Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/15 maq. 29-31
  • O Utloile Molimo e le ’Musi Ho E-na le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Utloile Molimo e le ’Musi Ho E-na le Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Thuto ea Hus ea Bibele
  • Bopaki Kapel’a Lekhotla la Constance
  • Seo Hus a se Finyelletseng
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • The Bible—A Book of Fact and Prophecy
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Karolo 16—lekholo la bo9-bo16 la lilemo C.E.—Bolumeli bo Hlokang Nchafatso
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/15 maq. 29-31

O Utloile Molimo e le ’Musi Ho E-na le Batho

“E ka khona re utloe Molimo [e le ’Musi] ho e-na le batho.”

HOO e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng mantsoe ana a sebete a luma holong ea Lekhotla le Phahameng la Jerusalema. Sehlopha sa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo se ne se ntse se botsoa ke moprista e moholo oa Mojode. Ba ne ba tšoeroe ka tempeleng ha ba ntse ba ruta letšoele la batho. Lengeloi la Jehova le ne le ba laetse ho ea moo ho ea bolela Lentsoe la Molimo. Baprista ba ne ba ba laetse hore ba se etse joalo. U ne u tla mamela mang boemong bo tjee? Bakreste bao ba ne ba se na tika-tiko. Ba ne ba tla utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho.—Liketso 5:17-32.

Ka makholo a mangata a lilemo a fetileng haesale ho tloha ka nako eo, ba bang ba latetse mohlala oa bona o sebete ha baetapele ba bolumeli, joaloka baprista bao ba lekholo la pele la lilemo ba Bajode, ba hanne ho utloa ’nete ka bobona ’me ba leka ho thibela ba bang ho e utloa. (Mattheu 23:13) Mathoasong a lekholo la bo15 la lilemo, John Husa (1371-1415) o ile a sebelisa mantsoe ona ao ha a ne a laeloa hore a se rute naheng ea habo ea Bohemia (karolo ea Czechoslovakia ea kajeno). O ile a hlokomela matla a phahameng a Molimo le Lentsoe la Oona ka nako eo hoo e ka bang motho e mong le e mong a neng a nka hore mopapa o phahame haholo ’moho le kereke. Ho tlile joang hore a nke bohato boo?

Tšimoloho ea Thuto ea Hus ea Bibele

John Hus o hōlisitsoe ke ’m’ae oa mohlolohali oa molemi; ka hona ho fumana thuto e bile ntoa. Nako le nako o ne a tlameha ho bina likerekeng bakeng sa boipheliso. Le hoja a ne a se bohlale, o ile a khona ho ithuta Sekolong se Seholo sa Prague ’me a qetella a phahame ho ba mookameli oa sekolo seo se seholo.

Ka nako eo ho ne ho le teng lintoa tse ngata sekolong seo se seholo pakeng tsa Majeremane le Maczech. Hus ea e-ba motšehetsi oa mokha oa Maczech, ’me tšusumetso ea hae ea hōla ha a fetoha ’moleli ea matla haholoanyane. Ka nako e itseng ho ne ho bile le merusu le lipuisano ka litloaelo tse ngata tse mpe tse amang Kereke ea Roma e K’hatholike, ’me sena se ile sa totisoa ke ho hasanngoa hoa lingoloang tsa Lenyesemane la montlafatsi John Wycliffe. Bohato ba Bohemia bo ne bo sa simolla liketsahalong tsa England; ho e-na le hoo, bo ne bo tšoana le tsona. John Hus a iphumana a khahluoe ke lingoloang tsa Wycliffe, haholo-holo buka On Truth of Holy Scripture, eo a ileng a e fumana ka 1407.

Leha ho le joalo, a hanyetsoa ke Moarekabishopo Zbynek oa Prague, ea neng a le khahlanong le ho ruta hoa Hus ’me a chesa phatlalatsa lingoloang tse ngata tsa Wycliffe ka 1410. Zbynek a latela sena ka ho thibela ho ruta hohle ntle ho ho etsoang likerekeng tse amohelehang, tse neng li sa akarelletse Kerekana ea Bethlehem moo Hus a neng a okametse. Hus a hana ho hlompha thibelo ea moareka-bishopo, a bolela hore o tšoanetse ho “utloa Molimo ho e-na le batho linthong tse hlokahalang bakeng sa pholoho.”

