Ho Latela ’Mehi-Mohlala oa Rōna Re le Bajari ba Leseli
1 Jesu o itse ka eena: “Ke ’na leseli la lefatše.” Ka ho latela mohlala oa hae, barutuoa ba Jesu le bona e ne e le “leseli la lefatše.” (Matt. 5:14) Kaha e le “leseli la lefatše,” Jesu o ne a ka bolela hore bohle ba mo latelang ba tla ba le “leseli la bophelo.” (Joh. 8:12) Sena se etsa hore re be bajari ba leseli ba moea, bao le ka mohla ba sa tlamehang ho lumella ntho leha e le efe ho pata kapa ho sira leseli leo.
2 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fana ka koetliso ho re bontša kamoo re ka bang bajari ba leseli ba atlehang. Haeba re latela keletso le tataiso tseo re li fuoang ka hloko, re tla khona ho beha batho ba mefuta eohle leseling mabapi le ’nete ea ’Muso. (1 Tim. 4:6) Ho sebeletsa re le bajari ba leseli ha ho ame feela ho bua ka ’nete ha monyetla o mong le o mong o hlaha empa hape ho ama ho boloka boitšoaro bo botle joaloka Bakreste. Boitšoaro ba ’Mehi-Mohlala oa rōna bo ne bo sa nyatsehe. Re le balateli ba hae, re tlameha ho bontša hore Bokreste ke tsela ea rōna ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. (Ba-Ef. 5:9; Tite 2:7, 8, 10) Re tlameha ho hlahisa mesebetsi e metle eo ba bang ba ka e bonang, e ba susumelletsang ho tlotlisa Molimo.—Matt. 5:16.
3 Paki e ’ngoe e ile ea fumana kōpo e sa tloaelehang ha e ea ka ntlo le ntlo. Monna oa lapeng leo le mosali oa hae ba ne ba kula haholo, empa ho ne ho hlokahala hore ba ise chelete e itseng bankeng. Ba ile ba kōpa Paki hore e ba isetse eona. E ile ea lumela ’me ea fuoa R7 250 letsohong hore e e ise bankeng! Ha e khutla, e ile ea botsa: “Ke hobane’ng ha le ntšepa empa le sa ntsebe?” Karabo e bile hore: “Rea tseba, ’me e mong le e mong oa tseba hore Lipaki tsa Jehova ke tsona feela tse ka tšeptjoang.” Re leboha hakaakang hore ebe ho tšehetsa ka botšepehi melao-motheo ea Bibele ea boitšoaro ho hlahisa botumo bo tlotlisang Molimo joalo!
4 Tichere ea sehlopha sa pele e ile ea hlalosetsa tlelase ea eona lebaka leo ka lona seithuti se seng sa Paki se lilemo li tšeletseng se neng se sa kopanele ho kenya mebala litšoantšong tsa Halloween. Tichere e ile ea bolela hore e motlotlo haholo ka sona hobane se na le sebete sa ho fapana le tse ling ka lebaka la litumelo tsa sona. Tichere e ile ea bolela hore haeba re lumela ntho e itseng ka tieo, re lokela ho ba sebete ho e emela. Bosiung boo tichere e ile ea hlahlobisisa litumelo tsa eona ’me ea tlameha ho lumela hore ha ea ka ea bontša sebete se joalo tabeng ea ho emela seo e se lumelang. Letsatsing le hlahlamang e ile ea bolela hore nakong e tlang ha e sa tla etsa hore tlelase ea eona e kopanele meketeng ea matsatsi a phomolo, eo e meng ea eona e neng e sa e lumele!
5 Batho ba Jehova ba laba-labela ho khantša leseli la bona ho sa tsotellehe hore na ba hokae. Boitšoaro bo behang mohlala ba bacha sekolong bo khahlile bana bao ba kenang sekolo le bona le matichere. Lipaki tsa batho ba baholo tse bontšang boitšoaro bo botle motseng li etsa hore ba bang ba bue hantle ka molaetsa oa ’Muso. Bopaki bo sa reroang bo etsoang tlas’a maemo a mangata bo hohela batho ba tšepahalang ba batlang ho ithuta ho eketsehileng. Esita le mafolo-folo a rōna le botšepehi mosebetsing oa boipheliso li fana ka bopaki. E, ho sa tsotellehe hore na re hokae kapa re etsa eng, re ka tsosa thahasello ’neteng.
6 Ka ho boloka mahlo a rōna mohlaleng o se nang sekoli oa bophelo ba ’Mehi-Mohlala oa rōna, re ka tsoela pele ho ntlafatsa tsebo ea rōna re le barutuoa ba hae. Ho etsisa mohlala oa hae ho tla tiisa hore leseli la rōna le ‘bonesetsa bohle.’—Matt. 5:15; 1 Pet. 2:21.