“Ka Ntlo le Ntlo”
“LETSATSI le leng le le leng ba ile ba tsoela pele ba sa phetse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo ka Kreste, Jesu, ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42, NW) Lipaki tsa Jehova li atisa ho sebelisa temana ena le e ho Liketso 20:20 ho paka motheo oa Mangolo oa mosebetsi oa tsona oa ho paka ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, Jeremane, bahlahlobisisi ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba phephelitse tsela eo New World Translation e fetolelang litemana tsena ka eona, ba pheha khang ka hore e hlalosa Segerike sa mathomo ka tsela e fosahetseng.
Na lipolelo tse joalo li na le bopaki? Le hanyenyane. Bonyane Libibele tse ling tse tšeletseng tsa phetolelo ea Sejeremane li fetolela litemana tsena ka ho tšoana. Har’a tsona ho na le Zürcher Bibel e nchafalitsoeng le “Litestamente tse Ncha” tsa Rupert Storr, Franz Sigge, le Jakob Schäfer (tse nchafalitsoeng ke N. Adler). Liphetolelo tse ngata tsa Senyesemane lia lumellana.
Setsebi sa Jeremane Hans Bruns se netefatsa phetolelo ea sona, “ka ntlo le ntlo,” e ho Liketso 5:42, ha se re: “Ho latela taba e ngotsoeng ea mathomo, ho bonahala eka ba ne ba tsamaea ka ntlo le ntlo.” E, katʼ oiʹkon, polelo ea mathomo tabeng ena e ngotsoeng, ha ea sebelisoa ka kutloisiso ea lehlalosi (“hae”) empa e sebelisitsoe ka kutloisiso ea ho aba, ka ho toba e bolela “ho ea ka ntlo.” (Sebōpeho sa bongata, katʼ oiʹkous, se bolelang “ho ea ka matlo,” se fumanoa ho Liketso 20:20.) Litsebi tse ling, tse kang Heinz Schürmann, li tiisa phetolelo ea ho aba ea litlhaloso tsena. Horst Balz le Gerhard Schneider, baphatlalatsi ba buka e hlalosang mantsoe ea litlhaloso tsa bahlahlobisisi ba taba e ngotsoeng ea Testamente e Ncha, ba re polelo ena e ka fetoleloa e le “ntlo ka mor’a ntlo.” Litšupiso tse ’maloa tsa lingoliloeng tsa Senyesemane li hlalosa temana ena ka ho tšoana.
Joale, hape-hape, New World Translation e ’nile ea ikemela litlhaselong tsa bahlahlobisisi. Ho leng bohlokoa ka ho fetisisa ke hore, ho hlakile hore ho na le motheo o tiileng oa Bibele oa tšebeletso ea ntlo le ntlo. (Bapisa le Mattheu 10:11-14; 24:14.) Lipaki tsa Jehova li fuoe tokelo ea ho etsisa bo-mphato ba bona ba lekholong la pele la lilemo tabeng ena.