Khaolong ea 7
Nka Etsa’ng Haeba ke sa Rate Tsela eo ke Shebahalang ka Eona?
Na u atisa ho nyahamisoa ke tsela eo u shebahalang ka eona?
□ E □ Che
Na u se u kile ua nahana ka ho buuoa e le hore u ntlafatse ponahalo ea hao kapa ua nahana ka ho itima lijo ka tsela e feteletseng e le hore u lokise sepha se itseng?
□ E □ Che
Haeba u ne u ka khona, ke ntho efe kapa lintho life tseo u neng u ka li fetola ho uena? (Etsa selikalikoe ho tsona.)
Bolelele
Seemo
Lebala
’Mele
Moriri
Lentsoe
HAEBA u arabetse ka e, lipotsong tse peli tse qalang ’me u entse selikalikoe linthong tse tharo kapa ho feta potsong ea boraro, ak’u shebe taba ena ka lehlakoreng le leng: Ho ka etsahala hore ebe ba bang ha ba bone lintho tsena tseo u sa li rateng ka uena. Ho bonolo haholo ho fetelletsa taba le ho ngongoreha ho feta tekano ka ponahalo ea hao. Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e senotse hore hangata baroetsana ba tšaba ho nona ho feta kamoo ba tšabang ntoa ea nyutlelie kateng, kankere, kapa esita le ho shoeloa ke batsoali!
Ha ho pelaelo hore tsela eo u shebahalang ka eona e ka ama tsela eo u inkang ka eona—le tsela eo ba bang ba u tšoarang ka eona. Maritza ea lilemo li 19, o re: “Ha ke ntse ke hōla, bo-ausi’a ka ba babeli ba ne ba le batle haholo, ’me ’na ke ne ke le motenya. Ke ne ke tlokoa haholo sekolong. Ho phaella moo, ’Mangoane o ne a ntheneketsa ka hore ke Chubs [’Mantenya] e leng lebitso la ntjanyana ea hae e neng e nonne!” Julie ea lilemo li 16 o ile a hlaheloa ke se tšoanang. “Ngoanana e mong sekolong o ile a ntšoma ka hore ke na le ‘meno a ’mutla.’ Le hoja e ne e se taba e kaalo, e ne e nkutloisa bohloko, ’me le hona joale ke ntse ke sa phutholohe ka meno ana a ka!”
Phapang Pakeng Tsa ho Tšoenyeha ho Loketseng le ho Feteletseng
Hase phoso ho ameha ka tsela eo u shebahalang ka eona. Ha e le hantle, Bibele e bua hantle ka banna le basali ba ’maloa ba neng ba le batle, ba akarelletsang Sara, Ragele, Josefa, Davida le Abigaile. Bibele e re moroetsana ea bitsoang Abishage “o ne a le motle ka ho fetisisa.”—1 Marena 1:4.
Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba amehile ka ho feteletseng ka ponahalo ea bona. Ka mohlala, banana ba bang ba lumela hore motho o motle ha a le mosesaane, ’me ho bonahala limotlelara tse tšesaane haholo tse hlahang lipapatsong tsa limakasine tsa boemo bo phahameng li tšehetsa tumelo eo. Ha ba nahane taba ea hore lifoto tseo tse ntle li ile tsa lokisoa pele hore li shebahale li phethahetse kapa hona hore li ile tsa ntlafatsoa ka k’homphieutha, le hore bona bo-malapa-a-jele bao ba lokela ho ipolaisa tlala e le hore ’mele ea bona e lule e le joalo! Ho ntse ho le joalo, ho ipapisa le seo u se bonang makasineng ho ka u nyahamisa. Ho thoe’ng haeba kannete u sa rate tsela eo u shebahalang ka eona? Ntlha ea pele, u lokela ho itlhahloba u sa ithetse.
Na U na le Maikutlo a Fosahetseng ka Ponahalo ea Hao?
Na u se u kile ua icheba ka seiponeng se sa hlahiseng lintho ka tsela e tloaelehileng? Ha u icheba ka ho sona u ka ’na ua hlaha u le motenya kapa u le mosesaane ho feta kamoo u hlileng u leng kateng. Ponahalo eo hase ea hao.
Ka ho tšoanang, bacha ba bangata ba na le maikutlo a fosahetseng ka tsela eo ba iponang ka eona. Nahana ka sena: Phuputsong e ’ngoe, banana ba etsang liphesente tse 58 ba ile ba re ba batenya, ha bonneteng e ne e le ba etsang liphesente tse 17 feela ba neng ba hlile ba le batenya. Phuputsong e ’ngoe, basali ba etsang liphesente tse 45 bao ha e le hantle ba neng ba otile ba ne ba nahana hore ba batenya haholo!
