Rua Molemo Lenaneong la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1999
1 Jesu e ne e le Mosuoe e Moholo. Batho ba ile ba “hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Mar. 1:22) Le hoja ho se le ea mong ho rōna ea ka buang le ho ruta hantle joalokaha Jesu a entse, re ka ikitlaelletsa ho mo etsisa. (Lik. 4:13) Hore re finyelle seo, ho kopanela ha rōna lenaneong la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho tla re thusa ho lula re ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho bua le ho ruta.
2 Ka 1999, Kabelo ea 1 e tla thehoa haholo-holo lihloohong tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tsa 1997. Kutloisiso ea rōna ea lintho tsa moea e tla ntlafala ka ho enneng haeba re bala boitsebiso bona esale pele ’me re boela re bo utloa lenaneong la sekolo. Ba abetsoeng ho fana ka lipuo tsena tsa taeo ba lokela ho etsa hore boitsebiso e-be bo sebetsang, ba bo fane ka tsela e thahasellisang le e hlasimollang. Kabelo ea 3 e tla thehoa bukeng ea Thabo ea Lelapa ’me Kabelo ea 4 e tla thehoa ho Lihlooho Tsa Puisano tse fumanehang ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Molebeli oa sekolo o lokela ho hlahloba boitsebiso ka hloko pele a etsa likabelo. Liithuti tsohle tse abeloang ho fana ka boitsebiso bukeng ea Thabo ea Lelapa e lokela ho ba tse behang mohlala bophelong ba malapa a tsona ka botsona.
3 Sebelisa Keletso, ’me U Lokisetse Hantle: E mong le e mong a ka tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni ba ho bua le ba ho ruta. (1 Tim. 4:13) Ka hona, re lokela ho batla keletso ’me le ka mohla re se ke ra e talima e le ntho e lokelang ho qojoa. (Liprov. 12:15; 19:20) Ho nehelana ka ’nete ka tsela e atlehang libokeng le tšebeletsong ea tšimo ho hloka ho fetang feela ho pheta linnete kapa ho bala mangolo ka monyebe. Re lokela ho finyella lipelo le ho susumetsa ba re mametseng. Re ka etsa sena ka ho bua ’nete ka kholiseho e tlohang pelong. (Bapisa le Liketso 2:37.) Keletso eo re e fumanang sekolong e tla re thusa ho finyella sena.
4 Hang ha u fumana kabelo, nahana ka litšobotsi tsa puo tseo u lokelang ho sebeletsa ho tsona joalokaha li hlalositsoe ho Buka ea Tataiso ea Sekolo. Nahana ka seo u lokelang ho se etsa e le hore u sebelise keletso eo u e filoeng nakong e fetileng. Nahanisisa ka sehlooho sa hao, boemo boo u tlang ho bo sebelisa haeba bo hlokahala le kamoo u tlang ho sebelisa mangolo a boitsebisong boo u bo abetsoeng. Nahanisisa kamoo u ka sebelisang boitsebiso boo ho ruta le ho susumetsa ba bang kateng.—1 Tim. 4:15, 16.
5 Haeba u tšaba ho ngolisa sekolong, rapela ka hona ’me ebe u buisana le molebeli oa sekolo ka maikutlo a hao. E mong le e mong a ka rua molemo ka ho sebelisa ka botlalo lenaneo le tla nehelanoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1999.