Ha a ipiletsa ho mopapa, moareka-bishopo a mo khaola kerekeng. Empa Hus ha a ka a thekesela, a fumana hore kutloisiso ea hae e khōloanyane e leolitse letsoalo la hae ’me e le entse hore le be hlokolosi haholoanyane lithutong tsa Bibele. A bolela ka ho hlaka: “Motho a ka thetsa, empa Molimo ho hang ha a thetse,” a pheta mantsoe a moapostola Pauluse ho Baroma. (Ba-Roma 3:4) Morena Wenceslas a tšireletsa bohato ba ntlafatso ba Hus, ’me qetellong Zbynek a baleha naheng eo, a shoa kapele kamor’a moo.

Khanyetso ho Hus ea boetse ea tsoha ka matla ha a nyatsa phutuhelo khahlanong le morena oa Naples ’me a pepesa thekiso ea mangolo a tšoarelo ea libe bakeng sa ho e tšehetsa, ka hona a senya mohloli oa lichelete tsa baprista. Mangolo ao a tšoarelo ea libe a ne a lumella motho hore ka tefo ea chelete a ka phonyoha kotlo ha a ntse a phela. Ho qoba ho tlisetsa motse oo mathata, Hus a tloha Prague ’me a baleha naheng eo ka nakoana. Ha a le moo, ka 1413, a ngola buka On Simony, e neng e pepesa kamoo baruti ba neng ba rata chelete le tšehetso eo ba neng ba e fuoa ke ba boholong ’musong. Hus a boetse a fumana matla a hae Lentsoeng la Molimo, a re: “Mokreste e mong le e mong ea tšepahalang o tšoanela ho ba le kelello ea ho se amohele eng kapa eng e khahlanong le Mangolo a Halalelang.”

Hus a boetse a ngola khang e hlophisitsoeng e nang le sehlooho De Ecclesia (Ka Kereke). Ho eona a bea litlhahiso tse ’maloa, tseo e ’ngoe ea tsona e ileng ea re: “Petrose le ka mohla ha e’a ka ea e-ba, ’me e ntse e se hlooho ea Kereke.” A fumana hore litemana tsa sehlooho tsa Mattheu 16:15-18 li ne li hlomamisa ka ho hlaka Jesu Kreste e le motheo le hlooho ea kereke, eo e neng e le sehlopha sohle sa balumeli ba bitsitsoeng. Ka hona molao oa Kreste joalokaha o fumanoa ka Lentsoeng la Molimo ke oona o neng o phahame, e seng oa mopapa. Ho e-na le hoo, bopapa bo ne bo simolohile matleng a ’muso oa Roma.

Bopaki Kapel’a Lekhotla la Constance

Kereke e K’hatholike e ne e se e sitoa ho mamella liphoso tsa eona tseo Hus a neng a li pepesitse ’me ea ’mitsetsa ho tla arabella maikutlo a hae kapel’a Lekhotla la Constance, le neng le tšoeroe ho tloha ka 1414 ho ea ho 1418 haufi le Letša la Constance.b A ekoa hore a eo ba teng ke moen’a morena, ’Musisi Sigismund, ka tšepiso ea ho tšireletsoa, e ileng ea potlakela ho ipaka e le ea leshano. A tšoaroa hang kamor’a hore a fihle, empa a ’na a tsoela pele ho hanyetsa matla a mopapa le lekhotla.

Ha lekhotla le qobella Hus ho koenehela lithuto le likhopolo tsa hae, a araba hore o ne a tla etsa joalo ka thabo haeba a ka pakoa a fositse ka Lengolo la Bibele, tumellanong le 2 Timothea 3:14-16. Hus a ikutloa hore letsoalo la hae le ne le tla mo khalemela kamehla haeba a ne a ka koeneha ka lipolelo tse sa hlakang. A phatlalatsa: “Takatso ea ka kamehla e ’nile ea e-ba hore ke pakeloe thuto e molemonyana ka Lengolo la Bibele ’me teng ke tla koeneha habonolo.” Ho sa natsoe phephetso ea hae hore setho leha se le seng sa lekhotla se ’montše phoso ea hae ho tloha Lentsoeng la Molimo ka bolona, o ile a nyatsoa e le mokoenehi ea manganga ’me a romelloa teronkong ntle le ho buisana ka eng kapa eng e tsoang Bibeleng.

