Karolo 3
Kamoo re ka Tsebang Hore Molimo o Teng
1, 2. Ke molao-motheo ofe o re thusang ho tseba hore na Molimo o teng?
TSELA e ’ngoe eo re ka tsebang ka eona hore Molimo o teng ke ho sebelisa molao-motheo ona o tsebahalang: Se entsoeng se hloka hore se be le moetsi. Haeba ntho e entsoeng e rarahane haholoanyane, e lokela hore e be moetsi oa eona o na le tsebo e ngata haholoanyane.
2 Ka mohlala, ak’u thalatse mahlo ho potoloha lehae la hao. Litafole, litulo, li-deske, libethe, lipitsa, lipane, lipoleiti le lijana tse ling, mabota, fuluru le lisiling, lintho tsena kaofela li hloka hore li be le moetsi. Leha ho le joalo, ha ho bapisoa, lintho tseo li bonolo hore li ka etsoa. Kaha lintho tsena tse bonolo li hloka hore li be le moetsi, na ha se ho utloahalang hore lintho tse rarahaneng le tsona li hloka hore li be le moetsi ea bohlale haholoanyane?
Bokahohle ba Rōna bo Hlollang
3, 4. Bokahohle bo re thusa joang ho tseba hore na Molimo o teng?
3 Oache e hloka hore e be le moetsi oa lioache. Ho thoe’ng ka litsela tseo lipolanete li tsamaeang ho tsona tse rarahaneng haholoanyane, hammoho le Letsatsi le lipolanete tsa lona tse le potolohang ka mokhoa o nepahetseng hakaale ka mor’a lilemo tse makholo-kholo? Ho thoe’ng ka molala oa linaleli oo re phelang ho oona o bitsoang Milky Way, o nang le linaleli tse fetang libillione tse 100? Na u kile ua ema bosiu le ho bōha molala oa linaleli oa Milky Way? Na u ne u hlolletsoe? Joale nahana ka bokahohle bo boholo bo nang le melala ea linaleli e libillione tse hlokang palo joaloka Milky Way ea rōna! Hape, ho potoloha ha lipolanete tsena ka makholo a lilemo e bile ho nepahetseng hoo li ileng tsa bapisoa le lioache tse tšoarang nako.
4 Haeba oache, eo ha ho bapisoa e sa rarahanang haholo e bolela hore ho teng moetsi oa lioache, ka sebele bokahohle bo boholo bo rarahaneng haholoanyane bo bolela boteng ba moqapi le moetsi. Ke ka baka leo Bibele e re memang ho ‘lelala holimo le ho talima,’ ’me joale e be ea botsa: “Ea entseng ntho tseo ke mang?” Karabo: “[Molimo] O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” (Esaia 40:26) Kahoo, bokahohle bo boholo bo bile teng ka baka la boteng ba matla a sa bonahaleng, a laolang, a bohlale—Molimo.
Lefatše le Entsoe ka Mokhoa o Khethehileng
5-7. Ke linnete life ka lefatše tse bontšang hore le na le Moqapi?
5 Ha bo-rasaense ba ntse ba ithuta ka lefatše ka ho eketsehileng, ba elelloa ka ho eketsehileng hore le entsoe ka mokhoa o khethehileng hore batho ba ka lula ho lona. Le bohōle bo lekaneng hantle ho tloha letsatsing e le hore le ka fumana tekanyo e nepahetseng ea khanya le mofuthu. Hang ka selemo le potoloha letsatsi, ’me le sekame ka mokhoa o nepahetseng ho etsa hore ho be teng linako tsa selemo likarolong tse ngata tsa lefatše. Lefatše le boetse le potoloha holim’a ase ea lona lihora tse ling le tse ling tse 24, ’me le etsa hore ho be le linako tsa leseli le lefifi. Le na le sebaka sa bokahohle se nang le metsoako e nepahetseng ea ligase e le hore re ka phefumoloha le ho sireletsoa mahlaseling a kotsi a tsoang sepaka-pakeng. Le boetse le na le metsi le mobu tse hlokahalang bakeng sa ho lema lijo.