Bafuputsi ba bang ba bolela hore banana ba bangata ba tšoenyehileng ka ’mele ea bona ha ba na lebaka la ho tšoenyeha. Seo se ka ’na sa se ke sa u tšelisa haeba u hlile u le motenya. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba see se bakoa ke eng?
Liphatsa tsa lefutso li phetha karolo e itseng. Batho ba bang ba basesaane ka tlhaho ba bile ba otile. Empa haeba liphatsa tsa hao tsa lefutso ke tsa motho ea batlang a le motenya le ea nang le mafura a eketsehileng ’meleng, ha ua etsetsoa ho ba mosesaane. Esita leha lingaka li u boleletse hore na boima bo u loketseng ke bofe, u ntse u ke ke ua bo rata. Ho ikoetlisa le ho ja hantle ho ka thusa, empa u ke ke ua fetola ka ho feletseng ’mele oo o u futsitseng.
Lebaka le leng e ka ba liphetoho tse tloaelehileng tsa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. Nakong eo ngoanana a kenang boroetsaneng ka eona, mafura a ’mele a eketseha ho tloha ho liphesente tse 8 ho ea ho tse 22. Hangata boemo bona boa fetoha ha a ntse a hōla, ’me ngoananyana ea motenya ha a le lilemo li 11 kapa 12, a ka qetella e le moroetsana ea fikara e ntle. Ka lehlakoreng le leng, ho thoe’ng haeba ’mele o bakiloe ke mokhoa o fosahetseng oa ho ja kapa ho se ikoetlise? U ka etsa’ng haeba u hlile u tlameha ho theola ’mele e le hore u phele hantle?
Pono e Loketseng
Bibele e buella hore u be ea “itekanetseng mekhoeng.” (1 Timothea 3:11) Ka hona, u se ke ua qoba ho ja ka linako tse itseng tsa ho ja kapa ho itima lijo ka ho feteletseng. Mohlomong mokhoa o molemohali oa ho theola ’mele e ka ba oa ho ja lijo tse hahang feela le ho ikoetlisa ka ho itekanetseng.
Ha ho hlokahale hore u latele mokhoa oa ho itima lijo o keneng fesheneng. Ka mohlala, lipilisi tse theolang ’mele li ka fokotsa takatso ea lijo ka nakoana; empa ka potlako ’mele oa li tloaela, ebe takatso ea lijo ea khutla. Kapa ’mele oa hao o ka ’na oa lieha ho hlahisa matla ’meleng, ebe ua nona—re se re sa re letho ka liphello tseo lipilisi li bang le tsona ho batho ba bang, tse kang ho ba le molikoalikoane, khatello e phahameng ea mali, ho ba le letsoalo le ubang ka linako tse ling esita le ho li lemalla. Ho joalo le ka lipilisi tse tlhotlang metsi ’meleng kapa tse potlakisang tlhahiso ea matla ’meleng.
Ka lehlakoreng le leng, ho ja ka mokhoa o loketseng, hammoho le ho ikoetlisa ka ho itekanetseng, empa u etsa joalo kamehla, ho tla u thusa hore u shebahale hantle u be u ikutloe hantle. Ho ikoetlisa makhetlo a ’maloa ka beke ho ka ntlafatsa bophelo ba hao haholo. Boikoetliso bo kang ba ho tsamaea ka potlako kapa ho hloa litepisi e ka ’na ea e-ba bo lekaneng.
Hlokomela Leraba la ho Tšoaroa ke Lefu la ho Itima Lijo!
Moo bacha ba bang ba batlang ho theola ’mele, ba qeteletse ba tšoeroe ke lefu la ho itima lijo hobane ba ipona ba le batenya—e leng lefu le behang bophelo kotsing leo ha e le hantle motho ea nang le lona a ipolaisang tlala haholo. Ka mor’a hore a qete likhoeli tse ’nè a thusoa ka lebaka la ho tšoaroa ke lefu la ho itima lijo, Masami o re: “Ha batho ba re ho ’na ‘u shebahala u phetse hantle,’ ka pelong ke re, ‘E tlameha ebe kea nona.’ Linakong tse joalo, kea lla ’me ka kelellong ho lume hore, ‘Ekare nka ba mosesaane joaloka likhoeling tse ’nè tse fetileng!’”
