Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • dg karolo 2 maq. 3-4
  • Lefatše le se Nang Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Bohloko
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Lefatše le Lecha le Hlokang Bohloko
    Tsoha!—1990
  • Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane!
    Mahlomola ’Ohle a tla Fela Haufinyane!
  • Re ka Rua Molemo ka ho Mamella Lintho Tse Utloisang Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
dg karolo 2 maq. 3-4

Karolo 2

Lefatše le se Nang Bohloko

1, 2. Batho ba bangata ba na le pono efe e fapaneng?

LEHA ho le joalo, batho ba limillione lefatšeng ka bophara ba na le pono e fapaneng ka ho felletseng. Ba bonela pele bokamoso bo hlollang bakeng sa moloko oa batho. Ba bolela hore hona mona lefatšeng haufinyane ho tla ba le lefatše le se nang bokhopo le bohloko ka ho felletseng. Ba kholisehile hore haufinyane bobe bo tla tlosoa ’me ho thehoe lefatše le lecha ka ho felletseng. Ba bile ba bolela hore hona joale ho se ho ntse ho raloa metheo ea lefatše lena le lecha!

2 Batho bana ba lumela hore lefatše lena le lecha le ke ke la ba le ntoa, sehlōhō, tlōlo ea molao, ho hloka toka le bofutsana. E tla ba lefatše le se nang ho kula, masoabi, meokho, esita le lefu. Nakong eo batho ba tla hōla ho ea phethehong le ho phela ka ho sa feleng ka thabo lefatšeng la paradeise. Khele! esita le ba ileng ba shoa ba tla tsosoa ’me ba tla fumana monyetla oa ho phela ka ho sa feleng!

3, 4. Ke hobane’ng ha batho ba joalo ba kholisehile ka pono ea bona?

3 Na pono ena ea bokamoso e mpa e le toro feela, e leng ho lakatsa ntho e ke keng ea etsahala? Che, le hanyenyane. E thehiloe motheong o tsitsitseng oa tumelo ea hore Paradeise ena e tlang ke ntho ea sebele. (Ba-Heberu 11:1) Ke hobane’ng ha ba kholisehile joalo? Hobane ’Mōpi ea matla ’ohle oa bokahohle ke eena ea e tšepisitseng.

4 Mabapi le litšepiso tsa Molimo, Bibele e re: “Ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng.” “Molimo hase motho hore a ka bua leshano . . . Na hase eena ka sebele ea buileng joalo ’me a ke ke a etsa joalo, ’me na hase eena ea buileng joalo ’me na a ke ke a phethahatsa seo?” “Jehova oa makhotla o hlapantse, a re: Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.”—Joshua 23:14; Numere 23:19, NW; Esaia 14:24.

5. Ke lipotso life tse hlokang ho arabeloa?

5 Leha ho le joalo, haeba morero oa Molimo e ne e le ho theha paradeise ea lefatšeng hore e be e se nang bohloko, ke hobane’ng ha o lumella lintho tse mpe ho re li etsahale? Ke hobane’ng ha o ile oa leta lilemo tse likete tse tšeletseng ho fihlela hona joale ho lokisa se leng phoso? Na mohlomong lilemo tseo tse makholo tsa bohloko li bontša hore ruri Molimo ha o re tsotelle, kapa le hore ha o eo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela