Karolo 1—Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996
1 Na u balile litaelo tse fanoeng hammoho le “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1996”? Na u hlokometse liphetoho tse itseng? Ho tloha ka January ho ea ho December, Kabelo ea No. 3 e tla thehoa bukaneng ea Lihlooho tsa Puisano. Ho tloha ka January ho ea ho April, Kabelo ea No. 4 e tla thehoa bukeng ea Ho Bea Mabaka, ’me ho tloha ka May ho ea ho December, e be bukeng e sa tsoa lokolloa ea Tsebo.
2 Likabelo Tsa Liithuti: Kabelo ea No. 3 e fuoa khaitseli. Joalokaha e thehiloe bukaneng ea Lihlooho tsa Puisano, boemo ba puo bo lokela ho ama ho ea ka ntlo le ntlo kapa bopaki bo sa reroang. Ho itšetlehile ka sehlooho, e ka boetse ea nehelanoa e le leeto la ho boela kapa e le karabo potsong e phahamisitsoeng ke seithuti sa Bibele bekeng e fetileng.
3 Kabelo ea No. 4 e lokela ho thahasellisa haholo ’me e be e sebetsang. Ha e thehiloe bukeng ea Ho Bea Mabaka, ’me khaitseli a fana ka puo ena, boemo ba puo bo lokela ho ama ho ea ka ntlo le ntlo kapa bopaki bo sa reroang. Ha e thehiloe bukeng ea Tsebo, e lokela ho nehelanoa e le leeto la ho boela kapa thuto ea lehae ea Bibele. Sena se tla ipaka e le se thusang haholo, kaha buka ea Tsebo e tla sebelisoa haholo bakeng sa ho tsamaisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. Haeba boemo ba puo e le thuto ea Bibele ea lehae, bo-khaitseli ka bobeli ba ka lula fatše. Kena ka ho toba thutong ka ho etsa litlhaloso tse khutšoanyane tse qalang, ebe joale u botsa lipotso tse ngotsoeng. Karolo ea mong’a ntlo e lokela ho phethoa ka tsela ea sebele. Mangolo a bontšitsoeng a ka shejoa ’me a baloa ha nako e lumela. Khaitseli o lokela ho sebelisa tsebo ea ho ruta ka ho etsa hore mong’a ntlo a bue ka bolokolohi ka ho ’motsa lipotso le ka ho bea mabaka ka mangolo a sebelisitsoeng.
4 Ke’ng se lokelang ho etsoa haeba ho e-na le mangolo a bontšitsoeng kabelong a mangata ho feta hore a ka tšohloa ka metsotso e mehlano? Khetha litemana tsa bohlokoa tse totobatsang lintlha tsa sehlooho. Haeba ho e-na le mangolo a seng makae feela, lintlha tsa sehlooho tsa thuto eo li ka ’na tsa tšohloa ka mokhoa o pharaletseng. Ka linako tse ling, ho ka ’na ha baloa serapa kapa polelo bukeng eaba e tšohloa le mong’a ntlo.
5 Lebokose le nang le sehlooho se reng “Leka Tsebo ea Hao,” le fumanehang qetellong ea khaolo ka ’ngoe ea buka ea Tsebo, le ka ’na la hlahlojoa ka bokhutšoanyane ke mohoeletsi eo kabelo ea hae e akaretsang serapa sa ho qetela sa khaolo eo. Mabokose a fanang ka boitsebiso ao e leng karolo ea lirapa tse abetsoeng le ’ona a ka ’na a tšohloa ha nako e lumela. Haeba lebokose le fanang ka boitsebiso le le lipakeng tsa likabelo tse peli, khaitseli ea etsang kabelo ea pele a ka ’na a le hlahloba. Litšoantšo tse ka bukeng li ka ’na tsa hlalosoa neng le neng ha li amana le boitsebiso bo hlahlojoang.
6 Ha moena a fana ka Kabelo ea No. 4, e tla nehelanoa e le puo. Moena o lokela ho ithuta ka hloko boitsebiso bo abuoeng. A bōpe puo a ipapisitse le sehlooho, ’me a khethe litemana tsa bohlokoa tsa Bibele tse tla thusa bamameli ho bona kamoo boitsebiso bo ka sebelisoang kateng tšebeletsong ea rōna. Ka linako tse ling, sebui se ka ’na sa bala serapa kapa polelo bukeng eaba se bōpa taba ka ho eketsehileng.
7 Haeba re sebelisa ka botlalo koetliso e fanoang sekolong, re tla khona hantle haholo ho “bolela lentsoe” ka tsela e bontšang “tsebo ea ho ruta” e ntle.—2 Tim. 4:2, NW.