Lefu la ho itima lijo le ka tšoara motho a sa lemohe. Ngoanana a ka qala ho itima lijo ho se hokae ka tsela e seng mpe, mohlomong a batla ho theola feela lik’hilograma tse ’maloa. Leha ho le joalo, ha a fihla moo a batlang teng, ha a sa khotsofala. Ha a icheba ka seiponeng, ha a rate kamoo a leng kateng ’me o re: “Ke ntse ke le motenya!” Ka hona, o etsa qeto ea ho fokotsa lik’hilograma tse ’maloa hape. Ka mor’a moo, o boetse o batla ho theola tse ling tse ’maloa. Joalo-joalo. Ke kamoo lefu la ho itima lijo le qalang kateng.
Haeba u na le matšoao a ho tšoaroa ke lefu la ho itima lijo kapa le leng le amanang le ho ja, u hloka thuso. Buisana le motsoali kapa le motho e mong e moholo eo u mo tšepang. Maele a Bibele a re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.
Botle ba ’Nete ke Eng?
Ka kakaretso, Bibele ha e bue hakaalo ka chebahalo e ntle, kapa ka fikara e ntle. Ho e-na le hoo, botho ba ka hare ke bona bo etsang hore motho a be motle e le kannete kapa a be mobe mahlong a Molimo.—Liproverbia 11:20, 22.
Nahana ka Absalome, mora oa Morena Davida. Bibele e re: “Ho ne ho se monna e motle hakaalo Iseraele eohle hoo a rorisoang haholo hakaalo. O ne a se na sekoli ho tloha bohatong ba leoto ho isa har’a hlooho.” (2 Samuele 14:25) Empa mohlankana enoa o ne a le mano. Boikhohomoso le ho lakatsa bophahamo li ile tsa mo susumelletsa hore a leke ho liha puso ea morena ea neng a khethiloe ke Jehova. Ka hona, Bibele ha e bue hantle ka Absalome, ho e-na le hoo, e mo hlalosa e le monna ea neng a sa tšepahale ka tsela e soabisang le ea neng a e-na le lehloeo le ka etsang hore a bolaee.
Taba ea bohlokoa ke hore “Jehova o lekanya lipelo”—eseng letheka la ngoanana kapa lipotomane tsa moshanyana. (Liproverbia 21:2) Ka hona, le hoja ho se letho le lebe ka ho batla ho shebahala hantle, botho ba hao ke bona ba bohlokoa ho feta ponahalo ea hao. Qetellong, litšobotsi tsa hao tsa moea li tla etsa hore ba bang ba khahloe ke uena ho feta ho ba le lipotomane tse bōpehileng kapa ho ba lelapa-le-jele.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 10
Bacha ba bangata ba tšoeroe ke mafu a sa foleng kapa ba holofetse. Haeba u e mong oa bona, u ka sebetsana le boemo boo joang ka katleho?
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”—1 Samuele 16:7.
KELETSO
Ha u leka ho theola ’mele . . .
● U se ke ua qoba ho ja lijo tsa hoseng. Ha u li qoba, ho lapa ho ka ’na ha etsa hore u je haholo ho feta kamoo u neng u tla ja kateng.
● Noa metsi a tletseng khalase e khōlō pele u e-ja. A tla fokotsa takatso ea lijo ’me a u thuse ho laola hore na u ja lijo tse kae.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Litsebi tse ling li lemosa hore haeba u itima lijo ka morero oa ho theola ’mele, ’mele o ka ’na oa ipolella hore o “boemong ba tlokotsi,” ebe o liehisa tlhahiso ea matla ’meleng, ’me ka potlako seo sa etsa hore u boele u be motenya hape!
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nka itlhokomela ka ho ․․․․․
Lenaneo le itekanetseng le le ntoketseng la ho ikoetlisa le tla akarelletsa ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● U ikutloa joang ka tsela eo u shebahalang ka eona?
● U ka nka mehato efe e loketseng ho ntlafatsa ponahalo ea hao?
● U ka re’ng ho motsoalle ea nang le bothata ba ho ja?
● U ka thusa ngoan’eno e monyenyane joang hore a be le pono e loketseng ka ponahalo ea hae?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 69]
“Ke ile ka tlokoa ka nako e telele ka hore ke mahlo a maholo. Ke ithutile ho tšeha, hammoho le ho ba motlotlo ka botho ba ka le makhabane a mang ao ke nang le ’ona. Ke ithutile ho amohela kamoo ke shebahalang kateng. Ke amohela kamoo ke leng kateng.’’—Amber
[Setšoantšo se leqepheng la 68]
Tsela eo u iponang ka eona e ka ’na ea tšoana le eo u shebahalang ka eona ka seiponeng se sa hlahiseng lintho ka tsela e tloaelehileng