Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/96 leq. 1
  • E-bang Baetsi—E Seng Bautloi Feela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-bang Baetsi—E Seng Bautloi Feela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Baetsi ba Lentsoe” ba Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Batlang ’Muso oa Molimo Pele—Ka Hore Kamehla le Nyehele Mahlabelo a Thoriso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • “Le Etse Lintho Tseo Lentsoe la Molimo le li Buang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 1/96 leq. 1

E-bang Baetsi—E Seng Bautloi Feela

1 Kajeno Bakreste ba ’nete ba nka ka ho teba keletso ea Bibele ea ho ba baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela. (Jak. 1:22) Sena se ba etsa hore ba fapane ka ho feletseng le batho ba sebeletsang Molimo ka molomo feela, le hoja ba ipolela hore ke Bakreste. (Esa. 29:13) Jesu o ile a bolela ka ho hlakileng hore ke ba etsang thato ea Molimo feela ba tlang ho bolokeha.—Matt. 7:21.

2 Borapeli bo se nang mesebetsi ea bomolimo ha bo na thuso. (Jak. 2:26) Kahoo re lokela ho ipotsa, ‘Mesebetsi ea ka e paka joang hore tumelo ea ka ke ea sebele? Ke’ng se bontšang hore kannete ke phela tumellanong le seo ke se lumelang? Nka etsisa Jesu ka botlalo haholoanyane joang?’ Likarabo tse tšepahalang lipotsong tsena li tla re thusa ho bona khatelo-pele eo re e entseng kapa eo ho ntseng ho hlokahala hore re e etse ho etseng thato ea Molimo.

3 Joaloka balateli ba Jesu, re tlameha ho ba le pakane ea bohlokoa bophelong e tšoanang le e hlalositsoeng ke mopesaleme: “Re tla nehelana ka thoriso ho Molimo letsatsi lohle, ’me re tla roka lebitso la hao ho isa ka ho sa feleng.” (Pes. 44:8, NW) Bokreste ke tsela ea bophelo e iponahatsang letsatsi le leng le le leng le nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Ke khotsofalo e kaakang eo re e fumanang ha re bontša takatso ea rōna e tlohang pelong ea ho rorisa Jehova mesebetsing eohle ea rōna!—Ba-Fil. 1:11.

4 Ho Fana ka Thoriso ho Jehova ho Akarelletsa ho Fetang ho Phela Bophelo bo Lokileng: Haeba boitšoaro bo botle e ne e le sona feela seo Molimo a neng a se batla, re ne re tla ameha feela ka ho ntlafatsa botho ba rōna. Leha ho le joalo, borapeli ba rōna bo boetse bo akarelletsa ho phatlalatsa hohle makhabane a Jehova le ho tsebahatsa lebitso la hae phatlalatsa!—Ba-Heb. 13:15; 1 Pet. 2:9.

5 Ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa ke o mong oa mesebetsi ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e etsang. Jesu o ile a inehela mosebetsing ona hobane o ne a tseba hore o ne o bolela bophelo ho ba neng ba tla mamela. (Joh. 17:3) Kajeno ‘bosebeletsi ba lentsoe’ bo ntse bo le bohlokoa ka ho tšoanang; ke oona feela mokhoa oo batho ba ka bolokehang ka oona. (Lik. 6:4; Ba-Roma 10:13) Ha re hlokomela melemo e pharaletseng, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re eletsa hore re ‘bolele lentsoe’ le ho ‘ba ho lona ka ho phehella ka potlako.’—2 Tim. 4:2, NW.

6 Bophelo ba rōna bo lokela ho tšoareha ho isa bohōleng bofe ka ho rorisa Jehova? Mopesaleme o itse ho ne ho le kelellong ea hae letsatsi lohle. Na ha re ikutloe ka tsela eo? E, ’me re tla talima ho teana le motho e mong le e mong e le ketsahalo e ka hlahisang monyetla oa ho bua ka lebitso la Jehova. Re tla batla menyetla e loketseng ea ho lebisa moqoqo oa rōna litabeng tsa moea. Hape re tla ikitlaetsa ho kopanela kamehla mesebetsing ea tšebeletso ea tšimo e hlophisitsoeng ke phutheho. Bao maemo a bona a ba lumellang ba ka nahana ka ho teba ka tšebeletso ea bopula-maliboho, kaha sena se re thusa ho beha mosebetsi oa boboleli ka sehloohong bophelong ba rōna letsatsi le leng le le leng. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore ka ho ba baetsi ba phehellang ba thato ea Molimo, re tla thaba.—Jak. 1:25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela