Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 8/15 maq. 3-4
  • Na Keletso e Molemo ea Hlokahala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Keletso e Molemo ea Hlokahala?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Keletso e Molemo ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lintlha Tse ’Nè Tseo le Lokelang ho li Tseba ka Tlhalo
    Tsoha!—2010
  • Na Kamehla Ua Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 8/15 maq. 3-4

Na Keletso e Molemo ea Hlokahala?

KAJENO, batho ba bangata ba nahana hore ba khona ho khetholla se molemo ho se sebe le hore ba na le tokelo ea ho etsa ntho leha e le efe eo ba e ratang. Ba bang ba bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokile hafeela e khotsofatsa motho ea e etsang. Sena se ama lenyalo le bophelo ba lelapa habohloko, e leng lintho tseo e leng khale li nkoa e le litokisetso tsa motheo tsa mokhatlo oa batho.—Genese 3:5.

Nahana ka Verónica,a ea lulang Mexico. Oa tlaleha o re: “Nakoana pele re qeta lilemo tse 15 re nyalane, monna oa ka o ile a mpolella hore o ratana le mosali e mong. O ile a re kaha mosali enoa o etsa hore a ikutloe a le mocha a bile a thabile, a ke ke a mo tlohela. Ke ile ka tepella maikutlo haholo ha ke nahana hore monna oa ka eo ke neng ke mo nka e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo a ke ke a hlola a e-ba le ’na. Ke ne ke atisa ho nahana hore ho shoeloa ke baratuoa ba rōna ke ntho e utloisang bohloko ka ho fetisisa. Empa ho ’na, bofebe bo ne bo utloisa bohloko le ho feta hobane ha kea ka ka lahleheloa feela ke motho eo ke neng ke mo rata haholo, empa o ne a tsoela pele ho etsa lintho tse nkhopisang.”

Joale ho na le taba ea monna ea lilemo li 22 ea seng a hlalile a bile a e-na le mora eo a sa batleng ho mo hlokomela. O lebeletse hore ’m’ae a mo hlokomele a be a hlokomele le mora oa hae. Haeba ’m’ae a sa lumele ho etsa lintho tsohle tseo a reng a li etse, oa halefa ’me oa mo rohaka, feela joaloka ngoana ea mekhoa e mebe. ’M’ae o ikutloa a feletsoe ke matla ha a thulana le boitšoaro bo joalo bo sa hlompheng.

Tsena hase lintho tse etsahalang ka seoelo. Ho arohana ka molao le tlhalo li ntse li ja setsi hohle. Bana ba bangata ba bone e mong oa batsoali ba bona a tloha lapeng ho ea qalisa bophelo bo bocha. Bacha ba bang ha ba sa hlompha batho ba bang ho hang, ho akarelletsa le batsoali ba bona ’me ba itšoara ka tsela eo nakong e fetileng ho neng ho sa nahanoe hore motho a ka itšoara ka eona. Mekhoa e mecha ea ho kopanela liphate, ho sebelisa lithethefatsi hampe, litlhaselo tse etsoang ke bacha le bana ba bolaeang matichere kapa batsoali ba bona e se e le lintho tse tloaelehileng linaheng tse ngata. Ebile e ka ’na eaba u hlokometse hore ho hōlisa bana le lenyalo hase tsona feela likarolo tse aparetsoeng ke mathata lefatšeng la kajeno.

Ha re ntse re bona liketsahalo tsena, re ka ’na ra ipotsa hore na ho etsahetse’ng ka batho. Haeba batho ba hlile ba tseba ho khetholla se molemo ho se sebe, ke hobane’ng ha mathata a mangata a ntse a sa rarollehe? Na ho hlokahala keletso e molemo? Na ho na le mohloli oa keletso e joalo e molemo, o ipakileng o tšepahala? Le hoja batho ba bangata ba bolela hore ba lumela ho Molimo le Lentsoeng la hae le ngotsoeng, seo ho bonahala se sa susumetse liqeto tsa bona. Empa ke melemo efe eo re ka e fumanang ka ho batla le ho fumana keletso ea Molimo? A re tšohleng taba ena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela