Ho Lula Tafoleng ea Jehova ho Thabisa Hakaakang!
Joalokaha ho boletse Ernst Wauer
Kajeno ho batla ho le bonolo ho ’na ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, ho ithuta Bibele le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, hase ka mehla ho bileng joalo mona Jeremane. Nakong eo Adolf Hitler eo e neng e le mohatelli ka eona ho tloha ka 1933 ho ea ho 1945, ho kopanela mesebetsing e joalo ea Bokreste ho ne ho kopanyelletsa ho beha bophelo ba hao kotsing.
SELEMO pele Hitler a busa, ha ke le lilemo li 30, ke ile ka kopana le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele Dresden. Ka January 1935, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka hlahisa takatso ea ka ea ho kolobetsoa. Mosebetsi oa rōna o ne o se o thibetsoe ka 1933, kahoo ke ile ka botsoa: “Na u hlokomela se boleloang ke qeto ea hao? U beha lelapa la hao, bophelo ba hao bo botle, mosebetsi, tokoloho esita le bophelo ba hao kotsing!”
Ke ile ka arabela: “Ke balile litšenyehelo, ’me ke ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo le ho e shoela.”
Esita le pele ke kolobetsoa, ke ne ke se ke qalile ho bolela ka ntlo le ntlo. Ntlong e ’ngoe ke ile ka kopana le moeta-pele oa bacha ba ma-SS (Molebeli oa Masole a Hitler a Aparang Lihempe tse Ntšo/Molebeli ea Koetlisitsoeng) ea ileng a kharuma: “Na ha u tsebe hore seo u se etsang se thibetsoe? Ke il’o bitsa mapolesa!”
Ke ile ka arabela ka bonolo: “U ka ’na ua ea. Ke mpa ke bua ka Bibele feela, ’me ha ho molao o leng khahlanong le hoo.” Kapele ka mor’a moo ke ile ka fetela ntlong e latelang ’me hang-hang monna ea nang le botsoalle a ’mema hore ke kene ka tlung. Ha ho letho le ileng la ntlhahela.
Kapele ke ile ka fuoa boikarabelo ba ho hlokomela sehlopha sa thuto ea buka sa Lipaki tse hlano ho ea ho tse supileng tse neng li kopana beke le beke. Re ile ra ithuta litokollo tsa Molula-Qhooa tse neng li romeloa Jeremane ka sekhukhu ho tsoa linaheng tsa boahisani. Kahoo, ho sa tsotellehe ho thibeloa ha mosebetsi, ka mehla re ne re lula “tafoleng ea Jehova” hore re matlafatsoe moeeng.—1 Ba-Korinthe 10:21, NW.
Ho Mamella Liteko
Ka 1936, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower J. F. Rutherford, o ile a etela kopano e neng e le Lucerne, Switzerland, ’me a mema baena ba neng ba le libakeng tsa bolebeli tsa puso ea leholimo ba Jeremane hore ba be teng. Kaha baena ba bangata ba ne ba nketsoe liphasepoto ’me sepolesa se beile ba bangata leihlo, ke ba ’maloa feela ba neng ba ka ba teng. Moena ea neng a okametse mosebetsi Dresden o ile a nkōpa hore ke ee ho mo emela Lucerne.
Ke ile ka botsa: ‘Empa na ha ke monyenyane haholo le ea hlokang phihlelo?’
O ile a ntiisetsa: “Seo e leng sa bohlokoa ha joale ke ho tšepahala. Ke eona taba e ka sehloohong.”
Kapele ka mor’a ho khutla Lucerne ke ile ka tšoaroa, ’me ka tšohanyetso ka khaohanngoa le mosali oa ka Eva le bana ba rōna ba babeli ba banyenyane. Ha ke le tseleng e eang ntlo-khōlō ea mapolesa e Dresden, ke ile ka leka ka thata ho hopola lengolo le tla ntataisa. Ke ile ka hopola Liproverbia 3:5, 6: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Ho hopola lengolo lena ho ile ha ’matlafatsa ha ke ne ke il’o hlonngoa lipotso ka lekhetlo la pele. Ka mor’a moo ke ile ka notlelloa ka har’a sele e nyenyane, ’me ka nakoana ke ile ka ba le boikutlo bo nyahamisang ba ho lahloa. Empa ho rapela Jehova ka matla ho ile ha ntlisetsa khotso.
Lekhotla la linyeoe le ile la nkahlolela likhoeli tse 27 teronkong. Ke ile ka koalloa ke le mong ka selemo se le seng teronkong e Bautzen. Ka lekhetlo le leng, eo e neng e le ofisiri ea boahloli ea neng a se a phomolitsoe mosebetsing—e neng e tšoere mokobobo—e ile ea bula monyako oa sele ea ka ’me ea bua ka kutloelo-bohloko: “Kea tseba hore ha ua lumelloa ho bala letho, empa mohlomong u hloka ho hong ho ka phomotsang kelello ea hao hore e se nahane ka boemo ba hao.” Ka mantsoe ao e ile ea mpha limakasine tse ’maloa tsa khale tsa lelapa ka sekhukhu ’me ea re: “Ke tla li lata mantsiboea.”
Ha e le hantle, ke ne ke sa hloke letho le ka ‘phomotsang kelello ea ka hore e se nahane ka boemo ba ka.’ Ha ke ne ke koaletsoe ke le mong, ke ile ka hopola litemana tsa Bibele ’me ka etsa linehelano le ho li bua ka lentsoe le phahameng. Empa ke ile ka nyarela ka limakasineng tseo ho bona haeba li na le litemana leha e le life tsa Bibele—’me ke ile ka fumana litemana tse ’maloa! E ’ngoe e ne e le Ba-Filippi 1:6 (BPN), eo karolo ea eona e reng: “Ke kholisehile hore ea qalileng mosebetsi ona o motle har’a lōna o tla o ntšetsa pele.” Ke ile ka leboha Jehova bakeng sa khothatso ena.
Hamorao ke ile ka isoa kampong ea mosebetsi o boima. Joale nakong ea selemo ka 1939, ha nako ea ho lokolloa ha ka e se e atamela, molebeli oa kampo o ile a mpotsa hore na ke se ke fetotse mohopolo oa ka kapa che. Ke ile ka arabela: “Ke ikemiselitse ho lula ke tšepahetse tumelong ea ka.” Joale o ile a ntsebisa hore ke tla isoa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen.
Ha ke fihla teng, ke ile ka hlobola liaparo tsa ka, ka hlapa ’me ka beoloa moriri ’ohle le ho fuoa liaparo tsa teronko. Ke ile ka boela ka tšeloa ka metsi hape ’me khetlong lena ke ntse ke apere—e leng mokhoa oo ma-SS a o bitsang “kolobetso.” Ka mor’a moo ke ile ka qobelloa ho ema ka ntle ke le metsi tee ho fihlela mantsiboea!
Ma-SS a ile a hlorisa Lipaki tsa Jehova ka ho khethehileng likampong. Hangata re ne re tlameha ho ema lebaleng la teronko ka nako e telele haholo. Ka linako tse ling e mong oa rōna o ne a re: “Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e ntle ho fumana lijo tse hlileng li leng monate?” E mong o ne a arabela: “U se ke ua tsepamisa kelello ea hao linthong tse joalo. Ak’u nahane feela hore na ke tokelo e kaakang ho emela lebitso la Jehova le ’Muso oa hae.” ’Me e mong o ne a phaella: “Jehova o tla re matlafatsa!” Ka tsela ena re ile ra khothatsana. Ka linako tse ling ho lumela ka hlooho ho bontšang botsoalle ho ne ho lekane bakeng sa hore: “Ke batla ho tšepahala; le uena tšepahala!”
Lijo tsa Moea ka Kampong
Ba bang ba ile ba etella pele ka ho fepa baena moeeng, ’me ke ile ka khethoa hore ke ba thuse. Seo re neng re e-na le sona feela e ne e le Bibele e khōlō ea Luther. Ha e le hantle, ho ba le eona ho ne ho thibetsoe. Kahoo letlotlo lena le ile la patoa, ’me seleng ka ’ngoe moena a le mong feela ea khethiloeng o ne a lokela ho bala Bibele ena ka nako e khutšoanyane. Ha e ne e le nako ea hore e baloe ke ’na, ke ne ke khasetsa ka tlas’a bethe ke tšoere lebone le lenyenyane ’me ke e bale ka metsotso e ka bang 15. Ke ne ke ikhopotsa mangolo ao hamorao ke neng ke tla buisana le baena ba leng ka seleng ea rōna ka ’ona. Kahoo ho abjoa ha lijo tsa moea ho ne ho hlophisitsoe ho isa bohōleng bo itseng.
Baena bohle ba ile ba khothalletsoa ho kōpa Jehova ka thapelo hore a re nehe lijo tsa moea tse eketsehileng, ’me o ile a utloa likōpo tsa rōna. Mariheng a 1939/40 moena ea neng a sa tsoa koalloa ka sekhukhu o ile a khona ho tla le litokollo tse ’maloa tse ncha tsa Molula-Qhooa kampong tseo a neng a li kentse ka leotong la hae la sefate. Sena se ile sa bonahala e le mohlolo kaha batho bohle ba ne ba phengoa-phenngoa ka hloko.
Bakeng sa tšireletso, limakasine tsena li ne li fuoa baena ba khethiloeng hanngoe ka letsatsi. Ka nako e ’ngoe ha ho ne ho hahoa sebaka sa ho lokisa makoloi, ke ile ka ipata ka har’a foro le ho bala ha moena e mong a ne a lebetse ka ntle. Ka lekhetlo le leng ke ile ka beha Molula-Qhooa liropeng tsa ka nakong ea rōna ea “ho roka” (mantsiboea re ne re lula ka liseleng tsa rōna ho lokisa li-gloves le lintho tse ling), ha baena ba lutseng ka lehlakoreng le leng e le balebeli. Ha molebeli oa ma-SS a ne a tla, ke ile ka pata Molula-Qhooa kapele-pele! Haeba ke ne ke ile ka tšoaroa, hoo ho ne ho tla bolela lefu ho ’na!
Jehova o ile a re thusa ka tsela e tsotehang hore re khone ho boloka lintlha tse matlafatsang tsa lihlooho tsa limakasine tseo ka likellong tsa rōna. Hangata mokhathala o ne o mpakela boroko bo boholo bosiu. Empa masiung ao ke balileng Molula-Qhooa ka ’ona, ke ne ke phaphama ka makhetlo a mangata le ho hopola lintlha tseo ka ho hlakileng. Baena ba khethiloeng ka liseleng tse ling le bona ba bile le liphihlelo tse tšoanang. Kahoo Jehova o ile a eketsa matla a rōna a ho hopola hore re tsebe ho aba lijo tsa moea. Re ile ra etsa sena ka ho atamela moena e mong le e mong le ho mo matlafatsa.
Ho Tšepahala ho Isa Lefung
Ka September 15, 1939 sehlopha sa rōna sa basebetsi se ile sa tlameha ho khutlela kampong pele ho nako e tloaelehileng. Ho ne ho etsahetse eng? August Dickmann, e mong oa baena ba rōna ba bacha o ne a tlil’o bolaoa pontšeng. Manazi a ne a kholisehile hore sena se tla etsa hore lenane le leholo la Lipaki le latole tumelo ea tsona. Ka mor’a polao batšoaruoa ba bang kaofela ba ile ba laeloa hore ba tsamaee. Empa rōna Lipaki tsa Jehova re ile ra theosa le ho nyolosa lebaleng la teronko, re rahoa le ho otloa ka melamu ho fihlela re se re sa tsebe ho tsamaea. Re ile ra laeloa hore re saene qeto e latolang tumelo ea rōna; ho seng joalo, le rōna re ne re tla thunngoa.
Letsatsing le hlahlamang, ho ne ho se motho ea saenneng. Ha e le hantle, motšoaruoa e mocha ea neng a ile a saena ha a fihla, joale o ile a hlakola mosaeno oa hae. O ile a ikhethela ho shoa hammoho le baena ba hae ho e-na le ho tloha kampong e le moeki. Likhoeling tse latelang re ile ra hlokofatsoa ka mosebetsi o boima, tšoaro e mpe e tsoelang pele le ho tingoa lijo. Baena ba rōna ba fetang lekholo ba ile ba shoa mariheng a batang haholo a 1939/40. Ba ile ba boloka botšepehi ba bona ho Jehova le ’Musong oa hae ho isa qetellong.
Joale Jehova o ile a ba lopolla. Baena ba bangata ba ile ba isoa likampong tse neng li sa tsoa hahoa bocha ho ea sebetsa teng moo ba ileng ba fumana lijo tse eketsehileng. Ho feta moo, tšoaro e mpe ea bohatelli e ile ea fokotseha. Nakong ea selemo ea 1940, ke ile ka isoa kampong ea mahloriso ea Neuengamme.
