Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/91 leq. 7
  • Ho Jara Moroalo oa Rōna oa Boikarabelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Jara Moroalo oa Rōna oa Boikarabelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lulang le Falimehile ˈme le Ipoloke le Hlaphohetsoe Likelellong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Ho Amohela Lentsoe la Molimo, ho le Sebelisa, le ho Rua Molemo ho Lona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 7/91 leq. 7

Ho Jara Moroalo oa Rōna oa Boikarabelo

1 Boikarabelo bo bonahala bo imela batho kajeno. Ba bangata ba leka ho bo balehela. Ka baka leo, banna ba lahla basali, bo-’mè ba lahla bana, bacha ba tlohela sekolo, ’me baahi ba qoba ho lefa makhetho. Letoto la liketso tse bontšang ho hloka boikarabelo le ntse le ea pele. Motho ea nang le boikarabelo ke ea ka tšeptjoang, ea ikemiselitseng le ea khonang ho arabella boitšoaro ba hae. Ka hona, ka ho hlakileng Lentsoe la Molimo le re ka Bakreste, “e mong le e mong o tla jara moroalo oa hae.” (Ba-Gal. 6:5, NW) Ho loketse hakaakang hore ebe sehlooho sa kopano ea potoloho bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1992 ke “Ho Jara Moroalo oa Rōna oa Boikarabelo”! Letoto lena le tla qala ka September. Kaofela ha rōna re lokela ho etsa litokisetso tse tsitsitseng tsa ho ba teng.

2 Ka lipuo, litšoantšiso, lipontšo, liphihlelo, le lipuisano, lenaneo lena le letle la kopano ea potoloho ka ho hlakileng le tla lokolisa boikarabelo bo fapa-fapaneng boo kaofela ha rōna re nang le bona joaloka Bakreste. Ka Moqebelo thapama, ho tla fanoa ka puo ea neheletsano e likarolo li ’nè e hlalosang kamoo kaofela ka thabo re ka hlokomelang boikarabelo ba rōna. Bacha ba rōna ba na le boikarabelo boo ba lokelang ho bo jara, ’me puo ea Moqebelo thapama e fanoang ke molebeli oa potoloho ka ho khetheha e tla be e lebisitsoe ho bona. Ka Moqebelo ho tla boetse ho be le monyetla bakeng sa ba sa tsoa inehela hore ba kolobetsoe. Bohle ba rerileng ho kolobetsoa kopanong ea potoloho ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang nako e telele esale pele e le hore ho ka etsoa tokisetso bakeng sa sena.

3 Ka Sontaha hoseng neheletsano e ’ngoe ea likarolo tse ’nè e tla lebisa tlhokomelo boikarabelong ba rōna ba Bokreste ba ho bolela. Joale ka Sontaha thapama, molebeli oa setereke o tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Ke Bo-mang ba Tla Tšoaneleha ho Kena Lefatšeng le Lecha la Molimo?” Falimehela ho mema bohle ba sa tsoa thahasella hore ba utloe puo ena.

4 Kaofela ha rōna re tla hlophisa litaba tsa rōna e le hore re be teng ’me re rue molemo ka botlalo lenaneong lena le babatsehang la matsatsi a mabeli. Molebeli oa lōna oa potoloho o tla le tsebisa ka sebaka le matsatsi a behiloeng bakeng sa phutheho ea lōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela