Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e Hlaha ka Sebōpeho se Secha
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla hlaha ka sebōpeho se secha ho tloha ka tokollo ea eona ea September. Sebōpeho sena se ntlafalitsoeng se tla bebofatsa mekhoa ea mosebetsi bakeng sa ho hlahisa khatiso ena ea khoeli le khoeli ka lipuo tse ngata le ho nolofalletsa babali ho fumana boitsebiso bo itseng.
Mabapi le sebōpeho sena se secha, lihlooho tsohle le taba e ngotsoeng li ka hlahisoa ka computer. Ho entsoe hore sebōpeho se hlahe ka tsela e tšoanang haholoanyane, ’me sena se etsa hore Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e be le sebōpeho se ntlafetseng.
Ho na le lintho tse ’maloa tse ntlafalitsoeng molemong oa ’mali. Mongolo o ngotsoe ka mokhoa o tšoanang, ’me mongolo o khethiloeng bakeng sa taba e ngotsoeng o baleha habonolo, leha o le monyenyane. Ho tla ba bonolo haholoanyane ho bala peho ea tšebeletso ea tšimo. Hape, lihlooho tse khōlō li tla hlaha maqepheng a ka ntle, ’me lihlooho tse ngata li tla fella leqepheng lona leo. Lenaneo la Seboka sa Tšebeletso, kemiso ea Thuto ea Buka ea Phutheho, peho ea tšebeletso, Litsebiso, Litaba tsa Puso ea Molimo, Liboka tsa Tšebeletso ea Tšimo, Sehlooho sa Puisano, le Lebokose la Lipotso kaofela li tla hlaha maqepheng a ka hare.
Re tšepa hore le tla fumana kofuto ena ea bohlokoa e le thuso e khahlehang haholoanyane le e atlehang mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa.