Na U Lokela ho Kolobetsoa?
HOO e ka bang batho ba millione ba ile ba kolobetsoa ke Lipaki tsa Jehova lilemong tse tharo tse fetileng. Sena se etsa kakaretso ea ba 824 ka letsatsi, kapa batho ba 4 ba kolobetsoang metsotso e meng le e meng e 7. Na see ke ho kopitsa cheseho ea bolumeli ea makholong a bo15 le a bo16 a lilemo?
Che, batho bana ha baa qobelloa ho kolobetsoa, e le karolo ea kolobetso ea phiphitha ea batho, kapa e le phello ea boipiletso ba maikutlo bo entsoeng ke sebui se seng sa bolumeli. Ba ile ba kolobetsoa hobane Jesu Kreste, Monghali le Moeta-pele oa Bakreste, a laetse hore sena se etsoe. Ba ne ba latetse mohlala le tsela ea ho etsa lintho eo Jesu a ileng a e bolela ’me ea lateloa ke baapostola bao a neng a ba khethile a bile a ba koetlisitse.
Ka mor’a tsoho ea Jesu le pele a nyolohela leholimong, o ile a neha balateli ba hae taelo ea ho ba salisa hantle: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 28:19, 20, NW) Ho tloha nakong eo ho ea pele, ena ke eona feela kolobetso e neng e amoheloa ke Molimo.
Ka baka lena, Bibele e re bolella hore balateli bao ba pele ba Kreste ba ile ba fetoha “lipaki tsa [Jesu] Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele, mosebetsi oa bona oa ho bolela le ho ruta o ne o tla fella ka ho kolobetsa balumeli bao le bona e neng e tla ba balateli ba Kreste.
Mohlala oa pele o tlalehiloeng oa sena o etsahetse Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. Ka nako eo moapostola Petrose o ile a “ema le ba leshome le motso o mong” ’me a bua ka Jesu oa Messia ho letšoele le bokaneng. Tlaleho e re bolella hore puo ea hae ‘e ile ea ba hlaba lipelo,’ ’me ba ile ba botsa hore na ba lokela ho etsa eng. Petrose o ile a re: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe.” Phello e bile hore “ba amohetseng polelo ea hae ka thabo ba kolobetsoa, ’me barutuoa ba ekeletsoa tsatsing leo ka batho ba likete tse batlileng ho ba tharo.” (Liketso 2:14-41) Litlaleho tse latelang li tiisa hore barutuoa ba ile ba kolobetsoa ka mor’a ho utloa molaetsa oa Bokreste, ha ba qeta ho lumela litaba tse molemo, le ho bontša pako.—Liketso 8:12, 13, 34-38; 10:34-48; 16:30-34; 18:5, 8; 19:1-5.
Ka Mokhoa Ofe?
Empa barutuoa baa ba bacha ba ne ba tla kolobetsoa joang ka metsi? Na e ne e le ka ho fafatsa, ka ho tšela metsi hloohong, kapa ho qoelisa ka ho felletseng? Tlaleho ea Bibele e bontša eng? Kaha Jesu o ile a re siela mohlala hore re “hate moo a hatileng teng,” o ile a kolobetsoa ka mokhoa ofe?—1 Petrose 2:21.
Bibele e bontša hore Jesu o ile a kolobetsoa Jordane, e leng nōka e khōlō. Ka mor’a ho kolobetsoa, o ile “a tsoa metsing.” (Mareka 1:10; Mattheu 3:13, 16) Kahoo ha e le hantle Jesu o ne a qoelisitsoe Nōkeng ea Jordane. O ile a kolobetsoa ke Johanne, eo, ha a ne a batla sebaka se loketseng bakeng sa ho kolobetsa, a ileng a khetha sebaka se Khohlong ea Jordane haufi le Salime “kahobane metsi a na a le mangata teng.” (Johanne 3:23) ’Nete ea hore ho qoelisoa ka ho felletseng ka metsing e ne e le mokhoa o amoheloang oa kolobetso har’a balateli ba Jesu e bonoa mantsoeng a leqhalaha la Ethiopia. Ha le arabela thutong ea Filippi, le ile la re: “Bona, metsi [“letamo la metsi,” NW] ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?” Joale rea hlokomela hore ba ile “ba theohela metsing hammoho” ’me hamorao “ba tloha metsing.”—Liketso 8:36-39.
Na le histori ea lefatše e bua ka kolobetso ea ho qoelisa har’a Bakreste? E. ’Me hoa thahasellisa ho hlokomela hore ho na le matangoana a mangata a maholo a kolobetso a loketseng ho qoelisa a ntseng a le teng linaheng tse ngata. Koranta ea Ministry e re: “Bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo paka ka ho tsotehang hore ho qoelisa e ne e le mokhoa o tloaelehileng oa ho kolobetsa makholong a qalang a leshome ho ea ho a 14 a lilemo.” Ea phaella: “Har’a masupi a mehaho ea pele ea Bakreste, hape le likerekeng tsa boholo-holo tse ntseng li sebelisoa, histori ea kolobetso ea Bakreste e ka latellisoa. Litšoantšo tsa mabitleng le likerekeng, litšoantšo tsa mosaic tse fatše, maboteng, le ho siling, litšoantšo tse betliloeng lejoeng, le litšoantšo tse entsoeng libukeng tsa Testamente e Ncha tse ngotsoeng ka letsoho li tlatsetsa makolopetsong a histori ena . . . Sena se phaella bopaking bo fumanoang mengolong eohle ea bo-ntate ba kereke hore ho qoelisa e ne e le mokhoa o tloaelehileng oa kereke oa ho kolobetsa.”
New Catholic Encyclopedia ea lumela hore: “Ho totobetse hore Kolobetso e neng e etsoa ke Kereke ea pele e ne e le ea ho qoelisa.” Joale, hase ho makatsang ha re fumana lihlooho tsa koranta tse reng: “Mak’hatholike a Khutlisa Kolobetso ea ho Qoelisa” (The Edmonton Journal, Canada, September 24, 1983), “Ho Kolobetsa ka ho Qoelisa ho Atile ho Mak’hatholike a Koano” (St. Louis Post-Dispatch, April 7, 1985), “Mak’hatholike a Mangata a Khetha ho Kolobetsoa ka ho Qoelisoa” (The New York Times, March 25, 1989), le “Ho Kolobetsoa ka ho Qoelisa Ho Boea Sekoele” (The Houston Chronicle, August 24, 1991).
Ka Morero Ofe?
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a laela barutuoa ba hae hore ba kolobetsoe? E ne e le letšoao le loketseng la boinehelo ba bona bo etsoang ka pelo eohle ho Molimo. ‘Litaba tse molemo’ li ne li tlameha ho boleloa lefatšeng ka bophara, ’me barutuoa ba ne ba tlameha ho etsoa ka “batho ba lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14, NW; 28:19, NW) Sena se ne se bolela hore Molimo o ne a se a sa hlole a sebelisana feela le sechaba sa Bajode, se neng se entsoe ka batho ba inehetseng ho eena ho tloha tsoalong. Kornele le lelapa la hae e bile Balichaba ba pele, kapa batho bao eseng Bajode, ba ileng ba amohela ’nete ka Jesu Kreste ’me ba kolobetsoa.
Ho kenngoa ka metsing ho ne ho bontša hore ba kolobetsoang ba shoele mokhoeng oa bona oa bophelo o neng o thabisa bona feela. Ho phahamisoa ha bona ho tsoa ka metsing ho ne ho tšoantšetsa hore hona joale ba ne ba phelela ho etsa thato ea Molimo ’me ba ne ba etsa hore e be ea pele bophelong ba bona, joalokaha Jesu a ne a entse. (Mattheu 16:24) Ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la moea o halalelang” ho ne ho bontša hore ba ne ba ithutile ’me ba amohetse ’nete ka e mong le e mong oa bana ’me ba utloisisa hore na ba emela eng. (Mattheu 28:19; bapisa le Liketso 13:48.) Kolobetso e ne e mpa e le mohato oa ho qala oa ho bontša kutlo ho Molimo le ho ikokobeletsa thato ea hae.
Mangolo ha a tšehetse pono ea bolumeli e tloaelehileng haholo ea hore kolobetso ke ntho e halalelang, ke hore, mokete oa bolumeli o hlomphehang—o khanyang, o halalelang, kapa o nang le molemo oa moea—ho ea kolobetsoang. Ka mohlala, lengolo la bopapa la Mopapa Eugenius IV le ileng la qotsoa sehloohong sa pele ho sena le ile la tsoela pele ho re ka kolobetso: “Phello ea ketso ena e halalelang ke ho hlakoloa ha sebe sohle, sa tšimolohong le seo motho a se etsang; ka ho tšoanang le ho hlakoloa ha kotlo eohle e bakoang ke sebe. Ka baka leo, ba kolobetsoang ha ba khotsofatsoe ke libe tsa nako e fetileng; ’me leha ba ka shoa pele ba etsa sebe leha e le sefe, ka potlako ba fihla ’musong oa leholimo le ponong ea Molimo.”
Leha ho le joalo, Jesu o ile a kolobetsoa le hoja a sa “etsa sebe.” (1 Petrose 2:22) Ho feta moo, ho latela Mangolo, ho hlakoloa ha libe ho tla feela ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Ananiase o ile a phehella Saule oa Tarese: “Ema, u kolobetsoe, ’me u hlatsuoe libe tsa hao, ka ho rapela lebitso la [Jesu].” (Liketso 22:12-16) E, poloko e ka ba teng feela ka mali a tšolotsoeng a Jesu le ka ho “rapela lebitso la hae” ka tumelo.—Ba-Heberu 9:22; 1 Johanne 1:7.
Joale ho thoe’ng ka mantsoe a Petrose ho 1 Petrose 3:21? Moo o re: “Se tšoantšoang ke hoo ke kolobetso e re pholosang joale, (e seng e hlatsoang litšila tsa ’mele, empa eo e leng ho itlama ha letsoalo le letle pel’a Molimo) ka tsoho ea Jesu Kreste.” Petrose o ne a bapisa kolobetso le phihlelo ea Noe ea ho feta har’a metsi a Moroallo. (Temana 20) Noe, e le ha a bontša tumelo e feletseng ho Molimo, o ile a haha areka bakeng sa ho boloka lelapa la hae. (Ba-Heberu 11:7) Ka ho tšoanang, ka ho bontša tumelo ho Jehova Molimo le tokisetsong ea hae ea poloko ka Kreste Jesu, kajeno batho ba ka bolokoa lefatšeng lena la joale le khopo. Ba boetse ba tlameha ho nka khato ka tumelo eo. Ka ho bakela libe, ho furalla tsela e fosahetseng, le ho etsa boinehelo boo ho sa itšieloeng letho ho Jehova Molimo ka thapelo, ho etsoa kōpo e etsoang ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle. Empa ke motheong oa sehlabelo sa Jesu, le tsohong ea hae eo ka eona a ileng a hlahisa molemo oa sehlabelo sa hae ho Molimo leholimong, moo libe li tšoareloang ’me poloko e ka bang teng.—1 Petrose 3:22.
U Tla Etsa Joang?
Na u ’nile ua tloaelana le Lipaki tsa Jehova ka nako e teletsana? Mohlomong u se u entse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hao tumellanong le litekanyetso tsa Bibele empa ha u e-s’o nke mehato ea boinehelo le kolobetso. U ka ’na ua batla ho etsa thato ea Molimo, empa u ka ’na ua tšaba hore kolobetso e ka ’na ea u amoha bolokolohi. Ka baka la sena, mohlomong u khetha ho qoba boikarabelo bo joalo le ho nkoa o ikarabella ka nakoana. Hoo e ka bang batho ba limillione tse 11,5 ba ile ba ba teng moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea selemong se fetileng. Leha ho le joalo, tlhōrō ea ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo selemo ho pota e bile ba ka tlase ho limillione tse 4,5. Sena se bolela hore hoo e batlang e e-ba batho ba limillione tse supileng ba bontša kananelo bakeng sa ’nete ea Molimo, le hoja e se Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova. Ka ho hlakileng, ba bang ba bona ke bana le batho ba sa tsoa thahasella. Empa ba bang ba kopanelang mosebetsing oa boboleli ba ntse ba e-s’o kolobetsoe. Ho na le batho ba bangata ba fumaneng tsebo e nepahetseng ea Bibele empa ba e-s’o iketse ba fumanehang ka ho feletseng bakeng sa tokisetso ea Molimo ea poloko ka ho kolobetsoa.
Ntlha ea bohlokoa eo re ka e hopolang ke hore ke tsebo ea seo Molimo a se hlokang ho uena e tlisang boikarabelo. Jakobo 4:17 e re: “Efela ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe.” Ezekiele 33:7-9 e bontša hore motho ea tsebisitsoeng melao le litaelo tsa Molimo ke boikarabelo ba hae hore a li phethe. Kahoo taba ke hore na motho o na le lerato le tiileng ho Molimo le takatso ea sebele ea ho mo thabisa. Motho eo kannete a nang le lerato le joalo ’me a batla ho ba le kamano e khethehileng le Jehova Molimo a ke ke a chechisetsa morao taba ea hore a nehele bophelo ba hae a sa itšiele letho ho eena. Kolobetso ke pontšo ea kantle ea boinehelo boo. Ke mohato o hlokahalang bakeng sa poloko. Balumeli ba ’nete baa kolobetsoa.—Liketso 8:12.
Litebello tse hlollang tseo Molimo a li tšepisang batho ba tšepahalang, ba inehetseng lefatšeng le lecha le tlang li tla feta hōle melemo ea nakoana eo ho ka bonahalang eka tsamaiso ena ea khale ea lintho e ka fana ka eona. Ho tšaba batho hoa fela ha re nahana ka letsoho le matla la Molimo. (1 Ba-Korinthe 10:22; 1 Petrose 5:6, 7) Ruri, ena ke nako ea ho ipotsa, joalokaha leqhalaha la Ethiopia le ile la botsa Filippi: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Joaloka leqhalaha la Ethiopia, na u ke u ipotse: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?”