Ho Fumana Keletso e Molemo ka ho Fetisisa
HO ATLEHA bophelong ke ntho e lakatsehang e le kannete. Keletso e molemo le takatso ea ho e sebelisa ke tsona lintho tse ka sehloohong bakeng sa ho finyella bophelo bo joalo lefatšeng lena le nang le lintho tse rarahaneng. Leha ho le joalo, hase kamehla batho ba ’nileng ba rata ho ela hloko keletso e molemo. Ba bangata ba boletse hore motho o lokela ho iphelela kamoo a ratang kateng. Ha e le hantle, ho ea ka tlaleho ea Bibele, Satane, e leng sera sa pele sa bobusi ba Molimo, o ile a tšepisa batho ba pele boipuso. Genese 3:5 e tlaleha seo a se boleletseng Eva ha a ne a re: “Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa [sefate sa ho tseba botle le bobe] mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”
Ka mor’a see, na Adama le Eva ba ile ba khona ho atleha bophelong ba sa hlaheloe ke liphello tse bohloko tse tlisitsoeng ke ho tataisoa feela ke maikutlo a bona? Che. Kapele-pele ba ile ba soabisoa ke liphello tsa ho nahana hore ba tseba botle le bobe. Ka toka, Molimo o ile a ba nyatsa eaba ba qala bophelo bo thata, bo ileng ba fella ka lefu, tlas’a maemo a ho se phethahale. (Genese 3:16-19, 23) Lefu lea re ama kaofela. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.
Le hoja ho e-na le liphello tse bohloko tse tlisitsoeng ke khetho eo Adama le Eva ba e entseng, batho ba bangata ba ntse ba sa kholiseha hore ho bohlale ho sebelisa keletso e tsoang ho Moetsi oa batho. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo,’ ’me e ka re thusa hore re ‘tšoanelehe ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Timothea 3:16, 17) Ka sebele re tla thaba haholoanyane haeba re latela keletso e ka Bibeleng. Keletso ena e sebetsa haholo bophelong ba lelapa.
Ho Tšepahala Lenyalong
Ho ea ka Bibele, Molimo o ne a rerile hore lenyalo e be ntho ea ka ho sa feleng. (Genese 2:22-24; Matheu 19:6) Ho feta moo, Mangolo a re ‘liphate tsa lenyalo li [lokela] ho hloka litšila,’ ho bolelang hore kopano ena ha ea lokela ho silafatsoa ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. (Baheberu 13:4) Leha ho le joalo, mohlomong ua tseba hore kajeno manyalo a mangata ha a finyelle tekanyetso ena. Ba bang ba tloaetse ho bonya le batho bao e seng balekane ba bona ha ba le mosebetsing. Ba bang ba thetsa malapa a bona e le hore ba qete nako e itseng ba e-na le linyatsi tsa bona. Ba bang ba bile ba tlohela balekane ba bona e le hore ba phele le molekane ea sa ntseng a le mocha, ba bolela hore sena se etsa hore ba ikutloe ba le bacha ba bile ba thabile haholoanyane, joalokaha ho etsahetse tabeng ea Verónica, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng.
Leha ho le joalo, ho ikemisetsa ho ikhahlisa ho sa tsotellehe liphello ho ke ke ha tlisa thabo ea nako e telele. Ronald a ka paka seo. A kholisehile hore a ka ntlafatsa bophelo ba hae, o ile a lahla mosali oa hae eaba o qalisa lelapa le lecha le mosali eo e neng e bile nyatsi ea hae ka lilemo tse tšeletseng le eo a neng a se a e-na le bana ba babeli le eena. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore a qhale lenyalo la hae, nyatsi ea hae e ile ea mo lahla! Qetellong Ronald o ile a ea lula le batsoali ba hae. O ile a bolela hore boemo ba hae e ne e le bo “tlotlollang.” Oo e mpa e le mohlala o le mong feela. Boitšoaro bo joalo bo susumetsoang ke litakatso tsa boithati bo entse hore tlhalo le ho qhalana ha malapa li je setsi, ’me bo fella ka ho utloisa batho ba bangata bohloko—batho ba baholo le bana.
Ka lehlakoreng le leng, ho latela keletso ea Bibele ho fella ka thabo ea sebele. Ho bile joalo ka Roberto, ea reng: “Ka thuso ea keletso ea Bibele, ha kea ka ka lahleheloa ke mosali oa ka. Ho inehella molekong oa ho hoheloa ke motho eo e seng molekane oa rōna ha ho re tlisetse thabo ea sebele, esita le haeba motho eo a ka ’na a bonahala a le motle. Thuto ea Bibele e nthusitse hore ke nke molekane oa ka ea ntšehelitseng ka lilemo tse ngata e le oa bohlokoa.” Keletso ea Bibele e reng “ho se ke ha e-ba le ea mong ea sebetsanang ka bolotsana le mosali oa bocha ba lōna” e bile bohlokoa haholo bophelong ba Roberto. (Malakia 2:15) Keletso ea Molimo e ka re ruisa molemo lintlheng life tse ling?
Ho Hōlisa Bana ba Rōna
Lilemong tse mashome tse fetileng ho ile ha e-ba le maikutlo a neng a tumme a hore batsoali ha baa lokela ho behela bana ba bona lithibelo tse ngata ha ba ntse ba ba hōlisa. E ne e bonahala e le ntho e utloahalang ho lumella bana ho iketsetsa liqeto mabapi le hore na ba lokela ho nahana le ho itšoara joang. Sepheo e ne e le ho qoba ho hatella khōlo ea bona. Libakeng tse ling, ho ile ha ba ha thehoa le mananeo a thuto a sa hlophisehang hantle moo, har’a lintho tse ling, barutoana ba neng ba ka iketsetsa qeto ea hore na ba batla ho tla sekolong kapa che le ho khetha hore na ba batla boithabiso bo bokae kapa thupelo e kae. Leano la sekolo se seng sa mofuta ona e ne e le “ho lumella bana hore ba ntše maikutlo ’ohle a bona ho se motho e moholo ea ba tšoaeang phoso le ea ba sitisang.” Kajeno, baeletsi ba bang ba litaba tsa boitšoaro ba batho ba ntse ba sa lumellane le melemo ea ho sebelisa mefuta e itseng ea taeo, esita le maemong ao batsoali ba bonang ho hlokahala hore ba fane ka taeo e lerato.
Liphello e bile life? Ho na le batho ba bangata ba lumelang hore mekhoa ea ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe khōlisong ea ngoana e file bana bolokolohi bo bongata haholo. Ba utloisisa hore ke sona se ekelitseng bokebekoa le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Patlisiso e entsoeng United States e bontšitse hore hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea batho ba arabetseng patlisisong ena ba ne ba nahana hore bana le bacha ha ba fuoe tataiso e lekaneng ea botsoali eo ba e hlokang. Ha ba leka ho hlalosa ho thunyana likolong le liketso tse ling tse tšosang tsa tlōlo ea molao tse etsoang ke bacha, batho ba bangata ba re lebaka ke hore “batsoali ha ba na taolo e matla.” Esita leha liphello li se mpe hakaalo, kholiso e fosahetseng ea ngoana e etsa batsoali le bana ba kotule litholoana tse babang.
Bibele e re’ng ka taba ee? Keletso ea Mangolo ke hore matla a botsoali a lokela ho sebelisoa ka lerato hammoho le ka tieo. Bibele e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana; thupa ea taeo e tla bo suthisetsa hōle le eena.” (Liproverbia 22:15) Ke ’nete hore taeo eohle eo batsoali ba fanang ka eona e tšoanela ho lokela maemo. Bonolo, boitšoaro le ho nahanela e lokela ho ba tsona lintho tse ka sehloohong ha ho fanoa ka taeo leha e le efe. Taeo e fanoang ka mokhoa ona, ke pontšo ea lerato. Ho sebelisa matla a botsoali ka tsela e lerato, eseng e sehlōhō, ho ka etsa hore ho be le menyetla e mengata ea ho atleha.
Ho na le liphello tse hlakileng tse molemo tse fumanoang ka ho sebelisa keletso ena. Arturo, monna ea lilemo li 30 oa Mexico ea sa tsoa nyala, o re: “Ntate o ile a hlakisetsa ’na le barab’eso hore eena le ’Mè ba na le matla a ho laela ka lapeng. Ho ne ho se mohla ba tsilatsilang ho re fa taeo. Empa, kamehla ba ne ba ipha nako ea ho qoqa le rōna. Hona joale ha ke se ke hōlile, ke ananela bophelo bo tsitsitseng boo ke bo phelang ’me kea tseba hore lintho li bile tjena haholo-holo ka lebaka la tataiso e molemo eo ke ileng ka e fuoa.”
Sebelisa Keletso e Molemo ka ho Fetisisa
Lentsoe la Molimo, Bibele, le fupere keletso e molemo ka ho fetisisa bakeng sa batho. Keletso ea eona ha e sebetse feela tokisetsong ea lelapa. E thusa ho re hlomella ka litsela tse ngata hobane e re ruta kamoo re lokelang ho itšoara kateng lefatšeng leo batho ba bangata ba sa batleng ho lumela hore Mohloli o phahameng ka ho fetisisa oa bohlale o lokela ho laola bophelo ba bona molemong oa bona.
Jehova Molimo, ’Mōpi oa batho, o ile a sebelisa mopesaleme Davida ha a fa batho tiisetso e latelang: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pesaleme ea 32:8) Na u ka nahana ka se boleloang ke hore ebe ’Mōpi o re shebile e le hore a re sireletse likotsing? Leha ho le joalo potso eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho ipotsa eona ke ena: ‘Na ka boikokobetso ke tla amohela keletso e sireletsang ea Jehova?’ Ka lerato Lentsoe la hae lea re bolella le re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
Ho tseba Jehova ho hloka boiteko le boinehelo, leha ho le joalo batho ba ka finyella seo ka Bibele. Tsela ea bophelo eo a e buellang “[e na] le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” Ka sebele ke mokhoa oa ho rua ho hoholo ka lebaka la melemo eo e fanang ka eona.—1 Timothea 4:8; 6:6.
Haeba u rata temohisiso eo Bibele e fanang ka eona le litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho phela tumellanong le eona, etsa hore ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona e be lintho tse tlang pele bophelong ba hao. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho tobana ka katleho le liphephetso tsa kajeno le liphephetso leha e le life tse larileng ka pele. Ho phaella moo, u tla ithuta ka tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, moo bohle ba tla rutoa ke Jehova ’me khotso ea bona e tla ba ngata.—Esaia 54:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Keletso ea Bibele e ka tiisa tlamo ea lenyalo
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Keletso ea Bibele ke motheo bakeng sa tataiso e molemo, leha ho le joalo e lumella batho ho ithabisa
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ba sebelisang keletso ea Bibele ba ka thabela bophelo bo leka-lekaneng