahlobisisa boitsebiso bo nyontšang ba le boinotšing lapeng—kapa ofising.”
Litšoantšo Tsa Bootsoa le Bana
Ka masoabi, bashebelli ba bangata ba cyberporn ke bana. Bana bao molao o ba hanelang ho reka lingoliloeng tsa bootsoa kapa ho hira livideo tsa bootsoa ba ka sheba lintho tsena habonolo malapeng abo bona ka ho penya-penya k’homphieutha feela. Lintho tseo ba ka khethang ho li sheba li ngata haholo.
Bana ba bangata ka tloaelo ba sheba mecha ea boitsebiso e ho Internet batsoali ba bona ba sa tsebe. Ha e le hantle, The Detriot News e bolela hore “bana ba fetang ba babeli ho ba bahlano ba na le peeletso mocheng oa boitsebiso kapa litšebeletsong tse ling tse fumanehang le hoja karolo ea 85 lekholong ea batsoali e behile melao e khahlanong le seo.”
Le hoja bana ba bangata—le bona batho ba baholo—ba le hlokolosi hore ba pata taba ea hore ba sheba litšoantšo tsa bootsoa, hase bohle ba bonang seo se hlokahala. Ba bang ba nka mokhoa oo e le mofuta oa boithabiso o seng kotsi. Ba bang ba lumela hore litšoantšo tsa bootsoa ha lia lokela bana empa ba beha lebaka la hore seo batho ba baholo ba se etsang boinotšing ke taba ea botho.
Linaheng tse ling ho phehisana khang ka litšoantšo tsa bootsoa ho fetohile ntoa e feletseng ea lipolotiki. Ka lehlakoreng le leng la phehisano, ke batho ba buellang tokoloho ea puo ba tsoileng letšolo la ho buella litšoantšo tsa bootsoa, ’me ka lehlakoreng le leng ke ba buellang litekanyetso tse phahameng tsa lelapa ba khothalletsang ba boholong hore ba thibele litšoantšo tsa bootsoa.
Tsoha! ha e nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Morero oa letoto la lihlooho tsena ke ho hlokomelisa babali ba rōna ka likotsi tsa ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, ho fana ka litlhahiso tsa litsela tseo ba ka itšireletsang ka tsona hammoho le ho sireletsa baratuoa ba bona, le ho fana ka litlhahiso tse thehiloeng Bibeleng ho mang le mang ea tšoasitsoeng ke litšoantšo tsa bootsoa ’me a rata ho itokolla.