Tsoha!—Makasine o Ipiletsang Haholo ho Batho
Makasine ona qalong o ne o e-na le sehlooho The Golden Age. Tokollo ea pele e bile ea October 1, 1919. Ona ke makasine o neng o tšohla lintho tse ngata tse amang batho. O ne o lemosa batho ka se etsahalang lefatšeng ’me oa ba bontša hore tharollo ea sebele mathateng a batho ke Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, eo ruri e tla tlisetsa batho “mehla ea gauda.” Sebōpeho sa sekoahelo sa makasine ona se ile sa fetoloa, empa molaetsa o ile oa lula o tšoana. The Golden Age e ne e etselitsoe hore e abeloe batho, ’me ka lilemo tse ngata kabo ea eona e ne e feta ea Molula-Qhooa.
Ho qala ka tokollo ea October 6, 1937, sehlooho se ile sa fetoleloa ho Consolation. Se ne se loketse haholo ka lebaka la khatello eo ba bangata ba neng ba le tlas’a eona le pherekano eo lefatše le bileng le eona Ntoeng ea II ea Lefatše. Leha ho le joalo, matšeliso a neng a fanoa ke makasine ona, e ne e le a ipiletsang feela ho ba nang le lerato la sebele bakeng sa ’nete.
Ho tloha ka tokollo ea August 22, 1946, ho ile ha sebelisoa sehlooho Tsoha! Ho ne ho hatisoa taba ea ho tsosa batho hore ba hlokomele bohlokoa ba liketsahalo tsa lefatše. Makasine ona o ne o sebelisa mehloli e tšepahalang ea litaba, empa o ne o e-na le bangolli ba oona lefatšeng lohle. Lihlooho tse leka-lekaneng, tse sebetsang le tse fatisisang tse leng ho Tsoha! tse tšohlang lihlooho tse ngata li khothalletsa babali ho nahanisisa ka molaetsa oa bohlokoa ka ho fetisisa oa makasine ona, e leng, hore liketsahalo tsa lefatše li phethahatsa boprofeta ba Bibele, bo bontšang hore re phela mehleng ea qetello le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa melemo e sa feleng ho ba ithutang le ba etsang thato ea Molimo. Makasine ona e bile sesebelisoa se atlehang boboleling ba lefatše ka bophara ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le senotlolo sa ho utloisisa boitsebiso bo tebileng bo ithutoang bo ngotsoeng ho Molula-Qhooa le libukeng.
Mathoasong a 1993, Tsoha! e ne e hatisoa ka lipuo tse 67, likopi tse 13 240 000 tokollo ka ’ngoe.