6 Ka ntle ho linnete tsena le tse ling le ho sebetsa hammoho, ho ne ho tla ba thata ho phela. Na lintho tsena tsohle li bile teng ka kotsi feela? Science News e re: “Ho bonahala maemo a khethehileng le a nepahetseng joalo a ne a ke ke a itlhahela ka mokhoa o hlokang tlhophiso.” Che, a ne a ke ke a itlhahela feela. A ne a akarelletsa ho bōptjoa ho nang le morero ho entsoeng ke Moqapi e moholo ka ho fetisisa.
7 Haeba u ne u ka kena ka ntlong e ntle ’me ua fumana ho e-na le lijo tse ngata lirakeng le ka sehatsetsing, le hore ntlo ena e na le tsamaiso e babatsehang ea ho futhumatsa moea le ho o pholisa, le hore e na le lipeipi tse loketseng ho tsamaisa metsi, u ne u tla fihlela qeto efe? Na u ne u tla fihlela qeto ea hore lintho tseo kaofela li itlhahetse ka botsona? Che, ka sebele u ne u tla fihlela qeto ea hore li qapiloe ke motho ea bohlale le hore o li qapile ka mokhoa o hlokolosi haholo. Lefatše le lona le bōpiloe le ho etsoa ka mokhoa o hlokolosi haholo bakeng sa ho fana ka seo baahi ba lona ba se hlokang, ’me le rarahane haholo ’me le na le lintho tsohle ho feta ntlo leha e le efe.
8. Ke eng hape ka lefatše e bontšang ho tsotella ha Molimo ho lerato?
8 Hape, nahana ka lintho tse ngata tse eketsang thabo bophelong. Talima mefuta e mengata ea lipalesa tse mebala-bala tse monko o monate oo batho ba o thabelang. Joale ho boetse ho na le mefuta e mengata ea lijo tse lutlisang mathe. Ho na le meru, lithaba, matša le mefuta e meng ea pōpo eo re thabelang ho e boha. Hape, ho thoe’ng ka ho likela ha letsatsi ho hotle ho eketsang ho thabela ha rōna bophelo? Liphoofolong, na ha re thabisoe ke ho bapala ha ntjanyana le sebōpeho se ratehang sa malinyane a katse le malinyane a liphoofolo tse ling? Kahoo lefatše le na le limakatso tse ngata tse thabisang eseng feela tse hlokahalang ka ho felletseng bakeng sa ho boloka bophelo. Lintho tsena li bontša hore lefatše le bōpiloe ka tlhokomelo e lerato, ho ntse ho hopotsoe batho e le hore re se phele feela empa hape re thabele bophelo.
9. Ke mang ea entseng lefatše, hona o le entse ka morero ofe?
9 Kahoo, sephetho se utloahalang ke ho tseba Mofani oa lintho tsena kaofela, joalokaha ho entse mongoli oa Bibele, ea ileng a bolela tjena ka Jehova Molimo: “Ke uena ea entseng maholimo le lefatše.” Ka morero ofe? O arabela ka ho hlalosa Molimo e le “moetsi oa lona [lefatše] ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.”—Esaia 37:16; 45:18.
Sele e Phelang e Makatsang
10, 11. Ke hobane’ng ha sele e phelang e hlolla hakaale?
10 Ho thoe’ng ka lintho tse phelang? Na le tsona li hloka hore li be le moetsi? Ka mohlala, ak’u nahane ka litšobotsi tse hlollang tsa sele e phelang. Michael Denton setsebi sa biology ea limolek’hule bukeng ea hae Evolution: A Theory in Crisis o re: “Esita le litsamaiso tse bonolo ka ho fetisisa har’a lintho tsohle tse phelang lefatšeng kajeno, e leng lisele tsa bacteria ke lintho tse rarahaneng ka ho fetisisa. Le hoja lisele tsa bacteria li le nyenyane ka ho fetisisa, . . . ha e le hantle, sele ka ’ngoe ea tsona e tšoana le fektheri e nyenyane ea sebele e nang le likaroloana tse likete-kete tse qapiloeng ka bokhabane tsa mochine o rarahaneng oa limolek’hule . . . mochine ona o rarahane ho feta mochine leha e le ofe o kileng oa etsoa ke motho ’me ha ho o tšoanang le ’ona lefatšeng la lintho tse sa pheleng.”
11 Mabapi le molao oa tšebetso ea lefutso o leng seleng ka ’ngoe o itse: “Matla a DNA a ho tseba ho boloka boitsebiso a feta hōle haholo mokhoa leha e le ofe o tsebisahalang oa ho boloka boitsebiso; a sebetsa ka mokhoa o molemo ka ho fetisisa hoo boitsebiso bohle bo hlokahalang bakeng sa ho lokolisa makolopetso ’ohle a ntho e phelang e rarahaneng joaloka motho eo boima ba eona bo leng ka tlaase ho karolo ea likete tse ’maloa tsa karolo ea bomillione. . . . Ha ho bapisoa le boemo bo phahameng ba bohlale le ho rarahana ho bonahatsoang ke tšebetso ea molek’hule ea bophelo, esita le [lihlahisoa] tsa rōna tse tsoetseng pele ka ho fetisisa li bonahala li fokola. Re ikutloa re fokola.”
12. Rasaense o ile a re’ng ka tšimoloho ea sele?
12 Denton oa phaella: “Ho rarahana ha mofuta o bonolo ka ho fetisisa oa sele e tsebisahalang ho hoholo hoo ho leng thata ho lumela hore ntho e joalo e ne e ka kopanngoa ka lehlapha-hlapha ke ketsahalo ea mofuta o mong o sa tloaelehang, e ke keng ea etsahala ho hang.” E ne e lokela ho ba le moqapi le moetsi.
Boko ba Rōna bo Hlollang
13, 14. Ke hobane’ng ha boko bo hlolla haholo ho feta sele e phelang?
13 Joale rasaense enoa o re: “Mabapi le ho rarahana ha eona, sele e le ’ngoe ha se letho ha e bapisoa le tsamaiso e kang ea boko ba motho. Boko ba motho bo na le methapo ea kutlo e ka bang limillione tse likete tse leshome. Sele ka ’ngoe ea mothapo oa kutlo e na le lintlha tsa kutlo tse ka bang tse mahareng a tse likete tse leshome le tse likete tse lekholo ’me lintlha tsena li kopana le lisele tse ling tsa methapo bokong. Kakaretso ea methapo ea kutlo bokong ba motho e ka ba . . . limillione tse sekete.”
14 Denton o tsoela pele: “Esita le haeba karolo ea lekholo ea methapo ea kutlo e ne e hlophisitsoe ka mokhoa o khethehileng, sena se ne se tla ’ne se emele tsamaiso e nang le lenane le leholoanyane la methapo ea kutlo e khethehileng ho feta tsamaiso eohle ea tsa puisano Lefatšeng.” Joale oa botsa: “Na mohlomong tsamaiso leha e le efe e sa hlophisehang e ne e ka tseba ho hlophisa litsamaiso tse joalo?” Ka ho hlakileng, karabo e lokela ho ba che. Boko bo tlameha bo bile le Moqapi le Moetsi ea tsotellang.
15. Batho ba bang ba fane ka litlhaloso life ka boko?
15 Boko ba motho bo etsa hore li-computer tse tsoetseng pele ka ho fetisisa li bonahale li siiloe ke nako. Mongoli oa saense Morton Hunt o ile a re: “Boko ba rōna bo mahlaha-hlaha bo khona ho hopola boitsebiso ka makhetlo a libillione tse ’maloa ho feta computer e khōlō ea liphuputso ea mehleng ea joale.” Ka hona, ngaka ea boko Dr. Robert J. White o ile a phetha ka hore: “Ha ke na khetho ha e se ho lumela boteng ba Bohlale bo Phahameng, bo ikarabellang ka ho qapa le ho etsa hore ho be le kamano e tsotehang pakeng tsa boko le monahano—e leng ntho e phahametseng hōle kutloisiso ea motho. . . . Ke lokela ho lumela hore sena sohle se bile le tšimoloho e bohlale, hore ho na le Motho E Mong ea entseng hore se be teng.” E tlameha e be bo entsoe ke Motho E Mong ea neng a tsotella.
Tsamaiso e Ikhethang ea Mali
16-18. (a) Ke ka litsela life tsamaiso ea mali e leng e ikhethang? (b) Re lokela ho fihlela qeto efe?
16 Hape, nahana ka tsamaiso e ikhethang ea mali e tsamaisang metsoako e fapaneng ’meleng le oxygen le ho sireletsa ’mele khahlanong le ho tšoaetsoa ke mafu. Mabapi le lisele tse khubelu tsa mali, e leng tsona karolo e ka sehloohong ea tsamaiso ena, buka ABC’s of the Human Body e re: “Lerotholi le le leng la mali le na le lisele tsa mali tse ka thōko tse fetang limillione tse 250 . . . Mohlomong ’mele o na le li-trillione tse 25, tseo haeba li ka aloa fatše, li ka koahelang mabala a mane a thenese. . . . Ho etsoa lisele tse ngata, ka lebelo la lisele tse ncha tse limillione tse 3 ka motsotsoana o mong le o mong.”
17 Buka eo e boetse e bolela tjena mabapi le lisele tse tšoeu tsa mali e leng karolo e ’ngoe e khethehileng ea tsamaiso ea mali: “Le hoja ho na le mofuta o le mong feela oa lisele tse khubelu, ho na le mefuta e mengata ea lisele tse tšoeu, mofuta ka mong o tseba ho loanela ’mele ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, mofuta o mong o felisa lisele tse shoeleng. Mefuta e meng e hlahisa metsoako e loantšang likokoana-hloko, metsoako e bolaeang lichefu ’meleng, kapa hona ho ja li-bacteria.”
18 Ke tsamaiso e makatsang le e hlophisehileng ka mokhoa o phahameng hakakaang! Ka sebele ntho leha e le efe e hlophisitsoeng hantle joalo le ho sireletsoa ka mokhoa o phethahetseng joalo e lokela ho ba le mohlophisi ea bohlale haholo le ea tsotellang—Molimo.
Limakatso Tse Ling
19. Leihlo le ka bapisoa joang le lisebelisoa tse entsoeng ke motho?
19 Ho na le lintho tse ling tse makatsang ’meleng oa motho. E ’ngoe ea tsona ke leihlo, le entsoe ka tsela e rarahaneng hoo ho seng k’hamera e ka tšoanang le lona. Molepi oa linaleli Robert Jastrow o ile a re: “Ho bonahala leihlo le qapiloe; ha ho moqapi oa li-telescope ea neng a ka etsa ho molemo ho feta seo.” Buka Popular Photography e re: “Mahlo a motho a khona ho bona lintho tse ngata haholo ho feta filimi. A bona lintho ka mahlakore a mararo, ka mokhoa o pharalletseng haholo, ka ntle le ho fetola lintho, le ka mokhoa o tsoelang pele . . . Ho bapisa k’hamera le leihlo la motho ha se papiso e ntle. Leihlo la motho le batla le tšoana le computer e tsoetseng pele haholo e nang le bohlale bo iketselitsoeng, matla a ho tseba ho hlophisa boitsebiso, lebelo le mekhoa ea tšebetso e fetang mochine leha e le ofe o entsoeng ke motho, computer kapa k’hamera.”
20. Litšobotsi tse ling tse hlollang tsa ’mele oa motho ke life?
20 Hape, nahana ka tsela eo litho tsohle tsa ’mele tse rarahaneng li sebetsang hammoho ka teng ka ntle le hore re etse boiteko bo matla. Ka mohlala, re ka kenya mefuta e fapaneng ea lijo le lino ka maleng, leha ho le joalo, ’mele oa li sila le ho hlahisa matla. Ak’u leke ho kenya lintho tse fapa-fapaneng joalo ka tankeng ea petrole ea koloi ’me u bone hore na ke eng se tla etsahala! Joale ho boetse ho teng mohlolo oa tsoalo, ho hlaha ha lesea le ratehang—setšoantšo sa batsoali ba lona—ka likhoeli tse robong feela. Ho thoe’ng ka matla a ngoana ea lilemo tse seng kae feela a ho khona ho ithuta ho bua puo e rarahaneng?
21. Ha re nahana ka limakatso tsa ’mele oa motho, batho ba nahanang hantle ba re’ng?
21 E, lintho tse ngata tse makatsang, pōpo e rarahaneng ’meleng oa motho li re siea re hlolletsoe. Ha ho moenjinere ea ka tsebang ho etsa lintho tse joalo. Na mohlomong ke mesebetsi e itlhahetseng ka kotsi feela? Ka sebele ha ho joalo. Ho e-na le hoo, ha re nahana ka litšobotsi tsohle tse tsotehang tsa ’mele oa motho, motho ea nahanang hantle o tla bua joaloka mopesaleme: “Ke tla u roka [Molimo] hobane ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea tsoteha.”—Pesaleme ea 139:14, NW.
Sehahi se Seholo ka ho Fetisisa
22, 23. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela hore ’Mōpi o teng? (b) Ke eng seo ka nepo Bibele e se bolelang ka Molimo?
22 Bibele e re: “Ke ’nete hore, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahuoa ke motho ea itseng; empa ke Molimo o hahileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leng teng.” (Ba-Heberu 3:4, The Jerusalem Bible) Kaha ntlo e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore e hahuoe ka mokhoa o bonolo hakae, e lokela ho ba le mohahi, joale bokahohle bo rarahaneng haholo ka ho fetisisa, hammoho le mefuta e mengata ea bophelo lefatšeng, le bona bo lokela ho ba le mohahi. Kaha re lumela ho ba teng ha batho ba ileng ba qapa lintho tse kang lifofane, lithelevishene le li-computer, na ka tsela e tšoanang ha re ea lokela ho lumela ho ba teng ha Ea fileng batho boko ba ho etsa lintho tse joalo?
23 Bibele e mo bitsa “Molimo [“oa ’nete,” NW] Jehova, ea entseng maholimo, ea a phutholotseng, ea anehileng lefatše le limela tsa lona; ea neileng batho ba ho lona phefumoloho.” (Esaia 42:5) Ka lebaka le utloahalang Bibele e re: “Morena [Jehova], u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”—Tšenolo 4:11.
24. Re ka tseba joang hore Molimo o teng?
24 E, re ka tseba hore Molimo o teng ka lintho tseo o li entseng. “Hobane litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa oona [Molimo] li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li bonoa linthong tseo o li entseng, esita le matla a oona [Molimo] a sa feleng le Bomolimo ba oona.”—Ba-Roma 1:20, NW.
25, 26. Ke hobane’ng ha ho sebelisa ntho hampe e se lebaka la ho pheha khang hore ha e na moetsi?
25 ’Nete ea hore ntho e itseng e sebelisoa hampe ha e bolele hore ha e na moetsi. Sefofane se ka sebelisetsoa merero e lokileng ea khotso, ho palamisa batho. Empa se ka boela sa sebelisetsoa merero e kotsi, e kang ho lihela libomo. Ho sebelisoa ha sona ka tsela e bolaeang ha ho bolele hore ha se na moetsi.
26 Ka ho tšoanang, ’nete ea hore hangata batho ba sekametse bobeng ha e bolele hore ha ba na Moetsi, hore Molimo ha o eo. Kahoo, ka ho nepahetseng Bibele ea hlokomela: “Jo! bothoto ba lōna. A letsopa le ka lekanngoa le ’mōpi oa lona na? A mosebetsi o ka latola moetsi oa oona, ka hore: Hase eena ea nkentseng, na? Kapa ntho e betliloeng e ka nyatsa ’metli oa eona ka ho re: Ha a na bohlale, na?”—Esaia 29:16.
27. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore Molimo o tla araba lipotso tsa rōna mabapi le bohloko?
27 ’Mōpi o bontšitse bohlale ba hae ka lintho tse rarahaneng ka ho hlollang tseo a li entseng. O bontšitse hore e hlile oa re tsotella ka ho etsa lefatše sebaka se lokileng hore re phele ho lona, ka ho etsa ’mele ea rōna le likelello ka tsela e makatsang hakana, le ka ho etsa lintho tse ngata tse molemo hore re li thabele. Ka sebele o tla bontša bohlale bo tšoanang le ho tsotella ka ho re tsebisa likarabo tsa lipotso tse kang: Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bohloko? O tla etsa eng ka bona?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lefatše, hammoho le bokahohle ba lona bo sireletsang, ke lehae le khethehileng leo Molimo o tsotellang o re etselitseng lona
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lefatše le entsoe ka tlhokomelo e lerato hore re thabele bophelo ka ho felletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘Boko le bona bo na le likaroloana tse ngata ho feta tsamaiso eohle ea tsa puisano Lefatšeng.’—Setsebi sa “biology” ea limolek’hule
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
“Ho bonahala leihlo le entsoe; ha ho moetsi oa li-‘telescope’ ea ka etsang ho molemo ho feta seo.”—Molepi oa linaleli