‘Ela Hloko Kamoo U Mamelang Kateng’
HO MAMELA ke karolo ea bohlokoa ea ho ithuta. Ho ka boela ha ama litebello tsa motho tsa ho tsoela pele a phela. Ha Jehova a ne a lokisetsa ho lokolla sechaba sa hae botlamuoeng Egepeta, o ile a fana ka litaelo ho Moshe, ea ileng a bolella banna ba hōlileng ba Iseraele seo ba neng ba lokela ho se etsa hore ba pholose matsibolo a bona ho lengeloi le neng le tlisa lefu. (Ex. 12:21-23) Joale banna ba hōlileng ba ne ba fetisetsa boitsebiso bona lelapeng le leng le le leng. Sena se ne se etsoa ka molomo. Sechaba se ne se tlameha ho mamela ka hloko. Se ile sa arabela joang? Bibele ea tlaleha: “Bara bohle ba Iseraele ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone. Ba fela ba etsa joalo.” (Ex. 12:28, 50, 51) Ka lebaka leo, Baiseraele ba ile ba lopolloa ka mokhoa o hlollang.
Kajeno, Jehova o re hlomella bakeng sa topollo e khōlō ho feta eo. Ka sebele, thuto eo a fanang ka eona e hloka hore re e ele hloko ka ho feletseng. Thuto e joalo e fanoa libokeng tsa phutheho. Na u rua molemo ka botlalo libokeng tse joalo? Ho hongata ho itšetlehile ka hore na u mamela joang.
Na u hopola lintlha tse khōlō tsa thuto e fanoang libokeng? Na u itloaelitse hore, beke le beke, u batle litsela tsa ho sebelisa thuto eo u e filoeng bophelong ba hao kapa ho e abela ba bang?
Lokisa Pelo ea Hao
Hore re rue molemo ka botlalo thupelong e fanoang libokeng tsa Bokreste, re lokela ho lokisa lipelo tsa rōna. Bohlokoa ba ho etsa joalo bo totobalitsoe ke se ileng sa etsahala nakong ea puso ea Morena Josafate oa Juda. Josafate o ile a emela borapeli ba ’nete ka sebete. O ile “a tlosa libaka tse phahameng le lipalo tse halalelang Juda” ’me a laela likhosana, Balevi le baprista hore ba rute sechaba Molao oa Jehova metseng eohle ea Juda. Leha ho le joalo, ‘libaka tse phahameng ha lia ka tsa nyamela.’ (2 Likron. 17:6-9; 20:33) Borapeli ba melimo ea bohata le mofuta o sa lumelloang oa borapeli ba Jehova bo neng bo etsoa libakeng tse phahameng tsa bohetene bo ne bo metse ka metso hoo bo sa kang ba felisoa.
Ke hobane’ng ha thuto e neng e lokiselitsoe ke Josafate e ile ea hlōleha ho ba le tšusumetso e matla? Tlaleho e tsoela pele: “Batho ba ne ba e-s’o lokisetse Molimo oa baholo-holo ba bona lipelo tsa bona.” Ba ne ba utloile empa ba ile ba hlōleha ho etsa se tumellanong le hoo. Mohlomong ba ne ba nahana hore ho ea tempeleng Jerusalema bakeng sa ho nyehela mahlabelo e ne e le tšitiso. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, lipelo tsa bona li ne li sa susumetsoe ke tumelo.
Hore re qobe ho khutlela morao litseleng tsa lefatše la Satane, re lokela ho lokisa lipelo tsa rōna hore li amohele thuto eo Jehova a fanang ka eona kajeno. Joang? Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ke ka thapelo. Re lokela ho rapella hore re amohele thuto ea bomolimo ka moea o bontšang teboho. (Pes. 27:4; 95:2) Sena se tla re thusa ho ananela boiteko ba barab’abo rōna bao, le hoja ba sa phethahala, ba itlhahisang hore ba sebelisoe ke Jehova ho ruta batho ba hae. Se tla re susumelletsa ho leboha Jehova eseng feela ka lintho tse ncha tseo re ithutang tsona empa hape le ka monyetla oa ho hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa lintho tseo re ithutileng tsona pele. Re e-na le takatso ea ho etsa thato ea Molimo ka botlalo, rea rapela: “Jehova, nthupele ka tsela ea hao. . . . Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”—Pes. 86:11.
Tsepamisa Mohopolo
Ho na le lintho tse ngata tse ka re sitisang ho mamela ka hloko. Likelello tsa rōna li ka ’na tsa tlala matšoenyeho. Re ka ’na ra sitisoa ke lerata le batho ba ntseng ba tsamaea ka har’a bamameli kapa ka ntle ho sebaka seo ho kopanetsoeng ho sona. Ho se ikutloe hantle ’meleng ho ka ’na ha re thatafalletsa ho tsepamisa mohopolo. Hangata ba nang le bana ba banyenyane ba fumana hore ba sitoa ho tsepamisa tlhokomelo nthong e le ’ngoe. Ke eng e ka re thusang ho boloka tlhokomelo ea rōna e tsepame lenaneong?
Mahlo ke ’ona a nang le tšusumetso e matla mabapi le hore na re lebisa tlhokomelo ea rōna hokae. Sebelisa mahlo a hao hore a u thuse ho tsepamisa mohopolo tabeng ka ho lula u shebile sebui. Ha se qotsa temana ea Bibele—esita le eo u e tloaetseng—e phetle ’me u tsamaisane le sona ha se ntse se e bala. Ithibe hore u se ke ua hetla ha u utloa molumo o mong le o mong kapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sisinyehang. Haeba mahlo a tlatsa kelello ea hao ka boitsebiso bo u sitisang, u tla lahleheloa ke boholo ba se buuoang sethaleng.
Haeba ‘menahano leha e le efe e hlokisang botsitso’ e u thatafalletsa ho lebisa tlhokomelo lenaneong, rapela Jehova hore a u thuse ho ba le kelello le pelo e khutsitseng hore u tsebe ho mamela ka hloko. (Pes. 94:19; Bafil. 4:6, 7) Etsa joalo khafetsa haeba ho hlokahala. (Mat. 7:7, 8) Liboka tsa phutheho ke tokisetso e tsoang ho Jehova. U ka kholiseha hore o batla hore u rue molemo ho tsona.—1 Joh. 5:14, 15.
Ho Mamela Lipuo
Mohlomong u ka hopola lintlha tseo u li ratang haholo tseo u ileng ua li utloa lipuong. Leha ho le joalo, ho mamela puo ho akarelletsa ho fetang feela ho bokella lintlha tsa bohlokoa. Puo e tšoana le leeto. Le hoja ho ka ’na ha e-ba le lintho tse thahasellisang tseo u ka li bonang ha u ntse u tsamaea, ntho ea bohlokoa ke sebaka seo u eang ho sona, e leng eona pakane. E ka ’na eaba sebui se leka ho lebisa bamameli sephethong se itseng kapa ho ba susumelletsa ho nka khato e itseng.
Nahana ka puo eo Joshua a ileng a fana ka eona ho sechaba sa Iseraele, e tlalehiloeng ho Joshua 24:1-15. Pakane ea hae e ne e le ho susumelletsa sechaba hore se emele borapeli ba ’nete se sa sekisetse ka ho ikarola ka ho feletseng borapeling ba litšoantšo ba lichaba tse se potolohileng. Ke hobane’ng ha seo e ne e le sa bohlokoa hakaalo? Ho ata ha borapeli ba bohata e ne e le tšokelo e tebileng mabapi le boemo bo botle ba sechaba ho Jehova. Sechaba se ile sa arabela kōpong e tiileng ea Joshua ka ho re: “Ke ho sa utloahaleng hore re tlohele Jehova e le hore re sebeletse melimo e meng. . . . Re tla sebeletsa Jehova.” ’Me se ile sa etsa joalo!—Josh. 24:16, 18, 31.
Ha u ntse u mametse puo, leka ho lemoha sepheo sa eona. Nahana kamoo lintlha tse hlahisoang ke sebui li tlatsetsang kateng ho finyella sepheo seo. Ipotse hore na boitsebiso bo hloka hore u etse’ng.
Ho Mamela Nakong ea Lipuisano
Thuto ea Molula-Qhooa, Thuto ea Buka ea Phutheho le likabelo tsa Seboka sa Tšebeletso li khannoa ka lipuisano tsa lipotso le likarabo tsa boitsebiso bo hatisitsoeng bo thehiloeng Bibeleng.
Ka tsela e itseng, ho mamela nakong ea puisano ho tšoana le ho kopanela moqoqong. Hore u rue molemo ka ho feletseng, mamela ka hloko. Hlokomela hore puisano e lebile hokae. Ela hloko kamoo mokhanni a hatisang sehlooho le lintlha tsa khōlō kateng. Ka kelellong arabela lipotso tsa hae. Mamela ha ba bang ba ntse ba hlalosa le ho bontša kamoo boitsebiso bo sebetsang kateng. Ho talima boitsebiso ka pono ea batho ba bang ho ka u thusa hore u bone taba e tloaelehileng ka leihlo le leng. Tlatsetsa phapanyetsanong ea maikutlo ka ho fana ka litlhaloso tsa hao tsa tumelo.—Bar. 1:12.
Ho ithuta esale pele boitsebiso bo abiloeng ho tla u thusa ho tebisa maikutlo puisanong le ho utloisisa litlhaloso tse fanoang ke ba bang. Haeba maemo a hao a u thatafalletsa ho ithuta boitsebiso boo ka botlalo, bonyane iphe metsotso e seng mekae u akaretsa boitsebiso boo pele ho seboka. Ho etsa sena ho tla u thusa ho rua molemo o moholo puisanong eo.
Ho Mamela Likopanong Tse Nyenyane le Tse Khōlō
Likopanong tse nyenyane le tse khōlō, ho ka ’na ha e-ba le litšitiso tse ngata ho feta libokeng tsa phutheho. Sena se ka etsa hore ho mamela e be phephetso e khōlō. Ke eng se ka re thusang?
Ntho ea bohlokoa ke ho fumana phomolo e lekaneng bosiu. Pele lenaneo le qala letsatsi ka leng, hatisa sehlooho ka matla kelellong. Sheba sehlooho sa puo ka ’ngoe ’me u leke ho nahana esale pele ka se tla tšohloa. Sebelisa Bibele ea hao hamolemo. Batho ba bangata ba hlokometse hore ho ngola lintlha tse khutšoanyane tsa bohlokoa ho ba thusa ho tsepamisa likelello tsa bona lenaneong. Ngola boitsebiso boo u rerileng ho bo sebelisa bophelong ba hao le tšebeletsong ea hao. Buisana le ba bang ka lintlha tse seng kae ha u e-ea le ha u khutla kopanong letsatsi ka leng. Sena se tla u thusa ho hopola boitsebiso boo.
Ho Ruta Bana ho Mamela
Batsoali ba Bakreste ba ka thusa bana ba bona—esita le masea—‘ho hlalefa bakeng sa poloko’ ka ho tla le bona libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō. (2 Tim. 3:15) Kaha bana ha ba tšoane tabeng ea boikutlo le ea ho tsepamisa mohopolo, ho hlokahala temoho ho ba thusa hore ba mamele ka hloko. Mohlomong litlhahiso tse latelang li ka thusa.
Ha le le lapeng, lokisetsa hore ho be le linako tseo ka tsona bana ba hao ba banyenyane ba lulang ba khutsitse ’me ba bale kapa ba shebe litšoantšo tse leng likhatisong tsa rōna tsa Bokreste. Ha le le libokeng, le se ke la sebelisa lintho tsa ho bapala ho boloka bana ba e-na le seo ba se etsang. Joaloka Iseraele ea boholo-holo, le kajeno bana ba ba teng “e le hore ba mamele le hore ba ithute.” (Deut. 31:12) Haeba ho loketse, batsoali ba bang ba etsa hore esita le bana ba banyenyane haholo ba be le libuka tsa bona tse ithutoang. Ha bana ba ntse ba hōla, ba thuseng ho itokisetsa ho kopanela mananeong a hlokang hore bamameli ba kopanele ho ’ona.
Mangolo a bontša hore ho na le kamano e haufi pakeng tsa ho mamela Jehova le ho mo utloa. E bonahala mantsoeng ao Moshe a neng a a bolella sechaba sa Iseraele: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo . . . ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.” (Deut. 30:19, 20) Kajeno, ke habohlokoa hore re mamele taeo eo Jehova a fanang ka eona le ho e sebelisa ka botšepehi bophelong ba rōna hore re fumane kamohelo ea Molimo le tlhohonolofatso ea bophelo bo sa feleng. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re ele hloko keletso ea Jesu: ‘Ela hloko kamoo u mamelang kateng’!—Luka 8:18.
[Lebokose le leqepheng la 13]
LITLHAHISO TSA HO MAMELA KA MOKHOA O ATLEHILENG
• Rapella thuso hore u lebise tlhokomelo ea hao lenaneong
• Lula u shebile sebui
• Ha ho boleloa mangolo, a phetle Bibeleng ea hao ’me u tsamaisane le sebui
• Fumana sepheo sa puo
• Ka kelellong arabela lipotso tse botsoang; mamelisisa litlhaloso tse fanoang
• Ngola lintlha ka bokhutšoanyane
• Qoolla lintlha tseo u rerang ho li sebelisa