Litokisetso tsa Lijo tsa Moea Neuengamme
Ha ke fihla moo, ho ne ho e-na le sehlopha sa Lipaki tse ka bang 20, ’me re ne re se na Bibele kapa likhatiso tse ling. Ke ile ka rapela Jehova hore a mpe a nthuse ho sebelisa lintho tseo ke ithutileng tsona Sachsenhausen ho matlafatsa baena Neuengamme. E le mohato oa pele, ke ile ka hopola mangolo ’me ka a khetha joaloka litemana tsa letsatsi le letsatsi. Joale ho ile ha etsoa litokisetso tsa liboka moo ke neng ke hlalosa lintlha tsa lihlooho tsa Molula-Qhooa tseo ke neng ke li balile Sachsenhausen. Ha baena ba bacha ba fihla, le bona ba ile ba tlaleha lintho tseo ba ithutileng tsona litokollong tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa.
Ka 1943 lenane la Lipaki tsa Jehova Neuengamme le ne le nyolohetse ho 70. Lipaki tsa Jehova e ile ea e-ba tsona tse khetheloang ho sebetsa ka ntle ho kampo, joaloka ho hloekisa ka mor’a litlhaselo tsa moeeng. Ka baka leo, re ile ra khona ho tla le Libibele, likopi tsa Molula-Qhooa, libuka tse ling tsa Mokhatlo hammoho le libukana ka sekhukhu ka kampong. Re ile ra boela ra amohela liphutheloana ka poso, tse neng li tšetse libuka tse eketsehileng hammoho le veine e khubelu le bohobe bo sa lomosoang bakeng sa Sehopotso sa selemo le selemo. Ka ho hlakileng Jehova o ile foufatsa batho ba neng ba phenyekolla liphutheloana tsena.
Le hoja re ne re qhalane har’a lisele tse fapa-fapaneng, re ile ra thea lihlopha tse supileng tsa Thuto ea Molula-Qhooa, sehlopha ka seng se ne se e-na le motsamaisi oa sona le mothusi oa hae. Likopi tsa Molula-Qhooa li ne li etsoa ka sekhukhu ka ofising ea molaoli e moholo oa sesole, moo ke neng ke sebetsa teng ka nakoana. Kahoo sehlopha ka seng sa thuto se ne se amohela bonyane kopi e le ’ngoe e felletseng bakeng sa thuto ea beke le beke. Ha ho seboka leha se le seng se ileng sa hlakoloa. Ho phaella moo, hoseng ha letsatsi le leng le le leng lebaleng la teronko, lihlopha li ne li fumana kopi ea temana ea letsatsi ho akarelletsa le tlhaloso e nkiloeng ho Molula-Qhooa.
Ka lekhetlo le leng ma-SS a ne a ile phomolong, kahoo re ile ra khona ho ba le kopano ea halofo ea letsatsi le ho buisana ka kamoo re ka etsang mosebetsi oa boboleli kampong. Re ile ra arola kampo ka masimo le ho leka ka mokhoa o hlophisitsoeng ho finyella batšoaruoa ka “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Mattheu 24:14, NW) Kaha batšoaruoa ba ne ba e-tsoa linaheng tse fapaneng, re ile ra etsa likarete tsa bopaki tse ngotsoeng ka lipuo tse ngata tse neng li hlalosa mosebetsi oa rōna le ’Muso. Re ile ra bolela ka cheseho hoo batšoaruoa ba lipolotiki ba ileng ba tletleba: “Hohle moo u eang, u utloa ho ntse ho buuoa ka Jehova!” Tlaleho ea mosebetsi oa rōna oa tšimo e bile ea finyella ofising ea lekala e Bern, Switzerland.
Lintho tsohle li ile tsa tsamaea hantle ho fihlela ha Gestapo e hlahloba likampo tsohle tsa mahloriso ka 1944. Sebaka sa rōna sa polokelo ea libuka Neuengamme ha sea ka sa fumanoa, empa ho ile ha fumanoa lintho tse ’maloa ho ’na le Karl Schwarzer. Ka matsatsi a mararo re ile ra hlongoa lipotso le ho otloa. Ha tseo koafela li fetile, bobeli ba rōna re ne re tletse maqeba. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova re ile ra pholoha.
Mahlohonolo a Mangata a Moea
Ke ile ka lokolloa ke masole a Linaha tsa Selekane ka May 1945. Letsatsi ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka qala ho tsamaea le sehlotšoana sa baena le batho ba thahasellang. Kaha re ne re se re khathetse, re ile ra lula fatše selibeng sa motse oa pele oo re ileng ra fihla ho ’ona ’me ra noa metsi. Ka mor’a ho tsoha molota, ke ile ka ea ka ntlo le ntlo ke khoaetse Bibele ka lehafing. Mosali e mong e mocha o ile a ameha maikutlong haholo ha a utloa hore rōna Lipaki tsa Jehova re bile likampong tsa mahloriso ka baka la tumelo ea rōna. O ile a re pote-pote ka kichineng ’me a khutla a nkile lebese le bohobe bakeng sa sehlopha sa rōna.
Ka mor’a moo, re sa ntse re apere liaparo tsa likampo tsa mahloriso, re ile ra bolela molaetsa oa ’Muso motseng oo kaofela. Moahi e mong oa motse o ile a re memela lijong. O ile a re tšolela lijo tseo re qetileng lilemo-lemo re sa li je. E ne e le pono e lutlisang mathe hakaakang! Leha ho le joalo, re ne re sa phake. Re ile ra rapela le ho ja re khutsitse ka mokhoa o motle o nang le taolo. Sena se ile sa khahla babōhi hoo ha re qalisa seboka ka mor’a moo ba ileng ba mamela puo ea Bibele. Mosali e mong o ile a amohela molaetsa ’me kajeno ke khaitseli oa rōna oa moea.
Re ile ra tsoela pele ho tsamaea le ho thabela tlhokomelo ea Jehova ka litsela tse hlollang. Hona joale ha re se re lokolohile, re bile le boikutlo bo botle hakaakang ba hore re tsoela pele ho thabela lijo tsohle tsa moea tse lokisetsoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho li abelana le ba bang! Lilemong tse ileng tsa latela, tšepo ea rōna e felletseng ho Jehova e ile ea putsoa ka makhetlo a imenneng hangata.
Ho tloha ka 1945 ho ea ho 1950 ke bile le tokelo ea ho sebeletsa Bethele ea Magdeburg, ’me ho fihlela ka 1955 ke ile ka sebeletsa ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower e Berlin. Ka mor’a moo, ke ile ka sebeletsa joaloka molebeli ea tsamaeang ho fihlela ka 1963 ha mosali oa ka Hilde a mpolella hore ke moimana. (Mosali oa ka oa pele, Eva, o ile a shoa ha ke ne ke le teronkong, ’me ke ile ka nyala hape ka 1958.) Hamorao morali oa rōna e ile ea e-ba Paki e chesehang.
Ho thoe’ng ka bana ba lenyalong la ka la pele? Ka bomalimabe, mor’a ka ha aa ka a bontša thahasello ’neteng. Empa morali oa ka Gisela o ile a bontša thahasello, ’me o ile a ea sekolong sa boromuoa sa Gileade ka 1953. Hona joale, eena le monna oa hae ba sebeletsa ho e ’ngoe ea Liholo tsa Kopano Jeremane. Ka thuso ea Jehova, ke tsebile ho lula tšebeletsong ea bopula-maliboho ba ka mehla ho tloha ka 1963 le ho sebeletsa moo ho neng ho hlokahala thuso teng, ke sebelelitse pele Frankfurt ’me hamorao Tübingen.
Ho fihlela kajeno ke ntse ke thabela litokisetso tsohle tse etsoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova bakeng sa ntlo ea hae ea tumelo. (1 Timothea 3:15) Mehleng ena ho bonolo haholo ho fumana lijo tsa moea, empa na ka mehla rea li ananela? Ke kholisehile hore Jehova o na le mahlohonolo a mangata ao a a boloketseng ba mo tšepang, ba lulang ba tšepahala le ba jelang tafoleng ea hae.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 26, 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
KAMPO EA MAHLORISO EA SACHSENHAUSEN
A. Sebaka sa bolulo sa ma-SS
B. Lebala leo ho hlahlojoang hore na batšoaruoa ba teng kaofela
C. Moaho oa lisele
D. Moo u koalloang u le mong
E. Sebaka seo ho tlosoang linta ho sona
F. Sebaka sa polao
G. Phaposi ea khase ea polao