Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/14 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • United States
  • Spain
  • Pacific Ocean
  • United Arab Emirates
  • Ho Loantša Botenya—Na ho Hlile ho Molemo?
    Tsoha!—2004
  • Ke Eng e Phoso ka ho Itlopa Joala?
    Tsoha!—2004
  • Ke’ng e Phoso ka ho Itlopa Joala?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 7/14 leq. 3

TSA MONA LE MANE

United States

Foriji e batlang e sena letho

Ho ea ka lipalo-palo tsa Lekala la Temo tsa 2012, baahi ba United States ba etsang liphesente tse 14,5—e leng kakaretso ea batho ba limilione tse 49—“ba ne ba sa kholiseha hore na ba tla fumana lijo tse lekaneng bakeng sa ba malapa a bona kapa ba ne ba sa khone ho li fumana” ka nako e itseng har’a selemo seo.

Spain

Monna ea itlopang joala

Phuputsong e ’ngoe ea liithuti tsa univesithi ho fumanoe hore basali ba etsang liphesente tse 56 le banna ba etsang liphesente tse 41 baa lumela hore ba itlopa joala, e leng hore ho latela phuputso eo, bonyane monna a le mong o noa libotlolo tse robeli tsa joala kapa mosali a le mong o noa libotlolo tse tšeletseng ’mokeng o le mong.

Pacific Ocean

Leoatle la Pacific

Bo-rasaense ba ileng ba nka lisampole tsa khohlo ea Mariana e botebo ba limithara tse 11 000, ba ile ba fumana hore baktheria le likokoana-hloko li lula moo—ho sa tsotellehe lefifi, khatello e boima le lithempereichara tse batang haholo. Nakong e fetileng, ho ne ho nahanoa hore ho ke ke ha khoneha hore ho be le lintho tse phelang sebakeng se tebileng hakaalo.

United Arab Emirates

Chelete ea khauta e behiloe sekaleng

Morao tjena ba boholong Dubai ba ile ba tšepisa ho fa baahi grama e le ’ngoe ea khauta eo ka nako eo e neng e ka ba liranta tse 390 bakeng sa k’hilograma e le ’ngoe ea boima ba ’mele eo ba e fokotsang, e le ka morero oa ho fokotsa palo ea batho ba batenya naheng eo. Ho fumana khauta eo, batho ba ne ba lokela ho ingolisa ’me ba fokotse bonyane lik’hilograma tse peli khoeling ea Ramadan.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela