Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/95 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa May
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 May
  • Beke e Qalang ka la 8 May
  • Beke e Qalang ka la 15 May
  • Beke e Qalang ka la 22 May
  • Beke e Qalang ka la 29 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 5/95 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa May

Beke e Qalang ka la 1 May

Pina 43

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa matsatsi a phomolo ea sechaba ka May. Kaha sepheo sa rōna ke ho ba le tlhōrō e khōlō, e ncha ea bahoeletsi ka April, ka kōpo hopotsa bohle, ho akarelletsa le bahoeletsi ba bacha ba e-song ho kolobetsoe, ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April hang-hang. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka le bona ba lokela ho netefatsa hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo likhoeling tse fetileng tse fihlileng morao ho nako li fanoe.

15 mets: “Litaba Tse Molemo Bakeng sa Baikokobetsi.” Buisana le bamameli ka sehlooho sena, ebe u ba le pontšo ea nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.

20 mets: “Pampitšana e Khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso Bakeng sa e Mong le e Mong.” Puo le puisano le bamameli ka molebeli oa tšebeletso. Hlahloba se seng se finyeletsoe hona joale kabong ea Litaba Tsa ’Muso, haholo-holo u bue ka tšehetso e ntle e fanoeng litokisetsong tsa tšebeletso le ho kopanela ha ba bacha tšebeletsong ea tšimo ka lekhetlo la pele. Fana ka tlaleho mabapi le ho koaheloa ha tšimo; u hlalose hore na ho hlokahala ho etsoe eng haeba phutheho e ’ngoe e kōpa thuso. Khothalletsa bohle ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho aba lipampitšana tseo ba li fuoeng tsa Litaba Tsa ’Muso. Hatisa bohlokoa ba ho boloka tlaleho ea ba bontšitseng thahasello le ho etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Etsa pontšo ka nehelano eo ho entsoeng tlhahiso ea eona.

Pina 55 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 May

Pina 61

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. “Le Uena U ka ba le Liphihlelo Tse Monate!” Ha nako e lumela, mema bamameli ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba nehelana ka Litaba Tsa ’Muso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa puo e thehiloeng sehloohong se reng “Kamoo Bakreste ba Hlōlang Nyeliso ea Pontšeng” ho Molula-Qhooa oa April 1, 1995, maqepheng a 26-9.

15 mets: Etsa pontšo ea ha lelapa le sebelisa 1995 Yearbook. Ntate o etella lelapa pele ho etsa tlhahlobo e thahasellisang ea boitsebiso ba selelekela maqepheng a 3-11. O phetha ka ho lokolisa litokisetso tsa lelapa bakeng sa ho bala maqephe a seng makae a Yearbook beke le beke. Haeba baena ba se na Yearbook, ka kōpo bua ka sehlooho se reng “Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?” ho Molula-Qhooa oa October 1, 1994, maqepheng a 26-30.

Pina 60 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 May

Pina 54

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Ho Latela ’Mehi-Mohlala oa Rōna Re le Bajari ba Leseli.” Lipotso le likarabo.

20 mets: Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng ba Hokae? Puisano ea lelapa. A sebelisa boitsebiso bo khethiloeng maqepheng a 217-19 bukeng ea Ho Bea Mabaka, hlooho ea lelapa e bua ka lefu la motsoalle ea haufi-ufi oa lelapa. O lebisa tlhokomelo tabeng ea ho thusa bana ba hae ho utloisisa pono ea Bibele. O botsa lipotso ho tiisa hore ba utloisisa hore na lefu ke eng ’me ba khona ho itlhalosa ka ho hlakileng ho latela lilemo tsa bona. Hape, o ba bontša kamoo ba ka sebelisang bukana e ncha e lekanang le makasine ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa bakeng sa ho tšelisa ba bang.

Pina 45 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 May

Pina 66

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bopula-maliboho bo thusang. Buisana le bao e bileng bo-pula-maliboho ba thusang ka April. Hlahloba litšoaneleho tse lokolisitsoeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 113-14.

15 mets: “Ho Tšoauoa ho Tlisang Topollo.” Puisano le bamameli. Akarelletsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli ho bontša kamoo ho ka etsoang maeto a ho boela.

20 mets: Na U Etsa ka Soule Eohle Tšebeletsong ea Hao? Puisano ka molebeli oa tšebeletso. A ka akarelletsa boitsebiso bo amang sehlooho sena boo ho buisanoeng ka bona haufinyane Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso bakeng sa baholo. Ho sebeletsa Jehova ka soule eohle ho bolela eng? Na ho bohlale ho bapisa tšebeletso ea rōna le ea ba bang? (Bapisa Luka 21:1-4 le Mareka 14:3, 6-9; Mattheu 13:18, 23.) Na tšebeletso ea rōna e susumetsoa ke ho rata Jehova le baahisani ba rōna? (Matt. 22:37-39) Baholo le bahlanka ba sebeletsang hammoho le malapa a bona ba khothalletsoa ho beha mohlala oa ho etsa lintho ka soule eohle tšimong. Na u latela mohlala oa bona o motle? Akarelletsa liphihlelo tsa sebakeng sa lōna tse bontšang hore Jehova o hlohonolofatsa ka ho enneng boiteko ba basebeletsi ba hae ba etsang ka soule eohle. (Bona le w90-SU 1/1 leq. 7; w89-SU 1/1 leq. 31.)

Pina 74 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 May

Pina 79

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Fana ka litlhahiso tse tla khothalletsa bahoeletsi ho leka ho bala temana ea Lengolo e le karolo ea kenyelletso ea bona ka ntlo le ntlo. Batho ba bangata ba hlompha Bibele ’me ba ikemiselitse ho mamela ha e baloa. Keletso ea eona e bohlokoa ’me e tla susumetsa motho ea nang le thahasello ea sebele. Litemana li lokela ho baloa ka boikutlo le ka mokhoa o phollatsi. (Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, maqepheng a 32-3, lirapeng tsa 12-15.) Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa May, haesita le litlaleho leha e le life tse morao.

12 mets: Lebokose la Lipotso. Lipotso le likarabo. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha re fumana molemo o eketsehileng libokeng ha re lokisetsa esale pele ’me re nka thepa eohle e boletsoeng ea ho ithuta.

18 mets: Nehelana ka Buka ea Lentsoe la Molimo ka June. Bua ka litlhahiso tse leng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1990, leqepheng la 4 le ea March 1990, maqepheng a 1, 2, le 4, ha ho nehelanoa ka khatiso ena e ntle. Phetla litšoantšong tse leng maqepheng a 4, 137, 138, le 143, ebe u bontša kamoo li ka sebelisoang kateng ho qalisa moqoqo. E re mohoeletsi ea atlehang a etse pontšo e hlalosang khetho eo e mong le e mong a lokelang ho e etsa ho fumana bophelo bo sa feleng, a sebelisa mehopolo le mangolo a leng leqepheng la 189. Hopotsa bohle ho fumana likopi tseo ba tla li sebelisa tšebeletsong mafelo-bekeng ana.

Pina 63 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela