Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 January
  • Beke e Qalang ka la 8 January
  • Beke e Qalang ka la 15 January
  • Beke e Qalang ka la 22 January
  • Beke e Qalang ka la 29 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 1/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January

Beke e Qalang ka la 1 January

Pina 133

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Mongoli le batsamaisi ba thuto ea buka ba lokela ho tiisa hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo tse ileng tsa salla likhoeling tse fetileng lia nehelanoa. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea December kapele-pele.

15 mets: “Bolela ka Temoho.” Bua ka lintlha tsa sehlooho, ’me u etse pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli.

20 mets: “E-bang Baetsi—E Seng Bautloi Feela.” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, bua ka bohlokoa ba kutlo, bo thehiloeng bukeng ea Insight, Moqolo oa 2, leqepheng la 521, lirapeng tsa 1 le 2.

Pina 28 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 January

Pina 138

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Fana ka pabatso e loketseng bakeng sa tšehetso ea lichelete mosebetsing oa phutheho le oa lefatše ka bophara oa ho etsa hore litaba tse molemo li boleloe.

15 mets: Bohlokoa ba Tšireletso ba Karete ea Advance Medical Directive/Release. Moholo o buisana le phutheho ka bohlokoa ba karete ka ’ngoe e tlatsitsoeng hantle ea Advance Medical Directive/Release le ho e nka ka linako tsohle le tlhokahalo ea hore bana ba be le Identity Card kamehla. Joalokaha sehlooho sa karete ena se bolela, e fana ka tlhokomeliso esale pele ka se batlehang (kapa se sa batleheng) malebana le tlhokomelo ea meriana. Ke hobane’ng ha see se etsoa selemo le selemo? Karete e leng nakong e susumetsa haholoanyane ho feta e ka ’nang ea talingoa e siuoe ke nako kapa eo e seng e se ponahatso ea litumelo tsa motho. Tokomane eo ea u buella haeba u sa khone ho ipuella. Likarete li tla fanoa mantsiboeeng ana. Li lokela ho tlatsoa ka hloko lapeng, empa ha lia lokela ho saenoa. Joalokaha ho ’nile ha etsoa lilemong tse peli tse fetileng, mosaeno oa hao le oa lipaki o tla etsetsoa libakeng tsa Thuto ea Buka ea Phutheho, tlas’a tlhokomelo ea batsamaisi ba thuto ea buka. Ba saenang e le lipaki ba lokela hore ba hle ba bone ha mong’a karete a saena tokomane eo. Sena se tla etsoa ka mor’a thuto ea buka bekeng ea la 15 January. (Bona leqephe la 2 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1994 bakeng sa lintlha ka botlalo mabapi le mokhoa oa ho tlatsa. Hape bona le lengolo la la 15 October, 1992.) Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba ka tlatsa karete ea Advance Medical Directive/Release. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ’na ba lakatsa hore ba ingolle molao-taelo oa bona, ka ho lumellanya mantsoe a kareteng ena le maemo le litumelo tsa bona. Batsoali ba ka thusa bana ba bona ba sa kolobetsoang hore ba tlatse Identity Card. Tsebisa phutheho hore likenyelletso tse peli tse ntlafalitsoeng tsa June 1992 le March 1993 li tla tšohloa Libokeng tsa Tšebeletso libekeng tsa la 22 le la 29 January. E mong le e mong o lokela ho tla le kopi ea hae bakeng sa puisano.

20 mets: “Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996—Karolo 1.” Puo ka molebeli oa sekolo. Hlahloba tataiso e fanoeng bakeng sa likabelo tsa liithuti litaelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, tse hlahileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1995.

Pina 70 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 January

Pina 77

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoanyane bua ka bothata bo ntseng bo hōla ba mahae ao ho se nang batho ho ’ona. Khothalletsa bahoeletsi ho lopolla nako ka ho nka bohato ba pele ba ho atamela batho bao e ka ’nang eaba baa feta, ba eme litselaneng tsa maoto, kapa ba lutseng ka makoloing.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. (Kapa “Lebela Boikutlo ba Hao ba ho Potlaka,” puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa October 1, 1995, maqepheng a 25-8.)

18 mets: “Boela Bakeng sa ho Pholosa ba Bang.” Hlahloba likenyelletso tse boletsoeng. Buella pakane ea ho qalisa lithuto ka buka e ncha, Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

Pina 156 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 January

Pina 200

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

25 mets: “Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?” Moholo ea nang le bokhoni o buisana le phutheho ka khatiso e ntlafalitsoeng ea kenyelletso ea June 1992 e ileng ea hlaha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Akarelletsa lintlha tse loketseng tse tsoang lengolong le ileng la romeloa liphuthehong tsohle, la la 1 January, 1996. Etsa hore bamameli ba amehe kahohle kamoo ho ka khonehang. Hatisa bohlokoa ba ho sebetsa le baholo le Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele ha ho sebetsanoa le boemo ba tšohanyetso ba phekolo. Hatella bohlokoa ba ho se eme ho fihlela ho hlaha boemo ba tšohanyetso pele ho nahanoa ka se lokelang ho etsoa. Hona joale lokisetsang esale pele le le lelapa—itokiseng! Hopotsa bamameli hore Sebokeng sa Tšebeletso sa bekeng e tlang, ba tle le khatiso e ntlafalitsoeng ea kenyelletso ea March 1993 e reng, “Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali” e ileng ea hlaha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1994.

15 mets: “Bua ka Sebete.” Puo le puisano e lokelang ho fanoa ke moholo. Hlahloba litokisetso tsa phutheho tsa tšebeletso ka Sontaha. Fana ka pabatso bakeng sa tšehetso e molemo, ’me u fane ka litlhahiso tsa moo ho hlokahalang ho ntlafatsoe.

Pina 92 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 January

Pina 31

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo ea January kapele-pele.

20 mets: “Sireletsa Ngoana oa Hao Tšebelisong e Mpe ea Mali.” Moholo o fana ka puo kenyelletsong e ntlafalitsoeng ea March 1993. Hlalosa mabaka a tšehetsang qeto ea hore ho lumela ha batsoali hore ngaka e phekole ngoana oa bona tlas’a maemo a boletsoeng lirapeng tsa 5-7 ha ho hlokahale hore ho talingoe e le ho sekisetsa. Hatisa hore tokisetso e etsoang ke batsoali e sale pele ho fumaneleng ngoana oa bona tlhokomelo ea meriana hangata ke senotlolo sa katleho ea ho qoba tšelo ea mali. Thusa bamameli ho bona bohlokoa ba hore likenyelletso tseo ka bobeli (6/92; 3/93) li be moo li fumanehang habonolo, le ho li hlahloba nako le nako.

15 mets: Nehelana ka Buka ea Tlhōrō ea Tšenolo ka February. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ka nako e telele buka ea Tšenolo e ’nile ea talingoa e le sephiri se ka ’nģane ho kutloisiso ea rōna. Hlahloba lirapa tsa 6 ho ea ho 9 leqepheng la 8, u bontše hore na ke hobane’ng ha buka ena e hlokahala. Khothaletsa bahoeletsi hore ba hopole lintho tsena hore ba tle ba be le motheo oa lintlha tseo ba ka buang ka tsona menyakong. Bua ka “Sebopeho sa Buka ea Tšenolo” maqepheng a 98-9, ’me u bontše kamoo sena se ka sebelisoang kateng ho fana ka pono e akaretsang ea buka ea Tšenolo. Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse makatsang tse ka har’a likoahelo tse ka pele le ka morao le kamoo li ka ’nang tsa sebelisoa kateng ho qalisa moqoqo. Hopotsa bohle ho fumana likopi tseo ba tla li sebelisa tšebeletsong bekeng ena.

Pina 143 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela