Liboka Tsa Tšebeletso
BEKE E QALANG KA SEPTEMBER 3
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Na U Itlhomelletse Bakeng sa Tšimo? Totobatsa lintho tseo ho hlokahalang hore li be teng ka mokotlaneng oa tšebeletso ea tšimo, ho akarelletsa le Bibele, Ho Bea Mabaka ka Mangolo, bukana ea Good News for All Nations, lipampitšana, petloloto, mpho ea buka ea morao-rao le limakasine, tlaleho ea ntlo le ntlo, joalo-joalo. Ho itlhomella kelellong ho hloka ho hlahloba lintlha tse tla totobatsoa libukeng. Hape, rapella moea o halalelang le thuso ea ho fumana ba kang linku. (Ba-Fil. 4:6, 7) Fana ka tlaleho e khutšoanyane ea liphello tse fumanoeng tšimong e sa abuoang ho tla fihlela joale. Ba khothalletse ho tsoela pele ba tšehetsa karolo e setseng ea phutuho.
20 mets: “Bolela Litaba tse Molemo Letsatsi le Letsatsi.” Lipotso le likarabo. Pontšo e khutšoanyane ea nako ea karolo ea lelapa ea ho ikoetlisa ’me setho se seng sa lelapa se fane ka nehelano e bonolo e tsoang ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ho setho se seng sa lelapa.
15 mets: Moholo o buisana le bacha ba ’maloa ba behang mohlala o motle. Buisanang ka lintlha tsa sehlooho tse tsoang bukeng ea Bacha Baa Botsa, khaolo ea 17, “Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?” Hatisa tlhokahalo ea hore batsoali ba tataise bana ba bona ho khetha thuto ea sekolo e ba thusang ho fumana tsebo e sebetsang, e molemo e tla ba thusa ho haha bokamoso ba bona le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le ho hahamalla lithahasello tsa ’Muso.
Pina 225 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA SEPTEMBER 10
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Fana ka khopotso ea litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo, u ba khothalletse ho tšehetsa bopaki ba mantsiboea.
15 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Limakasine.” Puisano ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 8, etsa pontšo ea kamoo ho ka qalisoang tselana ea makasine le motho ea bontšang thahasello ea sebele, u totobatse sehlooho makasineng se ka thahasellisang sebakeng sa lōna.
15 mets: “Latela ba Etelletseng Pele ka Kholiseho.” Boitsebiso bo akaretsoe ka lipotso le likarabo e be bo sebetsang sebakeng sa lōna. Bo fanoe ke moholo ea nang le phihlelo.
10 mets: “Re Ananela ba Hōlileng!” Puo ka moholo, e theiloeng boitsebisong bo ho Molula-Qhooa oa February 1, 1986, maqephe 28-9. Etsa hore bo sebetse sebakeng sa lōna. U ka bua ka ho khethehileng ka hore ho sebetsoe le ba joalo tšimong, re fokotse lebelo hore re iphaphathe le bona. Re ka ba thusa ho reka, ho phetha litokisetso tsa bona tsa ho bona ngaka, joalo-joalo, le ho rua molemo bohlaleng le phihlelong ea bona.—Jobo 15:10; Liprov. 16:31; 1 Tim. 5:1, 2.
Pina 116 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA SEPTEMBER 17
8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo. Babatsa phutheho ka ho tšehetsa Letlole la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le menehelo ea mosebetsi oa ’Muso.—Liprov. 3:9.
20 mets: “Falimehela ho Qalisa Lithuto tsa Bibele.” Puisano ka lipotso le likarabo. Fana ka boitsebiso ba lenane la lithuto tseo phutheho e li khannang. Serapeng sa 5, bontša kamoo ho ka qalisoang thuto leetong la pele. Qala ka pontšo eo ho eona mong’a ntlo a bontšang thahasello e nyenyane empa ka thabo a amohela pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Mohoeletsi o tšohla serapa se le seng kapa tse peli pampitšaneng ’me o etsa tokisetso e khethehileng ea ho khutla. Hape, etsa pontšo ea katamelo e tobileng, ho sebelisoa e ’ngoe ea likenyelletso tse bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqephe 12, tlas’a “Thuto ea Lehae ea Bibele.” Hlalosa kamoo bopaki ba mantsiboea bo fanang ka monyetla o moholoanyane oa ho qalisa lithuto le malapa a felletseng, kaha hangata ka nako eo banna ba be ba se ba le hae.
17 mets: “Ha u Ruta, Fihla Pelong.” Puo e tšohlang lintlha tse ’nè tsa sehlooho ho Molula-Qhooa oa March 15, 1985, maqephe 27-31. Thusa bamameli ho ananela tlhokahalo ea ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele. Hape, hlalosa hore na ke neng ho ka khaotsoang lithuto tse sa beheng litholoana.
Pina 121 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA SEPTEMBER 24
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa mosebetsi oa limakasine ka Moqebelo. Lipontšo tse peli tse khutšoanyane, e ’ngoe e be ea moo ho bontšoang thahasello, e ’ngoe e be ea moo mong’a ntlo a sa bontšeng thahasello limakasineng empa a lumela ho bala pampitšana. Puisano e ka ’na ea bula tsela ea ho kōpa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
20 mets: “Ho Ananela Bo-pula-maliboho ba Rōna.” Molebeli oa tšebeletso o buisana ka boitsebiso le bo-pula-maliboho ba babeli kapa ba bararo. Botsa bo-pula-maliboho hore na ba khothalitse ba bang joang, ’me u re ba hlalose hore na ke’ng haholo-holo se ba khothalitseng sebakeng sa habo bona. Babatsa phutheho ka ho tšehetsa bo-pula-maliboho.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa molebeli ea okamelang o tsamaisa puisano ea “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1983, maqephe 30-1, “Ke joang re ka thusang ba ka phuthehong ea rōna ba nang le mong ka bona ea khaotsoeng?”
Pina 62 le thapelo e koalang.