Ka la 6 Phupu, 1415, Hus a nyatsoa ka molao kerekeng e khōlō ea Constance. Ha a ka a lumelloa ho ikarabella ha liqoso tse khahlanong le eena li baloa. Joale a amohuoa boprista ba hae pontšeng, ha lingoloang tsa hae li chesoa lebaleng la kereke. A isoa tšimong e kathoko ho motse, ’me moo a chesetsoa thupeng. Ho thibela mang kapa mang ho boloka mesaletsa ea moshoela-tumelo enoa, molora oa hae oa bokelloa ’me oa lahleloa ka nōkeng ea Rhine. Ka lebaka la kamano ea hae e haufi-ufi le John Wycliffe, lekhotla leo hape la nyatsa montlafatsi eo—ea neng a se a shoele—le laela hore setopo sa hae se tsetolloe lebitleng ’me se chesoe e be molora oa setopo sa hae o akheloa ka Nōkeng ea Swift ea England. Hamorao, molateli ea itlhommeng pele ka ho fetisisa oa Hus, Jerome oa Prague, le eena a chesetsoa thupeng.

Seo Hus a se Finyelletseng

Mehleng eo, Hus e ne e le e mong oa banna ba pele ba ho iteta sebete ho hanyetsa matla a mopapa le a lekhotla ’me ho e-na le hoo ba amohele matla a phahameng a Mangolo. Ka hona a qalisa bohato bo buellang litokelo tsa motho ka mong, tokoloho ea puo le letsoalo le letle.

Lilemo tse fetang lekholo hamorao, Martin Luther a qosetsoa ho tsosolosa liphoso tsa Wycliffe le Hus Jeremane. Ruri Luther o ne a e-na le pono ea motheo e tšoanang le ea Hus ha a ne a re: “Ntle le hore ke kholisoe ke Lengolo la Bibele le mabaka a utloahalang—ha ke amohele matla a bo-papa le makhotla, hobane ba loantšane e le bona—letsoalo la ka le haptjoa ke Lentsoe la Molimo.” Mohlomong ke ka lebaka leo a itseng: “Kaofela ha rōna re Mahuss re sa tsebe.”

Hus, Wycliffe le Luther ba hla ba tsosolosa lithuto tse ngata tsa Bakreste ba pele. Ke ’nete, ha ba’a ka ba tsamaea tseleng eo ka ho feletseng hobane ho ne ho se bonolo matsatsing ao ho tlosa lefifi leo la makholo a lilemo. Leha ho le joalo, kaofela ba ile ba lumellana ka ntho e le ’ngoe ea bohlokoa: Lentsoe la Molimo le ne le tlameha ho tla pele, ho sa tsotellehe menahano ea batho. Bakreste ba pele ba ne ba tšoarelletse ponong eona ena e nepahetseng hobane ba ne ba rutiloe ke Moeta-pele, Jesu Kreste, ka boeena.—Johanne 17:17; 18:37.

Kajeno, Bakreste ba tšoanela ho nka boemo bo tšoanang. Re na le melemo e mengata ho feta makholong ao a lilemo a pejana. Ntlheng ea pele, Bibele e fumaneha ka bolokolohi ka lipuo tse ngata. Ea bobeli, matsatsing ana a bofelo moea o halalelang o tataiselitse ba amohelang kutloisisong e khōloanyane ea Bibele. Na u amohetse kutloisiso ee? Haeba ho joalo, u ke ke ua tsila-tsila ho nka molao-motheo oo John Hus a o phetaphetileng ka matla. Kajeno, palo e khōlō ea batho ho feta leha e le neng pele historing e phela ka mantsoe ao a baapostola: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka nako e ’ngoe le ngoloa e le Huss.

b Lekhotla ke kopano ea babishopo le baeta-pele ba bang ba Kereke e K’hatholike ho tšohla le ho fana ka liqeto ka litumelo, litaelo le litaba tse ling. Makhotla a joalo a ’maloa ho theosa le histori a amoheloa ke Kereke ea Roma e K’hatholike.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

John Hus

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Libibele tsa Seczech, tse kang khatiso ea 1579 e bontšitsoeng kaholimo, li nkoa e le tsa bohlokoahali ke babokelli ba lintho kajeno. John Hus o ile a chesetsoa thupeng ka lebaka la ho nka seo Bibele e se bolelang e le sa bohlokoa ho feta lentsoe la batho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela